You're offline
Skip to content
Question paper

Sesotho HL P3 Feb March 2018 hlayiso.com

Subject: Sesotho HlGrade 1220185 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA BORARO (P3) HLAKOLA/TLHAKUBELE 2018 PUDUNGWANA 2017 MATSHWAO: 100 NAKO: Dihora tse 2½ Pampiri ena e na le maqephe a 5. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 2 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC DITAELO LE DIKELETSO HO MOHLAHLOBUWA 1. Pampiri ena e arotswe DIKAROLO TSE PEDI: KAROLO YA A: Moqoqo (50) KAROLO YA B: Ditema tsa Kgokahano tse 2 (2 x 25) (50) ELA HLOKO: O lebelletswe ho araba dipotso TSE PEDI KAROLONG YA B. 2. Araba potso E LE NNGWE KAROLONG YA A, dipotso TSE PEDI KAROLONG YA B. 3. Araba dipotso TSOHLE ka Sesotho. 4. Qala KAROLO E NNGWE le E NNGWE leqepheng LE LETJHA. 5. Etsa moralo wa tema e nngwe le e nngwe (ka ho etsa mmapa wa monahano/ daekramo/tjhate e bontshang tatelano ya mehopolo kapa lenane la dintlha tseo o tlang ho ngola ka tsona). Ha o qetile ho ngola tema ya hao, e bale hape ho hlaola diphoso. Meralo e hlahiswe QALONG ya tema ka nngwe. 6. Meralo yohle e totobatswe ka tshwanelo hore ke meralo. O eletswa ho seha mela meralong yohle. 7. O eletswa ho sebedisa nako ka mokgwa ona: KAROLO YA A: Metsotso e le 80 KAROLO YA B: Metsotso e le 35 tema ka nngwe (70) (2 x 35) 8. Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso. 9. Sehlooho se se ke sa balellwa e le karolo ya palo ya mantswe. 10. Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 3 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 Kgetha sehlooho kapa setshwantsho SE LE SENG, mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a 400 ho isa ho a 450 (dikahare feela). Hopola ho etsa moralo le ho hlaola diphoso. 1.1 Ka tla ka ipitsetsa mokgokakgwale! [50] 1.2 Kabo ya mobu e ka rarollwa ke mmuso le setjhaba ka kopanelo. [50] 1.3 Lehlabula le monate empa hape le na le mathata a lona. [50] 1.4 'Ha o bua le motho ka puo ya hae eo a e utlwisisang, o kgona ho finyella botebong ba pelo ya hae.' (Nelson Mandela) [50] 1.5 Ha se meetlo yohle e amohelehang matsatsing a kajeno. Dumellana kapa o hanane le mohopolo ona. [50] 1.6 Metsi ke mohlodi wa bophelo. [50] 1.7 Ditshwantsho tse latelang di ka qholotsa mehopolo e itseng maikutlong a hao. Kgetha SE LE SENG mme o ngole moqoqo ka mohopolo wa sehlooho o qholotswang ke setshwantsho. Ngola nomoro ya potso (1.7.1 KAPA 1.7.2) eo o e kgethang, mme o iqapele sehlooho sa hao. 1.7.1 [Setshwantsho se qotsitswe bukeng ya Empowering Teen Girls, Awereness Publishing, K Zager le A Rubenstein, 2009:60] [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 4 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC 1.7.2 [Setshwantsho se qotsitswe makasineng wa Isolezwe, Mmesa 2016:18] [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 5 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2018 NSC KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 Kgetha mme o ngole tema TSE PEDI tsa bolelele ba mantswe a 180 ho isa ho a 200 (dikahare feela) tema ka nngwe. Hopola ho etsa moralo temeng e nngwe le e nngwe, mme o be o boele o lekole tema ya hao botjha ho hlaola diphoso. 2.1 LENGOLO LA SEMMUSO Batswadi ba hao ba sa tswa amohela setatemente sa motlakase. O elellwa hore ho na le phoso e kgolo mokitlaneng oo. Ngolla mmasepala lengolo bitsong la motswadi wa hao, moo o lemosang ba ha mmasepala ka phoso eo. [25] 2.2 PUO Mokgatlo wa batjha wa motse wa heno o o memme ho ba sebui sa letsatsi ho tla eletsa setjhaba mabapi le tlhekefetso ya basadi le bana. Ngola puo ya hao ya letsatsi leo. [25] 2.3 TEKOLOKAKARETSO Ngola tekolokakaretso ya setshwantsho sa baesekopo (filimi) se o kgahlileng haholo hobane se entswe hona mona Afrika Borwa. [25] 2.4 LENGOLO LE YANG KORANTENG Ngolla mohlophisi wa koranta ya selehae mme o eletse setjhaba ka seabo seo batjha ba ka bang le sona mabapi le ho thibela botlokotsebe ba ho thuba malapeng motsheare ha ho uwe mosebetsing. [25] 2.5 PUISANO Motswalle wa hao o sa tswa fumana lengolo la ho kganna mme o batla ho tlohela sekolo a ile ho kgannela rakgwebo e mong ya mo tshepisitseng mahodimo le lefatshe. Ngola puisano ya hao le yena moo o lekang ho fetola maikutlo a hae. [25] 2.6 NALANE YA TSA BOPHELO BA MOFU Ngola nalane ya tsa bophelo ba mofu eo e leng e mong wa leloko ya seng a le siile. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Verified matching documents

The question paper, memo or addendum that belongs with this document.

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Hl

Explore more published documents in this catalogue.

View all