Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 2 Eastern Cape Mock 2013 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12201320 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 2 memorandum from the Eastern Cape Mock Exam 2013, 20 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2013

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com Province of the EASTERN CAPE EDUCATION NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2013 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 MEMORANTAMO MATSHWAO: 80 Memorantamo ena e na le maqephe a 20.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) KAROLO YA A: DITHOTHOKISO POTSO YA 1 Majakane – T Leballo Ke thothokiso ya mofuta wa tomatso. Bangodi/dithothokisi di ngola tomatso ha ho na le seo di se nyatsang maemong a bophelo kapa a phedisano. Thothokiso ena e na le makgabane a mangata empa rona re laetswe ho bua feela ka tshebediso ya phetapheto le bohlokwa ba yona. Tshebediso ya phetapheto le bohlokwa ba yona Melathothokisong ya 1 le 2 re fumana hlaahlela e qetellong, e leng phetapheto ya mantswe a qetellang melathothokiso (kekeu keu/lekekeu keu). Bohlokwa ke ho hatella modumo wa ditshepe le ho hokella mela eo ka medumo e tshwanang. Phetapheto e tsepameng/Neeletsano e qalong: mel. 4/5 (bonyeunyeu), 6/7/8 (bonang) le 13,14,15 (le) ho hokella melathothokiso. Phetapheto ya moelelo: mel. 4,5; 6,7 le 11,12 ho sidilella/hatella mohopolo. Phetapheto ya sebopeho/phetapopeho: mel. 4,5; 6,7 le 9,10 ho lekalekanya mela le ho fana ka morethetho o itseng. [10] [Moithuti ya hlalositseng makgabane a mararo, a ba a fana ka mabaka a abelwe matshwao ohle a dikahare, e be ho lekolwa hore puo le setaele ke tse loketseng moqoqo – ho ngola ka diratswana, jj. ho shejwe hore o lokelwa ke matshwao a makae ho a mane.] E.H.: Lekola rubriki ya tekanyetso ya potso ena. E.H.: Hona e mpa e le mohlala wa nehelano e lebelletsweng. Kabo ya matshwao Dikahare (k.h.r. dintlha tse bopang karabo) = 6 Puo, setaele (selelekela le ditaba) = 4 [10] Senotlolo: Dik: P/S:
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 3 POTSO YA 2 Ke a itshola – TJ Mahapa 2.1 Mol. 3 “… o re ntho ka maleng …”/ Mol.5 “… wa makgonthe Mosotho …” / Mol. 10 “Koloi ka e batla ka ya ka tjhelete”/ Mol.11 “Tlong ya kokelo ka o lefella”. √√ [Melathothokiso e MMEDI feela.] 2.2 Ho fana ka sefutho seo lentswe lena ‘phelo’ le neng le ka se hloka ha le ngotswe kaofela – ‘bophelo’. √√ 2.3 Phetapheto ya moelelo/phetapheto ya mantswe e rapameng (e moleng o le mong). √ 2.4 Maele a matlafatsa hore sebui se ile sa thusa moahisane wa sona hobane se kgollwa hore ho lokile ho etsa jwalo.√√ 2.5 B / makatswa ke ho se tshepahale ha moahisane wa sona. √ 2.6 Sethothokisi se ile sa thusa moahisane wa sona a kula, mme ha eo a se a fodile o a se fetohela ka ho se bitsa moloi. √√ [10] POTSO YA 3 Mmadiberwane – T Leballo 3.1 Thabadimahlwa. √ Bohlokwa ke ho fokotsa bolelele ba mantswe. √ 3.2 Anastrofi √ 3.3 Ho lekalekanya mela./ Ho etsa morethetho.√√ 3.4 Molamotjetje/molatswelli/enjambamente/pholletso/molaphollatsi.√ Bohlokwa ke ho ntshetsa mohopolo o moleng oo, moleng o hlahlamang ka ho otloloha.√ 3.5 Mol. 10/ Theka eka la mmamodukule √ 3.6 Mmadiberwane e ne e le mosadi ya sebete haholo, ya bileng a tshajwang ka ha o ne a tseba ho lwana.√√ [10]
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) POTSO YA 4 Ba ile, ba ile – PM Ramathe 4.1 Phetapheto ya moelelo e rapameng (e moleng o le mong).√√ 4.2 Anastrofi. √ Ho hatella/fa sefutho mantsweng a latellanang ka ho lobokana.√ 4.3 “Ba ile, ba ile re setse …” √√ 4.4 Ho bolelwa hore ba hlokahetse, mme ha ba hlole ba kgutla.√√ 4.5 C/ ba ile lehodimong √√ [10] POTSO YA 5 Ho se tshepahale – RN Phume Ke mofuta thothokiso wa temoso/thuto. Mongodi o kgalema ketso e mpe ya ho se tshepahale. Makgabane/bonono ba bothothokisi: Ho na le anastrofi eo e leng tatellano ya mantswe e sa tlwaelehang: molathothokisong wa 1. Hona ho hatella se bolelwang ho feta ha ho ngotswe ka tatellano e tlwaelehileng. Molathothokisong wa 11 re fumana kgonyetso (Qwetha/leqwetha), ho fa lentswe le honyeditsweng sefutho. Melathothokisong ya 6/7, 8/9, 11/12 le 19/20 re fumana phetapheto ya mantswe e tshekalletseng/lehokela/hlaahlela. Sena se etsetswa ho hokahanya/hokela melathothokiso. Melathothokisong ya 16 le 17 (O sala/o sala) re fumana phetapheto ya mantswe e tsepameng/neeletsano/hlaahlela e qalong. Yona e hokella melathothokiso ho ya ka mehopolo e jerweng ke melathothokiso eo. [E.H. Ho re hlaahlela feela ha ho a lekana ka ha hona ha e sa le lehokela.] Re fumana lebitsoreneketso (eulogue/yuloko) leqwatsiqwatsi, ho bontsha hore motho ya sa tshepahaleng o a qhomaka, o re a le mona a be a le mane! [10] [Moithuti ya hlalositseng makgabane a mararo, a ba a fana ka mabaka a abelwe matshwao ohle a dikahare, e be ho lekolwa hore puo le setaele ke tse loketseng moqoqo – ho ngola ka diratswana, jj. ho shejwe hore o lokelwa ke matshwao a makae ho a mane.]
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 5 E.H.: Lekola rubriki ya tekanyetso ya potso ena. E.H.: Hona e mpa e le mohlala wa nehelano e lebelletsweng. Kabo ya matshwao Dikahare (k.h.r. dintlha tse bopang karabo) = 6 Puo, setaele (selelekela le ditaba) = 4 [10] Senotlolo: Dik: P/S: POTSO YA 6 Ho se tshepahale – RN Phume 6.1 Ke thothokiso e rutang/lemosang/eletsang. √ E reretswe ho kgalema ditsela tse sa lokang tsa ho phela.√ 6.2 Sethothokisi se eletsa mmadi ho hlokomela batho ba sa tshepahaleng, ba tsebang le ho ipuella le ha ho le thata,/ Sethothokisi se kgalema ho se tshepahale bitsong la hoba feela motho a hotse ka thata. √√√ [E le NNGWE feela.] 6.3 Tlohelo √ 6.4 A/ thaka tsa leqwatsiqwatsi di iketlile √√ 6.5 Ke motho ya sa tshepahaleng, eo e reng a le mona a be a le mane. √√ [10]
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) KAROLO YA B: PADI/NOBELE POTSO YA 7 – BOTSANG LEBITLA Selelekela Jwalo ka baphetwa bohle dibukeng – esita le jwalo ka batho bohle bophelong, mongodi o sebedisitse semelo sa baphetwa ho ntshetsa pele pale/padi ya hae. Re tla lekola semelo sa dibapadi tse latelang, jwalo ka ha potso e re qosa ho etsa jwalo: Mohanua, Tseleng le Tsietsi. Mohanuwa - O hloka botshepehi. O ratana le Makgaola a ntse a e na le ditaba le Tsietsi. - O kgopo ebile o leqoophe. O qophella ho iphetetsa ho Tsietsi ka sehloho. - Ke motho ya hlokang botsitso. Ha a se a siuwe ke Makgaola, o ne a se a batla ho kgutlela ho Tsietsi. - O makoko, ha a re letho ka motho e mong. Bareki le basebetsi ba habo o ne a ba kgella fatshe, a ba kgaruma, ho se moo a ba behang. - Ke motho ya manganga. Batswadi ba hae ba ne ba mo kgalemelletse boitshwaro bona ba bile ba behile melamu fatshe. Tseleng - Ke motho ya tshepahalang. Le ka mohla ha a so kwenehele Tsietsi. - O na le mamello. O ile a wa a tsoha le Tsietsi ho fihla lefung. - O bohlale. Diketso tsa hae tse fapaneng di a paka – mokgwa oo a ileng a thobisa Tsietsi ka wona sepetlele, jj. - Ke motho ya nang le botsitso. Diqetong tsa bona o ne a sa suthe. - O sebete e le ruri. Dintwa tseo a di hlanakileng mmoho le Tsietsi di a paka. Tsietsi - Ke motho ya bohlale haholo. O fupuditse ka bohlale a ba a tseba bao e leng batswadi ba hae hantle, jj. - O na le botho. O ne a sa hlekefetse motho ntle le mabaka. - O sebete. Le ha Kotsi a ne a mo lelekile kgetlo la pele, o ile a kgutlela a sa tshabe letho. A thoba sepetlele. A tshwarisa mapolesa phupe ka nako tsohle, jj. - O leqoophe o bile o na le mamello. O phehelletse ho bolaya bohle ba neng ba na le seabo polaong ya Tseleng. - O na le botsitso. Diqeto tsa hae ha a suthe ho tsona. - O masene jwalo ka phokojwe. O phelekanyeditse mapolesa ka makgetlo. O tseba le ho ikgakanya. [Ditaba di ngata tseo baithuti ba ka tlang ka tsona. Ha feela di le motjheng, di amohelwe.] [25]
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 7 E.H.: Lekola rubriki ya tekanyetso ya potso ena. E.H.: Hona e mpa e le mohlala wa nehelano e lebelletsweng. Kabo ya matshwao Dikahare (k.h.r. dintlha tse bopang karabo) = 15 Puo, setaele (selelekela, ditaba le phethelo)=10 [25] Senotlolo: Dik: P/S: POTSO YA 8 – BOTSANG LEBITLA 8.1 Le Tseleng √ 8.2 O bolela hore o felletswe ke mohau le qenehelo, o tla iphetetsa ka sehloho. √√ 8.3 - Ka mora mona o ile a tsoma babolai ba Tseleng a ba qhanyatsa ntle le qenehelo ya letho. O qadile ka Tjhaile Sekotolo le Mohanua, a ba bolaela ka kamoreng. √√ - Tsetsela Tlokotsi yena a mmolaisa ka batho ba ileng ba mmolaya Sehloho. √√ - Kgephola Qamaka le yena a mo thunya ka sehloho, a mo thunyetsa ka kerekeng moruti a ntse a rera. √√ Ruri enwa motho ha a sa na pelo. 8.4 O ile a re eo a sale a hodisa lesea leo la bona. √√ 8.5 Tsietsi o ile a netefatsa hore ngwana o hlokomelehile nakong eo a ileng mererong ya hae ka ho mo sia le mosadimoholo le ntatemoholo bao a neng a dula le bona yena le Tseleng. √√ 8.6 E, molamu o boetse sefateng. √ - Mohanua ya kileng a bolella Tsietsi ka le leng hore o tla mmatlela batho ba mo kgakgathe hobane a mo lahlile, ke yena le batho ba hae ba thuntseng Tseleng. √√ - Tsietsi o ile a phethisa tshepiso ya hae ho Tseleng hore bao ba kgaotseng bophelo ba hae le a bona a tla kgaolwa ka sehloho. √√ [E le nngwe feela.] 8.7 - Batho ba basadi ba sebete. Tseleng o shwa tjena o hlanaka e mahlo mafubedu. √ - Ba na le mamello. Mamello ya Tseleng e bonahetse mathateng a kopaneng le wona. √ - Ba na le botshepehi. Botshepehi ba Tseleng ho isa lefung. √
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) 8.8 - Ke sebaka se morung.√ - Se nang le mofero/jwang bo bolelele haholo. √ - Moo morung ho teng moaho wa kgale. √ 8.9 - BoTsietsi ba ne ba qeta ho fihla morung ba balehile mapolesa motseng. √ - Athe Mohanua le batho ba hae ba ba setse morao mme yena Mohanua a re boTsietsi ba inehele. √ - Eo taba Tsietsi a e latola yaba ntwa e a qhoma, mme Tseleng a bolawa.√ 8.10 - Mapolesa a motseng a batla boTsietsi, empa ha a ka a utlwa modumo wa dithunya tse kgolo. √√ - Ho thwe dithunya tsa hlatsa malakabe lefifing leo, ya nna ya ba lai! lai! thu! Le ha ho le jwalo mapolesa a se bone letho. √√ - Ngwana ya patilweng moferong a thola tu, a tsoha ha ho bohla ha dithunya ho kgutsa. √√ - Fifing leo la bosiu, Tsietsi o kgona ho tjheka lebitla ka hora tse pedi. √√ [Tse pedi feela.] [25]
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 9 POTSO YA 9 – MME Selelekela Jwalo ka baphetwa bohle dibukeng – esita le jwalo ka batho bohle bophelong, mongodi o sebedisitse semelo sa baphetwa ho ntshetsa pele pale/padi ya hae. Re tla lekola semelo sa dibapadi tse latelang, jwalo ka ha potso e re qosa ho etsa jwalo: Mme, Mmisi Lekena le Thollo Mofokeng. Mme - Ke motho ya lokileng. O thusitse batho ba bangata motseng ntle le ho tefo. - Ha a rate ho utlwisa ba bang bohloko. Ke ka hoo a bolokang sephiri sa hore Thollo Mofokeng ke monna wa hae, ha a elellwa hore Thollo le Mmateboho ba phela ka kgotso lapeng la bona. - Ke mme wa sebele. Mme wa sebele ha a phahle makunutu a ka senyang bodulo ba batho setjhabeng. - Ha a na moya wa boiphetetso. A ka be a tlontlollotse Thollo ka ho mo senola hore ke senokwane se siileng lelapa kgerehlwa. - Makgabane a bophelo ba hae a a tshwaetsa. Mohatsa Lesole o ithuta ho loka le ho ba mosa ka ho ithuta ho Mme. Pele ho moo e ne e le tjhobolo eo bana ba neng ba tshaba ho bapalla ha yona. Mmisi Lekena - Ke motho ya lokileng. Ha a rate ha Dikeledi a hlekefetswa maikutlo. - Ke motho ya sa rateng ha ba bang ba utlwiswa bohloko. Sena o se bontshitse nakong eo boThabisile ba neng ba tloka Dikeledi le ho mo ja ditsheho. O ile a ba kgalema ka matla a maholo. - O rata ho bona ha bana ba atleha. Ke ka hona a eletsang Dikeledi hore a ke a ithute pele a mathela lenyalong. Thollo Mofokeng - O ne a hloka botshepehi. O ile a siya mosadi wa hae le mora Matatiele, mme a fihla a nyala moo a neng a sebetsa teng. A lebala ho tu ka mosadi le mora! - O hloka nnete. O roma metswalle ya hae ho ya mo kopela mohope wa metsi. Le bona ba etsa eka ke Bafokeng ba tswang Matatiele. - O lonya. Ha a rate le ho utlwa letho ha mosadi a ntse a mo phetela ka mosadi ya bitswang Mme hoo qetellong Mme a ileng a ba a hlokahala a so kopane le yena. Seo a neng a sa se tsebe ke hore Mme eo e ne e le mosadi wa hae wa matswathaka ya mo siileng Matatiele. - O bontsha bofokodi. O ile a hloleha ho sireletsa mosadiae Mmateboho ha babo ba ne ba mo kenyeditse nyewe. [Ditaba di ngata tseo baithuti ba ka tlang ka tsona. Ha feela di le motjheng, di amohelwe.] [25]
Downloaded from hlayiso.com 10 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) E.H.: Lekola rubriki ya tekanyetso ya potso ena. E.H.: Hona e mpa e le mohlala wa nehelano e lebelletsweng. Kabo ya matshwao Dikahare (k.h.r. dintlha tse bopang karabo) = 15 Puo, setaele (selelekela, ditaba le phethelo)=10 [25] Senotlolo: Dik: P/S: POTSO YA 10 – MME 10.1 Ke Thollo Mofokeng le Dikeledi √√ 10.2 Mmateboho √ 10.3 Ba babedi √ 10.4 Dikeledi o ne a nahana hore batho ba tlileng ho tla kopa mohope wa metsi ke ba habo Tsekiso motjhesi wa hae wa sekolong. O ne a sa tsebe hore ke ba habo monna ya dulang komponeng eo a kileng a mo thonthodisa sepatjhe. √√ 10.5 Dikeledi o ile a baleha lapeng hara bosiu a sa tsebe le moo a yang. A hlahlathela hara thota. O ile a kopana le mosadi ya neng a na le lentswe le batang mme leha a mo tshwara ka letsoho, letsoho la hae le ne le bata po! Motho enwa o ile a mo memela ha hae mme a mo tsholela le ho mo fa marobalo phaposing e ntle haholo. √√√ 10.6 Hoseng ha a phaphama o ile a iphumana a robetse hodima lebitla leo a sa le tsebeng, mme a potapotilwe ke mabitla a mang. A fumana hore dijo tse hlabosang tseo a neng a di ja maobane bosiu e ne e le polokwe tsa bolokwe.√√ 10.7 Mosadi enwa o totobatswa e le motho ya nang le mohau le kutlwelobohloko. O ile a utlwela Mme bohloko nakong eo a neng a tlilo kopa tjako ha hae, mme a qetella a mo kopetse bodulo ha kgaitsedi ya hae. O ile a ba a etsa setswalle le mosadi enwa wa motwaitwai eo a neng a sa tsebe le hore ba habo ke bomang. √√ 10.8 Ke dumellana le wona. Ha Mme a fihla lapeng la Mmateboho le Thollo, o ile a elellwa ka moo ba phedisanang hantle ka teng. O ne a tlohile Matatiele a re o tlilo batla monna wa hae empa eitse ha a elellwa kgotso eo banyalani bana ba phelang ka yona a itlama ho boloka sephiri sa hore Thollo ke monna wa hae le hore o ne a ile a mo siya le ngwana lapeng Matatiele ha a ne a tlilo sebetsa dikomponeng. √√√
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 11 10.9 Ke ne ke tla mo pata. √ Mme o ne a thusitse batho ba bangata motseng moo, mme o ne a lokela ho bolokwa ka mokgwa o imametseng/ hlomphehang. √√ KAPA Ke ne ke sa tlo mo pata.√ Mme o fihlile motseng wa habo Mmateboho a sa mengwa ebile a sa tsejwe le moo a tswang teng. O ne a sa bua le ka ba lelapa la hae ka hoo ke ne ke tla kopa ho batliswa ba habo hore e tle e be bona ba tlang ho mo pata.√√ 10.10 E, o ne a nepile. √ O ne a tseba ka moo Dikeledi a neng a le bohlale ka teng dithutong tsa hae mme a sa batle hore a tle a tlohele sekolo. O ne a bile a ngongorehiswa ke hore bokamoso ba Dikeledi bo ka senyeha. √ KAPA O ne a sa nepa. √ Ke tokelo ya Dikeledi ya ho dumela ho nyalwa ke motho eo a batlang ho nyalwa ke yena. Mmisi Lekena o ne a batla ho hatella ditokelo tsa Dikeledi. √√ 10.11 O ne a batla ho se fetwe ke monyetla ona o tlang hanngwe feela bophelong. A bile a rata ho swetsa banana ba neng ba mo tsheha sekolong. √√ 10.12 Ke taba ya hore bophelo ba Dikeledi le Thollo bo ne bo se boima ha kaalo. Le ha bothata ba tjhelete bo ye bo be teng e ne e se ba bofutsana. Ditoro tsane tse mpe tseo Dikeledi a neng a na le tsona pele a nyalwa e ne e ntse e le ho kgelekgetha ha maikutlo a hae feela. √√ [25]
Downloaded from hlayiso.com 12 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) KAROLO YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA POTSO YA 11 – SEYALEMOYA Ha le thakgiswe Selelekela Tshwantshiso ena e bontsha kgohlano ya bodumedi dipakeng tsa monna le mosadi, e leng Sebuweng le Kotopi. Potso e re qosa ho shebana/sekaseka ditaba tsa tshwantshiso e le ha re lekola sesosasosa sa kgohlano, diketsahalo tse butswelang/fehlang kgohlano ena le diketsahalo tse pedi tse bontshang hore kgohlano e ile ya nama ya ba ya ama ba neng ba sa amehe qalong. Sesosasosa sa kgohlano Sebuweng ha a dumele ditabeng tsa badimo le ditlhare tsa setso. Yena o dumela hore thapelo e yang ho Modimo e anetse ho lokisa ditaba tsa lelapa. Ka lehlakoreng le leng monnae Kotopi yena o di bona ka mmoho taba tsena. Yena o re ho ka nna ha rapelwa empa ho ntse ho sebediswa le bohokedi ba badimo le ditlhare tsa setso. Sesosasosa ke ha Kotopi a lora toro moo baholo ba hae (badimo) ba mmontshang tsela e sa hlakang ya ho atisa leruo la hae. Mme ha ba sirela ho hlaha Makau, ngakantshonyana e tummeng le ho tshajwa ka ha o a retla le ho retla. Kotopi ha a phaphama torong eo o hlalosetsa mohatsae Sebuweng, ebile o nka qeto ya ho ikopanya le Makau ka seqo, ba tsebe ho buisana ka se lokelang ho etsuwa mabapi le ditaba tsa toro. Sebuweng o phephetha ditaba tsena, haholoholo ka ha di kentse Makau ka hare. Kotopi o ngangella ho etsa se tla kgotsofatsa yena, ka ha o re ke yena ya batlang leruo, ha se Sebuweng. Diketsahalo tse butswelang/fehlang kgohlano ena Kotopi o fela a kopana le Makau, eo (Makau) o mmolella hore o lokela ho rwala, mme setlhare sa ho rwala se hloka a fumane ditho tse itseng tsa motho – hona ho hlile ho bolela hore a bolaye motho. Le hoja a tshoswa ke taba ena, o tswela pele ka letsholo la ho tsoma phofu, a thuswa ke motswallae Rampou. Nengneng ho hlaha ditaba tsa ho retlwa ha monna ya bitswang Moletsane. Le pele Sebuweng a utlwa ditaba ka botlalo, o se a ntse a belaella Makau, ngakantshonyana. Kotopi o se a hlahelwa ke pono ya monna eo ba mmolaileng. Diketsahalo tse pedi tse bontshang ho nama ha kgohlano le ho ama ba neng ba sa amehe qalong Sebuweng o se a bona Rampou ya fihlang Kotopi a le siyo; Rampou ha a hlalose seo a se batlelang Kotopi. Sebueng o boela a utlwa Kotopi a phofa, a tshohile a re ha se yena ya bolaileng Moletsane ke Rampou. Jwale o se a tshohile hoo ho bonahalang hore kgotso e fedile ho yena. Tsena di etsahala bitsong la hobane a sa ka a mamela ha mohatsae a mo eletsa efela ngwana mahana ho jwetswa a bonwa ka dikgapha.Kgohlano ena e se e fetetse ho bao e neng e sa ba ame qalong ya ditaba, mme bona ke Rampou le Moletsane (eo e bileng e leng phofu ya diretlo). [Le tse ding ditaba tse ntseng di sekametse ho tsena batshwayi ba di amohele.] [25]
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 13 E.H.: Lekola rubriki ya tekanyetso ya potso ena. E.H. Hona e mpa e le mohlala wa nehelano e lebelletsweng. Kabo ya matshwao Dikahare (k.h.r. dintlha tse bopang karabo) = 15 Puo, setaele (selelekela, ditaba le phethelo)=10 [25] Senotlolo: Dik: P/S: POTSO YA 12 – SEYALEMOYA Ha se boya ba ntja 12.1 Molatswaneng √ 12.2 Ba qabantswe ke ho fihla ha Lesodi hae bosiu. √√ 12.3 Mohla Maleshwane a neng a mo tsebisa hore Lesodi o batla ho nyala, o ile a utlwa dikeletso tsa hae. √√ 12.4 Ke Lesodi le Kgasiane. √√ 12.5 Maloma Lesodi e ne e le motho wa maikutlo a phodileng, ya tsebang ho sebetsa ditaba hantle. √ Pela e ne e le motho ya bohale haholo, mme ebile e ne e se motho ya nkang ditaba tsa mora le mohatsae.√ [Maikutlo a baithuti a tla otlaotlana, a tsamaelanang le potso a amohelehe.] 12.6 – Bo senola ho kgathatseha ha hae moyeng.√√ - Lerato la hae ho Kgasiane. √√ - Bo senola semelo sa ntatae. √√ [E le nngwe feela] (Le tse ding dintlha tse motjheng di amohelehe.) 12.7 Ya nang le nnete. √ Ha a ka a rata ho patela Lesodi hore lesea leo a le immeng ha se la hae. √√ KAPA Ya sa tshepahaleng. √ O imiswa ke mohlankana osele empa a ratana le Lesodi. √√ 12.8 E, a dumellana le tsona. √ Maleshwane o ile a thusa mora ka hore a phunye ditaba ho ntatae eo mora a neng a mo tshaba lebekebeke.√√
Downloaded from hlayiso.com 14 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) 12.9 Mohlankana ha a utlwana le kgarebe, ha ba kopanele mahlong a batho ba baholo. √√ Ha mohlankana a se a entse qeto ya ho nyala, o tsebisa batswadi ebe taba ya hae e rerwa hantle. √√ Batswadi ba mohlankana ba ya habo kgarebe ho ya mo kopela mosadi.√√ Tse pedi feela. 12.10 Ka nako e nngwe ho tatela ho etsa dintho (ho etsa diqeto) ho etsisa motho diphoso. √√ Lesodi o ile a tatela ho nyala Kgasiane e se kgale ba ratana, athe Kgasiane o se a imme ngwana eo e seng wa hae. √√ [25]
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 15 POTSO YA 13 – HAESO MAFOTHOLENG Selelekela Molefi o ne a lokela ho nyala Montsheng, ngwanana wa ha habo Mafotholeng. Ho se ho bile ho buisanwe le ba habo Montsheng. Molefi o se a kwenehela Montsheng, a mo taka mebala ka puo tsa hae tse soto – tse kang Montsheng o nkga mahafi, ha a ya ruteha e bile ha a tsebe ho bapala papadi ya lerato. O se a kgahluwe ke Jwalane, kgarebe ya ditoropong e rutehileng. Molefi o e qadile taba! Mapetla, molwantshi wa Molefi, o boletse hore o tla dubisa lelapa labo Molefi thankga. Potso ke hore na, ebe ketso ee ya Molefi ya ho kwenehela Montsheng ha e ntshetse pele leano la Mapetla na? Le ha ho le jwalo potso e re tlama ho qoqa ka semelo sa Molefi, eo e bileng e le sebapadi sa sehlooho tshwantshisong ena. Semelo sa Molefi Molefi o holetse sebakeng sa mahaeng sa Mafotholeng, Leribe, mme ke motho wa nama le madi. Tikoloho ena eo a holetseng ho yona e na le tshusumetso e kgolo bothong/semelong sa hae. Ke ngwana wa Mosotho ya hodisitsweng hantle; o tsotella batho ba bang, mme ebile o hlompha bohle; o hlahella a bua ka tlhompho le ba bang hohle moo a buang le bona teng le haeba ho le hobe jwang; le ha a na le mathata le dikgarebe tsa hae ha a itlhompholle ka ho phetela baholo ba hae makatikati a diqabang tsa bona – o a hlompha. Molefi o rutehile ebile ke lejakane le hoja a bonahala a sa kenya dinala ha kaalo Sekereseteng. Ha a natse setso sa habo. Ho ya ka dipuo le diketso tsa hae, Molefi ke motho ya bohlale. Ha se feela a behilweng boetapeleng mosebetsing. Ka lebaka la semelo sena sa hae, o a hlomphuwa ke dibapadi tse ding. Bohlale ba Molefi bo hlahella moo ho nang le diqabang teng; o dula a ikokobeditse, mme o rarolla ditaba ka maikutlo a phodileng. Ho feta mona Molefi o na le lerato la boena ho bohle ba mo potapotileng, haholoholo bao a sebetsang mmoho le bona, ho kenyeleditswe le ba kang Takadimane, esita le baahisane ba akgang Mapetla hare. Le ha Molefi e le motho e motle tjena ke motho wa nama le madi; o na le mefokolo ya hae. Bofokodi ba Molefi ba pele ke bo tliswang ke lerato lena la hae la boena; o foufala hoo a sa boneng le dira tsa hae; ha a elellwe hore ntatemoholo Mapetla ha a mo rate; o foufetse hoo a sitwang ho bona hore e meng ya metswalle ya hae e mo kwetletse lerumo ka kobong. Metswalle ena ya hae e mo eka ka nako tsohle empa o sitwa ho bona, esita le ha a eletswa – ke ba kang Mofammere le Takadimane. Bofokodi ba hae bo bong bo bakwa ke thuto le bojakane; ka lebeka la ho ruteha o lahla kgarebe ya hae, Montsheng, hobane a re ha ya ruteha. Se swabisang ke hore Molefi ha a bone, le hoja a rutehile ha kaalo. Dikgarebe tse rutehileng tseo a utlwanang le tsona ke tse se nang mekgwa. Tumelo ya bojakane e boetse e a mo foufatsa; o manganga, ha a eletsehe ha a eletswa ho bonana le ngaka ya setso mabapi le mathata a mo apereng. Mathata a hae a mpefala le ho feta ke hona.
Downloaded from hlayiso.com 16 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) Pheletsong Molefi o qetella a se na letho; ha a sa na koloi; ha a sa na mosadi; ha a na bophelo – o kula hoo puo e hanang ho tswa. Kajeno Molefi o maemong ana [25] ka lebaka la semelo sena sa hae. Re ka habanya le hore mosebetsi o tla mo fella kgabareng. [Le tse ding ditaba tse ntseng di sekametse ho tsena batshwayi ba di amohele.] E.H.: Lekola rubriki ya tekanyetso ya potso ena. E.H.: Hona e mpa e le mohlala wa nehelano e lebelletsweng. Kabo ya matshwao Dikahare (k.h.r. dintlha tse bopang karabo) = 15 Puo, setaele (selelekela, ditaba le phethelo)=10 [25] Senotlolo: Dik: P/S: POTSO YA 14 – HAESO MAFOTHOLENG 14.1 Kgolwane √ 14.2 Molefi √ 14.3 Kgohlano e hlahellang tshwantshisong ena e thehilwe hodima tumelo yasekeresete kgahlanong le ya setso. √√ 14.4 B / Mohanyetsi √ 14.5 Mapetla o hlahella tshwantshisong e le sebapadi se lwantshang kapa se kgahlanong le moetapele, e leng Molefi. √√ 14.6 14.6.1 Disebo ke sebapadi se phelang metseng ya mahae. Batho ba phelang sebakeng sena e sa le batho, mme ditlwaelo le tsela ya bona ya ho phela e bontsha tlhomphano, ho tsotella le ho phedisana ka kgotso le batho ba bang. Disebo o hlompha le ho tsotella batho bohle – batswadi ba hae, ngwanabo Molefi, le ha a le monyenyane ho yena, metswalle ya Molefi esita le yena ntatemoholo Mapetla. √√√ Disebo o rata dintho tse amohelehileng tikolohong ya hae. Ha Molefi a nyahlatsa Montsheng, Disebo o lwana ya kgumamela; o bontsha Molefi ka moo ketso ena ya hae e tlang ho tlontlolla le ho tlosa seriti sa lapa labo kateng (tlhompho) esita le ka moo ketso ena e tlang ho heletsa sekgotsi (kgotso) se neng se se se qadile dipakeng tsa lelapa labo Montsheng le labo. √√√
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 17 14.6.2 Morongwe ke sebapadi se phelang tikolohong ya Roma Ha Mafefowane; ke sebaka sa tswelopele ka lebaka la dikolo tse ngata tse fumanwang ho sona. Morongwe ke sebapadi se rutehileng (ke mooki), mme o hlalefile jwalo ka batho ba bangata ba tikoloho ena. Morongwe ha a tsotelle letho ebile ha a na tlhompho; o mathaithai; o leshano ebile ha a qeaqee ho etsa tse mpe; o iketa ho Molefi (nakong eo Molefi e leng mokudi wa hae), mme ebile o imema ho etela Molefi. Ha a na ditlhong, ke letjhutjhutha le etsang bohlola - ebile o a tahwa. √√√ Dikamano tsa Morongwe le Molefi ha di fokotse kgohlano e hlokisang Molefi phomolo, empa di e ntshetsa pele. Ho boetse ho a bonahala ha ho le jwalo hore botho (semelo) bona ba Morongwe bo rotetsa kgohlano tshwantshisong ena. Molefi o a tshwenyeha ha a bona Morongwe a sa hlomphe batswadi ba hae - a ba tshufutshufula ka mantswe ha a bua le bona. Molefi ebile o rera ho mmusetsa habo ka baka la diketso tsa bohlola. Semelo sa morongwe se rotetsa kgohlano e ka ntle (ha a lwana le Disebo, jj.) le ya ka hare (ha Molefi a dula a ngongorehile). √√√ 14.7 14.7.1 Jwalane e ne e le kgarebe ya Molefi. √ 14.7.2 Ba kopane ho tla buisana ka taba ya Molefi ya ho hlala Jwalane. √√ 14.8 Molefi o ne a kopane le Morongwe sepetlele moo Morongwe e neng e le mooki teng. √ Molefi o ne a robetse moo tlong ya kokelo ka mora hore a tswe dikotsi tse mpe haholo kotsing ya koloi hona moo Maseru. √√ [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 25 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 80
Downloaded from hlayiso.com 18 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) ADDENDUM 1 TO THE MEMORANDUM (SECTION A) KAROLO YA HO LEKANYETSA POTSO E TELELE (MOQOQO) THOTHOKISONG THOTHOKISO Phihlello E kgabane E ntle E E fofo Karolwana Ha ho YA MOQOQO e mahareng fela phihlello PUO MATSHWAO A babatseh 10 ang - -Sebopeho -Sebopeho -Ho na le -Sebopeho -Sebopeho -Ha ho Sebopeho sa sa moqoqo bopaki bo se bontsha ha se a bopaki bo se na le moqoqo se a seng diphoso ralwa ka lekaneng bo kgokahan wa hae se utlwisiseha, bokae ba tsa moralo tshwanelo, bontshang oe hlahisitsw mme hore -Nehelano mme se hore babatseh e ka dintlha di sebopeho ya dintlha nyotobetsa moqoqo o ang bokgaban behilwe ka sa ha e moelelo wa ngotswe ho - e tatellano moqoqo utlwahale, seo a lekang ipapisitswe Selelekela -Selelekela -Selelekela, se mme ha e ho se bua le sebopeho le qetelo le qetelo di qetelo le latetswe ya -Diphoso tsa -Nehelano di hlahisitsw diratswana ka hlophiswa tshebediso ha e bontshe hlahisitsw e ka tse ding di tshwanelo ka tsela e ya puo le hore o Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano e momahaneng e ka tsela bokgaban hlophisitsw -Moqoqo etsang setaele di a utlwisisa e e, mme di e ka tsela e o bontsha tlhalohany sitisa, mme potso babatseh paka nang le tlhophiso o di -Ditaba tsa ang kutlwisiso momahano e nyotobetsa hae ha di mahareng moelelo utlwahale , mme kahohlehohl kgokahan e o ya ditemana moqoqon g ke e mahareng DIKAHARE Kgato ya7 Kgato ya 6 Kgato ya 5 Kgato ya Kgato ya 3 Kgato ya 2 Kgato ya 1 Kutlwisiso ya 4 potso, botebo 80 – 100% 70 – 79% 60 – 69% 40 – 49% 30 – 39% 0 – 29% ba tshekatsheko 50 – 59% ya taba. Kutlwahalo le netefatso ya thothokiso ka mabaka -O bontsha kutlwisiso e Kgato ya 7 tebileng ya 8 – 10 7–8 7–7½ potso, mme dintlha tsohle di utullutswe ka botlalo le ka Phihlello e babatsehang boqhetseke 80 – 100% -O araba potso ka botlalo le ka tsela e babatsehang -O bontsha kutlwisiso e tebileng ya 7½ -8½ 7–8 6½-7½ 6–7 potso ka tsela e kgabane, mme dintlha tsohle di utullutswe ka Kgato ya 6 botlalo 70 -79% -O nehelana le ho tshehetsa dintlha tsa haeE kgabane ka bokgabane -O bontsha kutlwisiso e tebileng mme o 7–8 6½-7½ 6–7 5½-6½ 5–6 hlalosa potso ka tsela e kgabane -Dikarabo tsa hae di a Kgato ya 5 utlwahala le 60 – 69% hoja tse ding di sa tshehetswa ka botlalo E ntle
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 19 -O bontsha kutlwisiso e mahareng ya potso leha a sa 6–7 5½-6½ 5–6 4½-5½ 4–5 utulla dintlha tsohle ka botlalo -O tshehetsa Kgato ya 4 50 – 59% dintlha tsa hae, leha bopaki e se bo kgodisang E mahareng hakalo -O bontsha boiteko bo seng bokae ba ho araba potso 5–6 4½-5½ 4–5 3½-4½ 3–4 -O bontsha kutlwisiso e sa Kgato ya 3 tebang hakalo, 40 – 49% e thekethekeselan g ya E fofo bothothokisi -Kutlwisiso ya hae ya potso e bonahala e Kgato ya 2 30 – 39% fokola haholo 4–5 3½-4½ 3–4 1–3½ -O phetapheta Karolwana dintlha a be a fela tswe lekoteng -Karabo e bontsha e na le Kgato ya 1 kamano le potso, empa ho 3–4 1–3½ 0–3 thata ho utlwisisa seo a Ha ho phihlello 0 – 29% se hlalosang -Dintlha tsa hae ha di utlwisisehe
Downloaded from hlayiso.com 20 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) ADDENDUM 2 TO THE MEMORANDUM (SECTIONS B & C) KAROLO YA B LE YA C: RUBRIKI YA HO LEKANYETSA POTSO E TELELE (YA MOQOQO) PADING LE TERAMENG – MATSHWAO A 25 DIKGATO LE KABO YA DIKAHARE SEBOPEHO LE TSHEBEDISO YA PUO: MATSHWAO Matshwao a 15 Matshwao a 10 Kutlwisiso ya potso. Botebo ba Sebopeho, tlhophiso ya mehopolo le nehelano tshekatsheko ya taba. Kutlwisiso le e nang le neheletsano e momahaneng e netefatso ya ntlhakemo ka mabaka a lebisang tlhalohanyong ya potso mmoho le puo, hlahang sengolweng. setaele le sehalo tse sebedisitsweng temeng. Kgato Phihlello e -O bontsha kutlwisiso e tebileng ya Phihlello e -Sebopeho se na le kgokahano e babatsehang ya 7 babatsehang potso, mme dintlha tsohle di babatsehang -Selelekela le qetelo di hlahisitswe ka tsela e utullutswe ka botlalo le ka babatsehang 80 – Matswao a: boqhetseke Matshwao a: -Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di 100% 12 – 15 -O araba potso ka botlalo le ka tsela 8 – 10 sutsitse, mme di phehisa tlhahisong ya moelelo e babatsehang o kgahlisang, ebileng o nepahetse Kgato E kgabane -O bontsha kutlwisiso e tebileng ya E kgabane -Sebopeho sa moqoqo wa hae se hlahisitswe ya 6 potso, mme dintlha tsohle di ka bokgabane Matshwao a: utullutswe ka botlalo Matshwao a: -Selelekela le qetelo di hlahisitswe ka 70 – 11 -O bontsha kutlwisiso e babatsehang 7 bokgabane, mme di paka kutlwisiso 79% ya mofuta ona wa sengolwa -Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di nepahetse mme di loketse sepheo Kgato E ntle -O bontsha kutlwisiso e tebileng E ntle -Sebopeho sa moqoqo se a utlwisiseha, mme ya 5 mme a hlalosa potso hantle ka tsela dintlha di behilwe ka tatellano Matshwao a: e kgabane Matshwao a: -Selelekela le qetelo mmoho le diratswana tse 60 – 9 – 10 -O bontsha kutlwisiso e ntle ya 6 ding di hlophisitswe ka tsela e nang le 69% mofuta ona wa sengolwa momahano -Tshebediso ya puo, sehalo le setaele boholo di hlahella di sebedisitswe ka tsela e nepahetseng Kgato E mahareng -O bontsha kutlwisiso e mahareng E mahareng -Ho na le bopaki bo seng bo kae ba hore ya 4 ya potso leha a sa utulla dintlha sebopeho sa moqoqo se latetswe ka tshwanelo Matshwao a: tsohle ka botlalo Matshwao a: -Moqoqo o bontsha tlhophiso e mahareng 50 – 8 -Dintlha di tsheheditswe empa 5 -Tshebediso ya puo, sehalo le setaele di fihlella 59% bopaki ha bo kgodise hakalo ditlhoko tsa motheo, empa diratswana tse ding ha di ya nepahala ka ho otloloha Kgato E fofo -O bontsha boiteko bo seng bokae E fofo -Sebopeho se bontsha diphoso tsa moralo ya 3 ba ho araba potso -Nehelano ya dintlha ha e utlwahale Matshwao a: -dintlha ha di kgodise hakalo, athe le Matshwao a: -Diphoso tsa tshebediso ya puo di totobetse 40 – 6–7 kutlwisiso e a thekethekesela 4 49% Kgato Karolwana fela -Kutlwisiso ya hae ya potso e Karolwana fela -Sebopeho ha se a ralwa ka tshwanelo, mme se ya 2 bonahala e fokola haholo nyotobetsa moelelo wa seo a lekang ho se bua Matshwao a: -O phetapheta dintlha, a be a tswe Matshwao a: -Diphoso tsa puo ke tse sitisang le ho 30 – 5 lekoteng 3 nyotobetsa moelelo ka hohlehohle 39% -Popo ya diratswana ke e fosahetseng Kgato Ha ho phihlello -Karabo e bontsha e na le kamano le Ha ho phihlello -Ha ho bopaki bo bontshang hore moqoqo o ya 1 potso, empa ho thata ho utlwisisa ngotswe ho ipapisitswe le sebopeho Matshwao a: seo a se hlalosang Matshwao a: -Nehelano ha e bontshe hore o utlwisisa potso 0– 0–4 -kutlwisiso ya hae ya mofuta ona wa 0–2 -Tshebediso ya puo e a fokola, setaele le 29% sengolwa ke e fokolang haholo sehalo di fosahetse, mme diratswana le kgokahano ha di yo.

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all