Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 1 Eastern Cape Mock 2023 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 1220237 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 1 memorandum from the Eastern Cape Mock Exam 2023, 7 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2023

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 LOETSE 2023 SESOTHO PUO YA LAPENG P1 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 70 Tataiso ena ya hotshwaya e na le maqephe a 7.
2 SESOTHO PUO LAPELENG P1 (EC/LOETSE 2023) KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 TEMA YA A 1.1 O bolela hore bophelo ba batjha bo a fetoha ka ha ba angwa ke diphephetso tse thefulang maphelo a bona ha bohloko. (1) 1.2 Kgatello ya kelello Matshwenyeho (2) 1.3 Ho se sebetse ka katleho maemong ao ba kopanang le ona. Ho wela ka bonolo boitshwarong bo hlephileng. Tshebediso ya dithethefatsi [Tshwaya e le nngwe feela.] (1) 1.4 E hobane le tema e a paka hore motjha e mong le e mong ho sa natsehe boemo kapa morabe o kopana le mathata bophelong. (2) 1.5 Tsela ya boitshwaro ya batjha ba kgale e ne e tsepame ebile e le bana ba hlomphang, ba bile ba sa kene kenyakenyeng ya mathata jwalo ka batjha ba kajeno. maeomo a bophelo a batjha ba kajeno ha a jese ditheohelang, ba wela ha bonolo boitshwarong bo kotsi mme ba qetelle ba na le kgatello ya maikutlo, ba bang ba be ba ipolaye. (3) 1.6 O totobatsa hore le bana bao batswadi ba bona e leng dikgorane ba wela mesebetsing e sa lokang. (1) 1.7 Bana ba ka ameha maikutlong ha bohloko Ba hloke boitshepo Ba ka hloleha ho ithuta hantle Ba ka hloleha ho sebetsa hantle le ba bang [Tshwaya tse pedi.] (2) 1.8 Dilemot se mashome a mararo. (1) 1.9 Tjhe, ha se leano le letle ka ha bana ha ba fumane tlhokomelo e phethahetseng mme seo se etsa hore ba qetelle ba ikakgetse ka setotswana botlokotsebeng. (2) KAPA E, hobane bana ba bang ba ya kgona ho latela melao le dipehelo empa batswadi ba le siyo. 1.10 E ka ba susumelletsa ho kopanela diphate, ho ba le pefo hammoho le boitshwaro bo hlephileng. (2) 1.11 C – Bana ba ne ba phela ntle le bothata (1)
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO LAPENG P1 3 1.12 Ho thusa batjha ba sebedise inthanete ka tlasa tataiso. (2) 1.13 O sebedisa marangrang a thekenoliji ka nako ele nngwe. (1) 1.14 A hlakisa hore hlooho e a duma ebile e a tsekela. (1) 1.15 Kgaello ya tlhokomelo le tataiso e tshwanelang ho etswa ke batswadi kapa bahlokomedi ba bana. (2) 1.16 Tjhe, ha ho a nepahala, ho kotsi bakeng sa dilemo tsa hae. (2) 1.17 Ke mehleng ya kajeno, ho totobatsa disebediswa tsa marangrang a thekenoloji. (2) 1.18 Temeng ya A, ho hlahiswa bothata boo batjha ba tobaneng le bona tshebedisong ya thekenoloji, ha Temeng ya B, e re bontsha kotsi ya tshebediso ya thekenoloji baneng ba banyane. (2) MATSHAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
4 SESOTHO PUO YA LAPENG P1 (EC/LOETSE 2023) KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 TEMA YA C Ngwana ya ka hodiswang ke motswadi eo e seng wa madi e ka ba ngwana ya lahluweng kapa kgutsana, ✓ a bile a le boitshwaro bo kekeng ba laolwa. ✓ Hape e ka ba ya phelang ka ho kopa diterateng ✓ mme ebile e le lekgoba la dithethefatsi. E nngwe ntlha ke ha tshwaro ya ngwana e totobatsa tlhekefetso ✓ ha mmoho le ha ngwana a le maemong a ka bang kotsi ha a kgutlisetswa ho motswadi wa madi, ✓ qetellong ke ha ho totobala matshwao a ho se tsotellehe mmeleng le kelellong. ✓ Palo ya mantswe (90). QOTSO DINTLHA 1. Ngwana a ka kenngwa tlhokomelong ha a A Ngwana ya ka hodiswang ke lahluwe kapa e le kgutsana, a le ka tlase ho motswadi eo e seng wa dilemo tse 18 mme a se na mokgwa ofe madi, ke ya lahluweng kapa kapa ofe wa tshehetso, bonneteng kgutsana a bile a le ka tlase kgutsanakgudu e tshwanelwa ho ho dilemo tse 18. hlokomelwa e fumane lelapa le mofuthu. 2. Ho bontsha boitshwaro bo kekeng ba laolwa B E ka ba ya nang le ke motswadi kapa mohlokomedi ke le leng boitshwaro bo kotsi bo ke la matshwao a ka etsang hore ngwana a be keng ba laolwa. tlasa ngodiso. 3. Ngwana ha a phela diterateng kapa a kopa C Ngwana ya phelang bakeng sa ho iphedisa, o lokela ho wela ho diterateng kapa a kopa bana ba hlokomelwang etswe bana ba seng bakeng sa ho iphedisa a ka tlasa marulelo ba se nang tshepo ya se hlokomelwe. yang ka maleng ba hloka tshreletso. 4. Makgoba a dithethefatsi a sa fumaneng D Makgoba a dithethefatsi a tshehetso efe kapa efe ya ho fumana sa fumaneng thuso le ona a tlhabollo le ona ke diphofu tse hlokang hloka ho hlokomelwa. tlhokomelo. Tshebediso ya dithethefatsi ke bothata bo hlokang tharollo. 5. Bo bong bothata ke tlhekefetso ya bana e E Ngwana ya hlekefeditsweng jeleng setsi, mme ho tshwanela hore e be e o tshwanela ho iswa le ngwana ya kileng a tshwarwa ka tsela e boingodisong. sa lokang kapa a hlekefetswa mme a se a sa sireletseha. 6. E nngwe ntlha e ka etsang hore ngwana a F Ha ho hlokomeleha hore batlelwe mohlokomedi e motjha, ke ha ho kotsi e ka ba teng ha bonahala hore ho ka ba kotsi ha a ngwana a kgutlisetwsa ho kgutlisetswa tlhokomelong ya motswadi wa motswadi wa madi. hae wa madi. 7. Ntle le moo hape ke ha ngwana a phela G Ha ngwana a sa tsotellehe tlasa boemo bo sa jeseng ditheohelang bo mmeleng le kelellong e ka kang ba ho se tsotellwe mmeleng le kgona a iswe tlhokomelong. kelellong kapa ho kgellwa fatshe ke motswadi. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO LAPENG P1 5 HO TSHWAYA KGUTSUFATSO: Ho tshwauwa ha kgutsufatso ho itshetlehile hodima ho kenyelletsa dintlha tse hlokwang ke potso. Kgutsufatso e tlameha ho tshwauwa ka tsela e latelang: 1. Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 bakeng sa dintlha tse 7 (ntlha e le 1 bakeng sa ntlha ya sehlooho). o Matshwao a 3 bakeng sa puo. o Matshwao kaofela: 10 2. Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse mantswe a bona: • Ha dintlha tse 1–3 di nepahetse; fana ka letshwao le le 1. • Ha dintlha tse 4–5 di nepahetse: fana ka matshwao a 2; • Ha dintlha tse 6–7 di nepahetse: fana ka matshwao a 3. 3. Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse diqotso di le jwalo: • Diqotso tse 6–7: se fane ka matshwao bakeng sa puo. • Diqotso tse 1–5: fana ka letshwao le le 1 bakeng sa puo. ELA HLOKO: Batshwai ba tlameha ho nnetefatsa palo ya mantswe a sebedisitsweng. Se ke wa hula matshwao haeba bahlahlobuwa ba sa bontsha palo ya mantswe a sebedisitsweng kapa haeba palo ya mantswe a sebedisitsweng e ngotswe e fosahetse. Ha palo ya mantswe e tlotse moedi o boletsweng, bala ho fihla palong ya mantswe e behilweng, ebe o emisa moo. Mohlala Puo Polelo/Polelwana Palo ya Mantswe Sesotho ke a bina 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
6 SESOTHO PUO YA LAPENG P1 (EC/LOETSE 2023) KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO POTSO YA 3: PAPATSO 3.1 Sesepa sa ho hlatswa meno / Colgate (1) 3.2 Ho hlahisitswe batho ba bomme feela setshwantshong, jwalo ka ha e ka ke bona feela ba tshwanelang ho sebedisa Colgate. (1) 3.3 Molaetsa wa hore sehlahiswa sena se kgothaletswa le ke dingaka tsa meno. (2) 3.4 Mantswe ana a amana le setshwantsho ka hobane setshwantsho se matlafatsa se bolelwang ke mantswe ana, se hlakisa pososelo e sefahlehong sa ngwanana e susumetswang ke boitshepo bo etswang ke moya o nkgang ha monate. (2) 3.5 Ke ho hohela bareki le ho ba kgothalletsa hore ba lese e meng mefuta ya ho hlatswa meno mme ba phehelle le ho sebedisa colgate ba phehella ba sa lesele. (2) 3.6 Mmapatsi o kgothaletsa le ho tiisetsa bareki ho sebedisa colgate hore meno a bona a tle a be masweu jwalo ka lebese. (2) [10] POTSO YA 4: KHATHUNU 4.1 Ke ho tshwasa ditlhapi (1) 4.2 Ho fetoha ha maemo a lehodimo Metsi a tjhele Komello [Tshwaya e le nngwe feela.] (1) 4.3 Lefatshe le omelletse le bile le peperane. Difate di hlohlorehile makala. Dikepe di setse lepalapaleng. Batshwasi ba ditlhapi ba felletswe ke mesebetsi [Tshwaya e le nngwe feela.] (1) 4.4 E hlakisa hore le ha o ka ba le bokgoni kapa boitsebelo ba ho iphedisa, ha maemo a sa o dumelle o ke ke wa tswelella. (2) 4.5 Ho diha mahetla. Sefahleho se hloka kgotso. Ho nyahama Puo ya hae e bontsha hore o lahlile tshepo [Tshwaya tse pedi feela.] (2) 4.6 E, e a loketse maemo a hlahellang khathuneng ena hobane monna enwa ha a a tswelella morerong wa hae wa ho tshwasa ditlhapi. (2) 4.7 rapo (1) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) SESOTHO PUO LAPENG P1 7 POTSO YA 5: PROSA 5.1 Ho matlafatsa ntlha ya hore sebui se ne se sa phomola moyeng, se nahana ka hona le hwane se sa phetse. (2) 5.2 A ho ikwahlaya A ho itshola (1) 5.3 Ke motho ya ratang ho itshebeletsa ka bo yena O kgothetse. (2) 5.4 Ba se ba le ho o batang. (1) 5.5 Tumelo ya boKreste. (1) 5.6 Motho ya utswang o lefella diketso tsa hae ka lefu. (2) 5.7 C / Bana ha ba ke ba futse batswadi. (1) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 30 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all