You're offline
Skip to content
Question paper

Sesotho HL P3 Nov 2022 hlayiso.com

Subject: Sesotho HlGrade 1220225 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA BORARO (P3) PUDUNGWANA 2022 MATSHWAO: 100 NAKO: Dihora tse 3 Pampiri ena e na le maqephe a 5. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 2 DBE/Pudungwana 2022 NSC DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA 1. Pampiri ena e arotswe ka DIKAROLO TSE PEDI: KAROLO YA A: Moqoqo (50) KAROLO YA B: Ditema tsa Kgokahano (2 x 25) (50) 2. Araba potso E LE NNGWE KAROLONG YA A le dipotso TSE PEDI KAROLONG YA B. 3. Araba dipotso TSOHLE ka puo eo o lekanyetswang ka yona. 4. Qala karolo KA NNGWE leqepheng LE LETJHA. 5. Etsa moralo wa tema e nngwe le e nngwe (ka ho etsa mmapa wa monahano/daekramo/tjhate e bontshang tatelano ya mehopolo kapa lenane la dintlha tseo o tlang ho ngola ka tsona). Ha o qetile ho ngola tema ya hao, e bale hape ho hlaola diphoso. Meralo e hlahiswe QALONG ya tema ka nngwe. 6. Meralo yohle e totobatswe ka tshwanelo hore ke meralo. O eletswa hore o sehe mola ho habahanya meralo, mme o se sehe mola ho habahanya moqoqo kapa tema ya ho qetela e tlang ho tshwauwa. 7. O eletswa ho sebedisa nako ka mokgwa ona: KAROLO YA A: Metsotso e 100 KAROLO YA B: Metsotso e 80 (2 x 40) 8. Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso. 9. Sehlooho se se ke sa balellwa e le karolo ya palo ya mantswe. 10. Ngola ka mongolo o makgethe, mme o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 3 DBE/Pudungwana 2022 NSC KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 Kgetha sehlooho kapa setshwantsho SE LE SENG ebe o ngola moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450 (dikahare feela). Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ka ho e hlaola diphoso. 1.1 Ka se ke ka bo hlotha bosiung boo! [50] 1.2 Ruri moahisane ke motho wa bohlokwa. [50] 1.3 Ke ne ke re ke a bapala athe ke ikenya tsietsing. [50] 1.4 Na leano la mmuso la ho phatlalatsa diphetho tsa ditlhahlobo tsa materiki dikgokahanong tsa setjhaba le thunthetsa ditokelo tsa baithuti? [50] 1.5 Tjhelete ya dithuso ya SASSA e fuwang batho ba sa sebetseng e ka fokotsa hape e ka eketsa mathata setjhabeng. [50] Boha ditshwantsho tse latelang. Ebang o kgetha setshwantsho, ngola moqoqo o thehilweng hodima mohopolo o qholotswang ke sona maikutlong a hao o be o iqapele sehlooho. Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ka ho e hlaola diphoso. 1.6 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho www.vectorstock.com] [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 4 DBE/Pudungwana 2022 NSC 1.7 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho www. ewn.co.za] [50] 1.8 [Setshwantsho sena se nkuwe ho tswa ho www.sowetanlive.co.za/news] [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 5 DBE/Pudungwana 2022 NSC KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 Kgetha mme o ngole ditema TSE PEDI tsa bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela) temeng ka nngwe. Se lebale ho etsa moralo, o boele o lekole tema ya hao botjha ka ho e hlaola diphoso. 2.1 LENGOLO LA SEMMUSO Ngolla mosuwehlooho wa sekolo sa heno lengolo o mo kope hore dithuto tsa tlatsetso di se tswe bosiu. [25] 2.2 PUO Motswala wa hao o atlehile ho fumana lengolo la thuto setsheng sa thuto e phahameng mme wena o kgethuwe ho fana ka puo moketeng wa hae wa dikapeso. Ngola puo eo. [25] 2.3 ATIKELE E YANG KORANTENG Ngola atikele e yang koranteng moo o hlahisang ngongoreho ya hao mabapi le borakgwebo ba rekisetsang baahi dijo tse seng di tlotswe ke nako. [25] 2.4 PUISANO Ngola puisano e pakeng tsa moletsaphala le sebapadi se ipelaetsang ka ho fuwa kotlo e itseng papading ya sona. [25] 2.5 IMEILI Ngolla mokgatlo wa dithuso tsa ditjhelete tsa baithuti ba kojwana di mahetleng mme o batlisise ka kopo eo esale o e etsa ya ho fumantshwa basari. [25] 2.6 TEKOLOKAKARETSO O ne o etetse serapeng sa diphoofolo tse hlaha. Ngola Tekolokakaretso ka sebaka seo. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Hl

Explore more published documents in this catalogue.

View all