You're offline
Skip to content
Question paper

Sesotho HL P3 Nov 2023_hlayiso.com_.pdf

Subject: Sesotho HlGrade 1220235 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA BORARO (P3) PUDUNGWANA 2023 MATSHWAO: 100 NAKO: Dihora tse 3 Pampiri ena e na le maqephe a 5. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 2 DBE/Pudungwana 2023 NSC DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA 1. Pampiri ena e arotswe ka DIKAROLO TSE PEDI: KAROLO YA A: Moqoqo (50) KAROLO YA B: Ditema tsa Kgokahano (2 x 25) (50) 2. Araba potso E LE NNGWE KAROLONG YA A le dipotso TSE PEDI KAROLONG YA B. 3. Araba dipotso TSOHLE ka puo eo o lekanyetswang ka yona. 4. Qala karolo KA NNGWE leqepheng LE LETJHA. 5. Etsa moralo wa tema e nngwe le e nngwe (ka ho etsa mmapa wa monahano/daekramo/tjhate e bontshang tatelano ya mehopolo kapa lenane la dintlha tseo o tlang ho ngola ka tsona). Ha o qetile ho ngola tema ya hao, e bale hape ho hlaola diphoso. Meralo e hlahiswe QALONG ya tema ka nngwe. 6. Meralo yohle e totobatswe ka tshwanelo hore ke meralo. O eletswa hore o sehe mola ho habahanya meralo, mme o se sehe mola ho habahanya moqoqo kapa tema ya ho qetela e tlang ho tshwauwa. 7. O eletswa ho sebedisa nako ka mokgwa ona: KAROLO YA A: Metsotso e ka bang e 100 KAROLO YA B: Metsotso e ka bang e (2 x 40) 80 8. Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso. 9. Sehlooho se se ke sa balellwa e le karolo ya palo ya mantswe. 10. Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 3 DBE/Pudungwana 2023 NSC KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 Kgetha sehlooho kapa setshwantsho SE LE SENG ebe o ngola moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450 (dikahare feela). Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ka ho e hlaola diphoso. 1.1 Nako ya phomolo le boikgutso ya fetoha masisapelo! [50] 1.2 Batswadi ba lokela ho tseba bahlankana/dikgarebe tsa bana ba bona. [50] 1.3 Lekgetlo la ka la pele la ho iswa sepetlele ka lebaka la ho kula. [50] 1.4 Ho lokile hape ha ho a loka hore baithuti ba etse dithuto tsa bona ka marangrang a inthanete. [50] 1.5 Ebe kolobetso ya nokeng e lokile kapa tjhe? [50] Kgetha setshwantsho SE LE SENG ho tse latelang, o ntano ngola moqoqo ka sehlooho se se tlisang kelellong ya hao. Nomora potso ya hao (1.6, 17 KAPA 1.8). O nehe moqoqo wa hao sehlooho se loketseng. ELA TLHOKO: Ho tlamehile ho ba le kgokahano dipakeng tsa moqoqo wa hao le setshwantsho seo o se kgethileng. 1.6 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho encrypted-tbnO.gstatic.com] [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 4 DBE/Pudungwana 2023 NSC 1.7 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho www.humanebaders.org] [50] 1.8 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho encrypted-tbnO.gstatic.com] [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 5 DBE/Pudungwana 2023 NSC KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 Kgetha mme o ngole ditema TSE PEDI tsa bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela) temeng ka nngwe. Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ka ho e hlaola diphoso. 2.1 LENGOLO LA SETSWALLE Ngwaneno o nketswe mokotlana wa diphahlo le tjhelete ke dinokwane. Mo ngolle lengolo o mo tshedise ka tahlehelo eo. [25] 2.2 LENGOLO LE YANG KORANTENG Ngola lengolo le yang koranteng moo o tletlebang ka leqeme la mosebetsi ho batjha ba naha ena. [25] 2.3 ATIKELE E YANG MAKASINENG Ngola atikele e yang makasineng moo o hlahisang maikutlo a hao ka bana bana ba emang ditsheng tsa mabenkele le ho kena matlong ba kopa ditjhelete. [25] 2.4 NALANE YA BOPHELO BA MOFU (OBITJHUARI) Motswalao o hlokahaletse kotsing ya koloi. Ngola nalane ya tsa bophelo ba hae. [25] 2.5 RAPOROTO YA SEMMUSO O bone moithuti ya neng a dutse haufi le wena a kopitsa nakong ya ditlhahlobo mme lefapha la ditlhahlobo le o kopile ho ba etsetsa raporoto. Ngola raporoto mabapi le ketso eo. [25] 2.6 INTHAVIU E NGOLWANG Thabo ke sebohodi seyalemoyeng sa setjhaba. Ngola inthaviu e dipakeng tsa hae le Letona la sepolesa moo ba buisanang ka ho kwetelwa ho seng ho jele setsi ha makoloi. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Hl

Explore more published documents in this catalogue.

View all
Grade 12 · Sesotho Hl · 2023 · NSC November Exam · Question paper · Paper 3 · sesotho | Hlayiso | Hlayiso