Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 3 NSC November 2025 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12202512 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 memorandum from the NSC November Exam 2025, 12 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

NSC November Exam 2025

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA 3 (P3) PUDUNGWANA 2025 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 100 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 12. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 2 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA A: MOQOQO Dintlha tsa tataiso tsa meqoqo 1.1 Molemo o a bolaya. Moqoqong ona mohlahlobuwa o lokela ho re qoqela ka molemo oo a ileng a o etsetsa motho kapa batho mme kamora moo a qetella e se e le lehlatsipa. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a qolle ketsahalo e le nngwe kapa tse fetang tse bontshang melemo eo a ileng a e etsetsa motho kapa batho. • A ka qoqa ka mokgwa oo molemo (melemo) eo a ileng a e etsetsa motho kapa batho e ileng ya mo etsa lehlatsipa kateng. [50] 1.2 Sehloho se bakwang ke ho utsuwa ha dithapo tsa motlakase. Moqoqong ona mohlahlobuwa o lokela ho re hlalosetsa kamoo ho utsuwa ha dithapo tsa motlakase ho ka bang le ditlamorao tse bosula bophelong ba batho kateng. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a qoqe ka mathata a ka tliswang ke ho utsuwa ha dithapo tsa motlakase setjhabeng. • Qetellong a fane ka tharollo ya bothata bona. [50] 1.3 Leha mashodu ao a bolaile ntja ya ka, feela e ne e lwane ntwa e kgolo. Mofuteng ona wa moqoqo, mongodi o nahanisisa se ileng sa etsahala ha ntja ya hae e ne e bolawa mme a nehelane ka maikutlo a hae. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a qoqe mme a bontshe diketsahalo tse neng di etsahala ha ntja ya hae e tla be e bolawe. • A boele a hlakise hore ntja ya hae e itwanetse ka tsela efe. [50] 1.4 Ho nka kgefu kamora ho fumana lengolo la sehlopha sa materiki ho molemo hape ha ho molemo. Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlahisa mahlakore a mabedi a taba mme o a tshehetsa ka dintlha tse batlang di lekana. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a qoqe ka molemo wa ho phomola kamora ho feta sehlopha sa materiki. • A boele a hlahise kamoo ho seng molemo kateng ho phomola kamora ho fumana lengolo la materiki. • Qetellong a hlahise ntlhakemo ya hae. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 3 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 1.5 Na sekolo se lokela ho kena matsatsi a mahlano bekeng? Moqoqong ona mohlahlobuwa o kgetha lehlakore la hae mme a le tshehetse ka dintlha tse utlwahalang. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka qoqa ka molemo wa ho kena sekolo matsatsi a mahlano a beke. • Ya hananang le sehlooho sena a ka bontsha mathata a tliswang ke ha sekolo se ka kena matsatsi a ka tlase ho a mahlano kapa a fetang a mahlano. [50] 1.6– Setshwantsho sa 1.6, 1.7 le 1.8 1.8 Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho mme o iqapela sehlooho ka seo se se qholotsang maikutlong a hae. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo mohlahlobuwa a o fumanang ka setshwantsho. [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Ho tshwaya tema ya boiqapelo Moqoqo o lokela hore o bonahale hore o tshwauwe, wa ba wa abelwa matshwao ka tshwanelo. Matshwao a abilweng bakeng sa moqoqo, a lokela a be le bopaki ba hore o tshwauwe ka nepo. Ho fapana le kgutsufatsong, moo ho nang le dipehelo tsa mantswe tse notlehileng, moqoqo wona ke mosebetsi wa boiqapelo. Haeba moqoqo o phalla malebana le boiqapelo ebile o hapa mmadi, ha se toka ho tsepamisa maikutlo ho bolelele feela ho sa tsotellwe dikahare. Molao o ka sehloohong ke wa hore: Ha ho na dikotlo tse ding tse ka eketswang kaha ruburiki ka boyona e na le dikotlo tsa yona. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 4 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya MEFUTA YA MEQOQO Mefuta ya Ditema tsa Phetelo/o Ditema tsa Dinnete Ngangisano/o sa nkeng lehlakore Ditema hlalosang (Ditema tse susumetsang) Sebopeho sa • Sehlooho • Sehlooho • Sehlooho ka ntle • Selelekela • Dihloohwana • Selelekela • Mmele • Selelekela • Mmele • Phethelo • Mmele • Phethelo • Phethelo Sebopeho sa Mohato/Setepe Ketane Mokolokotwane seratswana Moralo wa mantlha o hatellang Dipolelo tse hlahang di Mathathama a dingangisano/dinnete tse phaelletsweng ho hodima ditsela tse itseng tsa ho latelana di hokahantswe tshehetsa ntlha e itseng. etsa dintho le tsa phetelo tse ke polelo e tlang pele. itshetlehileng hodima • Polelo ya mohopolo Botsitso tlhahlamano ya diketsahalo ho wa sehlooho Ho tshehetsa mahlakore ka bobedi ka dingangisano tse latela nako. • Dipolelo tsa lekalekanang mabapi/kgahlanong le ntlhakgolo, e le ho fana • Polelo ya mohopolo wa tlatsetso ka tekatekano lehlakoreng ka leng. sehlooho • Dipolelo tsa tlatsetso ho Ngangisano: bontsha tlhahlamano ya Selelekela – diketsahalo. se lokela ho ba le; • polelo /potso ya kgohedi; • se be tlhahisoleseding ya boitshetleho • ntlhakemo e hlake. Mmele: Seratswana ka seng se be le: • Polelo ya mohopolo wa sehlooho; • Mehlala; • Ditlhaloso; • Polelo ya lehokela. Phethelo: • Ntlhakemo e hlahelle; • Kgutsufatso ya mehopolo ya sehlooho; • Dikgothaletso/ dikakanyo/ tharollo. O sa nkeng lehlakore: Selelekela Se lokela ho ba le • Polelo/potso ya kgohedi; • Se be le tlhahisoleseding ya boitshetleho • Ntlhakemo e hlake Mmele: Seratswana ka seng se be le: • Polelo ya mohopolo wa sehlooho e dumellanang/hananang • Mehlala - Dipolelo tse tshehetsang • Ditlhaloso. • Polelo ya lehokela Phethelo: • Ntlhakemo e hlahelle • Kgutsufatso/phethelo • Dikgothalletso Makgetha • Di re qoqela ka pale e • Fana ka tsebo • Di ikemiseditse ho hohela/ho okaoketsa maikutlo kapa (Matshwao) mabapi le motho/batho, kapa diketso tsa mmadi. sebaka le nako ya tlhahisoleseding ya diketsahalo. nnete. • Di na le mopheti kapa mongodi wa pale. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 5 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya Makgetha a • Puo ya semmuso kapa eo • Puo ya semmuso • Puo e tobang taba e a sebediswa. puo e seng ya semmuso • Lekgathe lejwale le • Puo ya bonono, e kang ya mekgabisopuo. • Lekgathe lefetile le a sebediswa. • E hlaha eka e tseba matswalo le ditabatabelo tsa rona kahoo sebediswa haholo. • Puo e sa di sebedisa monyetla oo ho okaoketsa maikutlo a babadi. • Mahokedi a kang kamora, bontsheng maikutlo • E hlahisa dikgopolotaba eka ke taba. yaba, pele ho moo, pele, a mongodi • ditshwantsho & tshebediso ya mmala. kahoo, jj. • Jakone (puo e • Dingangisano tse sekametseng lehlakoreng le le leng. sebediswang lekaleng le ikgethileng la tsa mosebetsi.) • Sehalo sa semmuso ELA TLHOKO: • Sebedisa ruburiki ena e latelang ka nako tsohle ha o lekanyetsa meqoqo. • Matshwao a 0–50 a arotswe ho ya ka dikgato tse 5 tsa ditlhaloso tsa phihlello. • Lekgetheng la Dikahare, Puo le Setaele, tlhaloso e nngwe le e nngwe ya phihlello e arotswe habedi ho hlahisa boemo bo hodimo le boemo bo tlase; boemo bo bong le bo bong bo na le tlhaloso ya bona. • Lekgetha la Sebopeho lona ha le a arolwa ka bokgoni bo nang le boemo bo hodimo le bo tlase. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 6 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA A: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO – (MATSHWAO A 50) SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) – SLKT Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa DIKAHARE LE 28–30 22–24 16–18 10–12 4–6 MORALO -nehelano e bontshang kutlwisiso e -nehelano e ralehileng hantle haholo - nehelano ke e kgotsofatsang ditlhokeho; -nehelano e momahane mona le -nehelano e tswile lekoteng Nehelano ya babatsehang ya sehlooho e supang bokgoni -mehopolo e tsamaellana le sehlooho ka - mehopolo e momahane ka tsela e mane; hohang; Boemo bo hodimo sehlooho: bo ikgethang botlalo, e a kgahlisa, mme e na le bopaki ba kgotsofatsang le e kgodisang; -mehopolo ke e seng ya boiqapelo, -mehopolo ke e sa tsepamang tlhophiso ya -mehopolo e bontsha boqhetseke, e mehopolo e sutsitseng - o hlophisitswe ka tsela e utlwisisehang mme mme e sa hlakang; e dubakaneng; mehopolo le phephetsa monahano, mme ke e sutsitseng -o hlophisitswe hantle haholo, mme o o momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe -ho na le bopaki bo seng bokae ba -ha e utlwahale, mme dintlha dintlha, kelohloko -e hlophisitswe ka tsela e momahane ka tshwanelo ho kenyelleditswe selelekela, mmele le qetello. tlhophiso le momahano ya nehelano di a phetakakwa; ya baamohedi ba ikgethang/babatsehang, mme e momahane selelekela, mmele le qetello. -ha e a hlophiswa ka ditaba, ka tshwanelo ho kenyelleditswe selelekela, tshwanelo le momahano ha e maikemisetso le mmele le qetello. yo. maemo 25–27 19–21 13–15 7–9 0–3 - mosebetsi o tswileng matsoho leha o - Nehelano e radilweng hantle; -nehelano e a kgotsofatsa leha e sa hlaka -nehelano boholo e tswile lekoteng -boiteko ha bo yo ba ho haellwa ke dintlha tse ikgethang tsa moqoqo o - mehopolo ke e loketseng mme ke e mona le mane -mehopolo ha e a momahana ka arabela sehlooho Boemo bo tlase babatsehang; thahasellisang -mehopolo e momahane le ho kgodisa ka tshwanelo, mme e a lahlehisa -mehopolo e tswile lekoteng - mehopolo ke e sutsitseng mme e bontsha - o hlophisitswe hantle ka tsela e bontshang tsela e mahareng -nehelano e na le bopaki bo fokolang ka ho phethahala, ha e a boqhetseke; bokgoni, mme o momahane ka tshwanelo ho -ho na le tlhopiso le momahano e itseng ho haholo ba tlhophiso le momahano nepahala - o hlophisitswe hantle haholo ka tsela e kenyeditswe selelekela, mmele le qetello. kenyelleditswe selelekela, mmele le qetello.5 -nehelano ha e a tsepama ikgethang, mme o momahane ka tshwanelo sehloohong, mme e dubakane MATSHWAO A: ho kenyeditswe selelekela, mmele le qetello. 30 PUO, SETAELE 14–15 11–12 8–9 5–6 0–3 LE TOKISO YA - sehalo, rejisetara, setaele tlotlontswe di - sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di -sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di -sehalo, rejisetara, setaele le -puo e sebedisitsweng ha se DIPHOSO loketse sepheo ka tsela e babatsehang, loketse sepheo, baamohedi ba ditaba mmoho loketse sepheo, baamohedi ba ditaba mmoho tlotlontswe ha di a lokela sepheo, e utlwisisehang Sehalo, rejisetara, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo; le maemo haholo; le maemo baamohedii ba ditaba mmoho le -sehalo, rejisetara, setaele le Boemo bo hodimo setaele, - tshebediso ya hae ya puo e a ikgetha, mme - tshebediso ya puo e matla mme ho -tshebediso ya puo ke e loketseng, mme e maemo tlotlontswe ha di a lokela tlotlontswe ke tse e bontsha boitshepo ka tsela e tsotehang sebedisitswe sehalo se loketseng ka nako fetisa moelelo ka tshwanelo -puo e sebedisitswe feela ka tsela ya baamohedi ba ditaba, sepheo lokelang - o sebedisitse sehalo se sefutho mme se tsohle; -puo ya bonono ke e loketseng, mme e motheo le maemo sepheo/tshusumet susumetsang ka tsela e ikgethang - boholo ba mosebetsi ha o na diphoso tsa sebedisitswe ka tshwanelo -sehalo mmoho le moelelo o -tshebediso ya tlotlontswe e so le maemo - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa tshebediso ya puo le mopeleto; -sehalo se sebedisitswe ka tshwanelo: hlahiswang ke tema ke tse sa haellang haholo hoo nehelano Kgetho ya mopeleto; - o radilwe hantle haholo. -o radilwe ka tsela e mahareng feela lokelang e sa utlwisiseheng mantswe - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang haholo. -ho sebedisitswe tlotlontswe ya Tshebediso ya motheo feela puo le tlwaelo, 13 10 7 4 matshwao a ho - tshebediso ya puo ke e matla mme e - tshebediso ya puo ke e nepahetseng, mme e -tshebediso ya puo ke e kgotsofatsang leha -puo ke ya motheo feela, mme e Boemo bo tlase bala le mopeleto loketseng maemo susumetsang sehalo sa tema ho na le ho se tsamaellane mona le mane sebedisitswe ka tsela e haellang - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa - sehalo ke se matla mme se loketseng; -Ka kakaretso sehalo ke se loketseng leha -popeho ya dipolelo ke e tshwanang MATSHWAO A: mopeleto; - ho na le diphoso tse seng kae tsa puo le tsa puo ya bonono e le e haellang e se nang motswako 15 - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang. mopeleto; -tlotlontswe e haella haholo feela - o radilwe hantle. SEBOPEHO 5 4 3 2 0–1 Makgetha a tema: -kgodiso ya sehlooho ke e babatsehang - mehopolo ke e hodisang sehlooho ka - mehopolo ke e loketseng e -e meng ya mehopolo ke e - mehopolo ya bohlokwa e a popeho ya -katoloso ya mehopolo ya sehlooho ke e tshwanelo hodisangsehlooho ka tsela e mahareng utlwahalang haella dipolelo le ikgethang - momahano e bopilweng ke e supang bokgoni; - dipolelo le diratswana di bopilwe hantle; -dipolelo le diratswana di na le -dipolelo le diratswana tse kgodiso ya -dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e - dipolelo le diratswana di bopilwe hantle - moqoqo o ntse o hlahisa moelelo. diphoso hlahisitsweng ke tse diratswana. ikgethang haholo -moqoqo o a utlwisiseha leha o le fosahetseng MATSHWAO A: 5 diphoso tse itseng -moqoqo ha o na moelelo o lebeletsweng Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 7 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: Makgetha a tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare le Moralo (60%) 30 DM = Puo le Setaele le Tokiso ya diphoso (30%) 15 PST = Sebopeho (10%) 05 Seb = Matshwao ohle 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 8 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO Ho tshwaya tema ya boiqapelo Tema ya kgokahano e lokela hore e bonahale hore e badilwe le ho tshwauwa ya ba ya abelwa matshwao ka tshwanelo. Ho fapana le kgutsufatsong, moo ho nang le dipehelo tsa mantswe tse notlehileng, tema ya kgokahano yona ke mosebetsi wa boiqapelo. Haeba tema e phalla malebana le boiqapelo ebile e hapa mmadi, ha se toka ho tsepamisa maikutlo ho bolelele feela ho sa tsotellwe dikahare. Molao o ka sehloohong ke wa hore: Ha ho na dikotlo tse ding tse ka eketswang kaha ruburiki ka boyona e na le dikotlo tsa yona. POTSO YA 2 2.1 LENGOLO LA SETSWALLE Sebopeho • Aterese e nngwe, ya mongodi, mme e ngolwa e qala hodimo bohareng ba leqephe ho tloha letsohong le letshehadi ho ya ho le letona; • Aterese e ngolwa ka mokgwa wa boloko; ha ho ngolwe matshwao a puo, ntle le ha ho sebedisitswe aterese ya lebokoso la poso; • Aterese ya moamohedi (ya ngollwang) ha e hlahiswe mofuteng ona wa lengolo; • Kamora mohla ho tlolwa mola, ebe ho tla tumediso; • Seratswana sa selelekela se lokela ho ba sekgutshwanyane; • Mmele wa lengolo o ahwe ka diratswana tse seng kae; • Qetello ya lengolo ke e kgutshwane ka tlwaelo, mme e phethela ditaba; • Lengolong la setlwaedi ha ho hlokehe hore o ngole fane ya hao. Dikahare tse ka lebellwang: Mohlahlobuwa o ngola lengolo ho leboha moahisane wa hae ka ho ba salla le ntlo. [25] 2.2 PUO EO E SENG YA SEMMUSO Sebopeho • Puo e ka ba polelo kapa polediso ya bohlale, e tla hohela le ho qahamisa ditsebe tsa bamamedi. • Dintlha di hlophiswe ka boqhetseke hore puo e phalle. • Dipolelo e be tse kgutshwane, tse kenyelleditseng bonono ho natefisa. • Puo e be le phallo: ho be le selelekela, mmele wa dintlha tse momahaneng le qetello e monate. • Dintlha e be tsa nnete. Dikahare tse ka lebellwang: Mohlahlobuwa a bontshe bokgoni ba hae ka ho tshetlehela baithuti ba ipabotseng dithutong tsa bona tsa makgaolakgang puo. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 9 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 2.3 LENGOLO LE YANG KORANTENG Sebopeho • Diaterese di pedi; • Ka hodima aterese ya mongodi ho ngolwa lebitso la mongodi. Le ntano latelwa ke aterese ya mongodi. Ho nto latela letsatsi, kgwedi le selemo, feela jwalo ka ho lengolo la setlwaedi; • Aterese ya ya ngollwang (moamohedi) e ngolwa ka letsohong le letshehadi. Aterese ya moamohedi e etellwe pele ke maemo a tshebetso a ya ngollwang, ebe ho latela aterese ya hae ka botlalo. • Tlasa aterese ho ngolwe tumediso. • Tlasa tumediso ho ngolwa mola wa sehlooho – o totobatsang sepheo sa lengolo leo. • Kamora mola wa sehlooho ho ngolwa seratswana sa selelekela seo e leng ntshetsopele ya ditaba. • Ho feta mona seratswana se seng le se seng ke se matlafatsang mahlakore a fapaneng a taba eo ho buuwang ka yona. Ho siuwe mola pakeng tsa diratswana. • Qetellong mongodi a ka nna a sebedisa lebitso la boikgakanyo mohl. ya kgathatsehileng. • Ya ngolang lengolo o lokela ho saena pele, a nto ngola lebitso la hae ka botlalo ka tlase. Dikahare tse ka lebellwang: • Mohlahlobuwa a totobatse maikutlo a hae ka ditsotsi tse tlatlapang batho matlong e le ha di iphethotse basebeletsi ba setjhaba. • A ka boela a fana ka tharollo mabapi le qaka ena. [25] 2.4 ATIKELE YA KORANTENG Ena ke tokomane ya dikgokahano ya koranteng. Sebopeho • Atikele e ba le sehlooho se matla se bileng se hohela mahlo a mmadi; • Lebitso la moqolotsi wa ditaba le ngolwa ka hodima seratswana sa pele; • E arolwa ka dikholomo tse bopilweng ka diratswana tse kgutshwane; • Ditaba di hlahiswa ka sebopeho sa phiramiti/fanele. Dikahare tse ka lebellwang: Mohlahlobuwa a totobatse maikutlo a hae jwalo ka mokudi ya fumantshwang ditshebeletso tliliniking. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 10 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 2.5 INTHAVIU E NGOLWANG Ke tsela e nngwe ya puisano. Ke puisano e ikgethang dipakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta. E mong o tla botsa dipotso mme e mong a mo arabe ka ho fana ka tlhahisoleseding e itseng. Sebopeho • Lebitso la sebui le ngolwa ka letsohong le letshehadi la leqephe mme le latelwe ke letshwao la kgutlopedi. • Mmotsi o nehelana ka tlhahisoleseding e amanang le sepheo sa puisano. • Mmeleng mmotsi o botsa mmotsuwa dipotso tse itshetlehileng ka ho hlola ha mmotsuwa papading ya tjhese. Dikahare tse ka lebellwang: • Mohlahlobuwa a fane ka sepheo sa inthaviu e pakeng tsa hae le mohlophisi wa dipapadi moo ba buisanang ka tlholo ya hae ho papadi ya tjhese e neng e tshwaretswe sekolong sa habo. • A boele a hlahise maikutlo a hae ka ketsahalo ena. [25] 2.6 OBITJHUARI (NALANE YA TSA BOPHELO BA MOFU) Ena ke tema eo ho yona ho ngolwang ditaba tse amanang le mofu. Sebopeho • Mabitso a mofu: Mofu ke mang le batswadi ba hae. • Tlhaho ya hae: Letsatsi, kgwedi, selemo le sebaka sa tswalo. • Tsa kgolo: Dithuto, mosebetsi, lenyalo le bana. • Tsa Lefu: Sesosa, letsatsi, kgwedi le selemo sa ho hlokahala. • Maballo: Bao a ba siyang. • Seboko sa habo. Dikahare tse ka lebellwang: Mohlahlobuwa a ngole obitjhuari ya rangwane wa hae ya kutseng nako e kgutshwane a ba a tlohela lefatshe le ka kwano. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 50 ELA TLHOKO: • Sebedisa ruburiki ena e latelang ka nako tsohle ha o lekanyetsa ditema tsa kgokahano. • Matshwao a 0–25 a arotswe ho ya ka dikgato tse 5 tsa ditlhaloso tsa phihlello. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 11 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya RUBURIKI YA HO LEKANYETSA TEMA YA KGOKAHANO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa bokgoni DIKAHARE, 13–15 10–12 7–9 4–6 0–3 MORALO LE -Nehelano e babatsehang -Nehelano e ntle -Nehelano e lekaneng e -Nehelano ya motheo e -Nehelano e totobatsa SEBOPEHO ya sehlooho e supang haholo e bontshang bontshang tsebo ya bontshang tsebo ya kgaello ya tsebo ya bokgoni bo ikgethang tsebo e ntle ya makgetha a mofuta ona makgetha a itseng feela a makgetha a mofuta ona (Nehelano le -Mehopolo e matla e makgetha a mofuta wa tema mofuta ona wa tema wa tema mehopolo) sutsitseng ona wa tema -Nehelano e na le -Nehelano ha e a tsepama -Moelelo o nyotobetswa -Tsebo e batsi ya makgetha -Nehelano ha e kgere tsepamo e itseng feela sehloohong ka ho ke ho kgera ho hoholo Ho rala, ho hlophisa a mofuta ona wa tema e tsepame sehloohong sehloohong mme ho na le phethahala mme e a kgera -Mehopolo le dikahare ha mehopolo -Nehelano ha e kgere e -Mehopolo le dikahare ho kgera ho itseng -Mehopolo le dikahare ha di na momahano tsepame sehloohong ke tse momahaneng, -Mehopolo le dikahare di se ka mehla di -Ke dintlha tse mmalwa Kelotlhoko ya -Mehopolo le dikahare ke tse hlalositsweng ka na le momahano e momahaneng haholo tse tshehetsang maikemisetso, tse momahaneng botebo, mme dintlha di amohelehang -Sehlooho se tshehetswa sehlooho baamohedi ba -Dintlha tsohle di tshehetsa tshehetsa sehlooho -Ke dintlha tse itseng feela ke dintlha tse itseng feela -Ha ho na boiteko bo ditaba le sehlooho, mme di -Sebopeho ke se tse tshehetsang sehlooho -Sebopeho se foofo feela, entsweng ho sebedisa matshwao/makgetha hlalositswe ka botebo loketseng se nang le -Ka kakaretso sebopeho mme se na le bohlotsa bo sebopeho se a tema le maemo -Sebopeho ke se diphoso tse itseng ke se loketseng empa se boholo nepahetseng nepahetseng nang le diphoso tse MATSHWAO A: 15 mmalwa PUO, SETAELE LE 9–10 7–8 5–6 3–4 0–2 TOKISO YA -Sehalo, rejistara, setaele le -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, setaele -Sehalo, rejistara, setaele -Sehalo, rejistara, setaele DIPHOSO tlotlontswe di loketse setaele le tlotlontswe le tlotlontswe di loketse le tlotlontswe di loketse le tlotlontswe ha di maikemisetso, baamohedi di loketse maikemisetso, baamohedi maikemisetso, baamohedi dumellane le Sehalo, rejistara, ba ditaba le maemo ka tsela maikemisetso, ba ditaba le maemo ba ditaba le maemo maikemisetso, setaele, e babatsehang baamohedi ba ditaba -Nehelano e na le diphoso hanyane baamohedi ba ditaba le maikemisetso, -Tshebediso ya puo e le maemo hantle tse itseng tsa tshebediso -Tshebediso ya puo e maemo baamohedi ba nepahetse ebile e bopehile -Ka kakaretso ya puo fosahetse ebile e tletse -Nehelano e tletse ditaba le maemo. hantle haholo tshebediso ya puo ke -Tshebediso ya tlotlontswe diphoso tse ngata diphoso e dubakane -Nehelano ha e na diphoso e nepahetseng e ke e lekaneng -Tshebediso e seng kae ya -Tlotlontswe ha e Tshebediso ya puo, bileng e bopehile -Diphoso ha se tse tlotlontswe dumellane le maemo tlwaelo ya hantle nyotobetsang moelelo -Moelelo o nyotobeditswe -Moelelo o nyotobeditswe tshebediso ya puo, -Tshebediso ya haholo kgetho ya mantswe, tlotlontswe e ntle matshwao a puo le haholo mopeleto. -Nehelano boholo ha e MATSHWAO A: 10 na diphoso Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 12 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare, Moralo le Sebopeho (60%) 15 DMS = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 10 PST = (40%) MATSHWAO OHLE 25 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all