Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 1 NSC November 2016 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 1220168 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 1 memorandum from the NSC November Exam 2016, 8 pages. Read online or get the free PDF download, question paper linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

NSC November Exam 2016

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA PELE (P1) PUDUNGWANA 2016 MEMORANDAMO MATSHWAO: 70 Memorandamo ona o na le maqephe a 8. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 2 DBE/Pudungwana 2016 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 TEMA YA A 1.1 O ne a qosetswa ho utswa mehlape/dinku/pholo ya Radinku/boshodu/ho ithuisa ka dintho tsa batho ba bang/ ho ba letsoho/ho rekisa dinku tsa Radinku ntle le tsebo ya monga tsona. (Leha mohlahlobuwa a sa hlahisa ntlha ya hore monga dinku o ne a sa tsebe, a nne a nepiswe). √ (1) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.2 Masilo.√ (1) 1.3 Hobane batho ba motseng wa Masilo ba ne ba sa tsebe Seabata.√ (1) 1.4 O ne a ile a hloka sepalangwang/ teranseporoto e yang kgotla/ nyeweng/ toropong.√ (1) [Ela hloko: Lentswe lena ‘teranseporoto’ ha le ngotswe ka sekgowa e le transport le se ke la amohelwa] 1.5 Lekgotla le ile la mo fumana a le molato mme la mo ahlolela ho hlola tjhankaneng dilemo tse tharo/ O ile a fumanwa a le molato/O ile a ahlolelwa dilemo tse tharo tjhankaneng/O ile a kwallwa tjhankaneng/O ile a ahlolelwa ho ya tjhankaneng.√√ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.6 Seabata o ne a fokotse ka baka la ho ngongoreha (ho tshoha)/O ne a ngongorehiswa ke nyewe eo a tobaneng le yona/O ne a ferekane maikutlo ka baka la nyewe ena/O ne a na le kgatello ya maikutlo (seterese)/O ne a tshositswe ke teronko/O ne a tshositswe ke nyewe eo a tobaneng le yona.√ (1) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.7 Ho re bolella hore Radinku o ne a halefile (kgenne, kwatile, befile, o ne a e na le mosito, tlallane, sisimohile maikutlo)/O ne a tenehetse Seabata haholo/Se ne se retetse ka baka la ho halefa.√√ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.8 O ne a se a se na ntlo/e se e se foromane/mosebetsi o mo feletse/a bile a sohlokehile/a felletswe ke bodulo/O lahlehetswe ke tsohle/O ne a tlo senyehelwa ke dilemo tse tharo tsa bophelo ba hae/O ile a siya mosadi a le mong/O ne a se a sa tlo fumana mosebetsi ha bonolo ka baka la ho tshwarwa/ O ne a ke ke a hlola a tshetjwa ke batho.√ (1) [Tshwaya e le nngwe feela] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 3 DBE/Pudungwana 2016 NSC – Memorandamo 1.9 Lephako.√ (1) 1.10 Mafosi. O ile a batla motho ya tlo heletsa sekolo polasing ya hae hobane a ne a sa se batle moo polasing.√√ (2) 1.11 Mabaka a Seabata ha a amohelehe hobane ho ya ka maemo a matle a phedisano boshodu bo ke ke ba amoheleha tlasa mabaka afe kapa afe/Boshodu ke tlolo ya molao (sebe)/Ha se toka ho ithuisa ka ho nka dintho tsa batho ba bang/Boiphetetso ha bo amohelehe leha motho a ka o etsa hampe jwang kapa jwang/Ke phoso ho akanya hore ha o sebeletsa motho o se a tlameha ho o fa karolwana ya ding tsa hae.√√ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.12 B/jetse lehloyo pakeng tsa hae le basebetsimmoho.√ (1) 1.13 O arabile dipotso a sa hane letho (o ile a bua nnete)/O ile a kopa hore a mpe a ahlolwe hobane o entse phoso/O ile a keleketlisa keledi ho bontsha boinyatso/O ile a hopola mantswe a ntatae a hore a tshepahale ka dinako tsohle.√√ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.14 E le motho ya bohale/ya hlokang qenehelo/ya kgopo/ya soto/ya hlokang mamello/ya tellang/ya pelo e mpe/ya pelo e thata/ya inahanelang/ha a kgathalle batho ba bang/o hloka tshwarelo.√√ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.15 Mokgatlo wa basebetsi o hlokomedisitse lekgotla ka ditokelo tsa basebetsi tseo Rapolasi a neng a sa ka a di phethisa ka botlalo/Ho tla emela (tshehetsa/thusa) ditokelo tsa Seabata (basebetsi). √√ (2) TEMA YA B 1.16 Bankeng/pela monyako wa banka/polokelong ya tjhelete.√ (1) 1.17 Di tshetse tjhelete/matsebetsebe/bokgothokgotho/manyane.√ (1) 1.18 Ke tshohile/ke a ba qenehela/ke a ba hauhela/ke ba utlwela bohloko√ hobane ba tshoswa ka dithunya ba sa etsa phoso ya letho/maphelo a kotsing/ba hlekefetsehile maikutlong/ba bang ba ka nna ba tswa kotsi.√ (2) [Mohopolo wa sehlooho ke hore ba qenehelwa hobane ba tsietsing] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 4 DBE/Pudungwana 2016 NSC – Memorandamo 1.19 Ditabeng tsa tema ya A ho sekasekwa ditaba tsa Seabata lekgotleng la dinyewe tse mabapi le boshodu boo a neng a bo etsa, mme tema ya B e bua ka boshodu ba dikebekwa tse hlasetseng banka ho utswa tjhelete/Bobedi di bua ka boshodu/Boshodu.√√ (2) [Mohopolo wa sehlooho ke hore bobedi di bua ka botlokotsebe, bonokwane, ho inkela seo e seng sa bona ntle le tumello] 1.20 Setjhaba se ke ke sa e ananela hobane ke ketso e mpe e ka putlamisang/ dihang moruo wa naha/Basebetsi ba bankeng ba ka teana le mathata ha ba tlameha ho amohela meputso ya bona kaha banka e lahlehetswe ke tjhelete/Sena se ka etsa hore banka e nyolle phaello eo batho ba e lefang ka hoo batho ba ka imelwa ke mekitlane ya bona/Basebetsi ba bankeng ba ne ba ka nna ba thunngwa/Ke tlolo ya molao/Botlokotsebe ha bo amohelehe setjhabeng.√√ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 5 DBE/Pudungwana 2016 NSC – Memorandamo KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 TEMA YA C Motho ya qalang ho sebeletsa khampane o lokela ho bala tse mabapi le tshebetso ya khampane websaeteng ya yona ho tseba tsohle ka yona √ hape a etse tsohle ka boikitlaetso, a bontshe hore a ka etsa mosebetsi ntle le ho sututswa ka morao.√ A itlwaetse ho sebetsa ka katleho le batho ba bang.√ Boikokobetso le bokgoni ba ho bua le batho ke tsa bohlokwa√ kahoo o lokela ho bontsha tlhompho ho bareki le basebetsimmoho ka nako tsohle.√ Ha a ngola (di-imeil) o lokela ho bua ka bokgoni le tshetshefo haholo.√ A itshware hantle ka tshwanelo, a hlomphe nako ya mosebetsi√ mme a eketse menyetla ya hae ya ho hirwa ka ho hlahisa mehopolo e ka thusang khampane.√ Palo ya mantswe (95). Ka sebopeho sa dintlha QOTSO DINTLHA 1 'Pele motho a ka sebeletsa khampane efe A Motho ya qalang ho sebeletsa kapa efe o lokela ho tseba tse ngata ka khampane o lokela ho bala tse yona. O lokela ho utlwisisa khampane ka mabapi le tshebetso ya botlalo. Bala ka mesebetsi ya yona khampane websaeteng ya websaeteng ya yona.' yona ho tseba tsohle ka yona.√ 2 'Ha o fumana monyetla wa ho ba Intern B A etse tsohle ka boikitlaetso a khampaneng eo ikitlaetse ho tsohle tseo o bontshe hore a ka etsa di etsang. Seke wa emela ditaelo ho tswa mosebetsi ntle le ho sututswa ho mookamedi.' ka morao.√ 3 'Itlwaetse ho sebetsa ka katleho le batho C A itlwaetse ho sebetsa ka ba maemo a fapaneng.' katleho le batho ba bang. √ 4 'Ikokobetse ka dinako tsohle, mme o be le D Boikokobetso le bokgoni ba ho bokgoni ba ho bua le batho ba fapaneng.' bua le batho ke tsa bohlokwa.√ 5 'Hlompha basebetsimmoho le bareki kapa E Tlhompho ho bareki le batho bohle ba sebedisang ditshebeletso basebetsimmoho ke ntlha ya tsa khampane eo.' bohlokwa. √ 6 'Bokgoni ba ho bua bo iponahatsa F A ka bua ka bokgoni le dipuisanong tse ngotsweng, tse kang tshetshefo haholo ha a ngola.√ diimeile. Bokgoni ba ho bua bo bohlokwa ha o tlameha ho bua ka taba tsa mosebetsi le basebetsimmoho, baokamedi mmoho le bareki.' 7 'Boitshwaro bo botle bo fana ka monyetla G A itshware hantle ka wa ho ananelwa ke borakhampane. tshwanelo, a hlomphe nako, Internship ha se monyetla feela wa ho mme a fihle mosebetsing ka fana ka boiphihlelo, ebile ke monyetla wa nako. √ hore khampane e fumane batho ba e loketseng. Fihla mosebetsing ka nako mme o hlomphe nako e behilweng.' Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 6 DBE/Pudungwana 2016 NSC – Memorandamo 8 'A hlahisa mehopolo eo a nahanang hore e H A eketse menyetla ya hae ya ka thusa le ho ntshetsa pele khampane ho ho hirwa ka ho hlahisa baokamedi ho eketsa menyetla ya hae ya mehopolo e ka thusang ho hirwa.' khampane.√ Palo ya mantswe (93). Mohlahlobuwa o lokela ho ngola dintlha tse 7 feela. HO TSHWAYA KGUTSUFATSO: Kgutsufatso e tlameha ho tshwauwa ka tsela e latelang: • Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 bakeng sa dintlha tse 7 (letshwao le le 1 bakeng sa ntlha ya sehlooho). o Matshwao a 3 bakeng sa puo o Matshwao kaofela: 10 • Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse mantswe a bona: o Ha dintlha tse 1–3 di nepahetse: fana ka letshwao le 1 o Ha dintlha tse 4–5 di nepahetse: fana ka matshwao a 2 o Ha dintlha tse 6–7 di nepahetse: fana ka matshwao a 3 • Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse diqotso di le jwalo: o Diqotso tse 6–7: se fane ka matshwao bakeng sa puo o Diqotso tse 1–5: fana ka letshwao le 1 bakeng sa puo ELA HLOKO: • Palo ya mantswe: o Batshwayi ba tlameha ho nnetefatsa palo ya mantswe a sebedisitsweng. o Se ke wa hula matshwao haeba bahlahlobuwa ba sa bontsha palo ya mantswe a sebedisitsweng kapa haeba palo ya mantswe a sebedisitsweng e ngotswe e fosahetse. Ha palo ya mantswe e tlotse moedi o boletsweng (90), bala ho fihla palong ya mantswe e behilweng, ebe o emisa moo. Mohlala Puo Polelo/Polelwana Palo ya mantswe Sesotho Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 7 DBE/Pudungwana 2016 NSC – Memorandamo KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO POTSO YA 3: PAPATSO 3.1 Hlasela mafura/'Attack the fat' √ (1) 3.2 E etsa motho a se hlaselwe ke lefu la pelo/E fokotsa (hafola) mafura mmeleng/E fokotsa boima ba mmele/E hlasela mafura/E tlhotla mafura.√ (1) [Tshwaya e le nngwe feela] 3.3 Ditshwantshong tse sebedisitsweng ho hlahella basadi feela jwalo ka ha eka ke bona feela ba nonneng/Leeme le amang bong/Leeme la mmala.√√ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 3.4 Di tiisetsa/kgodisa/nnetefaletsa/bontsha moreki hore Herbex e fela e fokotsa boima ba mmele (e tlisa phapang mmeleng wa motho)/ Ho susumetsa (hohela) bareki.√√ (2) 3.5 Ke mohopolo hobane mmapatsi o mpa a sebedisa leano feela la ho hohela bareki ka potlako/Ha ho tiisetso ya tsa mahlale (saense) hore lefu la pelo le tshwara ba nonneng feela.√√ (2) 3.6 Sefahleho se thabileng/O a bososela/lebonyo√ ho itshwara thekeng/moemo o bontshang boitshepo/Mmele o motle o ratehang.√ (2) [10] POTSO YA 4 4.1 Ke boemelong ba dibese/setopong sa dibese/seteisheneng sa bese/renkeng ya dibese.√ Mantswe a motho wa 4 a paka sena hobane o re bese e tla fihla neng hobane ke kgale ba eme/ditulo tseo ba dutseng ho tsona di bontsha hore ke boemelong ba dibese. √ (2) 4.2 Ba shebahala ba kgathetse/Motho wa 2 o bonahala a itlosa bodutu ka ho loha/bolelele ba sekhafo bo bontsha hore ke kgale a se loha/Motho wa 4 o ipotsa hore ho neng ba eme ebile o bontsha mokgathala ka ho edimola/lentswe le reng shuu le bontsha kgale a dutse /Motho wa 1 o se a bile a robetse/Motho wa 5 o bonahala a lekehile/tenehile ke ho leta. √√ (2) [Tshwaya tse pedi feela] 4.3 A bolela hore motho eo o nahana ka thata/O opelwa ke hlooho/O a touta/Hlooho ya hae e a tjhesa/o na le kgatello ya maikutlo.√√ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 4.4 Motho wa 2 o thabile/o a bonya/o kgotsofetse√ ha motho wa 5 o (2) tenehile/swentse/lekehile/sulafalletswe.√ Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 8 DBE/Pudungwana 2016 NSC – Memorandamo 4.5 Batho ba ka hahlamelwa ke moya o sa hlwekang/Ditshila tse tletseng moo di ka baka dikokwanahloko tse ka kudisang batho/ a ka baka mafu a fapaneng/ a ka baka ho kula/ ba ka thella ba tswa kotsi/ sebaka see se ka qetella se nkga.√√ (2) [10] [Tshwaya e le nngwe feela] POTSO YA 5 5.1 5.1.1 Maafrikaborwa ohle a√ ananela Molao o motjha wa Dikoloto. (1) 5.1.2 Rakgwebo le yena, jwalo ka bareki o√ lokela ho ikamahanya le dipehelo tsa Molao wa Dikoloto. (1) 5.2 5.2.1 Moeletsi wa dikoloto o neha moreki keletso√ e tla mo thusa ho tsamaisa dikoloto tsa hae ka tshwanelo. (1) 5.2.2 Ho kopa thuso ho moeletsi wa dikoloto ho kenya√ moreki dikolotong le ho feta. (1) 5.3 Rakgwebo o laela thepa yohle ya hae koloing.√√ (2) 5.4 Moreki a lefe sekoloto sa hae ka mehla empa ha a na le mathata a phakise a kope thuso/Moreki a lefe sekoloto sa hae ka mehla empa a phakise a kope thuso ha a na le mathata.√√ (2) 5.5 Na ho ya ka molao baeletsi ba dikoloto ba lokela ho thusa bareki ba tebetebeng ya dikoloto?/Na ho ya ka molao bareki ba tebetebeng ya dikoloto ba lokela ho thuswa ke baeletsi ba dikoloto?√√ (2) [10] [Ha letshwao la potso le le siyo, mohlahlobuwa a fuwe letshwao le le leng] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 30 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all