Skip to content
Addendum

Sesotho HL Grade 12 IEB 2017 Addendum

IEB Grade 12 Sesotho HL addendum from the 2017, 5 pages. Read online or get the free PDF download.

Publisher: IEB

Subject: Sesotho HLGrade 1220175 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA I – LEHOKELA Leqephe i ho a v LEHOKELA TEMA YA 1 LWANTSHANG KGETHOLLO DIKOLONG A 1 Qwaketsano tsa ngwahola tsa moriri le botjhaba dikolong di bontsha hore kgethollo e ka ipata kapa ya ba sephiri. Empa dikolo di ka sebedisa melao ya tsamaiso ho etsa setsi sa ho ithutela se tsamaellanang le molaotheo, di ntse di nnetefatsa kgalemo le polokeho ya baithuti, le ho kgothaletsa taolo le tlhompho. 2 Ha ho etswa melao ya tsamaiso, ditumellano le ho hloka leeme di tlameha ho latelwa. Empa melao, botjhaba kapa ketsahalo tsa kamehla ke bopaki ba ho tswela pele ha tlwaelo tse mpe tsa kgethollo ya semorabe le ya botjhaba, ho realo Yusuf Sayed, modulasetulo wa dipatlisiso tsa Afrika Borwa tsa thuto, Cape Peninsula University of Technology. Yusuf o batlisisitse mekgwa ya thuto ya ho aha kgotso Afrika Borwa, Pakistan le Rwanda. 3 Ha dihlopha tse itseng e le tsona tse etsang diqeto ka melao e kgethollang, e kgesang ba bang le ho ba hlokofatsa ho ena le kutlwisiso, tshebedisanommoho le kananelo, ho bolela hore melao ena e hloka ho lwantshwa. Sena ke ka Gushwell Brooks, motsamaisi wa dipuisano wa Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho. 4 "Dikolong tsohle tsa mmuso bana ba amohelwa ke mookamedi wa sekolo," ho realo James Ndlebe, molaodi wa tsamaiso ya thuto le ntshetsopele ya puso Lefapheng la Thuto ya Mantlha. "Batswadi bona ba na le tokelo ya ho tseba ka puo, melawana ya sekolo e amanang le tumelo le ya boitshwaro pele ba ngodisa bana ba bona. Dikolo di qobelleha ho fana ka lesedi lena ha batswadi ba le hloka", ho realo James. 5 Ho ya ka Molao wa Dikolo wa Afrika Borwa wa 1996, melao ya sekolo ya tataiso e matsohong a lekgotla la tsamaiso ya sekolo (SGB), le tlang ho kgotsofatsa sekolo le ho etsa melawana ka ho buisana le batswadi, matitjhere le baithuti. IEB Copyright © 2017 PHETLA
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA I – LEHOKELA Leqephe ii ho a v 6 "Ka nepo, setjhabeng se nang le tokoloho le se hlokang kgethollo, melao ya tataiso e tshwanela ho ananela diphapano tsa sona ka boiteko bohle", ho realo Gushwell. 7 "Ho eketsa moo, melawana eo e tlameha ho iswa Lefapheng la Thuto ho nnetefatsa hore e tsamaellana le molaotheo wa naha," ho hlalosa James. 8 Jwaleka ha e le yona e busang, SGB e tshwanela ho emela bohle ba ikarabellang sekolong – batswadi, matitjhere le baithuti. Ka tebello, lemong tse ding le tse ding tse tharo, ho kgethwa baemedi ba SGB mme batswadi e ka ba bonkgetheng. Ho nnetefatsa hore dikgetho di hloka leeme, ebile ke tse lokolohileng, di tsamaiswa ke Komishene e Ikemetseng ya Dikgetho. 9 "Batswadi ba tshwanela hore ba se tshabe ho ntsha maikutlo a bona baemeding bao. Hape ba na le matla a ho heletsa SGB e sa ba sebeletseng, ka vouto ya ho se ba tshepe", James o a hlalosa. 10 Empa ho ya ka Yusuf, le ha taolo ena ya dikolo ya ho se kgethe nku ka pere e shebahala e tshepisa demokerasi, tlwaelo ya setjhaba ya leeme e bolela hore taolo ya dikolo ntle le kgethollo ha se taba ya nnete mme e ka se tshepuwe. 11. Dikolong tsa mehleng tsa di-Model C, tse kang San Souci Girls' High School e Cape Town mmoho le Pretoria Girls' High, batswadi ba teng ke kgokanaphiri ebile ba tshehetsana ho feta batswadi ba baithuti dikolong tsa dibaka tsa mahaeng le tsa maemo a tlase. 12 Hape dikolong tseo, ho kena ha batswadi tabeng tsa sekolo ho etswa ke maemo le leruo la bona. Ntho e tlwaelehileng ke hore ho di-SGB tseo, ke batswadi ba nang le bokgoni moruong, bao hangata e leng ba basweu, ba kgona ho nka karolo taolong ya sekolo. Batswadi ba sa ruang (hangata ba batsho), ha ba kgone ho nka karolo hakalo – ho ya kopanong tsa bosiu ke bothata bakeng sa ba hlokang, le ba dulang makeisheneng ha ba a bolokeha hape ba na le phephetso tse ding ka ho tsamaya le masiu ba ya dikopanong. 13 Ebe he di-SGB di tlala makgowa le barui feela, ditselatshebetso le melao di be di akanywa – e le ka boomo kapa ho se elellwe – di be di sebediswa e le tsela ya ho phela. Batswadi ba sa nkeng karolo haholo ha ba kgone ho bua, mme ba bolellwa ka melao le tsamaiso tsa sekolo tse lebeletsweng, ho hlalosa Yusuf. 14 Boikarabelo ba ho lokisa kgethollo eo e seng ya maikemisetso e tlameha ho ba hohle, empa haholoholo mafapha a thuto, dikantoro tsa maemo a matona le mmuso", ho hatella Yusuf. 15 "Dikolo di tshwanela ho fetola tselatshebetso tsa tsona hore di emele ditakatso le ditlhoko tsa setjhaba seo di ahilweng ho sona, le mmuso o tshwanela ho fa batswadi ditlhoko le bokgoni." [Bona, Pherekgong 2017] IEB Copyright © 2017
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA I – LEHOKELA Leqephe iii ho a v B C [<www.myfroandi.com>] [<www.jasosantoro.com>] TEMA YA 2 Kajeno o dutse mona hoba ho na le se mo thabisang se etsahetseng ho yena. Ke seo morwetsana e mong le e mong a se labalabelang. Kajeno o lakatsa e ka mmae a ka be a ntse a phela hoba o tseba kamoo a neng a tla thaba ka teng. Ha a nahana moo a tswang bophelong ba hae, e ka o a lora. Ka nako e nngwe dintho ha di etsahale kamoo re lakatsang kateng. Ka ho panya ha leihlo thabo ya hae ya fetoha maswabi. Ba ileng ba feta mathateng ba tiisitse ha ba re thabo le maswabi ke diyathoteng mmoho. Di dula di tsamaya mmoho. Mohlomong monga bophelo o hlodile ntho tsena mmoho hore re se itebale, re ne re hopole hore ke yena feela ya nang le matla a ho laola tsohle. A hopola kgolo ya hae lelapeng moo ho neng ho rena kgotso. Yena o ne a sa tshwane le baholwane ba hae ba ileng ba phela le mma bona le ntata bona. Empa kgotso e neng e rena lapeng labo o ne a e hopola. Ba ne ba sa hafe ka nkatane feela mma bona o ne a ile a sebetsa ka thata hore ba se robale ka e batang. O kgonne ho ba kenya sekolo hore ba tsebe ho itshwarela ka matsoho a bona. Dikgaitsedi tsa hae di nyetse bobedi ba tsona. Di na le metse, basadi le bana ba tsona. Le jwale di a bela di a hlweba madiba ho phsha a matala. Ntebaleng ka nako e nngwe o ne a ye a ipotse hore lerato lane la lapa labo le felletse kae. Kgaitsedi tsa hae ha di sa mo natsa le ho mo natsa. O ntse a itulela tlung yona yane ya mmae, phapang ke hore o se a e lokisitse mme ke ntlo e ntle. Basotho ba tiisitse ha ba re lefutso le a fetella. Enwa morwetsana o ne a ithata e le ka nnete, a le matla ebile a le sebete. Ke kahoo re mmonang a tswetse pele bophelong. Kajeno re mmona a hlomohile, pelo e ile mafisa, ekaba lebaka ke lefe? [Boiqapelo] IEB Copyright © 2017 PHETLA
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA I – LEHOKELA Leqephe iv ho a v TEMA YA 3 Letlalo le shebahala le ntjhafetse bekeng tse nne Matla a ho lwantsha maswebe Boloka R100 Boloka R100 [E nkilwe le ho fetolelwa ho tswa: Avroy Shlain Brochure, February 2017] IEB Copyright © 2017
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA I – LEHOKELA Leqephe v ho a v TEMA YA 4 A [<www.pic2fly.com>] B [<www.dreamstime.com>] IEB Copyright © 2017

Study this subject

Revise the topics in this paper, then practise them question by question.

More papers and memos for this grade and subject.