Downloaded from hlayiso.com
TLHAHLOBO YA SELEMO LE SELEMO YA NAHA
KEREITI 2
SESOTHO PUO YA LAPENG
SETE 1: 2012 MOHLALA
Skip to contentAll 2012 papers
Sesotho Grade 2 ANA Exemplars 2012 Question Paper
Grade 2 Sesotho question paper from the ANA Exemplars 2012, 12 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.
Sesotho · Grade 2 · ANA Exemplars · 2012 · sesotho. Question paper, 12 pages. Read online or download the PDF.
- Subject
- Sesotho
- Grade
- Grade 2
- Language
- Sesotho
- Document type
- Question paper
- Year
- 2012
- Exam period
- ANA Exemplars
- Curriculum
- CAPS
- Pages
- 12
- File size
- 491.0 KB
Free to read online, no sign-up needed
Loading document…
Loading document…
1 of 12
This exam
ANA Exemplars 2012
- Other filesQuestion paperQuestion paper (2)Memo
Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com
MASUPATSELA A TSHEBEDISO YA MEHLALA YA TEKOLO YA SELEMO YA NAHA
(ANA)
1. Tjhebokakaretso
Tekolo ya selemo ya Naha (ANA) ke tekolo e akaretsang ya tsebo le bokgoni tseo baithuti ba
lebelletsweng hore ebe ba di fihletse sehlopheng ka seng ho tloha ho sehlopheng sa 1 ho isa ho sa 6 le
9. Ho tshehetsa tekolo ya bona ya sekolong le ho netefatsa hore baithuti ba ba le boitshepo bo
hlokehang hore ba be le seabo se atlehileng ditekolong tsa mapomelo, dihlopha tsa ba sebetsanang le
thuto mmoho le ditsebi tsa thuto di ile tsa rala mehlala ya dipotso tsa ditlhahlobo tseo matitjhere a ka di
sebedisang dithutong tsa bona tsa Dipuo le Dipalo. Mehlala ena ya dipotso tsa ditlhahlobo e ile ya
ralwa hodima mosebetsi wa kharikhulamo o akaretsang dikotara tsa 1, 2 le 3 tsa selemo sa sekolo
mme paterone ya ANA ya tlhahlobo, ke keketso ya tekolo ya ka sekolong eo baithuti ba tshwanetseng
ho e etsa ba sa kgaotse, empa mehlala ena ha e nke sebaka sa ditekolo tsa ka sekolong.
2. Moralo wa mehlala ya dipotso
Mehlala ena e reretswe ho bontsha mekgwa kapa ditsela tse fapaneng tsa ho lekola bokgoni kapa
tsebo. Mohlala, semelo sa tsebo kapa bokgoni bo ka hlahlojwa ka dipotso tseo moithuti a kgethang
karabo ho tse ngata tseo a di filweng, kapa ho araba ka polelo e batlang hore baithuti ba ngole karabo
e kgutshwane kapa seratswana. Mefuteng e meng ya dipotso e ka ba moo baithuti ba tshwanetseng
ho kopanya ka mela mantswe kapa dipolelo tseo ho fanweng ka tsona, ho qetella dipolelo kapa
dipaterone, ho bontsha dikarabo tsa bona ka ditshwantsho, jj. Ka hoo, haeba matitjhere le baithuti ba
fumana mehlala e mmalwa ya dipotso tse radilweng ka mekgwa e fapaneng empa di batla ntho e
tshwanang, ba utlwisise hore sena se entswe ka boomo mme baithuti ba tshwanetse ho araba dipotso
tsohle tsa mehlala. Ho hlahisa baithuti mefuteng kapa mekgweng e fapaneng ya ho botsa dipotso ho
ba neha boitshepo bo hlokahalang hore ba tobane le ditlhahlobo.
3. Dikamano le dithusathuto tse ding tsa ho ithuta le ho ruta
Bakeng sa kgokahanyo ya ditema le dipotso e hlokehang, mehlala e meng ya ditema le dipotso e
hokahantswe ka boomo le dibuka tsa tshebetso tse dumellanang le sehlopha ka seng. Hape e
tsamaelana le ditlhoko tsa Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dihlopha tsa R ho isa ho 12 (NCS),
dipehelo tsa Kharikhulamo le Setatemente sa Tsamaiso ya Tekolo (CAPS) bakeng sa dihlopha tse
amehang, le Prothokholo ya Naha ya Tekolo. Mmoho ditokomane tsena le tse ding tseo sekolo se ka di
hlahisang, di aha motheo wa bohlokwa wa disebediswa ho thusa matitjhere ho rala dithuto le ho
tsamaisa tekolo ya molao (tekolo ya ho ithuta).
1
Downloaded from hlayiso.com
4. Kamoo mehlala e ka sebediswang kateng
Le ha mehlala ya sehlopha le thuto di bokelletswe e le sehlopha se phethahetseng titjhere ha e a
tlameha ho neha barutwana pokello ena yohle ho araba dipotso kaofela ka nako e le nngwe. Titjhere e
tshwanetse ho hlwaya mehlala ya dipotso tse amanang le thuto e reretsweng nako e beilweng. Mehlala
ya dipotso ya tlhahlobo e kgethilweng ka hloko, kapa sehlopha sa dipotso se kgonehang, se ka
sebediswa mekgahlelong e fapaneng ya ho ruta le ho ithuta ka mekgwa e latelang.
4.1 Mathomong a thuto e ba tlhahlobo ya sesosa ho lekola matla le bofokodi ba baithuti. Patlisiso e
tshwanetse ho latelwa kapele ke tlaleho ya hore baithuti ba sebeditse jwang le ho rala dithuto tse
nepahetseng ho hlaola bofokodi bo hlahetseng le ho matlafatsa seo baithuti ba se kgonang. Tlhahlobo
ya patlisiso e ka fanwa e le mosebetsi wa hae e le ho boloka nako ya ho ithuta ka sehlopheng.
4.2 Nakong ya ho ithuta ka ho fanwa ka ditlhahlobo tse kgutshwane tsa tsebiso ho bona hore na
baithuti ba utlwisisa tsebo le bokgoni boo ba bo rutwang le ho etsa bonnete ba hore ha ho moithuti ya
sallang morao.
4.3 Qetellong ya thuto kapa thuto tse mmalwa, ho ka ba le tlhahlobo e akaretsang ho bona hore na
baithuti ba utlwisisitse seo ba se rutilweng le hore na ba ka feela ba sebedisa tsebo le bokgoni boo ba
ithutileng bona. Baithuti ba tshwanetse ho fumana tlaleho kapele ha titjhere a ntse a nahana hore na ho
na le dikarolo tsa thuto tse tshwanetseng ho phetwa ho matlafatsa tsebo le bokgoni bo itseng.
4.4 Mekgahlelong yohle baithuti ba tshwanetse ho rutwa mekgwa e fapaneng ya tekolo kapa ya ho
botsa dipotso, mohl., ho araba dipotso moo moithuti a kgethang dikarabo tse nepahetseng ho tseo a di
filweng (MC), ho araba dipotso tse se nang karabo e le nngwe (OE) kapa ho araba dipotso tsa
boikgethelo (FR) le ho araba dipotso tse batlang karabo tse kgutshwane, jj.
Le ha tlhahlobo tsa patlisiso le tsa tsebiso di ka ba kgutshwane ho ya ka lenane la dipotso, tlhahlobo e
akaretsang e kenyeletsa dipotso tse ngatanyana, le ho botsa dipotso tse etsang tlhahlobo e
phethahetseng ho ya ka mosebetsi o seng o phethilwe nakong eo ho fanwang ka tlhahlobo. Ntho ya
bohlokwa ke ho etsa bonnete ba hore baithuti ba fumana boikwetliso bo lekaneng ba ho araba dipotso
tsa tlhahlobo tse felletseng tsa mofuta wa paterone ya ANA.
5. Memorandamo kapa lesupatsela la ho araba dipotso
Ho fanwe ka mohlala o totobetseng wa karabo tse lebelletsweng (memorandamo) bakeng sa mohlala
ka mong wa dipotso tsa tlhahlobo mmoho le bakeng sa paterone ya dipotso tsa ANA. Matitjhere a
hlokomele hore memorandamo o keke wa phethehala ka hohlehohle. O ka fana feela ka tsela e
phatlaletseng ya dikarabo tse lebeletsweng, mme matitjhere a tshwanetse ho fatisisa le ho putsa
dikarabo tse amohelehang le mefuta e meng ya dikarabo tsena tseo baithuti ba faneng ka tsona.
6. Phethahatso ya kharikhulamo
Ho bohlokwa hore kharikhulamo e phethahatswe ka botlala dihlopheng kaofela. Mehlala ya sehlopha
ka seng hammoho le thuto, ha di a emela kharikhulamo ka kakaretso. Empa di hlwaya tsebo le bokgoni
ba bohlokwa, le hona bakeng sa mosebetsi wa kotara tsa 1, 2, le 3 tsa selemo sa sekolo. Potlako ya
2
Downloaded from hlayiso.com
mosebetsi o tshwanetseng ho etswa ho ya ka dikotara tsa sekolo e hlakisitswe tokomaneng e
nepahetseng ya CAPS.
7. Qetello
Morero wa Lefapha ke ho phahamisa maemo le boleng ba tshebeletso ya baithuti bokgoning ba
bohlokwa ba ho bala le ho ngola le dipalo. ANA ke sebetsa se seng seo Lefapha le se sebedisang ho
disa hore na tshebeletso ya baithuti e a ntlafala, ha e fetohe kapa e a theoha na. Mabatowa le dikolo di
lebeletswe ho tshehetsa matitjhere le ho ba fepela ka disebediswa ho ntlafatsa katleho ya ho ithuta le
ho ruta dikolong. Ka ho sebedisa mehlala ya ANA e le karolo ya disebediswa tsa bona tsa ho ruta,
Matitjhere a tla thusa baithuti hore ba tsebe le mekgwa e fapaneng ya tekolo. Tshebediso e
nepahetseng ya mehlala ena e tla thusa baithuti ho kotula le ho bopa boiphihlelo bo nepahetseng ho
ithuta ka katleho le ho sebetsa ka matla ho feta ditlhahlobong tse latelang tsa ANA.
3
Downloaded from hlayiso.com
1. Bala seratswana sena mme o arabe dipotso tse latelang.
Ntswaki o a kula, o tshwerwe ke mala. A tsoha hoseng a
lla ha bohloko. Mme wa hae a mo nka, a mo isa ngakeng.
Ngaka ya mo hlaba ka nalete. Eitse kamora moo, a
ikutlwa a le betere.
1.1 Ke mang ya kulang?
1.2 O ne a tshwerwe ke eng?
1.3 Mme o ile a mo isa kae?
1.4 Ngaka e ile ya mo etsa eng?
4
Downloaded from hlayiso.com
1.5 Hlahlamanya diketsahalo tsa pale ka ho ngola dinomoro: 1, 2, 3 ka
mabokoseng.
Setshwantsho Nomoro
1.6 Kgetha karabo e nepahetseng ka ho etsa letshwao la ka
lebokoseng.
Ngaka e ile ya mo hlaba ka:
A lesiba
B nalete
C ntja
1.7 Ngola Ee kapa Tjhe.
Mme o ile a mo isa sekolong.............................................
5
Downloaded from hlayiso.com
1.8 Tlatsa dikgeo dipolelong tse latelang ka mantswe ana:
kula; nalete; mme
a. .................. o ile a mo isa ngakeng.
b. Ntswaki o ne a ............................
c. Ngaka e mo hlabile ka ............................
2. Kgetha mantswe a tshwanang ka morethetho serapaneng
mme o a sehele mola.
2.1 Kgomo ya nkgono e kgunou e kgasa ka hara kgarese ya
morena.
2.2 Etsa polelo ka medumo ena:
a. kg .....................................................................................
..................................................................................
b. ts .................................................................................
3. Tlatsa dikgeo dipolelong tse latelang, ka mantswe ao o a
fuweng: ntate, ngola, baeti
a. Kgomo ya ................................. e tshwana.
b. Bana ba sekolo ba ........................ tlhahlobo.
c. ........................... ba palame bese.
6
Downloaded from hlayiso.com
4. Sehella karabo e nepahetseng ka hara masakana.
Kgomo ya nkgono e (letsatsi; tshweu; thaba).
5. Tlatsa lentswe le siilweng polelong ena: rahile; tletse; kula.
Kgothatso o ............................ haholo.
6. Kenya matshwao a puo a loketseng polelong ena.
maletsatsi o dula Lesotho lerato yena o dula Gauteng.
........................................................................................................
........................................................................................................
7. Arohanya polelo ena ka ho sebedisa matshwao a puo a
nepehetseng. Mme o a dila, o kga metsi ka nkgo.
...............................................................................................
8. Kopanya letshwao la puo le lebitso la lona ka mola.
Letshwao Lebitso
Letshwao la potso
a.
Kgutlo
b. ,
feelwane
c. ?
7
Downloaded from hlayiso.com
9. Fana ka mabitso a mefuta e meraro ya matshwao a puo.
a. .........................................................................................................................
b. .........................................................................................................................
c. .........................................................................................................................
10. Hlalosa matshwao ana a puo ka ho kgetha mantswe a
nepahetseng ho ana :
kgutla; ema; kgefutsa, tsamaya.
a. Kgutlo e re ..........................................................................
b. Feelwane e re .......................................................................
11. Kgetha mantswe a qetellang ka -ng seratswaneng sena.
Maobane re ne re ile toropong. Ausi a re rekela dipompong. Ha
re kgutla ra ya moo re bapallang teng.
a. .........................................
b. .........................................
c. .........................................
12. Kenya sehlongwathao -ng mantsweng ana.
a. sekolo ..............
b. pompo ..............
c. sedibe ..............
8
Downloaded from hlayiso.com
13. Bopa mantswe a mabedi a nang le sehlongwanthao-ng.
a. ...............................................
b. ................................................
14. Lokisa polelo ena ka ho sebedisa sehlongwanthao lebitsong.
Maobane re ne re ile toropo.
............................................................................
15. Iketsetse polelo o sebedisa sehlongwanthao: -ng.
..............................................................................
16. Bala seratswana o ntano araba dipotso tse tla latela.
Ka tsatsi le leng letsatsi le ne le tjhesa haholo. Banna
ba motse ba tswa ka bongata ba bona ba kopane le
basadi ba bona. Ba ne ba ilo tjheka taemane.
16.1 Ke bomang ba neng ba tswile ka bongata?
……………………………………………............
16.2 Letsatsi le ne le le jwang mohlang oo?
……………………………………………………
16.3 Ba ne ba kopane le bomang?
..........................................................................
9
Downloaded from hlayiso.com
17. Nyalanya setshwantsho le lebitso la sona ka mola.
tsebe
tsela
patsi
18. Etsa polelo ka medumo ena.
a. ts ............................................................................
b. kg ............................................................................
19. Kenya medumo ena dikgeong tse siilweng.
kg; ts
a. Ka …. atsi le leng ho ne ho tjhesa.
b. Ntate o na le …. omo tse pedi.
20. Kgetha karabo e nepahetseng ka ho etsa letshwao la ka
lebokoseng la yona.
Bashenyana ba raha …
nkgo pula bolo
10
Downloaded from hlayiso.com
21. Kgetha ditlhaku tse kgolo seratswaneng ka ho etsa
didikadikwe ho tsona.
Johannesburg ke motsemoholo wa Gauteng. Batho ba
teng ba bangata haholo. Ntate Moeketsi o sebetsa
teng. Le bana ba hae ba rata motse ona.
22. Nyalanya tlhaku e kgolo le e nnyane ka mola.
K s
R k
S r
23. Arola mantswe a polelo ena ka ho siya dikgeo tse lokelang.
Banana ba bina mmino o monate.
…………………………………………………………………
24. Ngola polelo ena hape. O qale ka tlhaku e kgolo.
lebina ke mosuwehlooho wa sekolo.
…………………………………………………………………
11




