Skip to content

Sesotho HL Grade 12 P3 Eastern Cape Mock 2016 Question Paper

Question paperSesotho HLGrade 1220166 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 question paper from the Eastern Cape Mock Exam 2016, 6 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2016

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2016 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 MATSHWAO: 100 NAKO: 2½ dihora *SESHL3* Pampiri ena e na le maqephe a 5.
2 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 (EC/LOETSE 2016) DITAELO HO MOHLAHLOBUWA 1. Pampiri ena e arotswe DIKAROLO tse PEDI: KAROLO YA A: Moqoqo (50) KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse (2 x 25) (50) 2. Araba potso e le NNGWE KAROLONG ya A le dipotso TSE PEDI KAROLONG YA B. 3. Araba dipotso TSOHLE KA SESOTHO. 4. Qala potso e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA. 5. Etsa moralo wa tema eo o e ngolang (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano kapa dayakeramo/tjhate e bontshang tatelano ya mehopolo kapa ho etsa feela lenane la dintlha tseo o tlang ho ngola ka tsona). Ha o qeta, lekola botjha tema ya hao ka ho e bala hape, ho e nahanisisa, ho hlaola diphoso le ho nehelana ka tema e phethetsweng hantle. Moralo o etswe qalong ya tema ka NNGWE. 6. Meralo e totobatswe hantle hore ke meralo. 7. O eletswa ho sebedisa nako ka mokgwa ona: Metsotso e 80 ho araba KAROLO YA A. Metsotso e (35 x 2) ho KAROLO YA B. 8. Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha di nomorilwe dipotsong. 9. Sehlooho se se ke sa balellwa e le karolo ya palo ya mantswe. 10. Ngola ka mongolo o makgethe o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2016) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 3 KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 Kgetha sehlooho kapa setshwantsho SE LE SENG ebe o ngola moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450 (dikahare feela). Ebang o kgetha setshwantsho ngola o itshetlehile ka mohopolo o qholotswang ke setshwantsho maikutlong a hao mme o iqapele sehlooho sa hao. Se lebale ho etsa moralo le ho hlaola diphoso. 1.1 Ditokelo di tsamaya le boikarabelo. [50] 1.2 Ho rua diphoofolo le ho lema masimo ho na le melemo le dipoelomorao. [50] 1.3 Mehato eo nka e nkang ha nka ima dilemong tse tlase ho se le motho ya ka nkgodisetsang ngwana. [50] 1.4 Leo letsatsi e ne e le la pina le ketso. [50] 1.5 Tshebediso ya dipalangwang tsa baeti bakeng sa dikoloi tsa malapa,e ka fedisa sephethephethe e fokotse le tshilafalo ya moya. Dumela kapa o hane. [50] 1.6 Thuto eo ke ithutileng yona ka diphoso tsa ka. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
4 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 (EC/LOETSE 2016) 1.7 Boha ditshwantsho tsena tse ka tlase. Kgetha SE LE SENG o nto ngola moqoqo o itshetlehileng mohopolong wa sehlooho o qholotswang ke setshwantsho seo maikutlong a hao. Iqapele sehlooho sa hao. Se lebale ho etsa moralo le ho hlaola diphoso moqoqong wa hao. 1.7.1 [50] [Setshwantsho sena se qotsiwe ho Move 28 Mphalane 2015] KAPA 1.7.2 [50] [Setshwantsho sena se qotsiwe ho Drum 15 Mphalane 2015] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2016) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 5 KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 Kgetha mme o ngole ditema tse PEDI karolong ena, bolelele ba tema ka NNGWE e be mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela). Hopola ho etsa moralo, o boele o lekole ditema tsa hao botjha ho hlaola diphoso. 2.1 Kopo ya mosebetsi le tokomane ya boitsebiso (CV) O bone sekgeo sa mosebetsi wa bolebedi sepetleleng sa toropo ya heno. Sekgeo seo se phatlaladitswe koranteng (lesedinyaneng) ya tikoloho ya heno. Ngolla Mookamedi wa sepetlele lengolo la kopo le tsamayang le tokomane ya boitsebiso (CV). [25] 2.2 Tlaleho/Raporoto ya semmuso Ngola tlaleho/raporoto ya semmuso ka mokgwa wa ho tlatsa foromo. O tlalehe kotsi ya ho tjha ha barutwana ba nang le bokowa ba pono le ba kutlo, ba robetse matlong a bodulo sekolong sa bona. [25] 2.3 Lengolo la semmuso Ngolla Ramotse wa toropo ya heno, o mo thoholetse ka mekutu le mawa ao a a sebedisang ho thusa barutwana ba kereiti ya 12 ba dikolo tsa tikoloho ya heno, ka dithuto tsa tlatsetso ha dikolo di kwetswe. [25] 2.4 Puisano Ngola puisano pakeng tsa ngaka ya setso le ngaka ya sekgowa. Ba buisana ka pheko kapa twantsho ya kokwanahloko ya kwatsi-ya-bosolla- tlhapi (phamokate). E mong le e mong o buwella bongaka ba hae. [25] 2.5 Tekolokakaretso Ngola tekolokakaretso ya buka eo o kileng wa e bala. Hopola ho fana ka molaetsa le thuto. (o se ke wa ngola ka buka eo o e balang selemong sena) [25] 2.6 Puo O ne o le sehlopheng se etetseng serapeng sa diphoofolo. O kopilwe ho fa baithuti ba bang temoso ka sehloho sa ho bolaya ditshukudu ka sepheo sa ho rekisa manaka a tsona. Ngola puo eo. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2): 50 MATSHWAO OHLE: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all