Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 2 Eastern Cape Mock 2015 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12201519 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 2 memorandum from the Eastern Cape Mock Exam 2015, 19 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2015

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2015 SESOTHO PUO YA LAPENG PAMPIRI YA 2 MEMORANTAMO MATSHWAO: 80 Memorantamo ona a na le maqephe a 19.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) BATSHWAYI BA ELE HLOKO DINTLHA TSE LATELANG:  Haeba mohlahlobuwa a arabile dipotso ka bone ba tsona dithothokisong tseo a ithutileng tsona KAROLONG YA A, motshwayi a tshwaye feela dipotso tse pedi tsa pele.  Haeba mohlahlobuwa a arabile tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse kgutshwane kapa a arabile tse pedi tsa mofuta wa dipotso tse telele KAROLONG YA B le ya C, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme a tlohele ya bobedi. Athe ha a arabile dipotso ka bone ba tsona, motshwayi a tshwaye karabo ya pele ho karolo e nngwe le e nngwe ha feela mohlahlobuwa a arabile potso e le nngwe ya mofuta wa dipotso tse telele le e le nngwe ya mofuta wa dipotso tse kgutshwane.  Maemong ao mohlahlobuwa a nehelaneng ka dikarabo tse pedi, ya pele e fosahetse mme ya bobedi yona e nepahetse, motshwayi a tshwaye karabo ya pele, mme a tlohele e latelang.  Haeba mopeleto o fosahetse hoo o amang moelelo, motshwayi a fosise karabo e jwalo, empa haeba mopeleto o sa ame moelelo, karabo e jwalo e tshwauwe e nepahetse.  Mofuta wa potso e telele (ya moqoqo): ha bolelele ba moqoqo bo le ka tlase (kgutshwane) ho palo ya mantswe e behilweng, motshwayi a se behe kotlo hobane mohlahlobuwa o se a ntse a ipehile ka mosing. Athe haeba moqoqo o le molelele haholo, motshwayi a tshwaye ho feta moedi wa palo ya mantswe a 50 (mongolo o ngolwang ka ho takalatsa), mme a se tswele pele ho tshwaya karolo e latelang.  Mofuta wa dipotso tse kgutshwane: Haeba mohlahlobuwa a sa sebedisa matshwao a puo a supang qotso (di-a-buwa le di-a-kwala) moo a lokelang ho qotsa, motshwayi a se behe kotlo. TATAISO YA HO TSHWAYA POTSO YA MOQOQO THOTHOKISONG:  Karabo ya mohlahlobuwa e be le sebopeho sa moqoqo k, h, r selelekela, mmele (diratswana) le qetelo. Moqoqo o be le kgokahano.  Sebedisa ruburiki ho abela mohlahlobuwa matshwao.  Ha o aba matshwao lekanya karabo ya mohlahlobuwa ruburiking ho latela lekgetha la ‘dikahare’ le la ‘tshebediso ya puo’.  Hlokomela hore matshwao ao o tla beng o a fumane ruburiking a nyalane le karabo ya mohlahlobuwa ka ho tsepama.  Qetellong bontsha kabo ya matshwao ka ho sebedisa keriti e fumanwang qetellong ya karabo. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 3 KAROLO YA A: DITHOTHOKISO POTSO YA 1: Mahlomola a Afrika DITAELO HO BATSHWAYI: Motshwayi a bale nehelano ya mohlahlobuwa e lokelang ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo. Moqoqo o lokela ho arabela potso e tshetlehileng thothokisong e hlahisitsweng. Motshwayi a tadime makgetha ana a mabedi a latelang ha a tshwaya moqoqo ona. Dikahare Kutlwisiso ya potso; botebo ba tshekatsheko ya ditaba (sehlooho). Kutlwahalo le nnetefatso (tiisetso) ya taba ka mabaka (a itshetlehileng thothokisong e botsitsweng). Bakeng sa dikahare motshwayi a tadime dintlha tse latelang nehelanong ya mohlahlobuwa (ela hloko hore dintlha di keke tsa behwa ka tatellano e hlahellang mona) Dintlha tsa bonono tse fumanwang mona ke tsena:  Thothokiso ena ke ya mofuta wa tlhaloso. Sethothokisi se beha ditaba tsa thothokiso ka tsela eo se bopelang mmadi setshwantsho sa seo se buang ka sona.  Molathothokisong wa 7 re fumana tshwantshiso/sereello/thehello ‘Afrika ke Mmaditlhofa ya tswele le moleketla’ ka hona sethothokisi se beha Afrika le mmadithlofa maemong a lekaneng le ho tlotleha.  Melathothokisong ya 3, 7. 9, 11, 12 le 16 re fumana kgonyetso- nthwana, tswele, poho, tsweleng, fubeng le hlabula. Kgonyetso ena e fa mantswe ao sefutho.  Melathothokisong ya 17 le 18 re fumana lebotsi. Sethothokisi se a ipotsisa, se etsa eka ha se tsebe karabo/se a imakatsa.  Re fumana phetapheto ya sebopeho/phetapheto melathothokisong ena: 9 le 10. 17 le 18. Sena se etsetswa ho bopa sebopeho se tshwanang le ho fana ka kgatello.  Melathothokisong ya 17 le 18 re boela re fumana anastrofi/ tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe. Hona ho fana ka sefutho kapa kgatello mantsweng ao: Ba hao bomadimabe … wa hao molato.  Phetapheto e tsepameng ya mantswe re e fumana melathothokisong ena: 1 le 2. ‘utlwang’ 9 ;1 le 10 ‘o tswetse’ ho hokahanya melathothokiso. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) [Moithuti ya hlalositseng MAKGABANE a MARARO, a ba a fana ka mabaka a abelwe matshwao ohle a dikahare, e be ho lekolwa hore puo le setaele ke tse loketseng moqoqo – ho ngola ka diratswana, jj. Ho shejwe hore o lokelwa ke matshwao a makae ho a mane] E. H. Lekola ruburiki ya tekanyetso ya potso ena. E. H. Hona empa e le mohlala wa nehelano e lebelletsweng. Kabo ya matshwao Dikahare (k, h, r dintlha tse bopang karabo) = 6 Puo, setaele (Selelekela le ditaba) = 4 Senotlolo Dik: P/S: Tshebediso ya Puo Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e nang le neheletsano e momahaneng e lebisang tlhalohanyong ya sehlooho mmoho le puo, setaele le sehalo tse sebedisitsweng ka nepo temeng. Mohlahlobuwa a abelwe matshwao tjena bakeng sa puo: Motshwayi a bale karabo kaofela, mme a bontshe ka letshwao (√) dintlheng/ karabong yohle, mme moo mohlahlobuwa a fositseng teng motshwayi a bontshe ka letshwao (x) Ho elwe hloko hore nehelano e lokela ho hlahiswa sebopehong sa moqoqo, mme seno se bolela hore nehelano e lokela ho ralwa ka tsela ya hore ho be le selelekela, mmele o bopilweng ka diratswana le qetelo. Le ha nehelano e radilwe ka tsela ena, moqoqo o tlameha ho hlahiswa ka tsela e supang kgokahano. Ha motshwayi a se a badile nehelano mohlahlobuwa a abelwe matshwao. Matshwao a ajwa ka ho sebedisa ruburiki. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 5 POTSO YA 2 Boshodu: PM Ramathe 2.1 Sonete √ (1) 2.2 E na le melathothokiso e leshome le metso e mene. E arotswe ka melarobedi le melatshelela. Mela e robedi ya pele e fupara moelelo o itseng ha e tsheletseng e latelang e hanyetsa moelelo oo. (ke mofuta wa sonete ya setadiana) √√ (2) (Tshwaya dikarabo tse pedi feela tsa mohlahlobuwa) 2.3 Phetapheto ya mohopolo kapa moelelo/poeletsomodumo √ (1) 2.4 Tshwantshanyo/papiso √ (1) 2.5 Sethothokisi se bua ka boshodu empa e le ditakatso tsa motho, ebile a di sebedisa ka mokgwa oo a ratang kateng di qetelle di mo kenya tsietsing ya ho lakatsa tsa batho, tseo e reng le ha a di fumane a sale a tshwere phupe kalefe ka ha ha bo mo tswele molemo. √√ (2) 2.6 Abbaabba √ (1) 2.7 Sethothokiso se itelela ka baka la hore se ile sa itahlela ka setotswana ditabeng tsa ho utswa, mme kajeno se iphumana se le mathateng ka baka la boshodu boo √√. (2) [10] KAPA POTSO YA 3: Kodiyamalla lebitsong la Sello Phokojwe Kobontsho (1941 − 1992) 3.1 Ke kodiyamalla. √ (1) 3.2 Sethothokisi se bontsha ho makala/ho imakatsa/ho bontsha tletlebo √√ (2) (Tshwaya e le nngwe feela) 3.3 Ke mojalefa, o setse Tlhakoaneng √ (1) 3.4 3.4.1 Melathothokiso ya 7 le 8, 10 le 11 √ (1) 3.4.2 Melathothokiso ya14 le15 √ (1) 3.4.3 Melathothokiso ya 1,3 le 16 (1) 3.5 Melathothokiso ya 14 le 15 e hlalosa hore Sello o hlokahetse, √ mme e amana le wa 16 ka ho bontsha hore le ha a hlokahetse jwalo o sebeditse. √√ (3) [10] KAPA Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) POTSO YA 4: Setsokotsane 4.1 Ke thothokiso ya tokodiso √ (1) 4.2 Phetapheto ya sebopeho kapa Phetapheto e tsepameng √√ (2) 4.3 Mothofatso √ (1) 4.4 Makodikotwana √ (1) 4.5 Phetapheto e tsepameng √ (1) 4.6 Ke hlaahlela/neeletsano/phetapheto ya mantswe e tshekalletseng √ (1) 4.7 Tshwantshiso/thehello √ (1) 4.8 Temanathothokiso ya bobedi e bua ka setsokotsane se bakang bodutu maphelong a batho ka ho tlisa diboko le mahlomola. √√ (2) [10] POTSO YA 5: Fonofono 5.1 Phetapheto ya mantswe e tsepameng √ (1) 5.2 Mola wa 7, ke utlwile ka fonofono ntho ya makgowa. √ (2) 5.3 Anastrofi. Bohlokwa ke ho fa lentswe le qatsohileng sefutho. √√ (2) 5.4 5.4.1 Moleng wa 3/4 √ (1) 5.4.2 Moleng wa 5 √ (1) 5.4.3 Moleng wa 1 le 2 √ (1) 5.5 Bohloko bo ka hare mmeleng √ (1) 5.6 Fonofono ke mahlopha-a-senya. √ (1) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 7 KAROLO YA B: PADI/NOBELE POTSO YA 6: BOTSANG LEBITLA – KPD Maphalla Selelekela: Botsang Lebitla ke padi e buang haholoholo ka Tsietsi, mme re mo nka e le mophetwa wa sehlooho. O rehilwe lebitso lena ke baha Kotsi ka mora lefu la batswadi ba hae mmoho le bana babo kotsing ya koloi. Potso yona e re qosa ho qoqa ka tikoloho le nako tseo diketsahalo tsa pale ena di etsahalang ka yona. Tikoloho le nako Diketsahalo tsa padi ena Botsang Lebitla, di etsahala tikolohong ya metse ya ditoropong le mahaeng. Nako boholo mona e supa hore ke nako ya sejwalejwale. Qalehong feela re tsebiswa titjhere Molakolako ya tseleng e yang Thekong le ba lelapa la hae. Tseleng moo ba se ba fumana kotsi ya koloi mme ba hlokahala kaofela ha pholoha lesea le kgwedi di tharo feela. Lepato la bona le ne le tshwaretswe setediamong. Bafu bao ba kentswe ka makaseng mme a entse mokoloko setediamong moo. Ho kgobokane ditiletile tsa batho tse tswang ka makgalo ohle lepatong lena. Tsena di totobatsa hore ke metseng ya ditoropong le nako ke ya mehleng ya sejwalejwale. Lejwe la sehopotso le Sekgutlong la batswadi le bana babo Tsietsi le ne le le letsho molaetsa o ngotswe ka mongolo o mosweu mme le ne le pheta nalane ya tse etsahehetseng. Le lona ke bopaki ba hore nako ke ya sejwalejwale moo ho seng ho bulwa majwe, setjhaba se tswetse pele. Tsietsi, ngwana wa Molakolako ya siilweng ke ba habo a e na le kgwedi tse tharo o batlelwa mohlokomedi ya tla sala le yena. Hona ho bontsha kgahlamelo ya sejwalejwale, ka ha batswadi ba kajeno ba se ba sebetsa ba le babedi. Ha Tsietsi a se a hodile re boela re bona dipalangwang tsa sejwalejwale le tsa tikoloho ya ditoropong. Mohlala Tsietsi o boela a kganna koloi ya thepa ha Ramatlotlo. Makgaola le yena o kganna koloi e tsamaisang thepa tikolohong eo ya mabenkele. Tsietsi o ya lepatong la nkgono Mantsoteng a palame selailai sa koloi eo a e kadinngweng ke Ramatlotlo. Tikoloho ena eo Tsietsi a phelang ho yona e tletse bonokwane le bokebekwa. Bokebekwa bo se bo tswetse pele bo bile bo akga maqulwana a kenyeletsang le basadi, Bomohanuwa. Batho ba amohuwa tsa bona ka mahahapa, ba tshwaretswe dithunya. Le mapolesa a jalajaduwe hohle ho kgwasolla dinokwane. Tsietsi le yena o hahlamelwa ke tikoloho ena hoo le yena a nkang mokgwa ona wa ho sebedisa dithunya ho itshirelletsa. Hona ho mo fetola senokwane se batlwang ke mapolesa. E re ka ha ke tikoloho ya ditoropong le ya nako ya sejwalejwale, setshwantsho sa Tsietsi se hlahiswa thelevisheneng hore setjhaba se fadimehe bonokwane ba hae. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) Tsietsi o thunngwa ke mapolesa mme o ya sepetlele. Yena le Tseleng ha ba thoba sepetlele ba kena toropong, ba ya hoteleng. Tsena di ntse di tiisa taba ya tikoloho ya ditoropong. Le ha ho le jwalo, tse ding tsa diketsahalo tsa padi ena di etsahala mahaeng. Hona re ho bona ha Tsietsi le Tseleng ba fumana botshabelo mahaeng kwana ha monnamoholo Ramabanta. Ba bile ba fumana thuso e nngwe hape ka tjako ha Maema, eo a bileng a ba neha mohlongwafatshe. Ngwana Tsietsi le Tseleng o hlahela mahaeng, moo a phethisetswang meetlo e etsetswang bana ha ba hlahile. Tsietsi o ile a sasarwa e le sesupo sa ho re o fumane ngwana moshanyana. Tsena ha re di bone tikolohong ya ditoropong. Ntwa ya hae le lequlwana la Mohanuwa e lwanetswe kgohlong, moo Tseleng a hlokahallang le ho patelwa teng. [Motshwayi a badisise karabo ya mohlahlobuwa kaofela ho batla dintlha tse tsamaelanang le tse hlahisitsweng mona.] [25] KAPA POTSO YA 7: BOTSANG LEBITLA – KPD Maphalla 7.1 Tsietsi o ne a tswa lebitleng la batswadi ba hae le bana babo le Sekgutlong/O ne a bile a se a tswa boikwetlisong ba lebotho la sesole. √ (1) 7.2 o ne a batla ho fumana karabo ya hore ebe yena ke ngwana wa mang le hore ebe ho etsahetseng ka batswadi ba hae. √ (1) 7.3 Nkgono Mmantsoteng √ (1) 7.4 Le ne le le Sekgutlong √ (1) 7.5 Tsietsi o ne a utlwisitswe bohloko ke ho phediswa ka thata le ka ho jellwa tsa habo ka bomenemene ke ba ha Kotsi. √√ (2) 7.6 Ba ha Kotsi ba ile ba ja mafa a Tsietsi ao a neng a a sietswe ke ntatae ka kgopolo ya hore Tsietsi ha a no tseba ka taba ena, empa ka bomadimabe Tsietsi o ile a tseba taba ena mme a kgutla a se a jele masooko ho tla batla tseo e leng tsa hae. √√ (2) 7.7 Diketsahalo tsa padi di bonahala e le tsa mehleng ya kajeno ka ha ke moo le mabitla a se a behwa majwe e le sehopotso sa bafu ba seng ba re siile lefatsheng/Mokgwa oo lebitla labo Tsietsi le entsweng ka wona, la ngolwa mabitso a bafu le molaetsa o ho lona, o supa hore ke mehla ya kajeno √√ (2) 7.8 Ke kgohlano e ka ntle, e amang mophetwa le ba bang √√Kgohlano ena e pakeng tsa Kotsi le Tsietsi √ (3) 7.9 Kamora hore Tsietsi a etele lebitla la batswadi le bana babo, o kgutlile a tletse moya wa ntwa le boiphetetso √√ (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 9 7.10 Tsietsi o amohetswe ke Kotsi √ (1) 7.11 C/Lefa le siilweng la ntatae Tsietsi mohlang a hlokahalang √ (1) 7.12 Kotsi ya pele ke ho fetola Tsietsi lebitso e le hore a tle a a se ke a tseka tsa habo/Ya bobedi ke ho mo lwantsha ka tshepe ha a tlameha ho mo araba dipotso tsa hae/Kotsi o hlokahala ka kotsi ya koloi. √√ (2) (Tshwaya e le nngwe feela) 7.13 O na le mamello (O mamella kgodiso e thata ya Kotsi) O lerato (O le bontsha ho nkgono Mankotseng ka ho ya lepatong la hae) O sebetsa ka thata (Ha a tswa sekolong o ya mosebetsing) O leqophe (O tsekella ho fumana dikarabo tseo ho thweng a ka difumana lebitleng) O masene (O phelephanyetsa mapolesa le batho ka makgetlo) O tletse boiphetetso (O tsekella ho bolaya babolai ba Tseleng) √√ (Tshwaya ntlha e le nngwe) (2) 7.14 O tseka dintho tsa hae ka mahahapa/O na le tsela ya hae ya ho phethisa toka/ Ha a na buka ya boitsebiso e mo pakang hore ke wa ha Molakolako. √√ (Tshwaya e le nngwe) (2) 7.15 Ee, ho molemo. Hona ho ka tshirelletsa ngwana ditabeng tsa mahlomola tseo a e so ka a lokela hore a di tsebe. KAPA Tjhe, ha ho molemo. Ngwana o lokela ho tsebiswa ditaba e le hore a hle a amohele maemo a hae ka nako. √√ (2) [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 10 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) POTSO 8: MME – NP Maake Selelekela Phanyeho/Tiehiso/Tebello/Tshwarello/Teketliso e thusa ho fana ka thahasello ya mmadi ya ho ka fihla sehlohlolong sa ditaba. Mongodi o sebedisa malebaleba ho diehisa tharollo ya qaka le hore mmadi a nne a be lefifing ka se tla qetella se etsahetseng a bitswa tshwarello, tebello/teketliso/phanyeho/tiehiso. Phanyeho/Tiehiso/Tebello/Tshwarello/Teketliso Baphetwa Mongodi o re tsebisa Dikeledi e le ngwanana ya ileng a hodiswa ke rakgadi wa hae. Rakgadi re mo tsebile e le Rakgadi feela ha re a tsebiswa lebitso la hae la nnete. Re tsebiswa Lesole e le kgaitsedi ya Dikeledi (Mmateboho). Ha ho moo re kileng ra bona Mmateboho le Lesole ba kopana jwalo ka bana ba motho mme ho bile ha ho a hlaka hore o ne a le kae mohla Dikeledi a neng a nyalana le Thollo. Rona re le babadi re tsebile lelapa la ha Rakgadi le ne le na le ditho tse pedi feela e leng Rakgadi le Dikeledi. Re tsebiswa mophetwa enwa Mme, feela le yena ha re fuwe lebitso la hae la nnete. Re mo tseba e le Mme feela, mme lekgetlo la pele ha a ne a fihla lapeng ha Thollo Mofokeng ha re a bolellwa ka ho otlolloha hore o tlilo etsang motseng ona. Re mmona a feta matlo a mangata a Sebokeng a kena ha Mmateboho a tlilo batla tjako. Ke boipuisong ba hae feela moo re utlwileng a re ha a batle ho senya kgotso eo a e boneng e rena motseng wa Mmateboho. Le hona moo ho ntse ho sa hlake hore ke ka lebaka la eng a buang mantswe ao. Babadi ba boela ba labella hore ha Mme a se a tlwaetse bophelo bona. O tla ke a iphumane a kopane le Thollo ka ho otlolloha mme a mmolelle seo a tlileng ka sona mona feela seo ha se etsahale. Re lebella ka tebello e kgolo hore ka le leng la matsatsi Tholo o tla ke a re Mmateboho a ke a meme Mme enwa eo a hlolang a mo hlodiya ka yena empa seo ha se etsahale. Mohla Mme a neng a hlokohetse re ile ra lebella hore Thollo o tla batla ho tseba ka motho enwa ya hlokahalletseng lapeng ha hae feela le seo sa se ke sa etsahala. Ha lelapa la ha Mmateboho le ne le lokela ho bona setopo, Thollo le Bafokeng ba Matatiele ba hana ho mmona. Tebello e ne e le hore mohlomong o tla se sheba ebe o elellwa hore ke mosadi wa hae eo a mo siileng lapeng Matatiele. Ha Mme a se a patilwe, Diseko mohatsa Lesole o ile a fumana setshwantsho sa Thollo le Mme sa lenyalo. Ka nako eo tebello e kgolo e ba hore o tla bolella Thollo taba ena. O qeta ka hore ka ha Mme ha a ka a ba utullela se neng se mo tlisitse moo le yena ditaba tsena o tla di lala ka mmele. O di boloka e le pinyane jwalo ka ka ha Mme a ne a rerile. Hona ho re fa molaetsa wa mongodi, e leng pinyane ha e senye motse. Re ithuta hore le rona ditaba tse ka qhallang ba bang malapa re se ke ra di pepesa re tsebe ho boloka maemo a nepahetseng a phedisano. KAPA Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 11 POTSO YA 9: MME – NP Maake 9.1 Ditaba tsa Tsekiso ke tsa hore o ile a bolella banana ba babedi bao a neng a tseba hore ha ba rate Dikeledi hore o ilo lahla Dikeledi mme a fela a mo ngolla lengolo le neng le mmolella hore ‘The silver cup is broken.’ √√ (2) 9.2 O ile a bona Tsekiso a dikela dihlahleng a tshwarane le kgarebe e nngwe. √√ (2) 9.3 Ke banana ba soto, ba hlokang kutlwelo bohloko. Ba ne ba tsheha ba bile ba bua dipuo tse kobisang ha ba bona Dikeledi ba bua ba phahamisitse mantswe hore Dikeledi a ba utlwe. √√ (2) 9.4 Setshwantsho seo se ne se bontsha hore bana ba ba hae e tlo ba diporompotlwana.√Monna wa hae o ne a tla be a kganna koloi ya mabenyane. Ntlo ya hae e tla be e le kgolohadi hoo baeti ba neng bat la lahlela ka hara yona. Yena e tla be e le mongodi wa mokgatlo wa mafumahadi a motse mme ebile o tla be a rutehile ho feta basadi ba motseng ona kaofela. √√ √ (3) 9.5 Dikeledi o ferekanngwa ke hore o nahana hore ditaba tsa lenyalo la mohlankana wa Matatiele ke tse tswang ho Tsekiso ka ha Tsekiso ke yena feela mohlankana wa hae athe ha ho jwalo. √√ (2) 9.6 D/B le C di nepahetse. √ (1) 9.7 B/E mateanong a nako ya sejwalejwale le ya seholoholo. √ (1) 9.8 Dikompone ha di sa le ngata matsatsing ana a kajeno empa di qadile nakong yane eo batho ba neng ba tla ka bongata makeisheneng ho tla tla sebeletsa bana ba bona/Bana ba ntse ba hlompha batho ba baholo mme le Dikeledi o ile a nyalwa ke motho eo a neng a sa ratane le ho ratana le yena feela kaha seo se ne se etsahala pele, le yena o ile a iphumana a se a nyalwa jwalo/Nako ya sejwalejwale e iponahatsa moo bana ba ratanang ba sena ba sa ipate jwalo ka pele ho ya kamoo Tsekiso a neng a se a etsa kateng. √√ (Tswaya e le nngwe feela) (2) 9.9 Kankere. √ (1) 9.10 Mofokeng o tarakanngwa ke hore o nahana hore Masesi ha a re mme o shwele o bolela Mmateboho mohatsae. √√ (2) 9.11 Mmateboho, Diseko, baahisane le bao Mme a neng a ba thusa ho phekola masea a bona, a bile a ba rutile mosebetsi wa matsoho. Ba bontshitse ka ho phallela Mmateboho ba ba ba tla lepatong. √√ (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 12 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) 9.12 Bafokeng ba ne ba tlile ka moya o dikaqa o mobe. √ Ba ne ba ntse ba batla ho tseba hore mosadi enwa eo Thollo a mo nyetseng o ne a nyalwa ke mang ka ha bona ha ba tsebe letho ka tsa lenyalo lena. Ba ne ba batla ho tseba hore mosadi enwa ya patelwang ha ngwana bona ke mang. √√ (2) 9.13 Ke ne ke tla le nyaya le kolobe ka ha ke tla be ke batla ho baballa lelapa lena leo ke seng ke na le lona hore le se ke la qhaleha ka baka la sephiri sena sa ka/Ke ne ke tla iphapanya ke be ke ikgalefise, ke etse eka ha ke tsebe hohang ka Mme enwa empa ka hare ke be ke swabile hore ke ne ke mo siye. KAPA Ke ne ke tla bua nnete e le hore Mmateboho a qetelle a tsebile hore Mme enwa ke mofumahadi wa ka wa matswathaka, ke be ke ananele le taba ya hore a hlokahalle a be a patelwe ha ka. √√ (2) [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 25 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 13 KAROLO YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA POTSO YA 10: SEYALEMOYA – RH Moeketsi Sekgobo sa Tshifanalehata – J Radebe  Selelekela Tholang, moradi a le mong feela wa Mokeo le Mmanthako o a kula, o kudiswa ke moya wa bothuela mme o lokela ho fehlellwa. Tholang o tsamaile lapeng (ka lebaka la moya) mme batswadi ba hae ha ba tsebe moo a leng teng. Batswadi ba hae ba tshwenyehile, haholo ntatae. Le ha ho le jwalo potso e hloka re ipapise le dintlha tse pedi tse latelang: sehlohlolo le tharollo.  Sehlohlolo Mona ke moo ditaba di leng boemong bo hodimodimo moo ho tlamehang ho kgaoha moo ho kgwehlang. Moya wa Tholang wa bothuela o ntse o hlwa mekwalaba. Kgang ya batswadi le yona e se e le boemong bo hodimodimo. Mokeo, ntata Tholang o hanyetsana le maikutlo a mohatsae. Mmanthako, o re Tholang a batlelwe makgerenkgwa ya tlang ho mo thusa. Mothating ona Tholang o se a hlwahlwaela le masiu a sa robale hae ka baka la moya ona wa bothuela. Batswadi ba tsietsing ya ho re ngwana bona ya mong ha ba mo tsebe moo a leng teng. Hona ho baka kgohlano ka lapeng. Batswadi ha ba tsebe hore jwalo ka ha Tholang ba sa tsebe moo a leng teng tjena moya wa bothuela o mo nkile wa mo isa ha Ramanaka, Tshifanalehata. Ramanaka ha a elellwa hore neo ya Tholang e tla feta ya hae mme le setumo sa hae (Tholang) se tla ba seholo, o nwesa Tholang moriana o mo tshereanyang, e seng wa ho mo phekola.  Tharollo Ho hlwahlwaela ha Tholang le masiu, mmoho le ho se robale hae kapa hona ho tsejwa moo a leng teng ho rarolla kgohlano e teng ka lapeng ka ha Mokeo o dumellana le Mmanthako hore ba ke ba yo hlahloba kapa ho laola ho makgerenkgwa. Ba eletsana le ho dumellana ka hore ba ye ho Ramanaka. Ha ba tsebe hore moya o se o nkile Tholang wa isa hona moo. Ha batswadi ba fihla ha Ramanaka yena ha a sa laole le ho laola hobane o se a tseba ditaba. O ba bolella hore Tholang o teng. Ba fumana Tholang le hoja a ntse a tsherehane a hototse mahlo a sa bue. Le hoja Tholang a sa ka a fumana seo a neng a se batla, tharollo ke hore batswadi ba hae ba mo fumane a ntse a phela. [25] KAPA Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 14 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) POTSO YA 11: SEYALEMOYA O mo feleheditse 11.1 O bua le Mmalerato √ (1) 11.2 Ke kgetlo la boraro √ (1) 11.3 Ke hobane o ntse a fetelwa ke bana ha ba hlaha. √ (1) 11.4 Ha a bua le mofumahadi wa hae o hlola a ntse a kgothatsa mofumahadi wa hae ho tlohella tsohle matsohong a Modimo. √√ (2) 11.5 Paseka o bolela hore Modimo o ba etela ka tsela ya hore ba nne ba fetelwe ke bana. √√ (2) 11.6 Paseka o bolela hore kgetlong lena bothata ba bana ba hlokahalang ba qeta ho hlaha ha bo na ho ba teng/bana ba tla phela. √√ (2) 11.7 Mookotaba o fuperweng ke sehlooho sena ke wa hore Mmalerato mohatsa Paseka, a hlokahale ka nako e le nngwe le eo morena Jesu a thakgiswang ka yona e leng Paseka. √√ (2) 11.8 Paseka le Mmalerato ke banyalani. √ (1) 11.9 Paseka o ne a ile kerekeng a ilo hlophisetsa mokete wa paseka o neng o se o le haufi. √√ (2) 11.10 Mmalerato o bonahala a na le kgohlano ya ka hare. √ (1) 11.11 Mongodi o sebedisa boipuiso/puonosi ho senolela babadi/babohi se nahanwang ke sebapadi, ka ha se nahanwang ke motho ha se bonwe le hona ho utluwa √√ (2) 11.12 Mmalerato o na le tumelo e fokolang. √ Le ha Paseka a mo kgothaditse hakana, o ntse a e na le kgwao ya ho re Modimo o tla thusa. √√ (3) 11.13 Ke nako ya sejwalejwale √ Moo baimana ba seng ba belehela sepetlele e seng malapeng jwalo ka mehleng ya pele. √√ (3) 11.14 Tjhe! Ha bo na tharollo haholo jwang ha e le maemo a tlhaho. E! Motho ya nang le bothata bona a ka ya ngakeng pele a ima ho hlahloba hore bothata bo bakwa ke eng mme seo se lokiswe nako e sa le teng. √√ (2) [25] KAPA Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 15 POTSO YA 12: Haeso Mafotholeng Sehlohlolo le Tharollo  Selelekela Ditaba tsa Molefi di qadile ka ho kwenehela Montsheng ha a nkana le Jwalane. Jwalane o mo etseditse mekaefete hoo e bang Molefi o ile a thethwa ke basadi jwalo ka fura la fariki. Potso e re qobella ka sehlohlolo le tharollo/ mothipoloho wa tshwantshiso ena.  Sehlohlolo Mona sebapadi sa sehlooho se nka qeto ka bophelo ba sona. Hape kgohlano e fihlelletse tsullung. Ho se ho senyehile mme ho ke ke ha hlola ho senyeha ho ya pele. Kgang ya monna e kgaolwa ke letlaka. Ho kgaoha moo ho kgwehlang. Ka mora hore Molefi a phoqwe ke Jwalane, o nkile qeto ya hore ha a sa batla mosadi ho hang. Qeto ena e thata e senyeha ha a hlahelwa ke kotsi ya koloi. Koloi ya fela tu, yena o iswa sepetlele. Ke mona moo e reng ha a ntse a le kalafong ebe mooki ya bitswang Morongwe o a iketa ho yena. Mooki enwa o hlahella ho puonosi/ boipuiso hore ha se hakaalo hore o rata Molefi, o mpa a iponela mohlankana ya bonahalang e le kwete, raditjhelete. Taba tsa bona di shanofatsa qeto ya Molefi e mabapi le basadi. Ho a isaisa ba habo Molefi ba se ba ilo nyalla Molefi. A sa fihla feela Morongwe a hla a iponahatsa hore ha se motho wa ho dula Mafotholeng. O duba Molefi maikutlo ka ho tella batswadi ba Molefi. O qetella a qwaketsana le Disebo, ausi wa Molefi. Disebo o mo shapela hore a tsamaye a botswa. Morongwe o mekgwa e mebe, ebile o mathaka le banna a ntse a nyetswe. Qetellong Molefi o mo fumane a le feela le monna koloing. Hona ho sithabetsa Molefi o ba kgakgatha ka bobedi. Re bona ka tsena hore ruri kepi ya Mapetla e ne e thophothetse- Molefi o dubile thonkga e le nnete. Tsena ha di felle moo! Boloi ba Mapetla bo ntse bo hlwa mekwalaba. O romella Molefi thokolosi. E futuhela Molefi matlapeng kwana bosiu. E fihla e mo hlobodisa mme e mo tlotsa/sola ka boya ba thithiboya a ba a fetoha semumu. Ha a fihla ka tlong mokgathala wa ho dujwa ke thokolosi wa mo hlola, mme wa mo lahla fatshe, a ya le sephume sa boroko. Pitso ke hona a lemohang hore manganga a ja monga wona. Ke hona a emang ka maoto a ilo batla ngaka ya Sesotho ho tla phekola Molefi. Pitso o aha serobe phiri e se e jele.  Mothipoloho/Tharollo Kgatong ena kgohlano e se e fedile hoba sebapadi sa sehlooho se ithutile ntho e itseng bophelong. Sephetho sa diketsahalo se ba pepeneneng. Mahlakore a neng a lwantshana ho ba le le hlolang, a dumellane kapa ho be teng le inehelang. Pitso ke hona a lemohang hore manganga a hae ha a mo thuse ka letho, hoba mora o se a hlasetswe ke methokgo ya Mapetla. Pitso ke hona a boneng hore le ha e le Mokreste/lejakane o ntse a tshwanela ho itshirelletsa ka ditlhare tsa Sesotho. Bohloko ba Pitso ke hore o leka ho phekgotsa ho se ho se thuso – ruri o aha serobe phiri e se e jele. Molefi le ntatae ba hlolehile. Bobe ke hore le ba neng ba elelletswe kotsi eo Molefi a neng a shebane le yona le bona e a ba ama. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 16 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) KAPA POTSO YA 13: HAESO MAFOTHOLENG 13.1 Ke metswalle √ (1) 13.2 Mohopolo wa sehlooho ke hore ngwana mahana a jwetswa o bona ka dikgapa: Molefi o ile a hana ho mamela dikeletso tsa batswadi ba hae kgethong ya mosadi mme a qetella a nyala a nyalolla basadi ba sa itshwarang hantle/Molefi o hanne dikeletso tsa hore a ke a ilo batla thuso ya dingaka tsa Sesotho, a qetella a holofetse. √√ (2) 13.3 Molwantshi/Mohanyetsi. Ke yena ya leng kgahlanong le Molefi eo e leng sebapadi sa sehlooho. √√ (2) 13.4 O ile a hlalana le Montsheng; mosadi wa mankgonthe/ A hlahelwa ke kotsi ya koloi/O duba thankga bophelong ba hae mme o nyala a nyalolla/ Mosebetsing wa hae ha a sa kgona ho etsa mosebetsi ka boqhetsehe √√ (Tshwaya tse pedi feela) (2) 13.5 O tsherehantswe ke ditlhare tsa Mapetla/ O manganga ha a eletswa ha a mamele. √√ (2) 13.6 Molefi. √ Le ha a ntse a kgalemelwa, a ntse a bona hore boNgatane le Ramafothole ha ba mo rate, o ntse a tswela pele ho utlwana le ho tshehisana le bona. √√ (3) 13.7 Molefi o tshwanela ho lokisa bophelo ba hae ka boyena k.h.r. motho ke yena ya lokelang ho nka qeto hore o batla ho phela jwang. √√ (2) 13.8 Mofammere o pelokeletsi. O elellwiswa Molefi ka bora ba Ramafothole le Ngatane, athe o boela a mo eletsa hore bophelo ba hae (Molefi) bo tla ke yena ka boyena. √√ (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 17 13.9 Boitshwaro ba Jwalane le ba Montsheng bo ne bo fapane ka mokgwa ona: Montsheng ke ngwana ya hodisitsweng ho ya ka mekgwa le meetlo ya Basotho Kahoo o hlompha batho ba baholo mme le mokgwa oo a aparang ka wona o amohelehile. Jwalane ke ngwanana ya holetseng ditoropong, ya bileng a rutehileng. O bile le ngwana pele a nyalwa mme a se ke a bolella Molefi ka sena. Mokgwa oo a aparang ka wona ke o hohelang Molefi ka mokgwa o makatsang. O lokisa meriri/ o itshela dinkgisa monate/ o tseba papadi ya lerato. √√√ (3) 13.10 O ile a tenwa ke ha Molefi a mo bitseditse metswalle ya hae ho tla mmona a sa mo rerisa, a boela a tenwa ke ha ba re ba tsamaye mmoho ho ya motjekong ho tse ding tsa dihotele tsa motseng moo.√√ (2) 13.11 Sena se bolela hore Molefi o na le kgohlano ya ka hare/ ya maikutlo. E kgelekgethana le maikutlo a hae/ O dula a touta le ho hlobaetswa ke yona. √√ (2) 13.12 Ke ne ketla tebisa maikutlo, ke nahanisise se buuwnag ke bana ba nkekang (le hoja ke ne ke tla be ke sa ba hlokomele), ke boele ke nahanisise le hore Ke hobaneng ha Jwalane a se a hanella ho boNgatane empa a se a sa tle ho nna, e ntano sekaseka taba ya Mofammere, ebe ke itshwasolla ka ho tlohela ho ya matlong a thitelo, kaha jwaleng ke hona moo ba nkeletsang ka ho fapana. √√ (2) (Bonneteng hona ke mohlala feela.Tshwaya maikutlo a moithuti a bontshang hore o ne a ka itshwasolla jwang qakeng ya hae.) [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 25 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 80 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 18 SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 (EC/LOETSE 2015) KAROLO YA A: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO WA DINGOLWA: THOTHOKISO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 10] Makgetha a ho Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo PhihIello e lekanyetsa babatsehang bokgoni feela haellang DIKAHARE 8–10 6–7 4–5 2–3 0–1 Kutlwisisiso ya potso, - O bontsha kutlwisiso e - O bontsha kutlwisiso - O bontsha kutlwisiso e - O bontsha kutlwisiso e - Ha a bontshe botebo ba tebileng ya se botswang mme o hlalosa se mahareng ya se sa kgotsofatseng ya se kutlwisiso ya letho tshekatsheko ya taba - O hlahisitse dintlha tse botswang ka botswang botswang ya se botswang (sehlooho), fapaneng tse hlwahlwa; tshwanelo - O hlahisitse dintlha tse - Ho batla ho se dintlha - Dintlha tse kutlwahalo le di tshehetswa ho tswa - O hlahisitse dintlha seng kae ho tshehetsa tse hlahisitsweng ho tshehetsang ha di nnetefatso (tiisetso) thothokisong tse anelang ka tsela sehlooho tshehetsa sehlooho hlahiswe ho tswa ya dintlha ho tswa - Kutlwisiso ke e e kgotsofatsang - Tse ding tsa dintlha tse - Kutlwisiso ya mofuta thothokisong thothokisong/ babatsehang ya mofuta - O hlahisitse dintlha hlahisitsweng ho wa sengolwa le - Mohlahlobuwa ha a temeng. wa sengolwa le tse utlwahalang, tshehetsa sehlooho di thothokiso ke e utlwesise hantle thothokiso empa ha se tsohle ntle haellang mofuta wa MATSHWAO A 7 tse tiisitsweng kamoo - Tse ding tsa dintlha di sengolwa le ho lokelang tsheheditswe, empa thothokiso - O utlwisisa mofuta bopaki ha bo kgodise ka wa sengolwa le nako tsohle thothokiso - Kutlwisiso ya motheo feela ya mofuta wa sengolwa le thothokiso SEBOPEHO LE - Sebopeho se - Sebopeho ke se - O hlahisitse bopaki bo se - Sebopeho se bonahala - Moqoqo o bopehile TSHEBEDISO YA hlahisitswe ka tsela e hlakileng mme bokae ba sebopeho se radilwe ka tsela e ka tsela e fokolang PUO momahaneng dintlha di hlahisitswe - Tlhahiso ya mehopolo e a fosahetseng - Ho na le diphoso Sebopeho, nehelano - Dintlha di utullotswe ka tsela e haella, ha e hlalohanyehe - Mehopolo ha e tse tshabehang tsa le tlhophiso ya hantle le ho ntshetswa hlalohanyehang mme ha e na momahano hlahiswe ka tsela e tshebediso ya puo mehopolo. pele ka tsela e hlakileng - Tlhahiso ya - Diphoso tsa tshebediso hlalohanyehang le setaele se Tshebediso ya puo, - Tshebediso ya puo, mehopolo ke e ya puo ha se tse kaalo, - Sehalo le setaele ha fosahetseng sehalo le setaele tse sehalo le setaele ke tse utlwisisehang mme sehalo le setaele ha se tse loketseng sebedisitsweng butswitseng, tse - Tshebediso ya puo, se tse loketseng susumetsang le ho sehalo le setaele di MATSHWAO A 3 nepahala nepahetse - O Batla o hloka diphoso tsa puo, tsa mopeleto le tsa matshwao a puo/a ho bala MATSHWAO 8–10 6–7 4–5 2–3 0–1 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2015) SESOTHO PUO YA LAPELENG P2 19 KAROLO YA B LE C: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO WA DINGOLWA: PADI LE TSHWANTSHISO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo PhihIello e haellang lekanyetsa babatsehang bokgoni feela DIKAHARE 12–15 9–11 6–8 4–5 0–3 -Karabelo e hlahisitswe -O botsha kutlwisiso -Kutlwisiso ke e -Kutlwisiso ke e haellang -O bontsha kutlwisiso e Kutlwisisiso ya potso, ka tsela e mme o manollotse mahareng ya sehlooho; ya sehlooho; boholo ba fokolang ya sehlooho botebo ba tshekatsheko babatsehang: 14–15 sehlooho ka bokgoni ha se dintlha tsohle tse dintlha ha di a utullwa ka -Boiteko bo fokolang ba ya taba (sehlooho), -Karabelo e hlahisitswe -O hlahisitse karabelo ke utullotsweng ka botlalo botlalo ho araba potso kutlwahalo le nnetefatso ka bokgabane: 12–13 e batlang e anela -Tse ding tsa dintlha di -Ke dintlha tse fokolang -Dintlha ha se tse (tiisetso) ya dintlha ka -Sehlooho se -Tse ding tsa dintlha ke tshehetsa sehlooho feela tse tshehetsang kgodisang mabaka ho tswa manollotswe ka botebo tse utlwahalang, empa -Dintlha tse ding di sehlooho -Mohlahlobuwa ha a sengolweng. -O hlahisitse dintlha tse ha se tsohle tse tsheheditswe, empa -O hlahisitse dintlha tse utlwisise hantle mofuta fapaneng tse hlwahlwa tiisitsweng kamoo ho bopaki ha bo kgodise ka seng kae tse ona wa sengolwa MATSHWAO A 15 tse tshehetswang ho lokelang nako tsohle tsamaelanang le tswa sengolweng -Bopaki ba kutlwisiso ya -O bontsha kutlwisiso e sehlooho -O bontsha kutlwisiso e mofuta ona wa sengolwa ka mmoho ya mofuta -O bontsha kutlwisiso e babatsehang ya bo a bonahala ona wa sengolwa fokolang ya sengolwa mofuta ona wa sengolwa SEBOPEHO LE 8–10 6–7 4–5 2–3 0–1 TSHEBEDISO YA PUO -Sebopeho se -Sebopeho ke se -O hlahisitse bopaki bo -Sebopeho se bonahala -Kgaello ya ho rala Sebopeho, tlhophiso ya momahaneng hlakileng mme dintlha di itseng ba sebopeho se radilwe ka tsela e sebopeho ka tshwanelo mehopolo le nehelano e -Selelekela le qetelo di hlahisitswe ka tsela e -Tlhalohanyo le fosahetseng e sitisa phallo ya nang le neeletsano e a babatseha hlalohanyehang momahano di teng leha -Mehopolo ha e hlahiswe mehopolo momohaneng e lebisang -Dintlha di utullotswe -Selelekela le qetelo di kgera ka tsela e -Tshebedisong ya puo le tlhalohanyong ya hantle le ho ntshetswa mmoho le diratswana tse -Ho na le moo hlalohanyehang ya setaele tse sehlooho mmoho le puo, pele ka tsela e ding di hlahisitswe ka tshebediso ya puo e -Diphoso tsa tshebediso fosahetseng di hlahisitse setaele le sehalo tse hlakileng tsela e momahaneng fosahetseng ha sehalo le ya puo di totobetse tema e fokolang haholo sebedisitsweng temeng. -Tshebediso ya puo, -Dintlha di hlahisitswe ka setaele tsona di batla di -Sehalo le setaele ha di -Popo ya diratswana e MATSHWAO A 10 sehalo le setaele ke tsela e hlalohanyehang loketse a lokela mosebetsi fosahetse tse butswitseng, tse -Puo, sehalo le setaele -Tlhahiso ya mehopolo e -Popo ya diratswana e susumetsang le ho boholo di nepahetse a haella, ha e fosahetse nepahala hlalohanyehe mme ha e na momahano -Popo ya diratswana e batla e nepahetse MATSHWAO 20–25 15–19 10–14 5–9 0–4 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all