Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Gauteng June 2025 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 1220257 pages

Grade 12 Sesotho HL memorandum from the Gauteng June Exam 2025, 7 pages. Read online or get the free PDF download, question paper linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

Gauteng June Exam 2025

Document textSearch extracted text and jump to a page.
TLHAHLOBO YA BOHARENG BA SELEMO KEREITE YA 12 PHUPTJANE 2025 TATAISO YA HO TSHWAYA SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA PELE (P1) Maqephe a 7.
SESOTHO PUO YA LAPENG TATAISO YA HO TSHWAYA (PAMPIRI YA PELE) GR12 0625 TATAISO YA HO TSHWAYA TEKOKUTLWISISO • Kaha sepheo e le ho lekola kutlwisiso ya moithuti, mopeleto o fosahetseng le diphoso tsa puo karabong di se ke tsa nkelwa matshwao, ntle le ha diphoso tseo di nyotobetsa moelelo/kutlwisiso. (Diphoso di nne di bontshwe) • Ha mohlahlobuwa a sebedisitse mantswe a tswang puong e nngwe e seng ena a hlahlojwang ho yona, mantswe ao a se natswe, hape a se ke a nkelwa matshwao ha karabo e ntse e na le moelelo o utlwahalang. Leha ho le jwalo, haeba lentswe le hlahang puong e nngwe le sebedisitswe temeng ebile le hlahella e le karabo e nepahetseng le fuwe matshwao. • Bakeng sa potso e bulehileng, mohlahlobuwa a se ke a abelwa matshwao bakeng sa karabo ya E/TJHE kapa KE A DUMELA/HA KE DUMELE. Lebaka/ tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. • Ho se fanwe ka matshwao bakeng sa NNETE/MAFOSI kapa NTLHA/ MOHOPOLO. Lebaka/tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. • Ha karabo e hloka lentswe le le leng empa mohlahlobuwa a fane ka polelo e felletseng, a abelwe matshwao hafeela lentswe le nepahetseng le sehelletswe mola/qatsohisitswe. • Ha potso e batla dintlha tse pedi/tharo, mohlahlobuwa yena a fane ka dintlha tse fetang tse boletsweng, ho tshwauwe tse pedi/tharo tse qalang. • Amohela mantswe a hlahang dipuong tse sebediswang mabatoweng a fapaneng. • Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka botlalo. KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 TEMA YA A 1.1 Le falatsa ditoro tsa batho ka ho se be le mofuthu ka ntlong le manyalong hobane ho sena bana/ho falatsa ditoro tsa ho se kgone ho atisa malapa kapa ho ka bitswa mme/ntate. ✓ (Tshwaya e le NNGWE feela.) (1) 1.2 Ho nwa dipitsa tsa setso ✓ le ditlhare tsa sekgowa. ✓ (2) 1.3 Le ama mahlakore ka bobedi, e leng la batho ba batshehadi le ba batona. ✓ (1) 1.4 Ho se sebetse hantle ha peo ya ntate ya botona ✓/ho tsuba ✓/ho nwa jwala/ho ba mmele o moholo. (Tshwaya TSE PEDI feela.) (2) 1.5 E a re ruta hore ha se bomme feela ba hlokang thari, bontate le bona ba ntse ba le teng. ✓✓ (2) 1.6 B/ho ikgetholla setjhabeng. ✓✓ (2) 2
SESOTHO PUO YA LAPENG TATAISO YA HO TSHWAYA (PAMPIRI YA PELE) GR12 0625 1.7 Ke ntlha hobane ho hloka thari ho a ba ngongorehisa le ho se thabele manyalo a bona mme ba bang ba qetella ba hlalana. ✓✓ (2) 1.8 Ke ho fumana mahe kapa peo ✓ le ho ima bakeng sa mme ya sa kgoneng. ✓ (2) 1.9 Bahaditso ba rohaka le ho kobisa basadi ba se nang bana ✓ empa ka lehlakoreng le leng ba nyahlatsa bana ba bona le bona basadi bao. ✓✓ (3) 1.10 Mmuso o lokela ho fana ka ditshebelletso tsa mahala dipetleleng tsohle naha ka bophara. ✓ O ka rupella dingaka tse ngata ka tsebo ya marangrang ho alafa mafu a kang ana a ho hloka pelei hore ba imolle batho kgatellong ya maikutlo. ✓✓ Mmuso o netefatse hore ba kojwana di mahetleng ba fumantshwa thuso dipetleleng tsa setjhaba ntle ho tefo hobane ha re lekane re se meno. (Ananela dikarabo tse ding tse utlwahalang ho tswa ho bahlahlubuwa ha feela di arabela potso.) (3) TEMA YA B 1.11 Di matlafatsa kapa e tiisa hore batho ba sitwang ho ba le bana ka bo bona thekenoloji e teng ho ba thusa. ✓✓ (2) 1.12 Makgona tsohle a bolela ntho e sa sitweng/hlolweng ke letho. ✓✓ (2) 1.13 E ka ba le kgahlamelo e mpe kaha e ka beha maphelo a masea kotsing hobane a phediswa ke metjhini e sebedisang matla a motlakase. ✓✓ (Ananela dikarabo tse ding tse utlwahalang ho tswa ho bahlahlubuwa ha feela di arabela potso.) (2) 1.14 Bohlokwa ba teng ke ho phedisa masea ka ho afepela dijo le moya. ✓✓ (2) 1.15 Dinyalana ka hore Tema ya B e fana ka tharollo ya mathata a ho hloka thari. Ha tema ya A e bua ka mathata a ho hloka thari le hore batho ba ka sebedisa ditlhare tsa setso le tsa sekgowa jwang ho rarolla mathata ao. ✓✓ (2) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 3
SESOTHO PUO YA LAPENG TATAISO YA HO TSHWAYA (PAMPIRI YA PELE) GR12 0625 KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 TEMA YA C Hlokomela hore o reka webositeng tse bolokehileng ✓ hape o netefatse le ho lefella thepa ya hao kontane. ✓ Etsa bonnete ba hore o reka diwebosaeteng tse nang le ‘URL’ ya ‘https.’ ✓ Se ke wa hokela dikarete tsa hao diwebosaeteng, ✓ reka ka karete ya mokitlane hobane ho bolokehile ha o reka ka yona. ✓ Ho phema ho reka thepa e seng hantle, mamela hore batho ba reng mme o ipolokele tjhelete. ✓ Etsa bonnete ba hore tjhelete eo o e sebedisitseng e lekana le e tswileng. ✓ [Palo ya mantswe: 82] Ka sebopeho sa dintlha DIQOTSO DINTLHA 1 Eba sedi, reka thepa ya hao webosaeteng A Hlokomela hore o reka webosaeteng tse tsebahalang le tse netefaditsweng. tse bolokehileng. 2 Etsa bonnete ba hore o lefella thepa ya hao B Netefatsa le ho lefella thepa ya hao ka ho lefa kontane o se o ikgotsofaditse hore kontane. ke thepa eo o e rekileng. 3 Ha o sena bonnete ka webosaete, lekola C Netefatsa hore ‘URL’ e na le ‘https.’ ‘URL’ e lokela ho qala ka ‘https’ eseng ‘http’. 4 Se ke wa hokela dikarete tsa hao kapa D Se ke wa hokela dikarete tsa hao akhaonto ya hao ya banka di webosaeteng diwebosaeteng. tsena. 5 Bohlale ke ho sebedisa karete ya mokitlane E Reka ka karete ya mokitlane hoba o ka ha ho le bobebe ho e laola kgahlanong le ka kgona ho thibela bonokwane. bonokwane. 6 Sheba tekolokakaretso le ho bala ditshwaelo F Ho phema ho reka thepa e seng tsa bareki ba bang hore ba reng ka mofuta hantle, mamela hore batho ba reng oo wa thepa ho qoba ho reka seo e seng sa mme o ipolokele tjhelete. boleng ba tjhelete. 7 Melaetsa le diimeili di netefatsa tjhelete e G Etsa bonnete ba hore tjhelete eo o sebeditseng hore e tshwana le ya theko, e sebeditseng e lekana le e tswileng. mme ke bopaki ba hao hore o rekile ka bokae ha tswa bokae. 4
SESOTHO PUO YA LAPENG TATAISO YA HO TSHWAYA (PAMPIRI YA PELE) GR12 0625 HO TSHWAYA KGUTSUFATSO Ho tshwauwa ha kgutsufatso ho itshetlehile hodima ho kenyeletsa dintlha tse supileng tse hlokwang ke potso. Qotso: Polelo ha e ntse e le jwalo kaha e tswa temeng. Polelo e fokoditsweng feela dikotwana tsa mantswe empa e ntse e na le tlhahlamano e tshwanang ya mantswe ho tswa temeng. Ntlha: Polelo e bopilweng ka tsela e fapaneng le ya sethato feela e ntse e arabela potso. Polelo e nang le tlatsetso ya mantswe a mang kapa tshebediso ya mahlalosonngwe feela e ntse e arabela potso. • Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 bakeng sa dintlha tse 7 (ntlha e le 1 bakeng sa ntlha ya sehlooho). o Matshwao a 3 bakeng sa puo o Matshwao kaofela: 10 • Kabo ya matshwao ha bahlahlobuwa ba sebedisitse mantswe a bona: o Ha dintlha tse 1 – 3 di nepahetse: fana ka letshwao le 1 o Ha dintlha tse 4 – 5 di nepahetse: fana ka matshwao a 2 o Ha dintlha tse 6 – 7 di nepahetse: fana ka matshwao a 3 • Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse diqotso di le jwalo: o Diqotso tse 6 – 7: se fane ka matshwao bakeng sa puo. o Diqotso tse 4 – 5: fana ka letshwao le 1 bakeng sa puo. o Diqotso tse 2 – 3: fana ka matshwao a 2 bakeng sa puo. ELA TLHOKO: Diqotso 2 Dintlha 5 Diqotso 5 Dintlha 0 Puo 2 Puo 1 Matshwao = 9/10 Matshwao = 6/10 Ha ngwana a kopantse dintlha le diqotso, re fana ka puo ka dintlheng feela, ntle le ha a qotsitse feela ke hona re tla aba matshwao a puo. • Palo ya mantswe o Batshwai ba lokela ho nnetefatsa palo ya mantswe a sebedisitsweng. o Se ke wa hula matshwao ha eba baithuti ba sa bontsha palo ya mantswe a sebedisitsweng kapa ha eba palo ya mantswe a sebedisitsweng e ngotswe e fosahetse. Ha palo ya mantswe e tlotse moedi o boletsweng, bala ho fihlela palong ya mantswe a behilweng, ebe o emisa moo. Mohlala Puo Polelo/Polelwana Palo ya mantswe Sesotho Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 5
SESOTHO PUO YA LAPENG TATAISO YA HO TSHWAYA (PAMPIRI YA PELE) GR12 0625 KAROLO YA C: DIBOPEHO LE DITLWAELO TSA TSHEBEDISO YA PUO POTSO YA 3: PAPATSO TEMA YA D 3.1 E lebisitswe bathong ba ratang ho hahlaula hobane e mong wa bahahlaudi o tshwere lere kapa kotjana eo ba e sebedisang ho hlwella dithabeng. KAPA E lebisitswe ho bahahlaudi ba sa natseng ditefello tsa maeto a ho hlaula mme ba rata boithabiso le ho itlhabolla. ✓✓ (2) 3.2 Le hlahella ka ho kotela batho ba kojwana di mahetleng ka ha ditefello tsa leeto di phahame haholo. ✓✓ (Ananela dikarabo tse ding tse utlwahalang ho tswa ho bahlahlubuwa ha feela di arabela potso.) (2) 3.3 Ke sehla sa mariha hobane bahahlaudi ba bonahala ba apere ‘dijakete/dilamba’, jeresi tse mofuthu, ba rwetse le dikatiba ha moshanyana yena a apere kobo, ba ithatile dikhafo melaleng le dieta tsa ho thellisa lehlweng. ✓✓ (2) 3.4 D/ho tsamaya dibakeng tse fapaneng. ✓✓ (2) 3.5 Lentswe lena sesolo le sebedisitswe ho hohela bahahlaudi mme le bolela hore ditjeho di fatshe empa ditefello di hodimo, R7 999 e leng tjhelete e ngata haholo. ✓✓ (2) [10] POTSO YA 4: KHATHUNU TEMA YA E 4.1 A re senolela hore sebapadi se nomorilweng 2 ha se a itokisetsa ditlhahlobo kapa ha se tsebe letho bakeng sa ho araba dipotso ke kahoo a reng Modimo nthuse! ✓✓ (2) 4.2 E hlahella ka tsela ya hore sebapadi sena se ntshitse boko ba sona kaofela ka hloohong e le ha a batla hore dikarabo di wele hodima pampiri ya dikarabo. ✓✓ (Ananela dikarabo tse ding tse utlwahalang ho tswa ho bahlahlubuwa ha feela di arabela potso.) (2) 4.3 Bohlokwa ba dipudulwana tse sebedisitsweng ke ho hlakisa hore moithuti ya nomorilweng 2 o bua ✓ ha ya nomorilweng 1 a nahana. ✓ (2) 4.4 E re bolella hore o itokiseditse ditlhahlobo, ke ka hoo a phuthulohileng ebile a tsepamisitse maikutlo pampiring. ✓✓ (2) 6
SESOTHO PUO YA LAPENG TATAISO YA HO TSHWAYA (PAMPIRI YA PELE) GR12 0625 4.5 E, ka ha ho ba bobebe hore moithuti ya itokiseditseng a nolofallwa, ha ya sa itokisetsang a thatafallwa ke ho araba dipotso nakong ya ditlhahlobo. ✓✓ (2) [10] POTSO YA 5: TEMA YA PROSA TEMA YA F 5.1 Lefehlo leo mme a le sebedisang le letelele. ✓✓ (Ananela dikarabo tse ding tse utlwahalang ho tswa ho bahlahlubuwa ha feela di arabela potso.) (2) 5.2 O sebedisitse polelo ena e le ho tiisa hore bana bana ba sa le banyane dilemong. ✓✓ (Ananela dikarabo tse ding tse utlwahalang ho tswa ho bahlahlubuwa ha feela di arabela potso.) (2) 5.3 Ke mohopo ka ha e se batho kaofela ba dumelang kapa ho kgolwa ho thwaseng hape ha se batho kaofela ba dumelang hore ba kudiswa le ho hlahelwa ke bomadimabe ha ba sa ananele pitso ya badimo. KAPA Ntlha ka ha boholo ba batho ba dumelang badimong ha ba ka hlahelwa ke bomadimabe kapa ba kula ba ye ba anenele pitso mme ka mora ho dumela pitso ya badimo ba a fola mme dintho di ba tsamaele hantle. ✓✓ (2) 5.4 Ha ba rupellwe feela ntle le pontso ya badimo. ✓✓ (2) 5.5 Dingaka tsa nakong ya maoko di ne di rupelletswe ka nepo mme di ne kgona ho phekola le ho thusa setjhaba empa tsa nakong ya tokoloho ka ha di fumantswe thupello e nepahetseng di hloleha ho thusa setjhaba ka ha ba bang ba le banyane haholo dilemong hore ba be le tsebo ya ho phekola. ✓✓ (Ananela dikarabo tse ding tse utlwahalang ho tswa ho bahlahlubuwa ha feela di arabela potso.) (2) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 30 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70 7

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all