Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 3 Eastern Cape Mock 2022 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12202210 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 memorandum from the Eastern Cape Mock Exam 2022, 10 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Eastern Cape Mock Exam 2022

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 LOETSE 2022 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 100 Tataiso ena ya ho tshwaya e na le maqephe a 10.
Downloaded from hlayiso.com 2 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2022) KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 Dintlha tsa tataiso ya meqoqo 1.1 Thuto ha e tsofallwe. Moqoqong ona mohlahlobuwa o lokela ho re qoqela ka dintlha tse netefatsang hore thuto ha e tsofallwe. E ka ba thuto ya sekolong kapa thuto e fumanwang bathong ba nang le boiphihlelo ka bophelo. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a bontshe ka moo ho leng bohlokwa ka teng ho ithuta le ha o se o le moholo. • Mohlahlobuwa a ka bua ka bophelo bo phelwang ke batho ba rutehileng. • Mohlahlobuwa a ka bontsha hore thuto ha se ya sekolo/dibuka feela le thuto e fumanwang bathong ba baholo le yona ha e tsofallwe. [50] 1.2 Boitshepo le tlhompho ke tsona tse atlehisang motho. Moqoqong ona mohlahlobuwa o lokela ho re hlalosetsa ka boitshepo le tlhompho hore di atlehisa motho jwang. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a qoqe ka moo boitshepo ba nnete bo leng bohlokwa ka teng mme bo etsa hore motho a hahamalle pele ka dinako tsohle. • Mohlahlobuwa a boele a hlalose katleho eo motho a e unang ha a hlompha batho bao a phelang le bona mmoho le setjhaba ka kakaretso. [50] 1.3 Bosiung boo ha ke a robala ke ho tshoha. Mohlahlobuwa o lokela ho qoqa kapa a hlalose se ileng sa etsahala bosiung boo. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka qoqa ka se ileng sa mo hlahela ha a tla bua mantswe ana a reng: Bosiung boo ha ke a robala ke ho tshoha. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2022) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 3 1.4 Le ha baithuti dikolong ba tshwanela ho phenyekollwa, ka lehlakoreng le leng ho etsa jwalo ke ho ba hobosa le ho hatikela ditokelo tsa bona. Sekaseka sehlooho sena mme o hlahise mahlakore a mabedi a kgang. Moqoqong ona mohlahlobuwa o hlahisa mahlakore a mabedi a taba mme o a tshehetsa ka dintlha. Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: • Mohlahlobuwa a ka qoqa ka melemo ya ho phenyekollwa ha baithuti, jk ho fumana dibetsa, dithethefatsi jj. Ba hlekefetse mesuwe, mesuwetsana le baithutimmoho le bona. • A boele a hlahise hape hore ho phenyekollwa hoo, ho ka ba hobosa le ho hatikela ditokelo tsa bona ka hore, ha tsena tsohle tse mpe di se di fumanehile ho bona ba tla tshaba ho kena sekolo. Baithuti ba bang ba sebedisa bana ba banyane ho ba etsetsa mosebetsi oo o mobe ka ha ba a ba tshaba mme ba a ba hlekefetsa. • Mohlahlobuwa a hlahise ntlhakemo ya hae mabapi le ho phenyekollwa ha baithuti dikolong. [50] 1.5 E be batjha ha ba ka kgutlela mehleng ya kgale ya ho ithabisa le ho itlosa bodutu, botlokotsebe le tshebediso empe ya dithethefatsi di ka fela? Moqoqong ona mohlahlobuwa o kgetha lehlakore la hae mme a le tshehetse ka dintlha tse utlwahalang. Dikahare: • Mohlahlobuwa a hlalose ka botlalo dintlha tsa lehlakore leo a le kgethileng, e ka ba la ho kgutlela mehleng ya kgale kapa tjhee. [50] 1.6 Setshwantsho sa 1.6.1, 1.6.2 le 1.6.3 Mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a iqapele sehlooho a itshetlehile ka mohopolo wa sehlooho o qholotswang ke setshwantsho seo a se kgethileng. Dikahare: Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo oo a o fumaneng ka setshwantsho. [50] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 4 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 (EC/LOETSE 2022) RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 50] Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa DIKAHARE LE MORALO 28–30 22–24 16–18 10–12 4–6 - Nehelano e bontshang kutlwisiso e - Nehelano e ralehileng hantle haholo; - Nehelano ke e kgotsofatsang - Nehelano e momahane mona le - Nehelano e tswile (Tshekatsheko ya babatsehang ya sehlooho e supang - Mehopolo e tsamaellana le sehlooho ditlhokeho mane lekoteng ho hang sehlooho) tlhophiso ya bokgoni bo ikgethang ka botlalo, e a kgahlisa mme e na le - Mehopolo e momahane ka tsela e - Mehopolo ke e seng ya - Mehopolo ke e sa Boemo bo hodimo mehopolo le dintlha, - Mehopolo e bontsha boqhetseke, e bopaki ba mehopolo e sutsitseng; kgotsofatsang le e kgodisang boiqapelo mme e sa hlakang tsepamang e dubakaneng kelohloko ya baamohedi phephetsa monahano mme ke e - e hlophisitswe hantle haholo ka tsela - e hlophisitswe ka tsela e - Ho na le bopaki bo seng bokae - Ha e utlwahale mme ba ditaba, maikemisetso sutsitseng; e ikgethang mme e momahane ka utlwisisehang mme e momahane ba tlhophiso le momahano ya dintlha di a phetakakwa le maemo - e hlophisitswe hantle ka tsela e tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, ka tshwanelo ho kenyeditswe mosebetsi - Ha e a hlophiswa ka ikgethang/babatsehang mme e mmele le qetelo selelekela, mmele le qetelo tshwanelo le momahano MATSHWAO A 30 momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe ha e yo selelekela, mmele le qetelo 25–27 19–21 13–15 7–8 0–3 - Nehelano e tswileng matsoho le ha e - Nehelano e radilweng hantle - Nehelano e a kgotsofatsa le ha e - Nehelano boholo e tswile - Boiteko ha bo yo ba ho haellwa ke dintlha tse ikgethang tsa - Mehopolo ke e loketseng mme e sa hlaka mona le mane lekoteng arabela sehlooho moqoqo o babatsehang thahasellisang - Mehopolo e momahane le ho - Mehopolo ha e a momahana ka - Mehopolo e tswile Boemo bo tlase - Mehopolo ke e sutsitseng mme e - e hlophisitswe hantle ka tsela e kgodisa ka tsela e mahareng; ho na tshwanelo mme e a lahlehisa lekoteng ka ho bontsha boqhetseke; ikgethang mme e momahane ka le tlhophiso le momahano e itseng - Nehelano ha e na bopaki ba phethahala, ha e a - e hlophisitswe hantle ka tsela e tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, ho kenyeditswe le selelekela, tlhophiso le momahano nepahala nehelano ha e a bontshang bokgoni mme e momahane ka mmele le qetelo mmele le qetelo. tsepama sehloohong, tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, mme e dubakane mmele le qetelo Makgetha a ho Phihlello e babatsehang Phihlello e supang bokgoni Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo feela Phihlello e haellang lekanyetsa PUO,SETAELE LE 14–15 11–12 8–9 5–6 0–3 TOKISO YA DIPHOSO - Sehalo, rejisetara, setaele le, tlotlontswe - Sehalo, rejisetara, setaele le - Sehalo, rejisetara, setaele le - Sehalo, rejisetara, setaele le - Puo e sebedisitsweng ha Sehalo, rejisetara, di loketse sepheo ka tsela e babatsehang, tlotlontswe di loketse sepheo, tlotlontswe di loketse sepheo, tlotlontswe ha di a lokela sepheo, se e utlwisisehang; setaele, tlotlontswe ke tse baamohedi ba ditaba mmoho le maemo; baamohedi ba ditaba mmoho le maemo baamohedi ba ditaba mmoho le baamohedi ba ditaba mmoho le - sehalo, rejisetara, setaele lokelang sepheo/ - tshebediso ya hae ya puo e a ikgetha, haholo; maemo; maemo; le tlotlontswe ha di a lokela Boemo bo tlase Boemo bo hodimo tshusumetso le maemo, mme e bontsha boitshepo ka tsela e - tshebediso ya puo e matla mme ho - tshebediso ya puo ke e loketseng, - puo e sebedisitswe feela ka tsela baamohedi ba ditaba, kgetho ya mantswe, tsotehang sebedisitswe sehalo se loketseng ka mme e fetisa moelelo ka tshwanelo ya motheo; sepheo le maemo; tshebediso ya puo le - o sebedisitse ehalo se matla mme se nako tsohle; - puo ya bonono ke e loketseng mme - sehalo mmoho le moelelo o - tshebediso ya tlotlontswe e tlwaelo, matshwao a ho susumetsang ka tsela e ikgethang - boholo ba mosebetsi ha o na diphoso e sebedisitswe ka tshwanelo hlahiswang ke tema ke tse sa haellang haholo hoo bala le mopeleto - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa tsa tshebediso ya puo le mopeleto - O radilwe ka tsela e mahareng feela lokelang; nehelano e sa utlwisiseheng mopeleto - o radilwe hantle ka tshwanelo - ho sebedisitswe tlotlontswe ya MATSHWAO A 15 - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang motheo feela 13 10 7 4 - Tshebediso ya puo ke e nepahetseng - Tshebediso ya puo ke e sefutho mme - Tshebediso ya puo ke e - Puo ke ya motheo feela mme e mme e susumetsang sehalo sa tema e loketseng maemo kgotsofatsang le ha ho na le ho sa sebedisitswe ka tsela e haellang - e batla e hloka diphoso tsa puo le tsa - sehalo ke se matla mme se loketseng tsamaelane mona le mane - popeho ya dipolelo ke e mopeleto - ho na le diphoso tse seng kae tsa puo - kakaretso sehalo ke se loketseng le tshwanang e se nang motswako - e radilwe ka bokgoni bo tsotehang le tsa mopeleto ha puo ya bonono e le e haellang - tlotlontswe e haella haholo feela - e radilwe hantle SEBOPEHO 5 4 3 2 0–1 - Kgodiso ya sehlooho ke e babatsehang - Dintlha ke tse loketseng mme tse - Dintlha tse loketseng di hodisa - Tse ding tsa dintlha ke tse - Dintlha tsa bohlokwa di a Makgetha a tema: - katoloso ya dintlha ke e ikgethang hodisang sehlooho sehlooho ka tsela e mahareng utlwahalang haella Popeho ya dipolelo le - dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela - momahano e bopilweng ke e supang - dipolelo le diratswana di bopilwe ka - dipolelo le diratswana di na le - dipolelo le diratswana tse kgodiso ya diratswana le e ikgethang bokgoni tsela e mahareng diphoso hlahisitsweng ke tse bolelele bo hlokehang - dipolelo le diratswana di loketse - moqoqo o ntse o hlahisa moelelo - Moqoqo o a utlwisiseha le ha o le fosahetseng nehelano mme di fapafapanngwa ka diphoso - moqoqo ha o na moelelo o MATSHWAO A 5 tshwanelo lebelletsweng MATSHWAO 40–50 30–39 20–29 10–19 0–9 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2022) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 5 KAROLO YA A: MOQOQO MATSHWAO A SEBEDISWANG HO BONTSHA DIPHOSO HA HO TSHWAUWA MOQOQO SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: SEKALA SA HO TSHWAYA MOQOQO MATSHWAO: {50} Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo / dikgutsufatso Dikahare le Moralo 30 DM = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 15 PST = Sebopeho 5 Seb = Matshwao ohle 50 Ditaelo ho motshwai: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho se le SENG feela karolong ya A. • Karolo e nngwe le e nngwe e na le ruburiki ya yona. • Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng ho tshwaya tema e nngwe le e nngwe. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho ya ka kgato ya pele feela. ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya ditema Batshwai ba etse tse latelang ha ba tshwaya: Ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka hodima lentswe/polelo ka tshebediso ya matshwao a latelang: o / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arohana; o -,+ bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; o Mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; o Mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; o Mt bakeng sa tshebediso e fosahetseng ya matshwao a puo, kapa ho ngotswe letshwao moo le sa hlokeheng teng; o P bakeng sa tshebediso ya puo ka tsela e fosahetseng/e sa amoheleheng kapa eo e seng ya setlwaedi; o  bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe le/e siilweng pakeng tsa mantswe a mang; o // bakeng sa ho qala seratswana se setjha/ho arola diratswana Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 6 SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 (EC/LOETSE 2022) KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 2.1 LENGOLO LA SETLWAEDI/SETSWALLE Sebopeho • Aterese e nngwe, ya mongodi, mme e ngolwa e qala hodimo bohareng ba leqephe ho tloha letsohong le letshehadi ho ya ho le letona. Ha mohlahlobuwa a ngotse aterese le letsatsi/mohla di arohane kapa di kopane, ho se be le kotlo eo a e fuwang; • Aterese e ngolwa ka mokgwa wa boloko; ha ho ngolwe matshwao a puo, ntle le ha ho sebedisitswe aterese ya lebokoso la poso. • Aterese ya moamohedi ha e hlahiswe mofuteng ona wa lengolo; • Kamora mohla ho tlolwa mola, ebe ho tla tumediso; yona e ngolwa ka letsohong le letshehadi, haufi le moo leqephe le qalang. Hlokomela hore ha ho ngolwe letshwao la puo kamora tumediso; • Seratswana sa selelekela se lokela ho ba sekgutshwane, mme se omele ditaba kapa se totobatse sepheo sa lengolo; • Mmele wa lengolo o ahwe ka diratswana tse seng kae; di ka ba tharo kapa ho feta, mme mona ke moo ya ngolang a nontshang taba tsa hae tse mabapi le sehlooho sa lengolo; • Qetelo ya lengolo ke e kgutshwane ka tlwaelo, mme e phethela ditaba; • Lengolong la setlwaedi ha ho hlokehe hore o ngole fane ya hao, mme ha o ngolla motswalle o ka nna wa qetella ha monatjana ka tsela eo le bitsanang ka yona mohlala: motswalao, ntjamme jj. Dikahare tse ka lebellwang: • Mohlahlobuwa a ka hlahisa sepheo sa lengolo, a tshedise rakgadi wa hae kaha o ile a hlokahallwa ke moradi. [25] 2.2 INTHAVIU E NGOLWANG Sebopeho • E ngolwa kamehla e le ho puo ya mmui, empa matshwao a di-a-bulwa le di-a kwalwa ha a sebediswe; • Lebitso la sebui le ngolwa ka letsohong le letshehadi la leqephe, le bile le latelwa ke letshwao la kgutlopedi; • Selelekeleng mmotsi o nehelana ka tlhahisoleseding e amanang le sepheo sa inthaviu; • Mmeleng mmotsi o botsa mmotsuwa dipotso tse tsamaellanang le sehlooho sa ditaba e leng; • Sehalo le rejisetara e be tse loketseng kopano ena. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2022) SESOTHO PUO YA LAPENG P3 7 Dikahare tse ka lebellwang: • Mohlahlobuwa a qale inthaviu ka tumediso mahlokoreng a mabedi; • A hlalose maemo ao inthaviu e etsahalang tlasa ona, e leng moqolotsi wa ditaba wa lesedinyana la selehae le mosuwehlooho wa sekolo mabapi le tlhekefetso ya baithuti ba fihlang sekolong sa hae. [25] 2.3 ATIKELE E YANG LESEDINYANENG Sebopeho • Atikele e ba le sehlooho se matla se bileng se hohelang mahlo; • Lebitso la moqolotsi wa ditaba le sebaka seo atikele e ngoletsweng ho sona di ngolwa ka hodima seratswana sa pele; • E arolwa ka dikholomo tse bopilweng ka diratswana tse kgutshwanyane; • Ditaba di hlahiswe ka tsela ya phiramiti. Dikahare tse ka lebellwang: • Mohlahlobuwa a hlalose mathata a motseng wa habo a batho ba sa sebetseng ka lebaka la ho hloka mosebetsi, a be a hlahise ditsela tse ka thusang batho bao ho iphedisa. [25] 2.4 LENGOLO LA SEMMUSO Sebopeho • Aterese di pedi. Aterese ya mongodi wa lengolo e ngolwa ho tloha mahareng a leqephe ho leba letsohong le letona, e nto latelwa ke letsatsi, kgwedi le selemo; • Aterese ya ya ngollwang e ngolwa ka letsohong le letshehadi. E qala ka maemo a tshebetso a ya ngollwang ebe ho latela aterese ya hae ka botlalo; • Tlasa aterese ho ngolwa tumediso (Monghadi, mofumahadi kapa mofumahatsana) kapa e ka ngolwa e le dikgusufatso (Mong/Mof) • Tlasa tumediso ho ngolwa mola wa sehlooho – o totobatsang sepheo sa lengolo, e nto ba selelekela; • Qetelo ke ya semmuso, mme e ngolwa e le “Ka botshepehi, Ka boikokobetso”jj; • Ya ngolang o lokela ho saena pele, a nto ngola lebitso la hae ka botlalo ka tlase. Dikahare tse ka lebellwang: • Mohlahlobuwa a kope Lefapha ho thusa batho ba wetsweng ke matlo ka lebaka la dipula tse neleng haholo mme tsa diha matlo a bona. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 8 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2022) 2.5 PUO Sebopeho • Pulo e ka ba polelo kapa polediso ya bohlale, e tla hohela le ho qahamisa ditsebe tsa bamamedi. • Dintlha di hlophiswe ka boqhetseke hore puo e phalle. • Dipolelo e be tse kgutshwane, tse kenyelleditseng bonono ho natefisa. • Dintlha e be tse kgolwehang. Dikahare: • Mohlahlobuwa o ngola puo eo a tla e etsa ho amohela baeti ba tswang Masepaleng wa motse wa habo, ba tlisang dimpho tseo ba di fang baithuti. [25] 2.6 TSA BOPHELO BA MOFU Ena ke tokomane eo ho yona ho ngolwang ditaba tse amanang le mofu. Matshwao a ikgethang a sebopeho sa tema ena: • Mofu ke mang, wa ha mang; • Tlhaho ya hae: Sebaka moo a hlahetseng teng, letsatsi la tswalo le selemo; • Tsa kgolo ya mofu; dithuto, mosebetsi, lenyalo, jj; • Tsa lefu la hae: letsatsi le mokgwa oo a hlokahetseng ka wona; • Maballo: bao a ba siyang; • Theneketso ya seboko sa hae. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2): [50] MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2022) SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3 9 RUBURIKI YA HO LEKANYETSA TEMA YA KGOKAHANO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang lekanyetsa babatsehang bokgoni feela DIKAHARE, MORALO 13–15 10–12 7–9 4–6 0–3 LE SEBOPEHO - Nehelano e - Nehelano e ntle haholo - Nehelano e lekaneng e - Nehelano ya motheo e - Nehelano e totobatsa babatsehang ya e bontshang tsebo e bontshang tsebo ya bontshang tsebo ya kgaello ya tsebo ya Tshekatsheko ya sehlooho e supang ntle ya makgetha a makgetha a mofuta ona makgetha a itseng feala makgetha a mofuta ona sehlooho le mehopolo bokgoni bo ikgethang mofuta ona wa tema wa tema a mofuta ona wa tema wa tema Tlhophiso ya mehopolo - Mehopolo e matla e - Nehelano ha e kgere e - Nehelano ha e a - Nehelano e na le - moelelo o nyotobetswa Kelohloko ya butswitseng tsepame sehloohong tsepama sehloohong ka tsepamo e itseng feela ke ho kgera ho hoholo maikemisetso, - Tsebo e batsi ya - Mehopolo le dikahare ho phethahala ho na le sehloohong empa e a - Mehopolo le dikahare baamohedi ba ditaba, le makgetha a mofuta ona ke tse momahaneng, ho kgera ho itseng kgera ha di na momahano maemo wa tema tse hlalositsweng ka - Mehopolo le dikahare di - Mehopolo le dikahare - Ke dintlha tse mmalwa - Nehelano ha e kgere e botebo, mme dintlha di na le momahano e ha se ka mehla di haholo tse tshehetsang MATSHWAO A 15 tsepame sehloohong tshehetsa sehlooho amohelehang momahaneng sehlooho - Mehopolo le dikahare - Sebopeho ke se - Ke dintlha tse itseng - Sehlooho se - Ha ho na boiteko bo ke tse momahaneng loketseng se nang le feela tse tshehetsang tshehetswa ke dintlha tse entsweng ho sebedisa - Dintlha tsohle di diphoso tse mmalwa sehlooho itseng feela sebopeho se tshehetsa sehlooho mme - Ka kakaretso sebopeho - Sebopeho se foofo nepahetseng di hlalositswe ka botebo ke se loketseng empa se feela, mme se na le - Sebopeho ke se nang le diphoso tse bohlotsa bo boholo nepahetseng itseng PUO, SETAELE LE HO 9–10 7–8 5–6 3–4 0–2 HLAOLA DIPHOSO - Sehalo, rejistara, - Sehalo, rejistara - Sehalo, rejistara, - Sehalo, rejistara, - Sehalo, rejistara, setaele, le tlotlontswe di setaele, le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe ha setaele le tlotlontswe Sehalo, rejisetara, loketse ka ho fetisisa loketse ka ho fetisisa loketse maikemisetso, di a lokela maikemisetso, ha di dumellane le setaele, maikemisetso, maikemisetso, maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maemo maemo hantle baamohedi ba ditaba le maemo. maemo maemo - Nehelano e na le - Tshebediso ya puo e maemo Tshebediso ya puo, - Tshebedisano ya puo e - Ka kakaretso diphoso tse itseng tsa fosahetse e bile e tletse - Nehelano e tletse tlwaelo ya tshebediso ya nepahetse e bile e tshebediso ya puo ke e tshebediso ya puo diphoso tse ngata diphoso e dubakane puo, kgetho ya mantswe, bopehile hantle nepahetseng e bileng e - Tshebediso ya - Tshebediso e seng kae - Tlotlontswe ha e matshwao a ho bala le - Nehelano ha e na bopehile hantle tlotlontswe ke e lekaneng ya tlotlontswe dumellane le maemo mopeleto diphoso - Tshebediso ya - Diphoso ha se tse - Moelelo o nyotobetse - Moelelo o nyotobetse tlotlontswe e ntle haholo nyotobetsang moelelo haholo MATSHWAO A 10 - Nehelano boholo ha e na diphoso MATSHWAO 20–25 15–19 10–14 5–9 0–4 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com 10 SESOTHO PUO YA LAPENG P3 (EC/LOETSE 2022) KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: SEKALA SA HO TSHWAYA DITEMA TSA KGOKAHANO MATSHWAO: [25] Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare le Moralo ke Sebopeho 15 DMS = Puo, Setaele le Tokiso ya diphoso 10 PST = Matshwao ohle 25 Ditaelo ho motshwayi: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka dihlooho tse PEDI karolong ena. • Karolo e nngwe le e nngwe e na le ruburiki ya yona. • Sebedisa diruburiki tseo o di fuweng ho tshwaya tema e nngwe le e nngwe. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho ya ka kgato ya pele feela. ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. ⎯ Mohlahlobuwa a abelwe matshwao a sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya ditema Batshwayi ba etse tse latelang ha ba tshwaya: Ho sehellwe lentswe kapa polelo e fosahetseng mola ho be ho bontshwe mofuta wa phoso ka thoko ka tshebediso ya matshwao a latelang: o / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arolwa; o -,+ bakeng sa ho kopanya mantswe a arotsweng empa a ngolwa a kopane; o Mn bakeng sa mongolo (0rthography) o fosahetseng; o Mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; o Mt bakeng sa tshebediso e fosahetseng ya matshwao a puo, kapa ho ngotswe letshwao moo le sa hlokeheng teng; o P bakeng sa tshebediso ya puo ka tsela e fosahetseng / e sa amoheleheng kapa eo e seng ya setlwaedi; o  bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe le / e siilweng pakeng tsa mantswe a mang. o // bakeng sa ho qala seratswana se setjha. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all