Skip to content

Sesotho Grade 2 ANA Exemplars 2012 Question Paper

Question paperSesothoGrade 220127 pages

Grade 2 Sesotho question paper from the ANA Exemplars 2012, 7 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

ANA Exemplars 2012

Document textSearch extracted text and jump to a page.
HLAHLOBO YA SELEMO LE SELEMO YA NAHA KEREITI 2 SESOTHO PUO YA LAPENG MOHLALA TEKO 2012 Nomsa, Sam, Jabu le Pam ba bala ka dihla tsa selemo sekolong. Mosuwe wa bona eleng mme Mantsoe, o ba bontsha ditshwantsho ba ntshe maikutlo. A re ba ngole ka e nngwe ya dihla tseo ba di ratang. Nomsa o a ngola:
Ka Selemo ho a tjhesa, makala le dimela di a hola le diphoofolo di a tsoha. Dinonyana tsa kgutlela dihlaheng tsa tsona. Sam o a ngola: Lehlabula ho a tjhesa re rata hosesale ho bapala kantle letsatsing. Re rata ho nwa senomaphodi le hoja esekerimi. Jabu o a ngola: Ka Hwetla ho phodile mme makala a difate a fetoha hoba makgubedu, tshehla le mmala wa lamunu. Makala a wa hodima sefate. Diphoofolo di itokisetsa Mariha. Dinonyana di fofela hodimo. Pam o a ngola: Mariha ho a bata, tulong tse ding ho na le lehlwa. Re nwa dino tse tjhesang le ho ja sopo e futhumetseng. Re besa mollo hore re futhumale. Mofumahadi Mantsoe o ba dumelletse ho balla baithuti dipale tsa bona. 1
Bala pale e latelang ka tlase. 2
1. Fana ka sehlooho sa pale e ka godimo. .................................................................................................... 2. Etsa sedikadikwe karabong e nepahetseng. Ke mang a ngotseng ka mariha? Sam/Jabu/Pam/Nomsa 3. Etsa sedikadikwe karabong e nepahetseng. Bana ba bala kae? Kantle/sekolong/sefateng/lapeng 4. Nomora dihlajwaleka ha di hlaella paleng. Mariha Selemo Hlabula Hwetla 5. Etsa sedikadikwe karabong e nepahetseng. Nomsa o ngotse ka Hlabula hobane ... A Mofumahadi Mantsoe o itsejwalo. B Ke e a e ratang. C Ha a e rate. D Jabu o itsejwalo. 3
6. Etsa sedikadikwe karabong e nepahetseng. Bana ba entseng kamora ho ngola pale? A Ba bile le nako ya ho ja. B Ba ile hae. C Ba takile ditshwantsho. D Ba badile pale. 7. Etsa sedikadikwe karabong e nepahetseng. 7.1 Ke lentswe lefe le bolelang bohlokwa? hantle/kaone/hloile/ntle 7.2 Ke lentswe lefe leo e leng lelatodi la mofuthu? motjheso/bata/phodile/hwama 8. Etsa sedikadikwe mopeletong o nepahetseng. Ke ngoka/ngola/ngotse bukeng. 9. Etsa sedikadikwe karabong e nepahetseng. Ke bona maru ka hara/hodimo/hodima leratadimeng. 10. Ngololla dipolelo tse di latelang: 10.1 Qala ka “Maobane”. Ke palame baesekele yaka. Maobane ....................................................................................................... 10.2 Qala ka “Hosane”. Ke bapala ka bolo. 4
Hosane ....................................................................................................... 11. Bana kaofela ba bokelletse makala a Hwetla mme ba a hlopha ho ya ka mmala wa ona. Kerafo e bontsha seo ba se fumaneng. Makala a Hwetla 6 5 4 3 2 1 mmala wa tshehla kgubedu sootho lamunu 11.1 Etsa sedikadikwe karabong e nepahetseng. Ke mmala ofe wa mahlaku o nang le palo e ngata? Mmala wa lamunu tshehla kgubedu sootho 11.2 Etsa sedikadikwe karabong e nepahetseng. Ke mmala ofe wa mahlaku o nang le palo e tlase? Mmala wa lamunu tshehla kgubedu sootho 11.3 Ke mahlaku a makae a bokelletsweng kaofela? ................ 5
12. Ngola dipolelo tse HLANO (5) kapa ho feta ka sekolo sa hao. .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... .................................................................................................................................................... ................................................................................................ 6

Study this subject