Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 3 Eastern Cape Prelim 2024 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12202410 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 memorandum from the Eastern Cape Prelim Exam 2024, 10 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Prelim Exam 2024

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2024 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 100 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 10. Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2024) KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 Dintlha tsa tataiso ya meqoqo 1.1 Ruri ho tsamaya ke ho bona. Mofuteng ona wa moqoqo, mohlahlobuwa o pheta pale kapa ketsahalo e etsahetseng ha a tla pheta matswe ana ruri ho tsamaya ke ho bona, Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Moqoqong ona mohlahlobuwa a qoqe, mme a bontshe ketsahalo kapa diketsahalo tse etsahetseng ha a tla bua mantswe ana ruri ho tsamaya ke ho bona. [50] 1.2 Tlhokeho ya mesebetsi Afrika Borwa. Moqoqong ona mohlahlobuwa o nahanisisa ka mathata a bakwang ke tlhokeho ya mesebetsi. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a hlalose ka moo tlhokeho ya mesebetsi e jeleng setsi ka teng. • A ka hlalosa ka mathata a bakwang ke tlhokeho ya mesebetsi. • A ka fana le ka tharollo bothateng bona. [50] 1.3 Metswalle e ka o eletsa ka lehlakoreng le leng e ka o lahlehisa. Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlahisa mahlakore a mabedi a taba mme o a tshehetsa ka dintlha tse utlwahalang. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka bua ka dikeletso tseo a di fumanang motswalleng j,k ho mo kgothalletsa ho ithuta. • A ka bua ka tahlehiso eo a ka e fumanang motswalleng jwalo ka ho sebedisa dithethefatsi. [50] 1.4 Mohlang oo ka qetela ho tsamaya bosiu. Moqoqong ona mohlahlobuwa o lokela ho qoqa ka ho hlaka se ileng sa etsahala bosiung boo. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka qolla ketsahalo e le nngwe e ileng ya mo etsahalla. • A ka bua kamoo sena se ileng sa mo kenya tsietsing kateng, o phonyohile jwang. • A ka bua ka thuto eo a ithutileng yona. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2024) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 3 1.5 Na batjha ba lokela ho ba le seabo dikgethong? Moqoqong ona mohlahlobuwa o kgetha lehlakore la hae mme a le tshehetse ka dintlha tse utlwahalang. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa ya dumellanang le sehlooho a bue ka moo ho ka bang bohlokwa ka teng ho batjha ha ba ka ba le seabo dikgethong. • Ya hananang le sehlooho sena a bontshe ka ho se be bohlokwa ha batjha ho nkeng seabo dikgethong. [50] 1.6 Setshwantsho sa 1.6,1.7 le sa 1.8 Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a iqapele sehlooho ka mohopolo o qholotswang maikutlong. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Moqoqong ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo mohlahlobuwa a o fumanang ka setshwantsho. [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2024) RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 50] Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa DIKAHARE LE MORALO 28–30 22–24 16–18 10–12 4–6 - Nehelano e bontshang kutlwisiso e - Nehelano e ralehileng hantle haholo; - Nehelano ke e kgotsofatsang - Nehelano e momahane mona le - Nehelano e tswile (Tshekatsheko ya babatsehang ya sehlooho e supang - Mehopolo e tsamaellana le sehlooho ditlhokeho mane lekoteng ho hang sehlooho) tlhophiso ya bokgoni bo ikgethang ka botlalo, e a kgahlisa mme e na le - Mehopolo e momahane ka tsela e - Mehopolo ke e seng ya - Mehopolo ke e sa Boemo bo hodimo mehopolo le dintlha, - Mehopolo e bontsha boqhetseke, e bopaki ba mehopolo e sutsitseng; kgotsofatsang le e kgodisang boiqapelo mme e sa hlakang tsepamang e dubakaneng kelohloko ya baamohedi phephetsa monahano mme ke e - e hlophisitswe hantle haholo ka tsela - e hlophisitswe ka tsela e - Ho na le bopaki bo seng bokae - Ha e utlwahale mme ba ditaba, maikemisetso sutsitseng; e ikgethang mme e momahane ka utlwisisehang mme e momahane ba tlhophiso le momahano ya dintlha di a phetakakwa le maemo - e hlophisitswe hantle ka tsela e tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, ka tshwanelo ho kenyeditswe mosebetsi - Ha e a hlophiswa ka ikgethang/babatsehang mme e mmele le qetelo selelekela, mmele le qetelo tshwanelo le momahano MATSHWAO A 30 momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe ha e yo selelekela, mmele le qetelo 25–27 19–21 13–15 7–8 0–3 - Nehelano e tswileng matsoho le ha e - Nehelano e radilweng hantle - Nehelano e a kgotsofatsa le ha e - Nehelano boholo e tswile - Boiteko ha bo yo ba ho haellwa ke dintlha tse ikgethang tsa - Mehopolo ke e loketseng mme e sa hlaka mona le mane lekoteng arabela sehlooho moqoqo o babatsehang thahasellisang e hlophisitswe hantle - Mehopolo e momahane le ho - Mehopolo ha e a momahana ka - Mehopolo e tswile Boemo bo tlase - Mehopolo ke e sutsitseng mme e ka tsela e ikgethang mme e kgodisa ka tsela e mahareng; ho na tshwanelo mme e a lahlehisa lekoteng ka ho bontsha boqhetseke; momahane ka tshwanelo ho le tlhophiso le momahano e itseng - Nehelano ha e na bopaki ba phethahala, ha e a - e hlophisitswe hantle ka tsela e kenyeditswe selelekela, mmele le ho kenyeditswe le selelekela, tlhophiso le momahano nepahala nehelano ha e a bontshang bokgoni mme e momahane ka qetelo mmele le qetelo. tsepama sehloohong, tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, mme e dubakane mmele le qetelo Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa PUO,SETAELE LE 14–15 11–12 8–9 5–6 0–3 TOKISO YA DIPHOSO - Sehalo, rejisetara, setaele le, tlotlontswe - Sehalo, rejisetara, setaele le - Sehalo, rejisetara, setaele le - Sehalo, rejisetara, setaele le - Puo e sebedisitsweng ha Sehalo, rejisetara, di loketse sepheo ka tsela e tlotlontswe di loketse sepheo, tlotlontswe di loketse sepheo, tlotlontswe ha di a lokela se e utlwisisehang; setaele, tlotlontswe ke tse babatsehang, baamohedi ba ditaba baamohedi ba ditaba mmoho le baamohedi ba ditaba mmoho le sepheo, baamohedi ba ditaba - sehalo, rejisetara, setaele lokelang sepheo/ mmoho le maemo; maemo haholo; maemo; mmoho le maemo; le tlotlontswe ha di a lokela tshusumetso le maemo, - tshebediso ya hae ya puo e a ikgetha, - tshebediso ya puo e matla mme ho - tshebediso ya puo ke e loketseng, - puo e sebedisitswe feela ka baamohedi ba ditaba, Boemo bo hodimo kgetho ya mantswe, mme e bontsha boitshepo ka tsela e sebedisitswe sehalo se loketseng ka mme e fetisa moelelo ka tsela ya motheo; sepheo le maemo; tshebediso ya puo le tsotehang nako tsohle; tshwanelo - sehalo mmoho le moelelo o - tshebediso ya tlotlontswe e tlwaelo, matshwao a ho - o sebedisitse ehalo se matla mme se - boholo ba mosebetsi ha o na diphoso - puo ya bonono ke e loketseng hlahiswang ke tema ke tse sa haellang haholo hoo bala le mopeleto susumetsang ka tsela e ikgethang tsa tshebediso ya puo le mopeleto mme e sebedisitswe ka tshwanelo lokelang; nehelano e sa - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa - - o radilwe hantle ka tshwanelo - O radilwe ka tsela e mahareng - ho sebedisitswe tlotlontswe ya utlwisiseheng MATSHWAO A 15 mopeleto o radilwe ka bokgoni bo feela motheo feela tsotehang 13 10 7 4 - Tshebediso ya puo ke e nepahetseng - Tshebediso ya puo ke e sefutho mme - Tshebediso ya puo ke e - Puo ke ya motheo feela mme e Boemo bo mme e susumetsang sehalo sa tema e loketseng maemo kgotsofatsang le ha ho na le ho sa sebedisitswe ka tsela e haellang - e batla e hloka diphoso tsa puo le tsa - sehalo ke se matla mme se loketseng tsamaelane mona le mane - popeho ya dipolelo ke e tlase mopeleto - ho na le diphoso tse seng kae tsa puo - kakaretso sehalo ke se loketseng le tshwanang e se nang motswako - e radilwe ka bokgoni bo tsotehang le tsa mopeleto e radilwe hantle ha puo ya bonono e le e haellang - - tlotlontswe e haella haholo feela SEBOPEHO 5 4 3 2 0–1 - Kgodiso ya sehlooho ke e babatsehang - Dintlha ke tse loketseng mme tse - Dintlha tse loketseng di hodisa - Tse ding tsa dintlha ke tse - Dintlha tsa bohlokwa di a Makgetha a tema: - katoloso ya dintlha ke e ikgethang hodisang sehlooho sehlooho ka tsela e mahareng utlwahalang haella Popeho ya dipolelo le - dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela - momahano e bopilweng ke e - dipolelo le diratswana di bopilwe ka - dipolelo le diratswana di na le - dipolelo le diratswana tse kgodiso ya diratswana le e ikgethang supang bokgoni tsela e mahareng diphoso hlahisitsweng ke tse bolelele bo hlokehang - dipolelo le diratswana di loketse - moqoqo o ntse o hlahisa moelelo - Moqoqo o a utlwisiseha le ha o le fosahetseng nehelano mme di fapafapanngwa ka diphoso - moqoqo ha o na moelelo o MATSHWAO A 5 tshwanelo lebelletsweng MATSHWAO 40–50 30–39 20–29 10–19 0–9 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2024) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 5 KAROLO YA A: MOQOQO MATSHWAO A SEBEDISWANG HO BONTSHA DIPHOSO HA HO TSHWAUWA MOQOQO SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: SEKALA SA HO TSHWAYA MOQOQO MATSHWAO: [50] Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo / dikgutsufatso Dikahare le Moralo 30 DM = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 15 PST = Sebopeho 5 Seb = Matshwao ohle 50 Ditaelo ho motshwai: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela karolong ya A. • Karolo e nngwe le e nngwe e na le ruburiki ya yona. • Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng ho tshwaya tema e nngwe le e nngwe. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho ya ka kgato ya pele feela. ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya ditema Batshwai ba etse tse latelang ha ba tshwaya: Ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka hodima lentswe/polelo ka tshebediso ya matshwao a latelang: o / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arohana; o -,+ bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; o Mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; o Mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; o Mt bakeng sa tshebediso e fosahetseng ya matshwao a puo, kapa ho ngotswe letshwao moo le sa hlokeheng teng; o P bakeng sa tshebediso ya puo ka tsela e fosahetseng/e sa amoheleheng kapa eo e seng ya setlwaedi; o  bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe le/e siilweng pakeng tsa mantswe a mang; o // bakeng sa ho qala seratswana se setjha/ho arola diratswana Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2024) KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 2.1 LENGOLO LA SETSWALLE/ SETLWAEDI Sebopeho • Aterese e nngwe, ya mongodi, mme e ngolwa e qala hodimo bohareng ba leqephe ho tloha letsohong le letshehadi ho ya ho le letona. • Aterese e ngolwa ka mokgwa wa boloko; ha ho ngolwe matshwao a puo, ntle le ha ho sebedisitswe aterese ya lebokoso la poso. • Aterese ya moamohedi ha e hlahiswe mofuteng ona wa lengolo; • Ka mora mohla ho tlolwa mola, ebe ho tla tumediso; yona e ngolwa ka letsohong le letshehadi, haufi le moo leqephe le qalang. Hlokomela hore ha ho ngolwe letshwao la puo ka mora tumediso; • Seratswana sa selelekela se lokela ho ba sekgutshwane, mme se omele ditaba kapa se totobatse sepheo sa lengolo; • Mmele wa lengolo o ahwe ka diratswana tse seng kae; di ka ba tharo kapa ho feta, mme mona ke moo ya ngolang a nontshang taba tsa hae tse mabapi le sehlooho sa lengolo; • Qetelo ya lengolo ke e kgutshwane ka tlwaelo, mme e phethela ditaba; • Lengolong la setlwaedi ha ho hlokehe hore o ngole fane ya hao. Dikahare tse ka lebellwang: Mohlahlobuwa o ngola lengolo leo ho lona a kopang malome wa hae ho mo buela le batswadi ba hae hore a nke lekala la mmino. [25] 2.2 LENGOLO LA SEMMUSO Sebopeho • Aterese di pedi. • Aterese ya mongodi wa lengolo e ngolwa ho tloha mahareng a leqephe ho leba letsohong le letona, e nto latelwa ke letsatsi, kgwedi le selemo; • Aterese ya ya ngollwang e ngolwa ka letsohong le letshehadi. E qala ka maemo a tshebetso a ya ngollwang ebe ho latela aterese ya hae ka botlalo; • Tlasa aterese ho ngolwa tumediso (Monghadi, mofumahadi kapa mofumahatsana), le dikgutsufatso di amohelehile (Mong/ Mof) • Tlasa tumediso ho ngolwa mola wa sehlooho – o totobatsang sepheo sa lengolo leo. • Kamora mola wa sehlooho ho ngolwa seratswana sa selelekela seo e leng ntshetsopele ya ditaba. • Qetelo ke ya semmuso, mme e ngolwa e le “Ka botshepehi, Ka boikokobetso”; • Ya ngolang o lokela ho saena pele, a nto ngola lebitso la hae ka botlalo ka tlase. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2024) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 7 Dikahare tse ka lebellwang: Mohlahlobuwa o ngolla mookamedi wa Unibesithi efe ka efe e Afrika Borwa, mme a kope sebaka sa ho ithuta selemong se tlang. [25] 2.3 TSA BOPHELO BA MOFU Ena ke tema eo ho yona ho ngolwang ditaba tse amanang le mofu. Matshwao a ikgethang a sebopeho sa tema ena: • Mofu ke mang, wa ha mang; • Tlhaho ya hae: Sebaka moo a hlahetseng teng, letsatsi la tswalo le selemo; • Tsa kgolo ya mofu; Dithuto, mosebetsi, lenyalo le bana, • Tsa lefu la hae: Letsatsi le mokgwa oo a hlokahetseng ka wona; • Maballo: Bao a ba siyang; • Theneketso ya seboko sa hae. [25] 2.4 ATIKELE E YANG MAKASINENG Ena ke tokomane ya dikgokahano e yang makasineng. Sebopeho • Atikele e ba le sehlooho se matla se bileng se hohelang mahlo a mmadi; • Lebitso la moqolotsi wa ditaba le sebaka seo atikele e ngolletsweng teng di ngolwa ka hodima seratswana sa pele; • E arolwa ka dikholomo tse bopilweng ka diratswana tse kgutshwane; • Ditaba di hlahiswa ka sebopeho sa phiramiti/fanele; Dikahare tse ka lebellwang: Mohlahlobuwa a thoholetse batjha ba ipopileng ho etsa mesebetsi ya matsoho ka lebaka la tlhokeho ya mesebetsi. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2024) 2.5 INTHAVIU E NGOLWANG Ke tsela e nngwe ya puisano e ikgethang dipakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta. E mong o tla botsa mme e mong a mo arabe ka ho fana ka tlhahisoleseding e itseng. Sebopeho: • Lebitso la sebui le ngolwa ka letsohong le letshehadi la leqephe mme le latelwe ke letshwao la kgutlopedi. • Mmotsi o nehelana ka tlhahisoleseding e amanang le sepheo sa puisano. • Mmeleng mmotsi o botsa mmotsuwa dipotso tse tsamaelanang le sehlooho eleng ho buisana le moithuti ya ipabotseng ka ho hlahella maemong a pele puong ya Sesotho lebatoweng la habo. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a fane ka sepheo sa inthaviu e leng ho buisana le moithuti ya ipabotseng ka ho hlahella maemong a pele puong ya Sesotho lebatoweng la habo. [25] 2.6 PUO Sebopeho • Puo e ka ba polelo kapa polediso ya bohlale, e tla hohela le ho qahamisa ditsebe tsa bamamedi. • Dintlha di hlophiswe ka bokgeleke hore puo e phalle. • Dipolelo e be tse kgutshwane, tse kenyeleditseng bonono ho natefisa puo. • Puo e be le phallo: ho be le selelekela, mmele wa dintlha tse momahaneng le qetelo e monate. • Dintlha e be tsa nnete. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a lebohe ho fuwa sebaka sa ho etsa puo; • A totobatse sepheo sa ho nehelana ka puo eo e leng ho leboha ditho tsa lekgotla la kereke tse ileng tsa nehelana ka dieta ho baithuti ba hlokang sekolong sa habo. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2): 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2024) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 9 RUBURIKI YA HO LEKANYETSA TEMA YA KGOKAHANO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang lekanyetsa babatsehang bokgoni feela DIKAHARE, MORALO 13–15 10–12 7–9 4–6 0–3 LE SEBOPEHO - Nehelano e - Nehelano e ntle - Nehelano e lekaneng - Nehelano ya motheo e - Nehelano e totobatsa babatsehang ya haholo e bontshang e bontshang tsebo ya bontshang tsebo ya kgaello ya tsebo ya Tshekatsheko ya sehlooho e supang tsebo e ntle ya makgetha a mofuta makgetha a itseng feala makgetha a mofuta sehlooho le mehopolo bokgoni bo ikgethang makgetha a mofuta ona wa tema a mofuta ona wa tema ona wa tema Tlhophiso ya mehopolo - Mehopolo e matla e ona wa tema - Nehelano ha e a - Nehelano e na le - Moelelo o Kelohloko ya butswitseng - Nehelano ha e kgere e tsepama sehloohong tsepamo e itseng feela nyotobetswa ke ho maikemisetso, - Tsebo e batsi ya tsepame sehloohong ka ho phethahala ho sehloohong empa e a kgera ho hoholo baamohedi ba ditaba, le makgetha a mofuta - Mehopolo le dikahare na le ho kgera ho kgera - Mehopolo le dikahare maemo ona wa tema ke tse momahaneng, itseng - Mehopolo le dikahare ha di na momahano - Nehelano ha e kgere e tse hlalositsweng ka - Mehopolo le dikahare ha se ka mehla di - Ke dintlha tse MATSHWAO A 15 tsepame sehloohong botebo, mme dintlha di di na le momahano e momahaneng mmalwa haholo tse - Mehopolo le dikahare tshehetsa sehlooho amohelehang - Sehlooho se tshehetsang sehlooho ke tse momahaneng - Sebopeho ke se - Ke dintlha tse itseng tshehetswa ke dintlha - Ha ho na boiteko bo - Dintlha tsohle di loketseng se nang le feela tse tshehetsang tse itseng feela entsweng ho sebedisa tshehetsa sehlooho diphoso tse mmalwa sehlooho - Sebopeho se foofo sebopeho se mme di hlalositswe ka - Ka kakaretso sebopeho feela, mme se na le nepahetseng botebo ke se loketseng empa bohlotsa bo boholo - Sebopeho ke se se nang le diphoso tse nepahetseng itseng PUO, SETAELE LE HO 9–10 7–8 5–6 3–4 0–2 HLAOLA DIPHOSO - Sehalo, rejistara, - Sehalo, rejistara - Sehalo, rejistara, - Sehalo, rejistara, - Sehalo, rejistara, setaele, le tlotlontswe setaele, le tlotlontswe setaele le tlotlontswe setaele le tlotlontswe setaele le tlotlontswe Sehalo, rejisetara, di loketse ka ho di loketse ka ho fetisisa di loketse ha di a lokela ha di dumellane le setaele, maikemisetso, fetisisa maikemisetso, maikemisetso, maikemisetso, maikemisetso, maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba baamohedi ba ditaba baamohedi ba ditaba baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maemo. le maemo le maemo le maemo maemo hantle maemo Tshebediso ya puo, - Tshebedisano ya puo - Ka kakaretso - Nehelano e na le - Tshebediso ya puo e - Nehelano e tletse tlwaelo ya tshebediso e nepahetse e bile e tshebediso ya puo ke e diphoso tse itseng tsa fosahetse e bile e tletse diphoso e dubakane ya puo, kgetho ya bopehile hantle nepahetseng e bileng tshebediso ya puo diphoso tse ngata - Tlotlontswe ha e mantswe, matshwao a - Nehelano ha e na e bopehile hantle - Tshebediso ya - Tshebediso e seng kae dumellane le maemo ho bala le mopeleto diphoso - Tshebediso ya tlotlontswe ke e ya tlotlontswe - Moelelo o nyotobetse tlotlontswe e ntle haholo lekaneng - Moelelo o nyotobetse haholo MATSHWAO A 10 - Nehelano boholo ha e - Diphoso ha se tse na diphoso nyotobetsang moelelo MATSHWAO 20–25 15–19 10–14 5–9 0–4 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 10 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2024) KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: SEKALA SA HO TSHWAYA DITEMA TSA KGOKAHANO MATSHWAO: [25] Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare le Moralo ke Sebopeho 15 DMS = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 10 PST = Matshwao ohle 25 Ditaelo ho motshwai: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka dihlooho tse PEDI karolong ena. • Karolo e nngwe le e nngwe e na le ruburiki ya yona. • Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng ho tshwaya tema e nngwe le e nngwe. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho ya ka kgato ya pele feela. ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya ditema Batshwai ba etse tse latelang ha ba tshwaya: Ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka thoko ka tshebediso ya matshwao a latelang: o / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arolwa; o -,+ bakeng sa ho kopanya mantswe a arotsweng empa a ngolwa a kopane; o Mn bakeng sa mongolo (0rthography) o fosahetseng; o Mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; o Mt bakeng sa tshebediso e fosahetseng ya matshwao a puo, kapa ho ngotswe letshwao moo le sa hlokeheng teng; o P bakeng sa tshebediso ya puo ka tsela e fosahetseng / e sa amoheleheng kapa eo e seng ya setlwaedi; o  bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe le / e siilweng pakeng tsa mantswe a mang. o // bakeng sa ho qala seratswana se setjha. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all