Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 2 Eastern Cape Mock 2023 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12202321 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 2 memorandum from the Eastern Cape Mock Exam 2023, 21 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2023

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2023 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 80 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 21.
2 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) TATAISO YA HO TSHWAYA: • Ha mohlahlobuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, tshwaya feela karabo ya pele (Mohlahlobuwa ha a lokela ho araba potso e telele le dipotso tse kgutshwane mofuteng o le mong wa sengolwa). • Haeba a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona KAROLONG YA A, (dithothokiso tseo a di rutilweng) tshwaya feela dipotso tse pedi tsa pale. • Haeba a arabile dipotso tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse kgutshwane kapa arabile tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse telele KAROLONG YA B le ya C, tshwaya karabo ya pele, mme o tlohele ya bobedi. Athe ha a arabile dipotso ka bone ba tsona, tshwaya karabo ya pele ho karolo e nngwe le e nngwe ha feela a arabile e le nngwe ya dipotso tse kgutshwane le e le nngwe ya dipotso tse telele. • Ha mohlahlobuwa a nehelane ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse, mme ya bobedi yona e nepahetse, tshwaya karabo ya pele, mme o tlohele e e latelang. • Ha dikarabo di nomorilwe di fosahetse, tshwaya ho ya ka tataiso ya ho tshwaya. • Haeba mopeleto o fosahetse hoo o thunthetsang moelelo, fosisa karabo e jwalo. • Haeba mopeleto o fosahetseng o sa thunthetse moelelo, tshwaya karabo eo e nepahetse. Potso tse telele: • Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase ho palo ya mantswe e behilweng (kgutshwane), se behe kotlo hobane mohlahlobuwa o se a ntse a ipehile ka mosing. Haeba moqoqo o le molelele haholo, tshwaya ho ya ka seo mohlahlobuwa a se ngotseng. Sebedisa ruburiki ya ho lekanyetsa e leqepheng la 3 le leqepheng la 8 ho lekanyetsa moqoqo wa mohlahlobuwa. Dipotso tse kgutshwane: • Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a di-a bulwa le di-a kwalwa moo a lokelang ho qotsa, se behe kotlo. • Bakeng sa dipotso tse bulehileng, se ka aba matshwao bakeng sa E/TJHE kapa KE A DUMELA/KE A HANA.Lebaka/Tshebediso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. • Ha ho matshwao a jwang bakeng sa NNETE/MAFOSI kapa NTLHA/MOHOPOLO. Lebaka/Tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 3 KAROLO YA A: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO WA dinGOLWA: THOTHOKISO―SESOTHO PUO YA LAPENG Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang lekanyetsa bokgoni feela DIKAHARE 5–6 4 3 2 0–1 Kutlwisiso ya potso, - O bontsha kutlwisiso e - O bontsha kutlwisiso, - O bontsha kutlwisiso e - O bontsha kutlwisiso e - Ha a bontshe kutlwisiso botebo ba tebileng ya se botswang mme o hlalosa se mahareng ya se botswang. sa kgotsofatseng ya se ya letho ya se tshekatsheko ya taba - O hlahisitse dintlha tse botswang ka tshwanelo. - O hlahisitse dintlha tse seng botswang. botswang. (sehlooho), fapaneng tse hlwahlwa; di - O hlahisitse dintlha tse kae ho tshehetsa sehlooho. - Ho batla ho se dintlha - Dintlha tse tshehetsang kutlwahalo le tshehetswa ho tswa anelang ka tsela e - Tse ding tsa dintlha tse tse hlahisitsweng ho ha di hlahiswe ho tswa nnetefatso (tiisetso) thothokisong. kgotsofatsang. hlahisitsweng ho tshehetsa tshehetsa sehlooho. thothokisong. ya dintlha ho tswa - Kutlwisiso ke e - O hlahisitse dintlha tse sehlooho di ntle. - Kutlwisiso ya mofuta wa - Mohlahlobuwa ha a thothokisong/temeng babatsehang ya mofuta wa utlwahalang, empa ha se - Tse ding tsa dintlha di sengolwa le thothokiso utlwisisi hantle mofuta sengolwa le thothokiso. tsohle tse tiisitsweng tsheheditswe, empa bopaki ke e haellang. wa sengolwa le MATSHWAO A 6 kamoo ho lokelang. ha bo kgodise ka nako tsohle. thothokiso. - O utlwisisa mofuta wa - Kutlwisiso ya motheo feela ya sengolwa le thothokiso. mofuta wa sengolwa le thothokiso. SEBOPEHO LE 4 3 2 1 0–1 TSHEBEDISO YA - Sebopeho se hlahisitswe ka - Sebopeho ke se hlakileng, - O hlahisitse bopaki bo seng - Sebopeho se bonahala - Moqoqo o bopehile ka PUO. tsela e momahaneng. mme dintlha di hlahisitswe bokae ba sebopeho. se radilwe ka tsela e tsela e fokolang. Sebopeho, sa - Dintlha di utullotswe hantle ka tsela e - Tlhahiso ya mehopolo e a fosahetseng. - Ho na le diphoso tse nehelano le tlhophiso le ho ntshetswa pele ka hlalohanyehang, haella, ha e hlalohanyehe, - Mehopolo ha e hlahiswe tshabehang tsa ya mehopolo. tsela e hlakileng. - Tlhahiso ya mehopolo ke mme ha e na momahano. ka tsela e tshebediso ya puo le Tshebediso ya puo, - Tshebediso ya puo, sehalo e utlwisisehang. - Diphoso tsa tshebediso ya hlalohanyehang. setaele se fosahetseng sehalo le setaele tse le setaele ke tse - Tshebediso ya puo, puo ha se tse kaalo, mme - Sehalo le setaele ha se sebediswang. butswitseng, tse sehalo le setaele di sehalo le setaele ha se tse tse loketseng. susumetsang le ho nepahetse. loketseng. MATSHWAO A 4 nepahala. - O batla o hloka diphoso tsa puo, mopeleto le tsa matshwao a puo/a ho bala. ELA HLOKO: Ha karabo ya mohlahlobuwa e tswile lekoteng a sa bua ka Dikahare hohang, feela a ngotse moqoqo wa boiqapelo motshwai a mo abale 0 bakeng sa dikahare le tshebediso ya puo.
4 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) KAROLO YA A: DITHOTHOKISO POTSO YA 1 KE MOTSHO, KE MOTLE ― KPD Maphalla TATAISO HO BATSHWAI Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Sena se bolela hore nehelano e ralwa ka tsela yahore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano le momahano ya dintlha, dipolelo le diratswana. Motshwai a shebe makgetha ana a mabedi a latelang ha a tshwaya moqoqo ona: Dikahare le Sebopeho le Tshebediso ya puo. Dikahare • Nehelano e ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela hore nehelano e lokelwa ho ralwa ka tsela ya hore ho be teng selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. • Dikahare di bontshe kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatseko ya ditaba, kutlwahalo le nnetefatso (tiisetso) ya ditaba ka mabaka a itshetlehileng thothokisong. • Dikahare di hlahiswe ka tsela e momahaneng, mme motshwai a tadime dintlha tsa mohlahlobuwa hore di ke ke tsa behwa ka tatellano e hlahellang mona. Ho be le kgokahano le momahano ya dintlha le diratswana. Sebopeho le Tshebediso ya Puo • Mohlahlobuwa a nehelane ka karabo ya hae e sebopehong diratswana tse momahaneng, mme ho be le kgokahano le momahano ya dipolelo le diratswana kamoo ho hlokehang. • Puo, setaele le sehalo di sebediswe ka nepo temeng. Karabo e ka lebellwang Selelekela Thothokiso ena ke mofuta wa lehlolohela (lerike), mona sethothokisi se totobatsa le ho hlakisa ka moo se itjang le ho ikgantsha ka botsho ba lebala la sona. Thothokisong ena re tlo sekaseka kamoo sethothokisi se sebedisitseng kgetho ya mantswe kateng ho finyelletsa molaetsa wa sona. Mmele Molaetsa Molaetsa o finyelletswang mona ke wa ho kgothalletsa batho hore ba se ikgelle fatshe hobane ba le batsho ka lebala. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 5 Kgetho ya mantswe Mantswemakgohledi Melathothokisong ya 2, 4, 5, 6, 7,10,11,14,18,20 le 22 ho sebedisitswe mantswemakgohledi. Melathothokisong ya 2 le 4 re a fumaneha ka mantswe ‘lekodilo le sithabetse’ ho finyeletsa molaetsa wa hore pina e monate ya mehleng ena e thabisa ba hlonameng. Melathothokisong ya 5 le 7 a fumaneha ka mantswe ‘dikgabane le dikakapa’ ka sepheo sa ho finyelletsa molatsa wa hore batho ba hlomphehang ba a mameleha ha ba bina. Melathothokisong ya 6 le 7, teng a fumaneha ka mantswe ‘tsanyaola, thenthetsa le dikgeleke’ e le ho finyeletsa molaetsa wa hore botle ba lebala le letsho bo thoholetswa ka ho binelwa ha monate le ho tjekelwa ke ditsebi tsa mmino. Melathothokisong ya 10, 11 le 18, mantswemakgohledi a fumaneha ka mantswe ana ‘pabala, tjaka, le semomotela’. Mantswe ana a finyeletsa molaetsa wa hore motho le ha a le motsho ka lebala o ntse a le motle ka hara lebala leo la hae. Molathothokisong wa 16 ho fumaneha lentswe ‘tlakasele’ , sepheo e le ho finyeletsa molaetsa wa hore batho ba se itshowe ka lebaka la mmala wa bona o motsho. Molathothokisong wa 22 a fumaneha ka lentswe ‘twadi’. Sethothokisi mona se finyelletsa molaetsa wa hore motho e motsho ka lebala o ntse a benya ho hlakisa botle ba lebala. Mabitsohokwa Melathothokisong ya 3 le 24 sethothokisi se sebedisitse mabitsohokwa ka mantswe ana ‘mathemalodi le senakangwedi’. Molaetsa o fetiswang ke lentswe mathemalodi ke wa hore motho e motsho ka lebala o ntse a thoholetswa ka hore a binelwe hamonate. Molaetsa o fetiswang ke lentswe senakangwedi ke wa hore motho e motsho ka lebala o kgona ho bonahala ka hara botsho ba hae. Phethelo Sethothokisi se atlehile ka ho phethahala, ka ho sebedisa kgetho ya mantswe ho kgothatsa batho ba batsho hore ba se ikgalale ka lebaka la lebala la bona le letsho mme ba itsebe hore le bona ba batle. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
6 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) POTSO YA 2: TSWALO LA KA LE A HANA: KDP Maphalla 2.1 Kgonyetso e botjwa ke lentswe ‘tswalo’  bakeng sa lerato, bohlokwa ba yona ke ho fa lentswe letswalo sefutho/lebatama/ Ho fokotsa bolelele ba letswe/ molathothokiso/ ho potlakisa morethetho wa molathothokiso oo.  [Tshwaya lentswe ‘tswalo’ le bohlokwa bo le bong] (2) 2.2 Ho hokahanya melathothokiso eo/ ho hatella/toboketsa hore Modimo ke mohlodi wa lefatshe.  (2) 2.3 Ke molathothokiso wa 7.  E tswelellisa mohopolo wa hore bophelo ke ba Modimo e seng ba motho.  (2) 2.4 Ke wa hore motho a ka tsoha a hlokahetse.  (2) 2.5 Ke maikutlo a bohloko/tshwabo.  Ke swabiswa ke batho ba bonang dikgutsana di se na molemo empa ba sa ikgethela ho hlokahallwa ke batswadi.  (2) [10] POTSO YA 3: KGOPOLO E A LLISA 3.1 Kgonyetso e botjwa ke lentswe ‘phelo’  bakeng sa lerato, bohlokwa ba yona ke ho fa bophelo letswalo sefutho/lebatama/ Ho fokotsa bolelele ba letswe/ molathothokiso/ ho potlakisa morethetho wa molathothokiso oo.  [Tshwaya lentswe ‘phelo’ le bohlokwa bo le bong]. (2) 3.2 Bohlokwa ba sejura/kgefutsohare ke ho katla/kgina morethetho wa molathothokiso/ho fa molathothokiso morethetho/ho fokotsa bolelele ba molathothokiso.  [Tshwaya tshehetso e le nngwe.] (2) 3.3 Ke wa hore mapolasing batho ba tsoha hoseng ho hoholo.  (1) 3.4 Pheteletso.  Sethothokisi se utlwile bohloko ka nako e neng e senyehile ya ho ithuta ka lebaka la ho sebetsa ka thata.  (3) 3.5 Ke maikutlo a bohloko/ kutlwelobohloko/kgauhelo.  Ke hauhela batho ba kileng ba phela bophelo bo bohloko ba ho sebetsa ka thata mapolasing.  (2) [10] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 7 POTSO YA 4: KAOFELA KE MAFOME – KPD Maphalla 4.1 Ke ho toboketsa lentswe le qatsohisitsweng, e leng ‘lemosa’ ho toboketsa ntlha ya hore batho ba tsebe hore tsohle tsa lefatshe di a fela.  (2) 4.2 Moelelo o otlolohileng ke wa hore batho ba phelang ha monate, ba a lebala hore monate wa bophelo bo a fela.  (2) 4.3 Kgonyetso e botjwa ke lentswe ‘tsatsi’ bakeng sa letsatsi mme sepheo ke ho fa lentswe le honyeditsweng (letsatsi) sefutho/ ho fokotsa bolelele ba molathothokiso/ ho potlakisa morethetho wa molathothokiso.  [Tshwaya lentswe ‘metswalle’ le bohlokwa bo le bong] (3) 4.4 Melathothokiso ena e hanyetsana ka hore mahlasedi a ho tjhaba ha letsatsi a tlisa thabo bathong mme ha letsatsi le dikela ho a bata, batho ba a hlonama.  (2) 4.5 Ke sehalo sa ho eletsa, sethothokisi se eletsa batho hore ba ele hloko hore dintho tsa lefatshe di a fela.  (2) [10] POTSO YA 5: SE IKGANTSHE –TJ Mahapa 5.1 Moelelo o otlolohileng ke wa hore maemo a bophelo a a fetofetoha.  (1) 5.2 Lebotsi le hlakisa hore dintho tseo batho ba nang le tsona di ka fela ka potlako.  (2) 5.3 Komelo e sebedisitswe ka sepheo sa ho omela maemo a hlahellang Bebeleng a bontshang kamoo Judase Iskariota a ileng a ipolaya kateng.  (2) 5.4 Molathothokiso wa 12.  Le wena lemoha se ka ikgantsha hle! bohlokwa ba lona ke ho qeka motho ya ikgantshetsang ba bang ka lebaka la borui hore ba lese seo hobane maemo a bophelo a fetofetoha.  (3) 5.5 Ke maikutlo a qenehelo/kutlwelobohloko.  Ke qenehela morui ya fetohetsweng ke maemo a bophelo, o sotlehile hoo ebang o se a hlanya  (2) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
8 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) KAROLO YA B LE C: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO WA DINGOLWA: PADI/SENGOLWA SA BOHOLOHOLO LE TSHWANTSHISO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO 25] Makgetha a ho lekanyetsa Phihlello e babatsehang Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang bokgoni 12–15 9–11 6–8 4–5 0–3 DIKAHARE - Karabelo e hlahisitswe ka - O bontsha kutlwisiso, mme - Kutlwisiso ke e mahareng - Kutlwisiso ke e haellang ya - O bontsha kutlwisiso tsela e babatsehang: 14– o manollotse sehlooho ka ya sehlooho; ha se dintlha sehlooho; boholo ba dintlha ha e fokolang ya Kutlwisiso ya potso, botebo 15. bokgoni tsohle tse utullotsweng ka di a utullwa ka botlalo. sehlooho. ba tshekatsheko ya taba - Karabelo e hlahisitswe ka - O hlahisitse karabelo e botlalo. - Ke dintlha tse fokolang feela - Boiteko bo fokolang (sehlooho), kutlwahalo le bokgabane: 12–13. batlang e anela - Tse ding tsa dintlha di tse tshehetsang sehlooho. ba ho araba potso. nnetefatso (tiisetso) ya di - Sehlooho se manollotswe - Tse ding tsa dintlha ke tse tshehetsa sehlooho. - O hlahisitse dintlha tse seng - Dintlha ha se tse ntlha ka mabaka ho tswa ka botebo utlwahalang, empa ha se - Dintlha tse ding di kae tse tsamaelanang le kgodisang. sengolweng. - O hlahisitse dintlha tse tsohle tse tlisitsweng tsheheditswe, empa bopaki sehlooho. - Mohlahlobuwa ha a fapaneng tse hlwahlwa tse kamoo ho lokelang. ha bo kgodise ka nako - O bontsha kutlwisiso e utlwisisi hantle tshehetswang ho tswa - Bopaki ba kutlwisiso ya tsohle. fokolang ya mofuta ona wa mofuta ona wa sengolweng mofuta ona wa sengolwa - O bontsha kutlwisiso e ka sengolwa. sengolwa. - O bontsha kutlwisiso e bo a bonahala. mmoho ya mofuta ona wa babatsehang ya sengolwa. sengolwa. 8–10 6–7 4–5 2–3 0–1 SEBOPEHO LE - Sebopeho se - Sebopeho ke se hlakileng, - O hlahisitse bopaki bo - Sebopeho se bonahala se - Kgaello ya ho rala TSHEBEDISO YA PUO momahaneng mme dintlha di hlahisitswe itseng ba sebopeho. radilwe ka tsela e fosahetseng. sebopeho ka - Selelekela le qetelo di a ka tsela e hlalohanyehang - Tlhalohanyo le momahano - Mehopolo ha e hlahiswe ka tshwanelo e sitisa Sebopeho, tlhophiso ya babatseha - Selelekela le qetelo di teng le ha di kgera. tsela e hlalohanyehang. phallo ya mehopolo. mehopolo le nehelano e - Dintlha di utullotswe hantle mmoho le diratswana tse - Ho na le moo tshebediso - Diphoso tsa tshebediso ya puo - Tshebediso ya puo le nang le neeletsano e le ho ntshetswa pele ka ding di hlahisitswe ka tsela ya puo e fosahetseng ha di totobetse. ya setaele tse momahaneng e lebisang tsela e hlakileng e momahaneng. sehalo le setaele tsona di - Sehalo le setaele ha di a lokela fosahetseng di tlhalohanyong ya sehlooho - Tshebediso ya puo, sehalo - Dintlha di hlahisitswe ka batla di loketse. mosebetsi hlahisitse tema e mmoho le puo, setaele le le setaele ke tse tsela e hlalohanyehang. - Tlhahiso ya mehopolo e a - Popo ya diratswana e fokolang haholo. sehalo tse sebedisitsweng butswitseng, tse - Puo, sehalo le setaele haella, ha e hlalohanyehe, fosahetse. - Popo ya diratswana e temeng. susumetsang le ho boholo di nepahetse. mme ha e na momahano fosahetse. nepahala - Popo ya diratswana e batla MATSHWAO A 10 e nepahetse. MATSHWAO 20—25 15―19 10—14 5―5 0—4 ELA HLOKO: Ha karabo ya mohlahlobuwa e tswile lekoteng, motshwai a mo abele matshwao a dikahare le tshebediso ya puo ya kgato ya pele feela. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 9 Matshwao a ka sebediswang bakeng sa ho tshwaya: Makgetha a tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare 15 Dik. = Sebopeho le tshebediso ya 10 STP = puo Matshwao ohle 25 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
10 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) KAROLO YA B: POTSO YA 6: BOTSANG LEBITLA Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho hlahisa lehlakore le le leng la kgang ya mohlahlobuwa, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha mohlahlobuwa a bontsha kamoo kamano yaTsietsi le Tseleng e bileng kapa e sa bang le seabo ho heletseng maphelo a batho ba bang. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa kgang mongodi a ka dumellana kapa a hanane le mohopolo ka dintlha tse tshehetsang sehlooho. O na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae; o tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya eba le lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe nyalano ya diketsahalo tse totobetseng hore kamano ya Tsietsi le Tseleng e bile le kapa ha e ya ba le seabo ho heletseng maphelo a batho ba bang. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng. [25] POTSO YA 7: BOTSANG LEBITLA 7.1 Ke sehalo sa kgalefo, hobaneTsietsi o halefiswa ke ho tseba batswadi ba hae ba nnete moo ba robetseng teng le ho tseba hore Kotsi ha se ntatae.  (2) 7.2 Ke tharahano  Tsietsi o qadisa ho tlala kgalefo ha a bona lebitla la batswadi ba hae o iphetetsa ho batubi ba hae.  (2) 7.3 Karaburetso ya pono.  Ekare ke bona setshwantsho sa lebitla le leholo la batswadi ba Tsietsi.  (2) 7.4 Ke mothinya wa hore Tsietsi a thunye malomae Kotsi ha a ne a hana ka kotjana ya ntatae.  (2) 7.5 Ramabanta o ile amo otla ka molamu.  (2) 7.6 Tsietsi o ne a ilo bona lebitla le bang batswadi ba hae ba patilwe ho lona.  (1) 7.7 Ke lebaka la hore Tsietsi o ne a ikgakanya kaha o ile a thoba sepetlele le mooki Tseleng jwale o batlwa ke mapolesa.  (2) 7.8 Tsietsi le Tseleng le ha ba ne ba iketlile sebakeng sa ho jela, empa ba ne ba ntse ba qwaile mapolesa.  (2) 7.9 Ke menyenyetsi e reng Tsietsi ha se ngwana wa ha Kotsi Molapo, ke wa ha Molakolako eo batswadi ba hae ba neng ba hlokahalle kotsing ya koloi.  (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 11 7.10 Tsietsi o ile a fetoha selalome/ mmolayi ya nkelang batho maphelo a bona/leshodu le tsamayang le nkela batho ditjhelete.  [Tshwaya e le nngwe.] (2) 7.11 Ke maikutlo a bohloko/qenehelo. Ke qenehela batho bao ba itshebeleditseng ka thata e be jwale Tsietsi o e nka ka mahahapa.  (2) 7.12 Tseleng ke mothusi wa Tsietsi.  O thusitse Tsietsi ntweng ya hae ya boiphetetso ya ho bolaya dira tsa hae le bobodung ba ho nkela batho ditjhelete tsa bona ka tsuo.  (2) 7.13 Ke ketso ya hore e be Tsietsi ha a ka ba a fumatshwa kotlo ka ho bolaya le hona ho utlwisa batho ba bang bohloko.  (2) [25] POTSO YA 8 MME — NP Maake Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho hlahisa lehlakore le le leng la kgang ya mohlahlobuwa, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha mohlahlobuwa a bontsha kamoo kamano ya Thollo le Bafokeng e bileng kapa e sa bang le seabo ho heletseng maphelo a batho ba bang. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa kgang mongodi a ka dumellana kapa a hanane le mohopolo ka dintlha tse tshehetsang sehlooho. O na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae; o tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya eba le lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe nyalano ya diketsahalo tse totobetseng hore.kamano ya Thollo le Bafokeng e bile kapa ha e ya ba le seabo ho heletseng maphelo a batho ba bang. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
12 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) POTSO YA 9: MME – NP Maake 9.1 Ke ho bolella babadi hore ho tlile jwang a kene lenyalong le Thollo empa a ne a tshohile/ngongrehile.  (2) 9.2 Ke kgohlano ya maikutlo/ya ka hare. Kaha Dikeledi o ne a nahana hore ditoro di bua nnete ka lenyalo la hae.  (2) 9.3 Tjhe, Mme o patetswe nahathote le Iehae la habo/Batswadi/mora wa hae ha tsebe ka lefu/Thollo le yena ha tsebe hore ke yena ya hlokahetseng  [Tshwaya tshehetso e le nngwe.] (2) 9.4 Ke ne ke tla mo toba ke mmotse ka diketso tsa hae tse soto/ ke ne ke tla tswela pele le nna ka bophelo.  [Maikutlo a bahlahlobuwa a ananelwe.] (2) 9.5 Taba ya hore Thollo a dumele hore ho patwe motho ya sa mo tsebeng.  (2) 9.6 Mme o ne a dula motlotlwaneng o hiriswang Thollo o ne a shebella thelebeshene habo Dikeledi  [Karabo ya mohlahlobuwa e bontshang mehleng ya temokerasi e ananelwe] (2) 9.7 Thollo ha a mohau hobane lefu ke lefu le hore le hlahile ha mang jwang o ne a lokela ho bontsha kutlwelobohloko ho ba itseng.  (2) 9.8 Pherekano e bakwa ke hobane Mmateboho ha a na mme/ Ho ne ho se motho ya kulang ha Thollo.  (2) 9.9 Seabo sa Mme e ne e le sa hore a rute bana ho loha meseme ya Sesotho/ Mme o ne a phekola masea a tshwerweng ke kokwana ka meriana ya Sesotho ntle le tefo ya letho/a fetola semelo sa Diseko hore a phedisane le batho ba bang ka kgotso.  (2) 9.10 Dikeledi o ile a baleha bosiu letsatsi pele ho lenyalo ka lebaka la letswalo le neng le re o entse qeto e fosahetseng  (2) 9.11 Thollo o ne a tshaba hore ba habo ba tla mmotsa ka mosadi wa hae wa matswathaka.  (2) 9.12 Bafokeng ba fihlile Sebokeng ba befile empa eitse hore Diseko a ba tjodietse ka tshwaro e mpe eo ba e bontshitseng ho Mmatebo ho ba swaba hoo ebang ba hlolehile le ke ho fonanisa.   (3) [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 13 POTSO YA 10: TUTUDU HA E PATWE Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho hlahisa lehlakore le le leng la kgang ya mohlahlobuwa, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha mohlahlobuwa a bontsha kamoo kamano ya Thebe le Dimama e bileng kapa e sa bang le seabo ho heletseng maphelo a batho ba bang. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa kgang mongodi a ka dumellana kapa a hanane le mohopolo ka dintlha tse tshehetsang sehlooho. O na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae; o tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya eba le lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe nyalano ya diketsahalo tse totobetseng hore kamano ya Thebe le Dimama e bile kapa ha e ya ba le seabo ho heletseng maphelo a batho ba bang. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng. [25] POTSO YA 10: MOFUTA WA POTSO E TELELE YA MOQOQO TUTUDU HA E PATWE — Mathene Mahanke 11.1 E ne e le ho ya lekola hore matitjhere a se a qadile ho sebetsa kaha dikolo di ne di sa tswa ho bulwa.  (2) 11.2 Maikutlo a thabo. Ke thabiswa ke ho bona hore Ralefapha o kgothalletsa hore ho sejetswe dikolong.  (2) 11.3 Makgabane a Tutudu kerekeng a hapile pelo ya Dikgapane hoo a ileng a ikutlwa a se a mo rata yaba ha a sa ya kopanong o ikela ha Tutudu.  (2) 11.4 E mo tswetse molemo hobane o qetelletse a se a ratana le Tutudu/Lebitso la hae ha le a hlahella mmomoring wa ho tebedisa Tutudu.  (2) 11.5 Tutudu o ile a tsetlallela ho etsa tse tla tswela baithuti molemo ha Dikgapane a o tlohetse habonolo ho etsa tse tla tswela baithuti molemo a qetella ka ho nwa jwala.  (2) 11.6 Seipobi o rata thuto/Tswelopele.  (2) 11.7 Dimama o bolela hore Thebe ha a tshepahale, o ile a hlohlelletsa batho hore ba fehle morusu ha a qeta yena o a baleha.  (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
14 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) 11.8 Seabo sa Dimama se senola hore batho ba Thabure ha ba na taba le thuto ya bana ba bona/ Batho ba Thabure ha ba kgotsane ha ba etsa bobe.  (2) 11.9 Ntefeleng le hoja a ne a sa fumana lerato leo a neng a le batla, o tsebile ho bua nnete setjhabeng hore o ne a eleditswe ke Thebe hore a kene dikobong tsa Tutudu.  (2) 11.10 Ke ketsahalo ya hore Tutudu a bontshe pelo e ntle ka hore a lokolle batubi ba hae teronkong.  (2) 11.11 Tutudu o a hlola kaha Ntefeleng o ile a bolela hore o hlohleleditswe ke Thebe, yaba setjhaba se neng se le kgahlano le Tutudu se nyatsa Thebe ka ho baka moferefere ka hara motse, eo a ba qetella a kopile tshwarelo ho Tutudu.  (3) 11.12 Ke ne ke tla etsa jwalo kaha Tutudu a entse ke mo tshwarele ha a kopa tshwarelo.  [Maikutlo a bahlahlobuwa a bontshang maemo a matle a phedisano a ananelwe.] (2) [25] POTSO YA 12: KE QATI E A LOMISANWA Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho hlahisa lehlakore le le leng la kgang ya mohlahlobuwa, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha mohlahlobuwa a bontsha kamoo ho shebela fatshe dikeletso tsa batho hangata e leng hona ho hodisang kgohlano. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa kgang mongodi a ka dumellana kapa a hanane le mohopolo ka dintlha tse tshehetsang sehlooho. O na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae; o tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya eba le lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo tse totobetseng hore ‘ho shebela fatshe dikeletso tsa batho hangata ke hona ho hodisang kgohlano ’ Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng;] [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 15 POTSO YA 13: KE QATI E A LOMISANWA 13.1 Ke nakong tsa sejwalejwale/ya demokerasi.  (1) 13.2 Sesosa ke boshodu bo entsweng ke Phokojwe Lefiritshwana ba ho ja dinku tsa Rapolasi.  (2) 13.3 Lentswe lena ‘letlaburu’ Ie bolela moferefere kapa lerata.  (2) 13.4 Lekgowa Ie ile la shapa Lefiritshwana ka phafa, ha Phokojwe yena a ile a baleha a shebella ha Lefitshwana a shapuwa ke Rapolasi.  (2) 13.5 Phokojwe o kgopo/ ke lemenemene/lehlabaphiyo  O susumeleditse Lefiritshwana hore ba utswe dinku, ha ba se ba kena tsietsing o a baleha eo yena o hloleha ho itshwasolla a Ie mong hobane o ne a ja a sa itekanyetse.   (2) 13.6 Ke ne ke tla fedisa setswalle sa rona hanghang.  (2) 13.7 Ke moelelo wa hore ba ile ba bona ha batho ba bolawa ka sehloho.  (2) 13.8 Basadi ba Iliswa ke ho bona banna ba bona ba bolawa ka sehloho.  (2) 13.9 Ke sehalo sa kgalefo/tshabo hobane batho ba ne ba bolawa.  (2) 13.10 Ntwa e siya masisapelo kaha batho ba shwa ka bongata.  (2) 13.11 O thoholetswa hobane e ile ya ba mohale ya ileng a hlola ntweng.  (2) 13.12 Mehleng ya kgale molaotheo o ne o sa tshireletse ditokelo tsa botho, batho ba ne ba bolauwa lebuba. Mehleng ya kajeno molaotheo o tshireletsa ditokelo tsa botho, ya bolaileng o fumantshwa kotlo.  (2) 13.13 Tjhe, mongodi ha a atleha hobane tlholo ke ha bobe bo fumantshwa kahlolo dingolweng. Tlholo ha e a fihlellwa thokong ena. Moshoeshoe o ile a bolaya setjhaba ka sehloho a se fumantshwe kotlo.  (2) [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YAB: 25 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
16 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) KAROLO YA C POTSO YA 14: SEYALEMOYA — RH Moeketsi Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho sekaseka, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha a sekaseka mohopolo ona ‘tlholo dingolweng ke ha botle bo hlola bobe’, Se ka boela sa fana ka mehlalanyana ya diketso tseo re ka reng ke tsa ho hlola kapa ho hlolwa. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Mohlahlobuwa a ka lelekela ka ho hlahisa hore ho hlola kapa ho hlolwa ke eng. A boele a bontshe hore ke dintho dife tse iponahatsang ha tlholo e fihlelletswe kapa e sa fihlellwa. Moqoqo ona ke oo ho ona mongodi a sekasekang dikahare tsa wona mme a bontshe ntlhakemo ya hae ebe o leka ho susumetsa mmadi hore a utlwisise tlhakisetso ya hae. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa tlhaloso mongodi o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng eo a batlang ho e hlalosa. O lokela ho hlalosa le ho ntshetsa ditaba tsa hae pele ka ho supa diketsahalo tse tshwantshisong tse tshehetsang sena. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya eba le lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo le bophelo ka kakaretso mabapi le sehlooho. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya tlhaloso ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 17 POTSO YA 15: MOFUTA WA DIPOTSO TSE KGUTSHWANE SEYALEMOYA – RH Moeketsi 15.1 Tholang o na le moya wa bothuela.  (1) 15.2 Ke dikgohlong hara meru e tshahabehang teng moo ho Ilang lengau feela.  (2) 15.3 Tholang o hlahlathetse ka masiu a qhojwa moya wa bothuela mme a ipona a se a fihlile sebakeng sena.  (2) 15.4 Mokeo o tjhitja hobane neng neng o ne a sa dumele ho dingaka tsa setso, kgabareng o se a eya ha Ramanaka, mme o se a dumela ha Ramanaka a mo laola ka ditaola.  (2) 15.5 Ramanaka o ile a hlokomela hore Tholang o na le moya o fetang wa hae, yaba o mo nwesa moriana o fosahetseng hore a tsherehane a se hlole a eba le moya hape.  (2) 15.6 Mokeo o ne a thiba Manthako ho se etelle pele Ramanaka.  (2) 15.7 Ke sehalo sa tshoha/ho se kgolwe/bohloko. Batswadi ba Tholang ha kgolwe/ tshositswe ke boemo bo sa jeseng ditheohelang ba ngwana bona.  (2) 15.8 Mokeo o ile a hloleha ho rapella le hona ho tsotella Tholang ho fihlela a itahla.  (2) 15.9 Ramanaka o ile a thetsa Tholang ka hore o tla mo phekola mme a mo nwesa moriana o tsherehanyang.  (2) 15.10 Ke hore sebakeng sa hore Tholang a phele o ile a holofala.  (2) 15.11 Mongodi o hlokomedisa babadi hore dingaka tsa setso ha di tshepahale ebile ha di a monelana.  (2) 15.12 Tjhe, Mokeo ha ho bonahale a ne a e ya kerekeng kapa hona ho rapela.  (2) 15.13 Ke ne ke tla mo nka ke mo ise dingakeng tsa sekgowa/ ke ne ke tla tshwarisa Ramanaka.  (2) [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
18 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) POTSO YA 16: MOFUTA WA POTSO E TELELE YA MOQOQO HAESO MAFOTHOLENG – CJ Teleki Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho sekaseka, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha a sekaseka mohopolo ona ‘tlholo dingolweng ke ha botle bo hlola bobe, Se ka boela sa fana ka mehlalanyana ya diketso tseo re ka reng ke tsa ho hlola kapa ho hlolwa. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Mohlahlobuwa a ka lelekela ka ho hlahisa hore ho hlola kapa ho hlolwa ke eng. A boele a bontshe hore ke dintho dife tse iponahatsang ha tlholo e fihlelletswe kapa e sa fihlellwa. Moqoqo ona ke oo ho ona mongodi a sekasekang dikahare tsa wona mme a bontshe ntlhakemo ya hae ebe o leka ho susumetsa mmadi hore a utlwisise tlhakisetso ya hae. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa tlhaloso mongodi o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng eo a batlang ho e hlalosa. O lokela ho hlalosa le ho ntshetsa ditaba tsa hae pele ka ho supa diketsahalo tse tshwantshisong tse tshehetsang sena. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya eba le lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo le bophelo ka kakaretso mabapi le sehlooho. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya tlhaloso ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] [25] POTSO YA 17: MOFUTA WA DIPOTSO TSE KGUTSHWANE HAESO MAFOTHOLENG – CJ Teleki 17.1 Le re utullela hore Jwalane ke motho ya tellang.  (1) 17.2 Se fupere phoqo ka mokgwa wa hore Molefi ha a tsebe hore bobedi bona bo ronngwa ke Mapetla ho mo sebedisetsa meriana/ Ngatane o mo ja direthe ka ho ratana le Jwalane.  (2) 17.3 Molefi le Pitso ba ntse ba ile le kgongwana hodimo ba nahana hore Mapetla ke motswalle wa nnete athe o fetohile, hang hore Molefi ha a atlehe, o se a bile a loya Molefi.  (2) 17.4 Ha e a nepahala, Jwalane o fetola Molefi sephoqo/O itheola seriti/O qhala setswalle sa Molefi le Ngatane.  [Tshawaya e le nngwe feela] (2) 17.5 Mapetla o ne a loya Molefi ka ditlhare hore a se be le mosadi/O ne a sebedisa Ngatane le Ramafothole hore dintho di se tsamae hantle mosebetsing.  (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 19 17.6 Ke ketsahalo ya hore a hane dikeletso tsa Mofammere /o hloleha ho bona dira tsa hae a phela le tsona/ hore a se hlokomele dipuo tsa bona/O ile a hloleha ho hlokomela ha bophelo ba hae bo qala ho senyeha.  (2) 17.7 Molefi o ile a ameha kotsing ya koloi, mme a amohelwa sepetlele moo a ileng a hlokomelwa ke mooki Morongwe eo a ipherehela yena mme ba qetela ba ratana.  (2) 17.8 Molefi o ile a hohelwa ke tshwaro e ntle ya Moronngwe nakong eo a neng a le sepetlele.  (2) 17.9 Lewa la boipuiso le senolela babadi semelo sa Morongwe sa hore o ratana le bahlankana ba bangata.  (2) 17.10 Ke maemo a mosebetsi a hodimo a Molefi.  (2) 17.11 Molefi o ile a fumana Morongwe ka koloing ya monna e mong ba le maponapona.  (2) 17.12 Tjhe, tlholo dingolweng ke ha bobe bo fumantshwa kahlolo. Tlholo sengolweng sena ha e a fihlellwa hobane boloi ba Mapetla bo ile ba hlwa mekwalaba ho tloha qalong ho fihlela pheletsong tshwantshisong ena hoo Molefi a ileng a Iahlehelwa ke basadi, mosebetsi le hore maemo a bophelo ba hae a ne a hlobaetsa.  (2) 17.13 Tumelo ya Pitso ha e a ka ya mo sebeletsa hobane o ne a sa rapele, mme sena se amme bophelo ba Molefi ka hore Mapetla a mo sebetse ka ditlhare motjhaotjhele ho fihlela Molefi a holofala.  (2) [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
20 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2023) POTSO YA 18: MOFUTA WA POTSO E TELELE YA MOQOQO LEJWE LA KGOPISO –T Letshaba Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho sekaseka, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha a sekaseka mohopolo ona ‘tlholo dingolweng ke ha botle bo hlola bobe, Se ka boela sa fana ka mehlalanyana ya diketso tseo re ka reng ke tsa ho hlola kapa ho hlolwa. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Mohlahlobuwa a ka lelekela ka ho hlahisa hore ho hlola kapa ho hlolwa ke eng. A boele a bontshe hore ke dintho dife tse iponahatsang ha tlholo e fihlelletswe kapa e sa fihlellwa. Moqoqo ona ke oo ho ona mongodi a sekasekang dikahare tsa wona mme a bontshe ntlhakemo ya hae ebe o leka ho susumetsa mmadi hore a utlwisise tlhakisetso ya hae. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa tlhaloso mongodi o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng eo a batlang ho e hlalosa. O lokela ho hlalosa le ho ntshetsa ditaba tsa hae pele ka ho supa diketsahalo tse tshwantshisong tse tshehetsang sena. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya eba le lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo le bophelo ka kakaretso mabapi le sehlooho. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya tlhaloso ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] [25] POTSO YA 19: MOFUTA WA DIPOTSO TSE KGUTSHWANE LEJWE LA KGOPISO — T Letshaba 19.1 Moelelo o otlolohileng ke wa hore hangata mathata a hlaha motho a se na letho.  (2) 19.2 Makaqabetsi a hlakisa maemo a tshotleho ha pula e nele Ielapeng la Naledi.  (2) 19.3 Ke boipuiso  Ke ba le maikutlo a bohloko/kutlwelobohloko ultwa hore ho teng batho ba phelang ka thata jwalo ka Naledi.  (2) 19.4 Naledi o ile a qala a lemoha hore Seipati o bua nnete hore Tsietsi o hlolwa ke maemo a lapa la hae a ho phethisa ditlhoko tsa Ielapa yaba o nka qeto ya ho ratana le Mohlouwa.  (2) 19.5 Seipati ke sebapadi ha a na tlhompho/ o a tella/pelompe.  O ile a fana ka dikeletso tse qhalang, Naledi ha a se a le mathateng ke dikeletso tseo o se a mo qhalla matsoho.  (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 21 19.6 Naledi o ne a entse hantle ka ho hana Mohlouwa empa eitse hore Seipati a mo eletse, a ba a dumela kopo ya mohlouwa.  (2) 19.7 Naledi o tshositswe ke taba ya hore lekunutu a hae la ho ratana le Mohlouwa le se le tsejwa ke basebeletsi ba Mohlouwa.  (1) 19.8 Tjhe ha le a mo sebeletsa hobane sepheo sa ho dumela Mohlouwa e ne e le hore Tsietsi o tla kgutlisetswa mosebetsing, empa ha ho ya ka ha ba jwalo.  (2) 19.9 Thapelo o ne a qosa Pheleu ka hore ke lejelathoko o thotha ditaba tsa basebetsi ho di isa ho Mohlouwa/ ke yena ya entseng hore Tsietsi a lelekwe mosebetsing.  [Tshwaya e le nngwe] (2) 19.10 Selepe se kgenathetseng madi se supa ketsahalo ya hore Tsietsi o se a bolaile bana ba hae, Thato le Puleng hammoho le Mmabatho.  (2) 19.11 Ke ketsahalo ya hore qetellong Tsietsi o ile a fumamantshwa karabelo ya ntlo ya RDP eo e neng e se e bakileng kgohlano ha hae.  (2) 19.12 Ke ya hore basadi ba Kgotsong ba rata bohlola hobane ke moo Mohlouwa o ratana le basadi ba banna ba bang, ka nqe nngwe o ba fa mosebetsi ka ho lema tshimo tsa banna ba bona/Seipati o kgothalletsa Naledi ho ratana le Mohlouwa empa bobedi ba nyetse.  (2) 19.13 Tjhe, tlholo ke ha bobe bo fumantshwa kahlolo. Tlholo sengolweg sena ha e a ka ya filhlellwa, Tsietsi ha a fumantshwe ntlo a e ngodisitseng jwalo ka ba bang batho/O tebelwa mosebetsing ntle le lebaka le utlwahalang/o jewa direthe mosading wa hae ka lebaka la bofuma.  (2) [25] MATSHWAO A KAROLO YA C: 25 MATSHWAO A TATAISO ENA YA HO TSWHAYA A: 80 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all