Skip to content

Mathematics Grade 1 ANA Exemplars 2012 QP (Sesotho)

Question paperMathematicsGrade 1201222 pages

Grade 1 Mathematics question paper from the ANA Exemplars 2012 (Sesotho), 22 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com TLHAHLOBO YA SELEMO LE SELEMO YA NAHA KEREITI 1 SESOTHO - MMETSE SETE 1: 2012 MOHLALA
Downloaded from hlayiso.com MASUPATSELA A TSHEBEDISO YA MEHLALA YA TEKOLO YA SELEMO YA NAHA (ANA) 1. Tjhebokakaretso Tekolo ya selemo ya Naha (ANA) ke tekolo e akaretsang ya tsebo le bokgoni tseo baithuti ba lebelletsweng hore ebe ba di fihletse sehlopheng ka seng ho tloha ho sehlopheng sa 1 ho isa ho sa 6 le 9. Ho tshehetsa tekolo ya bona ya sekolong le ho netefatsa hore baithuti ba ba le boitshepo bo hlokehang hore ba be le seabo se atlehileng ditekolong tsa mapomelo, dihlopha tsa ba sebetsanang le thuto mmoho le ditsebi tsa thuto di ile tsa rala mehlala ya dipotso tsa ditlhahlobo tseo matitjhere a ka di sebedisang dithutong tsa bona tsa Dipuo le Dipalo. Mehlala ena ya dipotso tsa ditlhahlobo e ile ya ralwa hodima mosebetsi wa kharikhulamo o akaretsang dikotara tsa 1, 2 le 3 tsa selemo sa sekolo mme paterone ya ANA ya tlhahlobo, ke keketso ya tekolo ya ka sekolong eo baithuti ba tshwanetseng ho e etsa ba sa kgaotse, empa mehlala ena ha e nke sebaka sa ditekolo tsa ka sekolong. 2. Moralo wa mehlala ya dipotso Mehlala ena e reretswe ho bontsha mekgwa kapa ditsela tse fapaneng tsa ho lekola bokgoni kapa tsebo. Mohlala, semelo sa tsebo kapa bokgoni bo ka hlahlojwa ka dipotso tseo moithuti a kgethang karabo ho tse ngata tseo a di filweng, kapa ho araba ka polelo e batlang hore baithuti ba ngole karabo e kgutshwane kapa seratswana. Mefuteng e meng ya dipotso e ka ba moo baithuti ba tshwanetseng ho kopanya ka mela mantswe kapa dipolelo tseo ho fanweng ka tsona, ho qetella dipolelo kapa dipaterone, ho bontsha dikarabo tsa bona ka ditshwantsho, jj. Ka hoo, haeba matitjhere le baithuti ba fumana mehlala e mmalwa ya dipotso tse radilweng ka mekgwa e fapaneng empa di batla ntho e tshwanang, ba utlwisise hore sena se entswe ka boomo mme baithuti ba tshwanetse ho araba dipotso tsohle tsa mehlala. Ho hlahisa baithuti mefuteng kapa mekgweng e fapaneng ya ho botsa dipotso ho ba neha boitshepo bo hlokahalang hore ba tobane le ditlhahlobo. 3. Dikamano le dithusathuto tse ding tsa ho ithuta le ho ruta Bakeng sa kgokahanyo ya ditema le dipotso e hlokehang, mehlala e meng ya ditema le dipotso e hokahantswe ka boomo le dibuka tsa tshebetso tse dumellanang le sehlopha ka seng. Hape e tsamaelana le ditlhoko tsa Setatemente sa Kharikhulamo ya Naha Dihlopha tsa R ho isa ho 12 (NCS), dipehelo tsa Kharikhulamo le Setatemente sa Tsamaiso ya Tekolo (CAPS) bakeng sa dihlopha tse amehang, le Prothokholo ya Naha ya Tekolo. Mmoho ditokomane tsena le tse ding tseo sekolo se ka di hlahisang, di aha motheo wa bohlokwa wa disebediswa ho thusa matitjhere ho rala dithuto le ho tsamaisa tekolo ya molao (tekolo ya ho ithuta). 4. Kamoo mehlala e ka sebediswang kateng Le ha mehlala ya sehlopha le thuto di bokelletswe e le sehlopha se phethahetseng titjhere ha e a tlameha ho neha barutwana pokello ena yohle ho araba dipotso kaofela ka nako e le nngwe. Titjhere e tshwanetse ho hlwaya mehlala ya dipotso tse amanang le thuto e reretsweng nako e beilweng. Mehlala 1
Downloaded from hlayiso.com ya dipotso ya tlhahlobo e kgethilweng ka hloko, kapa sehlopha sa dipotso se kgonehang, se ka sebediswa mekgahlelong e fapaneng ya ho ruta le ho ithuta ka mekgwa e latelang. 4.1 Mathomong a thuto e ba tlhahlobo ya sesosa ho lekola matla le bofokodi ba baithuti. Patlisiso e tshwanetse ho latelwa kapele ke tlaleho ya hore baithuti ba sebeditse jwang le ho rala dithuto tse nepahetseng ho hlaola bofokodi bo hlahetseng le ho matlafatsa seo baithuti ba se kgonang. Tlhahlobo ya patlisiso e ka fanwa e le mosebetsi wa hae e le ho boloka nako ya ho ithuta ka sehlopheng. 4.2 Nakong ya ho ithuta ka ho fanwa ka ditlhahlobo tse kgutshwane tsa tsebiso ho bona hore na baithuti ba utlwisisa tsebo le bokgoni boo ba bo rutwang le ho etsa bonnete ba hore ha ho moithuti ya sallang morao. 4.3 Qetellong ya thuto kapa thuto tse mmalwa, ho ka ba le tlhahlobo e akaretsang ho bona hore na baithuti ba utlwisisitse seo ba se rutilweng le hore na ba ka feela ba sebedisa tsebo le bokgoni boo ba ithutileng bona. Baithuti ba tshwanetse ho fumana tlaleho kapele ha titjhere a ntse a nahana hore na ho na le dikarolo tsa thuto tse tshwanetseng ho phetwa ho matlafatsa tsebo le bokgoni bo itseng. 4.4 Mekgahlelong yohle baithuti ba tshwanetse ho rutwa mekgwa e fapaneng ya tekolo kapa ya ho botsa dipotso, mohl., ho araba dipotso moo moithuti a kgethang dikarabo tse nepahetseng ho tseo a di filweng (MC), ho araba dipotso tse se nang karabo e le nngwe (OE) kapa ho araba dipotso tsa boikgethelo (FR) le ho araba dipotso tse batlang karabo tse kgutshwane, jj. Le ha tlhahlobo tsa patlisiso le tsa tsebiso di ka ba kgutshwane ho ya ka lenane la dipotso, tlhahlobo e akaretsang e kenyeletsa dipotso tse ngatanyana, le ho botsa dipotso tse etsang tlhahlobo e phethahetseng ho ya ka mosebetsi o seng o phethilwe nakong eo ho fanwang ka tlhahlobo. Ntho ya bohlokwa ke ho etsa bonnete ba hore baithuti ba fumana boikwetliso bo lekaneng ba ho araba dipotso tsa tlhahlobo tse felletseng tsa mofuta wa paterone ya ANA. 5. Memorandamo kapa lesupatsela la ho araba dipotso Ho fanwe ka mohlala o totobetseng wa karabo tse lebelletsweng (memorandamo) bakeng sa mohlala ka mong wa dipotso tsa tlhahlobo mmoho le bakeng sa paterone ya dipotso tsa ANA. Matitjhere a hlokomele hore memorandamo o keke wa phethehala ka hohlehohle. O ka fana feela ka tsela e phatlaletseng ya dikarabo tse lebeletsweng, mme matitjhere a tshwanetse ho fatisisa le ho putsa dikarabo tse amohelehang le mefuta e meng ya dikarabo tsena tseo baithuti ba faneng ka tsona. 6. Phethahatso ya kharikhulamo Ho bohlokwa hore kharikhulamo e phethahatswe ka botlala dihlopheng kaofela. Mehlala ya sehlopha ka seng hammoho le thuto, ha di a emela kharikhulamo ka kakaretso. Empa di hlwaya tsebo le bokgoni ba bohlokwa, le hona bakeng sa mosebetsi wa kotara tsa 1, 2, le 3 tsa selemo sa sekolo. Potlako ya mosebetsi o tshwanetseng ho etswa ho ya ka dikotara tsa sekolo e hlakisitswe tokomaneng e nepahetseng ya CAPS. 7. Qetello 2
Downloaded from hlayiso.com Morero wa Lefapha ke ho phahamisa maemo le boleng ba tshebeletso ya baithuti bokgoning ba bohlokwa ba ho bala le ho ngola le dipalo. ANA ke sebetsa se seng seo Lefapha le se sebedisang ho disa hore na tshebeletso ya baithuti e a ntlafala, ha e fetohe kapa e a theoha na. Mabatowa le dikolo di lebeletswe ho tshehetsa matitjhere le ho ba fepela ka disebediswa ho ntlafatsa katleho ya ho ithuta le ho ruta dikolong. Ka ho sebedisa mehlala ya ANA e le karolo ya disebediswa tsa bona tsa ho ruta, Matitjhere a tla thusa baithuti hore ba tsebe le mekgwa e fapaneng ya tekolo. Tshebediso e nepahetseng ya mehlala ena e tla thusa baithuti ho kotula le ho bopa boiphihlelo bo nepahetseng ho ithuta ka katleho le ho sebetsa ka matla ho feta ditlhahlobong tse latelang tsa ANA. 3
Downloaded from hlayiso.com DINOMORO, DITSHEBETSO LE DIKAMANO 1. Bala diapole tse latelang, ebe o ngola karabo e nepahetseng __________________________ 2. Ngola palo ya ditulo tse latelang ka mantswe. __________________ 3. Ngola palo ya dieta tse ka lebokeseng. O filwe karabo ya pele. 2 4. Sebopeho sena, se na le mahlakore a makae? ___________ 5. Sheba didikadikwe tse ka foreiming mme o ngole nomoro e lekanang le didikadikwe ka foreiming e nngwe. 4
Downloaded from hlayiso.com 6. Tlatsa dinomoro tse siilweng. a. 1 4 5 b. 1, 2, _______, _______, 5 c. 5, 4, _______, ________, 1 d. 5 3 1 7. Nyalanya ditshwantsho le palo ya tsona. 5
Downloaded from hlayiso.com 2 9 6 4 6
Downloaded from hlayiso.com 8. Sheba setshwantsho se seng le se seng. Etsa sedikadikwe nomorong e nyalanang le palo ya ditshwantsho sehlopheng se seng le se seng. 1 2 3 4 5 1 2 3 4 5 1 2 3 4 5 1 2 3 4 5 1 2 3 4 5 9. Thala mola ho hokahanya dinomoro tse tshwanang. 8 7 5 5 8 7 7
Downloaded from hlayiso.com 10. Kopiletsa letshwao la palo leo ho fanweng ka lona ka hara sedikadikwe se seng le se seng. 5 2 11. Ngola letshwao la palo lebokoseng le leng le le leng ho nyalana le lentswe le sehetsweng mola. Dinaledi tse nne Dipalesa tse pedi Mmutlanyana o le mong 8
Downloaded from hlayiso.com 12. Qetella tafole e ka tlase. Dintho Letshwao la Lebitso la palo palo _______ Nne 2 ________ Hlano ________ 3 ________ 1 ________ 9
Downloaded from hlayiso.com 13. Ngola mabitso a dipalo a matshwao a latelang. 5 1 3 4 2 14. Hokelela letshwao la palo lebitsong la palo ka ho thala mola. 3 Nngwe 2 Pedi 1 Nne 4 Tharo 5 Hlano 10
Downloaded from hlayiso.com 15. Sheba difapano le matheba, o ntano tlatsa polelo ka ho sebedisa mantswe ana: ngata kapa nyane. X X X   Difapano di _______ ho feta matheba. Matheba a ma _______ ho difapano. 16. Sheba ditshwantsho mme o arabe dipotso. a. podi kgoho _________ e na le maoto a mangata ho feta ___________. 11
Downloaded from hlayiso.com b. koloi baesekele __________ e na le mabidi a manyane ho feta a _________ c. kgutlonnetsepa kgutlotharo __________ e na le mahlakore a mangata ho feta a __________ 17. Ngola dinomoro tse latelang ho tloha ho tse nyenyane ho ya ho tse kgolo. 5, 3, 2, 4, 1 ____________________________________________________________ 12
Downloaded from hlayiso.com 18. Ngola dinomoro tse latelang hodima/ka hara folaga ho qala ka tse kgolo ho ya ho tse nyenyane. 2, 1, 4, 5, 3 19. Ngola dinomoro tsena 3, 2, 1, 4, 5 ka hara sedikadikwe se nyalanang le boholo ba dinomoro, ka tatellano ho tloha ho tse nyenyane ho ya ho tse kgolo. 20. Ngola dinomoro tsena 1 ho fihla ho 5 sebakeng se nepahetseng molapalong. O se o etsweditswe nomoro e le nngwe. 0 3 21. Tlatsa dinomoro tse siilweng molapalong. 0 1 2 4 5 13
Downloaded from hlayiso.com THAROLLO YA BOTHATA 22. Puleng o na le dipanana tse 3, Modise o na le dipanana tse 2. Puleng le Modise ba na le dipanana tse kae mmoho? ________________________ 23. Ntombi o kgile dipalesa tse 2, Sara o kgile dipalesa tse 2. Mmoho ba kgile dipalesa tse kae?_________ 24. Phuti o na le bisikiti e 1 ha Thabo a ena le dibisikiti tse 2. Phuti le Thabo ba na le dibisikiti tse _______ mmoho. 25. Dilamunu tse 2 le dilamunu tse 3, di etsa dilamunu tse ________ mmoho. 26. Dihwete tse 4 tlosa sehwete se le 1, ho sala dihwete tse ______. 27. Thabo o na le dipompong tse 3. Tumi o nka dipompong tse 2 ho yena. Jwale Thabo o setse ka dipompong tse kae? ______________________ 14
Downloaded from hlayiso.com 28. Diapoleng tse 4, ha o tlosa diapole tse 2, ho sala diapole tse kae? _______. 29. Thato o na le dimabole tse 5. O fa Disebo dimabole tse 3. Thato o setse ka dimabole tse kae? __________ 30. Rapolasi o na le dikgomo tse 4. O rekisa dikgomo tse 2. O setse ka dikgomo tse kae? _______ DITSHEBETSO - HO KOPANYA LE HO TLOSA. 31. Sheba ditshwantsho mme o arabe dipotso a ho ya ho c. a. 1 le 1 di etsa diapole tse _________ 2 le 1 di etsa diapole tse _________ 2 le 3 di etsa diapole tse _______ 15
Downloaded from hlayiso.com b. 2 le 2 di etsa dinonyana tse ________ 3 le 1 di etsa dinonyana tse _________ 2 le 3 di etsa dinonyana tse_______ c. Dieteng tse 4, tlosa dieta tse 2, ho sala dieta tse _________ Dieteng tse 3 tlosa seeta se le 1 ho sala dieta tse _________ 16
Downloaded from hlayiso.com DIPATERONE, DIKAMANO LE ALEJEBRA 32. Qetella paterone. __________ ________ __________ __________ 33. Thala ditshwantsho tse pedi tse latelang pateroneng. __________ __________ 34. Thala disete tse 2 tse latelang tsa matheba dipateroneng.       _________________________________ 17
Downloaded from hlayiso.com SEBAKA LE SEBOPEHO 35. Sheba setshwantsho se ka tlase mme o etse sedikadikwe tlhakung ya polelo e hlalosang setshwantsho sa karabo e nepahetseng. A. Bolo e ka hodima lebokose. B. Bolo e ka tlasa lebokose. 36. Sehella lentswe “letsoho le letona” kapa “letsoho le letshehadi” ho netefatsa polelo. Sefate se eme letsohong le letona/ le letshehadi la katse. 18
Downloaded from hlayiso.com MOMETHO 37. Setshwantsho sa sefahleho se bopehile jwalo ka bolo kapa lebokose? Se bopehile jwalo ka _______________________ 38. Nyalanya setshwantsho le sebopeho se nepahetseng. 39. Etsa sedikadikwe lentsweng le hlalosang setshwantsho. Hoseng/ bosiu 19
Downloaded from hlayiso.com 40. Thala “X” setshwantshong se selelele ho feta se seng. 41. Etsa sedikadikwe mothong e mokgutshwane. 42. Thala sedikadikwe setshwantshong sa phoofolo e boima. 43. Thala “X” ka hodima setshwantsho se bobebe. 20
Downloaded from hlayiso.com 44. Sehella mola ka tlasa phoofolo e boima. 21

Study this subject

More from Grade 1 Mathematics

View all