Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 3 Eastern Cape Mock 2020 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12202010 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 memorandum from the Eastern Cape Mock Exam 2020, 10 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2020

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 LOETSE 2020 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 100 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 10.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO PUO YA LAPENG (EC/LOETSE 2020) KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 1.1 Mohlang oo ka hlapanya hore nke ke ka dumela ho boela ke hlekefetswa. Mohlahlobuwa a ka qoqa ka tlhekefetso a ileng a feta ho yona. Dikahare:  Mohlahlobuwa a ka qoqa ka moo a ileng a hlekefetswa ka teng le ka moo a ithutileng ho itshireletsa ka mora tlhekefetso eo ya pele. [50] 1.2 Ba rate le ha ba o hloile. Mohlahlobuwa a ka qoqa ka lehloyo la metswalle kapa mang feela ya amanang le yena. Dikahare:  Mohlahlobuwa a ka qoqa ka moo lehloyo le sulafalletsang motho bophelo ka teng. A bontshe molemo wa ho tshwarela ba o entseng ha mpe. [50] 1.3 Selemo sa 2020 se bonahala se fupere diphephetso. Mohlahlobuwa o kgetha lehlakore la hae, mme a le tshehetse ka dintlha tse utlwahalang. Dikahare:  Mohlahlobuwa a ka tiisa ka mehlala e bontshang kapa e bontshitseng hore selemo sa 2020 se fupere diphephetso.  Mohlahlobuwa e mong a ka hanana le sena mme yena a bone selemo sena e le sa katleho feela. [50] 1.4 Ke ile ka lemoha hore mantswe a hae a a nkaha. Mohlahlobuwa a ka qoqa ka motho eo a neng a bua le yena kapa a mo mametse. Dikahare:  Mohlahlobuwa a ka qoqa ka mantswe a bohlokwa a neng a buuwa ke motho eo a neng a mo mametse, a bontshe hore na ke hobaneng a lemohile hore mantswe ao a ile a mo aha. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 3 1.5 Ho kgalema ka thata ha se ho shapa/ho otla, kgalemo le lerato di tsamaya mmoho. Mohlahlobuwa o hlahisa mahlakore a mabedi a taba, mme o a tshehetsa ka dintlha tse lekalekanang. Dikahare:  Mohlahlobuwa o lokela ho tshehetsa ntlhakemo ya hae ka hore motho o a kgalemelwa ho bontshwa lerato ho yena. Ka lehlakoreng le leng e hlohlelletsa lehloyo le tshotlo ho ya ka tsela eo ho kgalengwang ka yona. [50] 1.6 Setshwantsho sa 1.6.1, 1.6.2 le 1.6.3 Mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a iqapele sehlooho a itshetlehile ka mohopolo wa sehlooho o qholotswang ke setshwantsho seo a se kgethileng. Dikahare:  Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo a o fumaneng ka setshwantsho. [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 (EC/LOETSE 2020) RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQQO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 50] Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa DIKAHARE LE MORALO 28–30 22–24 16–18 10–12 4–6 - Nehelano e bontshang kutlwisiso e - Nehelano e ralehileng hantle haholo; - Nehelano ke e kgotsofatsang - Nehelano e momahane mona le - Nehelano e tswile lekoteng (Tshekatsheko ya babatsehang ya sehlooho e supang - Mehopolo e tsamaellana le sehlooho ditlhokeho mane ho hang sehlooho) tlhophiso ya bokgoni bo ikgethang ka botlalo,e a kgahlisa mme e na le - Mehopolo e momahane ka tsela e - Mehopolo ke e seng ya boiqapelo - Mehopolo ke e sa Boemo bo hodimo mehopolo le dintlha, - Mehopolo e bontsha boqhetseke, e bopaki ba mehopolo e sutsitseng; kgotsofatsang le e kgodisang mme e sa hlakang tsepamang e dubakaneng kelohloko ya baamohedi phephetsa monahano mme ke e - e hlophisitswe hantle haholo ka tsela - e hlophisitswe ka tsela e - Ho na le bopaki bo seng bokae - Ha e utlwahale mme ba ditaba, maikemisetso sutsitseng; e ikgethang mme e momahane ka utlwisisehang mme e momahane ka ba tlhophiso le momahano ya dintlha di a phetakakwa le maemo - e hlophisitswe hantle ka tsela e tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, mosebetsi - Ha e a hlophiswa ka ikgethang/babatsehang mme e momahane mmele le qetelo mmele le qetelo tshwanelo le momahano ha MATSHWAO A 30 ka tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, e yo mmele le qetelo 25–27 19–21 13–15 7–8 0–3 - Nehelano e tswileng matsoho le ha e Nehelano e radilweng hantle - Nehelano e a kgotsofatsa le ha e sa - Nehelano boholo e tswile - Boiteko ha bo yo ba ho haellwa ke dintlha tse ikgethang tsa - Mehopolo ke e loketseng mme e hlaka mona le mane lekoteng arabela sehlooho moqoqo o babatsehang thahasellisang - Mehopolo e momahane le ho - Mehopolo ha e a momahana ka - Mehopolo e tswile Boemo bo tlase - Mehopolo ke e sutsitseng mme e bontsha - e hlophisitswe hantle ka tsela e kgodisa ka tsela e mahareng; tshwanelo mme e a lahlehisa lekoteng ka ho phethahala, boqhetseke; ikgethang mme e momahane ka - ho na le tlhophiso le momahano e - Nehelano ha e na bopaki ba ha e a nepahala - e hlophisitswe hantle ka tsela e tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, itseng ho kenyeditswe le tlhophiso le momahano - nehelano ha e a tsepama bontshang bokgoni mme e momahane ka mmele le qetelo selelekela,mmele le qetelo. sehloohong, mme e tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, dubakane mmele le qetelo Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa PUO,SETAELE LE 14–15 11–12 8–9 5–6 0–3 TOKISO YA DIPHOSO - Sehalo,rejisetara,setaele le,tlotlontswe di - Sehalo, rejisetara, setaele le - Sehalo, rejisetara, setaele le - Sehalo, rejisetara, setaele le - Puo e sebedisitsweng ha Sehalo, rejisetara, loketse sepheo ka tsela e tlotlontswe di loketse tlotlontswe di loketse sepheo, tlotlontswe ha di a lokela sepheo, se e utlwisisehang; setaele, tlotlontswe ke tse babatsehang,baamohedi ba ditaba mmoho sepheo,baamohedi ba ditaba mmoho le baamohedi ba ditaba mmoho le baamohedi ba ditaba mmoho le - sehalo, rejisetara, setaele lokelang sepheo/ le maemo; maemo haholo; maemo; maemo; le tlotlontswe ha di a lokela tshusumetso le maemo, - tshebediso ya hae ya puo e a ikgetha, - tshebediso ya puo e matla mme ho - tshebediso ya puo ke e loketseng, - puo e sebedisitswe feela ka tsela baamohedi ba ditaba, Boemo bo tlase Boemo bo hodimo kgetho ya mantswe, mme e bontsha boitshepo ka tsela e sebedisitswe sehalo se loketseng ka mme e fetisa moelelo ka tshwanelo ya motheo; sepheo le maemo; tshebediso ya puo le tsotehang nako tsohle; - puo ya bonono ke e loketseng - sehalo mmoho le moelelo o - tshebediso ya tlotlontswe e tlwaelo, matshwao a ho - o sebedisitse sehalo se matla mme se - boholo ba mosebetsi ha o na diphoso mme e sebedisitswe ka tshwanelo hlahiswang ke tema ke tse sa haellang haholo hoo bala le mopeleto susumetsang ka tsela e ikgethang tsa tshebediso ya puo le mopeleto - O radilwe ka tsela e mahareng feela lokelang; nehelano e sa utlwisiseheng - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa - o radilwe hantle ka tshwanelo - ho sebedisitswe tlotlontswe ya MATSHWAO A 15 mopeleto motheo feela - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang 13 10 7 4 - Tshebediso ya puo ke e nepahetseng - Tshebediso ya puo ke e sefutho mme - Tshebediso ya puo ke e - Puo ke ya motheo feela mme e mme e susumetsang sehalo sa tema e loketseng maemo kgotsofatsang le ha ho na le ho sa sebedisitswe ka tsela e haellang - e batla e hloka diphoso tsa puo le tsa - sehalo ke se matla mme se loketseng tsamaelane mona le mane - popeho ya dipolelo ke e mopeleto - ho na le diphoso tse seng kae tsa puo - kakaretso sehalo ke se loketseng le tshwanang e se nang motswako - e radilwe ka bokgoni bo tsotehang le tsa mopeleto ha puo ya bonono e le e haellang - tlotlontswe e haella haholo feela - e radilwe hantle SEBOPEHO 5 4 3 2 0–1 - Kgodiso ya sehlooho ke e babatsehang - Dintlha ke tse loketseng mme tse - Dintlha tse loketseng di hodisa - Tse ding tsa dintlha ke tse - Dintlha tsa bohlokwa di a Makgetha a tema: - katoloso ya dintlha ke e ikgethang hodisang sehlooho sehlooho ka tsela e mahareng utlwahalang haella Popeho ya dipolelo le - dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela - momahano e bopilweng ke e supang - dipolelo le diratswana di bopilwe ka - dipolelo le diratswana di na le - dipolelo le diratswana tse kgodiso ya diratswana le e ikgethang bokgoni tsela e mahareng diphoso hlahisitsweng ke tse bolelele bo hlokehang - dipolelo le diratswana di loketse - moqoqo o ntse o hlahisa moelelo - Moqoqo o a utlwisiseha le ha o le fosahetseng nehelano mme di fapafapanngwa ka diphoso - moqoqo ha o na moelelo o MARSHWAO A 5 tshwanelo lebelletsweng MATSHWAO 40–50 30–39 20–29 10–19 0–9 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 5 KAROLO YA A: MOQOQO MATSHWAO A SEBEDISWANG HO BONTSHA DIPHOSO HA HO TSHWAUWA MOQOQO SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: SEKALA SA HO TSHWAYA MOQOQO MATSHWAO: [50] Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo/dikgutsufatso Dikahare le Moralo 30 DM = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 15 PST = Sebopeho 5 Seb = Matshwao ohle 50 Ditaelo ho motshwayi:  Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela karolong ya A.  Karolo e nngwe le e nngwe e na le ruburiki ya yona.  Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng ho tshwaya tema e nngwe le e nngwe.  Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang:  Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho ya ka kgato ya pele feela.  Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela.  Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya ditema Batshwayi ba etse tse latelang ha ba tshwaya: Ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka hodima lentswe/polelo ka tshebediso ya matshwao a latelang: o / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arohana; o -,+ bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; o Mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; o Mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; o Mt bakeng sa tshebediso e fosahetseng ya matshwao a puo, kapa ho ngotswe letshwao moo le sa hlokeheng teng; o P bakeng sa tshebediso ya puo ka tsela e fosahetseng/e sa amoheleheng kapa eo e seng ya setlwaedi; o  bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe le/e siilweng pakeng tsa mantswe a mang; o // bakeng sa ho qala seratswana se setjha/ho arola diratswana. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 (EC/LOETSE 2020) KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 2.1 LENGOLO LA TLETLEBO Sebopeho  Aterese ya mongodi wa lengolo e ngolwa ho tloha mahareng a leqephe ho leba ka letsohong le letona, e nto latelwa ke letsatsi, kgwedi le selemo, feela jwalo ka lengolo la setlwaedi.  Aterese ya ya ngollwang (moamohedi) e ngolwa ka letsohong le letshehadi. Aterese ya moamohedi e etellwe pele ke maemo a tshebetso a ya ngollwang, ebe ho latela aterese ya hae ka botlalo.  Tlasa aterese ho ngolwe tumediso (Monghadi, Mofumahadi kapa Mofumahatsana).  Tlasa tumediso ho ngolwa mola wa sehlooho - o totobatsang sepheo sa lengolo leo.  Ka mora mola wa sehlooho ho ngolwa seratswana sa selelekela seo e leng ntshetsopele ya ditaba.  Ho feta mona seratswana se seng le se seng ke se matlafatsang mahlakore a fapaneng a taba eo ho buuwang ka yona. Ho siuwe mola dipakeng tsa diratswana.  Qetelo le yona e be ya puo ya semmuso, mme e ka ngolwa e le; Ka botshepehi, ka boikokobetso, jj.  Ya ngolang lengolo o lokela ho ngola lebitso la hae ka botlalo ka mora qetelo, ebe o a saena ka mora lebitso ka botlalo. Dikahare:  Mohlahlobuwa a ka hlahisa sepheo sa lengolo leo ho lona a tletlebang ka borokgo bo weleng ka nako ya dipula tsa lehlabula. 2.2 PUO Sebopeho  Pulo e ka ba polelo kapa polediso ya bohlale, e tla hohela le ho qahamisa ditsebe tsa bamamedi.  Dintlha di hlophiswe ka boqhetseke hore puo e phalle.  Dipolelo e be tse kgutshwane, tse kenyeleditseng bonono ho natefisa.  Puo e be le phallo: ho be le selelekela, mmele wa dintlha tse momahaneng le qetelo e monate.  Dintlha e be tse kgolwehang. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 7 2.3 ATIKELE E YANG KORANTENG Sebopeho  Atikele e ba le sehlooho se matla se bileng se hohelang mahlo;  Lebitso la moqolotsi wa ditaba le sebaka seo atikele e ngoletsweng ho sona di ngolwa ka hodima seratswana sa pele;  E arolwa ka dikholomo tse bopilweng ka diratswana tse kgutshwanyane;  Le ha mohlahlobuwa a sa ngola atikele ka tsela ya dikholomo a se fuwe kotlo;  Ditaba di hlahiswe ka tsela ya phiramiti. Dikahare:  Mohlahlobuwa a ka hlalosa sepheo sa ho bula sebaka sena le hore se fumaneha kae. [25] 2.4 TEKOLOKAKARETSO Sebopeho Dihloohwana tse ka sebediswang ha ho ngolwa tekolokakaretso e ka ba tse latelang:  Lebitso la tshwantshiso  Mongodi  Motsamaisi  Mohale/bahale ba tshwantshiso  Dintlhakgolo tsa tshwantshiso  Dikgaello  Dintlafatso Dikahare:  Mohlahlobuwa a ngole tekolokakaretso ka tshwantshiso, mme a hlahise maikutlo a hae ha a phethela. [25] 2.5 PUISANO Sebopeho Puisano ke tema e ngolwang ho hlahisa puisano e teng pakeng tsa batho ba babedi. Dikahare:  Mohlahlobuwa a ka bua ka sepheo sa puisano, e leng ho kgothatsa motswalle wa hae ya robehileng hore a be le tshepo ya hore o ntse a tla tseba ho tsamaya hape. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2020) 2.6 OBITJHUARI/TSA BOPHELO BA MOFU Ena ke tokomane eo ho yona ho ngolwang ditaba tse amanang le mofu. Matshwao a ikgethang a sebopeho sa tema ena:  Mofu ke mang, wa ha mang;  Tlhaho ya hae: Sebaka moo a hlahetseng teng, letsatsi la tswalo le selemo;  Tsa kgolo ya mofu; dithuto, mosebetsi, lenyalo,jj;  Tsa lefu la hae: letsatsi le mokgwa oo a hlokahetseng ka wona;  Maballo: bao a ba siyang;  Dithoko kapa theneketso ya seboko sa hae. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2): 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA : 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 9 RUBURIKI YA HO LEKANYETSA TEMA YA KGOKAHANO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang lekanyetsa babatsehang bokgoni feela DIKAHARE, MORALO 13–15 10–12 7–9 4–6 0–3 LE SEBOPEHO - Nehelano e - Nehelano e ntle haholo - Nehelano e lekaneng e - Nehelano ya motheo e - Nehelano e totobatsa babatsehang ya e bontshang tsebo e bontshang tsebo ya bontshang tsebo ya kgaello ya tsebo ya Tshekatsheko ya sehlooho e supang ntle ya makgetha a makgetha a mofuta ona makgetha a itseng feala makgetha a mofuta sehlooho le mehopolo bokgoni bo ikgethang mofuta ona wa tema wa tema a mofuta ona wa tema ona wa tema Tlhophiso ya mehopolo - Mehopolo e matla e - Nehelano ha e kgere e - Nehelano ha e a - Nehelano e na le - moelelo o nyotobetswa Kelohloko ya butswitseng tsepame sehloohong tsepama sehloohong ka tsepamo e itseng feela ke ho kgera ho hoholo maikemisetso, - Tsebo e batsi ya - Mehopolo le dikahare ho phethahala ho na le sehloohong empa e a - Mehopolo le dikahare baamohedi ba ditaba, le makgetha a mofuta ona ke tse momahaneng, ho kgera ho itseng kgera ha di na momahano maemo wa tema tse hlalositsweng ka - Mehopolo le dikahare - Mehopolo le dikahare - Ke dintlha tse mmalwa - Nehelano ha e kgere e botebo, mme dintlha di di na le momahano e ha se ka mehla di haholo tse tshehetsang MATSHWAO A 15 tsepame sehloohong tshehetsa sehlooho amohelehang momahaneng sehlooho - Mehopolo le dikahare - Sebopeho ke se - Ke dintlha tse itseng - Sehlooho se - Ha ho na boiteko bo ke tse momahaneng loketseng se nang le feela tse tshehetsang tshehetswa ke dintlha entsweng ho sebedisa - Dintlha tsohle di diphoso tse mmalwa sehlooho tse itseng feela sebopeho se tshehetsa sehlooho - Ka kakaretso - Sebopeho se foofo nepahetseng mme di hlalositswe ka sebopeho ke se feela, mme se na le botebo loketseng empa se nang bohlotsa bo boholo - Sebopeho ke se le diphoso tse itseng nepahetseng PUO, SETAELE LE HO 9–10 7–8 5–6 3–4 0–2 HLAOLA DIPHOSO - Sehalo, rejistara, - Sehalo, rejistara - Sehalo, rejistara, - Sehalo,rejistara, - Sehalo, rejistara, setaele, le tlotlontswe di setaele, le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe ha setaele le tlotlontswe Sehalo, rejisetara, loketse ka ho fetisisa loketse ka ho fetisisa loketse maikemisetso, di a lokela ha di dumellane le setaele, maikemisetso, maikemisetso, maikemisetso, baamohedi ba ditaba le maikemisetso, maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maemo baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maemo. maemo maemo - Nehelano e na le maemo hantle maemo Tshebediso ya puo, - Tshebedisano ya puo - Ka kakaretso diphoso tse itseng tsa - Tshebediso ya puo e - Nehelano e tletse tlwaelo ya tshebediso ya e nepahetse e bile e tshebediso ya puo ke e tshebediso ya puo fosahetse e bile e tletse diphoso e dubakane puo, kgetho ya bopehile hantle nepahetseng e bileng e - Tshebediso ya diphoso tse ngata - Tlotlontswe ha e mantswe, matshwao a - Nehelano ha e na bopehile hantle tlotlontswe ke e - Tshebediso e seng kae dumellane le maemo ho bala le mopeleto diphoso - Tshebediso ya lekaneng ya tlotlontswe - Moelelo o nyotobetse tlotlontswe e ntle haholo - Diphoso ha se tse - Moelelo o nyotobetse haholo MATSHWO A 10 - Nehelano boholo ha e nyotobetsang moelelo na diphoso MATSHWAO 20–25 15–19 10–14 5–9 0–4 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 10 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 (EC/LOETSE 2020) KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: SEKALA SA HO TSHWAYA DITEMA TSA KGOKAHANO MATSHWAO: [25] Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare, Moralo le Sebopeho 15 DMS = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 10 PST = Matshwao ohle 25 Ditaelo ho motshwayi:  Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka dihlooho tse PEDI karolong ena.  Karolo e nngwe le e nngwe e na le ruburiki ya yona.  Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng ho tshwaya tema e nngwe le e nngwe.  Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang:  Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho ya ka kgato ya pele feela.  Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela.  Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya ditema Batshwayi ba etse tse latelang ha ba tshwaya: Ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka thoko ka tshebediso ya matshwao a latelang: o / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arolwa; o -,+ bakeng sa ho kopanya mantswe a arotsweng empa a ngolwa a kopane; o Mn bakeng sa mongolo (0rthography) o fosahetseng; o Mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; o Mt bakeng sa tshebediso e fosahetseng ya matshwao a puo, kapa ho ngotswe letshwao moo le sa hlokeheng teng; o P bakeng sa tshebediso ya puo ka tsela e fosahetseng / e sa amoheleheng kapa eo e seng ya setlwaedi; o  bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe le / e siilweng pakeng tsa mantswe a mang. o // bakeng sa ho qala seratswana se setjha. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all