Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE EXAMINATION
NOVEMBER 2019
SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II
SESOTHO HOME LANGUAGE: PAPER II
Nako: dihora tse 3 Matshwao: 100
BALA DITAELO TSE LATELANG KA TLHOKO
1. Pampiri ena e na le maqephe a 4. Etsa bonnete ba hore a felletse.
2. Etsa bonnete ba hore o kgetha dipotso ka nepo.
3. Pampiri e arotswe dikarolo tse pedi, Karolo ya A le Karolo ya B.
4. Araba dipotso tse NNE feela.
• Karolong ya A, baithuthi bohle ba tlameha ho araba Potso ya 1 ebe ba kgetha
e le NNGWE pakeng tsa Potso ya 2 le Potso ya 3.
• Karolong ya B, baithuti ba tlameha ho araba Potso 4 ebe ba kgetha e le nngwe
ho tswa Potsong ya 5.
5. Qala potso e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
6. Ho bohlokwa ho ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
IEB Copyright © 2019 PHETLA
Skip to contentQuestion paper 











Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2019 Question Paper
IEB Grade 12 Sesotho HL Paper 2 question paper from the 2019, 4 pages. Read online or get the free PDF download, memo linked when available.
Publisher: IEB
Sesotho HL · Grade 12 · 2019. Question paper, 4 pages. Read online or download the PDF.
- Subject
- Sesotho HL
- Grade
- Grade 12
- Document type
- Question paper
- Year
- 2019
- Paper
- 2
- Publisher
- IEB
- Curriculum
- IEB
- Pages
- 4
- File size
- 246.7 KB
Loading document…
Loading document…
1 of 4
Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II Leqephe 2 ho a 4
KAROLO YA A PADI
POTSO YA 1 LEJWE LA KGOPISO: T. Letshaba
POTSO ENA E TLAMEHA HO ARAJWA KE BOHLE.
Na ke taba ya ho ratana ha Mohlouwa le Naledi e roteleditseng le ho ntshetsa pele
kgohlano bukeng ena?
Ntsha maikutlo a hao mme o tiise ntlakemo ya hao o itshetlehile ka diketsahalo tsa
buka.
Ela hloko:
• Moqoqo wa hao o be bolelele ba mantswe a 400–450.
• Ngola palo e nepahetseng ya mantswe qetellong ya moqoqo wa hao.
• Etsa bonnete ba hore palo ya mantswe ha e fete 450. [30]
KGETHA mme o arabe potso e le NNGWE FEELA ho tse PEDI tse latelang:
Potso ya 2 le Potso ya 3.
POTSO YA 2 MOHLAHLOBI TSHITA: K. P. D. Maphalla
Na mongodi o atlehile ho re hlahisetsa sebapadi se emetseng lehlakore la botle le
sebapadi se emetseng lehlakore la bobe sengolweng sena? Tiisa ntlhakemo ya
hao o itshetlehile ka dibapadi tsena tse latelang:
• Tshita
• Tsokotseha
• Mmalekgetho
• Kokomoha
Moqoqo wa hao o be bolelele ba mantswe a 600. [30]
KAPA
POTSO YA 3 MOHLOMONG HOSANE: K. P. D. Maphalla
Bala qotso e ka tlase o nto araba potso e tla latela.
E ne e le ha ke itokisetsa ho nka sebaka sa ka hara mokgopi ona, ha ke utlwa lentswe la
mme le re ho nna, "Thato! Thato! Tsoha, Thato, ke nako ya ho tsoha. Bosiu bo sele, ke
nako ya ho potlakela sekolong."
Thato enwa ya tsoswang ke mang? Na lebaka le etsang hore a selwe a be a
tsoswe tjena ke lefe? Qoqa ka tikoloho le diketsahalo tse entseng hore Thato a
selwe mme o ntshe maikutlo a hao ka ketsahalo le tikoloho tsa palekgutshwe ena.
Moqoqo wa hao o be bolelele ba mantswe a 600. [30]
60 matshwao
IEB Copyright © 2019
Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II Leqephe 3 ho a 4
KAROLO YA B KGOKAHANO
• Araba dipotso tse PEDI feela karolong ena.
• Hlokomela: Potso ya 4 e arajwa ke bohle.
• Kgetha potso e le NNGWE, Potsong ya 5.
• Bolelele ba tema e be mantswe a 250–300.
POTSO YA 4
Boha setshwantsho se ka tlase ka tlhoko o nto araba potso e tla latela.
[Se qotsitswe ho tswa inthaneteng]
O moetapele wa mokga wa dipolotiki o bitswang "Bahlodi". Lemong se tlang ha
selemo se qala, ho tla ba le dikgetho tsa mmasepala. O rata ha mokga wa hao o
ka kgethwa. Mokga wa lona o memme setjhaba ho tla phuthehela lebaleng la
dipapadi la motse wa heno. Jwalo ka moetapele, ke wena ya tlo tshetleha puo
tsatsing leo ho hohela le ho kopa setjhaba ho kgetha mokga wa lona. Ngola puo
eo o tlang ho fana ka yona tsatsing leo.
[20]
IEB Copyright © 2019 PHETLA
Downloaded from hlayiso.com
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE: SESOTHO PUO YA LAPENG: PAMPIRI YA II Leqephe 4 ho a 4
POTSO YA 5
Kgetha mme o arabe potso e le nngwe feela ho tse pedi tse latelang.
5.1
HO
LOKISETSA
DIKGETHO
TSA 2020
[Se qotsitswe le ho lokiswa ho tswa ho <www.google.info>]
O mongodi wa mokga wa Bahlodi mme le tshwere kopano ya ho lokisetsa
dikgetho tse tla bang teng mathwasong a selemo se tlang. Ngola
lenanetsamaiso le metsotso ya kopano eo.
KAPA
5.2 Ntate Mohlouwa e leng monga moo o neng o sebetsa teng, o o tebetse
mosebetsing ntle ho lebaka le utlwahalang. Lapeng la hao ke wena feela
motho ya sebetsang. Ngolla ba CCMA ho tlaleha le ho tletleba ka ketsahalo
eo. [20]
40 matshwao
Matshwao kaofela: 100
IEB Copyright © 2019
Study this subject
Revise the topics in this paper, then practise them question by question.
Recommended for this subject
More papers and memos for this grade and subject.

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2019 Question Paper

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2018 Question Paper

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2018 Question Paper

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2017 Question Paper

Question paperIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2017 Question Paper

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2019 Memo
Related documents

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2019 Memo

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2018 Memo

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 2 2017 Memo

MemorandumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB Paper 1 2018 Memo

AddendumIEB
Sesotho HL Grade 12 IEB 2017 Addendum

MemorandumIEB