Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 3 Eastern Cape Mock 2016 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12201611 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 memorandum from the Eastern Cape Mock Exam 2016, 11 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2016

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2016 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 MEMORANTAMO MATSHWAO: 100 Memorantamo ena e na le maqephe a 11.
2 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2016) KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 1.1 Ditokelo di tsamaya le boikarabelo: Moqoqo o hlalosang. Moqoqo ona o hlalosa diketsahalo tsa boiqapelo tse kgolwehang. Mohlahlobuwa a ngole ditaba tsa hae jwalo ka ha a di tsota. Dikahare tse lebelletsweng ke tse kenyelletsang tse latelang: - a hlalose ditokelo tseo mmuso o di fileng bohle, haholo batjha, mme a bontshe hore di tsamaya le boikarabelo. - a ka bua ka tokelo ya ho kena sekolo, ho rutwa le boikarabelo ba ho mamela, ho kgalemeleha le ho phetha mesebetsi. - a ka bua tokelo ya ho ba le lehae le bahlokomedi, le boikarabelo ba kgodiso le ho baballa tsohle. - a ka bua ka tokelo ya ho rata/ratwa le boikarabelo ba ho itlhompha le ho itshwara hantle. - a ka bua ka tokelo ya ho bua ka bolokolohi le boikarabelo ba ho hlompha maikutlo a batho jj [50] 1.2 Ho rua diphoofolo le ho lema masimo ho na le melemo le dipoelomorao:-Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore. Mofuteng ona wa moqoqo mohlahlobuwa o sekaseka sehlooho, ebe o nehelana ka dintlha tse tshehetsang le tse hanyetsanang le sehlooho. Moqoqo ona ha o nke lehlakore, mme o nehelana ka maikutlo mahlakoreng a mabedi a sehlooho. Dikahare tse lebelletsweng di ka kenyelletsa tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a bontshe kutlwisiso ya hae ya leruo le temo. - a bontshe hore ho rua diphoofolo le ho lema dijalo ho na le melemo e kang lebese, nama, makoko esita le dijothollo. a bontshe hore morui kapa molemi ha a reke bakeng sa mafu, mekete le meetlo. - bana ba hola ba rutwa boikarabelo ba ho lema, ho disa le setso. - bana ba ka qetella ba ithutetse/latetse lekala la Temo, ba be ba fane ka mesebetsi. - a fane ka dipoelomorao tse bakwang ke maemo a fetofetohang a lehodimo jk komello, dikgohola, lehlwa. - a bontshe hore mashodu le ona a hlorisa barui le balemi. [50] 1.3 Mehato eo nka e nkang ha nka ima dilemong tse tlase ho se le motho ya ka nkgodisetsang ngwana: - Moqoqo wa boimamelo/o tebisang maikutlo. Ke moqoqo wa boimamelo kapa oo ho ona mongodi a hlahisang maikutlo a hae hodima sehlooho, a se nahanisisa ka botebo. Mongodi o nahana ka ntlha e itseng e be o fana ka maikutlo le mehopolo eo e leng ya hae. Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - Karolo e nkuweng ke basadi boitsekong ba kgatello le kgethollo ya mmala, basadi ba jwalo ka boLillian Ngoyi ba ho lwanela dipasa - Ba ka bua ka baetapele ba basadi bao ba ba tsebang, ba jwalo ka Nkosazana Dlamini Zuma (boemeding ba matjhaba), Thuli Madonsela (mmuelli wa setjhaba) jj - Ba fane ka diphetoho tse ka tliswang ke boetapele ba basadi maphelong, thutong, tumelong, dipolotiking, le ditshebeletsong tsohle tsa setjhaba. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2016) SESOTHO PUO YA LAPENG 3 3 1.4 Leo letsatsi e ne e le la pina le ketso: -Moqoqo wa phetelo. Moqoqo ona mohlahlobuwa o pheta ho hong ho dumella mmadi ho itemohela sehlooho se hlaloswang ka tsela e hlakileng. Mohlahlobuwa a ngole ditaba tsa hae jwalo ka ha e ka o ne a le teng ha di etsahala. Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tse latelang: - mohlahlobuwa a ka pheta pale eo ho yona a fanang ka mofuta wa monyaka, letsatsi le sebaka. - a bontshe maemo a etellang pele diketsahalo tsa thabo tse felehetswang ke dipina - a fane ka kabelo ya hae monyanyakong oo wa leo letsatsi. - a bolele na ke diketsahalo dife tse ipabotseng tse etsang hore leo letsatsi le se tlohe mehopolong ya hae. [50] 1.5 Tshebediso ya dipalangwang tsa baeti bakeng sa dikoloi tsa malapa, e ka fedisa sephethephethe e fokotse le tshilafalo ya moya: -Moqoqo wa ngangisano/kgang. Mofuteng ona wa moqoqo mohlahlobuwa o sekaseka sehlooho ebe o tsepama dintlheng tse dumellanang kapa tse hanyetsanang le sehlooho, ho ya ka moo a kgethileng ka teng. Mohlahlobuwa a hlahise ntlhakemo ya hae, mme a e tshehetse ka mabaka a utlwahalang. Ntlhakemo ya mohlahlobuwa e lokela ho hlaka ka dinako tsohle. Disebediswa tsa bonono tse fapaneng le mawa a tshusumetso di lokela ho sebediswa. Dikahare tse lebelletsweng di ka kenyelletsa tsena tse latelang: - melemo ya dipalangwang tsa baeti le tsa malapa. - ditlamorao tse bakwang ke ngatafalo ya dipalangwang tseo. Ba tshehetsang tshebediso ya dipalangwang tsa baeti ba ka hlahisa dintlha tse latelang: - ho ka fokotseha dikotsi tse bakwang ke tshubuhlellano ya dipalangwang haholoholo hoseng le mantsiboya. - boramakoloi ba ka boloka tjhelete e rekang mafura(peterole) le ya ho teha. - tjhelete ya ho lefella mebila (toll gates le e-toll) e ka baballeha - mebila e ka nka nako e telele e sa hloke ho lokiswa. - maeto a ka potlaka, mme ha bolokeha nako. - diqabang pakeng tsa bakganni di ka fela - re ka hema moya o hlwekileng, le lelwapi (sepakapaka) le ka baballeha ka ha ho fokotsehile moya o ditshila o tswang dienjeneng tsa dikoloi. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
4 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2016) Ba tshehetsang tshebediso ya dikoloi tsa malapa ba ka hlahisa dintlha tse latelang: - phetoho ya tshubuhlellano e nyane hoba dikoloi tsa malapa di atile haholo. - sephethephethe se sa laoleheng se etswa ke dikoloi tsa baeti hobane ha di kgannwe ke beng ba tsona. - dikotsi tse mpe, tse ngata di bakwa ke bakganni bana hobane ba lelekisa bapalami, hape ba tsekisana ka makgetlo a ho nka baeti. - beng ba dikoloi tsa baeti ha ba tsotelle ho di lokisa ka ha bona ha ba di palame. - batho ba itheketse dikoloi tsa bona ka sepheo sa ho qoba ditlamora Tsa dipalangwang tsa baeti. - mmuso o tshwanela ho etsa ditsela/mebila e tiileng, e bulehileng, o be o kgothalletse diindaseteri ho etsa dikoloi tse sa ntsheng moya o ditshila. [50] 1.6 Thuto eo ke ithutileng yona ka diphoso tsa ka: -Moqoqo wa tlhaloso/ phetelo. Moqoqo ona o hlalosa diketsahalo tsa nnete ka tsela ya boiqapelo, mohlahlobuwa a hlalose ka tsela e hlakileng hore mmadi a tle a kgodisehe ka ho phethahala. Mohlahlobuwa a ka ngola ditaba tsa hae jwalo ka ha eka di etsahetse ho yena kapa a pheta pale e mo fileng thuto kamora ho etsa diphoso. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka totobatsa diketso tse etswang ke batjha tse kgahlanong le boitshwaro bo lebellehileng tse jwalo ka tsena; - a ka qoqa ka ho se mamele batswadi, mme a tswe tseleng. - a ka qoqa ka ho se tsotelle tataiso le kgalemo ya matitjhere, mme a feile. - ho se mamele dithuto tsa kereke, mme boitshwaro bo be bobe. - ho ikamahanya le maqulwana a botlokotsebe le bonokwane. - a ka pheta pale eo qetello ya yona e totobatsang thuto eo a e fumaneng. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2016) SESOTHO PUO YA LAPENG 3 5 1.7 1.7.1 Setshwantsho. E ka ba moqoqo wa mofuta ofe kapa ofe. Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a hlalose kapa a phete ka seo a se bonang ka tsela e kgodisang e bileng e hlakisa ditaba hantle. Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo a o fumanang ka setshwantsho. Dikahare tse lebelletsweng hara tse ding e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka bua ka bohlokwa ba disebediswa tsa thekenoloji. - a ka bua ka thuso eo baithuti ba e fumanang bakeng sa diphuputso,lesedi ka kakaretso le tlotlontswe. - a ka bua ka monyetla wa ho hokahana le metswalle, leloko le lefatshe ka tefo e tlase. - a ka kenyelletsa le ho ithabisa le ho itlosa bodutu. - a boela a bua ka bobe ba disebediswa tsa thekenoloji, tse kang ho hlahisa dintho tse hlabisang ditlhong, ho tsola esita le thobalano. - diinthaneteng tsena batjha ba kopana le bonokwane, bokweta, dipeto, dithethefatsi le ditlhekefetso tsohle. [50] 1.7.2 Setshwantsho. E ka ba moqoqo wa mofuta ofe kapa ofe. Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a hlalose kapa a phete ka seo a se bonang ka tsela e kgodisang e bileng e hlakisa ditaba hantle. Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo a o fumanang ka setshwantsho. Dikahare tse lebelletsweng hara tse ding e ka ba tsena: - mohlahlobuwa a ka bua ka hore tjhelete ke mahlopha a senya. - tjhelete ke makgonatsohle, e nkile boleng ba dikgomo bathong ba batsho. - ka ntle ho tjhelete ha ho thuto, bophelo, bodulo le moruo o a thefuleha. - a bolele bobe bohle bo etswang ke tjhelete, bo jwalo ka; ditlatlapo, ho thuha, dikgwebo tse sa lokang, ho monelana le ho bolayana. - a ka boela a bua le ka sefahleho sa ntate Mandela, ho tlotlwa ha hae ka lebaka la boitelo bohle ba hae. [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
6 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2016) RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQQO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 50] Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa DIKAHARE LE 28–30 22–24 16–18 10–12 4–6 MORALO - Nehelano e bontshang kutlwisiso e babatsehang ya - Nehelano e ralehileng hantle haholo; - Nehelano ke e kgotsofatsang ditlhokeho. - Nehelano e momahane mona le - Nehelano e tswile lekoteng Boemo bo hodimo sehlooho e supang bokgoni bo ikgethang. - Mehopolo e tsamaellana le sehlooho ka - Mehopolo e momahane ka tsela e mane. ho hang. (Tshekatsheko ya - Mehopolo e bontsha boqhetseke, e phepetsa botlalo,e a kgahlisa mme e na le bopaki ba kgotsofatsang le e kgodisang. - Mehopolo ke e seng ya boiqapelo - Mehopolo ke e sa sehlooho) monahano mme ke e sutsitseng; mehopolo e sutsitseng; - e hlophisitswe ka tsela e utlwisisehang mme e sa hlakang. tsepamang e dubakaneng. tlhophiso ya - e hlophisitswe hantle ka tsela e - e hlophisitswe hantle haholo ka tsela e mme e momahane ka tshwanelo ho - Ho na le bopaki bo seng bokae - Ha e utlwahale mme dintlha mehopolo le ikgethang/babatsehang mme e momahane ka ikgethang mme e momahane ka tshwanelo kenyeditswe selelekela, mmele le qetelo. ba tlhophiso le momahano ya di a phetakakwa. dintlha, kelohloko tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, mmele le ho kenyeditswe selelekela, mmele le mosebetsi. - Ha e a hlophiswa ka ya baamohedi ba qetelo. qetelo. tshwanelo le momahano ha e ditaba, yo. maikemisetso le 25–27 19–21 13–15 7–8 0–3 maemo - Nehelano e tswileng matsoho le ha e haellwa ke - Nehelano e radilweng hantle. - Nehelano e a kgotsofatsa le ha e sa hlaka - Nehelano boholo e tswile l - Boiteko ha bo yo ba ho Boemo bo tlase dintlha tse ikgethang tsa moqoqo o babatsehang - Mehopolo ke e loketseng mme e mona le mane. ekoteng. arabela sehlooho. MATSHWAO A 30 - Mehopolo ke e sutsitseng mme e bontsha thahasellisang. - Mehopolo e momahane le ho kgodisa ka - Mehopolo ha e a momahana ka - Mehopolo e tswile lekoteng boqhetseke. - e hlophisitswe hantle ka tsela e ikgethang tsela e mahareng; tshwanelo mme e a lahlehisa. ka ho phethahala, ha e a - e hlophisitswe hantle ka tsela e bontshang bokgoni mme e momahane ka tshwanelo ho - ho na le tlhophiso le momahano e itseng - Nehelano ha e na bopaki ba nepahala. mme e momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe kenyeditswe selelekela, mmele le qetelo. ho kenyeditswe le selelekela,mmele le tlhophiso le momahano. - nehelano ha e a tsepama selelekela, mmele le qetelo. qetelo. sehloohong, mme e dubakane. Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa PUO,SETAELE 14–15 11–12 8–9 5–6 0–3 LE TOKISO YA - Sehalo,rejisetara,setaele le,tlotlontswe di loketse - Sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di - Sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di - Sehalo, rejisetara, setaele le - Puo e sebedisitsweng ha se DIPHOSO sepheo ka tsela e babatsehang,baamohedi ba ditaba loketse sepheo,baamohedi ba ditaba loketse sepheo, baamohedi ba ditaba tlotlontswe ha di a lokela sepheo, e utlwisisehang; Boemo bo hodimo Sehalo, rejisetara, mmoho le maemo; mmoho le maemo haholo. mmoho le maemo. baamohedi ba ditaba mmoho le - sehalo, rejisetara, setaele le setaele, tlotlontswe - tshebediso ya hae ya puo e a ikgetha, mme e bontsha - tshebediso ya puo e matla mme ho - tshebediso ya puo ke e loketseng, mme e maemo; tlotlontswe ha di a lokela ke tse lokelang boitshepo ka tsela e tsotehang sebedisitswe sehalo se loketseng ka nako fetisa moelelo ka tshwanelo - puo e sebedisitswe feela ka tsela baamohedi ba ditaba, sepheo/ - o sebedisitse sehalo se matla mme se susumetsang tsohle. - puo ya bonono ke e loketseng mme e ya motheo; sepheo le maemo; tshusumetso le ka tsela e ikgethang. - boholo ba mosebetsi ha o na diphoso tsa sebedisitswe ka tshwanelo. - sehalo mmoho le moelelo o - tshebediso ya tlotlontswe e maemo, - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa mopeleto tshebediso ya puo le mopeleto. - O radilwe ka tsela e mahareng feela. hlahiswang ke tema ke tse sa l haellang haholo hoo kgetho ya - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang. - o radilwe hantle ka tshwanelo. okelang; nehelano e sa utlwisiseheng. mantswe, - ho sebedisitswe tlotlontswe ya tshebediso ya puo motheo feela. le tlwaelo, 13 10 7 4 Boemo bo tlase matshwao a ho - Tshebediso ya puo ke e nepahetseng mme e - Tshebediso ya puo ke e sefutho mme e - Tshebediso ya puo ke e kgotsofatsang le - Puo ke ya motheo feela mme e bala le mopeleto susumetsang sehalo sa tema loketseng maemo. ha ho na le ho sa tsamaelane mona le sebedisitswe ka tsela e haellang - e batla e hloka diphoso tsa puo le tsa mopeleto - sehalo ke se matla mme se loketseng mane. - popeho ya dipolelo ke e MATSHWAO A 15 - e radilwe ka bokgoni bo tsotehang - ho na le diphoso tse seng kae tsa puo le - kakaretso sehalo ke se loketseng le ha tshwanang e se nang motswako tsa mopeleto. puo ya bonono e le e haellang. - tlotlontswe e haella haholo feela. - e radilwe hantle. SEBOPEHO 5 4 3 2 0–1 - Kgodiso ya sehlooho ke e babatsehang - Dintlha ke tse loketseng mme tse hodisang - Dintlha tse loketseng di hodisa sehlooho - Tse ding tsa dintlha ke tse - Dintlha tsa bohlokwa di a Makgetha a tema: - katoloso ya dintlha ke e ikgethang sehlooho. ka tsela e mahareng. utlwahalang. haella. Popeho ya dipolelo - dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e ikgethang - momahano e bopilwe ke e supang - dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e - dipolelo le diratswana di na le - dipolelo le diratswana tse le kgodiso ya bokgoni. mahareng. diphoso. hlahisitsweng ke tse diratswana le - dipolelo le diratswana di loketse nehelano. - moqoqo o ntse o hlahisa moelelo. - Moqoqo o a utlwisiseha le ha o le fosahetseng. bolelele bo mme di fapafapanngwa ka tshwanelo. diphoso. - moqoqo ha o na moelelo o hlokehang lebelletsweng. MATSHWAO A 5 MATSHWAO 40–50 30–39 20–29 10–19 0–9 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2016) SESOTHO PUO YA LAPENG 3 7 KAROLO YA A: MOQOQO MATSHWAO A SEBEDISWANG HO BONTSHA DIPHOSO HA HO TSHWAUWA MOQOQO SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: SEKALA SA HO TSHWAYA MOQOQO MATSHWAO: [50] Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo/dikgutsufatso Dikahare le Moralo 30 DM = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 15 PST = Sebopeho 5 Seb = Matshwao ohle 50 Ditaelo ho motshwayi: Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela karolong ya A. Karolo e nngwe le e nngwe e na le ruburiki ya yona. Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng ho tshwaya tema e nngwe le e nngwe. Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho ya ka kgato ya pele feela. Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya ditema Batshwayi ba etse tse latelang ha ba tshwaya: Ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka hodima lentswe/polelo ka tshebediso ya matshwao a latelang: o / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arohana; o -,+ bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; o Mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; o Mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; o Mt bakeng sa tshebediso e fosahetseng ya matshwao a puo, kapa ho ngotswe letshwao moo le sa hlokeheng teng; o P bakeng sa tshebediso ya puo ka tsela e fosahetseng/e sa amoheleheng kapa eo e seng ya setlwaedi; o bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe le/e siilweng pakeng tsa mantswe a mang; o // bakeng sa ho qala seratswana se setjha/ho arola diratswana Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
8 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2016) KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 2.1 Kopo ya mosebetsi le tokomane ya boitsebiso (CV) Lengolo la kopo ya mosebetsi le lokela ho tsamaya le tokomane ya boitsebiso. Lengolo ke la semmuso le nang le aterese ya mongodi, ho tlolwe mola pele ho mohla. Le aterese ya Mookamedi wa sepetlele ka letsohong le letshehadi. Tumediso e be e hlomphang, jk Monghadi/Mofumahadi/Mofumahatsana. Ho ngolwe sehlooho sa ditaba, mme qetello e be ya semmuso, e qetelle ka lebitso, fane le motekeno. Tokomane ya boitsebiso e tshwanela ho hlahisa dintlha tsa boitsebiso tse felletseng, tse kang: - tlhahisoleseding ka mongodi jk mabitso, tlhaho, dinomoro tsa kgokahano - mangolo a thuto le boiphihlelo - makgabane a mang a amanang le ditlhoko tsa mosebetsi. - boithabiso, dithahasello le dipaki. [25] 2.2 Tlaleho/Raporoto ya semmuso Raporoto e ngolwa ka mora diphuputso tse ileng tsa etswa, kapa ka mora ketsahalo e bonweng ka mahlo. E fupere dintlha tsa bohlokwa kaofela. Sehalo e be se loketseng bongodi ba semmuso. Sebopeho se hlahise dintlha tse latelang: Sehalo e be se loketseng kopano ena: - motho kapa batho bao raporoto e lebisitseng ho bona. - sehlooho sa raporoto. - ditaba kapa dintlha tseo ho tlalehwang mabapi le tsona (thomo ). - mokgwa wa tshebetso: >diphumano >diqeto >ditlhahiso/ditshisinyo - qetellong e be sikinetjhara(mosaeno), lebitso ka botlalo le mohla. [25] 2.3 Lengolo la semmuso Aterese ya mongodi e tloha bohareng e ya letsohong le letona, ho tlolwe mola ho ngolwe mohla. Aterese ya moamohedi e qale ka boemo ba ya ngollwang jk Ramotse, yona e ka lehlakoreng le letshehadi. Tumediso ke ya semmuso jk Monghadi/Mofumahadi/Mofumahatsana. Sehlooho sa ditaba se ngolwe ka mongolo o moholo kapa se sehellwe mola. Ditaba di tobe thoholetso, ho hlakiswe le mekutu le mawa a entsweng. Qetello ke ya semmuso, e nang le sikinetjhara (mosaeno), lebitso le fane. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2016) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 9 2.4 Puisano Puisano e ngolwa e le ho puo ya mmui, empa matshwao a di-a-bulwa-di- a-kwalwa (‘’ ‘’) ha a sebediswe. Lebitso la sebui le ngolwe ka letsohong le letshehadi la leqephe, le latelwe ke letshwao la kgutlopedi, jk (Ngaka ya setso). Tlhaloso ya tlatsetso e ngolwa ka masakaneng jk Ngaka ya sekgowa: Ha ke utlwisisi seo o se bolelang (a atamela a mo shebile ka hara thaka tsa mahlo). Sehalo le puo di itshetleha kamanong ya dibui, le ho sehlooho sa ditaba. Ho tlolwe mola dipakeng tsa sebui ka seng bakeng sa makgethe. [25] 2.5 Tekolokakaretso Ena ke tema e kang kgutsufatso, mme e hlahisa maikutlo a akaretsang a motho ka seo a se badileng kapa a se lekotseng. E hlahisa ntlhakemo ya mongodi, tse ntle kapa tse mpe. E sebedisa puo e utullang maikutlo ka tshwanelo. Qetellong ho hlahiswa maikutlo a ahlolang. Dikahare tse lebelletsweng di ka kenyelletsa dintlha tse latelang: - mohlahlobuwa a ngole lebitso la buka le la mongodi. - a ngole selelekela se sekgutshwane. - a hlalose dikahare ka bokgutshwane empa ka bokgeleke/bonono. - a totobatse thuto ya bohlokwa eo a e fumaneng. - ha mohlahlobuwa a ngotse ka buka eo a e balang a nkelwe matshwao, empa ha a ngotse ka buka ya sekgowa a se ke a nkelwa matshwao. [25] 2.6 Puo Puo ke tema e reretsweng ho mamelwa mohla monene ke letshwele la batho. E ka nna ya ba le motlae kapa qotso e tla hokahana le puo. Mohlahlobuwa a hlophise le ho latellisa dintlha ka boqhetseke hore puo e phalle. Dikahare tse lebelletsweng di kenyelletsa tse latelang: - sebui se lebohe ho fumantshwa monyetla wa ho etsa puo. - ho utlwahale sepheo sa ho fana ka puo. - sefutho sa kgalemo ya ho bolaya ditshukudu se utlwahale ka puo e hlwahlwa. - thuto ka bobe ba ho ithuisa ka manaka a ditshukudu ka tsela e seng molaong, e hlake, mme puo e phethelwe ka teboho. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2): 50 MATSHWAO OHLE: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
10 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 (EC/LOETSE 2016) RUBURIKI YA HO LEKANYETSA TEMA YA KGOKAHANO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang lekanyetsa bokgoni feela DIKAHARE, MORALO 13–15 10–12 7–9 4–6 0–3 LE SEBOPEHO - Nehelano e - Nehelano e ntle haholo - Nehelano e lekaneng e - Nehelano ya motheo e - Nehelano e totobatsa babatsehang ya e bontshang tsebo e ntle bontshang tsebo ya bontshang tsebo ya kgaello ya tsebo ya Tshekatsheko ya sehlooho e supang ya makgetha a mofuta makgetha a mofuta ona makgetha a itseng feala makgetha a mofuta ona sehlooho le mehopolo bokgoni bo ikgethang. ona wa tema. wa tema. a mofuta ona wa tema. wa tema. Tlhophiso ya mehopolo - Mehopolo e matla e - Nehelano ha e kgere e - Nehelano ha e a - Nehelano e na le - moelelo o nyotobetswa Kelohloko ya butswitseng. tsepame sehloohong tsepama sehloohong ka tsepamo e itseng feela ke ho kgera ho hoholo maikemisetso, - Tsebo e batsi ya - Mehopolo le dikahare ke ho phethahala ho na le sehloohong empa e a - Mehopolo le dikahare ha baamohedi ba ditaba, le makgetha a mofuta ona tse momahaneng, tse ho kgera ho itseng. kgera. di na momahano. maemo wa tema. hlalositsweng ka botebo, - Mehopolo le dikahare di - Mehopolo le dikahare ha - Ke dintlha tse mmalwa - Nehelano ha e kgere e mme dintlha di na le momahano e se ka mehla di haholo tse tshehetsang MATSHWAO A 15 tsepame sehloohong tshehetsa sehlooho. amohelehang. momahaneng. sehlooho. - Mehopolo le dikahare ke - Sebopeho ke se - Ke dintlha tse itseng - Sehlooho se tshehetswa - Ha ho na boiteko bo tse momahaneng loketseng se nang le feela tse tshehetsang ke dintlha tse itseng entsweng ho sebedisa - Dintlha tsohle di diphoso tse mmalwa. sehlooho. feela. sebopeho se tshehetsa sehlooho - Ka kakaretso sebopeho - Sebopeho se foofo nepahetseng. mme di hlalositswe ka ke se loketseng empa feela, mme se na le botebo. se nang le diphoso tse bohlotsa bo boholo. - Sebopeho ke se itseng. nepahetseng. PUO, SETAELE LE HO 9–10 7–8 5–6 3–4 0–2 HLAOLA DIPHOSO - Sehalo, rejistara, - Sehalo, rejistara - Sehalo, rejistara, - Sehalo,rejistara, setaele - Sehalo, rejistara, setaele, le tlotlontswe di setaele, le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe di le tlotlontswe ha di a setaele le tlotlontswe ha Sehalo, rejisetara, loketse ka ho fetisisa loketse ka ho fetisisa loketse maikemisetso, lokela maikemisetso, di dumellane le setaele, maikemisetso, maikemisetso, maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maemo. maemo hantle. baamohedi ba ditaba le maemo. maemo. maemo. - Nehelano e na le - Tshebediso ya puo e maemo. Tshebediso ya puo, - Tshebedisano ya puo e - Ka kakaretso tshebediso diphoso tse itseng tsa fosahetse e bile e tletse - Nehelano e tletse tlwaelo ya tshebediso ya nepahetse e bile e ya puo ke e tshebediso ya puo. diphoso tse ngata. diphoso e dubakane. puo, kgetho ya mantswe, bopehile hantle. nepahetseng e bileng e - Tshebediso ya - Tshebediso e seng kae - Tlotlontswe ha e matshwao a ho bala le - Nehelano ha e na bopehile hantle. tlotlontswe ke e ya tlotlontswe. dumellane le maemo. mopeleto diphoso. - Tshebediso ya lekaneng. - Moelelo o nyotobetse. - Moelelo o nyotobetse tlotlontswe e ntle haholo - Diphoso ha se tse haholo. MATSHWO A 10 - Nehelano boholo ha e nyotobetsang moelelo. na diphoso. MATSHWAO 20–25 15–19 10–14 5–9 0–4 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2016) SESOTHO PUO YA LAPENG 3 11 KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: SEKALA SA HO TSHWAYA DITEMA TSA KGOKAHANO MATSHWAO: [25] Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare le Moralo ke Sebopeho 15 DMS = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 10 PST = Matshwao ohle 25 Ditaelo ho motshwai: Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka dihlooho tse PEDI karolong ena. Karolo e nngwe le e nngwe e na le ruburiki ya yona. Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng ho tshwaya tema e nngwe le e nngwe. Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho ya ka kgato ya pele feela. Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya ditema Batshwayi ba etse tse latelang ha ba tshwaya: Ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka thoko ka tshebediso ya matshwao a latelang: o / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arolwa; o -,+ bakeng sa ho kopanya mantswe a arotsweng empa a ngolwa a kopane; o Mn bakeng sa mongolo (Orthography) o fosahetseng; o Mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; o Mt bakeng sa tshebediso e fosahetseng ya matshwao a puo, kapa ho ngotswe letshwao moo le sa hlokeheng teng; o P bakeng sa tshebediso ya puo ka tsela e fosahetseng/e sa amoheleheng kapa eo e seng ya setlwaedi; o bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe le/e siilweng pakeng tsa mantswe a mang. o // bakeng sa ho qala seratswana se setjha. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all