Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 1 NSC November 2025 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 1220258 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 1 memorandum from the NSC November Exam 2025, 8 pages. Read online or get the free PDF download, question paper linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

NSC November Exam 2025

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA PELE (P1) PUDUNGWANA 2025 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 70 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 8. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 2 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya TATAISO YA HO TSHWAYA TEKOKUTLWISISO o Kaha sepheo e le ho lekola kutlwisiso ya moithuti, mopeleto o fosahetseng le diphoso tsa puo karabong di se ke tsa nkelwa matshwao ntle le ha diphoso tseo di nyotobetsa moelelo/kutlwisiso. (Diphoso di nne di bontshwe) o Ha mohlahlobuwa a sebedisitse mantswe a tswang puong e nngwe e seng ena a hlahlojwang ho yona, mantswe ao a se natswe, hape a se ke a nkelwa matshwao ha karabo e ntse e na le moelelo o utlwahalang. Leha ho le jwalo haeba lentswe le hlahang puong e nngwe le sebedisitswe temeng ebile le hlahella e le karabo e nepahetseng le fuwe matshwao. o Bakeng sa potso e bulehileng, mohlahlobuwa a se ke a abelwa matshwao bakeng sa karabo ya E/TJHE kapa KE A DUMELA/HA KE DUMELE. Lebaka/tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. o Ho se fanwe ka matshwao bakeng sa NNETE/MAFOSI kapa NTLHA/MOHOPOLO. Lebaka/tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. o Ha karabo e hloka lentswe le le leng empa mohlahlobuwa a fanne ka polelo e felletseng, a abelwe matshwao hafeela lentswe le nepahetseng le sehelletswe mola/qatsohisitswe. o Ha potso e batla dintlha tse pedi/tharo, mohlahlobuwa yena a fanne ka dintlha tse fetang tse boletsweng, ho tshwauwe tse pedi/tharo tse qalang. o Amohela mantswe a hlahang dipuong tse sebediswang mabatoweng a fapaneng. o Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka botlalo. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 3 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 TEMA YA A 1.1 • Ba kgahlwa ke mebala e fapaneng e kgahlang mahlo. • Ba kgahlwa ke ditheko tse tlase tsa tseo ba di rekang. ✓ (1) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.2 • O a hlatsa • O a tsholla • O tshwarwa ke mala✓ • A ka shwa. ✓ (2) [Tshwaya tse pedi feela] 1.3 Batho ba ile ba futuha le ho tjhesa mabenkela a melata. ✓ (1) 1.4 C/ho ile ha tsoha morusu o moholo naheng ena. ✓✓ (2) 1.5 Tomatso ke hore baahi ba lla ka hore mabenkeleng a melata ho rekiswa dijo tse sa lokang empa ha morusu o hlaha ke bona ba pele ba mathelang mabenkeleng ao mme ba fihle ba nke tsona dijo tseo ka dikgoka mabenkeleng a melata, ba ilo di ja le bana ba bona ba lebetse hore ba itse di kudisa bana. ✓✓ (2) 1.6 • Beng ba mabenkele ha ba tshware dijo ka makgethe. ✓ • Tlhokeho ya taolo ya mabenkele ana a dispaza, e fa dispaza monyetla wa ho se tsotelle polokeho ya bana. ✓ • Ke ka lebaka la hore dijo tseo di senyehile, di tlotswe ke nako. • Ho hloka mangolo a tsa bophelo bo botle ho etsa hore dijo tseo di se ke tsa laolwa (2) ke lefapha leo. [Tshwaya tse pedi feela. Dikarabo tse nepahetseng tsa bahlahlobuwa di ananelwe di be di tshwauwe di nepahetse] 1.7 • Dikgwebo tseo di ngodiswa ka mabitso a bona mme sena se bolela hore ke bona beng ba mabenkele ana mme ba tlameha ho lefa lekgetho jwalo ka batho ba fumanang lekeno. Ha ba hloleha ba ka nna ba jellwa thepa ya bona. • Ha setjhaba se halefile se tjhesa mabenkele ana, se ka nna sa senya malapa a bona kaha ba nka e le bona beng ba mabenkele ao. • A ka ya tjhankaneng ha a hloleha ho lefa lekgetho. ✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.8 • Mafosi, ba di reka hobane ba sa le banyane dilemong mme ba sa tsebe kotsi ya ho reka dijo tseo. • Mafosi, ba di reka hobane di le theko e tlase. • Mafosi, ba di reka hobane ho thata ho iphapanyetsa tsona kaha ba kgahlwa ke mebala ya tsona. ✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 4 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 1.9 • Mmuso o lokela ho tswa letsholo la ho sebetsana le mabenkele a seng molaong. • Mmuso o lokela ho tla ka leano la hore dispaza di ngodiswe semolao. • Mmuso o lokela ho thibela matswantle a seng molaong ho bula mabenkele a dispaza.✓ (1) [Tshwaya e le nngwe feela mme dikarabo tsa bahlahlobuwa tse nepahetseng di ananelwe] 1.10 Ho se mamele ha o eletswa. ✓✓ (2) 1.11 • Di etsahalla sekolong kaha re bona ka ngwana ya apareng seaparo sa sekolo mme moraonyana mane ekare ho na le e mong ya emeng fensetereng e kang ya phaposi ya sekolong. • Re boetse re bona ka banka e etseditsweng bana ba sekolo ho dula nakong ya kgefutso ya sekolo ha ba e ja. ✓✓ [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 1.12 • Maikutlo a tsharelo/tshoha. O saretswe ha a bona motswalle wa hae a itshwere mpeng ho bontsha hore o sehwa ke mala. O tshohile ha a bona motswalle wa hae a kula, mohlomong o tshaba hore le yena o tla kula jwalo kaha ba jele diseneke tseo ba le babedi. • Maikutlo a ho sithabela. ✓O sithabeditswe ke ho kula ha motswalle wa hae. • Maikutlo a ho utlwa bohloko. O utlwile bohloko haele moo motswalle wa hae a kula. ✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela, mme maikutlo ohle a bontshang ho kgathalla a ananelwe] 1.13 Ngwanana eo o itshwere lefetshwaneng ho bontsha hore o a kula. ✓✓ (2) 1.14 • Mongodi o batla hore re etse dikakanyo ka ngwana enwa hore o tena a kula tjena kaha a jele masimba a rekilweng mabenkeleng a dispaza. • Mongodi o re bontsha mohlala wa dijo tse fumantshitsweng di le kotsi baneng mme o re hlokomedisa ka tsona. ✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela mme dikarabo tsa bahlahlobuwa tse nepahetseng di ananelwe] 1.15 • Ngwana a ka kula. • Ngwana a ka shwa. ✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.16 Temeng ya A re hlalosetswa ka koduwa e kileng ya hlahela naha ya rona ya bana ba neng ba bolawa ke ho ja diseneke tse seng di senyehile mme temeng ya B re bona ngwana ya jeleng diseneke tse fetilweng ke nako ya tsona mme a se a bile a kudiswa ke tsona. ✓✓✓ (3) [Dikarabo tsa bahlahlobuwa tse nepahetseng di ananelwe hafela di bapisa ditaba tsa tema ya A le tsa tema ya B] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 5 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 TEMA YA C Ngwana o ba le ho lemala ho sa hlaloseheng hore ho bakilwe ke eng ✓hape o dula a tshohile kamehla. ✓O dula a le mong, a sa kgone ho bapala le bana ba bang✓ebile ha a sa hlokomela mmele le diaparo tsa hae hore di ebe di hlwekile na. ✓Ha a be le takatso ya dijo mme o a ota le ho kula✓ le dithuto tsa hae di a nyehla. ✓Maikutlo a hae ha a tsitse. ✓ [Mantswe a 82] Ka sebopeho sa dintlha QOTSO DINTLHA 1 'Ke taba ya bohlokwa ho batswadi hore ba A Ngwana o ba le ho lemala ho sa lekole bana ba bona mmeleng kamehla ha hlaloseheng hore ho bakilwe ke eng. ba tswa sekolong hore ha ba na mengwapo, ho tjha kapa ho robeha hoo ngwana a ka sitwang ho hlalosa sesosa sa teng.' 2 'Ngwana ha a hlekefetswa o jella B Ngwana o dula a tshohile kamehla. kgwebeleng jwalo ka leeba. O tshoswa le ke dintho tse nyane feela.' 3 'Ha bana ba bang ba bapala, o tla fumana a C Ngwana o dula a le mong, a sa kgone ho itshekile thajana, a fetohile none ya leqheku bapala le bana ba bang. a sa rate ho nka karolo ho se etswang ke bana ba bang.' 4 'Ngwana o se a nena bohlweki, o tla mmona D Ngwana ha a sa hlokomela mmele le ka ho apara diaparo tse silafetseng ebile a diaparo tsa hae hore ebe di hlwekile na. tshaba metsi lebekebeke.' 5 '…ngwana a se na takatso ya se yang ka E Ngwana ha a be le takatso ya dijo mme maleng. Ha o mo file dijo o di o a ota le ho kula. kgwathakgwatha feela ka menwana. Seo se ka boela sa mo bakela mathata a ho lahlehelwa ke mmele le mafu.' 6 'Motswadi ha a hlokomela hore matshwao a F Dithuto tsa ngwana di a nyehla. ngwana wa hae dithutong a a theoha.' 7 'Letshwao le leng ke la hore ngwana o tla G Maikutlo a ngwana ha a tsitse. thaba motsotswana, a boele a re thinkgwi, a halefe hape.' Palo ya mantswe 82 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 6 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya HO TSHWAYA KGUTSUFATSO: Ho tshwauwa ha kgutsufatso ho itshetlehile hodima ho kenyeletsa dintlha tse hlokwang ke potso. Qotso: Polelo ha e ntse e le jwalo kaha e tswa temeng. Polelo e fokoditsweng feela dikotwana tsa mantswe empa e ntse e na le tlhahlamano e tshwanang ya mantswe ho tswa temeng. Ntlha: Polelo e bopilweng ka tsela e fapaneng le ya sethatho feela e ntse e arabela potso. Polelo e nang le tlatsetso ya mantswe a mang kapa tshebediso ya mahlalosonngwe feela e ntse e arabela potso. • Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 bakeng sa dintlha tse 7 (ntlha e le 1 bakeng sa ntlha ya sehlooho). o Matshwao a 3 bakeng sa puo o Matshwao kaofela: 10 • Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse mantswe a bona: o Ha dintlha tse 1–3 di nepahetse: fana ka letshwao le 1 o Ha dintlha tse 4–5 di nepahetse: fana ka matshwao a 2 o Ha dintlha tse 6–7 di nepahetse: fana ka matshwao a 3 • Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse diqotso di le jwalo: o Diqotso tse 6–7: se fane ka matshwao bakeng sa puo o Diqotso tse 4–5: fana ka letshwao le 1 bakeng sa puo o Diqotso tse 2–3: fana ka matshwao a 2 bakeng sa puo Dintlha Tse iqapetsweng Tse qotsitsweng di le jwalo Matshwao a dintlha Matshwao a puo Matshwao Matshwao ohle ELA TLHOKO: • Palo ya mantswe: o Batshwai ba lokela ho nnetefatsa palo ya mantswe a sebedisitsweng. o Se ke wa hula matshwao haeba bahlahlobuwa ba sa bontsha palo ya mantswe a sebedisitsweng kapa haeba palo ya mantswe a sebedisitsweng e ngotswe e fosahetse. Ha palo ya mantswe e tlotse moedi o boletsweng, bala ho fihla palong ya mantswe e behilweng, ebe o emisa moo. Mohlala Puo Polelo/Polelwana Palo ya mantswe Sesotho Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 7 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA C: DIBOPEHO LE DITLWAELO TSA TSHEBEDISO YA PUO TATAISO YA HO TSHWAYA DIBOPEHO LE DITLWAELO TSA TSHEBEDISO YA PUO • Mopeleto o Dikarabo tsa lentswe le le leng di tshwauwe di nepahetse leha mopeleto o fosahetse, ntle leha phoso eo e nyotobetsa moelelo wa lentswe leo. o Dikarabo tse ngotsweng ka dipolelo tse felletseng, mopeleto o fosahetseng o se ke wa abelwa dintlha haeba tshebediso ya puo e le yona e hlahlojwang. o Moo ho hlahlojwang kgutsufatso ya mantswe, karabo e be le matshwao a nepahetseng a puo. o Dibopeho tsa dipolelo e be tse nepahetseng di be di ngolwe ka dipolelo tse felletseng ho latela ditaelo. o Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka botlalo. POTSO YA 3: PAPATSO 3.1 Ke ho hohela bareki hore ba reke borotho boo ka kgopolo ya hore ha ba ntse ba bo reka, ba ka qetella ba hapile moputso oo ba o tshepisitsweng. ✓✓ (2) 3.2 • Mmapatsi o qadile ka ditshwantsho tse tlwaelehileng e leng tsa ngwana le bohobe a nto fetela ho tse sa tsebahaleng e leng ho fumana bohobe ba mahala le moputso o ka hapuwang wa R5 000. • Ka tlwaelo ha ho balwa kapa ho ngolwa, re qala ka letsohong le letshehadi ho ya ho le letona.✓✓ (2) [Dikarabo tse nepahetseng tsa bahlahlobuwa di ananelwe] 3.3 • Kaha ho na le tletlebo e kgolo ya hore bana ba imelwa ke dibuka tseo ba di jarang ha ba ya sekolong, mmapatsi o sebedisa tletlebo eo bakeng sa ho bapatsa bohobe ba Albany e le tharollo ya pharela eo. • Ho rwala dibuka ho susumetsa bareki hore ba nahane hore ha ba fepa bana bohobe ba Albany ba tla fumana matla. • Hobane e bontsha hore Albany e na le dimatlafatsi tse ka etsang hore boko ba ngwana bo be tjhatsi, a sebetse hantle dithutong tsa hae. ✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 3.4 • Ke hobane lentswe Albany le sebedisitswe e le sehlooho papatsong, mme le dihlahiswa tse bapatswang ke tsa Albany. • Le qatsohisa lebitso la khampani e etsang bohobe bona. • Le thusa ho hohela mahlo a bareki. ✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 3.5 Ho nepahetse. Hangata batho ba rata dintho tsa mahala mme mona papatsong ho qatsohisitswe lentswe leo ka sepheo sa ho ngoka bareki hore ba tlo reka bohobe ba Albany moo ba habileng ho fumana bohobe ba mahala. ✓✓ (2) [10] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 8 DBE/Pudungwana 2025 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 4: KHATHUNU 4.1 • Bohlokwa ba yona ke ho sireletsa basadi le bana kgahlanong le ho hlekefetswa ke bontate. • Ke ho hlokomedisa basadi le bana hore ba ka fuwa taelo semolao hore ba se hlole ba hlekefetswa. ✓✓ (2) 4.2 • Mosadi enwa o fuwa matla ke pampitshana ya tshireletso ena eo a seng a e fumane, mme o ikutlwa a sireletsehile. • Ke bopaki ba ditemalo tse mmeleng wa mosadi le bana. ✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 4.3 • Ke ho phoqa banna kaha ke mona ba ntse ba hlekefetsa bomme le bana esita le ka matsatsi a 16 a behelletsweng ka thoko bakeng sa thibelo ya tlhekefetso ya bona. • Ke ho romela molaetsa ho basadi ba hlekefetswang hore ba tlalehe diketso tseo sepoleseng. • Ho hlokomedisa batho hore banna ba hlekefetsang ba fella tjhankaneng. • Ho ntshetsa pele letsholo la ho thibela tlhekefetso ya bana le basadi. ✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 4.4 Hoko e sebedisetswa ho kwalla diphoofolo tse hlaha hore di se ke tsa lematsa batho mme tjhankaneng batho ba kwallwa ka seleng. Mokhathunu o sebedisitse hoko ho kwalla monna enwa jwalo ka phoofolo, ho totobatsa hore diketso tsa hae di jwalo ka tsa phoofolo e hlaha kaha o lemaditse mme le bana habohloko. ✓✓ (2) 4.5 C/ke matsatsi a 16 a kgahlanong le tlhekefetso ya bomme le bana.✓✓ (2) [10] POTSO YA 5: TEMA YA PROSA 5.1 Ho kgotsa/makalla mathata ao basadi ba kwalletsweng tjhankaneng ba tobanang le ona. ✓✓ (2) 5.2 Ke ho toboketsa ntlha ya hore tjhankaneng ha ho monate, ebile batho bohle ba tshwarwa hampe ka ho tshwana, ho sa kgathaletsehe hore ke banna kapa ke basadi. ✓✓ (2) 5.3 Tshebediso ya mantswe ana: 'Leha ho le jwalo' e tlisa mothinya o fapaneng le wa seo ho neng ho buuwa ka sona pejana e leng kaho ya tjhankana ya basadi, mme a bontsha hore maemo a ntse a sa tlo fetoha leha tjhankana eo e ka ba teng. ✓✓✓ (3) 5.4 • Ho nepahetse. Ke lewa leo mongodi a le sebedisitseng ho pata nnete ya ditaba hobane ha ho tsebahale hore diperesente tse 16,7 le 64,3 di emetse dipalopalo tse kae. • Diperesente di pata dipalopalo tsa manane. Ho ka etsahala hore diperesente tseo e be di emetse basadi ba mmalwa kapa ba bangata. ✓✓✓ (3) [Dikarabo tsa bahlahlobuwa tse nepahetseng di elwe tlhoko] [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 30 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all