You're offline
Skip to content
Question paper

Gr 6 SESOTHO QP JUNE 2011.pdf

Subject: Sesotho HlGrade 620119 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com PROVENSE YA KAPA BOTJHABELA LEFAPHA LA THUTO MOPHATO O MAHARENG KEREITI YA 6 PHUPJANE 2011 SESOTHO BUKA YA MOITHUTI MATSHWAO: 50 NAKO: DIHORA TSE 2 LEBITSO: ……………………………………….. SEKOLO: ………………………………………... SETEREKE: ……………………………………… Pampiri ena e na le maqephe a 9.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO (JUNE 2011) TLHOKOMEDISO HO MOITHUTI  ARABA DIPOTSO TSOHLE TSE HLAHELLANG PAMPIRING ENA KA SESOTHO.  ARABELA PAMPIRING ENA.  MOSEBETSI WA 1: TEKOKUTLWISISO MATSHWAO: 20
Downloaded from hlayiso.com (JUNE 2011) SESOTHO 3 BALA PALE ENA O NTANO, ARABA DIPOTSO TSE LATELANG Bophelong re atisa ho etsa diqeto. Tse ding tsa tsona ke tse nepahetseng, ha tse ding di fosahetse. Boholo ba rona, ha re hlokomele hore hangata diqeto tsa rona re fihlella ho tsona ka lebaka la metswalle ya rona. Re tshwanela ho mamela maikutlo a rona ho etsa diqeto. Lerato, Dimakatso le Dineo ke metswalle ya hloho ya kgomo, ba ne ba bala sehlopha sa bohlano. Haesale e le metswalle ho tloha bonnyaneng. Ba ne ba ratana e le ka nnete hoo ba nkileng kano ya ho ba metswalle bophelo bohle ba bona. Ba hotse ka mekgwa e fapaneng. Lerato o ne a phelelwa ke batswadi ka bobedi, a bile a sa hloke letho. Dineo o ile a hlokahallwa ke batswadi e sa le lesea. O ne a dula le mangwane wa hae ya sebetsang makhitjhining. Dimakatso o ne a phela ha monate jwalo ka Lerato a bile a sa tsebe mofuthu wa lerato jwalo ka Dineo. Ha ba se ba le baholo ba qala ho bolellana diphiri. Lerato a re ho metswalle ya hae: “Na le hlokomela hore bashemane bao re qadileng sekolo le bona e se e le bahlankana ba batle jwang?” Banana ba ile ba tsheha ha monate, ba iphumana ba na le kgahleho ho bashemane bao ntle ho Dimakatso. Lerato le Dineo ba qetella ba ena le setswalle le bashemane bao. Bobedi ba bona ba rera ho batlela Dimakatso motswalle wa mohlankana. Ba ile ba mo tsebisa motswalle wa bona ya bitswang Lesedi. Mathata a ile a qala hang hoba Lesedi a mo tshwaratshware. Dimakatso a tshwareha hampe a ikwahlaha hore na o ne a dumellang ho qhekanyetswa ke metswalle ya hae. Lerato le Dineo ba hlokomela hore Dimakatso ha a ya thaba mme e itse ha ba mmotsa a bolela hore ha a rate setswalle sa bahlankana. O ile a ba kopa hore ba tlohele setswalle sena mme ba be mmoho hape jwalo ka mehleng. Dineo le Lerato ba ile ba hlokomela phoso ya bona mme ba kopa tshwarelo ho Dimakatso. Boraro bo ile ba akana mme ba boela ya eba metswalle hape. Ngola karabo ya hao moleng moo ho hlokehang teng, mme moo ho hlokehang sedikadikwe. 1. Qotsa mantswe a hlahellang moleng wa bone a bolelang hore banana bana ba ne ba utlwana. (1) ……………………………………………………………………………... 2. Bolela hore na polelo ena e nepahetse, ebang e sa nepahala,fana ka karabo e nepahetseng Dimakatso o ne a dula le mmae le ntatae (1) ………………………………………………………………………………
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO (JUNE 2011) 3. Kgetha karabo e le nngwe o etse sedikadikwe karabong ya hao. (1) Batswadi ba Dineo bane ba hlokahale e sa le (a) ngwanana (b) monyenyane (c) lesea (1) 4. Qotsa mantswe moleng wa 10 le 11 a ileng a buuwa ke Lerato metswalleng ya hae ha a hlokomela hore ba se ba le baholwanyane? …………………………………………………………………………………… ……………………………………………………………………………………. (1) 5. Bolela hore dipolelo tse latelang di makgatheng afe: Ba ile ba mo tsebisa motswalle wa bona ya bitswang Lesedi ...………………………………………………………………………… (1) Ba tla dula e le metswalle …………………………………………….. (1) 6. Sebedisa makopanyi a loketseng ho kopanya polelo ena Dimakatso o utlwana le metswalle ya hae. Metswalle e kopile tshwarelo. …………………………………………………………………………………... (1) 7. Fana ka mohlala wa (i) lebitso bitso (seratswaneng) …………………………………………… (1) (ii) lekgethi (seratswaneng) ……………………………………………….. (1) 8. Nyenyefatsa mabitso ana (i) kgomo ………………………………………………………………….. (1) (ii) phiri …………………………………………………………………….. (1) 9. Ngola mela e mmedi o hlalose pheletso ya banana bana ba bararo ka setswalle sa bona. (a)……………………………………………………………………………… (b)……………………………………………………………………………… (2) 10. Hoya ka maikutlo a hao ke ofe molaetsa oo fumanehang paleng ee? Ngola mola o le mong fela. ………………………………………………………………………………… (2)
Downloaded from hlayiso.com (JUNE 2011) SESOTHO 5 11. Kgetha Mabitso ana a latelang ho word puzzle o ntano etsa sedikadikwe kgethong ya hao Dineo,Lerato, hlompho, bobedi , bophelo B O P H E L O O E L L N O M B N N O N T B E I H M B A A D D F P S R H I D F H E E H (5) D F N O B L H MOSEBETSI WA 2 THOTHOKISO MATSHWAO: 10 LEFIKALEMOTHO Lefika la haeso, Lefikalemotho Ka thaba ha ke bona sebopeho sa hao O hlotswe o le motle mariha le lehlabula Ho wena dinonyana ke matletsetlese, di bina Ha ke fihla ho wena ke etsa thapelo ya maikutlo Hobane wena o seemahale sa badimo Ke tseba hantle thapedi ya ka e tla finyella Ke hate kwekwe ha ke lata melaetsa ya badimong Lefika hlahisa bonkgono le bontatemoholo Ba tlo o qhaqhollela mabinabine a jang pelo ya ka Mona ho wena ke tlile lekunutung le badimo Mona ke tlisitse sefapano sa ka o ntjarise. Ka ho ngolwa ke: E.M. LESUTHU* E hlabang ha e bope. 1. Fana ka sehloho sa thothokiso e ka hodimo. ………………………………………………………………………………… (1)
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO (JUNE 2011) 2. Qolla polelo e le nngwe eo sethothokisi se e sebedisitseng ho reneketsa Lefikalemotho. ………………………………………………………………………………… (2) 3. Bopa dipolelo tse pedi tse nang le moelelo o fapaneng ka. Thaba…………………………………………………………………………… Thaba…………………………………………………………………………… (2) 4. Ngola polelo e bontshang sekapuo seo e leng mothofatso pakeng tsa (2) polelo ya 1 le ya 3. ………………………………………………………………………………….. 5. Ngola dikarabo tsa hao ka mokgwa wa ho sebedisa mela e fapanyetsanang. Nyalanya polelo le tlhaloso ya teng. I. Ke hate kwekwe Dinonyana di ngata haholo/ho feta. II. Dinonyana ke matletsetletse. Ho bua tse seng ntle tseo o di entseng III. Ba ipolela melato Ke tsamaye butle (3) 6. Lesedi FM 87.2 MGH > Mananeo a Sontaha. Bala mananeo ana a Lesedi FM 87.2 MGH o ntano araba dipotso tse latelang. 1. Mafube [Thapelo] 06:00 2. Mathumisa 06:10 3. Ditaba tsa pele 07:00 4. Kgothala 07:05 5. Bonkgono le bontatemoholo 08:00 6. Ditaba tsa bobedi 09:00 7. Makgulong a matala 09:05 8. Tshebeletso ya hoseng 10:30 9. Ditaba 11:00
Downloaded from hlayiso.com (JUNE 2011) SESOTHO 7 DIPOTSO (i) Mananeo a rona a Sontaha a qala ka nako efe? ………………………... (1) (ii) Ditaba tsa pele tsa Sontaha di latela lenaneo lefe? …………………… (1) (iii) Ke lefe lenaneo le kenang ka 07:05? ………………………………….. (1) (iv) Makgulong a matala ke lenaneo le kenang ka nako efe? (1) ……………………………………………………………………. (v) Ka hora ya 11:00 ho kena lenaneo lefe ........................................... (1) [5]
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO (JUNE 2011) MOSEBETSI WA 3 LENGOLO LA SETSWALLE MATSHWAO 10 Ngolla motswalle wa hao lengolo o mo hlokomedise ka kotsi ya ho tsuba kwae.Ithuse ka ditshwantsho tse latelang 1. 2. 3.
Downloaded from hlayiso.com (JUNE 2011) SESOTHO 9 …………………………………………………. …………………………………………………. …………………………………………………. ………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………………………………………… …………………………………………………. ………………………………………………… (10) MOSEBETSI WA 4 PAPATSO MATSHWAO : 05 (b) Ngola ka masakaneng . Etsa papatso e hlokomedisang batjha ka kotsi ya dithethefatsi (5) [50]

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 6 Sesotho Hl

Explore more published documents in this catalogue.

View all