Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 1 November 2024 NSC Memo

MemorandumSesotho HLGrade 1220248 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 1 memorandum from the November 2024 NSC, 8 pages. Read online or get the free PDF download, question paper linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

November NSC 2024

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA 1 (P1) PUDUNGWANA 2024 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 70 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 8. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 2 DBE/Pudungwana 2024 NSC TATAISO YA HO TSHWAYA TEKOKUTLWISISO o Kaha sepheo e le ho lekola kutlwisiso ya moithuti, mopeleto o fosahetseng le diphoso tsa puo karabong di se ke tsa nkelwa matshwao ntle le ha diphoso tseo di nyotobetsa moelelo/kutlwisiso. (Diphoso di nne di bontshwe) o Ha mohlahlobuwa a sebedisitse mantswe a tswang puong e nngwe e seng ena a hlahlojwang ho yona, mantswe ao a se natswe, hape a se ke a nkelwa matshwao ha karabo e ntse e na le moelelo o utlwahalang. Leha ho le jwalo haeba lentswe le hlahang puong e nngwe le sebedisitswe temeng ebile le hlahella e le karabo e nepahetseng le fuwe matshwao. o Bakeng sa potso e bulehileng, mohlahlobuwa a se ke a abelwa matshwao bakeng sa karabo ya E/TJHE kapa KE A DUMELA/HA KE DUMELE. Lebaka/ tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. o Ho se fanwe ka matshwao bakeng sa NNETE/MAFOSI kapa NTLHA/MOHOPOLO. Lebaka/tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao. o Ha karabo e hloka lentswe le le leng empa mohlahlobuwa a fane ka polelo e felletseng, a abelwe matshwao ha feela lentswe le nepahetseng le sehelletswe mola/qatsohisitswe. o Ha potso e batla dintlha tse pedi/tharo, mohlahlobuwa yena a fane ka dintlha tse fetang tse boletsweng, ho tshwauwe tse pedi/tharo tse qalang. o Amohela mantswe a hlahang dipuong tse sebediswang mabatoweng a fapaneng. o Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka ho botlalo. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla EM MP M
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 3 DBE/Pudungwana 2024 NSC KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 TEMA YA A 1.1 Dipapadi tse 3✓ - Bolo ya maoto - Rakebi✓ - Krikete✓ (3) [Tshwaya tse pedi feela] 1.2 Kotetswe.✓ (1) 1.3 Karaburetso ya pono✓ Ha monghadi Nelson Mandela a lokollwa tjhankaneng…. ʹ... MaAforika Borwa a ile a tlamoloha diketaneng …'✓ (2) 1.4 Sehlopha sa Bafana Bafana ha se so hape mohope wa lefatshe, ha sehlopha sa di-Springbok se se se o hapile ka makgetlo a mane.✓✓ (2) 1.5 B/se fumane tokoloho dipapading. ✓ Dikotloqobello di ne di se di tlositswe.✓ (Mohlahlobuwa a abelwe matshwao ha feela a buile ka ntlha ya hore e ne e se e se nako ya kgatello). (2) 1.6 Ke mafosi hobane temeng ho bolelwa hore sehlopha sena esale se phutla ka mokotla o metsi, mme ha se so hape mohope leha o le mong wa lefatshe. Ke nnete hobane sehlopha sa naha se ile sa re etsa matlotlo ka ho phunyeletsa mohopeng wa naha ka selemo sa 2024✓✓ (2) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.7 Ho bolela hore sehlopha sena se iponahaditse se le hlwahlwa papading ena ka ho hlola mohope wa lefatshe makgetlo a mane. ✓✓ (2) (Mohlahlobuwa a abelwe matshwao ha feela a buile ka ntlha ya hore sehlopha se ne se sebetsa hantle.) 1.8 • Mopresidente Mandela o ne a apere sekipa sa sehlopha sa rugby, e leng ntho e neng e etswa ke batho ba basweu feela mehleng ya kgethollo.✓ • Mantswe a hlahellang mola wa 19 a reng ka selemo sa 1991 kgethollo ya mmala e ne e se e ya moriting. • Batho ba batsho ba ile ba tlala setediamo. • Dihlopha di ile tsa ba le seabo ditlhodisanong tsa matjhaba. • Ho ne ho se ho na le moporesidente wa motho e motsho.✓ (2) (Tshwaya tse pedi feela) 1.9 Ke ho thoholetsa batho ba ikutlwe ba hlomphehile. ✓✓ (2) (Dikarabo tse nepahetseng tsa bahlahlobuwa, tse nang le mantswe a hlalosang tlotla di ananelwe) 1.10 Dihlopha tse ding di beha molato ho dibapadi. ✓ Dihlopha tse ding di beha molato ho mokwetlisi.✓ (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla EM MP M
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 4 DBE/Pudungwana 2024 NSC 1.11 E, ke ntho e amohelehileng hobane seo e ne e le ho bontsha hore o kgothalletsa batho ho ba le seabo dipapading ho sa kgathalletsehe morabe. KAPA Ha se ntho e amohelehileng haholo matsatsing a hona jwale kaha maemo a ditjhelete a a hlobaetsa naheng ena. Ketso ena ke ho senya tjhelete ya balefi ba lekgetho. ✓✓ [Maikutlo a mohlahlobuwa a ananelwe] (2) 1.12 - Ho bula molomo haholo. - Ho tsheha. - Ho sebediswa ha sebuela hole. ✓ - Ho letsa moropa/ba a bina. - katamelano ya batho - Difahleho tsa bona di kganya kgotso/di edile✓ [Tshwaya tse pedi feela. Mohlahlobuwa a abelwe matshwao ha feela a buile ka ditaba tse amanang le ho thaba] (2) 1.13 Motako ke letshwao la sehlopha seo motho a se tshehetsang mme sena se bontsha ho ba motlotlo ka sehlopha seo. ✓✓ (2) 1.14 • Bakeng sa ho thoholetsa le ho fa dibapadi morolo le mafolofolo mme seo se nnetefatsa hore dibapadi di bapale ka sekgahla hore di etse setjhaba morolo. • Ke ho bontsha thabo.✓✓ [Maikutlo a mohlahlobuwa a amanang le thoholetso le thabo a ananelwe. Tshwaya e le nngwe feela] (2) 1.15 Temeng ya A mongodi o hlalositse hore dipapadi di kopanya merabe e fapaneng ya Afrika Borwa mme sena se totobala Temeng ya B moo re bonang ho hlahisitswe batho ba merabe e fapaneng ho tshehetsa sehlopha.✓✓ [Mohlahlobuwa a abelwe matshwao ha feela a buile ka ditaba tse amanang (2) le botshehetsi ba sehlopha ka ditsela tse fapaneng.] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla EM MP M
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 5 DBE/Pudungwana 2024 NSC KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 TEMA YA C A tsamaye butle ho qoba ho wela dikoting✓mme a hlwekise difenstere tsa koloi ho ntlafatsa pono.✓A time mabone kahare hore batho ba se bone kahara koloi.✓Ha koloi e tlang ka pele e mo fahla ka mabone, a shebe mola o mosweu feela✓hape a bonese mabone a maholo le ho a fokotsa bohale ha koloi e nngwe e tla e mo tobile.✓A qobe ho ema ha a hlokomela koloi e mo setseng morao, a potlakele moo a tlo fumana thuso teng✓le ho qoba ho kganna a kgathetse ho phema kotsi.✓ [Mantswe a 90] Ka sebopeho sa dintlha QOTSO DINTLHA 1 A fokotse lebelo, e le ho qoba dikoti tse ka A A tsamaye butle ho qoba ho wela tseleng hore koloi e se ke ya kgetshemela kapa dikoting. ho phatloha mabidi. 2 A etse bonnete ba hore difensetere tsa koloi di B A hlwekise difenstere tsa koloi ho hlwekile ebile di hlakile. Ha di silafetse di sitisa ntlafatsa pono. pono mme a ka baka kotsi. 3 Mabone a ka hare a tinngwe ho etsetsa hore C A time mabone kahare hore batho batho ba o setseng morao ba se ke ba bona ba se bone kahara koloi. batho ba ka hara koloi. 4 Ha koloi e tlang ka pele ho yena e mo petla ka D Ha koloi e tlang ka pele e mo fahla kganya, a shebe mola o mosweu o ka tseleng ka mabone, a shebe mola o mosweu ho fihlela e feta. A ka nna a lahlehelwa ke taolo feela. ya koloi ya hae ha a ka shebana le mabone ao. 5 A kgantshe mabone a hae a maholo ha ho se E A bonese mabone a maholo le ho a na koloi e tlang e tobane le yena e le hore a tle fokotsa bohale ha koloi e nngwe e tla a bone tsela hantle. A a fokotse kapa a a e mo tobile. bonesetse fatshe ha koloi e nngwe e tla ho qoba diqhwebeshano. 6 Ha ho na le koloi e belaetsang e mo setse F A qobe ho ema ha a hlokomela morao kapa e mo emisa, a se eme empa a koloi e mo setseng morao, a eketse lebelo a ye sebakeng se bolokehileng potlakele moo a tlo fumana thuso jwalo ka seteisheneng sa maponesa kapa sa teng. peterole hobane ha bo boi ha ho lluwe. 7 Taba e nngwe ke hore a se kganne a kgathetse G A qobe ho kganna a kgathetse ho kapa a otsela hobane a ka kgaleha a bakela phema kotsi. basebedisi ba bang ba tsela mathata. Palo ya mantswe 90 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla EM MP M
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 6 DBE/Pudungwana 2024 NSC HO TSHWAYA KGUTSUFATSO: Ho tshwauwa ha kgutsufatso ho itshetlehile hodima ho kenyeletsa dintlha tse hlokwang ke potso. Qotso: Polelo ha e ntse e le jwalo kaha e tswa temeng. Polelo e fokoditsweng feela dikotwana tsa mantswe empa e ntse e na le tlhahlamano e tshwanang ya mantswe ho tswa temeng. Ntlha: Polelo e bopilweng ka tsela e fapaneng le ya sethatho feela e ntse e arabela potso. Polelo e nang le tlatsetso ya mantswe a mang kapa tshebediso ya mahlalosonngwe feela e ntse e arabela potso. • Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 bakeng sa dintlha tse 7 (ntlha e le 1 bakeng sa ntlha ya sehlooho). o Matshwao a 3 bakeng sa puo o Matshwao kaofela: 10 • Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse mantswe a bona: o Ha dintlha tse 1–3 di nepahetse: fana ka letshwao le 1 o Ha dintlha tse 4–5 di nepahetse: fana ka matshwao a 2 o Ha dintlha tse 6–7 di nepahetse: fana ka matshwao a 3 • Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse diqotso di le jwalo: o Diqotso tse 6–7: se fane ka matshwao bakeng sa puo o Diqotso tse 4–5: fana ka letshwao le 1 bakeng sa puo o Diqotso tse 2–3: fana ka matshwao a 2 bakeng sa puo Dintlha Tse iqapetsweng Tse qotsitsweng di le jwalo Matshwao a dintlha Matshwao a puo Matshwao Matshwao ohle ELA TLHOKO: • Palo ya mantswe: o Batshwai ba lokela ho nnetefatsa palo ya mantswe a sebedisitsweng. o Se ke wa hula matshwao haeba bahlahlobuwa ba sa bontsha palo ya mantswe a sebedisitsweng kapa haeba palo ya mantswe a sebedisitsweng e ngotswe e fosahetse. Ha palo ya mantswe e tlotse moedi o boletsweng, bala ho fihla palong ya mantswe e behilweng, ebe o emisa moo. Mohlala Puo Polelo/Polelwana Palo ya mantswe Sesotho Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla EM MP M
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 7 DBE/Pudungwana 2024 NSC KAROLO YA C: DIBOPEHO LE DITLWAELO TSA TSHEBEDISO YA PUO TATAISO YA HO TSHWAYA DIBOPEHO LE DITLWAELO TSA TSHEBEDISO YA PUO • Mopeleto o Dikarabo tsa lentswe le le leng di tshwauwe di nepahetse leha mopeleto o fosahetse, ntle leha phoso eo e nyotobetsa moelelo wa lentswe leo. o Dikarabo tse ngotsweng ka dipolelo tse felletseng, mopeleto o fosahetseng o se ke wa abelwa dintlha haeba tshebediso ya puo e le yona e hlahlojwang. o Moo ho hlahlojwang kgutsufatso ya mantswe, karabo e be le matshwao a nepahetseng a puo. o Dibopeho tsa dipolelo e be tse nepahetseng di be di ngolwe ka dipolelo tse felletseng ho latela ditaelo. o Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka botlalo. POTSO YA 3 3.1 Mengolo e fapaneng Ditshwantsho. ✓ Puo e susumetsang (1) [Tshwaya e le nngwe feela] 3.2 Se matlafatsa molaetsa wa papatso wa hore ha motho a reka ntlo, o fumana senotlolo sa ntlo ka potlako. ✓✓ (2) [Dikarabo tsa bahlahlobuwa tse ntseng di nepahetse di abelwe matshwao] 3.3 Ho etsa hore moreki a bone hore ho reka ntlo eo e leng ya hae, ke ntho e etsahalang habobebe le teng ka potlako. ✓✓ (2) 3.4 E hohela bareki haholo ba kgannang makoloi/ditaaso hore di bone se bapatswang di sa tla le hole. ✓✓ (2) 3.5 Ke nomoro ya mohala/Nomoro ena ke bopaki ba hore kgwebo ena ya ho rekisa matlo e molaong/e ngodisitswe semolao. ✓ E fana ka nnetefalletso ya hore barekisi ba matlo ba na le botshepehi kaha ke moo ha ba ipate. ✓ Haeba ba sa o sebeletsa ka botshepehi, ho bonolo ho ba tlaleha molaong, mme molao o tla tseba hore o ba sale morao. ✓ (3) (10) POTSO YA 4 4.1 C/Nyehlisetso ya nama ya kgoho. ✓ Lebaka ke hore e ama nama ya kgoho feela ka lebaka la hore dikgoho tseo di a kula mme morekisi o batla ho di tlosa tseleng. ✓ (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla EM MP M
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 8 DBE/Pudungwana 2024 NSC 4.2 Ke maikutlo a ho nyahama hobane o elelletswe moritaoke o etswang ke morekisi ha a rekisa kgoho ka R2 hore ha e maemong a lokileng. ✓✓ (2) [Dikarabo tsa bahlahlobuwa tse ntseng di nepahetse di abelwe matshwao] 4.3 Molaetsa ke hore bareki ba elellwe ho qhekanyetswa ke barekisi ho reka dikgoho tseo ba tsebang hore ha di maemong a matle moo ba habileng tjhelete feela kaha dikgoho tseo di ka ba le kgahlamelo e mpe maphelong a bareki. ✓ ✓ ʹSesolo kgoho e le nngwe ka R2ʹ✓ ‘Sefuba sa dikgoho’ Molaetsa ke hore theko tse hodimo tsa dijo di etsa hore ha hothwe sesolo se teng, bareki ba potlakele reka ho ba sa shebe nako ya seo ba se rekang mme qetellong ba ikenye somasomaneng. ‘Mona ke ho ipitsetsa tshwene ka mora thaba’. (3) [Tshwaya e le nngwe le qotso e dumellang le yona] 4.4 E, ho bohlokwa hobane e thusa bareki ho ela hloko ka maemo a renang a ditaba, e leng hore batho ba lokela ho hlokomela hore dikgoho di a kula mme ha ba ja nama ya tsona, ba ka iphumana ba kula le bona. ✓✓✓ (3) [10] POTSO YA 5 5.1 Mophula ke motjha o bontshang moo ho fetileng ntho e itseng;✓ mothating ona ntho e fetileng ke sefefo mme sefefo seo se bakile tshenyo e kgolo kaha se nametse dibakeng tse mabapi. ✓✓ (3) 5.2 Ke ho totobatsa sefutho se seholo le lebelo le hodimo leo sefefo se neng se ruthutha ka lona. ✓✓ (2) 5.3 D/aparetswe ke metsi kahohle. ✓✓ (2) 5.4 Ho re hlakisetsa hore sefefo ha se a ama baahi ba Gauteng kaofela empa karolwana feela ya bona. ✓✓✓ (3) (10) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 30 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all