You're offline
Skip to content
Question paper

Sesotho FAL P1 Nov 2024 MG.pdf

Subject: Sesotho FalGrade 1220249 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL) PAMPIRI YA PELE (P1) PUDUNGWANA 2024 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 80 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 9. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 2 DBE/Pudungwana 2024 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO TATAISO YA HO TSHWAYA TEKOKUTLWISISO • Kaha sepheo e le ho lekola kutlwisiso ya moithuti, mopeleto o fosahetseng le diphoso tsa puo dikarabong di se ke tsa nkelwa matshwao ntle le ha diphoso tseo di nyotobetsa moelelo/kutlwisiso. (Diphoso di nne di bontshwe.) • Ha mohlahlobuwa a sebedisitse mantswe a tswang puong e nngwe e seng ena eo a hlahlojwang ho yona, mantswe ao a se natswe, hape a se ke a nkelwa matshwao ha karabo e ntse e na le moelelo o utlwahalang. Leha ho le jwalo, haeba lentswe le hlahang puong e nngwe le sebedisitswe temeng ebile le hlahella e le karabo e nepahetseng, le fuwe matshwao. • Bakeng sa potso e bulehileng, mohlahlobuwa a se ke a abelwa matshwao bakeng sa karabo ya E/TJHE kapa KE A DUMELA/HA KE DUMELE. Lebaka/tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. Ho se fanwe ka matshwao bakeng sa NNETE/MAFOSI kapa NTLHA/MOHOPOLO. Lebaka/tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. • Ha karabo e hloka lentswe le le leng empa mohlahlobuwa a fane ka polelo e felletseng, a abelwe matshwao ha feela lentswe le nepahetseng le sehelletswe mola/qatsohisitswe. • Ha potso e batla dintlha tse pedi/tharo, mohlahlobuwa yena a fane ka dintlha tse fetang tse boletsweng, ho tshwauwe tse pedi/tharo tse qalang. • Amohela mantswe a hlahang dipuong tse sebediswang mabatoweng a fapaneng. • Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka botlalo. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 3 DBE/Pudungwana 2024 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 1 TEMA YA A 1.1 • O re ke ho bapala le batho ba bong bo bong. • O re ke ho apara diaparo tsa batho ba bong bo bong. • O re ke ho tlwaelana le batho ba bong bo bong. • O re ke ho bopeha jwalo ka batho ba bong bo bong. E le nngwe feela. (1) 1.2 • Ke nakong eo a neng a tsamaya hara motse a thusa mmae ho rekisa. • Ke nakong eo batho ba neng ba nahana hore ke moshanyana. • Ke nakong eo e sa le ngwana. E le nngwe feela. (1) 1.3 O ne a ba araba ka matla a ba jwetsa hore yena ke ngwanana.  (1) 1.4 Tletsetletse/ho tsamaya ronto/hohle.  (1) 1.5 • Ba ne ba sa ngangisane le yena.  • Ba ne ba sa mo rohake.  • Ba ne ba sa mo hatelle hore hantlentle ke moshanyana. Tse pedi feela. (2) 1.6 • Mongodi o a sebedisitse ho bontsha hore ke puommui/ke mantswe a tswang molomong wa sebui✓✓ • Mongodi o bontsha hore motho eo hantlentle ha se moshanyana ke ngwanana.  E le nngwe feela. (2) 1.7 Sepheo sa mongodi ke ho hlakisetsa babadi hore batho bao a buang ka bona ba ne ba feela ba thabela ntwa ebile ba a e rata.  (2) 1.8 D/o ithutile a sa le monyane haholo. ✓✓ (2) 1.9 • O ne a apara diaparo tsa bashanyana/marikgwe eseng tsa banana. ✓✓ • O ne a hlola bashanyana ntweng empa e le ngwanana. • O ne a siya bashanyana mabelong empa e le ngwanana. E le nngwe feela. (2) 1.10 • Mafosi, hobane ho thwe mmae o ne a phela ka ho rekisa.  • Mafosi, hobane o re ba ne ba matha ba sa rwala dieta ditlhodisanong tsa mabelo. E le nngwe feela. (2) 1.11 Papiso e sebedisitswe ka sepheo sa ho hlakisetsa babadi kamoo Caster a ileng a thola kateng jwalo ka ha lefatshe le sa bue le ha o ka le etsa eng kapa eng, e leng hore o hlile a thola tu!  (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 4 DBE/Pudungwana 2024 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 1.12 A amana le tsona ka hore leha Castor a ne a qabana le bashanyana ba motseng wa habo ba ile ba theha kgotso, ba etsa setswalle, ba phela mmoho.  (2) 1.13 Ke hanana le yona hobane ditaba tsa yona di lokela batjha bohle ba holelang mahaeng le makeisheneng kaha di eletsa/kgothatsa motjha ofe le ofe hore a eme, a itwanele bathong ba batlang hore a phele seo a seng sona.  Ho elwe tlhoko dikarabo tsa baithuti. (2) 1.14 O se fihlelletse hobane sepheo sa hae ke ho eletsa batho bohle hore ba itwanele ba se dumelle mang kapa mang ho ba kgella fatshe bophelong.  (2) Ho elwe tlhoko dikarabo tsa baithuti. TEMA YA B 1.15 Ke ka selemo sa 1999.  (1) 1.16 Ke ba dikete tse lekgolo le mashome a tsheletseng/160 000.  (1) 1.17 Di tshwana ka hore dilemong tseo dipalopalo tsa batho ba hlokang bodulo ha di a ka tsa fetoha/dipalopalo haesale di tsitsitse.  (2) 1.18 Dipalopalo tse hodimo di ka baka boshodu, dipolao le botlokotsebe bo bongata hobane batho bao ba bangata ba tla tlalatlala hohle le naha. Ka hona ho ba thata ho mapolesa le ba makala a tshireletso ho tshwara batlodi ba molao hobane ho sa tsejwe moo ba dulang teng. Hape di ka baka mafu a tshwaetsang a ka ata ha bobebe a iketsa sewa.  (2) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 5 DBE/Pudungwana 2024 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 QOTSO DINTLHA TSE LEBELLETSWENG 1. Ho ba karolo ya moqoqo nakong ya 1. Etsa bonnete ba hore o ba le seabo puisano ke sesupo sa hore motho a ka moqoqong wa lona. atameleha ha bobebe. 2. Sebui se se ke sa sehollwa le ho ahlolwa 2. Se hanyetse le ho nyatsa sebui, se empa ho mamelwe maikutlo a sona. mamele ka tlhoko pele o ka arabela. 3. Ho mamela ka tlhoko le ho ipeha 3. Mamedisisa sebui hore se tle se boemong ba ya qoqang, ho mo phutholohe. nolofalletsa ho o qoqisa le ho o atamela. 4 Dumella ya qadileng moqoqo ho bua ho 4. Fa monga moqoqo monyetla a bue o feta. haholwanyane. 5. Ipehe boemong ba hae ka ho mmotsa 5. Botsa dipotso ho bontsha thahasello dipotso malebana le moqoqo wa lona. moqoqong wa lona. 6. Ho tatela ho fetola moqoqo nakong ya 6. Se potlakele ho bua ka ntho e nngwe puisano ho a sitisa hobane ho ka esele o tla mo diha moya. nyahamisa ya o qoqelang. 7. Ka mehla ha o qoqa le motho, hopola ho 7. Nakong ya moqoqo mo tsotelle, mo tsepamisetsa mahlo ho yena. shebe mahlong. (Palo ya mantswe = 70) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 6 DBE/Pudungwana 2024 NSC – Tataiso ya ho tshwaya Kgutsufatso e lokela ho tshwauwa ka tsela e latelang: Ho tshwauwa ha kgutsufatso ho itshetlehe ho kenngweng ha dintlha tsa bohlokwa ho latela ditlhoko tsa potso le ho ntshuweng ha tse sa amaneng le potso hohang. Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 dintlheng tse supileng. (Letshwao bakeng sa ntlha) o Matshwao a 3 tshebedisong ya puo. o Matshwao ohle: 10 Kabo ya matshwao a tshebediso ya puo ha mohlahlobuwa a sebedisitse mantswe a hae: o Dintlha tse 1 – 3 tse nepahetseng: kabo e be letshwao le le leng. o Dintlha tse 4 – 5 tse nepahetseng: kabo e be matshwao a mabedi. o Dintlha tse 6 – 7 tse nepahetseng: kabo e be matshwao a mararo. Kabo ya matshwao a tshebediso ya puo ha mohlahlobuwa a qotsitse dintlha di le jwalo temeng: o Ha a qotsitse ntlha tse (6 – 7) a se abelwe matshwao a puo. o Ha a qotsitse ntlha tse (4 – 5) a abelwe letshwao le le leng la puo. o Ha a qotsitse ntlha tse (2 – 3) a abelwe matshwao a mabedi a puo. ELA TLHOKO: Palo ya mantswe: o Batshwai ba nnetefatse palo ya mantswe a sebedisitsweng ke bahlahlobuwa. o Mohlahlobuwa a se hulelwe matshwao ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e sa nepahala. o Ha mohlahlobuwa a fetile/tlotse palo e lebelletsweng ya mantswe, motshwayi a bale ho fihlella qetellong ya polelo e le nngwe ka mora palo ya mantswe a lebelletsweng, mme a se tshwaye kgutsufatso kaofela. Mohlala wa palo ya mantswe: Polelo Palo ya mantswe SESOTHO Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 7 DBE/Pudungwana 2024 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA C: DIBOPEHO LE MELAO YA TSHEBEDISO YA PUO TATAISO YA HO TSHWAYA • Mopeleto o Dikarabo tsa lentswe le le leng di tshwauwe di nepahetse leha mopeleto o fosahetse, ntle leha phoso eo e nyotobetsa moelelo wa lentswe leo. o Dikarabong tse ngotsweng ka dipolelo tse felletseng, mopeleto o fosahetseng o se ke wa abelwa dintlha haeba tshebediso ya puo e le yona e hlahlojwang. o Moo ho hlahlojwang kgutsufatso ya mantswe, karabo e be le matshwao a nepahetseng a puo. • Dibopeho tsa dipolelo e be tse nepahetseng di be di ngolwe ka dipolelo tse felletseng ho latela ditaelo. • Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka botlalo. POTSO YA 3 3.1 Ke lewa la ho sebedisa mongolo o moholo. (1) 3.2 • O le sebedisitse ka sepheo sa ho hohela bareki hore ba reke sehlahiswa sa hae ka kgopolo ya hore ba tla folla ruri.  • Ke ho fa ba reretsweng sehlahiswa sena hore ba ke ba inahane pele ba nto etsa qeto ya ho reka. E le nngwe feela. (2) 3.3 Ke letshwao la mahlaba a mo totetseng haholo hobane e bile o itshwere hlooho ekang e ngamolwa ke ona mahlaba a tswang marung ao.  (2) 3.4 B/Dipilisi tsena di tshedisa motho mahlabeng a ye pholong hobane borokgo bo sebedisitswe jwalo ka setshwantsho se tlosang motho tulong ho ya ho e nngwe.  (2) 3.5 Lehadima le tsekema nakong ya difefo tse matla ebile le tsamaya le letolo le bohale. Le tsekema ka ho panya ha leihlo. Boteng ba lona papatsong ena ke sesupo sa hore Advil ke mampodi/pooho e fodisa mahlaba a matla jwalo ka lehadima.  (3) 10 POTSO YA 4 4.1 Puo ya mosadi eo ya mmele e bontsha a sa kgathalle maqheku ao hohang, o ipehetse maoto a hae hodima tafole ebile o bua le maqheku a a furalletse. (2) 4.2 E qatsohisitswe ho bontsha hore ke sehlooho sa khathunu, se jereng mohopolo wa sehlooho wa yona ebile se hohella baamohedi ba ditaba khathanung.  (3) 4.3 Mola o molelele o amana le maemo a iponahatsang foreiming ya B kaha motho ya lokelang ho ba thusa o bonahala a qhanollotse, a sa ba kgathalle ka letho.  (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 8 DBE/Pudungwana 2024 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 4.4 Ho phoqo ho sebediswa mantswe kapa ketso e kang e molemo empa hantlentle sepheo sa yona e le ho phoqa.  Ketso ya mosadi ya temeng ya B ya ho dula a qhanolotse a behile maoto tafoleng ebile a furalletsere maqheku, ha e thuse ka letho e totobatsa phoqo hobane ke yena ya lokelang ho thusa maqheku empa o robile monakedi ha a na taba le bona. Ke bona mokhathutni a leka hore lemosa boomo bo bobe bo jeleng setsi tjhabeng sa rona.  (3) POTSO YA 5 5.1 5.1.1 Le nthusa ho utlwisisa hore mongodi o tsebisa babadi hore ho fumana metsi, ho hloka batho ho itela ho ya hohle hobane ba ke ke ba a fumana tulong e itseng.  (1) 5.1.2 E sebedisitswe ka sepheo sa ho fa lentswe ʹtlhokehoʹ sefutho e le ho toboketsa hore efela metsi a hlokeha e le kannete.  (2) 5.1.3 O le sebedisitse ho tiisa taba ya hore tlhokeho ya metsi ke bothata bo boholo hohle.  (2) 5.1.4 Seratswana sa pele se bua ka qaka e teng ya tlhokeho ya metsi ha sa bobedi se bontsha tharollo e ka fihlelwang ka bothata bona.  (2) 5.1.5 Ke utlwisisa hore mongodi o ne a hatella lentswe ʹruriʹ kaha o ne a tiisa ebile a hlapanya hore tlhokeho ya metsi e ne e fela e le qaka.  Ho elwe tlhoko dikarabo tsa baithuti. (2) 5.1.6 • Bohlokwa ba sona ke ho thintshetsa ditaba hosele ntlheng ya ho hlatswetsa dinokaneng e le ho tiisa hore batho ba ntse ba na le qaka ntlheng ya ho fumana metsi.  (2) 5.1.7 Karaburetso ke mokgabisopuo oo ho wona, mongodi a sebedisang puo ka tsela e tla susumetsa mmadi ho ipopela setshwantso se itseng kelellong ya hae. Karaburetso ya pono e sebedisitsweng seratswaneng seo, e hlakisetsa mmadi hantle kamoo batho ba sokolang metsi kateng. Mongodi o re ba tlalatlala hohle ba batla moo ba ka a fumanang teng Ho elwe tlhoko dikarabo tsa baithuti. (3) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 9 DBE/Pudungwana 2024 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 5.2 5.2.1 Le re bolella hore eo ho buuwang ka yena, o bua haholo, ha a qete ho bua.  (2) 5.2.2 • Mantswe ana e ka nna yaba a lebiswa ho mosadi ya nomorilweng B. E le ha a mmotsa hore o tla qeta ho bua na. • Mantswe ana e ka nna yaba a amana le monna ya nomorilweng C. E le ha mosadi ya nomorilweng A a araba ya nomorilweng B hore ebe monna o sa tla qeta ho hlatswa dijana na. Ho elwe tlhoko dikarabo tsa baithuti. (2) 5.2.3 Ke molaetsa wa hore monna wa hae yena ha a mo thuse ho hlatswa dijana, mme seo ha se mo thabise.  (2) [20] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 40 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 80 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Fal

Explore more published documents in this catalogue.

View all