Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 1 NSC Supplementary 2018 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 1220187 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 1 memorandum from the NSC Supplementary Exam 2018, 7 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

NSC Supplementary Exam 2018

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA PELE (P1) HLAKOLA/TLHAKUBELE 2018 MEMORANDAMO MATSHWAO: 70 Pampiri ena e na le maqephe a 7. Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 2 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC – Memorandamo KAROLO YA A POTSO YA 1 1.1 E lebile ho setjhaba sohle.  (1) 1.2 Mmuso o ile wa etsa molao wa Taolo ya kwae.  (1) 1.3 Ho kgina sekgahla seo ho tsutjwang ka sona.  (1) 1.4 O hlwaile letsatsi la 31 Motsheanong e le la ho ila kwae lefatshe ka bophara.  (2) 1.5 Mebuso e tshwenngwa ke ho bona bana kapa batho ba tsubang ba sa elellwe kotsi eo ba ipehang ho yona ka ketso ena ya ho tsuba.  (2) 1.6 Bana bao batswadi ba bona ba tsubang le bona ba qetella ba tshwana le bona, e ba ditsubi.  (2) 1.7 E. Afrika Borwa ke pulamadiboho letsholong la ho kgothaletsa setjhaba ho ila kwae hobane ke yona naha ya pele ya ho kenya tshebetsong Molao wa Taolo ya Kwae. (2) 1.8 O thusa setjhaba hore se se hahlamelwe ke mosi wa kwae kaha o ka se kudisa ho feta batho ba e tsubang. (2) 1.9 Batho ba shwa ka bongata.  (2) 1.10 Nnete. Hobane ho bolelwa ha Afrika Borwa e ile ya etsa kgoeletso e tshwanang le ena ngwaholakola.  (2) 1.11 Tjhe, ha ho a nepahala hobane mmuso o fa bana tjhelete eo bakeng sa ho ba thusa ditlhokong tsa bona. (2) 1.12 E, ke dumellana le yona hobane e tla fokotsa palo ya batho ba tsubang le batho ba bolawang ke kwae. (2) 1.13  matekwane  dipidisi  sepeiti  phoshwana ya khokheini.  [Tshwaya e le nngwe feela] (1) 1.14  Ditshepe tse mo kwaletseng.  Setulo sa samente se kukunelang.  Lefifi  [Tshwaya e le nngwe feela] (2) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 3 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC – Memorandamo 1.15.1  O itshwere lerameng  O inamisitse hlooho  Ka mahlong o shebahala a sa thaba.  Modulo wa hae  [Tshwaya e le nngwe feela] (1) 1.15.2 Joo. (1) 1.16  Nka tlohela ho tsuba dithethefatsi.  Nka ikopela ho hlabollwa. (2) 1.17  Bobedi ba tsona di bua ka kotsi ya ho tsuba le ho sebedisa dithethefatsi e leng dintho tse sa lokelang mmele.  Ka ho thusa mmadi hore le pele a bala tema e ngotsweng a be a se a akanya mookotaba wa yona (2) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 4 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC – Memorandamo KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 TEMA YA C Mokudi a tsebe mofuta wa Lefu la Tswekere le mo tshwereng a tle a tsebe ho itlhokomela ka tshwanelo a qale ka ho theola boima ba mmele mme o dule o itekanetse. A je dijo tse nang le setatjhe se lekanyeditsweng mmoho le dijo le bohobe bo ditlheferetsi. A je dijo tse nang le mafura a dijalo hape a je disalate tse ngata ho feta setatjhe. A be a nwe metsi a mangata le ho ja ditholwana tse pedi kapa tse tharo ka letsatsi.  Palo ya mantswe (77) QOTSO DINTLHA 1 Mokudi a tsebe mofuta o mo tshwereng hore A Mokudi a tsebe mofuta wa a tsebe ho itlhokomela ka tshwanelo. Lefu la Tswekere le mo tshwereng a tle a tsebe ho itlhokomela ka tshwanelo.  2 Mokudi a theole boima ba mmele le ho B A theole boima ba mmele boloka mmele o itekanetse hantle. mme a o boloke o itekanetse.  3 Dijo tse nang le setatjhe se sengata, tse kang C A je dijo tse nang le setatjhe bohobe ba folouru e tshweu, borotho bo se lekanyeditsweng feela.  bosweu, papa, setampo, ditapole le tse ding ha di a lokela ho jewa ka bongata. Mokudi a je tse lekanyeditsweng. 4 O lokela ho ja bohobe bo ditlheferetsi hobane D A je dijo le bohobe bo bona bo kena butle mmeleng, mme bo thibela ditlheferetsi.  madi ho etsa dikaqa. 5 Mokudi wa lefu lena a je dijo tse nang le E A je dijo tse nang le mafura a mafura a mangata a dijalo tse kang majarine. dijalo. 6 Motho wa Lefu la Tswekere o lokela ho ja F A je disalate tse ngata ho disalate tse ngata ho feta dijo tsa setatjhe. feta setatjhe.  7 A nwe metsi a mangata le ho ja ditholwana G A nwe metsi a mangata le ho tse pedi kapa tse tharo ka letsatsi empa a se ja ditholwana tse pedi kapa ke a fetisa palo eo. tse tharo. Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 5 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC – Memorandamo HO TSHWAYA KGUTSUFATSO: Ho tshwauwa ha kgutsufatso ho itshetlehile hodima ho kenyeletsa dintlha tse hlokwang ke potso.  Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 bakeng sa dintlha tse 7 (ntlha e le 1 bakeng sa ntlha ya sehlooho). o Matshwao a 3 bakeng sa puo o Matshwao kaofela: 10  Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse mantswe a bona: o Ha dintlha tse 1–3 di nepahetse: fana ka letshwao le 1 o Ha dintlha tse 4–5 di nepahetse: fana ka matshwao a 2 o Ha dintlha tse 6–7 di nepahetse: fana ka matshwao a 3  Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse diqotso di le jwalo: o Diqotso tse 6–7: se fane ka matshwao bakeng sa puo o Diqotso tse 1–5: fana ka letshwao le 1 bakeng sa puo ELA HLOKO:  Palo ya mantswe: o Batshwayi ba tlameha ho nnetefatsa palo ya mantswe a sebedisitsweng. o Se ke wa hula matshwao haeba bahlahlobuwa ba sa bontsha palo ya mantswe a sebedisitsweng kapa haeba palo ya mantswe a sebedisitsweng e ngotswe e fosahetse. Ha palo ya mantswe e tlotse moedi o boletsweng, bala ho fihla palong ya mantswe e behilweng, ebe o emisa moo. Mohlala Puo Polelo/Polelwana Palo ya mantswe Sesotho Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 6 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC – Memorandamo KAROLO YA C: DIBOPEHO TSA PUO LE DITLWAELO TSA TSHEBEDISO YA PUO POTSO YA 3: PAPATSO 3.1 Re hatela pele.  (1) 3.2 Tshebeletso ya ho banka ka founu. (1) 3.3 Pososelo e bontshang thabo ya bona e ka susumetsa moreki ya habilweng hore a ipone eka o tla nolofallwa ke bophelo kahoo o tla dula a thabile.  (2) 3.4 Tjhelete e romelwang e fihla moo e romelwang kapele.  (2) 3.5 Ba habile haholo batjha. Papatsong ho hlahella hore ditshebeletso tsena di reretswe batjha. (2) 3.6 Ditsotsi di ka ba le monyetla wa ho nkela batho ditjhelete tsa bona ka matshwephenene.  (2) [10] POTSO YA 4: KHATHUNU 4.1  Ke mosi o kubellang ka hodimo ho onto.  Mmala o fetohileng wa kgoho. (1) 4.2 O tshwantsha setjhaba se shebellang ha tshenyeho e ja setsi empa se sa etse letho.  (2) 4.3 Ke wa hore le setjhaba se na le ho shebella ha e mong a bolawa empa se sa hlokomele hore le sona se tla wela lemeneng lona leo. (2) 4.4 Ke hobane ya nomorilweng 2 ke moetapele ha ya nomorilweng 1 e le molatedi .  (2) 4.5 Rona.  (1) 4.6 Ke maikutlo a ho tsieleha. Batshwantshisi ba a bona hore ho na le ho hobe ho etsahallang mohahabo bona empa ba sa kgone ho thusa.  (2) [10] Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 7 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC – Memorandamo POTSO YA 5: TEMA YA PROSA 5.1 Ho kopane banna ba baholo eseng bomamesana  E kgetholla basadi ka hore ke batho ba fokolang ba sa kgoneng ho nahana. (2) 5.2 Ke maikutlo a ho ba le tjantjello ya ho lwanela naha ya habo ona. (1) 5.3 Ke wa ho bolaya ntle le qenehelo.  (2) 5.4 Banna ba ne ba loha mano a ho sireletsa naha ya bona.  (2) 5.5 Ke ho toboketsa moralo o tswileng matsoho wa tlhaselo.  (2) 5.6 Thabo le Tebello ba bapala morabaraba ka dikgomo tsa majwe. (1) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 30 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all