Skip to content
Study guide

Gr12 Sesotho Study Guide Gr12 LR

Grade 12 Sesotho study guide, 31 pages. Read online or get the free PDF download.

Subject: SesothoGrade 1231 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Le ka mohla o se lebelle hore baithuti ba etse dintho Via Afrika Kereite 12 Buka ya titjhere Sesotho Puo ya Lapeng tseo wena ka bowena o hlolehang ho di etsa. O ke ke wa lebella hore baithuti ba hao ba fihle ka nako sekolong, haeba wena o sa fihle ka nako. O ke ke wa lebella hore baithuti ba hao ba itshware hantle le ho hlompha batho ba bang, haeba wena o sa hlomphe batho ba bang. Haeba o qala ho etsa dintho tsena, Kereite 12 Study Guide baithuti ba hao ba tla qala ho o etsisa, le ho latela mohlala wa hao. P.M. Thinane, N.R. Mokolopo, M.M. Seane — Patiswa Qokweni, Hlooho ya Sekolo le Titjhere Via Afrika e a utlwisisa, e bona bohlokwa ebile e tshehetsa tshebetso ya hao jwalo ka titjhere. Mosebetsi wa hao ke wa Via Afrika Sesotho Puo ya Lapeng bohlokwahadi thutong, mme re a hlokomela hore boikarebelo ba hao ha bo felle ho ruteng feela. Re lekile ka hohle ho o bolokela nako le ho o nolofaletsa bophelo, mme re motlotlo haholo hore ebe re kgona ho o thusa ho ruta thuto ena ka katleho. Lenane lena ke le leng la a mmalwa a dintho tseo re di entseng ho o thusa thupelong ena e ntjhantjha: 1. Lenane la dibuka le ngotswe hore le matahane le CAPS (Setatemente sa Naha sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso). Sheba leqephe la 16–28 ho bona hore na ditlhoko tsa CAPS di fihlelletswe ka ho babatseha le ho kgotsofatsa jwang. 2. Mohlala wa sekejule sa tshebetso o kenyelleditswe. Sheba leqephe la 29–34 ho bona hore na hona ho ka o bolokela nako ho le ho kae. 3. Sehlooho ka seng se qala ka kakaretso ya se tla rutwa, ha mmoho le disebediswa tseo o di hlokang. Sheba leqephe la 36 ho fumana hore na hona ho ka o thusa jwang boitlhophisong ba hao. 4. Re nehelane ka keletso ho kgetheng ka potlako thuto ho o thusa hore o phethele mosebetsi ohle wa selemo ka nako. Leqephe la 35 le o bontsha hore na hona o ka ho fihlela jwang. 5. Re boetse re nehelane ka keletso ya ho tsebisa le ho nyolla thuto bakeng sa sehlooho ka seng. Sheba leqephe la 37 ho lekola mehlala. 6. Re nehelane ka dikarabo, sepheo ke ho o bolokela nako ya ho iketsetsa dikarabo ka bo wena. Sheba leqephe la 40 ho bona mehlala ya dikarabo. 7. Ho boetswe ho kentswe CD e nang le disebediswa tse tla o thusa ho ruteng le ho etsa ditekolo. Sheba leqephe la pele. Bukeng ya moithuti e tsamayang le ena, o tla fumana di kahare tsohIe tseo baithuti ba hao ba tlamehang ho di tseba. Buka ya moithuti e ngotswe ka puo e bonolo e nolofaletsang baithuti hore ba ithute ka yona. Metako le meralo e kgahlisang e tla ba boloka ba kgahlehile mme hona ho natefise thuto. Re ka lakatsa ho fumana tlalehopoeletso ya hao. O ka re bolella hore na ho ya jwang ka ho re romela imeile ho sesotho@viaafrika.com? Ntle ho moo, etela seotlo sa rona sa matitjhere ho www.viaafrika.com. Language: Sesotho www.viaafrika.com
sue Via Afrika Sesotho Puo ya Lapeng Kereite 12 Via Afrika Our Teachers. Our Future.
2
Tse ka hare Pampiri ya pele - Thutapuo 2 Pampiri ya bobedi - Dingolwa 5 Thothokiso 5 Pale 10 Terama 14 Pampiri ya boraro - Boiqapelo 15 Meqoqo 15 Ditemana tsa kgokahano tse telele 17 Mesebetsi ya tekanyetso ya semmusoe 18 Mohlala wa hlahlobo 22 Memorandamo 37 3
4
Selelekela Sepheo ka tataiso ena ke ho bebofaletsa baithuti mosebetsi wa selemo sohle Kereiting ya 11ha ba ya ba tobane le ditlhahlobo tsa makgaolakgang. Le ha ho le jwalo, baithuti ba ntse ba kgothaletswa hore ba nne ba sebedise buka ya bona ya moithuti ya Via Afrika Sesotho Puo ya Lapeng Kereiti ya 11. Tataiso ena, e leng Setatemente sa Naha sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso Dikereiting tsa 10-12 (CAPS) e tswalwa ke dikgothaletso tse entsweng ke Lefapha la Thuto ya Motheo ha kharikhulamo ya naha ene e boetse e hlwelwa botjha ho bebofaletsa baithuti le matitjhere mosebetsi. Ho latela moralo wa setatemente sena (CAPS) Kereiting ya 11, dipampiri tsa tlhahlobo di tharo, mme pampiri ka nngwe e na le dikarolo tse fapaneng tse tlamehang ho lekolwa e le ho bona hore na baithuti ba fihlelletse diphetho tse lebelletsweng. Setatemente sena se arotswe ka dibeke tsohle tsa sekolo tsa selemo letsatsi ka leng bekeng e nngwe le e nngwe, mme ho hlakisitswe hantle se tlamehang ho rutwa ho latela bokgoni ba ho ithuta dipuo, e leng Ho mamela le ho bua; Ho bala le ho boha le Ho ngola le ho nehelana.
Kgaolo ya 1 Pampiri ya pele - Thutapuo Selelekela Tekokutlwisiso Kgutsufatso Thutapuo le Tshebediso ya Puo Mohlala wa tema ya tekokutlwisiso, dipotso le dikarabo • 6
• • • • • Ditaelo tseo hangata di sebediswang • • • • • • • Diphoso tse baithuti ba di etsang ha ba araba dipotso tsa tekokutlwisiso   • • • • • • • • • 7
KGAOLO YA 2 Pampiri ya bobedi - Dingolwa Selelekela 8
Matshwao/makgabane/dihlomo Matshwao ana a phuthetswe ka hara puo le setaele sa mongodi. Ona matshwao anaa kenyelletsa mekgabisopuo ka hare. Keletso malebana le ho ithuta thothokiso Bala thothokiso makgetlo a fetang bonngwe. Lekgetlo le leng le le leng leo 0 balang thothokiso ka lona, kutlwisiso ya hao ea eketseha mme ho ba le se 0 hlakelang ho yona. Sebedisa bukantswe/dikshenari kapa botsa ho rarolla mantswe a thata Dithothokiso di atisa ho ba le mantswe a sa tlwaelehang, a thata. Ha o sa tsebe se bolelwang ke mantswe a jwalo, o ka iphumana o le mathateng a ho utlwisisa se bolelwang ke thothokiso yohle. Kgutsufatsa temanathothokiso ka nngwe Ha ose oe badile, o nahana hore 0 batla o utlwa seo e se bolelang, kgutsufatsa ka mantswe a hao se bolelwang ke temanathothokiso e nngwe le e nngwe. Kgutsufatsa thothokiso kaofela Ka mora moo o ka e kgutsufatsa kaofela ho bopa mohopolo o le mong, o phethahetseng. Sebetsana le matshwao/makgabane kapa bona bonono boo sethothokisi se bo sebedisitseng Bala molathothokiso ka mong ka hloko, o ntshe matshwao a thothokiso a sebedisitsweng ho wona. Ikgopotse bohlokwa/molemo wa matshwao ao moleng ka mong le thothokisong kaofela. Lekola makgabane a latelang a sebedisitsweng thothokisong ena: Hyde Park [KE Ntsane] Kganyetsano/tatolano Kganyetsano ke tsela e nngwe e ka sebediswang ke sethothokisi ho hlakisa moelelo. Mantswe a hanyetsanang, a latolanang, a sebediswa ho nehelana ka kutlwisiso e phethahetseng. Sheba melathothokiso ya 26-27 (merero e metle... di tletse bobe). Mantswe ana aa latolana. Ntsane o totobaletsa babadi hore matshwele ana a Hyde Park, ha a pelonngwe. A fapane ho tu! Ho melathothokiso ya 30-31 (mona - mane), hoa hlaka hore batho ba moo ba ka diqhoqhwana, ho ikarotswe. Le dibui tsa teng ke tse buang ka ntho tse sa tshwaneng. Mehlala e meng e fumanwa ho wa 62 (theosa - nyolosa) le ho ya 21-22 (bosiu le motsheare). Hape sethothokisi se ka boela sa tlisa kgatello/sefutho ka hara thothokiso ka ho sebedisa kgonyetso. Ho honyetswa karolo e itseng ya lentswe (hangata sehlongwapele), e a tlohellwa/siuwa. Lentswe le jwalo le ba le kgatello e sa tlwaelehang. Leha le qapodiswa ho ba le kgatello e itseng. Sheba molathothokiso wa 20 (ketekete < diketekete), wa 32 (hlotshwana < sehlotshwana), wa 37 (kgotla < lekgotla) le wa 48 (koloni < dikoloni) jj. Ela hloko hore moo ho siilweng lentswe kaofela, re se re bua ka tlohelo, e seng kgonyetso..
Mabitsomararane/mabitsohokwa Sethothokisi se ntse se sebedisa mabitsomararane ho toboketsa le ho hlakisa taba. Molathothokisong wa 8 (sobaleholo > lesoba+-holo). Sobaleholo e na le sefutho se matla se sa tlwaelehang. Tlohelo e sebedisitsweng lentsweng leo, le yona e eketsa sefutho seo. Ntle le kgatello, lentswe lena le hlakisetsa mmadi hantle hore seo buuwang ka sona, ha se lesobana empa e hlile ke lesobahadi. Ho jwang ka (mekgopikgopi) ho wa 28 le (masakokometse le matabolaletswalo) ho wa 45? Hape sethothokisi se ka boela sa tlisa kgatello/sefutho ka hara thothokiso ka ho sebedisa kgonyetso. Ho honyetswa karolo e itseng ya lentswe (hangata sehlongwapele). Lentswe le jwalo le ba le kgatello e sa tlwaelehang. Leha le qapodiswa ho ba le kgatello e itseng. Sheba molathothokiso wa 20 (ketekete < diketekete), wa 32 (hlotshwana < sehlotshwana), wa 37 (kgotla < lekgotla) le wa 48 (koloni < dikoloni) jj. Ela hloko hore moo ho siilweng lentswe kaofela, re se re bua ka tlohelo, e seng kgonyetso. Sejura/kgefutsohare Sethothokisi se ka boela sa bontsha bonono le bokgabo ka ho sebedisa sejura/kgefutsohare. Bona ke bokgabo ba ho katla kapa hona ho fokotsa morethetho thothokisong. Ntle le ho fokotsa lebelo ka hara thothokiso, kgefutsohare e ka bontsha ho tshwana ha moelelo mantsweng a e teetseng hare. Molathothokiso wa 47 0 re: "Toka e ile kae, mohau 0 ile kae?" Moelelo wa se tlang pele ho kgefutsohare, ke hore ‘ha ho na toka’. Le se tlang ka mora yona se ntse se bolela yona ntho eo; k.h.r.e lekalekanya moelelo. Ha mohau 0 le siyo, na toka e ba teng? Sheba le ho wa 53 "O bua moroko, o bua mapae". Moroko le mapae di bolela ntho e le nngwe e leng ho pota. Boela o tadime le wa 73 jj. Molamotjetje/pholletso/enjambamente Molathothokisong wa 1 ha ho na letshwao la ho bala getellong. Sena ke sona se bitswa molamotjetje. Ka wona sethothokisi se bontsha hore melathothokiso e mmedi eo (1 le 2), e tlamahane. Ka mantswe a mang, mohopolo o molathothokisong wa 1, 0 ntse o tswela pele ho ya fella ho wa 2. Taba e buuwang moo e nngwe. Lebotsi Le leng la matshwao a bohlokwa thothokisong ke lebotsi (?). Re le bitsa jwalo mona dithothokisong. Ka lona sethothokisi se ka bontsha dintho tse mmalwa. Se ka bontsha pelaelo, sa bontsha ho se kgotsofale, sa bontsha ho makala le hona ho hlollwa. Esita le yona phogo e ka bontshwa ka lona. Re a tseba hore ka lebotsi, sethothokisi se ipotsa potso eo se tsebang karabo ya yona hantle. Se mpa se iphotlaisa feela. Shebang molathothokiso wa 69. Moo sethothokisi se maketse hore ebe jwale phala ke ya eng hara bosiu. Se a imakatsa, se etsa eka se e tlwaetse e letswa motsheare feela menateng. Ho wa 72 ha se a makala feela e bile se hlolletswe. Se hlolletswe ke ho utlwa boko sa mosadi mafifing ao. Mohlomong ka tlwaelo ya sona, se tseba basadi ba sa diile hara mafifi. Ena taba ea se hlolla. Ha re ya ho wa 94 re ka re jwale 0 a phoqa. Re kareoa phoga hobane ho tloha molathothokisong wa 84, ho hlakile hore kgomohadi tsena, di tlile ka morero mafifing ao moo Hyde Park. Jwale, ngwanana eo 0 llelang hobane o 10
tlile moo hara bosiu jwalo, tsa teng a di tseba. O llelang athe 0 ratile? Molathothokisong o latelang 0 a ikaraba, folere, e kgaolwa ke botsotsi. Ntsane re mmona a bile a sebedisa le yona tomatso/phogo thothokisong ena. Tomatsong ho sebediswa mantswe ao ekang a matle, aa rorisa kapa ona a tshedisang athe sepheo ke se seng se sele. Sepheo ke ho phoga. Melathothokisong ya 64-65 0 re ngwana wa lejakane (mokreste) a potele hore a se ke a bona dintho tse mpe. E ka reo eletsa ka qenehelo ngwanenwa wa lejaka. Athe kae? Ha ho keletso le qenehelo mono. O mo phogqa a tiile! Majakane ke batho ba tumelo. Na ba fumaneha mesebetsing eo e nyonyehang ya mafifing? Yona melathothokiso ena e re Hyde Park bosiu, e tumme ka dihlong (manyala). Ngwana eo wa lejakane, o batla eng moo bosiu? Tulong e mpe tjee? Ha ho keletso ya letho mona! Ka hara dithothokiso re boela re fumana sethothokisi se bopela madi setshwantsho sa se itseng kelellong ya hae. Sena ke setshwantsho sa dintho tseo se buang ka sona. Sethothokisi se etsa hore mmadi a bone setshwantsho seo ka leihlo la moya. Bokgabong bona sethothokisi se ka atleha ka tshebediso ya mekgabisopuo. Molathothokisong wa 10 ho sebedisitswe mothofatso. Ho thwe Hyde Park le paleisi ya Buckingham di ahisane, ke baahisane. Kelellong ya mmadi ho tla setshwantsho sa lelapa (ntlo) leo a ahisaneng le lona. Kelellong ya hae o bona katamelano eo. Mmadi 0 a hlakelwa hore baka tsena tse pedi, ha dia arohana haholo. Ho wa 19 ho sebedisitswe papiso. Motho ha a dutse jwalo ka morena, ke ha a dutse jwang? Modulo 00 0 bonwa ka leihlo la moya. Sheba hape le ho wa 89 jj. Ntle le mekgabisopuo, sethothokisi se ka boela sa sebedisa bokgoni le boqhetseke ba sona, ho hlalosa se itseng ka tsela e tla etsa eka mmadi 0 se a se bona, a se utlwa, a se ama kapa a utlwa eka o se a ntse a se latswa,a se ja. Bokgoni bona bo bitswa karaburetso. Karaburetso e arolwa ho ya kamoo re getang ho hlalosa. Ho na le ya pono, ya kutlo, ya kamo (ho thetsa) le ya tatso. Shebang melathothokisong ya 68-71. Mono ho na le mefuta e mmedi ya karaburetso, ya pono le ya kutlo. Ese eka mmadi 0 se a ntse a utlwa phalae llang hara bosiu. Hangata ha o e utlwa e lla hara lefifi, ho a be ho etsahala jwang? O a tshoha kapaoa makala? Hobaneng? Hape e se eka 0 bona polesa le ngwanyamisang motho hara mafifi. Boelang le shebe le melathothokiso ya 84-87, 88-91 le 92-95. Le mona Ntsane 0 sebedisitse karaburetso, e seng ngwanabo yona! Basotho beso, ha e ke e boye kaofela. Ha re diheleng dikgala ka ntlha ya bohlokwahlokwa thothokisong ena. Ntsane o thehile thothokiso ena ya Hyde Park hodima kganyetsano/tatolano. Ha re lekoleng kamoo thothokiso ena e bopilweng kateng. Ditemanathothokiso tse 15 tse qalang (1-63), di bua ka diketso tse ntle, tse etsuwang moo Hyde Park motsheare. Diketso tseo di totobatsa bokgabane, botle, mofuthu le yona tokoloho e fumanwang bakeng sena. Empa ho tloha temanathothokisong ya 16 ho ya qgetellong, ho tletse dimpe, dihlong tsa manyala tse etsuwang moo bosiu mafifing. Ntsane o thulanya motsheare le bosiu ho etsa hore mmadi a utlwisise hantle seo tulo ena e leng sona. Temanathothokiso e getellang, e kwalla ka ho hlalosa hantle manyampetla a etswang moo ka kgitla. Ntsane o re dimpe tse neng di etsuwa Sodoma le Gomora, ha se letho ha di bapiswa le tsa Hyde Park bosiu.Ha e 11
be o sa na le kgwao ka ntlha ya hore thothokiso ena, e thehilwe hodima kganyetsano, ikgodise ka melathothokiso ya 96-97. O sa na le puo? Thothokisong e ka hodimo re ile ka botebo manollong/tshekatshekong. Ho ena ha re sa tla ya ka botebo hobane matshwao/makgabane a thothokiso, e ntse e le ona ao, aa tshwana. Lekgotsi (!) Sethothokisi se le sebedisitse melathothokisong e mmedi. Ho 0 bulang thothokiso le o e kwalang. Ka hara thothokiso lekgotsi le ka bontsha makalo, ho tshoha kapa matlafatso/ kgatello. Le laolwa feela ke hore le sebedisitswe jwang. Mona le sebediseditswe ho matlafatsa, ho hatella. Sethothokisi se hatella se tiile hore ke sefe se tla etsahala ebang motho a potlaka (1). Molathothokisong o getellang, se hatella taba ya hore motho o tlameha ho kgetha. Ho le sebedisa qalong le qetellong ya thothokiso, sethothokisi se bontsha hore ha se batle hore taba ena e lebalwe. Anastrofi Ho anastrofi ke moo tatelano e tlwaelehileng ya mantswe molathothokisong, e fetolwang. Ho molathothokiso wa 9 ho thwe: "Lona le ja ya tonana kgomo". Ka tlwaelo e lokela ho ba "Lona le ja kgomo ya tonana". Ya tonana e se e tlisitswe pele ho kgomo. Sepheo mona ke ho tlisa kgatello/matlafatso ho ya tonana. Ka mantswe a mang, ho tsepamiswa maikutlo hodima sena se seholo, se tla etsahalla motho ya potlakelang dintho. Boela o shebe melathothokiso ya 10 le 11. Ka tlwaelo tatelano ya mantswe e ne tla ba: * Ithute maele ana. * Ke hona wa thaka, hlalefa. Kgefutsohare/sejura Mona re rata feela hore le shebe kamoo e sebedisitsweng kateng. Molathothokisong wa 5, e bontsha ho lekana ha moelelo mantsweng ao a mabedi e leng swabe le sulafallwe. Ho ntse ho le jwalo le ho wa 13 le 14 hobane tabakgolo mono ke ho kgetha. Ho wa 11 teng re fumana sepheo e le ho katla morethetho. Molamotjetje/pholletso/enjambamente Sheba melathothokiso ya 3-4, 7-9 le 10-11. Ikgopotse mesebetsi/bohlokwa ba yona thothokisong. Lehokela/hlaahlela/phetapheto e tshekalletseng/neeletsano Sheba melathothokisong ya 5-6. Ikgopotse mesebetsi/bohlokwa ba yona thothokisong. Phethapheto ya mantswe/epanalepsese Sheba melathothokiso ya 1-6. Teng ho sebedisiswe phetapheto/epanalepsese ya O. Ba bang phethapheto ena ba e bitsa e tsepameng, hobane lentswe leo 0, le phethilweng hantle ka tlasa le ka hodimo ho lona. Hape phethapheto ena e ntse e le neeletsano hobane lentswe leo, le phethwa qalong ya molathothokiso. Kganyetsano/tatolano Yona re e fumana melathothokisong ya 7 le 8. E leng potlapotla le sisitheho. Lepotlapotla le bolela motho ya potlakelang dintho. Athe lesisitheho lona le bolela ya di diehelang. Le ho wa 13 re fumana podi le kgomo. Mantswe ana a bopa kganyetsano hobane thothokisong ena, haesita le ho ona maele ao thothokiso ena e thehilweng 12
hodima ona, e leng Lepotlapotla le ja podi lesisitheho le ja kgomo, podi e emetse bobe, tse bosula athe kgomo e emetse botle, tse thabisang. Ka hoo he, kganyetsano e teng mona. Ikgopotse mesebetsi/bohlokwa ba yona thothokisong. Tlohelo Sheba melathothokiso ya 7 le 8, potlapotla le sisitheho. Ikgopotse mesebetsi/bohlokwa ba yona thothokisong. Karaburetso Melathothokisong ya 1-6 ho na le karaburetso ya pono. Mmadie se eka 0 bona hantle motho ya weleng lepogong (koma le hlabathe). A tsoha mono fatshe a kgomohile (phumuha) melomo le phatla. A ema a swabile, a sulafalletswe hobane mohlomong ba bang ba mo tsheha. Ke eo taba! Jwale di sallane le wena! Pale Selelekela Le paleng ho ntse ho botswa mefuta e mmedi ya dipotso, e leng dipotso tse kgutshwane kapa tse telele (tsa moqoqo). Baithuti ba araba ba ikamahantse le pale eo ba e kgethileng ho tse tharo tse kgethetsweng ho balwa Kereiting ya 12. Matshwao a Karolo ena ke 25. Ho na le mareo (dibetsa) a sebediswang ha ho manollwa le ho sekaseka mefuta e fapaneng ya dingolo/dingolwa. Mareo a mang a tla tshwana kapa a be teng manollong ya mefuta yohle ya dingolwa, ha a mang a tla sebetsa feela le dingolwa tse itseng. Dingolwa tseo re shebaneng le tsona mona ke pale, palekgutshwe, tshwantshiso le dithothokiso. Mefuta ya dikapuo yona e ka hlahella le ho sebediswa mefuteng eo ya dingolwa kaofela. Dibetsa tsa manollo tse sebediswang paleng le paleng e kgutshwanyane (palekgutshwe) di a tshwana. Phapano feela ke hore ho palekgutshwe, diketsahalo di etsahala ka nako e kgutshwane. Ho boetse ho a hlaka hore ho pale le palekgutshwe re bua ka baphetwa, athe ho tshwantshiso (terama) teng re bua ka dibapadi. Tshwantshisong hape re bona "puisano" e le thekeniki ya bohlokwahadi kaha e le ka yona re kgonang ho tseba maikutlo a dibapadi ka taba e itseng. Sena, ke sona se bileng se butswelang kgohlano tshwantshisong. Matshwao a moralo le mareo a akaretsang Moralo O ka hlaloswa e le thapo ya diketsahalo tse tsamayang di eba le methinya, disa tsamaye di otlolohile feela. Motsamaong 00 wa tsona, di tsamaya di phahamisa le ho theola maikutlo a mmadi ka tsela tse fapaneng. Ho hlakile hore methinya e tla ba mengata paleng ho feta palekgutsweng, kaha baphetwa ba le mmalwa feela palekgutshweng. Moralo o bopilwe ka dikarolo tsena tse latelang: e Tlhahiso/Tlhekelo/Qalo ¢ Kgolo/ntshetsopele ¢ Tharahano/marangrang 13
¢ Sehlohlolo ¢ Mothipoloho/Ho fokotseha ha diketsahalo e Phethelo kapa Qetello Tlhahiso/Tlhekelo/Qalo Paleng re sheba hore na mongodi 0 hlahisa ditaba tsa hae jwang. Na o di hlahisa ka tlhaloso e itseng le hona seratswaneng sa pele kapa tjhe? Na o wela tabeng di sa tloha feela ho ikamahanya le sehlooho sa pale ya hae? Na ho na le ditshupiso tse bontshang hore mongodi 0 tlo bua ka eng? Ke mona moo mongodi a hlahisang tse latelang: ¢ Baphetwa le kamano ya bona. ¢ Tikoloho, e leng sebaka moo diketsahalo tsa pale di etsahallang teng. Tikoloho e re senolela semelo sa baphetwa, le kamoo e amanang le bona kateng. Ho na le mefuta e fapafapaneng ya ditikoloho; e ka ba tsa metseng ya ditoropong, mahaeng kapa ditikoloho tsa semoya jj. Ho na le ditshupo tse tla bontsha hore na tikoloho ke ya mofuta ofe. Tikoloho e tsamaya e matahane le nako eo diketsahalo tsa pale di etsahalang ka yona. E ka ba nako ya sejwalejwale kapa ya boholoholo kapa ya sekgalekgale. e Sesosa sa kgohlano kapa tholwana ya morusu. Sena ke sona se tlisang pherekano paleng hara maemo a ditaba sethathong a ne a ntse a le matle. Kgolo/ntshetsopele Karolong ena ho hodiswa se bonahalang e le sesosa sa twantshano ka hara pale. Tlhasenyana ena e bonahalang e hlile e kubekubella, e a butswelwa. E butswelwa jwalo ka diketsahalo tse hodisang pale hore sesosa sa kgohlano se totobale, ho bonahale ho re ntwa ehlile e teng, mme e qadile e tswela pele. Tharahano/marangrang Boholo ba ditaba paleng kapa palekgutshweng bo karolong ena. Diketsahalo tsa pale, tse ntshetswang pele ke baphetwa ka diketso tsa bona, dipuo moo puisano e hlahang, maikutlo a bona le boitshwaro, tsohle tsena di hlahella karolong ena. Ke mona moo re bonang kgohlano e kekela, e tiya ebile e loella hantle. Mona jwale re ka re mathata a hlwa manolo hodimo. Mophetwa wa sehlooho kapa molwantshuwa jwale o tebetebeng kapa makaqabetsing ao yena ka sebele a inkentseng ho ona kapa ao a kentsweng ho ona ke baphetwa ba bang ba tlatsetso. Sehlohlolo Se fihlellwa hanyane ka hanyane. Mona mathata a a bokellana; ho kgitlwa selei; ho kgaoha moo ho kgwehlang. Ke moo re bonang boning ho eba le lehlakore le hlolang kapa le hlolwang; dintho di a loka kapa di senyehela ruri. Ke bophahamong ba ditaba. Se tla latela e tla ba mothipoloho, ho a theohela, ha ho sa na moepa 0 tla hlowa hobane kgohlano kapa twantshano e fedile. Mothipoloho/Ho fokotseha ha ditaba Re theohela fatshe, mme diketsahalo di a bontsha hore na moya 0 fokela kae. Maikutlo a neng a phahame jwale a theohile hoba tlholo e fihletswe. Tsitsipano eo re neng re ntse re le ho yona jwale e a nyehla, e fokotseha matla. 14
Phethelo/Qetello Mona re fihlile pheletsong kapa getellong ya ditaba. Ho elwe hloko hore hase ka mehla qaka kapa bothata bo rarollwang. Ke ka hona lereo la phethelo kapa gqetello le sebediswang. Kgohlano Ena ke thulano mahareng a baphetwa kapa dihlopha tse pedi paleng. Moo ho nang le kgohlano, mophetwa wa sehlooho o tlameha ho ba teng; re bona a hlola kapa a hlolwa. Kgohlanong re bona baphetwa ba nkelana melamu, ba lwana ya kgumamela. Ena ke kgohlano ya ka ntle moo hape re yeng re bone baphetwa ba sa dumellane ka mehopolo le maikutlo. Ho ye ho be teng kgohlano ya ka hare moo maikutlo a mophetwa a lwantshanang, a dubakaneng. Ke mona moo ho yeng ho thwe mophetwa 0 na le pelo tse pedi; e nngwe e re a etse hona, ha e nngwe yona e re a etse hwane. Kgohlano ke mokokotlo wa pale hoba e itshetlehile ka yona. E hola jwalo le yona ho ya fihla sehlohlolong, e leng moo e fellang teng. Ha kgohlano e le siyo, pale ha e be monate. Re ka hla ra re pale ha e yo hoba ke yona e e jereng. Baphetwa Bana ke batho ba boiqapelo bao mongodi a ba sebedisang ho fetisa molaetsa wa hae. Hopola hore baphetwa le mabitso a bona ke boiqapelo ba mongodi; ha a amane hohang le batho ba itseng ba phelang. Ka nako e nngwe mongodi 0 qapa mabitso a tla pepesa le ho hlahisa dimelo tsa baphetwa ba hae. Hangata ho ye ho be le mefuta e mmedi ya baphetwa pading, e leng mophetwa ya tjhitja le mophetwa ya sepapetlwa kapa ya ka mmoho kapa ya folete. Mophetwa ya tjhitja re ka re ke motho wa nama le madi; re ka re mophetwa ya tjena e ka ba motho ya teng maphelong a rona; ke mophetwa ya angwang ke maemo a ditaba, mme a fetohe ho ikamahanya le maemo ao a iphumanang a le ho ona. Re ka re ke mophetwa ya phelang. Mophetwa ya ka mmoho re ka re ke moshanyana wa letsopa; mongodi 0 etsa ntho eo ae ratang ka yena; re mo tseba ka lehlakore le le leng ho tloha moo buka e galang ho fihlela qetellong ya buka. Ha a angwe ke maemo a ditaba le tikoloho eo a phelang ho yona. Paleng ho boetse ho na le mophetwa wa sehlooho, ke ho re eo boholo ba pale bo itshetlehileng ho yena le baphetwa ba tlatsetso, ke ho re ba tla thusa hore mophetwa wa sehlooho a fihlelle sepheo sa hae kapa a hlolehe. Sena se tla tlisa dikamano mahareng a mophetwa wa sehlooho le baphetwa ba tlatsetso. Ditaba di tla rarahana le ho rarollwa paleng ka baka la dikamano tsena mahareng a baphetwa. Mookotaba Mookotaba kapa tabataba ya pale ke efe? Keng seo mongodi a re bolellang sona? Ha re qeta ho bala pale ya mongodi, re tla be re re thuto ya hae ke efe ho rona. Hopola hore dikarabo di ka ba ngata, ho itshetlehile feela hore na mobadi yena o di bona le ho tshetleha maikutlo a hae jwang. Ka mantswe a mang, mookotaba ke molaetsa wa sehlooho wa mongodi 00 a batlang ho o fetisetsa ho rona jwaloka babadi ba hae. Ke sepheo le morero 00 sengolwa se 0 reretsweng. 15
Poloto Pale e bopilwe ka diketsahalo tse etsahalang dibakeng/ditikolohong tse itseng, mme di phethahatswa ke batho ba mongodi ba boiqapelo ba bitswang ka hore ke baphetwa. Diketsahalo tsena di tlameha ho hlahisa sesosa le sephetho, k.h.r. ke eng se etsang hore ho itseng ho etsahale, keng se fetolang mophetwa hore a iphumane a se a nka lehlakore le itseng tjhebong ya hae ya bophelo. Mosotho 0 ye a re: Ha ho mosi 0 kubellang ho se na mollo". Ka hona he, poloto ke ka moo diketsahalo di hlophisitsweng ka teng le ho hlahiswa ho tlisa sesosa le sephetho. Setaele sa mongodi Re se bona ka tshebediso ya puo ya mongodi, mme sena se ka hlahiswa ka ditsela tse fapaneng. Mongodi e mong a ka kgetha ho sebedisa puo e otlolohileng feela e tobang, empa e fetisa moelelo o hlakileng ho babadi ba hae. E mong puo ya hae e ka imetswa ka puo e tletseng mekgabisopuo e fapaneng e kenyeletsang dikapuo ho bopa ditshwantsho (karaburetso) tse fang babadi mohopolo o hlakileng. A ka boela a etsa kgetho ya mantswe ka tsela e ikgethang ho tlisa tebello e itseng ekasitana le yona tiehiso. Ka nako e nngwe mongodi ka sebele e ka ba mopheti ya hohle; ya tsebang tsohle tse tla etswa, ho nahanwa le ho buuwa ke baphetwa ba hae. Terama Le tshwantshisong kapa terameng ho ntse ho botswa mefuta e mmedi ya dipotso, e leng dipotso tsa mofuta wa moqogo le dipotso tse kgutshwane. Le mona baithuti ba araba ba ikamahantse le tshwantshiso/terama eo ba e kgethileng. Moralo wa tshwantshiso ha oa fapana le wa pale, mme dintlha tse o bopang ke tsena tse latelang: e Tlhahiso/tlhekelo/qalo e Kgolo/ntshetsopele e Tharahano/marangrang ¢ Sehlohlolo ¢ Mothipoloho/ho fokotseha ha diketsahalo ¢ Tharollo/phethelo kapa getello Ela hloko: Tsela e sebediswang ho manolla pale, ha e a fapana le ya ho manolla tshwantshiso. Ithuse he ho manolla tshwantshiso eo le e kgethetsweng ho latela kamoo 0 bontshitsweng ka teng paleng. 16
KGAOLO YA 3 Pampiri ya boraro – Boiqapelo 1 Meqoqo 17
Keletso Baithuti ba lokela ho rutwa ka ruburiki eo ho tshwauwang mogogo ka yona. Ebang ho kgonahala, baithuti ba e fuwe e le hore ba e tlwaele le ho e tseba. Ruburiki ena e tla ba fa setshwantsho se setle, sa se lebelletsweng ho bonwa, ha ho tshwauwa meqogo ya bona. Mefuta ya meqogo Baithuti ba lokela ho ithuta le ho utlwisisa hantle mefuta e fapaneng ya meqoqo. Mofuta ka mong wa mogqogp, o ikgetha ka matshwao a itseng. Ka mantswe a mang, o tsebahala ka se itseng. Ha moithuti a fuwe sehlooho sa moqogp, 0 lokela ho nahana hore sehlooho seo, ke sa mofuta ofe wa moqogqo. Ha a se a nahanne hantle, ke hona a ka kgonang ho ngola moqogo o loketseng. Hangata dihlooho tsa megogo di atisa ho ba le ditshwantsho. Ditshwantsho tseo, di thusa moithuti ho ipopela setshwantsho sa seo a tla ngola ka sona. Di ka boela tsa thusa kelello ya hae ho bokelletsa ka pejana, seo a lakatsang ho ngola ka sona. Baithuti ba bangata ba ngola feela ba sa tsotelle hore sehlooho seo ba ngolang ka sona, ke sa mofuta ofe wa mogogo. Ka tsela e jwalo, ba lahlehelwe ke matshwao a mangata. Mogogo wa phetelo Mofuteng ona wa mogqoqo, moithuti 0 pheta pale kapa diketsahalo tse itseng, tse etsahetseng. Pale e qoqwang mofuteng ona, e lokela ho ba diketsahalo tse momahaneng hantle jwalo ka difaha, tse folletsweng kgweleng. Ka bowona, mofuta ona 0 bolela hore o tla ngolwa o le lekgatheng le fetileng. Mohlala E bile dilemo motseng wa heno baahi ba phela ka matswalo. Mashodu a ne aiketsetsa boithatelo matlong a batho. Diaparo di ne di se di sa anehwe, ho se motho ya di lebetseng. Athe bosiu teng ha re sa bua. Ka mora hore motse wa lona 0 ahelwe seteishene sa sepolesa, ntho di ile tsa fetoha. Baahi ba ile ba sebetsa mmoho le sepolesa ho hlaola mofoka ona. Ngola mogogo 00 ho wona 0 phetang kamoo tshebedisano eno, e ileng ya atleha kateng. Sehlooho sa moqogo wa hao e be, Ntjapedi ha e hlolwe ke sebata. Mogogo o hlalosang Mogogong ona moithuti 0 hlalosa ketsahalo e itseng. O lokela ho e hlalosa ka tsela e tla etsa hore mmadi, a be le setshwantsho se setle sa ketsahalo eo, ka kelellong ya hae (karaburetso). Mofuteng ona, moithuti o tlameha ho ba le bokgoni ba ho sebedisa mahlalosi, makgethi, marui jj ka nepo. Mohlala O bile lehlohonolo ho ba teng, moketeng wa tlhomamiso ya moporesidente Zuma. Leno e bile lehlohonolo leo le kajeno, o ntseng o sa le utlwisise. Ha 0 a ka wa utlwa ka bobare. O bile teng mmidimiding 00 ka seqgo. O bone dintho, wa bona bahale le dikgalala tseo o neng o sa nahane hore o ka di bona bophelong ba hao. Ngola moqoqo 00 ho wona o qoqang ka semetletsahadi seo sa mokete. Sehlooho sa moqogo e be, Matsatsi ohle nka a lebala empa e seng leo la mohlolo. 18
Mogogo wa kgang/ngangisano Mona teng moithuti o ngola a nka lehlakore le itseng la ditaba. Sepheo sa hae se seholo, ke ho ntshetsa pele mohopolo kapa ntlhakemo ya hae. O nehelana ka mabakaa tshehetsang ntlhakemo eo ya hae. O leka ka ditsela tsohle ho ngoka mmadi hore a dumellane le lehlakore la hae. E bile ketsahalo e etsang histori naheng ena, ho bona dingaka di kena mehwantong ya boipelaetso. Di ipelaetsa kgahlano le meputso e sa di thabiseng, mmoho le maemo a tshebetso ao di reng a mabe. Ngola mogogo 00 ka wona o hlahisang maikutlo a hao malebana le taba ena. Sehlooho sa moqogo e be, Nna ke dumellana/ha ke dumellane le hore dingaka di kene matsholong a boipelaetso. Mogogo 0 sa tshehetseng lehlakore Mona moithuti ha a tshehetse lehlakore le itseng la taba. O tshehetsa mahlakore ka bobedi. Re ka re 0 tlisa tekatekano sekaleng. Boholo ba mosebetsi wa hae, ke ho nehelana ka mabaka a tshehetsang, le a hanyetsang mahlakore ao a le mabedi. Qetellong ya mogogo moithuti 0 lokela ho hlahisa lehlakore la hae; le teng a se ye lolololo. Mohlala Boholo ba batho ba metse ya mahaeng le ba dinaha tse mabapi le Aforika Borwa ba ye ba iphumane ba tsholohela metseng ya ditoropo moo ha nang le merafo ya kgauta ho batla mosebetsi. Ka ena nako, ba siile malapa a bona hole ka nako e tlolang menwana ya matsoho a mabedi. Tjhelete ena e batlwa mpeng ya lefatshe moo maphelo a batho bana a leng tlokotsing teng. Sena ba se etsa ba rata leha ba sa rate hoba bophelo ke tjhelete, mme bo lokela ho tswela pele. Ngola mogogo moo o tlo sheba mahlakore a mabedi a taba e hlalositsweng mona, ebe getellong o fana ke ntlhakemo ya hao. Sehlooho sa moqogo: Tshebetso ya merafong. 2. Ditemana tsa kgokahano tse telele Selelekela Ditema tsa kgokahano ke tsa bohlokwa haholo maemong a phedisano. Ditema tsa kgokahano di ngollwa maemo le mabaka a mangata a fapaneng. Nakong e fetileng ho ne ho sebediswa mangolo bakeng sa ho fetisa molaetsa. Ha mehla e ntse e fetoha mme le thekenoloji e ntse e ntlafala, ha ba le mekgwa e mengata ya ho tsamaisa melaetsa. Tsona ke tsena tse latelang: * Mangolo ahlophisitsweng le a sa hlophiswang a yang ho boraditaba, + Ahoetsa kopo ya mosebetsi, A kopo ya thuso e itseng, A ho tletleba, A bontshang kutlwelobohloko, A memo, A diteboho, A dithoholetso, A kgwebo Mangolo a setswalle, * Diatekele le dikholomo tsa dimakasine * Memorandamo, * Metsotso le mananetsamaiso (tsena di botswa di kopantswe mmoho), * Diatekele le dikholomo tsa dikoranta 19
* Tsa bophelo ba mofu ¢ Raporoto (tse hlophisitsweng le tse sa hlophiswang) * Tsa boikgopotso, + Puoe hlophisitsweng le e sa hlophiswang * Tokomane ya Boitsebiso le diphihlello ¢ (CV), Tsa ditlhophiso, ¢ Diboroutjhara, Dipotso tse botswang ba bang, Dipuisano. Ela hloko: Ho latela tsela e ntjha ya thuto, ya ‘Setatamente sa Leano la Kharikhulamo ya Naha le Tekanyetso’, ka bokgutshwanyane CAPS, ho lebelletswe hore baithuti ba rutwe ditema tsa kgokahano tse telele feela, mme tlhahlobong moithuti 0 lebelletswe ho ngola le ho hlahisa ditema tse pedi. Lekola mehlala e latelang ya mofuta ona wa ditema: Tekolokakaretso Lebitso la buka: Kabelwamanong. Mongodi wa buka: KPD Maphalla. Mongodi wa tekolokakaretso: Motshedi Ramponeng. Ena ke e nngwe ya dipale tse ngolletsweng batjha, ho ba kgothalletsa hore ba kgabe ka botjha ba bona, ba be le boikemelo bophelong ba se kgeloswe ha bobebe ntlhakemong tsa bona. Pale ena, e itshetlehile hodima mophetwa wa yona wa sehlooho, Tsheole ya ileng a lwana ya kgumamela hore naha yabo e se wele matsohong a dira. Mongodi 0 re phetela pale ena ka molomo wa yena mophetwa enwa, e leng bonono bo ikgethileng dingolweng. Bahlankana bana ba ne ba tswa ho bona dikgarebe tsa bona. Ba ile ba hlaselwa ke Mpendolo ya neng a batla hore ba nehelane ka metjha ya ho kena Tsekanatsatsi ho e hlasela le ho ikgapela yona. Metswalle ya hae e mmedi e ile ya bolawa. Mongodi 0 bontsha bohlwahlwa bongoding ho ya ka moo a sebedisang Tsheole ka teng ho lwanela naha ya habo. Ha a hlalosa botshopodi ba tulo eo bahlankana ba neng ba kwalletswe ho yona, leihlo la moya le o bontsha yona, feela Tsheole a phonyoha. Mongodi o hlalosa letooto la diketsahalo tse bohloko tseo a ileng a phela hara tsona naheng eo ya badireng ha a ntse a batla lesobana la ho pholoha; ho thwe o ne iphetola mabitso, a apara diaparo tsa basadi, a iphetola mokopakopa, ngwana sekolo, manejara wa banka, le tse ding tse ngata ka sepheo sa ho sireletsa naha ya habo. Qetellong a phonyoha. Re bona a fihla a rala meralo ho thusa naha ya habo ho hlasela Kgaphadiolo mme ba e hapa. Pale ena e bohlokwa hoba e ruta batjha ho rata le ho boulella naha ya habo bona. E ba ruta le hore ba se nyahamiswe ke mathata a ka ba hlahelang bophelong; ba be le mamello hoba getellong ba tla atleha. E boetse e bontsha le ho ruta hore bobe ha bo lefe, hape moputso wa sona sebe, ke lefu. 20
Boela o lekole mohlala o mong hape wa mofuta ona wa tema: Lengolo la setswalle 1465 Mompati Street Bochabela Location Bloemfontein 9323 12 Loetse 2011 Hela motswalle Motswalle lemong sena ke bala kereiti ya leshome le motso 0 le mong. Thabo ya ka kee kgapatsehang ekare ke se ke bala kereiti ya qetelo. Mmanyeo, ha se ka mosebetsi leha ke thabile tjena! kea thola. Matitjhere a sehlahlo a fapanyetsana ho fana ka thuto e se papadi. A ke re ba ditlhodisanong le dikolo tse ding. Jwale, ba tshwarisa rona bothata ka ho re fa mosebetsi o mongata ka nako e le nngwe. Hei! melomong ya bohle ho buuwa ka sephetho feela. E leng tsee tsa mahlale, e mong le e mong 0 kenya letsoho hoba ke tsa ditsebi. Sekolo hang ha se tswa, re mathela mabaleng a dipapadi. Re a ikwetlisa, mme matitjhere a ikakgetse ka setotswana ho kwetlisa letlobo lena le letjha. Mmawena, ha o tshaba o tshabe matitjhere! A ke re ba tseba dintho tsee, ba rutuwe dithupellong. Ba tseba hantle hore kelello e hloka phomolo. Ba re kgothalletsa ho ba le seabo dipapading. Ka lebaka leo mosebetsi ha 0 re imele, re thabela ho ya sekolong kamehla hobane le bona ke karolo ya rona. Matjhere ana a itelletse rona hoba re tshwere dikgau tsa bompodi lemong sena. Gauteng moo o ntse 0 ya jwang? Dumedisa bohle. Limpho Ela hloko: ¢ Jwalo feela ka mogogong, ditema tsa kgokahano di lokela ho ba le moralo kapa lenane la dintlha tse tla latelwa ha tema e ngolwa ¢ Baithuti ba lebelletswe ho etsa tse latelang: - Mokgwaritso - Hoo hlaola diphoso - Honehelana ho moithutimmoho ho mo thusa ho hlaola diphoso - Hongola sehlahiswa se phethetsweng - Hose boeletsa le 21
- Mesebetsi ya tekanyetso ya semmuso 22
Mohlala wa hlahlobo Dingolwa: Thothokiso Titjhere o tla le kgethela thothokiso bukeng e kgethetsweng tlhahlobo sekolong sa heno o nto araba potso ena: Hlalosa bonono/dihlomo/ dibetsa/ bokgabo/ makgabane a bothothokisi ao sethothokisi se a sebedisitseng thothokisong ena, mme o be 0 totobatse bohlokwa ba makgabane ao. Bolele ba karabo ya hao e be mantswe a pakeng tsa 200 - 250. Puo e hlophisitsweng Latela makgetha le ditlwaelo tsa ho nehelana ka puo e hlophisitsweng tlasa sehlooho sena se latelang: Dimela di bohlokwa haholo paballong ya tikoloho. Di thibela kgoholeho ya mobu,di re fa moya o hlwekileng le dijo. Re ka tshirelletsa le ho boloka jwang dimela tikolohong ya rona? Hopola mehato yohle ya tshebetso boitokisetsong ba ho tla nehelana ka puo. Titjhere o tla sebedisa ruburiki ya tekanyetso ya puo e hlophisitsweng ho lekola mosebetsi ona. Teko / Dingolwa Bala tema e latelang ka hloko o nto araba dipotso tse tla latela: TEKOKUTLWISISO Sharon ile a kgethwa e le mosadi e motle wa selemo Aforika Borwa empa seo ha se fetole botho ba hae. Ha a tsamaye a ikonka a ipoledisa hore ke mosadi e motle. Sharon o rata moriri o mokgutshwane, o kuta haholo setaele sa bashemane se bitswang Rihanna. Pele a kena terameng ya Generations o ne a etsa BComm Accounts univesithing ya Vista. Eo e ne e se ntho eo a neng a batla ho e etsa bophelong ba hae. O e entse feela hobane batswadi ba hae ba ne ba ke ke ba dumela a dule hae feela a sa etse letho. 23
Ka selemo sa 2001 Kagiso 0 ne a kgethwe e le mmabotle wa Yunivesithi ya Vista mme seo o ne a se etse empa a na le kgahleho ya ho ba sebapadi. Hamorao 0 ile a tlohela dithuto ka lebaka la mathata a ditjhelete le hore e ne e ntse e se ntho ya hae. O ilea ingodisa ho eijente e nngwe mme matsatsing a mararo o ile a utlwela ho re ho na le pale e batlang dibapadi. Ha ho dithuto tseo Kagiso a di fumaneng tsa ho bapala dipale. Seo a se etsang ke ho ithuta kamehla ha ba hatisa. Sebapadi sena se bolela ho re se tlameha ho sebetsa ka thata ho feta bohle hobane ha se a fumana thupello ya ho bapala dipale. Menzi Ngubane ke e mong wa batho ba nang le seabo sa bohlokwa mosebetsing wa hae wa ho ba sebapadi ka ho mo kgothatsa ka hore o kgethile ho nka karolo ya Sharon hantle. Ha e le dikarolo tsa masunana tsona ha di re letho ho yena hobane o a tseba o mosebetsing. Ha ba sunana jwalo ba a be ba potapotilwe ke dikhemera tse dulang haholo karolong eo. Seo se makatsa Kagiso haholo ebile o bolela hore a ke ke a se tlwaela. Yena le Thabiso (Samuel) ke metswalle bophelong ba nnete ho suna motswalle ho yena ke ntho e sa tlwaelehang. Pele ba hatisa ba ye ba qoge hore ba tla etsang karolong tseo tsa masunana. Molekane wa Kagiso ha a kgathatsehe ke seo, 0 a utlwisisa ebile o a tseba hore ke karolo ya Kagiso ya mosebetsi. Sharon bophelong ha a na ngwana empa 0 ile a bapala karolo ya moimana. Hoo e bile ntho e makatsang ho yena. O ile a natefelwa ke ho ikgakanya jwalo ka moimana. Karolo eo e ile ya etsa hore a itlohelle hanyenyane a none a tle a tsamaisane le yona. Pabala ena e etsa ka hohle ho kgotsofatsa ba bohading ba yona paleng ya Generations. O kopanya hona le hwane ho pheha masutsa a tle a thabise ba ha Khumalo. Ao nthwana batho, athe o tla pheha mopherathethana ntho e sa jeheng. Ha ho tluwa mothamahaneng teng 0 ile a ba kgaola ditokoloho tsena. Kgaetsedi ya hae ya mo lwanela molamu wa hlooho ya tswaka moritelo wa hae le kgomo ya fatshe (e leng ntho e sa lokang). Ba ha Khumalo ba ile ba nahana ho re ya bona ngwetsi e a le fina lengwele. Batho bohle ba thaba ho feta tekano, ha ba ya le maidiidi, ba bang ba tjeka bosiu bo be bo se tshekge le Chief Khumalo ka sebele! Dipotso 1. Lebitso la Sheron la nnete ke mang? (a) 2. Sheron o nea etsa thuto efe Univesithing ya Vista? (a) 3. Naonearata ho etsa thuto eo, hobaneng 0 realo? (2) 4. Hlalosa ho re ho tlile jwang Kagiso a iphumane e se e le Sharon. (2) 5. Kathuto ya BComm Accounting Sheron o nea tla sebetsa mosebetsi ofe? (2) 6. Hlalosa: 6.1 Mothamane (2) 6.2 Pabala (2) 6.3 Mopherathethana (2) 7. Batswadi ba futsanehileng bana ba bona ha ba atlehe bophelong. Na ke nnete kapa mafosisa? Tshehetsa karabo ya hao ka mohlala o tswang temeng. (3) 24
8. Na ke hantle ha batswadi ba kgethela bana ba bona dithuto kapa mesebetsi eo ba tlamehang ho e etsa? Hlalosa karabo ya hao ka botebo. (3) [20] Tema 1. Ke kgwedi efe moo batho ba senyang ka tjhelete? (a) 2. Hobaneng monna ya ka letsohong letshehadi a thabile hakaale? (a) 3. Qaqisa phapano e pakeng tsa kgwedi ya Tshitwe le ya Pherekgong. (2) 4. Ngwanaeo ya llang ke wa ntate ofe, wa Tshitwe kapa wa Pherekgong? Hobaneng 0 realo? () 5. Eletsa batswadi kamoo ba ka qobang mathata a kgwedi ya Pherekgong kateng. (3) [10] Potso Kgutsufatso Bala tema e latelang ka hloko o nto e kgutsufatsa ka bolelele ba mantswe a 80-90. Batho ba tsubang ba kgathatswa ke sefuba haholo. Ba dula ba ithemola hobane kwae e hlophana le matshwafo le metjha ya moya 00 ba o hemang. Ha setsubi se tswela pele ho tsuba, matshwafo a sona a a ranthana mme se tshwarwa ke lefu la matshwafo. Batjha ba bangata ba nahana hore ho tsuba ho hantle ‘cool’. Ba bang ba tsuba ho iphumanela sebaka lequlwaneng le itseng. Seo ba se etsa ba sa lemohe tsietsi eo ba 25
kenyang maphelo a bona ho yona. Kwae e entswe ka sethethefatsi se bitswang nikothini. Sethethefatsi seo se etsa motho a dule a batla ho tsuba nako e kgolo le e nyenyane. Seo se o fetola lekgoba la kwae. Hang feela ha 0 se o tshwasehile ho thata ho itshwasolla. Ho tsuba ho hlola mafu a mangata, a kang boronkhaitisi, emfasema, kankere ya mathswafo le pelo. Ha o na le boronkhaitisi o hohlola haholo hoseng ha 0 tsoha. Ebang o kgaotsa ho tsuba ho hohlola ho ka fela tu! Batho ba bang ba tsubang ba ba le lefu la ho hema ka thata Emfasema. Batho ba teng ba lahlehelwa ke moya. Ha ba na bokgoni ba ho tsamaya kapele le ho sebetsa mosebetsi o boima. Tshenyeho e matshwafong a motho ya fellwang ke moya ha e alafehe. Ha o kgaotsa ho tsuba boemong bona o ka thibela ho tswelapele ha ho senyeha ha matshwafo a hao. Lefu le leng le atelang ditsubi ke kankere ya matshwafo. Yona ke lefu le kotsi haholo le hlolwang ke sakarete. Monyetla wa ho phela ha o na le lefu lena ke ha le ka bonwa ka nako, le a alafeha. Ha o tsuba sakarete o ka tshwarwa le ke lefu la pelo. Ha o tshwerwe ke lefu lena mosebetsi wa pelo o ba boima ho phethahala. Ho tsuba ho kwala methapo ya madi mme ho be thata ho pompela madi pelong ka bolokolohi. Ha 0 tsubela pela batho ba sa tsubeng o ama maemo a bona a bophelo habohloko. Seo se bitswa ho tsuba ho sa otlollohang. Bophelo ba batho ba phelang le ditsubi empa ba sa tsube bo kotsing e kgolo hobane ba hema moya o silafetseng. Ba ba kotsing e fetang ya setsubi ka bo sona hobane bona mosi ona ba 0 habola 0 ntse 0 le jwalo. Kwae e silafatsa meno. O tla fumana meno a motho wa bo teng a le matsho e ka motho 0 jele leshala. Moya wa setsubi o nkga hampe e ka mtotho wa teng o momme ditlhare. Diaparo le kamore ya setsubi tsona, oho kannete! o ke ke wa di emela di o kwala moya ona. Masea ona le diphuwana tsena di ka wela ke ona. Motjha nka geto e nepahetseng, bophelo ke ba hao. Potso Dikarolo tsa puo le melao ya puo. Bala tema e latelang ka hloko hobane thutapuo e lohelletswe mmoho ho yona o nto araba dipotso tse tla latela: Bana ba holelang malapeng a maholo ba lebelletswe ho tela ntho tse ngata hore malapa a bona a tswele pele ho phela. Ba lokela ho behella thoko ditabatabelo tsa bona mme ba jarisane mefokolo le batswadi kapa motswadi ha e mong a se a hlokahetse. E mong wa bana ba jwalo ke Thabang. Ntatae 0 ile a hlokahala a etsa kereiti ya 11. Ditoro tsa hae tsa ho ba leqwetha di ile tsa nyopa. A tlameha ho ya batla mosebetsi ho thusa mmae ho hodisa kgaitsedi tsa hae tse pedi le baena ba hae ba bararo. Bohle ba ne ba 26
itshetlehile ka yena. Ba ne ba shebile ho yena ho ba neha tataiso. Ao! Thabang wa batho o ne a lokela ho jara boikarabelo ba ho fepa lelapa le hore ba banyenyane ho yena ba kena sekolo. Ba ne ba hula ka thata e le kannete, empa ka tsela e itseng ba ile ba kgona ho tswella ho phela. Dinakong tseo tse boima Thabang 0 ile a ithuta ho etsa hore nthwana tse nyenyane di mo thuse nako e telele, dijo ho yena e ne e se feela sejana sa dijo empa e nee le mohlodi wa matla, lerato le phihlello mme sena se ne se etsa ho re ranta e nngwe le e nngwe e se mo phonyohe feela ka matsohong. Leha a ne a tjametswe ke ditshitiso tsena tse kana, o ile a kgetha ho tsepamisa kelello ya hae dinthong tseo a leng matla haholo ho tsona mme a mamella. Ho ne ho hiile ho kgotsofatsa Thabang ho bona bana ba bo ba hatela pele ho re ba fihlelle tseo ba batlang ho ba sona bophelong. Seo se ile sa kgotsofatsa Thabang hoo getellong a ileng a qgeta kereiti ya 12 mme a ya ho ntshetsapele toro ya hae ho ba leqwetha yunivesiteng. Kajeno Thabang ona le seabo se seholo dikolong, dikhempeng tsa baithuti, mekgatlong e fapaneng motseng wa habo. O tshehetsa dihlopha tse pele tsa batho ba anngweng ke HIV /AIDS le ba nang le mathata a ka malapeng. Thabang o tseba hantle ho re mamello e tswala katleho. Dipotso 3.1 Qoholla lelahlelwa le le leng temeng 0 bolele le mofuta wa lona. 3.2 Fetolela dipolelo tsena tse latelang sebopehong sa potso. 3.2.1 Bana ba holelang malapeng a maholo ba lebelletswe ho tela ntho tse ngata. 3.2.2 Bohle ba tshepetse ho yena. 3.3. Fanakamahlalosonngwea mantswe a latelang o nto a sebedisa dipolelong. 3.3.1 Leqwetha. 3.3.2 Behella. 3.3.3. Tjametswe. 3.4 Fetolela lentswe le ntshofaditsweng tatolong. 3.4.1 Ditoro tsa hae di ile tsa nyopa. 3.4.2 Ntatae o ile a hlokahala a sa lemonyenyane. 3.5 Fana ka lentswe le leng bakeng sa a mangata mantsweng a ntshofaditsweng. 3.5.1 Thabang o hodisa bana ba bo ba banana. 3.5.2 Mmathabang ke mosadi ya hlokahalletsweng ke monna. 3.5.3. Bana ba bo Thabang ba bashemane ba ba nyenyane ho yena. 3.6 Lentswe lena dikhempeng ke leadingwa a ko le ngole lereo le nepahetse la Sesotho. 3.7. Lokisa seratswana sena ka ho sebedisa matshwao a puo a nepahetseng ho sona: Ngwana ya hlahlamang Thabang ke thabiso mmae o morata haholo. O rata skoolo haholo e bile o batla ho ethutela bongaka. Ka nnete ke taba e thabisang hobona bana ba ra thuto! 3.8 Hlalosa se bolelwang ke maele le maelana ana: 3.8.1 Mamello e tswala katleho. 3.8.2 Ho jarisana mefokolo. 3.8.3. Ho hula ka thata 27
3-9 3.9.1 3.9.2 KAPA Sebedisa mantswe ana dipolelong ho totobatsa tlhaloso ya ona: Ho hweshetsa. Ho bobola Dingolwa Thothokiso Bala melathothokiso e latelang 0 nto araba dipotso tse tlalatela : Ebang 0 potlaka...[R.N. Phume] 1. Pen areyr Re Be eB BWNFRO O tla sudubana po! O tla koma lehlabathe, O tla phumuha melomo O tlabohe dinala; O swabe, o sulafallwe, O sulafallelwe ruri le hona. Potlapotla le ja podi Wa thaka; athe sisitheho Lona le ja ya tonana kgomo. . Ithute ke hona ana . Maele wa thaka ; hlalefa, . Hlalefa ke hona o ikgethele; . Kgetha podi, kgetha kgomo, . Kgetha ke hona, kgetsi kapa tjhelete! Dipotso 1. aypyny x Thothokiso ee, ke ya mofuta ofe? Fana ka matshwao a mabedi a mofuta ona wa thothokiso. Sepheo sa thothokiso e ke sefe? Ke mofuta ofe wa karaburetso o hlahang moleng wa 1 - 3. Ho swaba le ho sulafallwa ke ntho e le nngwe, ha na bokgabo boo bo bitswang? Hlalosa se bolelwang ke maele ana: potlapotla le ja podi athe lesisitheho lona le ja kgomo ya tona. Mola 5 le mola 6 ho na le phetaphetho, e bitswang? Molemo wa yona ke ofe? Hobaneng sethothokisi se siile kgutlo tse tharo ka mora sehlooho sa thothokiso. 28
Memorantamo Dingolwa-thothokiso Titjhere o tla le kgethela thothokiso bukeng e kgethetsweng tlhahlobo sekolong sa heno o nto araba potso ena : Hlalosa bonono/dihlomo/ dibetsa/ bokgabo/ makgabane a bothothokisi ao sethothokisi se a sebedisitseng thothokisong ena, mme o be 0 totobatse bohlokwa ba makgabane ao. Bolele ba karabo ya hao e be mantswe a 200 - 250. Titjhere o tla iketsetsa memorantamo wa ho tshwaya thothokiso eo a e kgethileng. Puo e hlophisitsweng Latela makgetha le ditlwaelo tsa ho nehelana ka puo e hlophisitsweng tlasa sehlooho sena se latelang: dimela di bohlokwa haholo paballong ya tikoloho. Di thibela kgoholeho ya mobu,di re fa moya o hlwekileng le dijo. Re ka tshirelletsa le ho boloka jwang dimela tikolohong ya rona? Toboketsa mehato ya tshebetso boitokisetsong ba ho tla nehelana ka puo. Sebedisa ruburiki ya tekanyetso ya puo e hlophisitsweng ho lekola mosebetsi ona. Teko - Dingolwa. Bala tema e leqepheng la X le bana ka hloko ba nto araba dipotso tse tla latela. Dikarabo 1. Kagiso rakosa (a) Bcomm accounts (a) Tjhee, o e entse feela hobane batswadi ba hae ba ne ba ke ke ba dumela a dule hae feela a sa etse letho. (2) 4. Oilea ingodisa ho aijente e nngwe kamorao ho matsatsia mararo 0 ile a utlwela ka pale e batlang dibapadi mme 0 ile ankuwa. (2) 5. Okasebetsa bankeng/ wa ba akhaontente/moeletsi wa (2) 6. Hlalosa: a. Jwala (2) b. Ngwananae motle (2) c. Dijo tse seng monate (2) 7. Mafosisa, kagiso batswadi ba hae ba ne ba futsanehile empa yena 0 ile a tswella bophelong. G) 8. Ha se hantle hobane batswadi ha se bona ba tla etsang thuto tseo. Ha o sa rate thuto tseo 0 di etsang o ke ke wa atleha ho tsona. (3) [20 Tema ya 2 1. Ya tshitwe (a) 2. Onale tjhelete e ngata/ 0 bonasitse ke kgwedi ya tshitwe (a) 3. Tshitwe batho ba bangata ba na le tjheletele ho etswa mekete, pherekgong. (2) 4. Wa tshitwe hobane ntatae o sentse ka tjhelete ka tshitwe.. (3) 29
5. Ka tshitwe batswadi ba se sebedise tjhelete hampe ba boloke bakeng sa pherekgong ha dikolo di bulwa. (3) lio Potso ya 3 Dikarolo tsa puo le melao ya puo. Bala tema e leqepheng la X le bana ka hloko hobane thutapuo e lohelletswe mmoho ho yona ba nto araba dipotso tse tla latela. Dikarabo tse lebeletsweng Ke sonete. Mela e 14, e thehilwe hodimo ha kganyetsano. Ho kgalema. Karaburetso ya pono. Hlaahlela/ neheletsano Ho etsa dintho o tatile ho ka o kenya mathateng. Phetapheto ya moelelo. Ho matlafatsa Hore mmadia tlatselletse. ery ayewner 30

Study this subject

Notes, quizzes and topic questions for Grade 12 Sesotho.

More papers and memos for this grade and subject.