You're offline
Skip to content
Question paper

Sesotho Grade 3.pdf

Subject: MathematicsGrade 3201227 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com TLHAHLOBO YA SELEMO LE SELEMO YA NAHA KEREITI 3 SESOTHO - MMETSE SETE 1: 2012 MOHLALA
Downloaded from hlayiso.com MASUPATSELA A TSHEBEDISO YA MEHLALA YA TEKOLO YA SELEMO YA NAHA (ANA) 1. Tjhebokakaretso Tekolo ya selemo ya Naha (ANA) ke tekolo e akaretsang ya tsebo le bokgoni tseo baithuti ba lebelletsweng hore ebe ba di fihletse sehlopheng ka seng ho tloha ho sehlopheng sa 1 ho isa ho sa 6 le 9. Ho tshehetsa tekolo ya bona ya sekolong le ho netefatsa hore baithuti ba ba le boitshepo bo hlokehang hore ba be le seabo se atlehileng ditekolong tsa mapomelo, dihlopha tsa ba sebetsanang le thuto mmoho le ditsebi tsa thuto di ile tsa rala mehlala ya dipotso tsa ditlhahlobo tseo matitjhere a ka di sebedisang dithutong tsa bona tsa Dipuo le Dipalo. Mehlala ena ya dipotso tsa ditlhahlobo e ile ya ralwa hodima mosebetsi wa kharikhulamo o akaretsang dikotara tsa 1, 2 le 3 tsa selemo sa sekolo mme paterone ya ANA ya tlhahlobo, ke keketso ya tekolo ya ka sekolong eo baithuti ba tshwanetseng ho e etsa ba sa kgaotse, empa mehlala ena ha e nke sebaka sa ditekolo tsa ka sekolong. 2. Moralo wa mehlala ya dipotso Mehlala ena e reretswe ho bontsha mekgwa kapa ditsela tse fapaneng tsa ho lekola bokgoni kapa tsebo. Mohlala, semelo sa tsebo kapa bokgoni bo ka hlahlojwa ka dipotso tseo moithuti a kgethang karabo ho tse ngata tseo a di filweng, kapa ho araba ka polelo e batlang hore baithuti ba ngole karabo e kgutshwane kapa seratswana. Mefuteng e meng ya dipotso e ka ba moo baithuti ba tshwanetseng ho kopanya ka mela mantswe kapa dipolelo tseo ho fanweng ka tsona, ho qetella dipolelo kapa dipaterone, ho bontsha dikarabo tsa bona ka ditshwantsho, jj. Ka hoo, haeba matitjhere le baithuti ba fumana mehlala e mmalwa ya dipotso tse radilweng ka mekgwa e fapaneng empa di batla ntho e tshwanang, ba utlwisise hore sena se entswe ka boomo mme baithuti ba tshwanetse ho araba dipotso tsohle tsa mehlala. Ho hlahisa baithuti mefuteng kapa mekgweng e fapaneng ya ho botsa dipotso ho ba neha boitshepo bo hlokahalang hore ba tobane le ditlhahlobo. 3. Dikamano le dithusathuto tse ding tsa ho ithuta le ho ruta Bakeng sa kgokahanyo ya ditema le dipotso e hlokehang, mehlala e meng ya ditema le dipotso e hokahantswe ka boomo le dibuka tsa tshebetso tse dumellanang le sehlopha ka seng. Hape e tsamaelana le ditlhoko tsa Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dihlopha tsa R ho isa ho 12 (NCS), dipehelo tsa Kharikhulamo le Setatemente sa Tsamaiso ya Tekolo (CAPS) bakeng sa dihlopha tse amehang, le Prothokholo ya Naha ya Tekolo. Mmoho ditokomane tsena le tse ding tseo sekolo se ka di hlahisang, di aha motheo wa bohlokwa wa disebediswa ho thusa matitjhere ho rala dithuto le ho tsamaisa tekolo ya molao (tekolo ya ho ithuta). 4. Kamoo mehlala e ka sebediswang kateng Le ha mehlala ya sehlopha le thuto di bokelletswe e le sehlopha se phethahetseng titjhere ha e a tlameha ho neha barutwana pokello ena yohle ho araba dipotso kaofela ka nako e le nngwe. Titjhere e tshwanetse ho hlwaya mehlala ya dipotso tse amanang le thuto e reretsweng nako e beilweng. Mehlala ya dipotso ya tlhahlobo e kgethilweng ka hloko, kapa sehlopha sa dipotso se kgonehang, se ka sebediswa mekgahlelong e fapaneng ya ho ruta le ho ithuta ka mekgwa e latelang. 4.1 Mathomong a thuto e ba tlhahlobo ya sesosa ho lekola matla le bofokodi ba baithuti. Patlisiso e tshwanetse ho latelwa kapele ke tlaleho ya hore baithuti ba sebeditse jwang le ho rala dithuto tse nepahetseng ho hlaola bofokodi bo hlahetseng le ho matlafatsa seo baithuti ba se kgonang. Tlhahlobo ya patlisiso e ka fanwa e le mosebetsi wa hae e le ho boloka nako ya ho ithuta ka sehlopheng. 1
Downloaded from hlayiso.com 4.2 Nakong ya ho ithuta ka ho fanwa ka ditlhahlobo tse kgutshwane tsa tsebiso ho bona hore na baithuti ba utlwisisa tsebo le bokgoni boo ba bo rutwang le ho etsa bonnete ba hore ha ho moithuti ya sallang morao. 4.3 Qetellong ya thuto kapa thuto tse mmalwa, ho ka ba le tlhahlobo e akaretsang ho bona hore na baithuti ba utlwisisitse seo ba se rutilweng le hore na ba ka feela ba sebedisa tsebo le bokgoni boo ba ithutileng bona. Baithuti ba tshwanetse ho fumana tlaleho kapele ha titjhere a ntse a nahana hore na ho na le dikarolo tsa thuto tse tshwanetseng ho phetwa ho matlafatsa tsebo le bokgoni bo itseng. 4.4 Mekgahlelong yohle baithuti ba tshwanetse ho rutwa mekgwa e fapaneng ya tekolo kapa ya ho botsa dipotso, mohl., ho araba dipotso moo moithuti a kgethang dikarabo tse nepahetseng ho tseo a di filweng (MC), ho araba dipotso tse se nang karabo e le nngwe (OE) kapa ho araba dipotso tsa boikgethelo (FR) le ho araba dipotso tse batlang karabo tse kgutshwane, jj. Le ha tlhahlobo tsa patlisiso le tsa tsebiso di ka ba kgutshwane ho ya ka lenane la dipotso, tlhahlobo e akaretsang e kenyeletsa dipotso tse ngatanyana, le ho botsa dipotso tse etsang tlhahlobo e phethahetseng ho ya ka mosebetsi o seng o phethilwe nakong eo ho fanwang ka tlhahlobo. Ntho ya bohlokwa ke ho etsa bonnete ba hore baithuti ba fumana boikwetliso bo lekaneng ba ho araba dipotso tsa tlhahlobo tse felletseng tsa mofuta wa paterone ya ANA. 5. Memorandamo kapa lesupatsela la ho araba dipotso Ho fanwe ka mohlala o totobetseng wa karabo tse lebelletsweng (memorandamo) bakeng sa mohlala ka mong wa dipotso tsa tlhahlobo mmoho le bakeng sa paterone ya dipotso tsa ANA. Matitjhere a hlokomele hore memorandamo o keke wa phethehala ka hohlehohle. O ka fana feela ka tsela e phatlaletseng ya dikarabo tse lebeletsweng, mme matitjhere a tshwanetse ho fatisisa le ho putsa dikarabo tse amohelehang le mefuta e meng ya dikarabo tsena tseo baithuti ba faneng ka tsona. 6. Phethahatso ya kharikhulamo Ho bohlokwa hore kharikhulamo e phethahatswe ka botlala dihlopheng kaofela. Mehlala ya sehlopha ka seng hammoho le thuto, ha di a emela kharikhulamo ka kakaretso. Empa di hlwaya tsebo le bokgoni ba bohlokwa, le hona bakeng sa mosebetsi wa kotara tsa 1, 2, le 3 tsa selemo sa sekolo. Potlako ya mosebetsi o tshwanetseng ho etswa ho ya ka dikotara tsa sekolo e hlakisitswe tokomaneng e nepahetseng ya CAPS. 7. Qetello Morero wa Lefapha ke ho phahamisa maemo le boleng ba tshebeletso ya baithuti bokgoning ba bohlokwa ba ho bala le ho ngola le dipalo. ANA ke sebetsa se seng seo Lefapha le se sebedisang ho disa hore na tshebeletso ya baithuti e a ntlafala, ha e fetohe kapa e a theoha na. Mabatowa le dikolo di lebeletswe ho tshehetsa matitjhere le ho ba fepela ka disebediswa ho ntlafatsa katleho ya ho ithuta le ho ruta dikolong. Ka ho sebedisa mehlala ya ANA e le karolo ya disebediswa tsa bona tsa ho ruta, Matitjhere a tla thusa baithuti hore ba tsebe le mekgwa e fapaneng ya tekolo. Tshebediso e nepahetseng ya mehlala ena e tla thusa baithuti ho kotula le ho bopa boiphihlelo bo nepahetseng ho ithuta ka katleho le ho sebetsa ka matla ho feta ditlhahlobong tse latelang tsa ANA. 2
Downloaded from hlayiso.com DINOMORO, DITSHEBETSO LE DIKAMANO Ho sebetsa ka dinomoro tse tletseng 1. Sheba setshwantsho se ka tlase a. Akanya hore ho na le diphekse tse kae setshwantshong. b. Bala diphekse tseo o di filweng. c. Hlopha dipheke tsena ka dihlopha tsa bone. d. Tshwaya halofo e le nngwe ya diphekse ka “X” e. Phapano ke eng pakeng tsa nomoro e akantsweng le nomoro eo e leng yona? f. Ke tshwanela ho kopanya kapa ho tlosa diphekse tse kae ho fihlela palo e akantsweng ho eo e leng yona? 3
Downloaded from hlayiso.com g. Sehella mola karabong e nepahetseng. Ho na le diphekse tse ____ setshwantshong 42, 25, 44, 100 2. Tlatsa dinomoro tse siyo. a. 600, 500, ____, 300, ____, 100. b, 4, 8 ,12 , ____ , ____ , 24 , ___ 3. Qetella tafole. a. Bala o tswelle ka bo2 128 b. Balla morao ka bo10 170 c. Bala ka bo3 9 4. TTatsa dinomoro tse siyo sebakeng seo o se filweng. a. 173, 172, 171, ____, ____, 168, 167, ____. b. 195, 190, ____, ____, 175, ____, 165. 4
Downloaded from hlayiso.com 5. SEPETLELE ++ Sepetlele se na le mekato e meraro. Dinomoro tsa mekato di qala ka mashome a robong a metso e robong ho fihlela ho lekgolo le mashome a mabedi le motso o le mong kamoo e bontshitsweng tafoleng. Mokato 3 115 117 119 120 Mokato 2 106 109 110 113 Mokato 1 99 100 Makenong 103 104 Ngola dinomoro tsa mamati a senang dinomoro. 5
Downloaded from hlayiso.com Tlatsa dinomoro tsa diphapusi polelong e nngwe le e nngwe. a. Phapusi ya boraro ya ho qetela mokatong wa 2 ke________. b. Phapusing ya bohlano mokatong wa 1 ke________. c. Phapusi ya ho qetela mokatong wa 3 ke ________ d. Phapusi e tlang pele ho phapusi 114 ke phapusi ________. e. Phapusi e tlang ka mora phapusi 105 ke phapusi_______. f. Pakeng tsa phapusi 99 le phapusi 101 ke phapusi ________. 6. Tlatsa dinomoro tse siyo. 23 25 29 33 O sebedisitse molao ofe? 7. Ngola mabitso a dinomoro bakeng sa matshwao a dinomoro 168 6
Downloaded from hlayiso.com 8. Nyalanya mabitso a dipalo le matshwao a dipalo. 134 makgolo a mabedi 200 mashome a tsheletseng le metso e supileng 145 lekgolo le mashome a mararo 67 lekgolo le mashome a mane a metso e mehlano 9. Ngola mabitso a dipalo. a. Lekgolo le mashome a robong a metso e robong. b. Mashome a supileng a metso e robedi 10. Sheba setshwantsho. Bala nomoro ya ditapole mme o ngole mabitso a dinomoro le matshwao dipalo. a.____________________________________ b. ____________ 7
Downloaded from hlayiso.com 11. Ngola mabitso a dipalo tse tletseng tse latelang. a. Pele ho 88 b. Ka mora 88 c. Pakeng tsa 88 le 90 12. Tlatsa >, < kapa = ho netefatsa polelo ya palo. 24 + 10 ____ 10 x 10 13. 101 > 122 Polelo ya palo e ka hodimo e nepahetse? Tshwaya ka hara lebokose le nang le karabo e nepahetseng. E Tjhe 14. Ngola E kapa Tjhe. a. 37 + 20 = 50 + 8 b. 190 > 119 c. 18÷ 2 < 9 x 2 15. Hlophisa dinomoro tseo o di filweng ho tloha ho e nyenyane ho isa ho e kgolo. 99,13, 35, 70, 9 16. Dinomoro tse hlano di hlophisitswe ho tloha ho e kgolo ho isa ho e nyenyane. Etsa sedikadikwe tlhakung ya karabo e nepahetseng. A. 17, 35, 53, 59, 95 B. 59, 17, 19, 35, 53 C. 95, 59, 53, 35, 17 D. 53, 17, 59, 95, 35 8
Downloaded from hlayiso.com 17. Ngola E kapa Tjhe. Dinomoro tse latelang di hlophisitswe ka ho nepahala ho tloha ho e nyenyane ho isa ho e kgolohadi? 24 , 27 , 30 , 51 , 64 , 99 18. Ngola boemo ba nomoro e sehelletsweng mola. a. 56 b. 74 19. Ngola boemo ba nomoro e sehelletsweng mola. a. 63 b. 19 20. Qhaqholla dinomoro tseo o di filweng. a. 61 b. 50 21. Etsa sedikadikwe tlhakung e nang le karabo e nepahetseng. Boemo ba 3 ho 93 ke A. metso B. mashome C. makgolo 22. Tshwaya boloko bo nang le karabo e nepahetseng ka “X”. Boleng ba nomoro 6 ho nomoro 61 ke 9
Downloaded from hlayiso.com 23. Fana ka palohohle ya dipalo tse latelang. 100 + 80 + 9 =_______ 100 + 100 + 0 + 0 =_______ 100 + 40 + 30 + 2 + 1 =_______ 24. Qhaqholla. a. 136 = ___ + ___ + ___ b. 36 = ___+ ___ 25. Tlatsa dinomoro tse siyo tafoleng e latelang. Nomoro habedi Nomoro Nomoro e hafotsweng 42 37 34 26. Tlatsa dinomoro tse siyo molapalong. I I I I I I I I I 45___ 55 60 ___ ___ 75 ___ 85 10
Downloaded from hlayiso.com 27. a. Bontsha hore o ka sebedisa molapalo jwang ha o kopanya 16 le 12 I I I I I I I I I I 0 4 8 12 16 20 24 28 32 36 b. Ngola karabo habedi potsong ya (a). c. Ngola halofo ya potso (a). 28. Etsa sedikadikwe tlhakung ya karabo e nepahetseng. Halofo ya 50 ke bokae? A.20 B. 15 C. 24 D. 25 29. Ho na le makane a 67 a dinomaphodi ka hara sehatsetsi. Ntate o kenya a makane a mang a 32 Ke makane a makae kaofela ka sehatsetsing? 30. Lerato o bokeleditse d mabotlolo a 122 ho etsa porojeke ya ho resaekela. A 38 a thubeha . Ke mabotlolo a makae a sa thubehang? 31. Barutwana ba kereiti 1 ba bokeleditse dithutswana tsa aesekhrime tse 67 Barutwana ba kereiti 2 ba bokeleditse dithutswana tsa aesekhrime tse 56 ba kereiti 3 ba bokeletsa tse 45. Ke dithutswana tse kae tseo bana ba mokgahlelo wa motheo ba di bokeleditseng? 11
Downloaded from hlayiso.com 32. Ho na le dibasekete tse mashome a mabedi. E nngwe le e nngwe e na le diapole tse hlano. Ho na le diapole tse kae hara dibasekete? 33. Busi o na le diterei tse leshome le metso e tsheletseng tsa mahe. Terei e nngwe le e nngwe e kenya mahe a leshome le metso e mmedi. Kagiso o tlisa hape diterei tse leshome le metso e mmedi o di fa Busi. Busi o na le diterei tse kae? 34. Nneheng o reka pakete t5e leshome tsa dipompong tsa jeli, pakete ka nngwe ke R3, 00 o lefile bokae kaofela? 35. Kamohelo o na le dilolipopo tse mashome a robong o batla ho di arola ka ho lekana mahareng a batjhana ba hae ba bararo. Motjhana a le mong o tla fumana dillolipopo tse kae? 36. Mme o baka dikuku tse mashome a robong mme o di arola ka ho lekana mahareng a bana ba hae ba bane. Ngwana a le mong o fumana dikuku tsa dikopi tse kae? 12
Downloaded from hlayiso.com 37. TJHELETE a. Ngola mmala wa tjhelete ya pampiri e nngwe le e nngwe ya Afrika Borwa 13
Downloaded from hlayiso.com b. Ke tjhelete ya tshepe ekae ho tse latelang e leng R2, 00? c. Qetella: 5c + 20c + 50c + 10c = _____ 38. a. Vusi o batla ho reka para ya dirola sekeiti. Theko ya tsona ke R90. O bolokile R45. Ha jwale o haellwa ke bokae ho eo a e hlokang hore a e boloke? b. Lefa o batla ho reka dibolo tse pedi tseo theko ya tsona e leng R 34 ka nngwe. O hloka tjhelete e kae ho reka dibolo? c. Mme wa Lebo o mo fa 50c hore a e sebedise mme ntate wa hae o mo fa 20c tse nne. O tla sallwa ke bokae ha a reka pakete ya dipompong tseo theko ya tsona e leng 95c? 14
Downloaded from hlayiso.com DI[PATERONE, DITSHEBETSO LE ALJEBRA 1. Tlotsa mmala daekeramong ya ho qetela ho qetella paterone. Hlalosa paterone ka mantswe a hao. 2. Taka daekeramo e latelang ka paterone e holang. 3. Etsa paterone ya hao o sebedisa dibopeho. 4. Tlatsa dinomoro tse siyo. 60, 70 , 80 , ____ , ____ , ____ 15
Downloaded from hlayiso.com 5. Mme wa Lerato o baka diphitsa tse 10 mme o seha dikoto tse lekanang ka nomoro. Qetella tafole. Nomoro ya diphitsa 1 2 3 4 10 Nomoro ya dikoto 5 15 6. Ngola dinomoro tse nne tse latelang tatellanong e nngwe le e nngwe. a. 412; 410; 408; ____; ____; ____; ____. b. 123; 126; 129; ____; ____; ____; ____. SEBAKA LE DIBOPEHO 1. Ke mahlakore a makae ao dibopeho ka bonngwe di nang le ona? 2. Nyalanya lentswe le sebopeho se nepahetseng. Kgutlonnetsepa 16
Downloaded from hlayiso.com Kgutlonne Sedikadikwe Kgutlotharo 3. Ngola lebitso la sebopeho se seng le se seng seo o se filweng. a. b. c. d. 4. Tlatsa sebopeho ka tlasa lebitso. a. kgutlotharo b. kgutlonne 17
Downloaded from hlayiso.com 5. Sebedisa dinomoro tse ngotsweng ka hara dibopeho ho etsa polelo e latelang e nepahale. 1 2 3 4 a. Kgutlotharo e tshwailwe ka nomoro __________. b. Kgutlonne e tshwailwe ka nomoro _______. c. Kgutlonnetsepa e tshwailwe ka nomoro _________. d. Kgutlotharo e tshwailwe ka nomoro ________. 6. Tlotsa mmala. a. Kgutlotharo ka mmala o motala. b. Kgutlonnetsepa ka mmala o mokgubedu. c. Kgutlonne ka mmala o bolou. d. Sekele ka mmala o mosehla. 18
Downloaded from hlayiso.com MOMETHO Ithute kalendara ya Hlakola 2012 mme o qetelle tse latelang Sontaha Mantaha Labobedi Laboraro Labone Labohlano Moqebelo 1 2 3 4 5 6 7 8 9 10 11 12 13 14 15 16 17 18 19 20 21 22 23 24 25 26 27 28 29 a. Hlakola 2012 e na le matsatsi a_________________. b. Kgwedi ya Hlakola e qala ka la bokae?_________________. c. Beke ya pele e na le matsatsi a makae? _________________. d. Hlakola 2012 e fella ka la bokae? _________________. e. Hlakola 2012 e na le diSontaha tse kae? _________________. f. Ho na le dibeke tse kae tse tletseng tsa Hlakola?_________________. g. Ka di 7 Hlakola leloko la ha Moloi le ile matsatsing a phomolo. Ba kgutla ka di 23 Hlakola . Lelapa la ha Moloi le nkile matsatsi a makae phomolong ?_________________. h. Barutwana ba 3 ba nkile leeto la matsatsi a 16 ho ya Kruger National Park. Ba tlohile ka la 13 Hlakola 2012. Ba kgutlile ka letsatsi lefe? _________________. 19
Downloaded from hlayiso.com Ngola nako e bontshitsweng watjeng ka nngwe. a. b. c. 12 12 12 11 1 11 1 11 1 10 2 10 2 10 2 9 3 9 3 9 3 8 4 8 4 8 4 7 5 7 5 7 5 6 6 6 __________________ __________________ ________________ 3. Ngola nako e nepahetseng ka dijiti le ka watjhe ya manaka. 12 12 12 11 1 11 1 11 1 10 2 10 2 10 2 9 3 9 3 9 3 8 4 8 4 8 4 7 5 7 5 7 5 6 6 6 ____________ __________ ___________ ____________ __________ ________ 4. Thala matsoho a watjhe ho bontsha nako watjheng tse latelang. 12 12 12 11 1 11 1 11 1 10 2 10 2 10 2 9 3 9 3 9 3 8 4 8 4 8 4 7 5 7 5 7 5 6 6 6 20
Downloaded from hlayiso.com a. metsotso e b. Hora ya 11 c. metsotso e leshome le mashome a mararo metso e mehlano ka mora ka mora hora ya 9 hora ya 7 5. Liza o tsamaya ka maoto ho ya sekolong. 12 12 11 1 11 1 10 2 10 2 9 3 9 3 8 4 8 4 7 5 7 5 6 6 O tloha hae ka hora ya 7:00 O fihla sekolong ka 7:30 Liza o tsamaya metsotso e _____ ho ya sekolong 6. Ngola dinomoro tse siyo mahareng a watjhe eo o e filweng. 5 . 40 30 7. Qetella: Haeba botlolo e le nngwe ya senomaphodi e tlatsa dikgalase tse nne ka hoo: a. Dibotlolo tse 2 di tlatsa dikgalase tse ________________ b. Dibotlolo tse 5 di tlatsa dikgalase tse ______________. c. Ke dibotlolo tse kae tse tlatsang dikgalase tse 40 _______. 21
Downloaded from hlayiso.com d. Ke dibotlolo tse kae tse tlatsang dikgalase tse 12_______ 8. Ngola mothamo wa ditshelo tse latelang ho tloha ho tse nyenyane ho isa ho tse kgolohadi. 500ml kotikoti ya jusi 5ml kgaba e nyane 250ml kopi 5l bakete 2l botlolo ya senomaphodi 9. Sheba setshwantsho se ka tlase mme o arabe dipotso tse latelang. 5l 1l 10l 2l 10. a. Ho hlokeha dibotlolo tse kae tsa 2l ho tlatsa 10l? b. Ke ditshelo tse kae tsa 1l tse ka tlatsang 2l? 2l 1l 500ml 22
Downloaded from hlayiso.com Ithute setshwantsho se ka hodimo mme o bolele hore o dumellana le dipolelo ka ho ngola E kapa Tjhe. a. Mothamo wa A o habedi ho wa B. b. Mothamo wa B o habedi ho wa A. c. Mothamo wa C o habedi ho wa A. d. Mothamo wa B o habedi ho wa C. HO SEBETSA KA DINTLHA 1. Barutwana ba Kereiti 3 ba kopilwe ho kgetha mebala eo ba e ratang. Lenane la dipheto le ngotswe ka tlase Mebala Palo ya barutwana Bofubedu 16 Bolou 20 Botala 12 Bosehla 10 23
Downloaded from hlayiso.com Sebedisa kerafo ena ya bara ho qetella tafole. Qetella dipolelo tse tla latela. Mebala e ratwang ke barutwana. Palo ya barutwana kgubedi bolou botala bosehla Mebala 24
Downloaded from hlayiso.com a. Ke barutwana ba bakae ba botsitsweng ka mebala eo ba e ratang? b. Mmala o ratwang haholo ke ___________. c. Ke mmala ofe o sa ratweng haholo? d. Ke barutwana bafe ba _________ ratang mmala o mofubedu ho feta o mosehla? e. Ba bakae barutwana ba kgethileng mmala o motala le o mosehla __________. Lebenkele la ditholwana le fanne ka ditholwana ho lelapa la Tshabalala. Lebokose le ne le tshwere mefuta e fapaneng ya ditholwana tse bontshitsweng setshwantshong se ka tlase. 25
Downloaded from hlayiso.com Qetella tafole ya makgetlo . Mefuta ya Tekanyo ya matshwao Makgetlo ditholwana Apole Panana Monokotshwai 26

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 3 Mathematics

Explore more published documents in this catalogue.

View all