Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 3 NSC June 2018 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12201810 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 memorandum from the NSC June Exam 2018, 10 pages. Read online or get the free PDF download, question paper linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

NSC June Exam 2018

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com GRAAD 12 SENIOR CERTIFICATE EXAMINATIONS SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA BORARO (P3) 2018 MEMORANDAMO MATSHWAO: 100 Memorandamo ona o na le maqephe a 10. Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 2 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA A: MOQOQO Dintlha tsa tataiso tsa meqoqo 1.1 Ruri, ho tsamaya ke ho bona! Moqoqong ona mohlahlobuwa o qoqa ka diketsahalo tse itseng tse kileng tsa mo makatsa ka tsela e ntle kapa ka tsela e mpe, tseo a ileng a hlollwa ka baka la tsona. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka qoqa ka hore o ne a etetse kaekae yaba o bona batho ba moo a etetseng teng kapa ba tikoloho eo a etetseng ho yona ba etsa dintho ka tsela eo yena a sa e tlwaelang, e ileng ya mo makatsa kapa ya mo kgahla. [50] 1.2 Na batjha ba lokela ho ba le seabo dikgethong? Moqoqong ona mohlahlobuwa o lokela ho hlalosa seo a se utlwisisang ka dikgetho. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa o lokela ho qala pele ka ho hlalosa hore ebe motho o dumelletswe ho ba le seabo dikgethong ha a se a le dilemo tse kae. • A ka qoqa ka boingodiso ba dikgetho • A ka qoqa ka kamoo batjha ba lokelang ho ba le seabo dikgethong kateng kapa ka kamoo batjha ba sa lokelang ho ba le seabo kateng dikgethong. [50] 1.3 Thekenoloji, mahlopha a senya! Mofuteng ona wa moqoqo mohlahlobuwa o leka ho susumetsa mmadi hore a dumellane le yena. O tshehetsa mahlakore ka bobedi mme a sa phahamise le leng ho feta le leng. Ntlhakemo/ho lekalekana ho hlake phethelong. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka qoqa ka diketso tseo ho tsona batho ba sebedisang disebediswa tsa thekenoloji ka tsela e ntle le e fosahetseng. Mohlala: a ka qoqa ka diselefounu tseo ba ka di sebedisetsang ho batla tlhahisoleseding ya bohlokwa le ho batla ditshwantsho tse sa ba lokelang. [50] 1.4 Bao e bile bahale ba tokoloho ba sebele! Moqoqong ona mohlahlobuwa o tebisa maikutlo, mme o nahanisisa ntlha e amang bahale ba tokoloho a nto nehelana ka maikutlo le mehopolo eo e leng ya hae. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka qala ka ho fana ka mabitso a batho bao a nahanang hore ke bona bahale ba tokoloho bophelong ka kakaretso. • A ka qoqa ka botle boo bahale bana ba bo etseditseng setjhaba ka kakaretso. [50] Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 3 DBE/2018 SCE – Memorandamo 1.5 Mohlang oo, ka tswela ho tsamaya bosiu. Ona ke moqoqo oo ho wona mohlahlobuwa a hlalosang ka tsela e hlakileng se ileng sa mo hlahela mohla a neng a tsamaya bosiu. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka hlalosa hore o ne a susumetswa ke eng ho tsamaya bosiu le hore o ne a tswa kae kapa a e ya kae/ a ka ithuta ka tse hlahetseng motho e mong ya neng a tsamaya bosiu. • A ka hlalosa hore ke eng e ileng ya etsahala e mo ntsheditseng ho tsamaya le masiu. [50] 1.6 Setshwantsho sa 1.6.1 ho ya ho 1.6.3: • Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme o iqapela sehlooho ka mohopolo wa sehlooho o qholotswang maikutlong a hae. • Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo a o fumanang ka setshwantsho. [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 4 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA A: MOQOQO Ditaelo ho motshwai: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho SE LE SENG FEELA KAROLONG YA A, mme a ngole ka dihlooho TSE PEDI KAROLONG YA B. • Karolo ka nngwe e na le ruburiki ya yona. • Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng bakeng sa ho tshwaya tema ka nngwe. • Mohlahlobuwa a etse moralo bakeng sa tema ya hae. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng moqoqong, etsa tsena tse latelang: - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a etse moralo bakeng sa tema ya hae. Motshwai a lekole dintlha (mehopolo ya sehlooho le e e tshehetsang) ho bona kamoo e lebisang tlhahisong ya diratswana le tema yohle kateng. Tataiso bakeng sa ho tshwaya moqoqo: Sehella lentswe kapa polelo e fosahetseng mola, o be o bontshe mofuta wa phoso hodima lentswe/polelo ka ho sebedisa matshwao ana a latelang: / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arolwa; —, + bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; mt bakeng sa tshebediso ya matshwao a puo a fosahetseng; p bakeng sa puo e sa sebediswang ka nepo kapa ka tshwanelo/tlwaelo; ۸ bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe e siilweng dipakeng tsa mantswe; // bakeng sa ho arola diratswana; ← bakeng sa ha mohlahlobuwa a qadile polelo hara mola; ↑↓ bakeng sa ha mohlahlobuwa a fetoletse dintlha tsa hae a qadile ka eo a lokelang ho qetella ka yona. ELA HLOKO: • Sebedisa ruburiki ena e latelang ka nako tsohle ha o lekanyetsa meqoqo. • Matshwao a 0–50 a arotswe ho ya ka dikgato tse 5 tsa ditlhaloso tsa phihlello. • Lekgetheng la Dikahare, Puo le Setaele, tlhaloso e nngwe le e nngwe ya phihlello e arotswe habedi ho hlahisa boemo bo hodimo le boemo bo tlase; boemo bo bong le bo bong bo na le tlhaloso ya bona. • Lekgetha la Sebopeho lona ha le a arolwa ka bokgoni bo nang le boemo bo hodimo le bo tlase. SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: Makgetha a tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare le Moralo 30 DM = Puo le Setaele le Tokiso ya diphoso 15 PST = Sebopeho 05 Seb = Matshwao ohle 50 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 5 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 2.1 LENGOLO LA SETLWAEDI/SETSWALLE Sebopeho • Aterese e nngwe, ya mongodi, mme e ngolwa e qala hodimo bohareng ba leqephe ho tloha tsohong le letshehadi ho ya ho le letona. Ha mohlahlobuwa a ngotse aterese le letsatsi/mohla di arohane kapa di kopane, ho se be le kotlo eo a e fuwang; • Aterese e ngolwa ka mokgwa wa boloko; ha ho ngolwe matshwao a puo, ntle le ha ho sebedisitswe aterese ya lebokoso la poso. • Aterese ya moamohedi ha e hlahiswe mofuteng ona wa lengolo; • Ka mora mohla ho tlolwa mola, ebe ho tla tumediso; yona e ngolwa ka tsohong le letshehadi, haufi le moo leqephe le qalang. Hlokomela hore ha ho ngolwe letshwao la puo ka mora tumediso; • Seratswana sa selelekela se lokela ho ba sekgutshwanyane, mme se omele ditaba kapa se totobatse sepheo sa lengolo; • Mmele wa lengolo o ahwe ka diratswana tse seng kae; di ka ba tharo kapa ho feta, mme mona ke moo ya ngolang a nontshang taba tsa hae tse mabapi le sehlooho sa lengolo; • Qetelo ya lengolo ke e kgutshwane ka tlwaelo, mme e phethela ditaba; • Lengolong la setlwaedi ha ho hlokehe hore o ngole fane ya hao, mme ha o ngolla motswalle o ka nna wa qetella ha monatjana ka tsela eo le bitsanang ka yona mohlala: mokgotsiao, ntjamme jj. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: Mohlahlobuwa o ngola ka sepheo sa lengolo (ho memela motswalle moketeng wa ho keteka letsatsi la botjhaba le tlo tshwarelwa tikolohong eo a phelang ho yona). [25] 2.2 PUO Sebopeho • Pulo e ka ba polelo kapa polediso ya bohlale, e tla hohela le ho qahamisa ditsebe tsa bamamedi. • Dintlha di hlophiswe ka boqhetseke hore puo e phalle. • Dipolelo e be tse kgutshwane, tse kenyeleditseng bonono ho natefisa. • Puo e be le phallo: ho be le selelekela, mmele wa dintlha tse momahaneng le qetelo e monate. • Dintlha e be tse kgolwehang. Puo ya mofuta ona e etswa meketjaneng e kang ya ha ho thoholetswa motho ya fihlelletseng se itseng sa bohlokwa. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • mohlahlobuwa, jwalo ka sebui a lebohe ho fuwa sebaka sa ho etsa puo; a totobatse sepheo sa ho nehelana ka puo eo, e leng ho thoholetsa motswalae ya ipabotseng ka bokgabane bo makatsang porojekeng ya ho taka ditshwantsho eo a neng a e kenetse. [25] Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 6 DBE/2018 SCE – Memorandamo 2.3 TOKOMANE YA BOITSEBISO LE LENGOLO LA KOPO YA MOSEBETSI Sebopeho sa tokomane ya boitsebiso • Dintlha tse buang ka yena; • Sekolo moo a neng a ithuta/kena teng le dithuto tseo a di pasitseng; • Boiphihlelo ba mosebetsi; • Nomoro tsa mohala moo a fumanehang teng. • Dipaki Sebopeho sa lengolo la kopo ya mosebetsi • Diaterese di pedi. Aterese ya mongodi wa lengolo e ngolwa ho tloha mahareng a leqephe ho leba ka letsohong le letona, e nto latelwa ke letsatsi, kgwedi le selemo. • Aterese ya ya ngollwang (moamohedi) e ngolwa ka letsohong le letshehadi. Aterese ya moamohedi e qalwa ka maemo a tshebetso a ya ngollwang, ebe ho latela aterese ya hae ka botlalo. • Tlasa aterese ho ngolwe tumediso (Monghadi, Mofumahadi kapa Mofumahatsana). • Tlasa tumediso ho ngolwa mola wa sehlooho o totobatsang sepheo sa lengolo leo. • Ka mora mola wa sehlooho ho ngolwa seratswana sa selelekela. • Ho feta mona seratswana se seng le se seng ke se matlafatsang mahlakore a fapaneng a taba eo ho buuwang. Ho siuwe mola dipakeng tsa diratswana. • Qetelong ho ka thwe 'Ka botshepehi' kapa 'Wa hao ka boikokobetso', jj. • Mongodi o lokela ho saena lebitso la hae, ebe o le ngola ka botlalo. Dikahare • Tokomane ya boitsebiso e lokela ho ba teng, mme e tla fapana ho ya ka mohlahlobuwa ya e ngolang. • Lengolo la kopo ya mosebetsi o hlahellang tlhahlobong le lokela ho ba teng, mme le tla fapana ho ya ka mohlahlobuwa ya le ngolang. [25] 2.4 ATIKELE E YANG KORANTENG Sebopeho • Atikele e ba le sehlooho se matla ebile se hohelang mahlo; • Lebitso la moqolotsi wa ditaba le sebaka seo atikele e ngolletsweng teng di ngolwa ka hodima seratswana sa pele; • E arolwa ka dikholomo tse bopilweng ka diratswana tse kgutshwanyane; • Le ha mohlahlobuwa a sa ngola atikele ka tsela ya dikholomo a se fuwe kotlo; • Ditaba di hlahiswa ka sebopeho sa phiramiti. Dikahare • Mohlahlobuwa o lokela ho hlahisa ngongoreho ya hae ka ho sotlwa ha diphoofolo hara motse wa habo a be a fane ka tharollo. [25] Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 7 DBE/2018 SCE – Memorandamo 2.5 BOIKGOPOTSO Ona ke mofuta wa tema o kang kgutsufatso, mme o hlahisa maikutlo a akaretsang a motho ka sengolwa kapa mosebetsi wa bonono. Sebopeho • nehelano e ngolwa e itshetlehile ntlhakemong/maikutlong a mongodi wa tekolokakaretso; • mongodi o hlahisa mahlakore ka bobedi, tse ntle le tse mpe tsa seo a ngolang ka sona; • hangata ho sebediswa dipolelo tse ho lekgathe lejwale, makgethi le mantswe a utullang puo ya maikutlo ka tshwanelo ka sepheo sa ho hlahisa mehopolo le maikutlo a ya ngolang; • sehalo e le sa ho beha leseding le ho thabisa baamohedi ba ditaba; • ya ngolang tema ena o lokela ho tshehetsa ntlhakemo/maikutlo a hae a itshetlehile ka dintlha kapa mehlodi e itseng e tshepahalang; • ho ka nna ha hlahiswa maikutlo mabapi le ntlha tsa setekgeniki; • pheletsong ho hlahiswa maikutlo a ahlolang hodima seo ho ngolwang ka sona, le dikgothaletso di ka kenyeletswa. Dikahare • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola tsa boikgopotso ba buka eo a e badileng a be a totobatse molaetsa wa yona oo a sa o lebaleng. [25] 2.6 PUISANO Puisano ke tema e ngolwang ho hlahisa puisano e teng dipakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta. Sebopeho: • puisano e ngolwa kamehla e le ho puo ya mmui, empa matshwao a di-a- bulwa-di-a-kwalwa ('…') ha a sebediswe; • lebitso la sebui le ngolwe ka letsohong le letshehadi la leqephe, le bile le latelwa ke letshwao la kgutlopedi (jk. Moleboheng); • tlhaloso ya tlatsetso (jwalo ka terama), e kang ditaelo tsa hore ho itseng ho etswa jwang kapa ho buuwa jwang, ho ngolwa ka masakaneng; • polelo e nngwe le e nngwe e lokela ho ba karabelo ya polelo e sa tswa buuwa; • sehalo le puo tse sebediswang di tla itshetleha kamanong ya dibui/dibapadi tse pedi tse buisanang esita le ho sehlooho hammoho le puisano ka boyona; • ho tlolwa mola dipakeng tsa sebui ka seng ho etsa hore mosebetsi o balehe habonolo esita le ho ba makgethe. Dikahare • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola puisano pakeng tsa hae le motswalle wa hae; • Ho hlake hore o kgalemella motswalle wa hae ho se robale lapeng bosiung bo fetileng. • A mmontshe ditlamorao tse bosula tse ka bakwang ke ho se robale lapeng. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 50 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 8 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO Ditaelo ho motshwai: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka dihlooho TSE PEDI karolong ena. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a etse moralo bakeng sa ditema tsa hae. - Mohlahlobuwa a etse moralo bakeng sa tema ya hae. Tataiso bakeng sa ho tshwaya tema e telele: Sehella lentswe kapa polelo e fosahetseng mola, o be o bontshe mofuta wa phoso hodima lentswe/polelo ka ho sebedisa matshwao ana a latelang. / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho —, + arolwa; mn bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; mp bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; mt bakeng sa mopeleto o fosahetseng; p bakeng sa tshebediso ya matshwao a puo a fosahetseng kapa moo ho ۸ hlokehang letshwao la puo; // bakeng sa puo e sa sebediswang ka nepo kapa ka tshwanelo/tlwaelo; ← bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe e siilweng dipakeng tsa ↑↓ mantswe a mang; bakeng sa ho arola diratswana; bakeng sa ha mohlahlobuwa a qadile polelo hara mola; bakeng sa ha mohlahlobuwa a fetoletse dintlha tsa hae a qadile ka eo a lokelang ho qetella ka yona. SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare, Moralo e Sebopeho 15 DMS = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 10 PST = Matshwao ohle 25 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 Downloaded from hlayiso.com 9 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA A: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO – (MATSHWAO A 50) SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) – SLKT Makgetha a ho lekanyetsa Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang DIKAHARE LE MORALO 28–30 22–24 16–18 10–12 4–6 Nehelano ya sehlooho: -nehelano e bontshang kutlwisiso e -nehelano e ralehileng hantle haholo -nehelano ke e kgotsofatsang ditlhokeho -nehelano e momahane mona le mane -nehelano e tswile lekoteng ho tlhophiso ya mehopolo le babatsehang ya sehlooho e supang bokgoni bo -mehopolo e tsamaellana le sehlooho ka -mehopolo e momahane ka tsela e -mehopolo ke e seng ya boiqapelo, mme hang Boemo bo hodimo dintlha, kelohloko ya ikgethang botlalo, e a kgahlisa mme e na le bopaki ba kgotsofatsang le e kgodisang e sa hlakang -mehopolo ke e sa tsepamang baamohedi ba ditaba, -mehopolo e bontsha boqhetseke, e phepetsa mehopolo e sutsitseng -o hlophisitswe ka tsela e utlwisisehang, mme -ho na le bopaki bo seng bokae ba e dubakaneng maikemisetso le maemo monahano, mme ke e sutsitseng -o hlophisitswe hantle haholo ka tsela e o momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe tlhophiso le momahano ya nehelano -ha e utlwahale, mme dintlha di -e hlophisitswe hantle ka tsela e ikgethang, mme o momahane ka tshwanelo ho selelekela, mmele le qetelo a phetakakwa ikgethang/babatsehang, mme e momahane ka kenyeditswe selelekela, mmele le qetelo -ha e a hlophiswa ka tshwanelo tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, mmele le le momahano ha e yo qetelo 25–27 19–21 13–15 7–9 0–3 -mosebetsi o tswileng matsoho le ha o haellwa -Nehelano e radilweng hantle -nehelano e a kgotsofatsa le ha e sa hlaka -nehelano boholo e tswile lekoteng -boiteko ha bo yo ba ho arabela ke dintlha tse ikgethang tsa moqoqo o -mehopolo ke e loketseng, mme e mona le mane -mehopolo ha e a momahana ka sehlooho Boemo bo tlase babatsehang thahasellisang -mehopolo e momahane le ho kgodisa ka tshwanelo, mme e a lahlehisa -mehopolo e tswile lekoteng ka -mehopolo ke e sutsitseng mme e bontsha -o hlophisitswe hantle, mme o momahane ka tsela e mahareng -nehelano ha e na bopaki ba tlhophiso le ho phetahala, ha e a nepahala boqhetseke tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, mmele le -ho na le tlhopiso le momahano e itseng ho momahano -nehelano ha e a tsepama -o hlophisitswe hantle ka tsela e bontshang qetelo kenyeleditswe le selelekela, mmele le qetelo sehloohong, mme e dubakane bokgoni, mme o momahane ka tshwanelo ho Matshwao a: 30 kenyeditswe selelekela, mmele le qetelo PUO, SETAELE LE 14–15 11–12 8–9 5–6 0–3 TOKISO YA DIPHOSO -sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di -sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di -sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di -sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe -puo e sebedisitsweng ha se e Sehalo, rejisetara, setaele, loketse sepheo ka tsela e babatsehang, loketse sepheo, baamohedi ba ditaba mmoho loketse sepheo, baamohedi ba ditaba mmoho ha di a lokela sepheo, baamohedi ba utlwisisehang Boemo bo hodimo tlotlontswe ke tse lokelang baamohedi ba ditaba mmoho le maemo le maemo haholo le maemo ditaba mmoho le maemo -sehalo, rejisetara, setaele le sepheo/tshusumetso le -tshebediso ya hae ya puo e a ikgetha, mme e -tshebediso ya puo e matla, mme ho -tshebediso ya puo ke e loketseng, mme e -puo e sebedisitswe feela ka tsela ya tlotlontswe ha di a lokela maemo bontsha boitshepo ka tsela e tsotehang sebedisitswe sehalo se loketseng ka nako fetisa moelelo ka tshwanelo motheo baamohedi ba ditaba, sepheo Kgetho ya mantswe -o sebedisitse sehalo se matla, mme se tsohle -puo ya bonono ke e loketseng, mme e -sehalo mmoho le moelelo o hlahiswang le maemo Tshebediso ya puo le susumetsang ka tsela e ikgethang -boholo ba mosebetsi ha o na diphoso tsa sebedisitswe ka tshwanelo ke tema ke tse sa lokelang -tshebediso ya tlotlontswe e tlwaelo, matshwao a ho bala -o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa mopeleto tshebediso ya puo le mopeleto -sehalo se sebedisitswe ka tshwanelo: -ho sebedisitswe tlotlontswe ya motheo haellang haholo hoo nehelano le mopeleto -o radilwe ka bokgoni bo tsotehang. -o radilwe hantle ka tshwanelo -o radilwe ka tsela e mahareng feela feela e sa utlwisiseheng 13 10 7 4 -tshebediso ya puo ke e nepahetseng, mme e -tshebediso ya puo ka kakaretso e matla, mme -tshebediso ya puo ke e kgotsofatsang le ha -puo ke ya motheo feela, mme e Boemo bo tlase susumetsang sehalo sa tema e loketseng maemo ho na le ho sa tsamaelane mona le mane sebedisitswe ka tsela e haellang -o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa mopeleto -sehalo ke se matla, mme se loketseng -Ka kakaretso sehalo ke se loketseng le ha -popeho ya dipolelo ke e tshwanang e se -o radilwe ka bokgoni bo tsotehang -ho na le diphoso tse seng kae tsa puo le tsa puo ya bonono e le e haellang nang motswako mopeleto -tlotlontswe e haella haholo feela Matshwao a: 15 -o radilwe hantle SEBOPEHO 5 4 3 2 0–1 Makgetha a tema: popeho -kgodiso ya sehlooho ke e babatsehang -dintlha ke tse loketseng, mme tse hodisang -dintlha tse loketseng di hodisa sehlooho ka -tse ding tsa dintlha ke tse utlwahalang -dintlha tsa bohlokwa di a ya dipolelo le kgodiso ya -katoloso ya dintlha ke e ikgethang sehlooho tsela e mahareng -dipolelo le diratswana di na le diphoso haella diratswana le bolele bo -dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e -momahano e bopilweng ke e supang bokgoni -dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e -moqoqo o a utlwisiseha le ha o le -dipolelo le diratswana tse hlokehang ikgethang -dipolelo le diratswana di loketse nehelano, mahareng diphoso hlahisitsweng ke tse mme di fapafapanngwa ka tshwanelo -moqoqo o ntse o hlahisa moelelo fosahetseng -moqoqo ha o na moelelo o Matshwao a: 5 lebeletsweng Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 Downloaded from hlayiso.com 10 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA B: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA TEMA YA KGOKAHANO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang lekanyetsa babatsehang bokgoni feela DIKAHARE, MORALO LE 13–15 10–12 7–9 4–6 0–3 SEBOPEHO -Nehelano e -Nehelano e ntle haholo -Nehelano e lekaneng e -Nehelano ya motheo e -Nehelano e totobatsa babatsehang ya e bontshang tsebo e ntle bontshang tsebo ya bontshang tsebo ya kgaello ya tsebo ya (Nehelano le mehopolo) sehlooho e supang ya makgetha a mofuta makgetha a mofuta ona makgetha a itseng feela makgetha a mofuta ona Ho rala, ho hlophisa bokgoni bo ikgethang ona wa tema wa tema a mofuta ona wa tema wa tema mehopolo -Mehopolo e matla e -Nehelano ha e kgere e -Nehelano ha e a -Nehelano e na le -Moelelo o nyotobetswa Kelohloko ya sutsitseng tsepame sehloohong tsepama sehloohong ka tsepamo e itseng feela ke ho kgera ho hoholo maikemisetso, baamohedi -Tsebo e batsi ya -Mehopolo le dikahare ke ho phethahala ho na le sehloohong empa e a -Mehopolo le dikahare ha ba ditaba le maemo makgetha a mofuta ona tse momahaneng, tse ho kgera ho itseng kgera di na momahano wa tema hlalositsweng ka botebo, -Mehopolo le dikahare di -Mehopolo le dikahare ha -Ke dintlha tse mmalwa MATSHWAO A 15 -Nehelano ha e kgere e mme dintlha di tshehetsa na le momahano e se ka mehla di haholo tse tshehetsang tsepame sehloohong sehlooho amohelehang momahaneng sehlooho -Mehopolo le dikahare ke -Sebopeho ke se -Ke dintlha tse itseng -Sehlooho se tshehetswa -Ha ho na boiteko bo tse momahaneng loketseng se nang le feela tse tshehetsang ke dintlha tse itseng feela entsweng ho sebedisa -Dintlha tsohle di diphoso tse mmalwa sehlooho -Sebopeho se foofo sebopeho se tshehetsa sehlooho, -Ka kakaretso sebopeho feela, mme se na le nepahetseng mme di hlalositswe ka ke se loketseng empa se bohlotsa bo boholo botebo nang le diphoso tse -Sebopeho ke se itseng nepahetseng PUO, SETAELE LE 9–10 7–8 5–6 3–4 0–2 TOKISO YA DIPHOSO -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe ha setaele le tlotlontswe ha Sehalo rejistara, setaele, loketse ka ho fetisisa loketse ka ho fetisisa loketse maikemisetso, di a lokela maikemisetso, di dumellane le maikemisetso, baamohedi maikemisetso, maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maikemisetso, ba ditaba le maemo baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maemo maemo hantle baamohedi ba ditaba le Tshebediso ya puo, maemo maemo -Nehelano e na le -Tshebediso ya puo e maemo tlwaelo ya tshebediso ya -Tshebediso ya puo e -Ka kakaretso tshebediso diphoso tse itseng tsa fosahetse e bile e tletse -Nehelano e tletse puo, kgetho ya mantswe, nepahetse e bile e ya puo ke e nepahetseng tshebediso ya puo diphoso tse ngata diphoso e dubakane matshwao a puo le bopehile hantle e bileng e bopehile -Tshebediso ya -Tshebediso e seng kae -Tlotlontswe ha e mopeleto -Nehelano ha e na hantle tlotlontswe ke e lekaneng ya tlotlontswe dumellane le maemo diphoso -Tshebediso ya -Diphoso ha se tse -Moelelo o -Moelelo o MATSHWAO A 10 tlotlontswe e ntle haholo nyotobetsang moelelo nyotobeditswe nyotobeditswe haholo -Nehelano boholo ha e na diphoso Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all