Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Eastern Cape Mock 2020 Question Paper

Question paperSesotho HLGrade 1220205 pages

Grade 12 Sesotho HL question paper from the Eastern Cape Mock Exam 2020, 5 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2020

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 LOETSE 2020 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 MATSHWAO: 100 NAKO: Dihora tse 2½ Pampiri ena e na le maqephe a 5.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/ LOETSE/2020 DITAELO HO MOHLAHLOBUWA 1. Pampiri ena e arotswe DIKAROLO tse PEDI, e leng: KAROLO YA A: Moqoqo (50) KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse 2 (2 x 25) (50) 2. Araba potso e le NNGWE KAROLONG ya A le dipotso TSE PEDI KAROLONG YA B. 3. Araba dipotso TSOHLE ka Sesotho. 4. Qala potso e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA. 5. Etsa moralo wa tema e nngwe le e nngwe (ka ho etsa mmapa wa monahano/daekeramo/tjhate e bontshang tatelano ya mehopolo kapa lenane la dintlha tseo o tlang ho ngola ka tsona). Ha o qetile, bala tema hape ho hlaola diphoso. Meralo e hlahiswe QALONG ya tema ka nngwe. 6. Meralo e totobatswe hantle hore ke meralo. 7. O eletswa ho sebedisa nako ka mokgwa ona:  Metsotso e 80 ho araba KAROLO YA A.  Metsotso e (35 x 2) ho KAROLO YA B. 8. Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha di nomorilwe dipotsong. 9. Sehlooho se se ke sa balellwa e le karolo ya palo ya mantswe. 10. Ngola ka mongolo o makgethe o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com EC/LOETSE/2020) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 3 KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 Kgetha sehlooho kapa setshwantsho SE LE SENG ebe o ngola moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400–450 (dikahare feela). Ebang o kgetha setshwantsho ngola o itshetlehile ka mohopolo o qholotswang ke setshwantsho maikutlong a hao mme o iqapele sehlooho sa hao. Se lebale ho etsa moralo le ho hlaola diphoso. 1.1 Mohlang oo ka hlapanya hore nke ke ka dumela ho boela ke hlekefetswa. [50] 1.2 Ba rate le ha ba o hloile. [50] 1.3 Selemo sa 2020 se bonahala se fupere diphephetso. Dumela kapa o hanane le maikutlo ana. [50] 1.4 Ke ile ka lemoha hore mantswe a hae a a nkaha. [50] 1.5 Ho kgalema ka thata ha se ho shapa/ho otla, kgalemo le lerato di tsamaya mmoho. [50] 1.6 Ditshwantsho tse latelang di ka qholotsa mehopolo e itseng maikutlong a hao. Kgetha SE LE SENG, mme o ngole moqoqo ka mohopolo wa sehlooho o qholotswang ke setshwantsho. Ngola nomoro ya potso eo o e kgethang, mme o iqapele sehlooho sa hao. [50] 1.6.1 [Sethwantsho se qotsitswe ho Move 17 Mmesa 2017] [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/ LOETSE/2020 1.6.2 [50] [Sethwantsho se qotsitswe ho Move 17 Mmesa 2017] 1.6.3 [Setshwantsho se qotsitswe ho Move 17 Mmesa 2019] [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com EC/LOETSE/2020) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 5 KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 Kgetha ditema tse PEDI mme o ngole tema ya bolelele ba mantswe a 180–200 (dikahare feela) temeng ka nngwe. Hopola ho etsa moralo, o boele o lekole ditema tsa hao botjha ho hlaola diphoso. 2.1 LENGOLO LA TLETLEBO Ngola lengolo le yang ho Motsamaisi wa Masepala wa sebaka sa heno, moo o tletlebang ka borokgo bo weleng ka nako ya dipula tsa Lehlabula. [25] 2.2 PUO Ngola puo ya teboho eo o tlang ho e tshetlehela Rakgwebo ya ileng a le tshehetsa ka ditjhelete ha le ne le e na le kampo ya dithuto tsa tlatsetso sekolong sa hao ka nako ya phomolo ya mariha. [25] 2.3 ATIKELE E YANG KORANTENG O moetapele wa mokgatlo wa batjha motseng wa heno, le butse sebaka moo le thusang batjha ba sa tswelellang ho ntshetsa dithuto tsa bona pele diyunivesithing, ka mosebetsi wa matsoho. Kgothalletsa batjha ho ya sebakeng seo ho fumana thuso. Ngola atikele e yang koranteng ya sebaka sa heno. [25] 2.4 TEKOLOKAKARETSO O ile wa boha tshwantshiso e ileng ya o ama maikutlo thelevisheneng. Ngola tekolokakaretso ya tshwantshiso eo. [25] 2.5 PUISANO Motswalle wa hao o amehile kotsing ya koloi mme o robehile maoto ka bobedi. Ngola puisano pakeng tsa hao le yena moo o mo kgothatsang hore o ntse a tla boela a tseba ho tsamaya hape. [25] 2.6 OBITJHUARI Rangwane wa hao eo e neng e le mokganni wa dibase o hlokahetse.Ntate wa hao o o kopile hore o ba ngolle obitjhuari. Ba ngolle obitjhuari eo. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2): 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all