Skip to content

Sesotho Grade 2 ANA 2011 Question Paper

Question paperSesothoGrade 220115 pages

Grade 2 Sesotho question paper from the ANA 2011, 5 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

ANA 2011

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com LEARNER NUMBER DITEKO TSA NAHA TSA SELEMO LE SELEMO 2010 KEREITI 2 LITERESI – SESOTHO BONG (TSHWAYA ) MOSHANYANA NGWANANA FANE MABITSO POROFENSI LETSATSI LA TLHAHO LEBITSO LA SEKOLO SETEREKE / NOMORO YA EMIS REJENE _________________________________________________________________________ Tlhokomediso ho titjhere: Balla barutwana potso ka nngwe ka boiketlo, o phahamisitse lentswe, bonyane habedi, ha barutwana ba latela dibukaneng tsa bona mme o ba fe nako ya ho ngola dikarabo dibakeng tse filweng ba sa thuswe. Ha ba qetile ho araba potso, tswela pele o bale potso e latelang ka yona tsela eo le ho ba fa nako ya ho ngola dikarabo. Latella mokgwa ona ho fihlela potsong ya ho qetela. Teko ena e nka metsotso e 60. Bala pale e latelang ebe o araba dipotso 1 – 10. Ka kgwedi ya Tshitwe, ha bohle ba le phomolong ba lelapa la ha Tshehla ba ile ba rera ho etela ba lelapa la ha Phosa kwana Polokwane. Ba itokisetsa leeto la bona hammoho le bana ba bona. Mme a qala ho ba etsetsa mofaho. Nkgono yena a lohela ba ha Phosa dijeresi. Bohle ka lapeng ba qala ho itokisetsa leeto, ba pakela mekotlana ya bona. Ha ba ha Tshehla ba fihla Polokwane, ba lelapa la ha Phosa ba tswa le ho ba amohela ka thabo. Ba lelapa la ha Phosa ba na le ngwana a le mong feela ya bitswang Bontle. Ba ha Tshehla ba na le bana ba bararo eleng Lerato, Otsile le e monyenyane, Dimpho.
Downloaded from hlayiso.com 1. Ke bomang ba neng ba etetse ba lelapa la ha Phosa? ______________________________ 2. Tshwaya  lebokoso la karabo e nepahetseng. Leeto le etsahetse kgweding efeng? Tlhakubele Phupu Lweetse Tshitwe 3. Ba lelapa la ha Phosa ba ne ba ahile kae? _______________________________ 4. Ngola lentswe le nepahetseng moleng. Kgetha lentswe ho tswa mabokosong a ka tlase. Lentswe le leng la ho “fihla” ke ho _____________________. tsamaya oroha tloha ya 5. Ngola karabo e nepahetseng moleng. Ha o se “monyenyane” o ____________________ 2
Downloaded from hlayiso.com 6. Tlatsa dinomoro 1, 2, 3 kapa 4 mabokosong ho bontsha tatellano e nepahetseng ya se etsahetseng paleng. a) Ba lelapa la ha Phosa ba amohela baeti. b) Nkgono a ba lohela dijeresi. Mme a ba etsetsa mofaho. c) Ba qala ho pakela mekotla. d) 7. Tshwaya  lebokoso la karabo e nepahetseng. Lebitso la pale ena le nepahetseng haholo ke lefeng? Leeto ho ya lewatleng. Leeto ho ya Polokwane. Leeto ho ya lapeng la ba ha Leeto ka ba lelapa la ha Tshehla. Phosa. 8. Tshwaya  lebokoso la lentswe le nepahetseng ho qetella polelo e latelang. Borensi o phehile papa ka tlasa hodima pela setofo. 3
Downloaded from hlayiso.com 9. Ngola dipolelo tse latelang o qala ka mantswe a filweng. 9.1 Bana ba bapala ka tlung. Maobane __________________________________________________ 9.2 Ba ile toropong. Hona jwale _________________________________________________ 10. Tshwaya  lebokoso la karabo e nepahetseng. Bana ba ngola hlalhobo halhlobo hlahlobo dibukeng. bo Sheba setshwantsho mme o arabe potso 11. 11. Ngola dipolelo tse tharo (3) ka setshwantsho se ka tlase. 4
Downloaded from hlayiso.com 12. Bala dipolelo tse latelang o ntoo tlatsa papetla e ka tlase ho supa hore ka Moqebelo ho jewa eng ka dinako tsa dijo tse fapaneng. Ka Moqebelo hoseng re ja mahe le bohobe. Re ja papa nakong ya dijo tsa motsheare mme re ja nama mantsiboya. Tlatsa papetla. Moqebelo 12.1 Hoseng 12.2 Motsheare 12.3 Mantsiboya 13. Ngola lentswe le nepahetseng moleng ho qetella polelo ka nngwe. Kgetha ho tswa lenaneng le ka tlase. 13.1 Ntatemoholo o etsa mokoti ka peke. Ntatemoholo o mokoti ka peke. 13.2 Puleng o etsa mola ka rula. Puleng o _________ mola ka rula. sehella epa aha ngola Re fella mona! Re a leboha. 5

Study this subject