Skip to content

Sesotho HL Grade 9 June Common 2010 Question Paper

Question paperSesotho HLGrade 920108 pages

Grade 9 Sesotho HL question paper from the June Common 2010, 8 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

June Common 2010

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Province of the EASTERN CAPE EDUCATION MOPHATO O PHAHAMENG KEREITI YA 9 PHUPJANE 2010 SESOTHO PUO YA LAPENG MATSHWAO: 100 NAKO: DIHORA TSE 2 PAMPIRI ENA E NA LE MAQEPHE A 8
2 SESOTHO PUO YA LAPENG (PHUPJANE 2010) KAKARETSO YA MOSEBETSI Nomoro ya mosebetsi Mofuta wa mosebetsi Matshwao 1 Ho araba tema 20 2 Dingolwa- 30 Palekgutshwe 3 -8 Kwahollo puo 30 9 Ho ngola Lengolo 20 10 Ho ngola Moqoqo 40
(PHUPJANE 2010) SESOTHO PUO YA LAPENG 3 MOSEBETSI WA 1 HO ARABA TEMA MATSHWAO: 20 Bala tema ena mme o arabe dipotso tse latelang. Mmino wa ho phetha mosebetsi Mmino ona o ne o binwa ha ho na le mosebetsi o lokelang ho phethwa. Monga mosebetsi o ne a etsa letsema ho re batho ba tle ba kgone ho tla mo thusa. O ne a phehela bathusi ba hae mme bona ba ne ba sebetsa ka mafolofolo a makatsang. Nakong eo ba sebetsang ho tjha pina feela. Mesebetsi e neng e etsetswa letsema e kenyeletsa ena e latelang: ho kgatha thite, ho hlaola, ho kotula, ho suha lekoko la kgomo le e meng. Mmino wa boithabiso Boithabiso ke karolo e kgolo ya bophelo bo botle. Basotho ba ne ba rata haholo ho ithabisa nakong eo mesebetsi e meholo ya selemo e kang ho pola, ho kotula le ho tlatsa disiu e seng e phethilwe. Le boithabisong Basotho ba na ba ntse ba phokola pina kgafetsa. Mokgibo,Mohobelo, tenye, sediadia, sephumula se a tla, dipina tsa manyalo, ditolobonya le mefuta e mengata e fapaneng ya mmino e ne e binwa ha ho ne ho ithabiswa. Mmino wa ho phetha moetlo Leha ho ne ho phethwa meetlo e fapaneng ya Basotho pina e ne e ntse e ikutlwahatsa. Dipina tse kang dikoma, ke tse ding tsa dipina tse neng di binwa ke bashemane ha ba le mophatong. Ke tse ding tsa dipina tse boulellwang haholo ke moetlo wa Basotho mme ka hoo ha di binwe hohang malapeng. Mokorotlo kapa sehou, ke pina ya banna le bahlankana e neng e binwa ha ho dubehile ho lokisetswa phutuho. O ne o sebediswa ho kgothatsa bahlabani mme ba ba kenya moya wa ho rata le ho boulella naha ya bona mme ba be moyeng wa ho e lwana sedutse.bona mme ba be moyeng wa ho e lwana sedutse. Mangae a binwa pakeng tsa dithoko tsa makolwane a fapaneng kapa pakeng tsa lekolwane le le leng ha le rerile ho kgefutsa. Dipina tse ding tsa ho phetha mosebetsi ke thojane. Thojane yona e binwa bosiu bohle mohla ditswejane di tswang mophatong. Dipotso: 1. Fana ka sehlooho sa serapa sena. (1) 2. Ke pina efe ya ho phetha moetlo wa Basotho e sa tshwanelang ho binwa malapeng? (1) Hobaneng? (2) 3. Makolwane ke eng ? (2) 4. Ho leta thojane ke ho etsang? (2)
4 SESOTHO PUO YA LAPENG (PHUPJANE 2010) 5. Ke pina efe e neng e phephetsa moya wa ntwa hara bahlabani ba Basotho? (2) 6. Hlalosa mantswe ana: (a) Letsema (2) (b) Setswejane (2) (c) Mophato (2) 7. Ke ditaba dife tsa boholoholo tseo o ka ratang ho bona di kgutla hape maphelong a rona? Bolela tse pedi. (2) 8. Fana ka dipapadi tse pedi tsa Basotho tse hlahellang seratswaneng sena. (2) POTSO 2 DINGOLWA MATSHWAO: 30 Bala pale ena ka hloko, o nto araba dipotso tse latelang: PALEKGUTSHWE: Naheng ya ha Sekhukhuni ho kile ha eba le mosadi e mong le moradi wa hae ya bitswang Molotsana. Ba ne ba futsanehile haholo. Mosadi enwa o ne a se a tsofetse. Tshotleho ena e ba nkile nako e telele hoo mosadimoholo a neng a se a bonahala a fokola. Ka letsatsi le leng mosadimoholo o ile a bitsa Molotsana a re: “ Ngwanaka ke se ke atametse ho ikela Badimong, ke rata ho o neha molamu ona, inkele wona. Ha o hloka tjhelete o otle fatshe ka wona. Ke tsetetse leruo la ka lohle ka tlasa mobu. Ke ka molamu ona feela o ka le fumanang. Wena o tla sala o hlokomelwa ke mmangwanao, ha nna ke se ke shwele. Molotsana o ile a hla a tsamaya a ya ha mmangwanae. Pele a tsamaya mmae o ile a mo hlokomedisa ka hore ho teng madimo a thetsang batho ka ho bua le bona hantle. Madimo ao a bitsetsa batho mahaheng a ba nkele dintho tsa bona. Tseleng Molotsana a teana le ledimo le leng. Ledimo la mo nka la mmitsa ha monate, mme la ya le yena lehaheng. Ha le fihla lehaheng la mo tsholela nama. Eitse hoba a je , a lebala tsohle mme a kgaleha. Ledimo la mo nka la ya mo lahla hole, moo eitseng ha a phaphama, a iphumana a le nahathote, a se na letho, esita le molamu oo a neng a o nehilwe ke mmae. DIPOTSO (a) Mosadi eo ho buuwang ka yena mona moradi wa hae e ne e le mang? (1)
(PHUPJANE 2010) SESOTHO PUO YA LAPENG 5 (b) Batho bana ba ne ba phela naheng efe? (1) (c) Mosadimoholo enwa o ne a se a bonahala a fokola ka lebaka la eng? (2) (d) Ngola polelo ena bohanyetsing, “Mosadi enwa o ne a se a tsofetse”. (2) (e) Ke eng eo mosadimoholo a ileng a e fa moradi wa hae? (1) (f) Mpho ena mosadimoholo o ne a e nehela maradi wa hae hore a tle a etse eng ka yona? (2) (g) Ke eng eo mosadimoholo a e tsetetseng tlasa mobu? (1) (f) Moradi wa mosadimoholo o tla hlokomelwa ke mang ha yena mosadimoholo a se a iketse boyabatho? (1) (g) Moradi wa mosadimoholo o ile a hlokomediswa ka eng pele a tsamaya? (2) (h) Tsietsi e hlahetseng Molotsana tseleng e ile ya mo hlahela jwang? (2) (i) Wena o le morutwana, ke efe thuto eo o e fumanang paleng ena? (2) (j) Qetella maele ana a latelang, o be o a hlalose o ntse o itshetlehile ka pale ena:- (2) (i) Ngwana wa mahana a jwetswa o bona ka ----------------------. (2) (ii) Motsamai o ja -----------------------------. (2) (k) Hlalosa hore nahathote ke ho kae? (2) (l) Fana ka malatodi a mantswe ana:- (i) Moradi (1) (ii) mofutsana (1) (iii) nahathote (1) (iv) rata (1) (v) fokola (1) (o) Ngola lehlalosonngwe la lentswe ‘futsanaha’ (2) [30]
6 SESOTHO PUO YA LAPENG (PHUPJANE 2010) KWAHOLLO PUO MATSHWAO: 30 POTSO 3 Bontsha dihlopha tsa mabitso ana a latelang.. (a) letsatsi (1) (b) mosadi (1) (c) tshotleho (1) (d) fatshe (1) (e) madimo (1) [5] POTSO 4 Ke mefuta efe ya mahlalosi e sebedisitsweng dipolelong tse latelang? (a) Ba ne ba futsanehile haholo. (1) (b) Ke tsetetse leruo lohle la ka tlasa mobu (1) (c) Madimo a file Molotsana dijo bosiu. (1) (d) Madimo a thetsa batho ka ho bua le bona hantle (1) (e) Ba ne ba dutse mahaheng. (1) [5] POTSO 5 Mabitso a latelang a wela tlasa mefuta efe ya mabitso? (a) Mobu (1) (b) Tshotleho (1) (c) Letsatsi (1) (d) Molotsana (1) (e) Moradi (1) [5]
(PHUPJANE 2010) SESOTHO PUO YA LAPENG 7 POTSO 6 Kwala dikgeo dipolelong tse latelang ka maetsisi ana: pote! pududu! tlere! kgekgenene! twa! tsho! tlefe! (a) Lehlwa dithabeng le lesweu -----------. (1) (b) Ka ntle ho hotsho---------- ke lefifi. (1) (c) Bona molomo wa hae o moputswa -------------- ke tlala. (1) (d) Mahlo a hae a mafubedu a re -------------ke ho lla nako e telele. (1) (e) Terene ya re -------------seteisheneng . (1) [5] P0TSO 7 Ngola maemedi a mantswe a thaleilweng ka mola dipolelong tse latelang:- (a) Mosadi o tsofetse haholo. (2) (b) Ke tsetetse leruo mobung. (2) (c) Bashemane ba rema melamu. (2) (d) Madimo a bitsetsa batho mahaheng (2) (e) Bana ha ba mamele ditaelo tsa batswadi. (2) [10] POTSO 8 KGUTSUFATSO Ka mantswe a ka bang 70-80 kgutsufatsa pale eo o e badileng ho Potso 1. [10] POTSO 9 LENGOLO LA SEMMUSO Ngolla Lefapha la Thuto o kope ho nka leeto ho ya Macufeng (Mangaung) o ilo ithuta ka botjhaba le meetlo ya Basotho. [20]
8 SESOTHO PUO YA LAPENG (PHUPJANE 2010) POTSO 10 MOQOQO Ngola moqoqo o ka bang le mantswe a 250-300 ka sehlooho sena: Botjhaba ba Basotho. [40] Matshwao kaofela = 150 (Fetolela ho 100)

Study this subject

More from Grade 9 Sesotho HL

View all