You're offline
Skip to content
Question paper

Sesotho HL P3 Nov 2025

Subject: Sesotho HlGrade 1220255 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Confidential NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA BORARO (P3) PUDUNGWANA 2025 MATSHWAO: 100 NAKO: Dihora tse 3 Pampiri ena e na le maqephe a 5. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 2 DBE/Pudungwana 2025 NSC Confidential DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA 1. Pampiri ena e arotswe ka DIKAROLO TSE PEDI: KAROLO YA A: Moqoqo (50) KAROLO YA B: Ditema tsa Kgokahano (2 x 25) (50) 2. Araba potso E LE NNGWE KAROLONG YA A le dipotso TSE PEDI KAROLONG YA B. 3. Araba dipotso TSOHLE ka puo eo o lekanyetswang ka yona. 4. Qala karolo KA NNGWE leqepheng LE LETJHA. 5. Etsa moralo wa tema e nngwe le e nngwe (ka ho etsa mmapa wa monahano/daekramo/tjhate e bontshang tatellano ya mehopolo kapa lenane la dintlha tseo o tlang ho ngola ka tsona). Ha o qetile ho ngola tema ya hao, e bale hape ho hlaola diphoso. Meralo e hlahiswe QALONG ya tema ka nngwe. 6. Meralo yohle e totobatswe ka tshwanelo hore ke meralo. O eletswa hore o sehe mola ho habahanya meralo, mme o se sehe mola ho habahanya moqoqo kapa tema ya ho qetela e tlang ho tshwauwa. 7. O eletswa ho sebedisa nako ka mokgwa ona: KAROLO YA A: Metsotso e ka bang e 100 KAROLO YA B: Metsotso e ka bang e (2 x 40) 80 8. Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso. 9. Sehlooho se se ke sa balellwa e le karolo ya palo ya mantswe. 10. Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 3 DBE/Pudungwana 2025 NSC Confidential KAROLO YA A: MOQOQO 2025 POTSO YA 1 Kgetha sehlooho kapa setshwantsho SE LE SENG ebe o ngola moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450 (dikahare feela). Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ka ho e hlaola diphoso. 1.1 Molemo o a bolaya. [50] 1.2 Sehloho se bakwang ke ho utsuwa ha dithapo tsa motlakase. [50] 1.3 Leha mashodu ao a bolaile ntja ya ka, feela e ne e lwane ntwa e kgolo. [50] 1.4 Ho nka kgefu kamora ho fumana lengolo la sehlopha sa materiki ho molemo hape ha ho molemo. [50] 1.5 Na sekolo se lokela ho kena matsatsi a mahlano bekeng? [50] Kgetha setshwantsho SE LE SENG ho tse latelang, o ntano ngola moqoqo ka seo sehlooho se se tlisang kelellong ya hao. Nomora potso ya hao (1.6, 1.7 KAPA 1.8). O nehe moqoqo wa hao sehlooho se loketseng. ELA TLHOKO: Ho tlamehile ho ba le kgokahano dipakeng tsa moqoqo wa hao le setshwantsho seo o se kgethileng. 1.6 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho getty images] [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 4 DBE/Pudungwana 2025 NSC Confidential 1.7 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho getty images] [50] 1.8 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho www.stockhom.co.za] [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 5 DBE/Pudungwana 2025 NSC Confidential KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 Kgetha mme o ngole ditema TSE PEDI tsa bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela) temeng ka nngwe. Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ka ho e hlaola diphoso. 2.1 LENGOLO LA SETSWALLE Ngolla moahisane wa hao lengolo o mo lebohe ha a ile a le salla le ntlo ha le ne le ile matsatsing a phomolo. [25] 2.2 PUO EO E SENG YA SEMMUSO O modulasetulo wa lekgotla la tsamaiso la baithuti. Mosuwehlooho o o thontse ho tshetlehela baithuti ba ipabotseng dithutong tsa bona puo. Ngola puo eo. [25] 2.3 LENGOLO LE YANG KORANTENG O moahi wa motseng wa Matsieng. Ngolla koranta ya Lesedi la setjhaba mme o hlahise ngongoreho ya hao ka ditsotsi tse tlatlapang matlo a batho e le ha di iphethotse basebeletsi ba setjhaba. [25] 2.4 ATIKELE YA KORANTENG O mokudi ya fumanang dipidisi tliliniking ya motse wa heno. Ngola atikele ya koranteng moo o ntshang maikutlo a hao ka ditshebeletso tsa tliliniki tse putlameng. [25] 2.5 INTHAVIU E NGOLWANG O sa tswa hapa kgau tlhodisanong ya tjhese sekolong sa heno. Ngola inthaviu e dipakeng tsa hao le mohlophisi wa dipapadi moo le buisanang ka tlholo ya hao. [25] 2.6 OBITJHUARI (NALANE YA TSA BOPHELO BA MOFU) O kopilwe ke lelapa ho ngola obitjhuari ya rangwane wa hao ya kutseng nako e kgutshwane a ba a tlohela lefatshe le ka kwano. Ngola obitjhuari eo. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Hl

Explore more published documents in this catalogue.

View all