You're offline
Skip to content
Question paper

Sesotho HL P2 Nov 2022 MG_hlayiso.com_.pdf

Subject: Sesotho HlGrade 12202224 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA BOBEDI (P2) PUDUNGWANA 2022 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 80 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 24. Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 2 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya TATAISO YA HO TSHWAYA:  Ha mohlahlobuwa a arabile dipotso tse ngata ho feta palo e behilweng, tshwaya feela karabo ya pele (Mohlahlobuwa ha a lokela ho araba potso e telele le dipotso tse kgutshwane mofuteng o le mong wa sengolwa).  Haeba a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona KAROLONG YA A, (dithothokiso tseo a di rutilweng) tshwaya feela dipotso tse pedi tsa pele.  Haeba a arabile dipotso tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse kgutshwane kapa a arabile tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse telele KAROLONG YA B le ya C, tshwaya karabo ya pele, mme o tlohele ya bobedi. Athe ha a arabile dipotso ka bone ba tsona, tshwaya karabo ya pele ho karolo e nngwe le e nngwe ha feela a arabile e le nngwe ya dipotso tse kgutshwanyane le e le nngwe ya dipotso tse telele.  Ha mohlahlobuwa a nehelane ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse, mme ya bobedi yona e nepahetse, tshwaya karabo ya pele, mme o tlohele e e latelang.  Ha dikarabo di nomorilwe di fosahetse, tshwaya ho ya ka memorandamo.  Haeba mopeleto o fosahetse hoo o thunthetsang moelelo, fosisa karabo e jwalo. Haeba mopeleto o fosahetseng o sa thunthetse moelelo, tshwaya karabo eo e nepahetse. Potso tse telele: o Ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase ho palo ya mantswe e behilweng (kgutshwane), se behe kotlo hobane mohlahlobuwa o se a ntse a ipehile ka mosing. Haeba moqoqo o le molelele haholo, tshwaya ho ya ka seo mohlahlobuwa a se ngotseng o nto sekaseka sena le batshwai ba ka sehloohong. Sebedisa ruburiki ya ho lekanyetsa e leqepheng la 3 le e leqepheng la 8 ho lekanyetsa moqoqo wa mohlahlobuwa. Dipotso tse kgutshwane: o Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a di-a-bulwa le di-a-kwalwa moo a lokelang ho qotsa, se behe kotlo. o Bakeng sa dipotso tse bulehileng, se ka aba matshwao bakeng sa E/TJHE kapa KE A DUMELA/KE A HANA. Lebaka/Tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. o Ha ho matshwao a ajwang bakeng sa NNETE/MAFOSI kapa NTLHA/MOHOPOLO. Lebaka/Tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 Downloaded from hlayiso.com 3 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA A: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO WA DINGOLWA: THOTHOKISO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 10] Makgetha a ho lekanyetsa Phihlello e babatsehang Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo PhihIello e haellang bokgoni feela DIKAHARE 5–6 4 3 2 0–1 -O bontsha kutlwisiso e tebileng ya -O bontsha kutlwisiso, mme -O bontsha kutlwisiso e -O bontsha kutlwisiso e -Ha a bontshe Kutlwisiso ya potso, botebo se botswang o hlalosa se botswang ka mahareng ya se botswang. sa kgotsofatseng ya se kutlwisiso ya letho ya ba tshekatsheko ya taba tshwanelo. botswang. se botswang. (sehlooho), kutlwahalo le -O hlahisitse dintlha tse fapaneng -O hlahisitse dintlha tse -O hlahisitse dintlha tse seng kae nnetefatso (tiisetso) ya tse hlwahlwa; di tshehetswa ho anelang ka tsela e ho tshehetsa sehlooho. -Ho batla ho se dintlha -Dintlha tse dintlha ho tswa thothokisong/ tswa thothokisong. kgotsofatsang. tse hlahisitsweng ho tshehetsang ha di temeng. -Tse ding tsa dintlha tse tshehetsa sehlooho. hlahiswe ho tswa -Kutlwisiso ke e babatsehang ya -O hlahisitse dintlha tse hlahisitsweng ho tshehetsa thothokisong. MATSHWAO A 6 mofuta wa sengolwa le thothokiso. utlwahalang, empa ha se sehlooho di ntle. -Kutlwisiso ya mofuta wa tsohle tse tiisitsweng sengolwa le thothokiso -Mohlahlobuwa ha a kamoo ho lokelang. -Tse ding tsa dintlha di ke e haellang. utlwisise hantle mofuta tsheheditswe, empa bopaki ha wa sengolwa le -O utlwisisa mofuta wa bo kgodise ka nako tsohle. thothokiso. sengolwa le thothokiso. -Kutlwisiso ya motheo feela ya mofuta wa sengolwa le thothokiso. SEBOPEHO LE 4 3 2 1 0–1 TSHEBEDISO YA PUO -Sebopeho se hlahisitswe ka tsela -Sebopeho ke se hlakileng, -O hlahisitse bopaki bo seng -Sebopeho se bonahala -Moqoqo o bopehile ka e momahaneng. mme dintlha di hlahisitswe bokae ba sebopeho. se radilwe ka tsela e tsela e fokolang. Sebopeho, nehelano le ka tsela e hlalohanyehang, fosahetseng. tlhophiso ya mehopolo. Tshebediso ya puo, sehalo -Dintlha di utullotswe hantle le ho -Tlhahiso ya mehopolo ke e -Tlhahiso ya mehopolo e a -Mehopolo ha e hlahiswe -Ho na le diphoso tse le setaele tse ntshetswa pele ka tsela e hlakileng. utlwisisehang. haella, ha e hlalohanyehe, mme ka tsela e tshabehang tsa sebedisitsweng ha e na momahano. hlalohanyehang. tshebediso ya puo le -Tshebediso ya puo, sehalo le -Tshebediso ya puo, sehalo setaele se fosahetseng. MATSHWAO A 4 setaele ke tse butswitseng, tse le setaele di nepahetse. -Diphoso tsa tshebediso ya puo -Sehalo le setaele ha se susumetsang le ho nepahala. ha se tse kaalo, mme sehalo le tse loketseng. setaele ha se tse loketseng. -O batla o hloka diphoso tsa puo, tsa mopeleto le tsa matshwao a puo/a ho bala. ELA TLHOKO: Ha karabo ya mohlahlobuwa e tswile lekoteng mme a sa bua ka Dikahare hohang, feela a ngotse moqoqo wa boiqapelo, mo abele 0 bakeng sa dikahare le tshebediso ya puo. Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 4 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA A: DITHOTHOKISO POTSO YA 1 'KE LLA LE WENA' – TM Lekitlane TATAISO HO BATSHWAI: Motshwai a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Sena se bolela hore nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano le momahano ya dintlha, dipolelo le diratswana. Motshwai a tadime makgetha ana a mabedi a latelang ha a tshwaya moqoqo ona: Dikahare le Sebopeho le Tshebediso ya puo. Dikahare  Nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme sena se bolela hore nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo.  Dikahare di bontshe kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya ditaba, kutlwahalo le nnetefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka a itshetlehileng thothokisong.  Dikahare di hlahiswe ka tsela e momahaneng, mme motshwai a tadime dintlha tse tla hlahiswa nehelanong ya mohlahlobuwa. Ela tlhoko hore dintlha tsa mohlahlobuwa di ke ke tsa behwa ka tatellano e hlahellang mona. Ho be le kgokahano le momahano ya dintlha le diratswana. Sebopeho le Tshebediso ya Puo  Mohlahlobuwa a nehelane ka karabo ya hae e sebopehong sa diratswana tse momahaneng, mme ho be le kgokahano le momahano ya dipolelo le diratswana kamoo ho hlokehang.  Puo, setaele le sehalo di sebediswe ka nepo temeng. Karabo e ka lebellwang: Selelekela Thothokisong ena re tlo sekaseka kamoo sethothokisi se sebedisitseng phetapheto kateng ho finyelletsa molaetsa wa sona. Mmele Molaetsa Molaetsa o finyelletswang mona ke hore batswadi ba kgalemele bana ba bona ka nepo ho qoba hore ha ba se ba hodile ba hlolehe ho ikemela. Phetapheto ya moelelo Melathothokisong ya 1, 2, 3, 6, 9, 11, 13 le 14 ho sebedisitswe phetapheto ya moelelo. Molathothokisong wa 1 re e fumana mantsweng ana; 'mpowane' le 'thatohatsi'. Molathothokisong wa 3 e botjwa ka tshebediso ya mantswe 'sa mmokotsane' le 'phohomela'. Molathothokisong wa 6 re fumana mantswe 'bipetsana' le 'hemesela' molathothokisong wa 9 e bopilwe ka mantswe 'qabana' le 'fapana'. Molathothokisong wa 11 re fumana mantswe 'ho se e latswe' le 'ho se e tsebe'. Molathothokisong wa 1 phetapheto ena ya moelelo e sebedisitswe ka sepheo sa ho hlakisa kamoo ngwana a neng a ratwa ke motswadi wa hae kateng. Melathothokisong ya 1 le 2 ho sebedisitswe mantswe ana; ‘Boseyeng’ le ‘Bongwaneng’ ho hlakisa hore sethothokisi se ne se hlile se sa le senyane haholo ha se ne se qala ho bokotswa ke motswadi wa sona. Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 5 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya Molathothokisong wa 3 e hlakisa hore ngwana o ne a lla sello se bohloko ha a ne a tswa bapala le metswalle ya hae. Molathothokisong wa 6 e re bontsha kamoo motswadi a neng a halefa kateng ha a ne a tswa ho ya lwanela ngwana wa hae. Molathothokisong wa 9 e totobatsa hore motswadi o ne a lwana le baahisane ba hae ka lebaka la dintwa tsa bana. Molathothokisong wa 11 e hatella ntlha ya hore o ne a sa kgalemelwe hohang ke motswadi wa hae. Phetapheto e sebedisitswe ho hlakisa moelelo wa hore ngwana o ne a sa kgalemelwe hohang a bile a sa lokisetswe ho kgona ho ikemela ha a se a hodile. Melathothokisong ya 13 le 14 sethothokisi se hlakisa hore se marapo a bonolonolo hoo se hlolehang le ho rarolla le mathata a sa reng letho kahoo se ananela bofokodi ba sona. Phethelo Sethothokisi se lemosa batswadi hore ba kgaleme bana ba bona ba sa le banyane. Ba tlohelle ho ba bokotsa hobane ka moso ba tla be ba qakehile, ba sa kgone ho ikemela le ho etsa dintho tsa bona ka nepo. POTSO YA 2: 'RATO LA KA' – MT Lekitlane 2.1 Lentswe le tlohetsweng ke 'letsatsi'.  Ho fokotsa bolelele ba molathothokiso/ Ho potlakisa morethetho wa molathothokiso.  (3) 2.2 Ho hokahanya melathothokiso ya 6 le 7, sepheo e le ho fetisa mohopolo o reng ‘la tjhaba’, o hlahellang moleng wa 6 ho o isa moleng wa 7. Ho hatella/toboketsa ho tjhaba ha letsatsi leha a ne a sa batle hore le tjhabe.  (2) 2.3 Ke maikutlo a ho sarelwa.Mmadi o sarelwa ka lebaka la ho bona sethothokisi se sa kgone ho iteanya le moratuwa wa sona. (2) 2.4 Moelelo o otlolohileng wa molathothokiso wa 8 ke hore sethothokisi se ne se hlobaetse. (1) 2.5 Ho toboketsa lentswe le qatsohisitsweng, e leng 'diphateng',  ho hlakisa moelelo wa hore o ne a sa kgaleha moo a neng a le teng, o ne a kakalletse feela kaha mehopolo e ho moratuwa wa hae. (2) [10] POTSO YA 3: 'BA ILENG BA ILE' – Jacques G Mocoancoeng 3.1 Diolo tse motopo hantlentle ke mabitla a mangata a bahlabani ba shwetseng Yuropa. (1) 3.2 E hlakisa moelelo wa hore bahale ba ntwa ba patilwe moo (Diolo). (2) 3.3 Sejura se sebedisitswe bakeng sa ho katla/kgina molathothokiso. Ho fa molathothokiso morethetho Ho fokotsa bolelele ba molathothokiso oo.  (2) [Tshwaya e le nngwe feela] Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 6 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 3.4 Ke sehalo se kgothatsang/se bontshang ho ba motlotlo.  Bahlabani ba neng ba ilo lwana ba shwele ba le motlotlo hobane ba ne ba ilo phethisa mosebetsi wa bona.  [Tshwaya sehalo se le seng feela] (3) 3.5 Ho toboketsa mantswe a qatsohisitsweng, e leng, 'e wetse', ka sepheo sa ho hatella moelelo wa hore bothata bo hlahile Yuropo kahoo bahlabani ba Afrika Borwa ba ne ba lokela ho ya thusa ntweng eo. (2) [10] POTSO YA 4: 'DIKANO' – JM Nkutha 4.1 Moelelo o otlolohileng ke wa hore o tswetswe ke Maria ya neng a se na sekodi. (1) 4.2 Hodimo le tlase. (2) 4.3 Melathothokisong ya 14 le 15. Ka sepheo sa ho lekanya bolelele ba melathothokiso ho e fa morethetho/Ho toboketsa le ho thathiselletsa moelelo wa lentswe lena 'phaphatheha'.  [Tshwaya mola le tshehetso e le nngwe feela] (3) 4.4 Sehalo sa boitelo le kananelo ka sepheo sa kgothaletsa batho ho inkela makgabane ao a boitelo ba Josefa.  (2) 4.5 Ho toboketsa mantswe a qatsohisitsweng e leng, 'a phaphatheha ka nna', ka sepheo sa ho hatella moelelo wa hore Josefa o ile a mamela taelo ya Modimo mme a tloha moo Jeso a hlahetseng teng ho ya sebakeng se (2) bolokehileng. [10] POTSO YA 5: 'O EMETSENG' – TJ Mahapa 5.1 Kgonyetso e botjwa ka lentswe 'thunya' bakeng sa sethunya, bohlokwa ba yona ke ho fa lentswe sethunya sefutho/lebatama/Ho fokotsa bolelele ba lentswe/molathothokiso/Ho potlakisa morethetho wa molathothokiso oo.  [Tshwaya lentswe 'thunya' le bohlokwa bo le bong.] (3) 5.2 Lebitsa le sebedisitswe ka sepheo sa ho ngoka thahasello ya ho mamela le ho hlokomedisa motho hore a eme a thuse setjhaba ho lwanela bophelo bo botle. (2) 5.3 Anastrofi e sebedisitswe ka sepheo sa ho toboketsa lentswe leo le qatsohisitsweng e leng 'ntwa' ho totobatsa hore ba ile ba e qholotsa e sa le hole. (2) 5.4 Le hlakisa ho makala ha sethothokisi se makatswang ke motho ya sa batleng ho thusa ntweng e tobileng setjhaba kaofela.  (1) 5.5 E, e na le tshusumetso. E susumetsa motho ka mong hore a eme ka maoto ho lwanela tokoloho ya naha ya habo le bophelo bo botle hape a be le lehlakore leo a le tshehetsang. (2) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 Downloaded from hlayiso.com 7 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA B LE C: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO WA DINGOLWA: PADI LE TSHWANTSHISO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho lekanyetsa 5. Phihlello e 4. Phihlello e supang 3. Phihlello e mahareng 2. Phihlello ya motheo 1. PhihIello e haellang babatsehang bokgoni feela DIKAHARE 12–15 9–11 6–8 4–5 0–3 -Karabelo e hlahisitswe -O bontsha kutlwisiso, mme -Kutlwisiso ke e mahareng ya sehlooho; -Kutlwisiso ke e haellang -O bontsha kutlwisiso e Kutlwisiso ya potso, botebo ka tsela e babatsehang: o manollotse sehlooho ka ha se dintlha tsohle tse utullotsweng ka ya sehlooho; boholo ba fokolang ya sehlooho ba tshekatsheko ya taba 14–15 bokgoni botlalo dintlha ha di a utullwa ka (sehlooho), kutlwahalo le botlalo. nnetefatso (tiisetso) ya -Karabelo e hlahisitswe -O hlahisitse karabelo e -Tse ding tsa dintlha di tshehetsa -Boiteko bo fokolang ba dintlha ka mabaka ho tswa ka bokgabane: 12–13 batlang e anela sehlooho -Ke dintlha tse fokolang ho araba potso sengolweng. feela tse tshehetsang -Sehlooho se -Tse ding tsa dintlha ke tse -Dintlha tse ding di tsheheditswe, empa sehlooho. -Dintlha ha se tse MATSHWAO A 15 manollotswe ka botebo utlwahalang, empa ha se bopaki ha bo kgodise ka nako tsohle kgodisang tsohle tse tiisitsweng -O hlahisitse dintlha tse -O hlahisitse dintlha tse kamoo ho lokelang -O bontsha kutlwisiso e ka mmoho ya seng kae tse fapaneng tse hlwahlwa mofuta ona wa sengolwa. tsamaelanang le sehlooho tse tshehetswang ho -Bopaki ba kutlwisiso ya -Mohlahlobuwa ha a tswa sengolweng mofuta ona wa sengolwa -O bontsha kutlwisiso e utlwisise hantle mofuta bo a bonahala. fokolang ya mofuta ona ona wa sengolwa. -O bontsha kutlwisiso e wa sengolwa babatsehang ya sengolwa. SEBOPEHO LE 8–10 6–7 4–5 2–3 0–1 TSHEBEDISO YA PUO -Sebopeho se -Sebopeho ke se hlakileng, -O hlahisitse bopaki bo itseng ba -Sebopeho se bonahala -Kgaello ya ho rala momahaneng mme dintlha di hlahisitswe sebopeho se radilwe ka tsela e sebopeho ka tshwanelo Sebopeho, tlhophiso ya ka tsela e hlalohanyehang. fosahetseng e sitisa phallo ya mehopolo le nehelano e -Selelekela le qetelo di a -Tlhalohanyo le momahano di teng leha mehopolo nang le neeletsano e babatseha -Selelekela le qetelo di kgera -Mehopolo ha e hlahiswe momohaneng e lebisang mmoho le diratswana tse ka tsela e hlalohanyehang -Tshebediso ya puo le tlhalohanyong ya sehlooho -Dintlha di utullotswe ding di hlahisitswe ka tsela -Ho na le moo tshebediso ya puo e ya setaele tse mmoho le puo, setaele le hantle le ho ntshetswa e momahaneng. fosahetseng ha sehalo le setaele tsona -Diphoso tsa tshebediso fosahetseng di hlahisitse sehalo tse sebedisitsweng pele ka tsela e hlakileng di batla di loketse ya puo di totobetse tema e fokolang haholo temeng. -Dintlha di hlahisitswe ka MATSHWAO A 10 -Tshebediso ya puo, tsela e hlalohanyehang. -Tlhahiso ya mehopolo e a haella, ha e -Sehalo le setaele ha di a -Popo ya diratswana e sehalo le setaele ke tse hlalohanyehe, mme ha e na momahano lokela mosebetsi fosahetse sutsitseng, tse -Puo, sehalo le setaele susumetsang le ho boholo di nepahetse. -Popo ya diratswana e batla e nepahetse -Popo ya diratswana e nepahala fosahetse. MATSHWAO 20–25 15–19 10–14 5–9 0–4 Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 Downloaded from hlayiso.com 8 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya Matshwao a ka sebediswang bakeng sa ho tshwaya: Makgetha a tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare 15 Dik. = Sebopeho le Tshebediso ya Puo 10 STP = Matshwao ohle 25 ELA HLOKO: Ha karabo ya mohlahlobuwa e tswile lekoteng, motshwai a mo abele matshwao a dikahare le tshebediso ya puo ya kgato ya pele feela. Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 9 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 6: BOTSANG LEBITLA – KPD Maphalla Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho hlahisa lehlakore le le leng la kgang ya mohlahobuwa, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha mohlahlobuwa a bontsha kamoo batho ba batsho ba leng botswa hape e le dinokwane tse phelang ka ho nkela batho ba bang ding tsa bona kapa e leng batho ba kgothetseng kateng. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa kgang, mohlahlobuwa a ka dumellana kapa a hanane le mohopolo ka dintlha tse tshehetsang sehlooho. O na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae; o tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya e ba lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo tse totobatsang hore batho ba batsho ba Maaforika ke batho ba botswa ba sa rateng ho sebetsa kapa ke batho ba kgothetseng. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya [25] kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] POTSO YA 7: BOTSANG LEBITLA – KPD Maphalla 7.1 E re bolella hore Tseleng o behile sethunya mokokotlong wa mokganni hore a se tsose dibata masene kaha ba qeta ho mo nkela tjhelete. (1) 7.2 Ba ne ba rerile ho nkela mokganni tjhelete e lefuwang ke bapalami ba bese. (1) 7.3 Mohanuwa o ile a ratana le Makgaola a ntse a ratana le Tsietsi. (1) 7.4 Tsietsi o fihlile Bloody Inn e le monnamoholo ya kopang mosebetsi a bile a iphetola lebitso a ipitsa ka la Jane Moloi ka sepheo sa ho tla batla phofu ya hae moo kaha e ne e nwella jwala sebakeng sena. (2) 7.5 Sesosa ke ho qoba ho ya tjhankaneng ka ha o batla ho ya batla lefa la hae leo a le nketsweng ke rangwanae mme ditlamorao ke hore jwale Tsietsi o dula a batlwa ke mapolesa. (2) 7.6 Tsipane ke mothusi wa Tsietsi.O thusitse Tsietsi ntweng ya hae ya boiphethetso a ba a mo qobisa dikotsi tse neng di mo tobile. (2) Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 10 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 7.7 Ke maemong ao Tsietsi a ileng a iphetetsa ka lefu la Tseleng ka ho bolaya babolai ba hae kaofela ho na le hore a ba tshwarele.  (2) 7.8  Sekama Molollope ke mophetwa ya ratang mejo kaha o ile a kena dikamanong tsa lerato le Mohanuwa ho iphumanela tjhelete ha bobebe.  O dumela ho thusa Mohanuwa ho tsoma Tsietsi hore a tle a be le tjhelete, a sa kgathalle hore o e fumana ka mokgwa o jwang.  [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 7.9 Tsietsi o ile a hopola dikamano tsa lerato la hae le Mohanuwa mme a hopola ho se tshepahale ha Mohanuwa ha a ne a ratana le Makgaola empa a ntse a ratana le yena Tsietsi. (1) 7.10 Sebapalo o kgahlanong le taba ya ho nyala athe Tsietsi yena o ikutlwa a rata Tseleng hoo a bileng a batla ho mo nyala.  (2) 7.11 E qholotsa maikutlo a ho kgena. Hobane e ka nna ya senyetsa Letotolo mosebetsi ho bahiri ba hae.  (2) 7.12 Bana ba ne ba sa tshwarwe ka ho tshwana kaha boTsekiso bona ba ne ba kena sekolo ha Tsietsi yena a kgethollwa mme a etsiswa mosebetsi wa lelapa o boima ho feta dilemo tsa hae.  (2) 7.13 Tjhe. Mmamasolomane ke motho ya tshwarang sekgopi kaha o ile a kgetholla Tsietsi baneng ba hae a mo sotla hobane mma Tsietsi o ne a re Mmamasolomane o bapala ka kgaitsedi ya hae Kotsi.  (2) 7.14 Mmamasolomane o ne a batla hore Tsietsi e be lekgoba la hae kaha o ne a sa batle hore a ye sekolong jwalo ka bana ba bang empa Kotsi yena o ne a batla hore a kene sekolo mme sena se entse hore Tsietsi a iswe sekolong kamora nako. Ho iswa ha Tsietsi sekolong ho ne ho qabanya Kotsi le mosadi kaha Mmadibakiso o ne a re ho hotsho mahlong ho Tsietsi ha a lokela ho ya sekolong empa ha a batla ho mo sebedisa ka thata o ne a mmitsa mokgifa. (3) [25] Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 11 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 8: DIEPOLLO – T Seema Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho hlahisa lehlakore le le leng la kgang ya mohlahobuwa, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha mohlahlobuwa a bontsha kamoo bomme e leng batho ba tsotellang le ho ba le kutlwelobohloko kateng. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong ona, mongodi o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae. O tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya e ba lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamoo bomme ba bukeng ena e leng batho ba tsotellang kapa ba nang le kutlwelobohloko kateng. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya [25] kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng] POTSO YA 9: DIEPOLLO – T Seema 9.1 E qolotsa maikutlo a ho qenehela kaha Diepollo kaha o ne a iphumana a se a le bodutung haesale Dibakiso a tloha sepetlele sa Mmadiako. (2) 9.2 Diepollo o ne a ikutlwa jwalo hobane o ne a se a ipona a tlo hloka ba habo ha a hloleha ho thusa Mmamolete kaha o ne a mo nka e le wa leloko.  (1) 9.3 Ke ya hore malomae Theko a batle ho mo nyadisa ho monnamoholo Mothofeela.  (1) 9.4 Ke hobane ba ne ba re nkgono o a loya mme ebile ba ne ba qala ho mmona a tsamaya le motho eo ba neng ba sa mo tsebe.  (1) 9.5 Ke hobane o ne a batlwa ke sepolesa ka baka la seabo sa hae dipolotiking.  (2) 9.6 Diepollo o ne a sa tsebe hore nkgono ke moloi mme ha a fihla kgotla o ile a fumana nkgonae eo a tsebang hantle hore o mo siile lapeng e le yena eo e leng Sebonwang.  (2) 9.7 Ke motshehetsi wa Diepollo.O mo file tlhahisoleseding e ileng ya mo thusa ho fumana batswadi ba hae.  (2) 9.8 Ke ketsahalo eo ho yona ngaka e entseng hore motho e mong a tswale ketlele bakeng sa ho beleha ngwana. (2) Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 12 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 9.9 E fedisitswe ke ha mapolesa a sa fumane Zeblon ha Diepollo nako le nako ha a mmatla mme a qetella a nyahame.  (2) 9.10 Bo mo pepesa e le mophetwa ya masene kaha o kgonne ho phelekanyetsa le ho tswedipana ka mapolesa hoo a qetelletseng a sa mo fumane. (2) 9.11 Diepollo o bolela hore ho sa ntse ho tla tla mathata a fetang ao a iphumanang a le ka hara ona.  (1) 9.12 Motsotso wa tsitsipano o botjwa ke ho lemoha hore Diepollo o tlo iphumana a le kotsing e kgolo ha mosadi wa lekgowa a ka tseba hore ke yena ya tlisitseng lenane leo la bakudi moo ho tla fetolwa. (2) 9.13 Diepollo o na le matla leruong la ntatae mme tomatso e hlahiswa ke ha Mmapelepele a ne a hana ha ho rekiswa dikgomo tsa habo Diepollo bakeng sa ho fumana tjhelete e tlang ho lefella thuto ya hae.  (2) 9.14 E, bo mo tswetse molemo hobane o qetelletse a tsebile se etsahetseng ka batswadi ba hae a ba a fumana moo bana babo ba dulang teng. KAPA Tjhe, ha bo a mo tswela molemo hobane ha a ka a tseba batswadi ba hae kaha ba ne ba se ba hlokahetse ka bobedi. [Tshwaya e le nngwe feela] (3) [25] Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 13 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 10: MME – NP Maake Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho hlahisa lehlakore le le leng la kgang ya mohlahobuwa, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha mohlahlobuwa a bontsha kamoo bomme e leng batho ba tsotellang le ho ba le kutlwelobohloko kateng. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong ona, mongodi o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae. O tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya e ba lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamoo bomme ba bukeng ena e leng batho ba nang le tsotello le kutlwelobohloko kateng. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] [25] POTSO YA 11: MME – NP Maake 11.1 'Rakgadi o ne a itlhotlhorile le sente ya ho qetela tekenyaneng eo a neng a ntse a e boloka bankeng.' (1) 11.2 Ke yena ya kgothaleditseng Dikeledi hore a nyalwe ke Thollo.  (1) 11.3 Se re senolela hore batho ba tikoloho eo ba ne ba dumela hore matlo ho tjha mabapi ke ka hona ntate Mahloko a ileng a itahlela ka setotswana tlhophisong ya lenyalo la Dikeledi leha e ne e se wa leloko.  (2) 11.4 Bafokeng ba Matatiele ba ne ba tseba Thollo a na le mosadi osele eseng enwa wa Kgauteng mme ebile ba nyatsa basadi ba Kgauteng, ke ka hona ba neng ba sa mo hlomphe. (2) 11.5 Tsekiso - Ha a tshepahale hobane o ratane le kgarebe e nngwe a ntse a ratana le Dikeledi ebile ha a hlomphe Dikeledi o mo tshehisa ka baithutimmoho le yena. Thollo - Thollo ha a tshepahale hobane o nyetse Dikeledi ka bonokwane a bile a romme metswalle ya hae ya komponeng bao e seng ba leloko ho ya mo nyalla/O nyetse Dikeledi a sa ka a buisana le yena pele  (4) Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 14 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 11.6 Diseko ha a na kgotso. O ne a sa dumelle bana le batho ba motseng ho kena motseng wa hae. Diseko ke mophetwa ya nang le kgotso. O ile a boloka sephiri se neng se ka qhala kgotso lelapeng la Thollo ha se ne se ka senoleha.  (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 11.7 Mmisi Lekena o ne a sa thabela taba ya hore Dikeledi a tlohele sekolo kaha o ne a labalabela ho mmona a rutehile a bile a fihlelletse tabatabelo ya hae ya ho ba ngaka ya meno. (2) 11.8 Dikeledi o ile diphateng kapele hobane o ne a se a na le maikutlo a ho itshola/ ho ikwahlaya ka qeto eo a inkileng ya ho dumela ho nyalwa ke Thollo Mofokeng. (1) 11.9 Ke hore o ne a robetse hodima lebitla la motho eo a sa mo tsebeng.  (1) 11.10 Sesosa ke ha Dikeledi a bona Tsekiso a nyamella dihlahlaneng le ngwanana e mong mme ditlamorao e bile tse bosula tsa ho lahlana ha bona yaba Dikeledi o qetela a se a itahletse monneng e moholo ho yena hore a mo (2) nyale. 11.11 Bafokeng ba Matatiele ba ile ba nyatsa Mmateboho ka le reng o iketsetsa boithatelo ha ngwana bona ka ho tshwarela mosebetsi wa lefu la Mme moo feela ba hloleha ho bona phoso ho Thollo ya neng a ile a siya mosadi lapeng Matatiele a nyala e mong eo ba sa mo tsebeng mona Kgauteng. (2) 11.12 Ke lewa la ho hetla morao leo ka lona Mmateboho a ileng a hopola mohlang a thonakileng sepatjhe sa Thollo le ha rakgadi a ne a se kgutlisetsa ho monga sona.  (2) 11.13 Letsatsi pele ho lenyalo la Dikeledi, o ile a ferekana maikutlo hoo a qetelletseng a tswile lapeng, a balehile. Sena se bontsha hore Dikeledi o ne a thoba lapeng hobane a ne a ferekantswe ke taba ya hore o tlo nyalana le motho eo a neng a se na dikamano tsa lerato le yena.  (3) [25] Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 15 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 12: TUTUDU HA E PATWE – M Mahanke Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho hlahisa lehlakore le le leng la kgang ya mohlahobuwa, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha mohlahlobuwa a bontsha kamoo batho ba batsho ba leng botswa kapa e leng batho ba kgothetseng kateng. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa kgang, mongodi a ka dumellana kapa a hanane le mohopolo ka dintlha tse tshehetsang sehlooho. O na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae; o tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya e ba lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo tse totobatsang hore batho ba batsho ba Maaforika ke batho ba botswa ba sa rateng ho sebetsa kapa ke batho ba kgothetseng. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] [25] POTSO YA 13: TUTUDU HA E PATWE – M Mahanke 13.1 Di re bolella hore Tutudu o ne a le mathateng, dira di mo dikile, ke ka hona Dikgapane a mo hlabang malotsana ka hore a itlhokomele. (1) 13.2  Ke hobane o ne a entse kano ha a rapela hore ha a ka fumana mosebetsi o tla sebetsa ka boitelo.  Mohla a neng a iketela mosebetsi o ne a tshepisitse hore o tla tlisa diphetoho sekolong sa Sedibeng.  O ne a hodisitswe ka thata, a sebetsa ha boima lapeng la malomae, mme le dikontrakeng moo a qadileng ho sebetsa teng o ne a ntse a sebetsa ka thata.  O ne a sa lakatse hore baithuti ba phele ka thata jwalo ka yena, ke ka hoo a neng a sebetsa ka thata ho ntlafatsa maphelo a bona.  O ile a sokola ho fumana mosebetsi ke kahoo a neng a sebetsa ka thata ho nnetefatsa hore mosebetsi wa hae ha o fele.  Tutudu o ne a rata mosebetsi wa hae a bile a o boulella. (1) [Tshwaya e le nngwe feela] Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 16 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 13.3 Ke ka lebaka la hore o ntse a qwaile hore e se be Dikgapane o ntse a mo eka jwalo ka nakong yane a neng a mo rera le boThebe. O ne a iphapanyetsa Dikgapane a nahana hore o batla ho mo ekela ditabeng tsa marato. (2) 13.4 O bontsha tshekamelo le leeme ka tsela ya hore ditho tsa komiti ya sekolo di ne di sa batle ho hira Tutudu ya ipabotseng boiketong ba mosebetsi hobane e le moditjhaba, di batla ho fa ngwana wa mobu mosebetsi oo leha a sa araba hantle. (2) 13.5 Sesosa e ne e le setjhaba sa Thabure se mo tsohetseng matla mme ditlamorao ke ha Tutudu a lemoha hore batho ba kerekeng ba ntse ba mo rata le ho mo ananela. Sesosa e ne e le hore o ne a lemohile hore setjhaba sohle se mo fetohetse empa ka lebaka la ho hloka bahabo le moo a ka yang teng, o ile a qetella a dutse hona mona Thabure.  (2) 13.6 Dimama ke motlatsi/mothusi wa Thebe.O dumellana le Thebe ntlheng ya hore Tutudu a hatiswe kosene. Ke mothusi wa Thebe hobane o ne a mo fa sebaka sa hore dikopano di tshwarelwe ha hae. (2) 13.7 Tlholo ke ha bobe bo fumantshwa kahlolo. Re bona sena moo Thebe a iphumanang a le tsietsing ya ho hloka matla a ho lokolla batho bao a ba kentseng tjhankaneng mme a bile a ikopela tshwarelo. (2) 13.8  O ile a rekela dihlopha tse tharo tsa sekolo diaparo tsa papadi ya bolo ya maoto.  A ntsha batshwaruwa tjhankaneng ka ho ba lefella ka tjhelete ya hae.   A lefella dibini tsa kereke dibese tse pedi tsa ho ya ditlhodisanong tsa mmino. (2) [Tshwaya tse pedi feela] 13.9 O ile a fetohela morero wa ho thusana le Thebe mabapi le ho diha Tutudu yaba o se a lemosa Tutudu ka kotsi e mo tobileng. (1) 13.10 Lebaka ke hore boThabang ba ne ba tsejwa ka botlokotsebe. Thebe o ne a sa batle hore ho hlahelle ntlha ya hore ke yena monga mmomori wa ho diha Tutudu, a batla ho bonahale eka ke bana ba sekolo ba rerileng sena.  (1) 13.11 Mongodi o sebedisitse lewa la ho hetla morao nakong eo Tutudu a neng a hlalosetsa Dikgapane ka tsa kgolo ya hae e neng e le boima hoo Dikgapane a ile a ba a sisa pelo. (2) 13.12 E re bopela tharahano. Morero wa Thebe o ile wa nyopa, kahoo re bona ho hlaha qabano dipakeng tsa bona.  (2) 13.13 Mmantefeleng ke mme ya hlokang kgalemelo baneng; ke ka hona a kgothalletsang moradi ho ratana le titjhere Tutudu. (2) Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 17 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 13.14 Tutudu o ile a bintsha dibini tsa kereke ka bokgabane bo boholo hoo qetellong Mmatsepedi, leha a ne a e na le lenyatso le itseng ho yena, a ileng a fetola maikutlo a hae, yaba o se a ananela boteng ba hae ka hara motse wa Thabure. Kahoo, re bona makgabane a ntsha motho ya nang le nnete ho (3) Mmatselapedi. [25]  SENGOLWA SA BOHOLOHOLO POTSO YA 14: KE QATI E A LOMISANWA – SJ Mamashela Selelekela Mohlahlobuwa a ka lelekela ka ho hlalosa sekapolelo se reng ho ba mona le lefufa ho ja ho monga ona se bolela eng. A tswele pele ka ho bontsha hore ke mang ya sebeditseng ditaba ka ho ba lefufa le mona. Moqoqo ona ke oo ho ona mongodi a sekasekang dikahare tsa wona mme a bontshe ntlhakemo ya hae ebe o leka ho susumetsa mmadi hore a dumellane le yena ntlhakemong ya hae. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa kgang, mongodi a ka dumellana kapa a hanane le mohopolo ka dintlha tse tshehetsang sehlooho. O na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo la hae; o tshehetsa le ho sireletsa ntlhakemo ya hae. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya e ba lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya moqoqo wa hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya [25] kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] POTSO YA 15: DIPOTSO TSE KGUTSHWANE KE QATI E A LOMISANWA 15.1 Thoane.  (1) 15.2 Ha ho boloditswe ho a ilwa mme marumo a behwa fatshe, jwale Barolong ba ne ba sa itokisetsa ntwa kaha ba ne ba boloditse.  (2) 15.3 Hodiotswana la Ramakakane Hodiotswana la boRamoretlo Lephatswa.  (2) 15.4 O sentse kgotso e neng e rena ho Barolong ka ho ba hlasela kaha ba ne ba itokisetsa ditaba tsa moetlo (mohlaba), ba qhwaollotse dikobo, ba iketlile. (2) Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 18 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 15.5 Lehodiotswana ke maemo a lehodimo a hlonameng, a sefefo se tsamayang ka lebelo le phahameng. Tshwantshiso ena e hlakisa hore Bakgatla ba ile ba nka Barolong ka lekgarakgara, ba ba hlasela kapele ba ba hlokisa sebaka sa ho iphumana. (2) 15.6 Bakgatla ba futuhetse Barolong ba boloditse mme ba ne ba sa lebella phutuho eo.  Ba ba futuhetse ka lebelo la lehadima ka morero wa ho ba tima sealolo.  (2) 15.7 La mo kupetsa hore a se bonahale yaba le a mmolaya. (2) 15.8 Ho bolelwa ka sefefo se tsamayang ka lebelo le phahameng. (2) 15.9 Ke mantswe a reng 'Ba re e ne e re'. (1) 15.10 Ke ntlha ya hore ba ne ba sa mmone a ile ho ya tsoma mme ba ne ba ipotsa hore o ja eng ebile ha a tshwane le bona ka tshobotsi. (1) 15.11 Ho ne ho sa nepahala. Ha ho motho ya etseditsweng ho phela a le mong jwalo ka sehlekehleke mme morwetsana o ne a lokela hore le yena a (2) etelwe. 15.12 Ke motho ya nang le qenehelo le lerato. O ile a bona ho le molemo hore a etele ngwanana hore a tle a kgone ho mo thusa. (2) 15.13 Ke bahanyetsi.  Ba kgahlanong le mohlankana ya thusitseng ngwanana ya neng a dula haufi le bona.  (2) 15.14 O ne a rerile ho re ruta hore batho ba a hlokana. Ngwanana o ne a hloka motho ya ka mo tsotellang mme mohlankana yena o ne a hloka molekane ya ka dulang le yena. (2) [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 25 Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 19 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA POTSO YA 16: SEYALEMOYA – RH Moeketsi Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho sekaseka, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha a sekaseka maele ana a reng: 'Thupa e kojwa e sa le metsi' Se ka boela sa fana ka mehlalanyana ya diketso tseo re ka reng ke tsa ho kgahlwe ke none e feta e hlotsa. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong ona mongodi o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo a le tshehetsang a le sireletse ka mehlala mme a be a hlahise ntlhakemo ya hae malebana le seo maele a se bolelang. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya e ba lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo le bophelo ka kakaretso mabapi le hore ngwana e mong le e mong o lokela ho kgalemelwa hore a tle a tsebe ho hlalohanya tse nepahetseng ho tse fosahetseng. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] [25] POTSO YA 17: SEYALEMOYA – RH Moeketsi 'HA LE THAKGISWE' – SM Mangali 17.1 Ke ho ya tsebisa Makau hore o kgonne ho tla le ditho tsa phofu eo a e bolaileng. (1) 17.2 Kamano ena e kotsi kaha Kotopi le Makau ba retlile motho bakeng sa ho fumana ditho tsa mmele wa hae.  (2) 17.3 Ho bontsha hore o se a ikwahlaya ka ketso ya ho bolaya Moletsane.  (1) 17.4 O ne a tseba hore Makau o tumme ka diretlo mme seo se ne se sa mo thabise.  (1) 17.5 Ha Moletsane a se a retlilwe, Kotopi o ile a phofa mme dipuong tsa hae o ne a itatola hore ha se yena mmolai. Mohatsa Kotopi, Sebuweng, le yena o ne a na le dipelaelo tsa hae mme o ne a bile a bolella monna hore o nkga lefotha ho ketsahalo ya ho retlwa ha Moletsane kaha ke mona o se a duletse ho phofa.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 20 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 17.6 Ke qwaketsano dipakeng tsa Makau le Kotopi hobane ha ba sa dumellana ka mmommori wa bona mme Kotopi o se a bile a itshola.  (2) 17.7 Batswadi ba Kotopi e ne e le dihwai tse sebetsang ka thata, tse dumelang hore motho o ja ka mofufutso wa phatla ya hae ha Kotopi yena o ne a batla borui ka tsela e fosahetseng, ya ho sebedisa diretlo. (2) 17.8 Tlholo ke ha bobe bo fumantshwa kahlolo. Tjhe, Tlholo ha e a fihlellwa hobane Kotopi le Rampou ba qetelletse ba bolaile Moletsane ya se nang molato bakeng sa hore ebe Kotopi o ile a itshebeletsa ho atolosa lefa la (2) hae. 17.9 Lewa lena le re totobaleditse tsa moo Kotopi a tswang teng ha a bolela hore o tswile lapeng a sa bonwa ke motho le bile le re tjebela pele ho se tla etsahala nakong e tlang. (2) 17.10 Rampou o ne a sa tshoha hohang nakong eo ba rerang ho bolaya Moletsane athe ha e le Kotopi yena o ne a tshohile hoo a neng a tsamaya a tshoha difotle.  (2) 17.11 Makau o ile a bolella Kotopi hore o lokela ho fumana motho ya tla retlwa, mme Kotopi o ile a fumana Rampou ya ileng a re o se a e na le phofu e leng Moletsane, eo a tlang ho mo fumana ha bobebe kaha o tseba moo a tsubelang matekwane teng.  (2) 17.12 Ketso ena e qholotsa maikutlo a kgalefo/a ho sithabela/a ho utlwa bohloko ha e le moo ho bolauwa motho ntle le mabaka.  (2) 17.13 Mongodi o atlehile. Sebuweng e ne e le mosadi ya buang se maikutlong a hae ka pele mme o ne a sa tshabe ho otla ditaba phatlantjhotjho ha a bolella monnae hore lefu la Moletsane le bakilwe ke monna eo wa hae. (2) 17.14 Ha ho a nepahala. Ho ya ka maemo a matle a phedisano ha se toka ho atleha kapa ho ithuisa ka tshebediso ya ditho tsa mmele wa motho e mong/Ditho tsa mmele wa motho ha di na matla a ho tlisetsa batho (3) mahlohonolo.   [25] Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 21 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 18: HAESO MAFOTHOLENG – CJ Teleki Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho sekaseka, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha a sekaseka maele ana a reng: 'O se kgahlwe ke none e feta e hlotsa.' Se ka boela sa fan aka mehlalanyana ya diketso tseo re ka reng ke tsa ho kgahlwe ke none e feta e hlotsa. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Karabo e ka lebellwang Moqoqong ona mongodi o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, mme o hlahisa le ho ntshetsa pele lehlakore leo a le tshehetsang a le sireletse ka mehlala mme a be a hlahise ntlhakemo ya hae malebana le seo maele a se bolelang. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya e ba lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo le bophelo ka kakaretso mabapi le hore thuto ke senotlolo sa bophelo. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya kgang ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] [25] POTSO YA 19: HAESO MAFOTHOLENG – CJ Teleki 19.1 Diketsahalo tsa qotso ee di etsahalla lelapeng ha Pitso.  (1) 19.2 O ne a nwele haholo kahoo o fihlile a se a ntse a itahlela dikobong. (2) 19.3 Molefi o nahana eka batho bohle ba nwang jwalo ba na le boitshwaro bo bobe ebile ba hloka boikarabelo. (2) 19.4 O ile a hana ho bekwa ka hore a hle a nyehlise kobo eo a neng a e apeswa ya bohadi/A hana lebitso la bongwetsi leo a neng a le fuwa. (1) [Tshwaya e le nngwe feela] 19.5 Lewa la boipuiso le sebedisitswe ka sepheo sa ho senolela babadi ho ngongoreha ha Molefi malebana le Morongwe ya ipherehetseng yena (Molefi) kaha sena se etsahala nakong eo Molefi a seng a qetile le maikutlo a hae hore ha a sa batla ho kena dikamanong tsa marato. (2) 19.6 Mothinya o sa lebellwang o iponahatsa nakong eo Pitso ya neng a tsejwa ka ho kgesa methokgo ya setso, a neng a dumela a bile a kgothalletsa sware sa hae hore ba tsamaye ba ilo batla ngaka ya methokgo e tla thusa ho phekola Molefi.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 22 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 19.7 Molefi o hanne keletso ya hore a se lahle Montsheng, yaba o ba manganga mme a iphumana a wetse molekong wa basadi ba hlokang botshepehi. KAPA Molefi o hanne keletso ya ho kopa thuso ngakeng tsa setso, yaba meriana ya Mapetla e e mo holofatsa habonolo. (2) 19.8 Mantswe ana a re bolella hore Morongwe ke ngwetsi e tellang, e nang le lenyatso e bileng e sa hlomphe batho ba baholo.  (2) 19.9 Ngatane o ne a ja Molefi direthe ka ho ratana le Jwalane le Morongwe ka bobedi. (2) 19.10 - Ke ketsahalo eo ho yona Morongwe a thetsang Molefi ka hore o imme ngwana wa hae empa ho se jwalo. - Ke ketsahalo eo ho yona Morongwe a thetsang Molefi ka hore o ya mosebetsing athe ha ho jwalo o ikela mabakeng a hae. - Ke ketsahalo eo ho yona Morongwe a thetsang Molefi ka hore o ya mokgatlong wa sosaiti athe o ile kopana le motjhaufa wa hae. [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 19.11 Tlholo ke ha bobe bo fumantshwa kahlolo. Tlholo dingolweng e fihlelletswe hobane mongodi o fihlelletse sepheo sa hae sa ho bontsha hore ha motho a furalla setso sa hae, a ka qetella a iphumana a le tsietsing jwalo ka Molefi ya neng a se furalletse. (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 19.12 Mantswe ana a ka buuwa ke Montsheng ha a lemoha hore o thusahetse hore Molefi a se mo nyale kaha ho totobetse hore ke monna ya se nang botsitso, ya kgahlwakgahlwang ke dikgarebe. (2) 19.13 Molefi o ile a thefuleha maikutlo hoo a ileng a nka qeto ya hore ba habo ba ye habo Jwalane ho ya batla dikgomo tsa bohadi tseo ba neng ba se ba di ntshitse. (2) 19.14 Ha se toka, Molefi o ne a lokela ho tlohela ho supa Montsheng dipha empa a ananele bofokodi ba Montsheng, a mo ahe hore a tle a be boemong bo batlwang ke yena.  (3) [25] Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 23 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 20: MOFUTA WA POTSO E TELELE LEJWE LA KGOPISO – T Letshaba Selelekela Kaha moqoqo ona o lokela ho sekaseka, selelekela se fe moqoqo tsepamo le motjha oo o lokelang ho o nka ha a sekaseka polelo e reng ba bang ba bomme ke batho ba hlokang boikemelo le botsitso, ba fetofetolwang habonolo ke batho ba bang: Se ka boela sa fana ka mehlalanyana ya diketso tseo re ka reng ke tsa ho hloka boikemelo le botsitso le ho fetofetolwa habonolo ke batho ba bang. Se boele se bontshe kutlwisiso e phethahetseng ya sehlooho, se nto hlahisa ntlhakemo ya mohlahlobuwa. Mohlahlobuwa a ka lelekela ka ho hlalosa hore motho ya hlokang botsitso le boikemelo ke ya jwang. A boele a bontshe hore ke dintho dife tse ka etswang ke motho ya fetofetohang habonolo, a fetolwa ke ba bang. Moqoqo ona ke oo ho ona mongodi a sekasekang dikahare tsa wona mme a bontshe ntlhakemo ya hae ebe o leka ho susumetsa mmadi hore a utlwisise tlhakisetso ya hae. Karabo e ka lebellwang Moqoqong wa tlhaloso, mongodi o na le mohopolo o itseng kapa ntlhakemo e itseng, eo a batlang ho e hlalosa. O lokela ho hlalosa le ho ntshetsa ditaba tsa hae pele ka ho supa diketsahalo tse tshwantshisong tse tshehetsang sena. Seratswana ka seng se be le mohopolo wa sehlooho o hodisang ntlhakemo, e se ke ya e ba lethathamo la diketsahalo feela tse hlahang ka bukeng kapa diketsahalo tseo re kopanang le tsona bophelong ba nnete di sa lohellwa diketsahalong tsa buka. A ntshetse pele moqoqo ka ho bontsha ka mehlala e tswang bukeng ho totobatsa ntlhakemo ya hae. A boele a bontshe kamano ya diketsahalo le bophelo ka kakaretso mabapi le sehlooho. Phethelo Phethelo ya hae e lokela ho tlamahanya tlhaloso ya hae ka ho phethahala. [Motshwai a badisise nehelano ya mohlahlobuwa, mme a mo abele matshwao ho ya kamoo a ikamahantseng le sehlooho kateng.] [25] POTSO YA 21: LEJWE LA KGOPISO – T Letshaba 21.1 - Tjhe, hobane ka lapeng la hae ha ho na kgotso dipakeng tsa hae le mohatsae ka baka la ho tejelwa ha Tsietsi a le mong mosebetsing. - E, ha a le mosebetsing o kgona ho hlaba kgobe ka lemao hobane mohatsae ha a yo ho mo fata dipotso. [Tshwaya e le nngwe feela] (1) 21.2 - Lewa lena le sebedisitswe ho hlakisa maemo a ditaba ka ho bontsha hore Mohlouwa o tsielehile hobane mosadi o mo emelletse ka taba ya ho tejelwa ha Tsietsi a le mong empa Thapelo yena a siuwe. - Le sebedisitswe ka sepheo sa ho bontsha hore Mohlouwa o tsielehile kaha ha a maikemisetsong a ho bua nnete ya hore Tsietsi o tebetswe ka mabaka afe a le mong hobane seo se ne se ka qhala motse wa hae.  [Tshwaya e le nngwe feela] (2) Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P2 24 DBE/Pudungwana 2022 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 21.3 Bosoto ba Mohlouwa bo hlaka ka hore o hlahella e le motho ya tsebang ho swetsa basebeletsi ba hae leha ba mo sebeletsa ka botshepehi, ha a ba kgathalle mme o kgona ho ba ja direthe. (2) 21.4 Lebitso leo le bile le tshusumetso e mpe ya hore Tsietsi a dule a hlophehile a bile a salwa ke ditsietsi morao. (2) 21.5 Seipati ke sebapadi se kgopo hobane o ile a senya kgotso ya lapeng la ha Tsietsi ka ho susumelletsa Naledi hore a dumele ho ratana le Mohlouwa empa a nyetswe.  Mmabatho o kgopo ebile o leqoophe mme o ile a kgelosa monna wa hae hore a tebele basebeletsi ba hae ha ba kopa ho nyollelwa moputso. (4) 21.6 Ke hobane le hoja Mohlouwa a tebetse Tsietsi, Mmabatho yena ha a utlwisise hore Thapelo o setse jwang kaha qetong ya bona, ba ne ba rerile ho ba leleka ka bobedi. (2) 21.7 Moelelo ke hore Naledi o ngongorehile ke ho lelekwa ha Tsietsi mosebetsing.  (1) 21.8 Tjhebahalo ya Naledi e jere phoqo ka tsela ya hore o ikgabisitse ka mabenyane le difaha tsa kgauta empa ntlo ya hae e ntse e le mokhukhu o kenelwang ke metsi a pula, hodima ho le jwalo yena le Tsietsi ba dutse hae ha ba sebetse. (2) 21.9 Tjhe, tlholo ha e a ka ya fihlellwa tshwantshisong ena hobane Tsietsi o qetelletse a se a bolaile dibapadi tse se nang molato ho na le hore a buisane le mofumahadi wa hae hore a tle a fumane lebaka le mo susumeleditseng hore a qetelle a ratana le Mohlouwa. Mohlouwa le Naledi ba fumantshitswe kotlo ka lebaka la boitshwaro ba bona ba ho kena maratong a ka ntle ho lenyalo.  (2) 21.10 Maele ana a bolela hore motho o kgahlwa ke se itseng empa a sa shebe bobe ba sona mme le Naledi o ile a nkeha ke maqiti a Mohlouwa le maruo a hae, e le ha a nahana hore ho ratana le Mohlouwa ho tla kgutlisetsa Tsietsi mosebetsing athe o a ithetsa. (2) 21.11 Tsietsi o ile a thefuleha maikutlo ha bohloko hoo a ileng a ba a nka qeto ya ho bolaya bohle bao a nahanang hore ke majwe a kgopiso bophelong ba hae. (2) 21.12 Ka baka la ho tebelwa ha Tsietsi mosebetsing, Naledi o ile a qetella a mametse dikgothaletso tsa Seipati tsa hore a kene dikamanong tsa marato le Mohlouwa ka kgopolo ya hore Mohlouwa o tla mo kgutlisetsa mosebetsing, feela seo sa se ke sa etseha hoo qetellong Tsietsi a ile a ba a bolaya ditho tsa lelapa la hae kaofela. Sena se totobatsa taba ya hore bohloki bo ka laola motho hore a qetelle a hlokile botshepehi, a bile a fetohetse makgabane a (3) matle a bophelo. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 25 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 80 Difuperweng tsa tataiso ena ya ho tshwaya di se sebediswe ntle le tumello

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Hl

Explore more published documents in this catalogue.

View all