Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE EXAMINATION
NOVEMBER 2018
SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II
SESOTHO HOME LANGUAGE: PAPER II
Nako: Dihora tse 3 Matshwao: 100
BALA DITAELO TSE LATELANG KA TLHOKO
1. Pampiri ena e na le maqephe a 5. Etsa bonnete ba hore a felletse.
2. Etsa bonnete ba hore o kgetha dipotso ka nepo.
3. Pampiri e arotswe dikarolo tse pedi, Karolo ya A le Karolo ya B.
4. Araba dipotso tse NNE feela.
• Karolong ya A o tlameha ho araba Potso ya 1 e be o kgetha e le NNGWE
Potsong ya 2 kapa Potsong ya 3.
• Karolong ya B o tlameha ho araba Potso ya 4 e be o kgetha e le NNGWE
Potsong ya 5.
5. Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
6. Ho bohlokwa ho ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
IEB Copyright © 2018 PHETLA
Skip to contentQuestion paper 











Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2018 Question Paper
IEB Grade 12 Sesotho HL Paper 2 question paper from the 2018, 5 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.
Publisher: IEB
Sesotho HL · Grade 12 · 2018. Question paper, 5 pages. Read online or download the PDF.
- Subject
- Sesotho HL
- Grade
- Grade 12
- Document type
- Question paper
- Year
- 2018
- Paper
- 2
- Publisher
- IEB
- Curriculum
- IEB
- Pages
- 5
- File size
- 278.5 KB
Loading document…
Loading document…
1 of 5
Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II Leqephe 2 ho a 5
KAROLO YA A PADI
POTSO YA 1 LEJWE LA KGOPISO: T. Letshaba
POTSO ENA E TLAMEHA HO ARAJWA KE BOHLE
Na ho ne ho hlokahala hore bana ba Naledi le mohatsa Mohlouwa ba utlwiswe
bohloko le ho kgakgathwa ka sehloho tjena lebitsong la "lerato", pakeng tsa Naledi
le Mohlouwa?
Tiisa ntlhakemo ya hao o itshetlehile ka diketsahalo tsa tshwantshiso hore na
Mohlouwa o ne a rata Naledi e le ka nnete.
Ela hloko:
• Moqoqo wa hao o be bolelele ba mantswe a 400–450.
• Ngola palo e nepahetseng ya mantswe qetellong ya moqoqo wa hao.
• Etsa bonnete ba hore palo ya mantswe ha e fete 450.
[30]
LE
Kgetha mme o arabe potso e le nngwe feela ho tsena tse nne tse lateng: 2.1, 2.2,
3.1 le 3.2
DIPALE Mohlahlobi Tshita KAPA Mohlomong Hosane
• Se lebale ho iketsetsa moralo.
• O se ngole palo ya mantswe qetellong ya moqoqo wa hao.
POTSO YA 2
Mmohlahlobi Tshita: K.P.D. Maphalla
2.1 Ka bolelele ba mantswe a ka bang 400–450, hlalosa kamoo nako/mehla
ya diketsahalo le tikoloho di hlahisitsweng kateng sengolweng sena.
KAPA
2.2 Tharahano ke karolo ya poloto eo mathata a mophetwa wa sehlooho a
hlwang mekwalaba ho yona, ha sehlohlolo sona e le moo ditaba di
fihlellang tsullung.
Sekaseka padi ena, mme o bontshe kamoo bophelo ba Tshita bo ileng ba
rarahana kateng, le kamoo e fihlang sehlohlolong kateng. Moqoqo wa hao
e be wa bolelele ba mantswe a 400–450.
[30]
IEB Copyright © 2018
Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II Leqephe 3 ho a 5
KAPA
POTSO YA 3
Mohlomong Hosane: K.P.D. Maphalla
3.1 Lerole, leroleng
Bala qotso e ka tlase o nto araba potso e tla latela.
Hangata matsatsing ana batho ba se ba eya mabitleng ka mabaka a
fapaneng. Ba bang, ke nnete, ba ya ho ya felehetsa eo ya seng a iketse
boyabatho, jwalo ka ha ho bolelwa ho thwe di llela moswanng.
[leq 71]
Taba tse tswang qotsong e ka hodimo ke nnete. Ngola moqoqo wa
mantswe a ka bang 600 o itshetlehile ka diketsahalo tsa pale mme o di
bapisa le diketsahalo tseo re di bonang diphupung tsa matsatsi ana ao re
phelang ho ona.
KAPA
3.2 Moahelani
"Ruri Mosotho o opile kgomo lenaka ha a re bitsolebe ke seromo."
O itshetlehile polelong e ka hodimo, qoqa ka moo semelo sa Mmaditaba
se hlahiswang kateng palekgutsweng ena.
Bolelele ba moqoqo e be mantswe a ka bang 600.
[30]
60 matshwao
IEB Copyright © 2018 PHETLA
Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II Leqephe 4 ho a 5
KAROLO YA B KGOKAHANO
• Araba dipotso tse PEDI feela karolong ena.
• Hlokomela: O tlameha ho araba Potso ya 4.
• Khetha potso e le nngwe Potsong ya 5.
• Bolelele ba tema e be mantswe a 250–300.
POTSO YA 4
Sheba ditshwantsho tse latelang ka tlhoko o nto araba potso e tla latela.
[Mohlodi: <https://www.google.co.za/search?>]
[Mohlodi: <https://www.google.co.za/ur?sa>]
O moqolotsi wa ditaba wa pampiri ya Manti mme o ne o le teng mohwantong wa
badudi ba motsaneng wa Hloma-O-Hlomolle. Ngola atekele e felletseng e tlo
phatlalatswa koranteng ya Manti mabapi le diketsahalo tse ditshwantshong tse ka
hodimo. Hopola hore peho eo ya hao e tlameha ho hlahisa dintlha ka botlalo hore
mmadi a fumane tsebo e tletseng ka diketsahalo tsena.
[20]
IEB Copyright © 2018
Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II Leqephe 5 ho a 5
POTSO YA 5
Kgetha mme o arabe potso e le nngwe feela ho tse pedi tse latelang.
5.1 Sheba setshwantsho se latelang o nto araba potso e tla latela.
[Mohlodi: <http://www.dailymail.co.uk>]
O ne o le pela moo ho ileng ha hlaha kotsi ena e sisimosang maikutlo. Ba
sepolesa ba batla ho tseba ho etsahetseng tsatsing leno. Ngola puisano
mahareng a hao le lefokisi le etsang diphuputso ka kotsi ena.
KAPA
5.2 Ditoro tsa hao di phethahetse mme o atlehile bophelong boo o neng o
lakatsa ho bo phela. Ngola tsa nalane ya bophelo ba mofu (obitjhuari)
tseo(eo) o tla ratang hore di(e) balwe mohla tsatsi la hao la phupu.
[20]
40 matshwao
Matshwao kaofela: 100
IEB Copyright © 2018
Study this subject
Revise the topics in this paper, then practise them question by question.
Recommended for this subject
More papers and memos for this grade and subject.

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2019 Question Paper

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2019 Question Paper

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2018 Question Paper

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2017 Question Paper

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2017 Question Paper

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2019 Memo
Related documents

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2018 Memo

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2018 Memo

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2019 Memo

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2017 Memo

AddendumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB 2017 Addendum

MemorandumIEB