You're offline
Skip to content
Question paper

SOTHO HM. LANG QP GR6.pdf

Subject: Sesotho HlGrade 620119 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com Province of the EASTERN CAPE EDUCATION INTERMEDIATE PHASE KEREITI 6 PUDUNGWANA 2011 SESOTHO BUKA YA MOITHUTI MATSHWAO: 50 NAKO: DIHORA TSE 2 LEBITSO: ………………………………………… SEKOLO: …………………………………………. Pampiri ena e na le maqephe a 8.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO BUKA YA MOITHUTI (PUDUNGWANA 2011) TLHOKOMEDISO HO MOITHUTI ARABA DIPOTSO TSOHLE TSE HLAHELLANG PAMPIRING ENA KA SESOTHO. ARABELA PAMPIRING ENA.
Downloaded from hlayiso.com (PUDUNGWANA 2011) SESOTHO BUKA YA MOITHUTI 3 MOSEBETSI 1: TEKOKUTLWISISO BALA TSHOMO ENA O NTANO, ARABA DIPOTSO TSE LATELANG MOKOKO LE PHOKOJWE Ba re e ne re: E le Mokoko le Phokojwe. Mokoko o ne a hloriswa haholo ke Phokojwe. Mokoko a ipolella hore a ipone a pholohile ho hlokahala a hlwelle sefateng. Ka tsatsi le leng, Phokojwe a fihla, a bona Mokoko a le sefateng Phokojwe o ne a lapile haholo. A ipotsa hore ebe o tla bona a entse jwang. A loha leqheka. A re ho Mokoko “Hela weso,theoha, moo ke tlo o qoqela ditaba tsa pitsong ya maobane. Wena o ne o le siyo pitsong, qeto ya pitsong ke hore diphoofolo kaofela re tshwarelane. Ho ile ha tekenwa selekane “Mokoko a itholela feela,a nna a iqamakela, Phokojwe a botsa Mokoko “O tholetseng, hona o ntse o qamaka eng? Mokoko a itholela a nna a qamaka. Qetellong Phokojwe a botsa Mokoko hore o bonang? Mokoko wa re “Ke bona lerole” Ke la eng lerole leo? “Ke bona eka e re, ke bule mahlo haholo, ebe ke la eng? Helang morenaka di bile di se di le haufi ke la dintja”“Jo! Ke ile ke se ke ile o re,ke dintja”. Bao ba ne ba le siyo pitsong e bopang kgotso” Yaba Phokojwe o ya kgaola. Mokoko wa keketeha “ke mo fumane Phokojwe o ne a batla ho ja mang? O boi le ho ba boi. Ya ba ke tshomo ka Mathetho! DIPOTSO (a) Tshomo e qalwa jwang? ........................................................................... (1) (b) Fana ka baphetwa ba babedi bao ho buuwang ka bona tshomong e ka hodimo. ........................................................................................ (2) (c) Ke sefe se neng se susumetsa Phokojwe ho loha leqheka? .................................................................................................. (2) (d) Ke lefe leqheka le leng le ileng la lohuwa ke phokojwe? .................................................................................................. (2) (e) Tshomo e phethwa jwang? ............................................................................. (1) (f) Ke lerole la eng le neng le bonwa ke Mokoko?................................................ (2) MATSHWAO: [10]
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO BUKA YA MOITHUTI (PUDUNGWANA 2011) MOSEBETSI 2: TSHWANTSHISO BALA PUISANO YA BANA BA PHELANG SETERATENG, O NTANO ARABA DIPOTSO. Sparara: Lena ke lebitso la ka la mona lehaeng le letjha. Ke dula tlasa diphaephe. Kgele! Ke dutse ka kgotso, ha ke phele ka phafa ya bosiu le motsheare. Bophelo ba seterateng bo bohloko haholo empa ke qetelletse ke bo thabela. Ke mothwana feela ya se nang mang wee. Ka nako e nngwe ke hlolohela batswadi ba ka. Mabebesa: Lereo la ka le nepahetseng ke Sebonwang. Aoo! Ke dula hona mona tlasa difatjana tsena. Ntlo ya ka, ke e ahile hantle ka mabokoso. Ka e beha mahlahla ka hodimo hore e nnehe mofuthu o lekaneng. Se mpehileng mona, ke karohano ya mme le ntate. Ntate o ile a fumana molekane e mong le ho mme ho bile jwalo. Ke nna e moholo lapeng. Nna le bana beso ha re amohelehe mahlakore ka bobedi. Ke ka hona ke fihletseng qeto ya ho dula mona. Skhunta: Ke ile ka senyeha maikutlo ha ntate a bolawa ka sethunya. Diphahlo tsa ntate di ne di le kgubedu tlere! Ausi le mme ba ile ba betwa kamorao ba nto bolawa. Nna ke ile ka thola tu! Babolai ba re ke shwele ba mpetsetsa hodima ditopo. Ditopo tseo di ne di bata po! Hara mpa ya bosiu ke ile ka nyenyelepa ho fihlela ke fihla methakeng ena. Ao! Ya nkamohela ka matsoho a mofuthu. Ntlo ya ka ke sekotjana se bonahalang hore se ne se lahlela dithole mehleng. 1. Ngola karabo dikgeong. Tlatsa dikgeo dipolelong tse latelang, ka maetsisamodumo a hlahellang dipuisanong tse ka hodimo. I Diphahlo tsa ntate di ne di le kgubedu ....................................................... (1) II Nna ke ile ka thola .................................................................... (1) III Ditopo tseo di ne di bata .......................................................... (1) 2. Mantswe ana o motle, e ntsho, o mosehlana, e moholo a bitswa makgethi. Kopanya dikutu tsa Makgethi tse ka masakaneng ho bopa Makgethi. a. Ke nna e (-holo) lapeng. ................................................................. (1) b. Bophelo ba seterateng ke bo (-hloko) haholo. .......................................... (1) 3. Sehella mola karabong ya hao. Hlwaya Malahlelwa a hlahellang dipolelong tsena a. Kgele! Ke dutse ka kgotso. ............................................................... (1) b. Aoo! Ke dula hona mona. ................................................................. (1)
Downloaded from hlayiso.com (PUDUNGWANA 2011) SESOTHO BUKA YA MOITHUTI 5 4. Ngola karabo ya hao pela lebitso/lentswe. Tlosa mabitso ana nyenyefatsong. Mohlala: Ntjanyana = Ntja A Difatjana = ................................................................ (1) B Mothwana = ............................................................. (1) C Sekotjana = .............................................................. (1) 5. Bopa dipolelo ka mantswe ana: A Nyenyelepa .............................................................................................................. (1) B Amoha .............................................................................................................. (1) C Hlolohelwa .............................................................................................................. (1) MATSHWAO: [13]
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO BUKA YA MOITHUTI (PUDUNGWANA 2011) MOSEBETSI WA 3: THOTHOKISO BALA THOTHOKISO O NTO ARABA DIPOTSO TSE LATELANG: Nkang lehlokwa le robelane, le hlohlotse ditsebe, Le utlwe o mong moleko ke ona, Le utlwe a mang masetladibete ke ana, Le utlwe a mang masa-a-kokometse a bitohile, Ona ke moleko wa ho qetela. Ba beta maqhekwana a Modimo a iphomoletse, A tsietswe a ikopela lefu ho Modimo, Hobane lefatshe le antsha ka meokgo ya bona, Ekaba babeti baa, ke mengala kapa ba ngalohile Ona ke moleko wa ho qetela. DIPOTSO 1. Kgetha sehloho sa thothokiso e ka hodimo dihlohong tse latelang: a Modimo b Ona ke moleko wa ho qetela c Meokgo (1) 2. Nehelana ka lelatodi la lentswe lena: “Maqhekwana” ho tswa thothokisong ................................................................................................................. (1) 3. Ho ya ka kutlwisiso ya hao, mokotaba thothokisong ena ke ofe? ................................................................................................................ (2) 4. Qolla dipolelo tse pedi tse utlwisang bohloko ho tswa seratswaneng sa 2 .................................................................................................................. (2) 5. Hlalosa lentswe lena “Mongala” ................................................................................................................... (1) 6. Bopa maele ka lentswe lena “Lefu” .................................................................................................................. (1) 7. Fana ka phetamola thothokisong ena .................................................................................................................. (1) MATSHWAO: [9]
Downloaded from hlayiso.com (PUDUNGWANA 2011) SESOTHO BUKA YA MOITHUTI 7 MOSEBETSI WA 4: DIPHATLALATSI TSA TLHAHISOLESEDING 1. Disebediswa tse ngata papatsong mona ke tse sebetsang ha feela ho na le: a Mollo b Motlakase c Patsi (1) 2. Se bitsa bokae sesebediswa se besang nama? ............................................. (1) 3. Ke sefe sesebediswa se sebediswang ka ho fetisisa papatsong ee? .............................................................................. (1) 4. Hobaneng o nahana hore se sebetsa ka ho fetisisa? ...................................... (1) 5. Ntle le ho hakonosa metsi ka ketlele ya motlakase, ke sefe se ka sebediswang. .............................................................................. (1) 6. Bolela lebitso la lebenkele le bapaditseng mona. ........................................... (1) 7. Ketlele le disutikeisi di bitsa bokae ha di kopane? .......................................................................................................................... (1) MATSHWAO: [7]
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO BUKA YA MOITHUTI (PUDUNGWANA 2011) MOSEBETSI WA 5: DITEMA HO TSWA DITHUTONG TSE DING Hei atjhe! Ditaba di ile tsa senyeha ho bana ba Davida, ha mora wa hae Amnone a rata kgaitsedi ya hae Tamare, wa ntlo e nngwe, e leng kgaitsedi ya Absalome. Amnone o bile a kula ke lerato, haholo se neng se mo kgathatsa ke hobane Tamare o ne a sa tsebe letho ka ho arolelana dikobo le monna. Jwale o ne a sitwa ho etsa letho ka lebaka leo. Aoo! A hla a ota e le ka nnete, ho fihlela motswalle wa hae a mmolella leqheka. Amnone o ile a hana ho utlwa, a laolwa ke ditakatso tsa nama mme a mmeta. Yaba Tamare ke motho a hlekefeditsweng ke kgaitsedi ya hae. Ha qaleha lehloyo le leholo ntlong ya Davida. DIPOTSO TLHEKEFETSO 1. Qolla lentswe le leng leo e leng leetswa. ....................................................... (1) 2. Bolela baphetwa ba babedi ba hlahellang paleng. ................................................................................................................... (2) 3. Bopa maele a mang ka ho se tshepahale ha motho. .................................................................................................................... (1) 4. Hlalosa lebitso kapa lentswe lena tlhekefetso. ....................................................................................................................... (1) 5. Fana ka mofuta o le mong wa tlhekefetso. ................................................... ....................................................................................................................... (1) 6. O e mong wa dipaki tsa mmuso, ha tlhekefetso ena e etsahala ho Tamare o bonahetse o sa thabele ho bona ketso ya mofuta ona. Ngola tlaleho ya hao, o ngolle City Press, o behe ditaba tsena.
Downloaded from hlayiso.com (PUDUNGWANA 2011) SESOTHO BUKA YA MOITHUTI 9  Latela metjha ena: Letsatsi le nako, Mongodi, Dipaki, Sebaka, Sesosa sa peto, Aterese. (5) ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... ....................................................................................................................... MATSHWAO: [11] MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 50

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 6 Sesotho Hl

Explore more published documents in this catalogue.

View all