You're offline
Skip to content
Question paper

Sesotho FAL P2 Nov 2018_hlayiso.com_.pdf

Subject: Sesotho FalGrade 12201818 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL) PAMPIRI YA BOBEDI (P2) PUDUNGWANA 2018 MATSHWAO: 70 NAKO: Dihora tse 2 Pampiri ena e na le maqephe a 18. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 2 DBE/Pudungwana 2018 NSC DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA 1. Bala ditaelo tsena ka hloko pele o araba dipotso. 2. O SE KE wa latella ho bala pampiri yohle. Tadima karolo e hlahisang dikahare tsa pampiri leqepheng le latelang, mme o tshwaye dinomoro tsa dipotso tse thehilweng dibukeng tseo o ithutileng tsona. Ka mora moo o bale dipotso tseo, o nto kgetha tseo o lakatsang ho di araba. 3. Pampiri ena e arotswe DIKAROLO TSE NNE, e leng: KAROLO YA A: Pale/Nobele/Novele (35) KAROLO YA B: Tshwantshiso/Terama (35) KAROLO YA C: Dipalekgutshwe (35) KAROLO YA D: Dithothokiso (35) 4. Araba dipotso TSE PEDI feela. Potso E LE NNGWE ho tswa dikarolong le ha e le DIFE TSE PEDI. KAROLO YA A: PALE/NOBELE/NOVELE Araba potso ya pale/nobele/novele eo o ithutileng yona. KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA Araba potso ya tshwantshiso/terama eo o ithutileng yona. KAROLO YA C: DIPALEKGUTSHWE Araba dipotso tsa dipalekgutshwe ka BOBEDI. KAROLO YA D: DITHOTHOKISO Araba dipotso tsa dithothokiso ka BOBEDI. Sebedisa lenanennetefatso bakeng sa tataiso. 5. Latela ditaelo tse qalong ya KAROLO E NNGWE le E NNGWE ka hloko. 6. Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso. 7. Qala KAROLO KA NNGWE leqepheng LE LETJHA. 8. O eletswa ho sebedisa nako ka moo ho sisintsweng: Sebedisa metsotso e 60 ho ngola karolo ka nngwe. 9. Ngola ka mongolo o makgethe o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 3 DBE/Pudungwana 2018 NSC LEQEPHE LA DIKAHARE: Leqephe lena le tla o thusa ho kgetha dipotso tseo o lakatsang ho di araba, ntle le hore o bale pampiri kaofela. KAROLO YA A: PALE/NOBELE/NOVELE Araba potso ya pale/nobele/novele eo o ithutileng yona. NOMORO YA POTSO MATSHWAO LEQEPHE 1. Mahlale a kopane Lekwa 35 5 2. Bosweu ba Lehlwa 35 7 3. Sehlekehleke sa Deidro 35 9 KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA Araba potso ya tshwantshiso/terama eo o ithutileng yona. 4. Sefi 35 11 KAROLO YA C: DIPALEKGUTSHWE Araba dipotso KA BOBEDI tsa dipalekgutshwe. 5.1 'Molato lebitleng' 18 14 5.2 'Dithethefatsi' 17 15 KAROLO YA D: DITHOTHOKISO Araba dipotso KA BOBEDI tsa thothokiso. 6.1 'Diteboho' 17 17 6.2 'Bo se bo fihlile' 18 18 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 4 DBE/Pudungwana 2018 NSC LENANENNETEFATSO: Sebedisa lenanennetefatso lena ho nnetefatsa hore na e fela o arabile dipotso tse hlokehang. KAROLO NOMORO TSA PALO YA TSHWAYA DIPOTSO DIPOTSO TSE () LOKELANG HO ARAJWA A: PALE/NOBELE/NOVELE 1–3 1 Dipotso tse kgutshwane B: TSHWANTSHISO/TERAMA 4 1 Dipotso tse kgutshwane C: DIPALEKGUTSHWE 5.1–5.2 1 Dipotso tse kgutshwane D: DITHOTHOKISO 6.1–6.2 1 Dipotso tse kgutshwane ELA HLOKO: Etsa bonnete ba hore o arabile dipotso tse karolong TSE PEDI feela. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 5 DBE/Pudungwana 2018 NSC KAROLO YA A: PALE/NOBELE/NOVELE POTSO YA 1: MAHLALE A KOPANE LEKWA – DN Katsie Kgetha mme o arabe potso E LE NNGWE e itshetlehileng bukeng eo o ithutileng yona selemong sena. Bala qotso ena ka hloko, o nto araba dipotso tse thehilweng paleng yohle. TEMA YA A Empa sebaka se ka etsang mmaele tse pedi ho tloha lebenkeleng, mohlala wa nyamela, wa fela tu! Ha be ho le moru o teteaneng hona thoko ho tsela mona. Sekgukguni a nna a qamaka, mme qetellong a re tjhe, ho ya kamoo mohlala ona o felang kateng, lebopong la tsela ka lehlakoreng la moru, monga mohlala o tshwanetse hore e be o kene hona morung ona. A qeta hore ho ke ke ha thusa letho ho kena 5 morung ho batla monga mohlala. Ao, monna ya merero e matswedintsweke. Monna wa ho nahana ka pelenyana, a be a se a nka se seng sa dieta tseo a tswa di reka a se lahlela ka hodima lebopo la tsela, hona mona moo ho bonahalang hore monga mohlala a ka nna a tswa le teng. Yaba o tswela pele tseleng ya hae, ho tsamaya. Ha a le sebaka sa mmaele ho tloha 10 moo a lahletseng seeta teng, a boela a nka seeta sa bobedi a se lahlela ka thoko ho tsela, feela moo motho ya fetang a ka se bonang ha bonolo. A kena hara jwang bo bolelele hona haufi le tsela mona, haufi le moo a lahletseng seeta teng, empa moo mofetakatsela a ke keng a mmona. Yaba o a ipata, mme a lebella ka tjheseho e kgolo. 1.1 Sepheo sa Sekgukguni e ne e le sefe ha a ntse a lahla dieta jwalo? (1) 1.2 Mananyetsa o ne a le hokae, a etsa eng, nakong ena eo Sekgukguni a ntseng a lahla dieta? (2) 1.3 Bolela hore diketsahalo tse etsahalang qotsong di etsahala ka mora ketsahalo efe. (1) 1.4 Qotsong ho thwe '… a ipata, mme a lebella ka tjheseho e kgolo.' O ne a lebelletse eng? (2) 1.5 Mofumahadi wa morena Ramoroko ke mophetwa … (wa sehlooho/ ya tjhitja/wa tlatsetso). Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 1.6 Mantswe ana, 'phokojwe ho phela e diretsana' a tsamaellana jwang le ditaba tsa qotso ena? (2) 1.7 Ke dintho dife TSE PEDI tse hlahellang tlhekelong tse teng qotsong ee? (2) 1.8 Bolela hore polelo e latelang ke Nnete kapa Mafosi. Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. Hanghang ka mora ho qhekanyetsa mofumahadi, tlala e ile ya ba siyo malapeng a baphetwa bana. (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 6 DBE/Pudungwana 2018 NSC 1.9 Ke ketsahalo efe eo re ka reng e bontsha mothinya o sa lebellwang ka mora diketsahalo tsa qotso e ka hodimo paleng ee? (2) 1.10 Dumellana le polelo e latelang ka ho nehelana ka lebaka le itshetlehileng diketsahalong tsa pale. O mong wa melaetsa paleng ena ke hore bohlale ha bo ahe ntlong e le nngwe. (2) 1.11 Tshohla lewa la tlholo dingolweng o itshetlehile ka diketsahalo tsa pale. (3) MMOHO LE Bala qotso ena ka hloko, o nto araba dipotso tse thehilweng paleng yohle. TEMA YA B 'Jwale nna ke kena kae, kapa e re ke hle ke re nna ke kena jwang tabeng ee?' 'O kena tjena,' o a bososela, o thabile. 'Ke re wena he, wa thaka o kena tjena. Ke tla bolella mofumahadi le matona hore morena o itse ba tsamaye le nna ho ya lebitleng la hae ho ya ikutlwela ka tsebe tsa bona ha a buisana le mofumahadi; a mo hlalosetsa ka nna …' 5 'Ha, haa!' o a tsheha. 'Ha re fihla lebitleng nna ke tla atamela lesobeng lane, le tsejwang ke nna le wena feela. Ke tla ipolela hore ke nna mangmang ya hlahang mona Natala. Ke tlile ka pitso ya hae, hore ke tlo lata ditefo tsa ka, mme mofumahadi, matona le setjhaba ke bana ba teng. Jwale he, wena o tla arabela ka lentswe le phefa, le hlakileng o hoeletse o bolele kamoo e leng nnete kateng hore efela ke tshwanelwa 10 ke moputso oo ke seng ke o bolelletse wona. Banna, re sa tla ba barui, thola o re tu! Re tla arolelana ka ho lekana!' 'Ntshware ka letsoho wa Mananya. Ruri o fela o le ramahlale wa nnete …! Le ha ho ka thwe ba pelo di thata jwang kapa jwang; hang feela ha ba utlwa mofu a bua ba tla o lokollela tefo eo, ntle le tikatiko, moo teng ke a o hlapanyetsa.' 15 1.12 Bolela bohlokwa ba lesoba leo Mananyetsa a buang ka lona temeng e ka hodimo. (1) 1.13 Tshebedisanommoho e bonahalang qotsong e susumeditswe ke ketsahalo efe? (1) 1.14 Morero o qotsong o bile le ditlamorao dife ho bohle ba amehang? (1) 1.15 Ke lebaka lefe le kgodisitseng Sekgukguni ho ba le seabo morerong oo? (1) 1.16 Ke thuto efe eo re ithutileng yona puisanong ya baphetwa ba qotsong e ka hodimo? (2) 1.17 Ho ya ka ditaba tsa pale ee, re totobaletswa baphetwa ba ntseng ba buisana e le batho ba semelo sefe? (2) 1.18 Ntwa e bileng teng dipakeng tsa baphetwa bana pele ho katleho ya bona e ne e bidietsa eng? (2) 1.19 Puisanong ena e qotsong, mongodi o re senolela sehalo sefe? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 1.20 Ana ho a makatsa ho bona Mananyetsa a siya Sekgukguni ka lebitleng, a baleha ka tjhelete? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (2) [35] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 7 DBE/Pudungwana 2018 NSC POTSO YA 2: BOSWEU BA LEHLWA – Sello Moroe Bala qotso ena ka hloko, o nto araba dipotso tse thehilweng paleng yohle. TEMA YA C Ke ile ka mo qala leotong ho isa hloohong; mmele wa hae o se mosesane kapa hona ho nona empa o tletse ho kgahlang e le ka nnete; letheka le le lesesane, e be ho theosa o buleha ka mokgwa o hohelang. Ya ka katara ngwana motho. Le ne le bonahala hantle theka lena ha a ne a le ho tsa sekolo mosetsana, o ne o ka mmoha sa seemahale ho fihlela a ba a nyamella. Ruri enwa ngwananyana e ne e le tsohle tseo 5 mohlankana a ka di hlokang ho mosetsana, mme ke ne ke sa ikemisetsa ho mo tela, hoba ke ne ke tseba kapa ke dumela hore ha ho ya tshwanang le yena. Ka ba ka leboha ho hlahela mona Letsumahole, mme ka kgona ho boha le ho kopana le botle bona ba tlhaho. Ke ile ka phaphama le ho tshoha ha Puse a re; 'Tjhe Hlomi, o ke ke wa mo qeta lekgale, kgutla koo.' 10 A tjho jwalo a se a ntse a tsheha. Ka utlwa eka ke qeta ho tsoha borokong ba toro e monate, ka ba ka tsitsinya hlooho hanyenyane. Ka se ke ka tseba hore ke etse eng kapa hona ke re eng ha ke tla re: 'Tjhe ngwana, ha ho letho.' E ne e le seo nka se buang seo. Bobedi ba bona ba elellwa hore ke ne ke fetohile. 2.1 Ke mang mophetwa enwa ya qalwang leotong ho ya hloohong? (1) 2.2 Ke lebaka lefe le neng le etsa hore mophetwa eo o mmoletseng ho POTSO 2.1 a shejwe jwalo ke monga ditaba tse qotsong ee? (1) 2.3 Monga ditaba tse qotsong ee, o ne a ilo etsa eng ho motho eo o mmoletseng ho POTSO 2.1? (1) 2.4 Ka dintlha TSE PEDI bolela kamoo Lerato a neng a bopehile kateng. (2) 2.5 Lerato o ne a fapane jwang le baithutimmoho le yena ka tshebetso? (2) 2.6 Ho ya ka ditaba tsa qotso ee, ke eng e neng e se e fetotse Hlomi? (1) 2.7 Mongodi o sebedisitse papiso e polelong e latelang ka sepheo sefe? '… o ne o ka mmoha sa seemahale ho fihlela a ba a nyamella.' (2) 2.8 Bolela hore polelo e latelang ke Nnete kapa Mafosi, o be o nehelane ka lebaka la karabo ya hao. Tshiu ke mophetwa ya tjhitjha. (2) 2.9 Hlalosa kamoo mongodi a atlehileng kateng ho sebedisa thehello ya baphetwa o ikamahantse le mophetwa ya bitswang Botjha. (2) 2.10 Tikoloho e bile le seabo sefe ho holeng ha kgohlano dipakeng tsa Hlomi le Tshiu? (2) 2.11 Hanana le polelo e latelang ka ho fana ka lebaka le ikamahantseng le diketsahalo tsa pale. Diketsahalo tsa qotso ena di re totoballetsa tharollo paleng ena. (2) 2.12 Sekaseka kamoo semelo sa Dineo se bileng bohlokwa kateng ho atlehiseng phethelo paleng ena. (3) MMOHO LE Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 8 DBE/Pudungwana 2018 NSC Bala qotso ena ka hloko, o nto araba dipotso tse thehilweng paleng yohle. TEMA YA D Re ile ra ya fihla sekolong, moo re ileng ra arohana teng. Ke ne ke sa rate ha ba re bona re le mmoho le Dineo ka ha bongata bo ne bo dumela hore ho na le ho nkang sebaka mahareng a rona. Teng ka kgona ho kopana le Puse, ka mo kopa ho bolella Lerato hore ke ne ke kopa ho kopana le yena; ho na le taba ya bohlokwa eo ke neng ke batla ho e bua le yena. A ntshepisa feela hore o tla etsa jwalo. Hoba tshepe e lle, 5 ra kena. Dithuto di ile tsa tsamaya hantle jwalo ka mehla, le ha ke ne ke se teng ka hohlehohle, ha e se ka tse tla etsahala. E ile yaka e nkile hora tse leshome pele e fihla nako ya ho tswa ha e lla tshepe. Ka tswa pele ke sa qetella le mosebetsi wa ka, ke ne ke se ke itokiseditse sefe kapa sefe. Eitse ha ke fihla monyako wa bona, Lerato a tswa, ka ba ka sehwa ke letswalo le 10 lesesane, ka elellwa hore ha a mpona, ka bona Puse a le sebaka, yaba o phahamisa monwana o moholo a ba a supa ho bontsha hore o tswile. Ka se ke ka hlola ke senya nako. O ne a dutse lejwaneng le thoko yaba ke leba ho yena. 2.13 Baphetwa bao ho buuwang ka bona qotsong, ba ne ba tswa hokae ha ba fihla sekolong? (1) 2.14 Hobaneng ha Hlomi a ne a sa rate ho bonwa le Dineo? (1) 2.15 Ke thuto efe eo mongodi a re rutang yona ketsahalong ya ho tshwarwa ha Mmadito le Firi? (2) 2.16 Ke batho bafe bao Hlomi a neng a sa batle hore ba mmone a na le Dineo? (1) 2.17 Diketsahalo tsa qotso ee, di ile tsa ba le seabo sefe dithutong tsa Hlomi? (1) 2.18 Hlalosa kamoo puisano ya Hlomi le Lerato tsatsing leo ho buuwang ka lona qotsong, e ileng ya ntshetsa pele poloto ya buka. (2) 2.19 Diketsahalo tsa qotso ee, ke tsa mehleng efe? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (2) 2.20 Ditaba tsa qotso ee, di senola Puse e le mophetwa wa semelo sefe? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 2.21 Dumellana le polelo e latelang. Ho amohelehile hore mohlankana ha a kgahlilwe ke kgarebe, a romelle kgarebe e nngwe ho ya mmuella? (2) [35] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 9 DBE/Pudungwana 2018 NSC POTSO YA 3: SEHLEKEHLEKE SA DEIDRO – VT Masima Bala qotso ena ka hloko, o nto araba dipotso tse tla e latela tse thehilweng paleng yohle. TEMA YA E 'Banna ba heso, ke a bona jwale hore le se le tla kena phehisanong e se nang taba,' ho bua Mopresidente, a nto tswela pele: 'Seo e leng sa bohlokwa ka motsotso ona ke ho fumana leqheka, leo ka lona re ka tshwarang dinokwane tsena di sa elellwa hore di tla fumanwa, mme di ngomelwe. Tabeng ena yohle, ke bona re se na boikgethelo ntle feela le hore re hase ditaba tsa batho bana jwalo ka ha ba laetse. Empa ha e le tabeng 5 ya ho ba lefa teng, ke rata hore re sebediseng leano lena: Wena Nondzaba, o tla tshwanela ho hasa ditaba tsa dinokwane tsena seyalemoyeng le thelevesheneng ka hora ya bosupa mantsiboyeng ana. Ngaka Rabohlale yena o tla tsebisa mmuso wa Bosothonia ekasitana le mafatshe a mang, a amehang ditabeng tsena le kamoo re ikemiseditseng ho sebetsa taba ena kateng. Ha e le wena Mokgenerale, le wena 10 Moatemirale, le tla tshwanela ho etsa matsapa le mekutu yohle ho fumana batho bana pele ho fihla nako ya hore re ba lefe. Le ha ho le jwalo, le utlwisise hore le ke ke la hloma dithibella mebileng kapa la tlatlapa setjhaba ka mokgwa ofe kapa ofe hobane ka ho etsa jwalo, e tla be e le ho tsebisa tsona dinokwane tsena hore jwale di tsongwa e le ka nnete, mme he ho be boima ka ho fetisisa hore di fumanwe.' 15 3.1 Kopano e qotsong e tshwaretswe naheng efe? (1) 3.2 Ke mophetwa ofe ya ileng a fuwa sebaka sa ho bua pele ho mopresidente? (1) 3.3 Ke dintlha dife TSE PEDI tse neng di le ka sehloohong puong ya mophetwa eo o mmoletseng ho POTSO 3.2? (2) 3.4 Ke lebaka lefe le neng le etsa hore dinokwane tsee di fetise melaetsa ya tsona ka mophetwa eo o mmoletseng ho POTSO 3.2? (1) 3.5 Dinokwane tseo ho buuwang ka tsona qotsong, di ne di batla ho lefuwa tjhelete e kae? (1) 3.6 Ntlhakemo ya mongodi ke efe malebana le bonokwane paleng ee? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 3.7 Ke dintho dife TSE PEDI tse totobatsang hore diketsahalo tse qotsong ee, ke tsa mehleng ya kajeno? (2) 3.8 Ditaba tsa qotso ee di hlahisa mopresidente e le motho wa semelo sefe? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 3.9 Kgetha karabo e nepahetseng ho tse ka masakaneng, o be o nehelane ka lebaka la karabo ya hao. Diketsahalo tse qotsong di re totobaletsa … (tlhekelo/tharahano/sehlohlolo). (2) 3.10 Mantswe a latelang a dumellana jwang le ketsahalo ya ho ratana ha Chikano le Katriena? E bona mahe leraba ha e le bone. (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 10 DBE/Pudungwana 2018 NSC 3.11 Fana ka lebaka le dumellanang le polelo e latelang: Ketsahalo ya ho phonyoha ha Chikano tlhaselong ya dinokwane toropong ya Seruwe ha e kgolwehe. (2) 3.12 Na o dumellana le maikutlo a reng Ramaqiti ke monamodi paleng ee? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2) MMOHO LE Boela o bale qotso e latelang ka hloko, o nto araba dipotso tse tla e latela. TEMA YA F Mothating ona Chikano a hlokomela hore lentswe la Ramaqiti le se le batla le fetoha le eba boima le ho hloka boswaswi. Ka hoo, a kgwatha Mphafudi hore ba hle ba kene kapele pele balebedi ba neng ba ntse ba ba latela ka dithunya ba laelwa ho ba kgothometsa. Eitse hoba ba kene ba iphumana ba le ka hare ho ntlo eo e neng e bonahala hore ke eo baruti ba aparelang ka ho yona. Ramaqiti a toba setshwantshong 5 seo Morena Jeso a dutseng le barutuwa ba hae ho sona, mme a potlaka ho se tlosa, yaba ho hlaha lebokosana la motlakase le dikonopokonopo. Ramaqiti a tobetsa e nngwe ya dikonopo tsena, mme ha utlwahala modumo o sa tsebisahaleng o bileng o felehetswang ke ho thothomela ho itseng. BoChikano ba se kgolwe mahlo a bona ha ba bona karolo e nngwe ya lebota e buleha ho hlahisa ditepisi tse theohelang ka hare 10 ho tonnoro e bonesitsweng ka mabone a bohale. 3.13 Sebaka seo boChikano ba leng ho sona qotsong ee se ne se tsebahala ka lebitso lefe? (1) 3.14 Ke hobaneng ha boChikano ba ne ba lebetswe ka dithunya? (1) 3.15 Baphetwa baa ba babedi ba fihlile jwang sebakeng seo ho buuwang ka sona qotsong ee? (1) 3.16 Ho tlile jwang hore Mphafudi a sebetse mmoho le Chikano? (1) 3.17 Hlalosa kamoo diketsahalo tsa pale ena di dumellanang kateng le lebitso la yona. (2) 3.18 Ditaba tsa qotso ee di totobatsa kgohlano ya mofuta ofe? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (2) 3.19 Sekaseka kamoo tikoloho e atlehisitseng kateng morero wa ho tshwarwa ha boChikano. (2) 3.20 Boteng ba tonnoro eo ho buuwang ka yona qotsong, bo re tsebisa eng ka mokgatlo wa Bana ba Phiri? (2) 3.21 Sekaseka kamoo ketsahalo ya Ramaqiti ya ho tlosa setshwantsho sa Morena Jeso leboteng, e amanang le lebitso la hae kateng. (3) [35] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 35 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 11 DBE/Pudungwana 2018 NSC KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA POTSO YA 4: SEFI – DJ Nkutha le ba bang Bala qotso e latelang ka hloko, o nto araba dipotso tse thehilweng tshwantshisong yohle. TEMA YA G MOTAUNG: Mmontshe he manana, ke batla o kgabe ka mpho eo matsatsi ohle. Ha o ka betjha ka yona, ka Sebata kgomo di ka o fula hodimo, ngope le o wetse. TIISETSO: Tjhe ntate, mme o tlile ho e batla. Ke tla mmontsha hosane. MMATIISETSO: Hoja ke ne ke le katse nka be ke shwele ke ho kgadiswa ka dijo. 5 Mpontshe hle ngwana ka. MOTAUNG: Hoo a ke ke a ho etsa manana. Hakere ho jwalo na kgomohadi? Ke bolela hore o ke ke wa mo tsohela matla? MMATIISETSO: O boletse teng ntate. Ha se ntho eo nka e etsang bophelong ba ka. Le wena o a tseba hore lefufa ha ke na lona. 10 TIISETSO: (A mmontsha pakeng tsa menwana.) Ke ena ka mona, nyarela hantle o hlwedise mme. O bonang mme? MMATIISETSO: Nka bona eng mahlo a se a fifetse tjee ngwana towe! Ekare ke kgauta ntho e hlahileng, hape ekare ke noha. O se ke wa pokothela ntho eo. Nna ke e tshaba lebekebeke. 15 TIISETSO: (A phutholla letsoho.) Ke ena he mme. MMATIISETSO: (A maketse.) Watjhe e ntle hakana! Ena ke yona e tla re bolaisa tlala, ke ya bophelo kaofela. MOTAUNG: E jele makgolo a robong a diranta le metso e qadikaneng. MMATIISETSO: Re a o lebohisa Tiisetso ngwana ka le ha o theotse tjhelete ya 20 phofo. O hopole mosadi hore motho ha a entse mosebetsi o motle o lokelwa ho babatswa. 4.1 Lebitso la ntata Motaung ke mang? (1) 4.2 Ho ya ka ditaba tsa qotso ee ke maemo afe a phedisano a renang lapeng lee la Motaung? (1) 4.3 Nakong eo Tiisetso a bontshang mmae watjhe, a e patile ka letsohong, mmae o ile a e tshwantsha le dintho dife TSE PEDI ha a e bona? (2) 4.4 Lebakabaka le neng le etsa hore Motaung a tle a reketse moradi mpho tsatsing leo e ne e le lefe? (1) 4.5 Thabo ee ya Motaung e ile ya etsa hore a itlame ka ho etsetsa Tiisetso eng? (1) 4.6 Nehelana ka dintho TSE PEDI tse ka sitisang tshwantshiso ena ho bapaleha kalaneng. (2) 4.7 Ke ditsela dife tse ka etsuwang ho etsa hore ntho ka nngwe eo o e boletseng ho POTSO 4.6 e se ke ya sitisa tshwantshiso ho bapaleha kalaneng? (2) 4.8 Ke ketsahalo efe e bontshang mothinya o sa lebellwang bophelong ba Tiisetso? (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 12 DBE/Pudungwana 2018 NSC 4.9 Polelo e latelang e dumellana jwang le diketsahalo tsa tshwantshiso ee? Motho wa boraro o senya kgotso pakeng tsa batho ba babedi. (2) 4.10 Lentswe lena 'hle' le buuwang ke Mmatiisetso moleng wa 6 le totobatsa maikutlo afe a hae? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 4.11 Sekaseka kamoo mongodi a atlehileng kateng ho re hlahisetsa tshwantshiso ya masetladibete bukeng ena. (3) MMOHO LE Boela o bale qotso e latelang ka hloko, o nto araba dipotso tse thehilweng tshwantshisong yohle. TEMA YA H MMANKEPE: O reng Nkepe? O re Tiisetso o hlapanya ho ya sekolong se phahameng? Ha se ntho ya tla e bona eo. Letsoho la ntatao le matla hampe. Ha a ka utlwa tseo a ka kakata motho ka patsi a ba a oroha a sa rerisa ka nako le motsotso. NKEPE: Motaung eo o ile a re fumana re tjhesa lekomo re le tseleng mane, 5 mme a re arohanya ha bohloko. MMANKEPE: Ebe o ne a hlaphohetswe tjee nnana, e le Motaung eo ke mo tsebang? NKEPE: O ne a ka tlohela jwang, mme hlooho ya hae e se e wetse nkgong jwalo ka menwana ya tshwene mokopung. 10 MMANKEPE: (A tshehisa bohata.) Ha … haa … Ha di mo je di mo qete Motaung. O nahana hore ke mang yena ya tla busa lefatshe a le mong? Tepo ya sekgo e kgaohile, mme se tla ratlana fatshe pu! Ke mesebetsi ya Raboditse eo, ha a tellwe ke bana, o nkga a sa bola. (A didietsa.) NKEPE: Halala! Ba swabile baikaketsi. Boruinyana bo fedile. Lebala Tiisetso, 15 ke o bolelletse. (Ho kena Motaung.) MOTAUNG: Dumelang ka tlong ka mona. Le re Mmatiisetso o etsang? NKEPE: Tjhe-tjhe. Re ne … Tiisetso … ke … o … MMANKEPE: Tloha, o leshano wena. Re ne re re Motaung o sebetsa hantle mmoho le Raboditse. Ke metswalle ho tloha boseeng. Le ha monna 20 ka a sa kena sekolo. MOTAUNG: Hoo ke nnete e tswileng matsoho. 4.12 Ke lebaka lefe le utlwisitseng Mmankepe le Nkepe bohloko qotsong? (1) 4.13 Ke ntho efe e sa amoheleheng eo Motaung a ileng a e etsa tseleng ha a qeta ho arohanya boNkepe? (1) 4.14 Semelo sa Nkepe sa ho ba mona le mohono, se totobatswa ke mantswe afe A MABEDI qotsong? (Sheba mola 15) (2) 4.15 Phapano e bile efe mahareng a Motaung le Raboditse nakong eo motho ka mong a amohelang sephetho sa tshebetso ya moradi wa hae? (2) 4.16 Ke ketsahalo efe qotsong e totobatsang tomatso? (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 13 DBE/Pudungwana 2018 NSC 4.17 Papiso e sebedisitsweng ke Nkepe moleng wa 9 le 10 e o hlakisetsa jwang maemo ao Motaung a neng a se a le ho ona? (2) 4.18 Ditaba tsa qotso ee di hanana jwang le polelo e reng, 'Thupa e kojwa e sa le metsi'? (2) 4.19 Na o a dumela hore hoja mohlohlelletsi (Mmankepe) a ne a le siyo tshwantshisong ee, e ka be e felletse ka tsela eo e felletseng ka yona? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 4.20 Ho dibapadi tsena tse latelang, ke sefe seo o se ratileng? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao, o ntse o ikamahantse le maemo a phedisano. • Mmankepe • Mmatshele (2) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 35 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 14 DBE/Pudungwana 2018 NSC KAROLO YA C: DIPALEKGUTSHWE Araba POTSO ya 5.1 le POTSO ya 5.2. POTSO YA 5: PELO E JA SERATI – ME Makhapa le ba bang 5.1 'MOLATO LEBITLENG' Bala qotso e latelang ka hloko, o nto araba dipotso tse thehilweng palekgutshweng yohle. TEMA YA I 'Ntate, ha ke tsebe moo ke yang teng, le moo ke tswang teng ke lelekilwe. Ke palamisitswe bese, ke sa tsebe le ho bolellwa hore e ya kae. Ha ke na mme, ha ke na ntate, ha ke na le lona lehae leo nka le supang. Ke holetse ditjhabeng, ke qenehetswe ke nkgono e mong ya seng a hlokahetse. Ha ke a fuwa le ha e le sente fela ya ho reka panana, ke shwele ke tlala.' 5 Mokganni eo o ile a thola tu! A ntsha sakatuku a iphumula meokgo e neng e keleketla marameng a hae, ha a qeta moo, a ntsha diranta tse mashome a mahlano, a mo fa tsona, a ba a mmontsha lebenkelenyana le neng le ntse le butswe hore a ithekele dijo moo a mpe a kgone ho ja. Mokganni eo o ne a shebahala a mo hauhetse haholo hoba qetellong o ile a re: 'Ngwana ka, le 10 nna ke mohlophehi, moo ke dulang teng ke qedisitse, ke ha Mmantja di a loma, nke ke ka kena le wena moo, nka rohakwa hampe, ka ba ka lelekwa. Le nna ke phela ha boima lapeng leo.' O ile a tsamaya jwalo, a mo siya moo a ntse a eme, empa yena a tsamaya a lla, meokgo e tletse mahlo. 5.1.1 Fana ka lebitso la mophetwa eo ho buuwang ka yena qotsong ena. (1) 5.1.2 Mophetwa eo o mmoletseng ho POTSO 5.1.1 o kopane kae le mopheti wa ditaba? (1) 5.1.3 Ke lebaka lefe le entseng hore mokganni a fe mophetwa eo tjhelete? (1) 5.1.4 E ne e le nako efe ya letsatsi ha mokganni le mophetwa eo o mmoletseng ho POTSO 5.1.1 ba kopana? (1) 5.1.5 Fana ka lebaka LE LE LENG leo mopheti a reng le ye le etse hore bana ba balehe malapeng a bobona, ba iphetole mekopakopa. (1) 5.1.6 Bolela ka ntlha E LE NNGWE hore mopheti o kopane le mophetwa eo o mmoletseng ho POTSO 5.1.1 a le boemong bofe. (1) 5.1.7 O ka re mokganni le nkgono ya ileng a thola mophetwa eo o mmoletseng ho POTSO 5.1.1 ba tshwana jwang semelong sa bona? Fana ka lebaka la karabo ya hao. (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 15 DBE/Pudungwana 2018 NSC 5.1.8 O nahana hore mopheti o ile a ba le maikutlo afe ha a fumana mophetwa eo o mmoletseng ho POTSO 5.1.1 a roballetse ruri? Fana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 5.1.9 Ke ketsahalo efe e re bontshang hore palekgutshwe ena e fihlile sehlohlolong? (2) 5.1.10 O nahana hore mamao a kgauta a ileng a fumanwa pela lesea le neng le lahluwe, e ne e le letshwao le supang eng? (2) 5.1.11 Dumellana le polelo e latelang ka ho fana ka lebaka. Mongodi o atlehile ho fa palekgutshwe ena sehlooho se e tshwanelang. (2) 5.1.12 Na diketsahalo tsa palekgutshwe ee ke dintho tse kgolwehang? Fana ka lebaka la karabo ya hao. (2) MMOHO LE 5.2 'DITHETHEFATSI' Bala qotso e latelang ka hloko, o nto araba dipotso tse thehilweng palekgutshweng yohle. TEMA YA J Wantona, moetapele wa bona o dumellana le bona a ntshitse mahlo a mafubedu dinameng sa mokoko o nwele mahe, a rephisitse melomo ena e dilatswa jwalo ka ha eka e tlabotswe ke letolo, a famotse dinko tsena tse shemohileng, tsa ba tsa shemoha. Meno a ntshofetseng le wona ke ao a peralletse jwalo ka a ntja ya makgaba. 5 Wantona enwa ke kgutsanakgudu. O tena a sebedisa dithethefatsi tjena hore a tle a amohelehe thakeng tsa hae. Hangata batho ba tsuba dithethefatsi kapa ho di nwa ka lebaka la ho kgahlwa kapa ho kgahlisa. Dithethefatsi ha di a ka tsa tloha di lokile le ka mohla o le mong mmeleng wa motho. Motho ya sebedisang dithethefatsi o na le matshwao a itseng; mme o ka kgona ho 10 mmona. Dithethefatsi di kgaola tshiu tsa ho phela ho batho ba di sebedisang. Batho ba bangata ba qalang ho sebedisa dithethefatsi ba sa le banyenyane ha ba felle feela, ba a shwa kapa ba phele tjhankaneng boholo ba nako ya bophelo ba bona. Ba bang ba a kgokgofala o fumane motho a felletse fatshe seka thokolosi tsa motebong. 15 5.2.1 Ke lebaka lefe le neng le etsa hore Wantona a tsube dithethefatsi? (1) 5.2.2 Batswadi ba Wantona ba ne ba ile kae ha e le moo ngwana a emelletse dithethefatsi? (1) 5.2.3 Ke bobe bofe bo hlahelang motho ya sebedisang dithethefatsi? Bolela dintho TSE PEDI. (2) 5.2.4 Diketsahalo tsa palekgutshwe ee di etsahalla motseng ofe? (1) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 16 DBE/Pudungwana 2018 NSC 5.2.5 Mokgabisopuo o sebedisitsweng polelong ena, 'Ba dulele ho ikotlollaka molebe sa ntjanyana boraki e tsoha borokong', o o thusa jwang ho utlwisisa maemo ao boWantona ba neng ba le ho ona? (2) 5.2.6 Ke ntho efe eo Salamina le Wantona ba neng ba tshwana ka yona? (1) 5.2.7 Hlalosa sepheo sa mongodi ka palekgutshwe ena. (2) 5.2.8 Diketsahalo tsa palekgutshwe ee di etsahalla mehleng efe? Fana ka lebaka la karabo ya hao. (2) 5.2.9 Polelo ena, 'Moiketsi ha a llelwe', e dumellana jwang le bophelo ba Salamina ho ya ka ditaba tsa palekgutshwe ee? (2) 5.2.10 Sekaseka kamoo batho ba kang Wantona ba ka bakang tshitiso kateng maemong a phedisano. (3) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 35 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 17 DBE/Pudungwana 2018 NSC KAROLO YA D: DITHOTHOKISO Araba POTSO ya 6.1 le POTSO ya 6.2. POTSO YA 6 6.1 Bala thothokiso ena ka hloko, ebe o araba dipotso tse tla e latela. DITEBOHO – RM Ramathe 1 Diteboho ho ngwana Jeso, 2 Diteboho tsa thapelo ho Modimo, 3 Diteboho tsa moya maikutlo ho Mma Jeso, 4 Diteboho tsa kgotso le pako ho Modimo. 5 Mokgathaleng wa bohetene botiabolose diheleng, 6 O sitwa ho ikoba le hoja mokoka lebelo a di fumane, 7 O sitwa le ho leboha le ha dintho di le madulong, 8 Ruri motho o sitwa le ho leboha metsuntsunyane. 9 O ikgakanya le thuso molemo, 10 O mathela dingakeng ho batla thuso, 11 Empa o lebala tsebo ya mathomo, 12 Motho o sitwa ho dumela le ho leboha Mmuso, 13 O lebala mohlodi wa thuso thuto, 14 Empa diteboho tsa tshepo le lerato. 6.1.1 Ho ya ka sethothokisi ke nakong efe eo batho ba hlolehang ho ikokobetsa? (1) 6.1.2 Ke mang eo ho thweng diteboho tsa pako di tshwanela ho lebiswa ho yena? (1) 6.1.3 Sethothokisi se re ke ding tseo batho ba di lebalang ha ba natefetswe? (2) 6.1.4 (a) Nehelana ka paterone ya raeme melathothokisong ya 9–14. (1) (b) Raeme e melathothokisong ya 9–14, e sebedisitswe ka sepheo sefe? (1) 6.1.5 Tshebediso ya lentswe 'Ruri', le molathothokisong wa 8, e re totobaletsa maikutlo afe a sethothokisi? (2) 6.1.6 Nehelana ka mantswe A MABEDI a bopang phetapheto ya moelelo molathothokisong wa 6. (2) 6.1.7 Sethothokisi se sebedisitse phetapheto ya mofuta ofe melathothokisong ya 3 le 4, mme bohlokwa ba yona ke bofe melathothokisong eo? (2) 6.1.8 Dumellana le polelo ena ka ho nehelana ka lebaka. Thothokiso ena ke sonete. (2) 6.1.9 Karaburetso e sebedisitsweng molathothokisong wa 5 e sebedisitswe ka sepheo sefe, mme e o thusa jwang ho utlwisisa seo sethothokisi se se bolelang molathothokisong oo? (3) MMOHO LE Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 18 DBE/Pudungwana 2018 NSC 6.2 Bala thothokiso ena ka hloko, ebe o araba dipotso tse tla e latela. BO SE BO FIHLILE – TJ Mahapa 1 Amohela hle, bo se bo fihlile, 2 Diphateng ha o sa tsoha, 3 Batho ba se ba o bitsa moloi, 4 Ba re ke kgale o di bona. 5 Bo se bo fihlile ntjamme, 6 Hoba matla ha a sa leyo. 7 Sa hao e se e le ho sala le bana, 8 Le hona ho ba etsetsa ditshomo. 9 Ruri bo se bo fihlile ngwaneso, 10 Ha o bua o bua ka bafu, 11 Bao o neng o ja mabele le bona, 12 Mehleng ya hao ha o sa phela. 13 Ebo, bo se bo fihlile ngwaneso, 14 Takatso ya bophelo ha o sa na yona, 15 Tsa bophelo dintle ha o sa di bona, 16 O se o ikopela lefu ho fallela badimong. 6.2.1 Bolela ketsahalo e etswang ke batho ba seng ba tsofetse. (1) 6.2.2 Ho ya ka ditaba tsa thothokiso ee, ke lebaka lefe le etsang hore batho ba seng ba tsofetse ba etse seo o se boletseng ho 6.2.1? (1) 6.2.3 Ke ntho efe eo batho ba seng ba tsofetse ba atisang ho bua ka yona? (1) 6.2.4 Bolela mosebetsi O LE MONG oo batho ba seng ba tsofetse ba atisang ho amahanngwa le wona. (1) 6.2.5 Lebitsomararane le sebedisitsweng molathothokisong wa 5, le sebedisitswe ka sepheo sefe, ntle le ho bontsha kgatello? (2) 6.2.6 Phetapheto e rapameng e molathothokisong wa 10 e sebedisitswe ka sepheo sefe? (2) 6.2.7 Bohlokwa ba anastrofi e sebedisitsweng molathothokisong wa 15 ke bofe? (2) 6.2.8 Qolla molathothokiso oo ho wona ho sebedisitsweng pebofatso. (1) 6.2.9 Sejura/Kgefutsohare e sebedisitsweng molathothokisong wa 13 e sebedisitswe ka sepheo sefe? (2) 6.2.10 Ke molaetsa ofe oo sethothokisi se o fetisetsang ho babadi thothokisong ee? (2) 6.2.11 Molathothokisong wa 5 ho tlohetswe lentswe lefe? Bohlokwa ba ho le tlohela ke bofe? (3) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D: 35 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Verified matching documents

The question paper, memo or addendum that belongs with this document.

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Fal

Explore more published documents in this catalogue.

View all