Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 2 Eastern Cape Mock 2020 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12202025 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 2 memorandum from the Eastern Cape Mock Exam 2020, 25 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2020

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 LOETSE 2020 SESOTHO PUO YA LAPENG PAMPIRI YA 2 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 80 Memorantamo ona o na le maqephe a 26.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) TEMOSO HO BATSHWAYI:  Ha mohlahlobuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, tshwaya feela karabo ya pele. (Mohlahlobuwa ha a lokela ho araba potso e telele le dipotso tse kgutshwane mofuteng o le mong wa sengolwa).  Haeba a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona KAROLONG YA A, (dithothokiso tseo a di rutilweng) tshwaya feela dipotso tse pedi tsa pele.  Haeba a arabile dipotso tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse kgutshwane kapa a arabile tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse telele KAROLONG YA B le C, tshwaya karabo ya pele, mme o tlohele ya bobedi. Athe ha a arabile dipotso ka bone ba tsona, tshwaya karabo ya pele ho karolo e nngwe le e nngwe ha feela a arabile e le nngwe ya dipotso tse kgutshwanyane le e le nngwe ya dipotso tse telele.  Ha mohlahlobuwa a nehelane ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse, mme ya bobedi yona e nepahetse, tshwaya karabo ya pele, mme o tlohele e e latelang.  Ha dikarabo di nomorilwe di fosahetse, tshwaya ho ya ka memorandamo.  Haeba mopeleto o fosahetse hoo o thunthetsang moelelo, fosisa karabo e jwalo. Haeba mopeleto o fosahetseng o sa thunthetse moelelo, tshwaya karabo eo e nepahetse.  Potso tse telele: Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase ho palo ya mantswe e behilweng (kgutshwane) se behe kotlo hobane mohlahlobuwa o se a ntse a ipehile ka mosing. Haeba moqoqo o le molelele haholo, tshwaya ho ya ka seo mohlahlobuwa a se ngotseng. Sebedisa ruburiki ya ho lekanyetsa e leqepheng la 3 le leqepheng la 8 ho lekanyetsa moqoqo wa mohlahlobuwa.  Dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a di-a-bulwa le di-a kwalwa moo a lokelang ho qotsa, se behe kotlo. Bakeng sa dipotso tse bulehileng, se ka aba matshwao bakeng sa E/TTHE kapa KE A DUMELA/KE A HANA. Lebaka/Tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. Ha ho matshwao a ajwang bakeng sa NNETE/MAFOSI kapa NTLHA/MOHOPOLO. Lebaka/Tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 3 SEHLOMATHISO SA A: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO WA DONGOLWA: THOTHOKISO- SESOTHO PUO YA LAPENG Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e lekanyetsa feela haellang DIKAHARE 5-6 4 3 2 0-1 Kutlwisiso ya potso, -O bontsha kutlwisiso e -O bontsha kutlwisiso, mme -O bontsha kutlwisiso e mahareng -O bontsha -Ha a bontshe botebo ba tshekatsheko tebileng ya se botswang o hlalosa se botswang ka ya se botswang. kutlwisiso e sa kutlwisiso ya se ya taba (sehlooho), -O hlahisitse dintlha tse tshwanelo. -O hlahisitse dintlha tse seng kae kgotsofatseng ya se botswang. kutlwahalo le nnetefatso fapaneng tse hlwahlwa; di -O hlahisitse dintlha tse ho tshehetsa sehlooho. botswang. -Dintlha tse (tiisetso) ya dintlha ho tshehetswa ho tswa anelang ka tsela e -Tse ding tsa dintlha tse -Ho batla ho se tshehetsang ha di tswa thothokisong. kgotsofatsang. hlahisitsweng ho tshehetsa dintlha tse hlahiswe ho tswa thothokisong/temeng. -Kutlwisiso ke e -O hlahisitse dintlha tse sehlooho dintle. hlahisitsweng ho thothokisong. babatsehang ya mofuta utlwahalang, empa ha se -Tse ding tsa dinttlha di tshehetsa sehlooho. -Mohlahlobuwa MATSHWAO A 6 wa sengolwa le tsohle tse tiisitsweng kamoo tsheheditswe, empa bopaki ha bo -Kutlwisiso ya mofuta ha a utlwisise thothokiso. ho lokelang. kgodise ka nako tsohle. wa sengolwa le hantle mofuta wa -O utlwisisa mofuta wa -Kutlwisiso ya motheo feela ya thothokiso ke e sengolwa le sengolwa le thothokiso. mofuta wa sengolwa le thothokiso. haellang. thothokiso. SEBOPEHO LE 4 3 2 1 0─1 TSHEBEDISO YA PUO. -Sebopeho se hlahisitswe -Sebopeho ke se hlakileng, -O hlahisitse bopaki bo seng bokae -Sebopeho se -Moqoqo o Sebopeho, sa nehelano mme dintlh di hlahisitswe ka ba sebopeho. ka tsela e momahaneng. bonahala se radilwe bopehile ka tsela le tlhophiso ya mehopolo. tsela e hlalohanyehang, -Tlhahiso ya mehopolo e a haella, -Dintlha di utullotswe ka tsela e e fokolang. Tshebediso ya puo, -Tlhahiso ya mehopolo ke e ha e hlalohanyehe, mme ha e na hantle le ho ntshetswa fosahetseng. -Ho na le diphoso sehalo le setaele tse utlwisisehang. momahano. pele ka tsela e hlakileng. -Mehopolo ha e tse tshabehang sebediswang. -Tshebediso ya puo, sehalo -Diphoso tsa tshebediso ya puo ha -Tshebediso ya puo, hlahiswe ka tsela e tsa tshebediso ya MATSHWAO A 4 le setaele di nepahetse. se tse kaalo, mme sehalo le setaele sehalo le setaele ke tse hlalohanyehang. puo le setaele se butswitseng, tse ha se tse loketseng. -Sehalo le setaele ha fosahetseng susumetsang le ho se tse loketseng. nepahala. -O batla o hloka diphoso tsa puo, mopeleto le tsa matshwao a puo/a ho bala. ELA HLOKO: Ha karabo ya mohlahlobuwa e tswile lekoteng mme a sa bua ka dikahare hohang, feela a ngotse moqoqo wa boiqapelo, mo abele 0 bakeng sa dikahare le tshebediso ya puo. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) KAROLO YA A: DITHOTHOKISO POTSO YA 1 EXODA ─ JG Mocoancoeng TATAISO HO BATSHWAYI: Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Sena se bolela hore nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano le momahano ya dintlha, dipolelo le diratswana. Motshwai a tadime makgetha ana a mabedi a latelang ha a tshwaya moqoqo ona: Dikahare, sebopeho le tshebediso ya puo. Dikahare  Nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela hore nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo.  Dikahare di bontshe kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya ditaba, kutlwahalo le nnetefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka a itshetlehileng thothokisong.  Dikahare di hlahiswe ka tsela e momahaneng, mme motshwayi a tadime dintlha tse tla hlahiswa nehelanong ya mohlahlobuwa. Ela hloko hore dintlha tsa mohlahlobuwa di ke ke tsa behwa ka tatellano e hlahellang mona. Ho be le kgokahano le momahano ya dintlha le diratswana. Sebopeho le tshebediso ya Puo  Mohlahlobuwa a nehelane ka karabo ya hae e sebopehong sa diratswana tse momahaneng, mme ho be le kgokahano le momahano ya dipolelo le diratswana kamoo ho hlokehang.  Puo, setaele le sehalo di sebediswe ka nepo temeng. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 5 Karabo e ka lebellwang: Selelekela Thothokiso ena ke ya Balate, ke thothokiso e phetang ka pale, tshomo kapa ditaba tsa Bebele ka mokgwa wa thothokiso. Melathothokisong ya thothokiso re fumana sethothokisi se sebedisitse dibetsa ka tsela ya ho hokela melathothokiso.  Melathothokisong ya 2 le 3 ho sebedisitswe phetapheto ya mantswe e tshekalletseng ka mantswe ana “fatsheng” ka sepheo sa ho kgothatsa MaAfrika Borwa moo ho phelwang ha monate le ka bolokolohi. Melathothokisong ya 3 le 4 ho sebedisitswe Neeletsano/qalotshwano/phetapheto ya mantswe e tsepameng ka tshebediso ya lentswe” fatsheng” e phetilweng ka tlasa molathothokiso o mong, ka sepheo sa ho kgothatsa MaAforika Borwa ho tloha lefatsheng le lefifi la kgatello.  Melathothokisong ya 6, 7, 14 le 15 sethothokisi se sebedisitse lehokela/hlaahlela e qetellang ka tshebediso ya lentswe “Ekgepeta” “Lewatle” sepheo e le ho hokela melathothokiso eo e mmedi/ho toboketsa ntlha ya hore bokgoba boo MaAfrika Borwa ba leng tlasa bona ba tlameha ho bo lwantsha.  Melathothokiso ya 9 le 11 ho sebedisitswe phetapheto ya mantswe e diehileng ka tshebediso ya lentswe “Lwanang” ka sepheo sa ho hatella taba ya hore MaAfrika Borwa a tlameha ho lwanela ditokelo tsa bona ho tswa bokgobeng ba kgatello jwaloka Baiseraele ha ba hlola sera ka thapelo.  Molathothokiso wa 19 sethothokisi se sebedisitse lebotsi ho hokahanya melathothokiso wa 19 le 20 ho hlakisa hore Maburu ha a batle ho fetwa ke batho ba batsho ka tsebo. Phethelo Sethothokisi se sebedisitse kgokahano ya melathothokiso ka tshebediso ya mefuta ya phetapheto ho hokela melathothokiso ya thothokiso. [10] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 2 BALA MAHLOHONOLO −KPD Maphalla 2.1 E sebedisitswe ka sepheo sa ho matlafatsa/hatella hore ditlhapa ha di ahe motho.  (2) 2.2 Sethothokisi se bolela hore batho ba tjhehelang ba bang maraba hosane le bona ba tla wela mameneng ao.  (2) 2.3 Ho toboketsa le ho hopotsa mmadi a se lebale ho bala mahlohonolo /hore bopela morethetho wa melathothokiso o dule o duma ka kelellong (2) 2.4 Ke maikutlo a kgothatso/ kananeloSethothokisi se kgothatsa mmadi hore a ananele tse ntle a nang le tsona.  (2) 2.5 Ke molaetsa wa hore re ananele tsohle tseo re nang le tsona, re tlohele ho belaela.  (2) [10] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPENG P2 7 POTSO YA 3 YA MOHAU MOTHO 3.1 E thusa ho hlakisa hore dibe tsa rona di ne di le ngata ebile di tshabeha.  (2) 3.2 Ke sehalo se bontshang boitelo.  Jeso o ile a itela ho tla lefatsheng ho lwanela setjhaba ho Ramautla.  (2) 3.3 Moelelo o otlolohileng ke wa hore Jeso ha a ka a fetohela dikano a di entseng ho Modimo ha batho ba mo fetohela.  (2) 3.4 Ke ho hatella mohopolo wa hore batho ha ba na nnete.  (2) 3.5 Ke molaetsa wa hore motho o lokela ho phehella dikano tseo a di entseng jwalo ka Jeso.  (2) [10] POTSO YA 4 KE LLA LE WENA 4.1 Ke ho toboketsa/ hatella taba ya hore bongwaneng ba hae o hodisitswe a ratwa haholo.  (2) 4.2 E sebedisitswe ka sepheo sa ho fokotsa bolelele ba molathothokiso/ho potlakisa morethetho wa molathothokiso/ho fa lentswe “lebitso” sefutho.  (2) 4.3 Sethothokisi se bolela hore ngwana ya ileng a tefiswa, o hlolwa le ke maimanyana feela a sa reng letho bophelong ba hae.  (2) 4.4 Sehalo se bontshang kgalefo ho ngwana ya ileng a tefiswa, mme jwale ha a se a hodile o hloleha ho ikemela.  (2) 4.5 Ngwana o lokela ho nka boikarabelo ba seo a se etsang bophelong e seng motswadi a mmuelle diphosongtsa hae. (2) [10] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO PUO YA LAPENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 5 KGUTLELA HAE 5.1 Bohlokwa ba phetapheto ke ho toboketsa taba ya hore sethothokisi se kgutlele hae/ Ho lekanya ditho melathothokiso ena e mmedi.  (2) 5.2 Le thusa ho hlakisa hore sethothokisi se makalletse motho ya lebetseng ka lehae ya jakileng/ ya sa kgutleleng hae.  (2) 5.3 Ke sehalo se bontshang kutlwelobohloko ho motho ya fetohileng mofutsana ya se nang letho, ya phelang ka thata.  (2) 5.4 Ke maikutlo a kgothatso. Sethothokisi se kgothatsa letjhepha hore le kgutlele hae.  (2) 5.5 Ke molaetsa wa hore motho ya lebalang lehae o qetella a phela ka thata/ Lehae ke pheko.  (2) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 9 KAROLO YA B LE C: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO WA DINGOLWA: PADI/SENGOLWA SA BOHOLOHOLO LE TSHWANTSHISO - SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO 25] Makgetha a ho lekanyetsa Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang babatsehang bokgoni feela 12-15 9-11 6-8 4-5 0-3 DIKAHARE -Karabelo e hlahisitswe O bontsha kutlwisiso, mme -Kutlwisiso ke e -Kutlwisiso ke e -O bontsha kutlwisiso e ka tsela e babatsehang o manollotse sehlooho ka mahareng ya sehlooho; haellang ya sehlooho; fokolang ya sehlooho. Kutlwisiso ya potso botebo 14-15. bokgoni ha se dintlha tsohle tse boholo ba dintlha ha di -Boiteko bo fokolang ba ho ba tshekatsheko ya taba -Karabelo e hlahisitswe -O hlahisitse karabelo e utullotsweng ka botlalo. a utullwa ka botlalo. araba potso. (sehlooho), kutlwahalo le ka bokgabane: 12-13. batlang e anela -Tse ding tsa dintlha di -Ke dintlha tse -Dintlha ha se tse nnetefatso (tiisetso) ya -Sehlooho se -Tse ding tsa dintlha ke tshehetsa sehlooho. fokolang feela tse kgodisang. dintlha ka mabaka ho tswa manollotswe ka botebo tse utlwahalang, empa ha -Dintlha tse ding di tshehetsang sehlooho. Mohlahlobuwa ha a sengolweng. -O hlahisitse dintlha tse se tsohle tse tlisitsweng tsheheditswe, empa -O hlahisitse dintlha utlwisise hantle mofuta fapaneng tse hlwahlwa kamoo ho lokelang. bopaki ha bo kgodise ka tse seng kae tse ona wa sengolwa. MATSHWAO A 15 tse tshehetswang ho -Bopaki ba kutlwisiso ya nako tsohle. tsamaelanang le tswa sengolweng mofuta ona wa sengolwa -O bontsha kutlwisiso e sehlooho. -O bontsha kutlwisiso e bo a bonahala. ka mmoho ya mofuta -O bontsha kutlwisiso e babatsehang ya ona wa sengolwa. fokolang ya mofuta sengolwa. ona wa sengolwa. 8-10 6-7 4-5 2-3 0-1 SEBOPEHO LE -Sebopeho se -Sebopeho ke se -O hlahisitse bopaki bo -Sebopeho se bonahala -Kgaello ya ho rala TSHEBEDISO YA PUO momahaneng hlakileng, mme dintlha di itseng ba sebopeho. se radilwe ka tsela e sebopeho ka tshwanelo e -Selelekela le qetelo di hlahisitswe ka tsela e -Tlhalohanyo le fosahetseng. sitisa phallo ya Sebopeho, tlhophiso ya a babatseha hlalohanyehang momahano di teng le ha -Mehopolo ha e mehopolo. mehopolo le nehelano e -Dintlha di utullotswe -Selelekela le qetelo di kgera. hlahiswe ka tsela e -Tshebediso ya puo le ya nang le neeletsano e hantle le ho ntshetswa mmoho le diratswana tse -Ho na le moo hlalohanyehang. setaele tse fosahetseng momahaneng e lebisang pele ka tsela e hlakileng ding di hlahisitswe ka tshebediso ya puo e -Diphoso tsa di hlahisitse tema e tlhalohanyong ya sehlooho -Tshebediso ya puo, tsela e momahaneng. fosahetseng ha sehalo le tshebediso ya puo di fokolang haholo. mmoho le puo, setaele le sehalo le setaele ke -Dintlha di hlahisitswe ka setaele tsona di batla di totobetse. -Popo ya diratswana e sehalo tse sebedisitsweng tse butswitseng, tse tsela e hlalohanyehang. loketse. -Sehalo le setaele ha fosahetse. temeng. susumetsang le ho -Puo, sehalo le setaele -Tlhahiso ya mehopolo e di a lokela mosebetsi nepahala boholo di nepahetse. a haella, ha e -Popo ya diratswana e hlalohanyehe, mme ha e fosahetse. na momahano MATSHWAO A 10 -Popo ya diratswana e batla e nepahetse. ELA HLOKO: Ha karabo ya mohlahlobuwa e tswile lekoteng mme a sa bua ka dikahare hohang, feela a ngotse moqoqo wa boiqapelo, mo abele 0 bakeng sa dikahare le tshebediso ya puo. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
10 Downloaded from hlayiso.com SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) Matshwao a ka sebediswang bakeng sa ho tshwaya: Makgetha a tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare 15 Dik. = Sebopeho le tshebediso ya puo 10 STP = Matshwao ohle 25 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 11 POTSO YA 6: BOTSANG LEBITLA ─ KPD Maphalla Selelekela Ngwana ke mpho ya bohlokwa ho tswa ho Ramasedi. Kahoo o ithuta dintho ho tswa ho baholo ba hae le ho batho ba mo potapotileng, e le ho ka ba motswadi kamoso le yena nakong e tlang. Ho dumellana le ntlha ya hore diketso tse entsweng ke batswadi kgodisong ya Tsietsi, ke tsona tse mo hlohlelleditseng hore e be monna wa popota.  Tsietsi o hlokahalletswe ke batswadi a le dikgwedi di tharo, mme o hodiswa ke malomae Kotsi le mohatsae Mmamasolomane ka thata.  Boseyeng ba hae Tsietsi o ne a sa fuwe dijo tse loketseng masea feela o ne a fuwa dihwapa. Sena se thusitse Tsietsi ho kaba monna ya matlafetseng mmeleng.  Mmamasolomane o a mo kgahlapetsa, o mo etsisa mesebetsi e boima empa bana ba hae ba sa etse letho. Sena se thusitse Tsietsi ho ka ikemela bophelong hobane o ile a ipatlela mosebetsi ha Ramatlotlo.  Kotsi le Mmadibakiso ba ile ba dieha ho mo isa sekolong kaha Mmamasolomane a ne a re e sa le lesea. Sena se ile sa mo etsa hore a ithute mesebetsi e boima.  O qoswa ka hore o utswitse seyalemoya sa monnamoholo wa sefofu. Sena se thusitse Tsietsi ho ka ba monna ya tsebang ho ikemela bophelong ka ho rarolla mathata a hae a se na mothusi le ho ba sebete.  Kgodiso e thata e thusitse Tsietsi ho batlisisa ka lelapa la hae la nnete.  Ha a se a utlwetse ka menyenyetsi ya hore Kotsi le Mmamasolomane ha se batswadi ba hae ba nnete, o fetoha moleleri ho ya sesoleng, mme ha a kgutla moo o fetohile semelong sa hae. Sena se thusitse Tsietsi hoba sebete sa ho batla seo e leng sa hae (kotjana).  O tiisetsa ho phela nahathote e le ho tshirelletsa Tseleng. Ho hanana le ntlha ya hore diketso tse entsweng ke batswadi kgodisong ya Tsietsi, ke tsona tse hlohlelletsang bana hore e be banna ba popota.  O lwantsha malomae.  O lwantsha dikebekwa.  O hana ho amohela ho ratana le Mohanuwa.  O bolaya bohle ba bolaileng Tseleng. Phethelo Kgodiso e thata ya Tsietsi ebile le kgahlamelo e mpe bophelong ba hae. Ho molemo ho ela hloko tseo re di etsang ho bana le ka pela bona ebe tse lokileng. [Ntlhakemo ya mohlahlobuwa e ananelwe ha feela e totobetse hantle, mme e itshetlehile diketsahalong tse tswang paleng tse tsamaelanang le sehlooho.] [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 12 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 7 BOTSANG LEBITLA ─ KPD Maphalla 7.1 E ne e le ho lebela lebenkele le leholo la Ramatlotlo.  (1) 7.2 Ke ho thunya dikebekwa tse hlano tse neng di tlo hlasela lebenkeleng la Ramatlotlo, ntate wa Mohanua. (2) 7.3 O na le kutlwelobohloko o a ananela ha a thusitswe/ o lerato/ o mohau. Ramatltlo o thusitse Tsietsi ho ka fumana laesense ya ho kganna le ya sethunya.  (2) 7.4 Makgaola o ile a baleha kamora hore Mohanuwa a be mmeleng.  (2) 7.5 Ke ne ke tla kgaohana le yena kaha o hloka botshepehi ke ipatlele kgarebe e nngwe. KAPA Ke ne ke tla dumela haeba ke ne ntse ke mo rata.  [Maikutlo a bahlahlobuwa a ananelwe] (2) 7.6 Tsietsi o ile a hlokahallwa ke batswadi a le dikgwedi di tharo feela, mme a hodiswa ke malomae Kotsi. √ (1) 7.7 Kgutso le kgotso ba ile ba thusa Tsietsi ho batlana le ba leloko la hab./ batswadi ba hae  (2) 7.8 Tsietsi ka mora ho thungwa ke mapolesa o ile a amohelwa sepetlele moo a ileng a kopana le mooki Tseleng, mme ba ineha naha e le ho baleha mapolesa.  (2) 7.9 Ke Tsietsi.  (1) 7.10 Tsietsi o ile a kwetlisetswa ho sebedisa sethunya bosoleng, mme seo se mo susumeditse hoba kgopo/sebete hobane o ile a tlala moya wa boiphetetso.  (2) 7.11 Tsietsi o hlokahalletswe ke lelapa labo kaofela kotsing ya koloi, mme o hotse ka thata ha malomae Kotsi a sotlwa/ o etselletswa ka ho utswa tjhelete le radio ya nkgono wa sefofu.  (2) 7.12 Tsipane o ile a thusa Tsietsi ka ho lwantsha dira tsa hae le maanong a hae a boiphetetso.  (2) 7.13 Leeme le iponahatsa ketsahalong ya hore Tsietsi a sebetse mesebetsi ya ka tlong a le mong, ha bana ba Mmamasolomane ba dutse feela le ho rongwa ba sa rongwe.  (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 13 7.14 E totobatsa maikutlo a kutlwelobohloko. Tsietsi o ile a fetoha mmolai ka ho iphetetsa direng tsa hae.  (2) [25] POTSO YA 8: MME ─ NP Maake Selelekela Ngwana ke mpho ya bohlokwa ho tswa ho Ramasedi, kahoo o ithuta tse ngata ho tswa ho batswadi kapa baholo ba hae, e le ho ka ba motswadi kamoso le yena. Ho dumellana le ntlha ya hore diketso tse entsweng ke motswadi kgodisong ya Dikeledi, ke tsona tse mo hlohlelleditseng hore e be monna wa popota.  Dikeledi o ile a hlokahallwa ke batswadi a sa le monyane dilemong ka lebaka leo a hodiswa ke Rakgadi, a holela lelapeng le mofuthu le mo hodisitseng ka tlhompho.  O hotse e le ngwana ya nang le tlhompho, o rutwa mesebetsi ya ka tlong ke Rakgadi le hona ho mo ruta tsela ya bophelo le hore ngwana wa ngwanana o itshwara jwang. Sena se mo thusitse ho se rate bashanyana kaha thaka tsa hae di ne di rekisa mmele.  Dikeledi o rekisa ditholwana ha a tswa sekolong le banana ba bang komponeng ho thusa Rakgadi ka tjhelete. Sena se mo thusitse hore le ha a se a nyetswe a nne a rekise diphahlo tseo a neng a di roka ho thusetsa ka lapeng.  O thola ka sepatjhe sa Thollo, mme o a se boloka ka sepheo sa ho thodisa Thollo eo a sa mo tsebeng. Sena se mo thusitse hore a tsebe ho thusa Mme ha a batla tulo ya ho dula a sa mo tsebe le ho mo tseba.  Dikeledi o ile a bontsha boikokobetso ho monga sepatjhe nakong eo a mo kopang ho ya le yena lapeng e le ho mo kopanya le rakgadi mabapi le taba ya sepatjhe. Sena se mo thusitse hore a tsebe ho ikokobeletsa bohle ba lelapa la Bafokeng.  Dikeledi o etsetsa Thollo tee monga sepatjhe Rakgadi a le siyo hobane ke tsela e ntle a hodisitsweng ka yona. Dikeledi bohadi o tsitlallela kgodiso e ntle a hodisitsweng ka yona nakong eo ho fihlang Mme lapeng la hae, a mo phomosetsa ebile o mo batlela bodulo ha ngwanabo le ho mo tseba a sa mo tsebe.  Nakong eo Bafokeng ba mo tjodietsang ka lefu la Mme o ile a nna a bontsha tlhompho ka hore a se arabisane le bona kaha o ne a sa ka a arabisa mang a e so nyalwe. Phethelo Kgodiso e ntle kapa e mpe e itshetlehile ho batswadi. Ho molemo ho ela hloko tseo re di e tsang ho bana e be tse lokileng. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 14 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 9: MME NP Maake 9.1 Mpuse ke motswalle wa Dikeledi /ke baithutimmoho.  (1) 9.2 Ke ho tseba hore Tsekiso o mo lahlile empa ke mona o se a kopuwa/ o ne a nahana hore ke ba habo Tsekiso ba tlo ho kopa mohope wa metsi.  (2) 9.3 Mme o ile a hlokomela kapele hore moo ke ha Thollo monna wa hae e sa leng a mo siya Matatiele a tsamaya ka mosebetsi, mme o se a nyetse mosadi e mong, ka lebaka leo o ne a sa batle ho qhala kgotso e renang llapeng leo.  (2) 9.4 O ile a nyalwa ke Thollo Mofokeng.  (1) 9.5 Ke ya sejwalejwale/kajeno.  (1) 9.6 Dikeledi o ile a bona Tsekiso le ngwanana e mong ba etswa dihlahleng a bile a tlapuretse ngwanana eo thekeng.  (2) 9.7 Ke kgohlano ya ka hare/maikutlo.  Dikeledi ha a itsebe hore a amohele lenyalo kapa tjhe, mehopolong ya hae ho kgutla setshwantsho sa toro a kileng a e lora kgale.  (2) 9.8 Dikeledi o hloka botsitso. O ne a thabetse ho nyalwa ke Thollo kgabareng o se a tshaba ho kena lenyalong leo (2) 9.9 Dikeledi o tshaba ho kena lenyalong ka lebaka la toro ya ledimo e neng e mo kgathatsa mme a nahana lenyalo le tla ba bosula.  (2) 9.10 Ke mothinya wa hore Diseko o ile a buella Mmateboho ho Bafokeng, tebello e ne e le hore o tla thusetsa Bafokeng kaha o ne a sa ratisisi Mmateboho.  (2) 9.11 Thollo ke mophetwa ya tjhitja. O fetofetoha le maemo a ditaba hobane ha a fihla Sebokeng o ile a nyala mosadi e mong, mme a lebala ka mosadi ya mo siileng Matatiele.  [Tshehetso ya mohlahlobuwa e nepahetseng e ananelwe] (2) 9.12 Tshekamelo e iponahatsa ha rangwane wa Thollo ho tswa Matatiele a reng basadi ba Gauteng ha ba a loka, ba jesa banna phehla feela a sa kgotse taba ya hore Thollo o siile mosadi lapeng o se a bile a nyetse.  (2) 9.13 Tomatso e hlahiswa ke taba ya hore Mme e ne e le mofumahadi wa Thollo wa matswathaka le hoja Thollo yena a ne a sa tsebe hore ke mosadi wa hae eo a patelwang ha hae.  (2) 9.14 Pinyane ha e senye motse.  (2) [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 15 POTSO YA 10: KE QATI E A LOMISANWA Selelekela Semelo ke botho ba sebapadi kapa ke sebopeho sa motho se ipatileng se sa bonahaleng, mme ha ngata semelo sa baphetwa re ka se bona ka dipuo tsa bona ka moo ba buang le baphetwa ba bang, diketso, sebopeho, moaparo le theho ya mabitso. Semelo sa Kgubetswana  O a hlompha hobane o ananela ho nyalwa ke monna a sa mo tsebeng le ho mmona a eso mmone.  Kgubetswana o pelonolo hobane o ile a dumela ha Nketjwane a re a mo nyeke mahlo a nang le boladu.  O bohlale hobane o ile a amohela dikeletso tsohle a di fuweng ke Nketjwane.  O sebete hobane o ile a tshela dinoka tse tletseng diboko le madi ntle le ho nyonya letho kapa ho qeaqea.  O na le nnete hobane o ile a tshepahala lenyalong la hae ha a fihla a sa bone monna ya mo nyetseng.  O na le mamello hobane o nkile nako lenyalong a sa bone monna wa hae ho fihlela a etsa leqheka la ho mo tjheha moo a tsamayang teng ka ho beha mahare.  O na le lerato hobane ha a fihla bohadi ha a ka a botsa dipotso tse ngata hore monna ya mo nyalang o kae. Semelo sa Talane  O hloka tlhompho hobane o ile a buisa Nketjwane hampe nakong eo a batlang ho buisana le yena ho ka mo fa dikeletso tsa ho ya bohadi.  O boi hobane dinokeng tseo tse pedi tse tletseng diboko le madi, o ile a nyonya, a hlatsa, a ba a nyokgoloha.  O meharo /leshodu hobane o ile a phutha thepa ya sa e tsebeng hore e tlile jwang moo.  O hloka mamello hobane o ile a dula sebakeng se fosahetseng nakong eo a fihlang bohadi, ha a ka a mamella ho tsebiswa moo a tlang ho dula teng. Phethelo Ka ho ithuta diketso, dipuo le boitshwaro ba baphetwa re kgona ho hlalosa hore dimelo tsa bona di jwang hobane ho ba teng bopaki boo re bontshang dimelo tsena ka tsona. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 16 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 11: KE QATI E A LOMISANWA 11.1 Ba ana Kwena.  (1) 11.2 Ke Bakwena ba ha Monaheng/Nkopane.  (1) 11.3 Ke ho hatella/toboketsa hore pitsi e ne e ipelaetsa/ho hokahanya melathothokiso eo e mmedi.  (2) 11.4 E hlakisa moelelo o reng Makgola a theole moya a se halefe.  (2) 11.5 Seroki se bolela hore kwena e ile ya nyamela ka metsing ya nto sesa ya tsamaya.  (2) 11.6 Ke kgefutsohare.  (1) 11.7 Ke boikgohomoso/boikakasi√ hobane ha ba tsebise setjhaba mathata a bona.  (2) 11.8 Ke Taumoholo.  O a ile a lwantsha diphoofolo, mme a qetella ka ho di bolaya.  (2) 11.9 Di ile tsa thaba haholo kaha Taumoholo o dula a di hlorisa kamehla yohle le ho tsomana le tsona ho ka fumana nama.  (2) 11.10 Mmutlanyana le Taumoholo ba ne ba bolawa ke tlala ho se seo ba se jang.  (2) 11.11 Tshwene o ile a nka lehlokwa a hlaba Taumoholo sebonong, mme Taumoholo a honyetsa sebono, Tshwene a hlokomela kapele hore Taumoholo o sa phela yaba o tlola lerako a baleha.  (2) 11.12 Ke mothusi Mmutlanyana o thusitse Taumoholo ka leqheka la hore a itjhwese mme ho bile bonolo ho bolaya diphoofolo ka sehlooho.  (2) 11.13 Molaetsa ke wa hore ka mehla ha re a tlameha ho kgolwa ntho e nngwe le e nngwe eo re e bolellwang ke batho, ntle le hore re ikgodise hore taba eo ke nnete ha kakang.  (2) 11.14 Tjhe, Taumoholo o entse ketso empe, diphoofolo tsohle di na le tokelo ya ho phela ka bolokolohi. Ha ho motho ya nang le tokelo ya ho bolaya e mong.  (2) [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 17 POTSO YA 12: TUTUDU HA E PATWE – M Mahanke Selelekela Ngwana ke mpho ya bohlokwa ho tswa ho Ramasedi, kahoo o ithuta tse ngata ho tswa ho baholo ba bae le ho batho ba mo potapotileng, e le ho ka ba motswadi wa kamoso le yena. Ho dumellana le ntlha ya hore diketso tse etswang ke batswadi kgodisong ya Tutudu, ke tsona tse mo hlohlelleditseng hore e be monna wa popota.  Tutudu ke kgutsana, mmae o ile a hlokahala hang feela ha a qeta ho mo beleha.  Tutudu o hodiswa ke malomae, o holela lelapeng la dikgopiso kaha malomae wa mosadi o ne a sa mo rate ebile o mo reha lebitso le somang ‘Selosenqakile’ ho nnetefatsa tsela eo ngwana enwa a neng a mo kgokile ka teng.  Kgolo ya Tutudu e bile boima haholo hobane o ne a tinngwa dijo ha malomae, mme sena se ile sa mo thusa ho ka ba monna wa popota hobane nakong eo a lelekwang kamora lefu la malomae o ile a kopa boroko feela motseng wa bohaisane a tiisetse lephako kaha o ne a se a le tlwaetse.  Nakong eo a tlamehang ho ya sekolong, o hlokile borikgwe le dieta ho fihlela a fumana tsa kapoledi. Sena se mo thusitse nakong eo a sa fumaneng mosebetsi wa botitjhere o ile a apara diovarolo ha a ne a tjheka diforo.  Bomotswalae ba ne ba rutilwe hore ba mo hloye le ho mo hlapaola hobane e se ngwana wa bo bona. Sena se mo thusitse ho kgona ho tiisetsa ha a ne a tsohelwa matla ke batho ba Thabure.  Ha malomae a fokollwa ke bophelo Tutudu o ne a tlameha ho nka boikarabelo ba ho mo hlokomela empa a e na le mosadi, mme sena o se entse ka nepo hobane o ne a se a tlwaetse mathata le pelo e se e tiile.  Kamora lefu la malomae, o ile a rohakwa ke bomtswalae, ba mo bolella kgafetsa hore moo ha se habo, ebile le mafa a lapa leo ke a bana ba moo. Sena se mo thusitse ho ikemela kaha o ile a kopa thuso ho e mong wa matitjhere a hae ho ka mo thusa ho tswellellisa dithuto tsa hae ka ho mmatlela bodulo.  Kamora nakwana malomae a hlokahetse, o ile a tlamelwa thoto ho tswa ka ntshwe di sa fohlwa lapeng leo. Sena se mo thusitse ho sebetsa ka thata konterakeng a ntse a ithutela lengolo la botitjhere unibesithing ya Aforika Borwa ho fihlela a qeta e eba titjhere e felletseng.  O thusitse Thebe ho lokolla batho ba neng ba tshwerwe hobane a ne a utlwisisa hore ho tshwareha hampe ke ntho e jwang.  O tebela Ntefeleng dikobong tsa hae, hobane a utlwisisa hore ke ntho e mpe ho se bolelle motho se tla mo aha bophelong. Phethelo Kgodiso e ntle kapa e mpe e itshetlehile ho batswadi. Ho molemo ho ela hloko tseo re di etsang ho bana le ka pela bana ebe tse lokileng. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 18 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 13: TUTUDU HA E PATWE – M Mahanke 13.1 Ke Thebe.  (1) 13.2 Ha ba fuwe nako ya ho kgefutsa kaha ha ba sa bonahala ba solla/ O hana ha ho fetiswa baithuti ba feitseng ka ha motswadi e mong le e mong o rata ha ngwana a tswelella  (2) 13.3 Ke Tutudu Ke molwantshuwa pading ena.  (2) 13.4 O pelo e ntle/o pelonolo/ o a kgathala/o na le kutlwelobohloko Thebe a ne a mo etsa hampe, empa Tutudu o ile a thusa Thebe ho lokolla batho ba neng ba tshwerwe ka ho kadima tjhelete ho Seipobi/o ile a mo tshwarela habonolo diketsong tsa hae.  (2) 13.5 Tutudu o ne a tshaba ho ya kopana le batho ba motse, a nahana hore batla mo tsohela matla.  (2) 13.6 Thebe ke mophetwa ya tjhitja. Le ha a ne a hloile Tutudu jwalo, qetellong o ile a tseba ho kopa tshwarelo diketsong tsohle tse mpe tseo a di entseng ho Tutudu. (2) 13.7 Seabo sa Dimama ke ho thusa batho ba motse ho kopanela ha hae morerong wa ho tebela Tutudu sekolong sa Sedibeng ka ha matitjhere ha a sa reka jwala ha hae ha e se ka sewelo/Ke ho dumella Thebe ho nka jwala ka sekoloto.  (2) 13.8 Mmae o ile a hlokahala hang ha a qeta ho mmeleha mme ntatae o ile a mo pheha a so belehwe.  (2) 13.9 Ke ho re tsebisa tshotleho/ kgolo ya Tutudu  (2) 13.10 Ke tomatso ya hore Dikgapane eo Thebe a mo tshepileng morerong wa ho diha Tutudu ke yena ya nang le maikutlo a lerato ho Tutudu.  (2) 13.11 Tutudu ke qubu ya mobu e bonwang ke motho e mong le e mong kahoo lebitso lena le tsamaelana le diketso tsa hae sekolong sa Sedibeng tse neng di bonwa ke batho bohle.  (2) 13.12 Leeme le bonahala ha malomae wa mosadi a sotla Tutudu, a sa mo fe dijo le hona ho mo rekela diaparo tsa sekolo empa ba hae bana ba phela ka bolokolohi.  (2) 13.13 O ile a sulafallwa ke bophelo hobane qetellong nnete e ile ya hlahella hore ke moqabanyi, mme setjhaba sa Thabure sa mo hloya.  (2) [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 25 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 19 KAROLO YA C: SEYALEMOYA – RH Moeketsi “BOHLOKO BA KA” AG Mabote Selelekela Ho hloka botshepehi ha Teboho Ho hloka botshepehi ke taba e sa kgahlising setjhabeng, mme bo ka arola metswalle kapa hona ho qhala malapa.  Teboho o ne a ratana le Dineo, kamora hore a mo imise a mo nyahlatsa ha Dineo a qeta ho fumana ngwana, a bolela hore ngwana eo ha se wa hae.  Ketso ya hore Teboho a hloke botshepehi ho Dineo e entse hore Dineo a hodise ngwana ka thata ka ha a ne a se na batswadi kapa motho a ka mo tshehetsang.  Kamora hore Teboho a hloke botshepehi ho Dineo ka hore a itatole hore ke ntata ngwana, me o ile a lahla Dineo le ho se nke boikarabelo ba ho hodisa lesea leo.  Ka nqe nngwe Puleng o nyahlatsa Thabo ntle le mabaka, o nkana le mohlankana ya nang le koloi. Yaba Thabo o nkela Dineo habo, mme ba qetella ba nyalane ba phela ha monate. Ho hloka botshepehi ha Puleng Puleng o ne a ratana le Thabo, mme a nyahlatsa Thabo, a ratana le Jimmy ya nyetseng. Sena se lebisitse tabeng ya hore Thabo a utlwe bohloko.  Ho hloka botshepehi ha Puleng ho entse hore Jimmy a mo nyahlatse le yena kaha a ne a e na le mosadi.  Taba ya hore Puleng a hloke botshepehi ho Teboho e mo tliseditse ditlamorao tse bosula bophelong ba hae kaha o ile a lahlehelwa ke bahlankana bohle, mme a se fumane le lenyalo. Phethelo Ho hloka botshepehi ha Teboho ho Dineo ho entse hore a lahlehelwe ke kgarebe ya sebele. Ha ka lehlakoreng le leng ho hloka botshepehi ha Puleng ho Thabo ho entse hore a se fumane lenyalo. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 20 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 15: SEYALEMOYA ─ RH Moeketsi HA SE BOYA BA NTJA ─ PM Ramathe 15.1 Ke kgohlano ya ka hare/ ya maikutlo.  (1) 15.2 Sesosa sa kgohlano ke hore Lesodi o batla ho nyala Kgasiane jwale o tshaba ho bolella ntatae ka ha ke motho ya bohale haholo. (2) 15.3 Ke ya mehleng ya kgale. O batla malomae a nke karolo dipuisanong tsa ho nyala, a se ikukele kgasisne ntle le tumello ya ba lelelapa. (2) 15.4 Ke ho senolela babadi se ka hare maikutlong a Lesodi/ho senola semelo sa Lesodi/seo Lesodi a se nahanang.  (2) 15.5 Ke Pela  O kgahlanong le hore Lesodi a nyale.  (2) 15.6 Ke kgarebe ya Lesodi/ baratani.  (1) 15.7 Kgasiane o bolela hore ha se Lesodi a mo imisitseng lesea leo a le lebelletseng.  (1) 15.8 Sehlooho se tsamaelana le dikahare ka hore ngwana ya imilweng ke Kgasiane ha se ngwana wa Lesodi/ha se Lesodi ya mo imisitseng ngwana eo ka ha motho ha a lonngwe ke ntja o iphodisa k aka boy aba ntja eo, empa ho Lesodi ha ho jwalo  (2) 15.9 Kgasiane ha a tshepahale/ke lemenemene hobane o ratana le mohlankana e mong a ntse a ratana le Lesodi. KAPA Kgasiane o a tshepahala hobane o bolelletse Lesodi nnete pele a ka mo nyala hore ha se ngwana wa hae ya mo imileng.  [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 15.10 Tshekamelo e hlahella moo Maleshwane a kgaoletsang Lesodi le Kgasiane, mme a bolella Kgasiane mantswe a bohloko empa a sa re letho ho mora hae Lesodi ka ho ema le Kgasiane.  (2) 15.11 Maleshwane o nahana hore kgalemelo ya Lesodi e tlameha ho etswa ke Pela kaha Lesodi e le ngwana wa moshanyana, mme Pela o dumela tabeng ya hore ke mme ya nang le kgalemelo e matla ho feta ya ntate.  (2) 15.12 Ke ne ke tla mo nyahlatsa/ke ne ke tla re re kgaohane. [Maikutlo a mohlahlobuwa a ananelwe]  (2) 15.13 Kgasiane o entse hantle ka ho phemisa Lesodi ho nka boikarabelo ba ngwana e seng wa hae.  (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 21 15.14 Ke molaetsa wa hore ho hloka botshepehi ke ketso e sa lokang hobane Kgasiane o ile a fetwa ke lenyalo ka lebaka la ho hloka botshepehi ka ho ratana le bahlankana ba bangata.  (2) [25] POTSO YA 16: HAESO MAFOTHOLENG ─ CJ Teleki Selelekela Ho hloka botshepehi ke taba e sa kgahliseng setjhabeng, mme bo ka arola metswalle le hona ho qhala malapa a mangata. Ho hloka botshepehi ha Ngatane  Ngatane le Molefi ke basebetsimmoho Maseru ebile ba tswa tikolohong e le nngwe, Mafotholeng mmoho, ka nqe nngwe Molefi ke moetapele wa Ngatane mosebetsing kwana Maseru.  Ngatane o hlokile botshepehi ho Molefi ka ho mo ja direthe. O dumela ho sebediswa ke Mapetla ho loya Molefi ka ditlhare molemong wa ho diya katleho Molefi mosebetsing le dikamanong tsa dikgarebe a teanang le tsona.  Ha a tshepahale ho Molefi ka ho mo anya leleme hore a nne a mo qoqele ka mathata a hae, mme ka mora moo a mo je direthe ka ho tsebisa Mapetla se etsahalang bophelong ba Molefi.  Ngatane o boela o hloka botshepehi ho Molefi ka ho ratana le mosadi wa Molefi, Morongwe. Sena se etsa hore Molefi a qetelle a hladile Morongwe. Ho hloka botshepehi ha Morongwe Morongwe o hloka botshepehi ka ho thetsa Molefi ka hore ha a na mohlankana empa ba le sehlotshwana. Sena se lebisitse ntlheng ya hore a mo nyale.  Morongwe o tlamella Molefi ka molato wa ho ima, athe ha ho jwalo ha a tsebe monna ya mo imisitseng kaha o ratana le bahlankana ba bangata.  O bontshitse ho hloka botshepehi ho Molefi ka ho ratana le motswalle wa hae, Ngatane. Sena se etsa hore Molefi e be tshehisa.  Morongwe o boela o hloka botshepehi ka ho ratana le titjhere hona motseng moo empa a nyetswe. Phethelo Ho hloka botshepehi ha Ngatane le Morongwe ho ile ha diha Molefi maemong a mosebetsi, ha boitshwaro ba Morongwe bo entse hore Molefi a fokole ho ditaba tsa lerato. Tsena tsohle di totobatsa hore ho hloka botshepehi ke ketso e sa lokang. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 22 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 17: HAESO MAFOTHOLENG ─ CJ Teleki 17.1 Ke mona/mohono/katleho ya Molefi. Mapetla ha a batle ho bona lelapa la Pitso le tswelella.  (1) 17.2 Ba batla ho loya Molefi hore a se tswelelle ditabeng tsa marato le ho mo diha mosebetsing wa hae. (2) 17.3 Ke Mofammere. O tshehetsa Molefi mathateng a leng ho ona ebile o mo hlokomedisa ha Ngatane le Ramafothole ba mo ja direthe dikgarebeng tsa hae.  (2) 17.4 O kgopo/pelo e mpe/tshepe ya siisa none. Mapetla o ile a honohela tswelopele ya Molefi, o ile a loya Molefi a ikentse motswalle wa lelapa la Pitso. (2) 17.5 Ngatane le Ramafothole ba tshehisa Molefi eka ba a mo rata athe ha ho jwalo, ba sebediswa ke Mapetla ho loya Molefi le hona ho ratana le mosadi wa hae. (2) 17.6 Ke Mapetla.  (1) 17.7 Tebello ke hore Ngatane le Ramafothole ba tshehetse Molefi ka ha ba tloha Mafotholeng empa ke bona ba jang Molefi direthe/ke tsona dira ta Molefi. (2) 17.8 Morongwe ke mooki ha Molefi e le mokudi sepetleleng sa Maseru. (1) 17.9 Molefi o ile a phethoha ka koloi, mme a amohelwa sepetleleng moo a ileng a hlokomelwa ke mooki Morongwe mme ba qetella ba ratana. (2) 17.10 Ke mehla ya sejwalejwale/kajeno.Morongwe o dumelehile hore a sebetse e le motho wa mosadi. (2) 17.11 Ke kgohlano ya ka hare/ya maikutlo. Maikutlo a Morongwe a lwebehlane ka baka la lerato leo a nang le lona ho Molefi.  (2) 17.12 Molefi o ile a bona Morongwe le monna e mong koloing ba le maponapona e le ha a nahana hore monna eo wa koloi o mathateng, mmeo ikemiseditse ho mo thusa. (2) 17.13 Ke ne ke tla mo hlala. KAPA Ke ne ke tla dula fatshe ke bue le yena a kgaohane le diketso tseo tsa hae. [Maikutlo a mohlahlobuwa a ananelwe] (2) 17.14 Sehlohlolo se iponahatsa nakong eo Molefi a solwang ke ntho ya bosiu mme mmele wa hae o tlala boya. (2) [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 23 POTSO YA 18: LEJWE LA KGOPISO – T Letshaba Ho hloka botshepehi Selelekela Ho hloka botshepehi ke taba e sa kgahliseng e sa amoheleheng setjhabeng, mme bo ka arola metswalle, ho qhala malapa le ho tlisa dipolayano, mme ho jwalo le ka tshwantshiso ena. Ho hloka botshepehi ha Naledi  Naledi ke mofumahadi wa Tsietsi, mme o hloka botshepehi ho Tsietsi. Ka tshusumetso ya Seipati o mo kenya molekong wa ho ratana le Mohlouwa hore a mo fe tjhelete ho qoba bofuma ba lelapa la hae.  Naledi o ile a bontsha ho hloka botshepehi ka ho thetsa Tsietsi hore o rekile mabenyane ka tjhelete ya phepo ya bana empa ho se jwalo, tjhelete a e filwe ke Mohlouwa.  Naledi ha a tshepahale hobane o ne a dula a nyenyelepa ho tswa ka tlong a ilo bona Mohlouwa kantorong ya hae. Sena se lebisitse ntlheng ya hore ba dule ba se ba qwaketsana ka mantswe le Tsietsi mme a qetella ka ho se hlomphe monna wa hae Tsietsi.  Lerato la Mohlouwa le Naledi le qhaphaletsa le Pheleu eo e reng ha a mo kgalema ebe Naledi o a mo halefela. Ho hloka botshepehi ha Mohlouwa  Mohlouwa ke monna wa Mmabatho, ramabenkele e moholo motseng wa Kgotsong o hloka botshepehi.  Mohlouwa o hlokile botshepehi ho Mmabatho ka ho ratana le Naledi.  Mohlouwa o hlokile botshepehi ho Tsietsi ka ho mo leleka mosebetsing ntle ho mabaka a utlwahalang athe o habile ho ratana le Naledi.  Ho hloka botshepehi ha Mohlouwa ho entse hore a dule a nyenyelepa le masiu ho ya bona Naledi, a thetse Mmabatho hore o ya dikopanong tsa kgwebo.  Mohlouwa o hloka botshepehi ho banna ba motse wa habo hobane pele a hira basebetsi ba bomme o ne a arolelana dikobo le bona. Phethelo Ho hloka botshepehi ha Naledi le Mohlouwa ho tlisitse ditlamorao tse bosula. Tsietsi o ile a bolaya bana ba hae, Mmabatho, Naledi, Mohlouwa, Pheleu esitana le Thapelo motswalle wa hae. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 24 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2020) POTSO YA 19: LEJWE LA KGOPISO ─ T Letshaba 19.1 Ke banyalani/monna le mosadi (1) 19.2 Tsietsi o lelekilwe mosebetsing ke Mohlouwa/ O na le kgatello ya maikutlo/ Ke mathata a aparetseng lelapa la hae. [Tshwaya e le nngwe] (1) 19.3 Ke mehleng ya sejwalejwale.Basebetsi ba na le ditokelo tsa ho hwanta ho bontsha boipelaetso ba bona/Batho ba na le bolokolohi ba ho ipeha moo ba ka ikahelang mekhukhu. [Tshehetso ya bahlahlobuwa e bontshang mehla ya sejwalejwale e ananelwe] (2) 19.4 Ke Mohlouwa.O kgahlanong le katleho ya moetapele e leng Tsietsi. (2) 19.5 Pheleu ke mothusi wa Mohlouwa kaha o thusa Mohlouwa ka ho mo thothela ditaba tse buuwang ke basebetsi.  (2) 19.6 Mohlouwa o kgopo/ha a tshepahale hobane o lelekile Tsietsi mosebetsing ntle le mabaka a utlwahalang/ o ratana le basadi ba banna ba bang pele a ka ba hira mosebetsing. [Karabo ya bahlahlobuwa e hlalosang semelo e ananelwe] (2) 19.7 Ke hore Naledi o ratana le Mohlouwa. (1) 19.8 Ke tshotleho ya lapa la hae le ho susumelletswa ke Seipati hore a qobe bofuma ka hore a dumele Mohlouwa molemong wa hore o tla mo fa tjhelete. (2) 19.9 Naledi o ne a reka dijo tse ngata/o ne a reka mabenyane a ho tura. [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 19.10 Tomatso ke ya hore motho o lebella hore Pheleu e be yena ya buellang Tsietsi ho Mohlouwa hore a se ke a mo leleka kaha Tsietsi o nyetse kgaitsediae empa Pheleu o thusa Mohlouwa ho tebela Tsietsi. (2) 19.11 E, mongodi o atlehile hobane Tsietsi o ile a aparelwa ke mathata bophelong ba hae/O ile a lelekwa mosebetsing/Mosadi o ratana le ramabenkele/ha a fumane ntlo ya RDP/Lapeng la hae ho phelwa ka thata/o qetella ka ho ba mmolai. [Tshwaya e le nngwe feela] (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2020) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 25 19.12 Le ne le bidietsa taba ya hore Tsietsi o tla lelekwa mosebetsing ke Mohlouwa, mme ho ile ha fela ha ba jwalo. (2) 19.13 Thapelo o ile a re basebetsi ba hwante hore Mohlouwa a tsebe ho kgutlisetsa Tsietsi mosebetsing/ha Tsietsi a le ka hara mathata Thapelo o mo fa dikeletso le malebela a ho rarolla mathata/o ile a kumela Tsietsi ditaba tsa hore Naledi o ratana le Mohlouwa. [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 19.14 Ke mothinya wa hore Tsietsi a bolaye bana ba hae, Mmabatho, Pheleu le Thapelo kaha ne ba sa amehe leratong la Mohlouwa le Naledi. (2) [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 25 MATSHWAO OHLE A TATAISO ENA A: 80 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all