Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 3 NSC November 2014 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12201414 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 memorandum from the NSC November Exam 2014, 14 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

NSC November Exam 2014

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA BORARO (P3) PUDUNGWANA 2014 MEMORANDAMO MATSHWAO: 100 Pampiri ena e na le maqephe a 14. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 2 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: MOQOQO Ditaelo ho motshwayi: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG FEELA karolong ya A, mme a ngole ka dihlooho tse PEDI karolong ya B. • Karolo ka nngwe e na le ruburiki ya yona. • Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng bakeng sa ho tshwaya tema ka nngwe. • Mohlahlobuwa a etse moralo bakeng sa tema ya hae. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong, etsa tsena tse latelang: - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya moqoqo: Sehella lentswe kapa polelo e fosahetseng mola, o be o bontshe mofuta wa phoso hodima lentswe/polelo ka ho sebedisa matshwao ana a latelang: / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arolwa; —, + bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; mt bakeng sa tshebediso ya matshwao a puo a fosahetseng kapa moo ho hlokehang letshwao la puo; p bakeng sa puo e sa sebediswang ka nepo kapa ka tshwanelo/tlwaelo; ۸ bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe e siilweng dipakeng tsa mantswe a mang; // bakeng sa ho arola diratswana. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 3 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: MOQOQO POTSO 1 1.1 Wa tla wa ba motle mokete wa kabo ya dikgau!: Moqoqo wa phetelo/ o hlalosang. • Moqoqong ona mohlahlobuwa o pheta taba e sehloohong ka tsela e kgodisang e bileng e hlakisa ditaba hantle. • Ditaba tsa hae di lokela ho ba ketane ya diketsahalo, mme e be diketsahalo tse kgolwehang leha di theilwe hodima kgopolotaba. • Moqoqo ona o hlalosa diketsahalo tsa boiqapelo, empa tse kgolwehang. • Temana ya selelekela e lokela ho hohela thahasello ya mmadi. • Boholo ba ditaba tsa moqoqo ona di atisa ho ngolwa ho lekgathe lefetile le lephethi. • Qetello e sa tlwaelehang, e kgahlisang e phethela ha monate. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - a hlalose sebaka moo mokete o neng o tshwaretswe teng; - a bue ka nako eo ketsahalo ena e neng e etsahala ka yona; - a hlalose tsamaiso ya ditaba tsa mohla letsatsi leo; - a bolele hore yena kapa motho e mong o ile a fumantshwa kgau ya mofuta ofe; - a hlalose maikutlo ao a ileng a ba le wona ha a ne a fumana kgau eo, kapa a bohile ha e mong a fumana kgau; - a ka bua ka mokete wa dikgau oo a neng a o bohile thelevesheneng kapa kae feela; - a ka bua ka batho bao a ba boneng ba abelwa dikgau; - a ka bua ka hore kgau ka nngwe e ne e le ya eng; - a ka bua ka mokete wa ditumediso/dikapeso o akgang kabo ya dikgau tse kang disetifikeiti, mehope le dimpho ka kakaretso. [Motshwayi a tataiswa ke moralo wa mohlahlobuwa]. [50] 1.2 Mathata a bakwang ke ho ba hole ha dikolo tseo bana ba kenang ho tsona: Moqoqo o hlalosang • Moqoqo ona o hlalosa diketsahalo tsa nnete tse amang sehlooho. • Mohlahlobuwa a ngole ditaba tsa hae jwalo ka ha eka o ne a le teng, mme o a di tseba. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: Mohlahlobuwa a ka hlalosa mathata a bakwang ke ho dula hole le sekolo seo a kenang ho sona: - ho tshwarwa ke dikebekwa, dipeto, dipolao ho tswa sekolo pele ho nako; - a ka hlalosa mathata a ka bakwang ke ho tsamaya tsela e telele e etsang hore a fihle sekolong ka mora nako, a bile a kgathetse, le ho kgutlela lapeng letsatsi le se le diketse. - a ka hlalosa mathata a bakwang ke dipalangwang tseo ba di palamang ha ba ya sekolong; - a ka hlalosa mathata a bakwang ke maemo a mpefetseng a lehodimo a kang dipula, motjheso, mohatsela jj; Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello. Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 4 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo - a ka hlalosa mokgwa oo bana ba iphumanang ba wetse marabeng a ho sebedisetswa merero e mebe e kang ho qhekanyetswa (mohl: marato a fosahetseng, tshebediso ya dithethefatsi le tse ding) - a ka hlalosa mathata a ka bang teng ha bana ba dula hole le malapeng moo ba sa kgalemelwang ke batswadi (a kang ho iphumana ba se ba ithwetse, ba kene bonokwaneng, ba itaola, ba se ba kula, ba inyadisa jj). [Motshwayi a tataiswa ke moralo wa mohlahlobuwa]. [50] 1.3 Setumo le leruo la tjhelete di ka ba le ditlamorao tse ntle le tse mpe bophelong ba motho: Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore • Mofuteng ona wa moqoqo mohlahlobuwa o sekaseka sehlooho, e be o nehelana ka dintlha tse tshehetsang le tse hanyetsanang le sona. • Moqoqo ona ha o nke lehlakore, mme sepheo sa wona ke ho nehelana ka maikutlo mahlakoreng ka bobedi a sehlooho. • Dintlha tse tshehetsang le tse hanyetsanang di lokela ho lekalekana kapa di batle di lekana, ho se lehlakore le phahamiswang ho feta le leng. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa o lokela ho ba le kutlwisiso ya hore ebe motho ya tummeng ke ya jwang, mme a hlalose; - a ka bua ka mesebetsi kapa diketso tse ka fang motho setumo, mme e ka ba tse ntle kapa tse mpe; o diketso tse ntle: a ka bua ka ketso tse ntle tse ka etswang ke motho ya tummeng tse jwalo ka: ho kenya letsoho ntshetsopeleng ya setjhaba ka kakaretso, o ho etsa mesebetsi e kgahlisang, ebile e bontsha ho tsotella ba bang ntle le tefo, ka boitelo; o bokgoni ba ho amohela mefokolo ya ba bang; - diketso tse mpe tseo a ka di etsang: a ka boela a bua ka diketso tse mpe tse kang: o tsa ho kgella batho ba bang tlase; o ho inahanela a le mong; o ho sa tsotelle maikutlo a batho ba bang; o ho nkela batho ding tsa bona ka bonokwane; o ho bolaya kapa ho beta batho; o tshebediso e mpe ya dithethefatsi; o ho hweba ka bana hore e be makgoba; o ho ba moetapele wa lemulwana la dinokwane. o diretlo bakeng sa ho itiisa - diketso tse mpe tseo a ka di etswang: - Ho senyetswa ke setjhaba - Ho ba tlasa kgatello/tshusumetso [Mohopolo wa sehlooho: Motshwayi a tataiswa ke moralo wa mohlahlobuwa]. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello. Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 5 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo 1.4 Seo ke ratang ho ithutela sona ha nka fuwa monyetla wa ho ya yunivesithing: Moqoqo o tebisang maikutlo ona ke moqoqo wa boimamelo, oo ho ona mongodi a hlahisang maikutlo a hae hodima sehlooho, a se nahanisisa ka botebo. • mongodi o nahana ka ntlha e sehloohong ebe o fana ka maikutlo le mehopolo ya hae. • mehopolo/menahano/maikutlo a hlahiswang a lokela ho bontsha ho ba le seabo ha mongodi. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - dithuto tseo a di etsang; - seo a lokelang ho se etsa ho nnetefatsa hore o tla atleha dithutong; - kamoo a sebeditseng kateng ditlhahlobong tsa mahareng a selemo; - dithahasello le ditabatabelo tsa hae bophelong; - a ka bua ka makala a thuto ao a batlang ho a latela le menyetla e ka tliswang ke ona; - a ka bua ka mabaka a bakang hore a batle ho ithutela lekala le itseng; a ka bua ka ditsha tsa thuto moo makala/lekala lena le ka fumanwang teng. [Motshwayi a tataiswa ke moralo wa mohlahlobuwa]. [50] 1.5 Thelevishene e na le tshusumetso e ntle batjheng. Moqoqo wa kgang • Moqoqo ona ke wa kgang. Mohlahlobuwa o kgetha lehlakore, mme o tsepama dintlheng tse dumellanang kapa tse hanyetsanang le sehlooho, ho ka moo a kgethileng kateng. • Mohlahlobuwa a hlahise ntlhakemo ya hae, mme a e tshehetse ka mabaka a utlwahalang; • Ntlhakemo ya mohlahlobuwa e lokela ho hlaka ka nako tsohle. • Disebediswa tsa bonono tse fapaneng le mawa a tshusumetso di lokela ho sebediswa. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: Dintle - ho behwa leseding ka ditaba tse fapaneng tsa naha le tsa matjhabeng - mefuta ya ditshwantsho tse fanang ka thuto (SABC: Heartlines, Soul City le tse ding); - thuto e ka fumanwang ditshwantshong; - kgohelo ya maikutlo e ka bakang hore mohlahlobuwa a lakatse ho ba sebapadi sa ditshwantsho; - kgohelo ya maikutlo e ka bakang hore mohlahlobuwa a lakatse ho ba mongodi wa ditshwantsho; - thuto e fumanwang mananeong a dithuto a kang Takalani Sesame, Bonisanani, Siyayinqoba, Matric Uploaded, Open Varsity le a mang. - thuto e fumanwang dipapatsong tse fapaneng bakeng sa ho ithuta mokgwa wa ho bapatsa; - botle bofe kapa bofe boo mohlahlobuwa a bo bonang thelevesheneng, mme a tshehetsa ka mabaka a utlwahalang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello. Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 6 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo Dimpe - mefuta ya ditshwantsho tse ka bang le kgahlamelo e mpe batjheng (SABC: Yizo-Yizo, Zone 14 le tse ding); - tshitiso dithutong e bakwang ke ho hloka nako ya ho etsa mosebetsi wa sekolo nakong eo ba bohileng thelevishene; - ho ithuta ditaba tse amanang le thobalano ba sa le banyane dilemong ka ho shebella ditshwantsho tse hlahisang le ho bua ka thobalano (Imanuel) kapa tsa batho ba tsotseng; - tshebediso ya puo e hlohlontshang ditsebe; - mananeo a ka bang le kgahlamelo e mpe a kang Cheaters le mananeo a boloi le dikanaleng tsa mmino tse kang Channel O le a mang. [Motshwayi a tataiswa ke moralo wa mohlahlobuwa]. [50] 1.6 Setshwantsho: Moqoqo wa mofuta ofe kapa ofe. Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a hlalose kapa a phete ka seo a se bonang ka tsela e kgodisang e bileng e hlakisa ditaba hantle. Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo a o fumanang ka setshwantsho. 1.6.1 • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka bua ka mesebetsi ya merafong/ya batho ba ahang matlo/batho ba sebetsang ha mmasepala/ba sebetsang Telkom/Eskom mme a bolele hore baetapele ba bona ba ba fa ditaelo pele ba kena kgabong; - a ka bua ka dikopano moo basebetsi ba ntshang ditletlebo tsa bona; - a ka bua ka nako ya pele le ya ka mora mosebetsi moo basebetsi ba hlalosang tsa tshebetso ya bona ya letsatsi leo; - a ka hlalosa mathata ao basebetsi ba teanang le ona mesebetsing ena, a mabapi le maemo le tshireletso eo basebetsi ba e hlokang mosebetsing; - a ka bua ka bomme maemong/ditulong tsa boetapele mesebetsing e neng e etswa ke bontate feela mehleng ya kgale. [50] [Motshwayi a tataiswa ke moralo wa mohlahlobuwa]. 1.6.2 Setshwantsho: Moqoqo wa mofuta ofe kapa ofe. Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a hlalose kapa a phete ka seo a se bonang ka tsela e kgodisang e bileng e hlakisa ditaba hantle. Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo a o fumanang ka setshwantsho. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka bua ka dibini tseo a di tsebang le ka mofuta wa mmino oo a o tsebang; - a ka bua ka mefuta e fapaneng ya diletswa tsa mmino; - a ka bua ka mekete e fapaneng ya mmino e tshwarwang Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello. Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 7 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo 1.6.2 - ya mmino e tshwarwang sebakeng seo a phelang ho sona; - a ka bua ka botle le bobe ba ho ba sebini; - a ka bua ka kamoo a batlang ho ba sebini kateng; - a ka bua ka ho latela mmino e le lekala la thuto. [Motshwayi a tataiswa ke moralo wa mohlahlobuwa]. [50] 1.6.3 Setshwantsho: Moqoqo wa mofuta ofe kapa ofe. Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a hlalose kapa a phete ka seo a se bonang ka tsela e kgodisang e bileng e hlakisa ditaba hantle. Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo a o fumanang ka setshwantsho. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka bua ka dihlahiswa tse ka etswang ka jwang tse kang ditulo, ditafole, dikatiba, meseme, mafielo le tse ding tsa ngata; - a hlalose kamoo jwang bo ka sebediswang bakeng sa ho rulela matlo; - a bue ka mesebetsi ya jwang ka kakaretso e kang ya ho etsa furu ya diphoofolo; - a bue ka mekgwa eo jwang bo ka thibelang kgoholeho ya mobu kateng; - a bolele le hore ha bo se bo omme bo ka baka ho tjha ha hlaha ka mokgwa o jwang. - a ka bua ka ho hloka mesebetsi mme a bontshe kamoo motho a ka iketsetsang mosebetsi ka matsoho a hae kateng; - a ka bua ka bokgoni ba bomme/batho ba ho etsa dihlahiswa tsa matsoho; - a ka bua ka ntlafatso ya moruo wa naha/seabo sa bomme moruong le kgohedi ya bohahlaudi. [Motshwayi a tataiswa ke moralo wa mohlahlobuwa]. [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 ELA HLOKO: • Sebedisa ruburiki ena ka nako tsohle ha o lekanyetsa meqoqo (Pampiri ya 3, KAROLO YA A). • Matshwao a 0–50 a arotswe ho ya ka dikgato tse 5 tsa ditlhaloso tsa phihlello. • Lekgetheng la Dikahare, Puo le Setaele, tlhaloso e nngwe le e nngwe ya phihlello e arotswe habedi ho hlahisa boemo bo hodimo le boemo bo tlase; boemo bo bong le bo bong bo na le tlhaloso ya bona. • Lekgetha la Sebopeho lona ha le a arolwa ka bokgoni bo nang le boemo bo hodimo le bo tlase. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello. Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 Downloaded from hlayiso.com 8 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO – (MATSHWAO A 50) SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) - SLKT 1. Phihlello e Makgetha a ho lekanyetsa 5. Phihlello e babatsehang 4. Phihlello e supang bokgoni 3. Phihlello e mahareng 2. Phihlello ya motheo feela haellang DIKAHARE LE MORALO 28-30 22-24 16-18 10-12 4-6 Tshekatsheko ya sehlooho: - nehelano e bontshang kutlwisiso e babatsehang ya - nehelano e ralehileng hantle haholo; - nehelano ke e kgotsofatsang ditlhokeho; - nehelano e momahane mona le mane; - nehelano e tswile lekoteng ho Boemo bo hodimo tlhophiso ya mehopolo le dintlha, sehlooho e supang bokgoni bo ikgethang; - mehopolo e tsamaellana le sehlooho ka botlalo, e a - mehopolo e momahane ka tsela e kgotsofatsang le e - mehopolo ke e seng ya boiqapelo mme e sa hang; kelohloko ya baamohedi ba - mehopolo e bontsha boqhetseke, e phepetsa kgahlisa mme e na le bopaki ba mehopolo e sutsitseng; kgodisang; hlakang; - mehopolo ke e sa tsepamang e ditaba, maikemisetso le maemo monahano mme ke e sutsitseng; - o hlophisitswe hantle haholo ka tsela e ikgethang mme - o hlophisitswe ka tsela e utlwisisehang mme o - ho na le bopaki bo seng bokae ba tlhophiso dubakaneng; - e hlophisitswe hantle ka tsela e o momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, le momahano ya nehelano - ha e utlwahale mme dintlha di a ikgethang/babatsehang mme e momahane ka mmele le qetelo mmele le qetelo phetakakwa; tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, mmele le qetelo. - ha e a hlophiswa ka tshwanelo le momahano ha e yo. 25-27 19-21 13-15 7-8 0-3 - mosebetsi o tswileng matsoho le ha o haellwa ke - Nehelano e radilweng hantle - nehelano e a kgotsofatsa le ha e sa hlaka mona le - neheleno boholo e tswile lekoteng; - boiteko ha bo yo ba ho arabela Boemo bo tlase dintlha tse ikgethang tsa moqoqo o babatsehang; mane; - mehopolo ha e a momahana ka tshwanelo sehlooho; - mehopolo ke e sutsitseng mme e bontsha boqhetseke; - mehopolo ke e loketseng mme e thahasellisang - mehopolo e momahane le ho kgodisa ka tsela e mme e a lahlehisa; - mehopolo e tswile lekoteng ka ho - o hlophisitswe hantle ka tsela e bontshang bokgoni mahareng; - nehelano ha e na bopaki ba tlhophiso le phetahala, ha e a nepahala; mme o momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe - o hlophisitswe hantle ka tsela e ikgethang mme o - ho na le tlhopiso le momahano e itseng ho momahano; - nehelano ha e a tsepama selelekela, mmele le qetelo momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, kenyeleditswe le selelekela , mmele le qetelo. sehloohong, mme e dubakane. mmele le qetelo Matshwao a: 30 PUO, SETAELE LE TOKISO 14-15 11-12 8-9 5-6 0-3 YA DIPHOSO - sehalo, rejisetara, setaele tlotlontswe le di loketse - sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe le di loketse - sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di loketse - sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe ha - puo e sebedisitsweng ha se e Sehalo, rejisetara, setaele, sepheo ka tsela e babatsehang, sepheo, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo haholo; sepheo, baamohedi ba ditaba mmoho le maemo; di di lokela sepheo, baamohedi ba ditaba utlwisisehang; Boemo bo hodimo tlotlontswe ke tse lokelang baamohedi ba ditaba mmoho le maemo; - tshebediso ya puo e matla mme ho sebedisitswe - tshebediso ya puo ke e loketseng, mme e fetisa mmoho le maemo; - sehalo, rejisetara, setaele le sepheo/tshusumetso le maemo; - tshebediso ya hae ya puo e a ikgetha, mme e bontsha sehalo se loketseng ka nako tsohle; moelelo ka tshwanelo; - puo e sebedisitswe feela ka tsela ya tlotlontswe ha di a lokela Kgetho ya mantswe boitshepo ka tsela e tsotehang - boholo ba mosebetsi ha o na diphoso tsa tshebediso - puo ya bonono ke e loketseng mme e sebedisitswe ka motheo; baamohedi ba ditaba, sepheo le Tshebediso ya puo le tlwaelo, - o sebedisitse sehalo se matla mme se susumetsang ya puo le mopeleto; tshwanelo; - sehalo mmoho le moelelo o hlahiswang ke maemo; matshwao a ho bala le mopeleto ka tsela e ikgethang - sehalo se sebedisitswe ka tshwanelo: tema ke tse sa lokelang - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa mopeleto; - o radilwe hantle ka tshwanelo - o radilwe ka tsela e mahareng feela - tshebediso ya tlotlontswe e - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang. - ho sebedisitswe tlotlontswe ya motheo haellang haholo hoo nehelano e sa feela. utlwisiseheng; 13 10 7 4 Boemo bo tlase - tshebediso ya puo ke e nepahetseng mme e - tshebediso ya puo ke e sefutho mme e loketseng - tshebediso ya puo ke e kgotsofatsang le ha ho na le ho - puo ke ya motheo feela mme e sebedisitswe susumetsang sehalo sa tema maemo; sa tsamaelane mona le mane; ka tsela e haellang; - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa mopeleto; - sehalo ke se matla mme se loketseng; Matshwao a: 15 - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang; - ho na le diphoso tse seng kae tsa puo le tsa mopeleto; - kakaretso sehalo ke se loketseng le ha puo ya bonono - popeho ya dipolelo ke e tshwanang e se - o radilwe hantle; e le e haellang; nang motswako; - tlotlontswe e haella haholo feela. SEBOPEHO 5 4 3 2 0-1 Makgetha a tema: popeho - kgodiso ya sehlooho ke e babatsehang; - dintlha ke tse loketseng mme tse hodisang sehlooho; - dintlha tse loketseng di hodisa sehlooho ka tsela e - tse ding tsa dintlha ke tse utlwahalang; - dintlha tsa bohlokwa di a haella; ya dipolelo le kgodiso ya - katoloso ya dintlha ke e ikgethang; - momahano e bopilwe ke e supang bokgoni; mahareng; - dipolelo le diratswana di na le diphoso - dipolelo le diratswana tse diratswana le bolele bo - dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e ikgethang. - dipolelo le diratswana di loketse nehelano mme di - dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e mahareng; - moqoqo o a utlwisiseha le ha o le diphoso. hlahisitsweng ke tse fosahetseng; fapafapanngwa ka tshwanelo; - moqoqo o ntse o hlahisa moelelo; - moqoqo ha o na moelelo o hlokehang. lebeletsweng. Matshwao a: 5 MATSHWAO 45–30 33–40 23–30 13–20 0–10 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 9 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: Makgetha a tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare le Moralo 30 DM = Puo le Setaele le Tokiso ya diphoso 15 PST = Sebopeho 05 Seb = Matshwao ohle 50 KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO Ditaelo ho motshwayi: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka dihlooho tse PEDI karolong ena. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a etse moralo bakeng sa ditema tsa hae. Tataiso bakeng sa ho tshwaya tema e telele: • Sehella lentswe kapa polelo e fosahetseng mola, o be o bontshe mofuta wa phoso hodima lentswe/polelo ka ho sebedisa matshwao ana a latelang. / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arolwa; —, + bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; mt bakeng sa tshebediso ya matshwao a puo a fosahetseng kapa moo ho hlokehang letshwao la puo; p bakeng sa puo e sa sebediswang ka nepo kapa ka tshwanelo/tlwaelo; ۸ bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe e siilweng dipakeng tsa mantswe a mang; // bakeng sa ho arola diratswana Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 10 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo POTSO YA 2 2.1 Lengolo la semmuso la tletlebo Sebopeho • Diaterese di pedi. • Aterese ya mongodi wa lengolo e ngolwa ho tloha mahareng a leqephe ho leba ka letsohong le letona, e nto latelwa ke letsatsi, kgwedi le selemo, feela jwalo ka lengolo la setlwaedi. ELA HLOKO: Tsela e nepahetseng ke ya hore aterese le letsatsi/mohla di lokela ho ngolwa di arohane. Ha mohlahlobuwa a ngotse aterese le letsatsi/mohla di kopane, ho se be le kotlo eo a e fuwang. • Aterese ya ya ngollwang (moamohedi) e ngolwa ka letsohong le letshehadi. Aterese ya moamohedi e qalwa ka maemo a tshebetso a ya ngollwang. • Tlasa aterese ke tumediso (monghadi, mofumahadi kapa mofumahatsana). Ha mohlahlobuwa a ngotse tumediso ka dikgutsufatso, e amohelwe. • Tlasa tumediso ho ngolwa mola wa sehlooho – o totobatsang sepheo sa lengolo leo. ELA HLOKO: Ha sehlooho se ngotswe ka ditlhaku tse nyane, se sehellwe mola. Ha se ngotswe ka ditlhaku tse kgolo se se ke sa sehellwa mola. Ha mohlahlobuwa a ngotse sehlooho ka ditlhaku tse nyane empa a sa sehella mola, a se ke a fuwa kotlo. • Ka mora mola wa sehlooho ho ngolwa seratswana sa selelekela (sa pele) seo e leng qaleho ya ditaba. • Ditaba di ntshetswa pele diratswaneng tse latelang; • Seratswana sa ho qetela se phethela ditaba tsa mongodi; • Seratswana se seng le se seng ke se matlafatsang mahlakore a fapaneng a taba eo ho buuwang ka yona. Ho siuwe mola pakeng tsa diratswana. • Qetelo le yona e be ya semmuso, mme e ka ngolwa tjena: ‘Ka botshepehi’ ‘Ka boikokobetso’ jj. • Ya ngolang lengolo o lokela ho ngola lebitso la hae ka botlalo ka mora qetelo, ebe o a saena ka mora lebitso leo. Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - sepheo seo lengolo le ngolwang ka sona – ho tletleba ho mosuwehlooho; - a mo fe dikeletso tse mabapi le ditharollo tseo a ka bang le tsona maemong ana a ditaba. [25] 2.2 Puo Sebopeho • Selelekela e be se hohelang mme mohlahlobuwa a fane ka mabaka a hore ke hobaneng ha a nehelana ka puo. • A ele hloko mofuta wa moketjana oo a ilong ho nehelana ka puo ho wona. • A ele hloko baamohedi ba ditaba - ke batho ba baholo, matitjhere le batjha. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 11 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo • A hlophise le mokgwa oo a tlang ho nehelana ka puo ka wona. Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka qala pele ka ho leboha sebaka seo a se fuwang; - a bue ka melemo eo ba e unneng ho mosuwehlooho; - a bontshe kamoo ba tlo lahlehelwa kateng ha mosuwehlooho a se a le siyo; - a lakaletse mosuwehlooho katleho le mahlohonolo bophelong ba hae ba phomolo. [25] 2.3 Inthaviu Sebopeho • Inthaviu ke tema e hlophisitsweng e ngolwang ho hlahisa puisano e teng dipakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta. • Inthaviu e ngolwa ka mehla e le ho puosebui, empa matshwao a di-a- bulwa-di-a-kwalwa (“…”) ha a sebediswe puisanong eo. A ka sebediswa ha feela ho qotswa. • Lebitso la sebui le ngolwa ka letsohong le letshehadi la leqephe le bile le latelwa ke letshwao la kgutlopedi. • Polelo e nngwe le e nngwe e lokela ho ba karabelo ya polelo e sa tswa buuwa. • Sehalo le puo tse sebediswang di tla itshetleha kamanong ya dibui le seo ho buuwang ka sona. Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - polelo ya sehlooho e lokela ho ngolwa qalong ya inthaviu - ka mora polelo ya sehlooho ho latela selelekela pakeng tsa dibui moo mmotsi a botsang motsamaisi wa seteishene sa mapolesa ka katleho eo ba e fihlelletseng tshebetsong ya bona; - a hlahise maemo ao ho ona a fatisisang mmotsuwa ka ho mmotsa dipotso tse amanang le tshebetso ya bona ya ho tshwara dinokwane; - a hlahise dikarabelo tsa mmotsuwa ka tsela e tobang potso ka ho otloloha; - a ka qetella ka ho ngola teboho e etswang ke mmotsi . [25] 2.4 Atikele e yang koranteng Sebopeho: Atikele ke mofuta wa tema ya kgokahano e tsamaisang tlhahisoleseding. • Sehlooho se matla se hohelang mahlo a mmadi. • Lebitso la moqolotsi le sebaka moo atikele e ngoletsweng. • E arolwa ka dikholomo. • Ho ka siiwa mola pakeng tsa diratswana kapa seratswana sa qallwa harenyana. • Ditaba di hlahiswa ka sebopeho sa phiramite e shebisitsweng tlase. • Seratswana se lelekelang ke kgutsufatso ya ditaba tsa atikele. • Ntlha ka nngwe e namiswa seratswaneng sa yona. • Sehalo se hloke tshekamelo, ka ho se hlahise maikutlo a mongodi. • Atikele e ngolwa e le sebopehong sa mmuuwa jk yena, bona, yona, tsona jj. • Tshebediso ya mabitso a batho e eketsa bonnete ba ditaba tseo ho ngolwang ka tsona. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 12 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa o lokela ho bua ka se setle se entsweng ke sebini sena se kopantseng batjha ba sa keneng sekolo; - a totobatse dintho tse mpe tseo a phemisitseng batjha ho tsona jwalo ka ho itahlela bonokwaneng le dithethefatsing; - a totobatse melemo e tlang ho unwa ke batjha bana. [25] 2.5 Nalane ya tsa bophelo ba mofu/Obitjhuari Sebopeho Ena ke tema eo ho yona ho ngolwang ka ditaba tse amanang le mofu. • Ke tema e ngolwang ka diratswana; • Seratswana ka seng se bua ka mohopolo o itseng wa sehlooho o amang tsa bophelo ba mofu; • E sebedisang lekgathe lefetile ebile ho sebediswa puopehelo; ELA HLOKO: Ha mohlahlobuwa a ngotse obitjhuari eka ke yena ya ingollang yona, a fuwe kotlo dikahareng. Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - Mofu ke mang, wa ha mang; - Tlhaho ya hae: sebaka moo a hlahetseng teng, letsatsi la tswalo le selemo; - Tsa kgolo ya mofu: dithuto, mosebetsi le lenyalo (ebang di ameha); - Tsa lefu la hae: letsatsi le mokgwa oo a hlokahetseng ka wona; - Bao a ba siyang; - Dithoko tsa seboko sa hae. [25] 2.6 Tekolokakaretso Sebopeho • Ena ke tema e kang kgutsufatso, mme e hlahisa maikutlo a akaretsang a motho ka seo a se lekolang. • E ngolwa e hlahisa ntlhakemo ya mongodi. • Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlahisa mahlakore ka bobedi, tse ntle le tse mpe tsa seo a ngolang ka sona. • Hangata e sebedisa dipolelo tse ho lekgathe lejwale, makgethi le mantswe a utullang puo ya maikutlo ka tshwanelo. • Ntlhakemo e lokela ho tshehetswa ka mehlodi e tshepahalang. • Pheletsong ho hlahiswa maikutlo a ahlolang. Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang; - mohlahlobuwa a ngole selelekela se sekgutshwanyane; - a fane ka sehlooho sa buka; - a fane ka lebitso la mongodi; - a hlalose dikahare tsa buka ka tsela e utlwisisehang e bileng e hlakile; - a hlalose molaetsa/thuto eo a e ithutileng yona bukeng eo; - Ha mohlahlobuwa a ngotse ka e nngwe ya dibuka tse balwang, tema e amohelwe mme a se fuwe kotlo. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2): 50 MATSHWAO OHLE: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 Downloaded from hlayiso.com 13 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo RUBURIKI YA HO LEKANYETSA TEMA YA KGOKAHANO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang leknyetsa babatsehang bokgoni feela DIKAHARE, MORALO 13–15 10–12 7–9 4–6 0–3 LE SEBOPEHO -Nehelano e -Nehelano e ntle haholo -Nehelano e lekaneng e -Nehelano ya motheo e -Nehelano e totobatsa babatsehang ya e bontshang tsebo e ntle bontshang tsebo ya bontshang tsebo ya kgaello ya tsebo ya (Nehelano le mehopolo) sehlooho e supang ya makgetha a mofuta makgetha a mofuta ona makgetha a itseng feela makgetha a mofuta ona Ho rala, ho hlophisa bokgoni bo ikgethang ona wa tema wa tema a mofuta ona wa tema wa tema mehopolo. -Mehopolo e matla e -Nehelano ha e kgere e -Nehelano ha e a -Nehelano e na le -Moelelo o nyotobetswa Kelohloko ya butswitseng tsepame sehloohong tsepama sehloohong ka tsepamo e itseng feela ke ho kgera ho hoholo maikemisetso, -Tsebo e batsi ya -Mehopolo le dikahare ke ho phethahala ho na le sehloohong empa e a -Mehopolo le dikahare ha baamohedi ba ditaba, le makgetha a mofuta ona tse momahaneng, tse ho kgera ho itseng kgera di na momahano maemo wa tema hlalositsweng ka botebo, -Mehopolo le dikahare di -Mehopolo le dikahare ha -Ke dintlha tse mmalwa -Nehelano ha e kgere e mme dintlha di tshehetsa na le momahano e se ka mehla di haholo tse tshehetsang MATSHWAO A 15 tsepame sehloohong sehlooho amohelehang momahaneng sehlooho -Mehopolo le dikahare ke -Sebopeho ke se -Ke dintlha tse itseng -Sehlooho se tshehetswa -Ha ho na boiteko bo tse momahaneng loketseng se nang le feela tse tshehetsang ke dintlha tse itseng feela entsweng ho sebedisa -Dintlha tsohle di diphoso tse mmalwa sehlooho -Sebopeho se foofo sebopeho se tshehetsa sehlooho mme -Ka kakaretso sebopeho feela, mme se na le nepahetseng di hlalositswe ka botebo ke se loketseng empa se bohlotsa bo boholo -Sebopeho ke se nang le diphoso tse nepahetseng itseng PUO, SETAELE LE HO 9–10 7–8 5–6 3–4 0–2 HLAOLA DIPHOSO -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, setaele, le tlotlontswe di setaele, le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe ha setaele le tlotlontswe ha Sehalo, rejistara, setaele, loketse ka ho fetisisa loketse ka ho fetisisa loketse maikemisetso, di a lokela maikemisetso, di dumellane le maikemisetso, maikemisetso, maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maemo maemo hantle baamohedi ba ditaba le maemo. maemo maemo -Nehelano e na le -Tshebediso ya puo e maemo Tshebediso ya puo, -Tshebediso ya puo e -Ka kakaretso tshebediso diphoso tse itseng tsa fosahetse e bile e tletse -Nehelano e tletse tlwaelo ya tshebediso ya nepahetse e bile e ya puo ke e nepahetseng tshebediso ya puo diphoso tse ngata diphoso e dubakane puo,kgetho ya mantswe, bopehile hantle e bileng e bopehile -Tshebediso ya -Tshebediso e seng kae -Tlotlontswe ha e matshwao a puo le -Nehelano ha e na hantle tlotlontswe ke e lekaneng ya tlotlontswe dumellane le maemo mopeleto diphoso -Tshebediso ya -Diphoso ha se tse -Moelelo o nyotobetse -Moelelo o nyotobetse tlotlontswe e ntle haholo nyotobetsang moelelo haholo MATSHWAO A 10 -Nehelano boholo ha e na diphoso MATSHWAO 22–25 17–50 12–15 7–10 0–5 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 14 DBE/Pudungwana 2014 NSC – Memorandamo SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare, Moralo le Sebopeho 15 DMS. = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 10 PST = Matshwao ohle 25 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all