Skip to content

Sesotho HL Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2013 Question Paper

Question paperSesotho HLGrade 12201315 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 2 question paper from the Eastern Cape Mock Exam 2013, 15 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2013

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com Province of the EASTERN CAPE EDUCATION NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2013 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 MATSHWAO: 80 NAKO: DIHORA TSE 2½ *SESHL2* Pampiri ena e na le maqephe a 14.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) DITAELO HO MOHLAHLOBUWA 1. Bala tsohle tse hlahellang tlhahlobong ena, o ntse o hopola hore ke tlhahlobo e reretsweng ho o kwetlisetsa ya makgaolakgang; 2. Tlhahlobo ena e arotswe DIKAROLO tse THARO, e leng: KAROLO YA A: Dithothokiso (30) KAROLO YA B: Padi/Nobele (25) KAROLO YA C: Tshwantshiso/Terama (25) 3. O lokela ho araba dipotso tse HLANO di le kaofela:  Tse THARO (3) KAROLONG YA A  E le NNGWE KAROLONG YA B  E le NNGWE KAROLONG YA C 4. Nomora dikarabo tsa hao ka tsela eo dipotso di nomorilweng ka yona. 5. Ngola ka mongolo o makgethe, o balehang. Sebedisa pene e ntsho.
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 3 KAROLO YA A: DITHOTHOKISO Karolong ena o botsitswe dithothokiso tse TSHELETSENG (POTSO YA 1 – 6). Araba dipotso tse THARO feela. ELA HLOKO: Kgetha mme o arabe dipotso tse PEDI feela dithothokisong tseo o ithutileng tsona selemong sena (POTSO YA 1 ho isa ho POTSO YA 4); ebe o tswela pele ho kgetha le ho araba potso e le NNGWE feela dithothokisong tseo o sa ithutang tsona (POTSO YA 5 le POTSO YA 6). POTSO YA 1 Bala thothokiso ena, o nto araba dipotso tse e latelang: Majakane – T Leballo 1 Ditshepe tsa lla kekeu keu, 2 Hohle ha utlwahala lekekeu keu, 3 Borwa Botjhabela ke bonyeunyeu, 4 Bonyeunyeu ke ba bana ba boMaria, 5 Bonyeunyeu ke ba bana ba boJosefa. 6 Bonang moaparo botle paka kgotso, 7 Bonang moaparo botle paka lerato, 8 Bonang seema ha ba hlaha ka makgalo, 9 Ba le rosari melaleng paka tumelo, 10 Ba le difapano mahetleng paka toka. 11 Lonya ke la eng bana ba boMaria? 12 Bokgopo ke ba eng bana ba boJosefa? 13 Le lonya le apere botsho bosweu, 14 Le kgopo le rwetse rosari ya tumelo, 15 Le jere sefapano thupa ya pholoso. Qoqa ka tshebediso ya phetapheto le bohlokwa ba yona thothokisong e ka hodimo. Hopola hore o lebeletswe ho araba ka tsela ya moqoqo. Karabo ya hao e be mantswe a 250 – 300. KAPA [10]
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) POTSO YA 2 Bala thothokiso ena, o nto araba dipotso tse e latelang: Ke a itshola – TJ Mahapa 1 O na be o kula moahisane, 2 O lla ka lengole o qakehile, 3 O re ntho ka maleng e a o tsamaya, 4 Nna jwalo ka moahisane ka iteka, 5 Hoba wa makgonthe Mosotho o buile kgale, 6 Matlo ho tjha mabapi; 7 Ba ka bophelo ka bo tela, 8 Phelo ba hao bo le tsietsing ngwaneso, 9 O nwele parafini o nwele sepiriti, 10 Koloi ka e batla ka ya ka tjhelete, 11 Tlong ya kokelo ka o lefella, 12 Kajeno o fodile o a mphoqa, 13 O re ke ne ke mathisa bohata ke moloi, 14 O re ke nna ya o loileng kgale, 15 Ka hoo ke leka ho pata boloi ba ka, 16 Ruri ke a itshola nna ngwana batho, 17 Thuso ya ka e mphetotse moloi. 2.1 Qolla melathothokiso e mmedi feela eo ho yona sethothokisi se sebedisitseng anastrofi thothokisong ena. (2) 2.2 Lentsweng lena ‘Phelo’ molathothokisong wa 8 sethothokisi se sebedisitse kgonyetso. Fana ka bohlokwa bo le bong feela ba sebetsa sena sa bothothokisi. (2) 2.3 Bolela mofuta wa phetapheto e fumanwang molathothokiso wa 9. (1) 2.4 Moleng wa 6 sethothokisi se sebedisitse maele ‘Matlo ho tjha mabapi’. Maele ana a matlafatsa jwang seo sethothokisisi se se hlahisang meleng ya 1 – 5? (2) 2.5 Ho ya ka sehalo sa thothokiso ena, sethothokisi se: (Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho tsena mme o ngole tlhaku feela e nepanang le yona.) A thabetse moahisane B makatswa ke ho hloka nnete ha moahisane wa sona C bua le motswalle wa sona ka moahisane D phetela babadi ka moahisane (1) 2.6 Akaretsa seo sethothokisi se llang ka sona mona ka polelo e le nngwe. (2) [10] KAPA
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 5 POTSO YA 3 Bala thothokiso ena, o nto araba dipotso tse e latelang: Mmadiberwane – T. Leballo 1 Thabadimahlwa ha morena Mafafa, 2 Thaba di mehodi habo kgotso le nala, 3 Ho ne ho le teng pabala ya mosadi 4 Mahlo a le bophatshwa ba lehodi, 5 Meno a le bosowana e le phophi ya lebese, 6 Nko e tjhorile jwalo ka nale ya motjhini. 7 Mosadi yeo ka lebitso ke Mmadiberwane, 8 Motho e le sentebale nonyana lewatle, 9 Motho e le setshwana se moropotsana, 10 Theka eka la mmamodukule, 11 Ngwana a rafohile a tshabile lefatshe, 12 Ngwana e le seilatsatsi wa tshomong. 13 Mmadiberwane e ne e se sebapallwa, 14 E ne e se potele e kgwathwang ka lehlaka, 15 O ne a tshajwa ke bana le ke bomma bona, 16 A tshajwa ke basadi le banna ba bona, 17 Mosadi a mo otla a mo tlole hodimo, 18 Monna a mo diha a mo kotsame hodimo. 19 Ruri bitsolebe ke seromo, 20 Haeba ke lefutso o ne a feteletse, 21 Hoba o ne a sa tswa tseleng empa a feteletse, 22 Mekgwa le diketso di ne di mo paka, 23 Dipuo le metsamao di ne di mo hlalosa, 24 Hore enwa ha se mosadi ke torobetshe. 3.1 Qolla lebitsomararane le sebedisitsweng moleng wa 1 o be o bolele hore bohlokwa ba lona ke bofe. (2) 3.2 Molathothokisong wa 7 ho sebedisitswe tatellano e sa tlwaelehang ya mantswe. Hana sebetsa/lekgetha lee la bothothokisi le bitswang? (1) 3.3 Molathothokisong wa 17 le 18 ho sebedisitswe phetapheto ya sebopeho. Hlalosa bohlokwa ba phetapheto eo melathothokisong ena. (2) 3.4 Ha ho letshwao la ho bala qetellong ya molathothokiso wa 3. Bolela hore lekgetha/sebetsa sena sa bothothokisi se bitswang o be o bolele hore bohlokwa ba sona ke bofe thothokisong. (2) 3.5 Ke lentsweng lefe temathothokisong ya 2 moo ho sebedisitsweng kgonyetso? (1) 3.6 Akaretsa se bolelwang ke temathothokiso ya 3 ka mantswe a hao a fupereng mohopolo wa sehlooho. (2) [10] KAPA
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) POTSO YA 4 Bala melathothokiso ena e qotsitsweng, o nto araba dipotso tse e latelang: Ba ile, ba ile – PM Ramathe 1 Di ile dithatohatsi re setse, 2 Re setse re hlopheha re otlwa, 3 Re tulwa re tujwa, 4 Kajeno fifi le bofifi di re aparetse. 5 Ba ile, ba ile re setse, 6 Re setse re bina sa mehla sefela, 7 Fela sa tshotleho fatsheng la rona bofeela, 8 Ekgepeta fatsheng la Faro re setse. 9 A ile makgotla a Iseraele a ile, 10 Re setse bopong la lewatle, 11 Re setse re disitse ditopo bongata mawatleng, 12 Re kganathetse madi, re tlamuretse mahlwele. 13 Ba ile, ba ile re setse. 14 Ba ile Kanana phomolong ba ile, 15 Fatsheng la dinotshi le lebese, 16 Jehova o ba pepile o ba fihlisitse. 4.1 Hlalosa mofuta wa phetapheto e molathothokisong wa 3. (2) 4.2 Fana ka lewa la bothothokisi le hlahellang molathothokisong wa 6. Bohlokwa ba lewa leo ke bofe? (2) 4.3 Qotsa polelwana e fanang ka lehlaso. (2) 4.4 Ha ho thwe ‘ba ile, ba ile’ hantlentle ho bolelwang? (2) 4.5 Melathothokisong ya 14 le 15 sethothokisi se hlakisa hore: (Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa.) A ba ile diheleng B ba ile nahathote C ba ile lehodimong D kaofela di nepahetse (2) ELA HLOKO: Kgetha mme o arabe POTSO YA 5 kapa POTSO YA 6. Hlokomela hape hore thothokiso eo o hlahlojwang ho yona e ya tshwana ho potso ya 5 le ya 6, phapano empa e le ho re 5 ke moqoqo, ha 6 e le dipotso tse kgutshwane. [10]
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 7 POTSO YA 5 Bala thothokiso ena, o nto araba dipotso tse e latelang: Ho se tshepahale – RN Phume 1 Le teng le le lelele leqwatsiqwatsi, 2 Nthwa ho refolaka ha e tsamaya; 3 Ya ho ema ka ditlhako, 4 Ntho ya ho tshaba lefatshe 5 Empa lefatshe le thotse. 6 Ha a tsamaya wa kakaila! 7 O kakaila ha bohloko feela, 8 Ha a qenehele lefatshe; 9 Lefatshe ha se nthwa ho qenehelwa. 10 Ka hanong ka mona o butswitse, 11 Qwetha le ke ke la o besa, 12 La o besa wa fela wa tuka, 13 Ke leqwetha ka boyena leqwatsiqwatsi. 14 Mo mamele heno ke naheng, 15 Sala shwalaneng le hara mpa motsheare. 16 O sala le monna Mateneng, 17 O sala o tshwere hlolo ka boya. 18 Ha le iketse le hotse ka thata, 19 Thaka tsa hae di ja ‘puting’ 20 Di ja ‘tjhokolete’ monate mabothotsa, 21 Lona le kgangwa ke dipabi naheng! Hlalosa bonono/bokgabo ba bothothokisi boo sethothokisi se bo sebedisitseng thothokisong ena mme o be o totobatse bohlokwa ba bonono boo. Karabo ya hao e be mantswe a 250 – 300. [10] KAPA
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) POTSO YA 6 Bala thothokiso ena, o nto araba dipotso tse e latelang: Ho se tshepahale – RN Phume 1 Le teng le le lelele leqwatsiqwatsi, 2 Nthwa ho refolaka ha e tsamaya; 3 Ya ho ema ka ditlhako, 4 Ntho ya ho tshaba lefatshe 5 Empa lefatshe le thotse. 6 Ha a tsamaya wa kakaila! 7 O kakaila ha bohloko feela, 8 Ha a qenehele lefatshe; 9 Lefatshe ha se nthwa ho qenehelwa. 10 Ka hanong ka mona o butswitse, 11 Qwetha le ke ke la o besa, 12 La o besa wa fela wa tuka, 13 Ke leqwetha ka boyena leqwatsiqwatsi. 14 Mo mamele heno ke naheng, 15 Sala shwalaneng le hara mpa motsheare. 16 O sala le monna Mateneng, 17 O sala o tshwere hlolo ka boya. 18 Ha le iketse le hotse ka thata, 19 Thaka tsa hae di ja ‘puting’ 20 Di ja ‘tjhokolete’ monate mabothotsa, 21 Lona le kgangwa ke dipabi naheng! 6.1 Bolela mofuta wa thothokiso, o be o hlalose mofuta oo. (2) 6.2 Hlalosa mookotaba wa thothokiso ka bokgutshwane. (3) 6.3 Bolela bonono bo sebedisitsweng molathothokisong wa 12. (1) 6.4 Se hlaloswang ke melathothokiso ya 19 le 20 ke ho re: (kgetha e nepahetseng ka ho fetisisa): A thaka tsa leqwatsiqwatsi di iketlile B thaka tsa leqwatsiqwatsi di balehile C thaka tsa leqwatsiqwatsi di phela ka thata D thaka tsa leqwatsiqwatsi di se di le boyabatho (2) 6.5 Ho ya ka kutlwisiso ya hao, leqwatsiqwatsi o ka re ke motho ya jwang? (2) [10] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 9 KAROLO YA B: PADI/NOBELE Araba potso ya buka eo o ithutileng yona karolong ena. Kgetha mme o arabe potso e le nngwe feela, e telele (ya moqoqo) kapa ya dipotso tse kgutshwane. Ha o kgetha ho araba ya moqoqo KAROLONG YA B, o tla tlameha ho araba ya dipotso tse kgutshwane KAROLONG YA C. Ebang kgetho ya hao e le ya dipotso tse kgutshwane KAROLONG YA B, teng jwale o tlameha ho araba potso ya moqoqo KAROLONG YA C. Sena se bolela hore qetellong ya ditaba o tlameha hore o be o arabile potso e le NNGWE e telele (ya moqoqo) le potso e le NNGWE ya dipotso tse kgutshwane KAROLONG YA B le KAROLONG YA C. POTSO YA 7: BOTSANG LEBITLA – KPD Maphalla Qoqa ka semelo sa baphetwa ba latelang: Mohanua, Tseleng le Tsietsi. Ipapise le ditaba tsa pale ena moqoqong wa hao. Moqoqo wa hao o be bolelele ba mantswe a ka bang 400 – 450. [25] KAPA POTSO YA 8: BOTSANG LEBITLA – KPD Maphalla Bala tema e latelang, ebe o araba dipotso tse thehilweng hodima buka/padi yohle. “Tsamaya ka kgotso pelo ya ka”, ke Tsietsi eo ka maikutlo a lobehlaneng. “Ke tla o hopola ka mehla. O tsebe hore ke wena pelo ya ka. O tsebe hore ha o se o ile, o ile le pelo ya ka, mme nna moo ke setseng ke setse ke se na pelo. Hohang, ha ke sa na pelo. Empa ke a o tshepisa hore bao ba kgaotseng bophelo ba hao ka sehloho, le a bona a tla kgaolwa ka sehloho. Ke a o tshepisa wena pelo ya ka. Ke tla itima boroko. Ke tla itima phomolo. Bao ba inketseng matsatsi a hao, le a bona a tla nkuwa. Ke a o hlapanyetsa wena lehakwe la ka. Nke ke ka phomola pele dilalome tseo di o latela, le ha di ka nka tsela esele”. 8.1 Mophetwa enwa ya buang mona o bua le mang? (1) 8.2 Ho ya ka kutlwisiso ya hao ya pale ena, mophetwa enwa o bolelang hantlentle ha a re: “Ha ke sa na pelo”? (2) 8.3 Qolla ketsahalo e le nngwe feela paleng ena e netefatsang karabo ya hao e ho 8.2. (2) 8.4 Taelo ya ho qetela ya mophetwa enwa ya bitswang “pelo ya ka” e bile efe? (2) 8.5 Ke ketsahalo efe e le NNGWE e pakang hore mophetwa enwa o ne a fele a phethisa ditshepiso tsa hae? (2) 8.6 Na o ka re maele a reng molamu o boetse sefateng a dumellana le ketsahalo ee e qotsitsweng ka hodimo? Hobaneng o realo? (3) 8.7 Ho ya ka diketso tsa mophetwa enwa ya bitswang “lehakwe la ka” ketsahalong ena pele a ikela, o ka re mongodi o totobatsa makgabane afe bathong ba basadi? Bolela a MARARO feela. (3) 8.8 Hlalosa ka dintlha tse THARO tikoloho eo ketsahalo ena e etsahetseng ho yona. (3)
Downloaded from hlayiso.com 10 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) 8.9 Hlalosa ka dintlha tse THARO hore ho ne ho etsahala eng mona ha mophetwa enwa a tla iphumana a lahlehetswe ke lehakwe la hae. (3) 8.10 Ke dintho dife tse PEDI tseo o ka reng ha di kgolwehe ketsahalong ena eo ho qotsitsweng ditaba tsa yona? (4) [25] KAPA POTSO YA 9: MME – NP Maake Qoqa ka semelo sa baphetwa ba latelang: Mme, Mmisi Lekena le Thollo Mofokeng. Ipapise le ditaba tsa pale ena moqoqong wa hao. Moqoqo wa hao o be bolelele ba mantswe a ka bang 400 – 450. [25] KAPA POTSO YA 10: MME – NP Maake Bala tema e latelang, o nto araba dipotso tse e latelang, tse thehilweng hodima buka yohle. Ka mane ka jareteng ho ntse ho na le ba binang ya bona pina. E mong o se a bile a omanyetswa jwala boo a bo utswitseng. O utlwe bomme ba se ba leleka motho pitseng tsa bona, athe e mong ka mona o se a kentse sekaqahadi sa nama ka hara pokotho ya baki. Bana ba bokanetse monyadi le monyaduwa, mme ba ntse ba bolela ka moo ba leng batle kateng. E mong ya maminanyana o se a hatile molelema o ka morao wa lesira, a ntse a itlhakola mamina ka letsoho a ba a mo tlweba ho ya tsebeng. Mme e mong ke eo a se a hlaha ka lefielo a leleka bana. Ba bang motho wa teng o lapile. Mme ya mohau ke enwa o se a hlaha a tshwere lebekerehadi la seno se bitswang kgemere, sejana se seholo sa dikuku le dikopi tsa pampiri a neha bana bana. Jwale ho qala letlaburu, e mong le e mong o batla ho phamola kopi, a nke le kukunyana pele di fela. Ha e se e le mantsiboya ba nyalanang ba kena ka tlong. Jwale ho kopana ba lelapa feela, mme ho tlo lauwa batho ka bophelo ba lenyalo. Ka moo ba bolelang ka teng motho a ka ba a re lenyalo ke lefu. Malome o se a bo kgile mme le mantswe ha a sa a qapodisa hantle. Rangwane le yena ke enwa ha a a nyala empa o batla ho fa batho keletso ka lenyalo. 10.1 Fana ka mabitso a banyalani ba BABEDI bao ho buuwang ka bona ditabeng tse qotsitsweng. (2) 10.2 Monyaduwa o ile a fuwa lebitso lefe la bohadi? (1) 10.3 Banyalani bana ba ile ba hlohonolofatswa ka bana ba bakae? (1) 10.4 Hlalosa hore ke pherekano efe e bileng teng mohla ba habo monyadi ba neng ba tlilo kopa mohope wa metsi. (2) 10.5 Ka mantswe a hao akaretsa diketsahalo tse ileng tsa etswa ke monyaduwa letsatsi pele ho lenyalo la bona. (3) 10.6 Hoseng ha tsatsi le latelang ke ketsahalo efe e ileng ya tshosa monyaduwa ka ho fetisisa e bakilweng ke se etsahetseng potsong ya 10.5? (2)
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 11 10.7 Ho fihla ha Mme lapeng la banyalani bana, ho totobatsa mofumahadi wa lapa lena e le motho wa semelo sefe? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (2) 10.8 Ho latela ditaba tsa pale ena, dumellana kapa o hanane le maele a reng ‘pinyane ha e senye motse’. (3) 10.9 Ha Mme a se a hlokahetse, monyaduwa o ile a mo patela lapeng la Bafokeng. Sena se ile sa baka qabang e kgolo pakeng tsa monyaduwa le Bafokeng ba neng ba tseka hore hobaneng ha Mme a patetswe ha mora bona e se wa leloko. Ha e ne e le wena monyaduwa eo, o ne o tla etsa jwang? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (3) 10.10 Ho ya ka maikutlo a hao ebe Mmisi Lekena o ne a nepile ha a ne a hanela monyaduwa hore a dumele ho nyalwa? Hobaneng o realo? (2) 10.11 Ke lebaka lefe le entseng hore monyaduwa a se ke a thabela monyetla wa ho itokolla lenyalong leo a neng a sa ratane le motho ya mo nyalang, ha rakgadiae a re a ka nna a itokolla? (2) 10.12 Ke ketsahalo efe paleng ena e re bontshang hore ka nako tse ding bophelong re ka tshaba diphephetso tse itseng, athe bokamoso ha bo bobe jwalo ka ha re tshohile? (2) [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 25
Downloaded from hlayiso.com 12 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) KAROLO YA C: TSHWANTSHISO/TERAMA Araba potso ya buka eo o ithutileng yona karolong ena. Haeba o ile wa kgetha ho araba mofuta wa potso e telele (ya moqoqo) KAROLONG YA B, jwale o tlameha ho araba mofuta wa dipotso tse kgutshwane KAROLONG YA C. POTSO YA 11: SEYALEMOYA – RH Moeketsi Ha le thakgiswe Sekaseka kgohlano ya terama ena. Ipapise le dintlha tse latelang moqoqong wa hao: sesosasosa sa kgohlano, diketsahalo tse butswelang/fehlang kgohlano ena, diketsahalo tse pedi tse bontshang hore kgohlano ena e ile ya nama le ho qaphaletsa/ama le batho ba neng ba sa amehe qalehong ya pale. Moqoqo wa hao o be bolelele ba mantswe a ka bang 400 – 450. [25] KAPA POTSO YA 12: SEYALEMOYA – RH Moeketsi Bala ditaba tsena, o nto araba dipotso tse e latelang. Hopola hore dipotso di itshetlehile ka dikahare tsa terama kaofela. Ha se boya ba ntja (Ke thapama, haufi le molatswana o phallang. Lesodi o dutse moo a le mong, mme o ferekane.) Lesodi: Moya wa ka o farasitse habohloko. Ke ikutlwa ke bile ke fokola, mangole a kgwehla. E, e ka re ke yona kgutsana e se nang beng. E, ntate. Bohale ba ntate bo mpehile tsietsing ha e le mona ke tlameha ho tobana le yena ka taba ena. Ke bile ke nahana ka tsela e nngwe. Eya bo, ke tlameha ho buisana le malome, yena a mpe a nkele ho ntate le mme. Kgasiane! Kgasiane o hapile pelo ya ka. Ke lokela ho raha moritshwana, mme bothata ba ka ke ntate. E, ha ke tloha mona ke ya ha malome, o tlameha ho nthusa. E re ke hle ke ye. 12.1 Ke sebakeng sefe moo Lesodi le Kgasiane ba neng ba atisa ho kopanela teng? (1) 12.2 Ke sefe se ileng sa qabanya Maleshwane le Pela, phirimaneng ya lona tsatsi leo Lesodi a neng a dutse molatswaneng ka lona? (2) 12.3 Ke ketsahalo efe terameng ena, e bontshang hore Pela le ha a ne a le bohale, o ne a amohela dikeletso tsa batho ba bang? (2) 12.4 Dibapadi tse PEDI tsa sehlooho ke dife terameng ee? (2) 12.5 Ho ya ka ditaba tsa tshwantshiso ena, bapisa ka ntlha e le NNGWE semelo sa Pela le maloma Lesodi. (2) 12.6 Bohlokwa ba boipuiso boo ba Lesodi ke bofe? Nehelana ka ntlha e le NNGWE e hlahang hona boipuisong bona. (2)
Downloaded from hlayiso.com (SEPTEMBER 2013) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 13 12.7 Ho ya ka wena ebe ditaba tsa terama ee di pepesa Kgasiane e le motho wa semelo se jwang? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (3) 12.8 Ho latela kutlwisiso ya hao terameng ena, na o ka re maele a reng ‘mmangwana o tshwara thipa ka bohaleng’ a dumellana le diketsahalo tsa yona? Tshehetsa karabo ya hao ka lebaka. (3) 12.9 Ke diketsahalo dife tse PEDI tse bontshang hore diketsahalo tsa terama ena di itshetlehile setsong (botjhabeng) sa Basotho? (4) 12.10 Hlalosa molaetsa o totobatswang ke ditaba tsa terama ena. (4) [25] KAPA POTSO YA 13: HAESO MAFOTHOLENG – CJ Teleki Qoqa ka semelo sa Molefi o ipapisitse le ditaba tsa terama/tshwantshiso ena. Moqoqo wa hao e be wa bolelele ba mantswe a ka bang 400 – 450. [25] KAPA POTSO YA 14: HAESO MAFOTHOLENG – CJ Teleki Bala ditaba tsena tsa Pitso, o nto araba dipotso tse di latelang, le tse amanang le tshwantshiso/terama yohle: Kgolwane: Sware, ka mokgwa oo kgaitsedi le motjhana ba buileng ka teng, ke utlwisisa eka ha o na ngaka e lebetseng lelapa lena la hao. Na ebe kutlwisiso eo ya ka e nepahetse? Pitso: Ho fela ho le jwalo sware. Rona bakeresete ha re dumele ho dintho tseo tsa bohetene. Ke dumela hore tabeng ena ya Jwalane ha ho na ditlhare tsa letho tse sebedisitsweng. Hoo e leng nnete ke ho re baboJwalane, le yena Jwalane ka boyena, ke batho ba balotsana. Ke re ha ba tshepahale hobane ha ba a ka ba tloha ba boletse hore Jwalane o na le ngwana le monna osele. Hape molotsana eo wa ngwanana ha a ka a tloha a bolelletse mora enwa wa ka hore o na le ngwana le monna e mong nakong eo a seng a ratana le yena. Jwale ke batla ho tseba hore ditlhare di kena jwang mona. Kgolwane: Sware, ke bona eka o tla tshirelwa ke ntlha ya bohlokwa tabeng ena. Seo ditlhare di ka se etsang ke ho dihela motho bathong ba bolotsana jwalo ka bana bao re seng re wetse ho bona; kapa di etse hore a hlahelwe ke bomadimabe bofe kapa bofe. Ka tlasa mabaka ana ao ke qetang ho o bolella ona, ke dumellana le mohopolo wa Mojabeng le Disebo ha ba re o itlhahlobe; o be o tiise lelapa la hao. Le hona sware, o lokela hore o batle ngakatjhitja eseng ngakana-ka-hetla. Pitso: Sware, nke ke ka ba ka bitsa batho bana o tla fumana ba rwetse matlalo a dinakedi le a diphokojwe ho tla ha ka mona. Ruri bakeresete ba bang hammoho le fatere ba ka mmakalla hampe ha ba ka ba bona ho kena motho ya rwetseng kuwane ya letlalo la thallere ha ka mona. Bonyane ntho eo nka …
Downloaded from hlayiso.com 14 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 2 (SEPTEMBER 2013) 14.1 Kgohlano ha e ntse e hola e qaphaletsa le dibapadi tse ding tse ka thoko. Ke sebapadi sefe ho tsee tse pedi seo o bonang se se se qaphaleditswe ke madi le sona? (1) 14.2 Bolela sebapadi se ka sehloohong (moetapele) tshwantshisong ena. (1) 14.3 Ho ya ka kutlwisiso ya hao o ka re sesosa sa kgohlano tshwantshisong ee ke sefe? (2) 14.4 Seabo sa monnamoholo Mapetla ke sefe tshwantshisong ee? Na o ka re Mapetla ke … [Kgetha karabo e nepahetseng ka ho fetisisa ho kwala sekgeo se ka hodimo] A Molwantshuwa? B Mohanyetsi? C Mofapanyi? D Moetapele? (1) 14.5 Tiisa kgetho ya hao (karabong ya hao e ho 14.4) ka lebaka. (2) 14.6 Mongodi o sebedisitse tikoloho ho hodisa le ho ntshetsa pele kgohlano tshwantshisong ena. Hlalosa tshusumetso eo tikoloho e bang le yona semelong (boitshwarong/bothong) sa sebapadi ka seng ho tse latelang, o be o bontshe ka moo semelo seo sa tsona se thusang kateng ntshetsopeleng ya kgohlano paleng ya tshwantshiso ena: 14.6.1 Disebo (6) 14.6.2 Morongwe (6) 14.7 Puisano e dipakeng tsa dibapadi tsena tse pedi e ne e le mabapi le Molefi le sebapadi se bitswang Jwalane. 14.7.1 Jwalane eo ke mang? (1) 14.7.2 Ke eng e neng e etsahetse ha dibapadi tsee di buisana tjee? (2) 14.8 Akaretsa ka dintlha tse THARO diketsahalo tse ileng tsa lebisa ho kopaneng ha Molefi le Morongwe. (3) [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 25 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 80
Downloaded from hlayiso.com

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all