Skip to content

Sesotho HL Grade 12 P3 Eastern Cape Mock 2023 Question Paper

Question paperSesotho HLGrade 1220235 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 question paper from the Eastern Cape Mock Exam 2023, 5 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2023

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2023 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 MATSHWAO: 100 NAKO: Dihora tse 3 Pampiri ena e na le maqephe a 5.
2 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE/2023) DITAELO HO MOHLAHLOBUWA 1. Pampiri ena e arotswe DIKAROLO tse PEDI, e leng: KAROLO YA A: Moqoqo (50) KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse 2 (2 x 25) (50) 2. Araba potso e le NNGWE KAROLONG ya A le dipotso TSE PEDI KAROLONG YA B. 3. Araba dipotso TSOHLE ka SESOTHO. 4. Qala potso e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA. 5. Etsa moralo wa tema e nngwe le e nngwe (ka ho etsa mmapa wa monahano/daekeramo/tjhate e bontshang tatelano ya mehopolo kapa lenane la dintlha tseo o tlang ho ngola ka tsona). Ha o qetile, bala tema hape ho hlaola diphoso. Meralo e hlahiswe QALONG ya tema ka nngwe. 6. Meralo e totobatswe hantle hore ke meralo. 7. O eletswa ho sebedisa nako ka mokgwa ona: • Metsotso e 100 ho araba KAROLO YA A • Metsotso e (40 x 2) 80 ho KAROLO YA B 8. Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha di nomorilwe dipotsong. 9. Sehlooho se se ke sa balellwa e le karolo ya palo ya mantswe. 10. Ngola ka mongolo o makgethe o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE/2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 3 KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 Kgetha sehlooho kapa setshwantsho SE LE SENG ebe o ngola moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450 (dikahare feela). Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ho hlaola diphoso. 1.1 Ke ne ke nahana hore ke a tseba. [50] 1.2 Dikotsi tse bakwang ke batshwaruwa ba thobang ditjhankaneng setjhabeng le sepoleseng. [50] 1.3 Pula ke mahlopha a senya. [50] 1.4 Dikolo tsohle Afrika Borwa di lokela ho nehelana ka thuto e sa lefellweng. Dumellana kapa o hanane le mohopolo ona. [50] 1.5 Kotsi e bakilweng ke dikgohola motseng wa heso. [50] 1.6 Ditshwantsho tse latelang di ka qholotsa mehopolo e itseng maikutlong a hao. Kgetha SE LE SENG, mme o ngole moqoqo ka mohopolo wa sehlooho o qholotswang ke setshwantsho, mme o iqapele sehlooho sa hao. Se lebale ho etsa moralo le mona. [50] 1.6.1 [Setshwantsho se qotsitswe ho google] [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
4 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE/2023) 1.6.2 [Setshwantsho se qotsitswe ho google] [50] 1.6.3 [Setshwantsho se qotsitswe ho google] [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE/2023) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 5 KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 Kgetha mme o ngole ditema TSE PEDI tsa bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela) tema ka nngwe. Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ka ho hlaola diphoso. 2.1 LENGOLO LA SETSWALLE/SETLWAEDI Motswalle wa hao o o memme moketjaneng wa letsatsi la hae la tswalo. Mo ngolle lengolo o tshetlehe mabaka a tla o sitisa ho tswelella moketeng oo. [25] 2.2 TSA BOPHELO BA MOFU Ntatemoholo wa hao o hlokahetse. Lelapa le o kopile ho ba ngolla nalane ya tsa bophelo ba hae. Ngola nalane ya bophelo ba hae. [25] 2.3 PUISANO Ngola puisano e dipakeng tsa motjha ya dutseng dilemolemo a sa fumane mosebetsi empa a na le mangolo a thuto, a buisane le motjha ya kwetliseditsweng mosebetsi wa matsoho, mme jwale o a itshebetsa. [25] 2.4 ATIKELE E YANG KORANTENG Ngola atikele e yang koranteng eo ho yona o hlokomedisang setjhaba ka boqhekanyetsi bo etswang ke ditsotsi metjhining ya ho ntsha tjhelete. [25] 2.5 LENGOLO LA SEMMUSO Ngolla Letona la Thuto o mo lebohe mabapi le ho putsa baithuti le matitjhere a sebeditseng hantle diphethong tsa makgaolakgang tsa mafelo a selemo se fedileng. [25] 2.6 RAPOROTO Bese e le nkang ho ya sekolong e ile ya phethoha ka lona, mme o e mong wa baithuti ba amehileng kotsing eo. Ngola raporoto o tlalehela mapolesa ka se etsahetseng. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2): 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all
Sesotho HL Grade 12 P3 Eastern Cape Mock 2023 Question Paper | Hlayiso