Skip to content

Sesotho Grade 3 ANA Exemplars 2012 Question Paper

Question paperSesothoGrade 320129 pages

Grade 3 Sesotho question paper from the ANA Exemplars 2012, 9 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
TLHATLHOBO YA SELEMO LE SELEMO YA NAHA KEREITI YA 3 SESOTHO PUO YA LAPENG 2012 MOHLALA TEKO
Bala pale mme o arabe dipotso 1 - 6. “Kitty o kae?” Anna o botsa mme. Kitty o dula a robetse betheng ya Anna. Ho tloha hoseng, esale Kitty a sa bonahale. “ Ha ke tsebe,” ho bolela mme. “Mohlomong Kitty o ipatile.” “Ho tla etsahalang haeba Kitty o balehile?” Anna o tshwenyehile. “Ke tlamehile ho mo fumana.” Anna a kututsa ntlo a batlana le ledinyane la hae la katse. A sheba ka tlasa bethe. A sheba kamora mamati. A sheba ka hara dikhaboto. “Ha ho moo ke fumanang Kitty teng,” Anna o jwetsa mme wa hae. Anna a sheba ka ntle fensetereng. A bona metswalle ya hae e tlola qubu ya matlakala. “Mohlomong Kitty o bapalla ka ntle le yena.” Ho bolela Anna. “Mohlomong,” mme o dumetse. “ Ke tlohetse monyako o ka morao o bulehile hoseng. Ke ile ka ntle ho haraka matlakala.” Anna a matha ho tswa ka lemati le ka morao. A emisa qubung ya mahlaku a mmala o mofubedu le a mmala wa lamunu. Ledinyane la katse le mmala wa lamunu le robetse teng. “Kitty!” Anna a lla. Anna a katolla mahlaku hodima Kitty. “O ne o sa baleha. O ne o batla bethe eo eleng ya hao.” 1. O nahana hore sehlooho sa ditaba e ka ba sefe ? .................................................................................................................. .................................................................................................................. 1
2. Etsa sedikadikwe pela karabo e nepahetseng. Pale e bua ka ngwanana le katse. Mabitso a bona ke bo mang? A Anna le Kitty B Anne le Mel C Mary le Kitty D Anna le Johnny 3. Etsa sedikadikwe pela karabo e nepahetseng. Mme le Anna ba ne ba le hokae ha Kitty a lahleha? A sekolong B ka tlung C baile lebenkeleng D lebenkeleng la diphoofolo 4. Bontsha tlhahlamano ya diketsahalo paleng. Nomora dipolelo (1 - 4) ka hara lebokese ho bontsha tlhahlamano e nepahetseng Anna o fumane Kitty ka tlasa qubu ya matlakala. Anna oile a kututsa ka tlung a batlana le Kitty. Mme o ile ka ntle ho haraka mahlaku. Kitty o ne a lahlehile. 5. Etsa sedikadikwe pela karabo e nepahetseng. Anna o ne a tshwenyehile ka Kitty hobane ... A O ne a sa tla ho ja dijo tsa hoseng. B O ne a kula a batla moriana wa hae. C O ne a batla ho mo isa sekolong. D O ne a sa mo fumane kae kapa kae. 6. Hobaneng o nahana hore Kitty o ile a mathela ka ntle? 2
........................................................................................................................... ........................................................................................................................... ........................................................................................................................... Sheba setshwantsho mme o arabe dipotso. 7. Etsa sedikadikwe pela karabo e nepahetseng. Mofumahadi o reka dijo ... 7.1 Mofumahadi o reka dijo ... A lebenkeleng la dikoloi. B lebenkeleng la diphoofolo. C lebenkeleng la korousara. D lebenkeleng la diaparo. 3
7.2 Motho ya amohelang tjhelete thiling ho tswa ho mofumahadi o bitswa ... A ramatlotlo. B morekisi. C mofumahadi ya rekisang. D mookamedi. 8. Ngololla dipolelo tse latelang o di fetolele ho lekgathelefetile ... 8.1 Mme o reka korousara lebenkeleng. ............................................................................................................. ............................................................................................................. ............................................................................................................. 8.2 Lekgatheletlang. Theko ya lebese e theotswe. ............................................................................................................ ............................................................................................................ ............................................................................................................ 9. Etsaa sedikadikwe pela tlhaku e nepahetseng. (mantswe a emetseng mabitso). Jono, ramatlotlo, ... thabela mosebetsi wa bona. A tsona B bona C yena D ba 10. Ngola bongata ba lentswe le sehelletsweng mola ka tlase polelong. Korousara e tla pakelwa ke ramatlotlo. ............................................................. 11. Ngola lekopanyi le nepahetseng polelong. 4
Mofumahadi o tshwere tjhelete ka .............. letsoho. 12. Etsa sedikadikwe pela karabo e nepahetseng. Kgetha leetsi le nepahetseng ho qetella polelo. Rejisetara ya tjhelete e ... setlankana sa thili. A ngola B printara C ngotse D ntse e ngola Bala tafole ho araba dipotso tse latelang. Mosebetsi wa hae Letsatsi Puo Mmetse Tsa bophelo Mantaha Mopeleto le ho ngola Kopanya Rakibi Labobedi Ho bala le ho ngola Kopanya Rakibi Laboraro Ho bala le ho ngola Ho khaonta Netebolo Labone Mopeleto le ho ngola Ho khaonta Rakibi le Netebolo 13. Etsa sedikadikwe pela tlhaku e nang le karabo e nepahetseng. 13.1 Ke letsatsi lefe leo bana ba khaontang le ho bala? A Mantaha 5
B Labobedi C Labone D Laboraro 13.2 Ke mofuta ofe wa papadi o bapalwang ka Mantaha le Labobedi? A Ha hona dipapadi B Rakibi feela C Netebolo feela D Netebolo le rakibi 13.3 Ke mosebetsi ofe wa hae o tshwanang wa letsatsi le letsatsi? A Ho khaonta B Ho bala C Ho ngola D Mopeleto 13.4 Ke matsatsi afe a mabedi ao bana ba tlameileng ho khaonta mosebetsing wa hae? A Laboraro le Labone B Mantaha le Laboraro C Labobedi le Labone D Mantaha le Labobedi 6
13.5 Ke matsatsi afe a mabedi ao bashemane ba bapalang papadi e tshwanang, empa e fapane ka Mmetse le Puo Mosebetsing wa hae A Laboraro le Labone B Mantaha le Laboraro C Labobedi le Labone D Mantaha le Labobedi 14. Ngola serapana se le seng ho isa ho tse pedi (dipolelo tse10 kapa ho feta) ka titjhere ya hao. 7
Sebedisa matshwao a puo a nepahetseng, kwahollopuo le mopeleto. Mosuwe wa ka ..................................................................................... ..................................................................................... .................................................................................... .................................................................................... ........................................................................................................................................ ........................................................................................................................................ ........................................................................................................................................ ........................................................................................................................................ ........................................................................................................................................ ....................................................................................................................................... ...................................................................................................................................... ...................................................................................................................................... ...................................................................................................................................... ...................................................................................................................................... .......................................................................................................................................... ...................................................................................................................................... ...................................................................................................................................... ...................................................................................................................................... ...................................................................................................................................... Matshwao: 25 8

Study this subject

More from Grade 3 Sesotho

View all