You're offline
Skip to content
Memorandum

Sesotho HL P1 Feb March 2017 Memo hlayiso.com

Subject: Sesotho HlGrade 1220177 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA PELE (P1) HLAKOLA/TLHAKUBELE 2017 MEMORANDAMO MATSHWAO: 70 Memorandamo ona o na le maqephe a 7. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 2 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2017 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 TEMA YA A 1.1 Ba ne ba ahile Thabananthere. √ (1) 1.2 Le ne le phela ka kgotso le nyakallo.√ (1) 1.3 Ke hobane ba ne ba qala ho bona a befile ka mokgwa oo haesale e le bona/ba ne ba sa mo tlwaela a le jwalo/ketso ena e ile ya makatsa ba lelapa haholo kaha lapeng lena ho ne ho phelwa ka kgotso.√ (1) [Tshwaya e le nngwe feela] 1.4 Ho ne ho thwathwaretsa diaduma/ho foka moya le difefo tse matla kantle/Pula e ne e na ka matla a maholo. √√ (2) 1.5 Mahlo a hae a ne a kganya kgotso le lereko√ empa ha a bua o ile a kgaruma. √ (2) 1.6 Mongodi o hlalosa hore ba ne ba maketse/ba ne ba tsielehile.√√ (2) 1.7 Phakedi o ne a ile a tshepisa hore yena le mohatsae ba lokela ho hodisa Petswamajweng ka lerato le mofuthu./A ke ke a phedisa Petswamajweng ka thata yena ntatae a ntse a phela.√ (1) 1.8 A re lemohisa hore Basotho ba ne ba dumela hore ngwana wa moshemane o lokela ho hola ka thata/a ithute mahlale a bophelo/a se ke a hola a tetema/Ngwana wa moshemane o lokela ho hola a se na letswalo/a sa tshabe/a na le sebete le boikemelo/ha a tshwanela ho teteswa.√√ [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 1.9 D/kamano dipakeng tsa puo le matla.√ (1) 1.10 O ile a iteta sefuba, mme a toba Phakedi, mme a mmolella hore ha a etse hantle ka ho roma ngwana e mokaalo ka Petswamajweng tlasa maemo a hlobaetsang jwalo a lehodimo/A mo hopotsa hore Petswamajweng ha a so ka a etsa mosebetsi wa ho orosa dikgomo.√√ [Tshwaya e le nngwe feela. Ela hloko hore mohlahlobuwa a se hlalose maele a qotse ketsahalo e batlwang ke potso] (2) 1.11 Ke bonolo boo Botlehadi a ileng a mo araba ka bona.√ (1) 1.12 Petswamajweng o ile a ema hanghang a tsamaya/Petswamajweng ha a ka a phehisana le ntatae ha a mo roma/O ile a mamela taelo ya ntatae.√√ [Tshwaya e le nngwe feela] (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 3 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2017 NSC – Memorandamo 1.13 Tjhe, ha se tsela e ntle. O kenya ngwana kotsing hobane ngwana eo a ka fefolwa ke moya/a ka wela dilomong/a otlwa ke letolo kapa a ka lahlehelwa ke tsela e kgutlelang lapeng/o sotla ngwana a sa le monyenyane/le ha eba motswadi a batla hore ngwana a be sebete o lokela ho ela hloko ditokelo tsa hae.√√ KAPA E, ke tsela e thata/matla eo ngwana Mosotho wa kgale a neng a hodiswa ka yona hore a tle a tiye bophelong. (Mohale o tswa maroleng) [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 1.14 Ho ya ka Molao wa Motheo wa Naha Phakedi o ne a tla qoswa, mme a kwallwe tjhankaneng ka ho sotla ngwana e monyane dilemong.√√ (2) TEMA YA B 1.15 Ke dikgutlwana tse tharo/matshwao ana ...√ (1) 1.16 Ba supana ka menwana/ba tiisitse difahleho/Mantswe ao ba a buwang a bontsha qwaketsano.√ [Tshwaya tse pedi feela] (1) 1.17 Motho wa 3 ha a rate sena se etsahalang ka pela bana/o bonahala a makaletse se etsahalang/o tshositswe ke se etsahalang.√ Sefahleho sa hae se bontsha ho makala/mantswe a reng 'kgele!' a bontsha makalo. √ [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 1.18 Temeng ya 1 mohatsa Phakedi o qetelletse a ikokobeleditse monna wa hae, ha mosadi ya temeng ya 2 a bonahala a arabisana le monna wa hae ka mabefi, a lomahantse meno.√√ (2) 1.19 A bolela hore monna enwa ha a nwele jwala√ o qala ntwa/o etsa moferefere.√ (2) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 4 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2017 NSC – Memorandamo KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 TEMA YA C Ho tsuba ho beha bophelo ba batho kotsing√ mme ho baka mafu a mangata a kang la kankere.√ Ba tsubang ba dula ba tsuba kamehla hobane ha ba sa tsuba ekare ba a kula√ mme ba lekang ho tlohela ho tsuba ba a hloleha ba be ba kgutlele hape.√ Ho tsuba ho ka baka mello ya hlaha e ka bolayang diphoofolo le ho tjha ha matlo.√ Meno le menwana ya motho ya tsubang di a senyeha√ ha ba bang ba ba le monko o mobe. Ho tsuba ho a ba otisa le ho ba omeletsa.√ Palo ya mantswe (89). Ka sebopeho sa dintlha QOTSO DINTLHA 1 'Ho tsuba ho kotsi haholo maphelong a batho. Batho ba A Ho tsuba ho beha bophelo tsubang kwae, ba e pakutsaka feela ba phutholohile, ho le ba batho kotsing√ monate ba sa kgathalle hore na batho ba bang bona ba ikutlwa jwang.' 2 'Ho tsuba ho ka bakela batho mafu a mangata a kang lefu la B Ho tsuba ho baka mafu a kankere ya qoqotho, lefuba, letshweya, mokgokgothwane, ho kang kankere. √ nyokola ha sebete le asthma kapa lefu la matshwafo.' 3 'Motho ya tsubang ha a ikutlwe a hlaphohetswe hantle ha a sa C Ditsubi di ikutlwa di sa ka a tsuba. Ba bang o tla fumana ba tepelle se eka ba a phele hantle ha di sa kula athe ba mpa ba itshwaretswe ke takatso eo ya ho tsuba. tsuba. √ Ba bang ba bile ba a thothomela ha ba sa fumane kwae.' 4 'Ha motho a ka leka ho e tlohela, o tla bona e le mohau feela D Ba lekang ho tlohela ho ka yena. Motho wa teng o sa tla ingwaya jwalo ka nku e tsuba ba pudufala melomo lekgwekgwe. O tla fumana melomo e le meputswa jwalo ka ba be ba kgutlele ho yona motho ya tshwerweng ke tlala. E mong o ye a hlolehe ho e hape. √ tlohela hoo a yeng a kgutlele ho yona a sa hetle morao. Ha seo se etsahala, o tla fumana motho wa teng a tsuba eka o lefella le matsatsi ao a neng a ntse a emisitse ka ona.' 5 'Ka nako tse ding dikotsi tse ngata tsa ho tjha ha hlaha di E Ho tsuba ho ka baka bakwa ke batho ba yeng ba tsube e be ba lahlela thutswana mello ya hlaha e ya mollo oo ba neng ba hotetsa kwae ka yona hara jwang. bolayang diphoofolo le ho Diphoofolo tse ngata di a shwa ka lebaka la mello ena. Kotsi e tjhesa ha matlo.√ nngwe e ye e be ya ho tjha ha matlo.' 6 'Ntle le tsena tse seng di boletswe ka hodimo, ho tsuba ho F Meno le menwana ya boetse ho senya meno le menwana ya motho ya tsubang. O motho ya tsubang di a tla fumana meno ana a le matsho eka monga ona ha a hlape. senyeha, mme di fetohe Menwana ena o tla fumana e le thata e le sootho ka mmala.' mmala.√ 7 'Ba bang ba bile ba ba le monko o seng monate. Batho ba G Ditsubi di ba le monko o bangata ba tsubang e ba mekgerane e omelletseng jwalo ka mobe.√ dintja tsa mapaku.' 8 'Ba bang ba bile ba ba le monko o seng monate. Batho ba H Ho tsuba ho a otisa le ho bangata ba tsubang e ba mekgerane e omelletseng jwalo ka omeletsa ditsubi tse dintja tsa mapaku.' ngata.√ Palo ya mantswe (89). [Tshwaya dintlha tse supileng feela] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 5 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2017 NSC – Memorandamo HO TSHWAYA KGUTSUFATSO: Kgutsufatso e tlameha ho tshwauwa ka tsela e latelang: Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 bakeng sa dintlha tse 7 (ntlha e le 1 bakeng sa ntlha ya sehlooho). o Matshwao a 3 bakeng sa puo o Matshwao kaofela: 10 Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse mantswe a bona: o Ha dintlha tse 1–3 di nepahetse: fana ka letshwao le 1 o Ha dintlha tse 4–5 di nepahetse: fana ka matshwao a 2 o Ha dintlha tse 6–7 di nepahetse: fana ka matshwao a 3 o Sebedisa sekala sena: Din = P= Kabo ya matshwao a puo ha bahlahlobuwa ba sebedisitse diqotso di le jwalo: o Diqotso tse 6–7: se fane ka matshwao bakeng sa puo o Diqotso tse 1–5: fana ka letshwao le 1 bakeng sa puo ELA HLOKO: Palo ya mantswe: o Batshwayi ba tlameha ho nnetefatsa palo ya mantswe a sebedisitsweng. o O se ke wa hula matshwao haeba bahlahlobuwa ba sa bontsha palo ya mantswe a sebedisitsweng kapa haeba palo ya mantswe a sebedisitsweng e ngotswe e fosahetse. Ha palo ya mantswe e tlotse moedi o boletsweng, bala ho fihla palong ya mantswe e behilweng, ebe o emisa moo. Mohlala Puo Polelo/Polelwana Palo ya mantswe Sesotho Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 6 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2017 NSC – Memorandamo KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO POTSO YA 3 3.1 Jasemine/Bonete/Basmati/Risoto/Sushi.√ [Tshwaya e le nngwe feela] (1) 3.2 E lebisitswe ho batho bohle ba phehang malapeng a bona.√√ (2) 3.3 Ho toboketsa ka sepheo sa ho susumeletsa moreki ho reka reisi ya Tastic/Ho tiisa hore ka reisi ya Tastic o kgora e le ka nnete.√ (1) 3.4 Ke letshwao la 'Heart Foundation'/Letshwao la pelo le bontshang bophelo bo botle.√ (1) 3.5 E pheheha hantle ka nako tsohle.√ (1) 3.6 Sebedisa kopi feela bakeng sa lelapa la hao kaofela/'E kokomoha hararo ha e phehilwe'.√√ [Tshwaya e le nngwe feela] (2) 3.7 Ka ho hlahisa dijana tse tlatsitsweng reisi mohlohlo/tse phophomang reise.√√ [Tshwaya e le nngwe feela] (2) [10] POTSO YA 4 4.1 Tjhe, ha a ba thuse hoba o ipuela tsa lelapa la hae le mokgotsi wa hae. √√ (2) 4.2 Ke kobo eo a pepileng ngwana ka yona e bontshang folakga ya Afrika-Borwa.√√ (2) 4.3 O ipotsa le ho makalla seo mosadi ya mohaleng a se buang, se sa amaneng le mosebetsi wa hae. √√ (2) 4.4 Basadi ke mokgwa wa bona. √ (1) 4.5 B/ho labalabela ho thuswa.√ (1) 4.6 O bolela hore monna wa hae a ka mpa a tsamaya.√√ (2) [10] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P1 7 DBE/Hlakola–Tlhakubele 2017 NSC – Memorandamo POTSO YA 5 5.1 Mesebetsi eo ho neng ho thwe ke ya banna feela e se e etswa ke basadi.√√ (2) 5.2 Baoki ba banna ba teng dipetlele feela ha ba a ata jwalo ka ba basadi.√ (1) 5.3 5.3.1 Bong ba batho naheng ena ya Afrika-Borwa bo√ se sebediswe ho kgetholla batho ha ho hirwa. (1) 5.3.2 Ho hlwekisa kapa ho pheha ka malapeng ho√ etswa ke banna matsatsing a kajeno. (1) 5.4 5.4.1 Matsatsing ana setjhaba se a tseba hore tlhokomelo√ ya bana e se e le ya bohle, banna le basadi ka ho tshwana. (1) 5.4.2 Mehleng ya jwale re bona basadi ba bangata√ ba se ba etsa mesebetsi eo ho neng ho thwe ke ya banna feela. (1) 5.5 'bong'√ (1) 5.6 Ngwana ya kulang ha a je dijo tsa hae ka tshwanelo.√√ (2) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 30 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 70 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Hl

Explore more published documents in this catalogue.

View all