Skip to content

Sesotho HL Grade 12 Paper 3 NSC November 2015 Memo

MemorandumSesotho HLGrade 12201513 pages

Grade 12 Sesotho HL Paper 3 memorandum from the NSC November Exam 2015, 13 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

NSC November Exam 2015

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) PAMPIRI YA BORARO (P3) PUDUNGWANA 2015 MEMORANDAMO MATSHWAO: 100 Memorandamo ona o na le maqephe a 13. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 2 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: MOQOQO POTSO YA 1 1.1 Hoja ka tseba, nka be ke sa dumela ho etsa hoo! Moqoqo wa boimamelo (Reflective) • Moqoqo ona ke moqoqo wa boimamelo kapa oo mongodi a tebisang maikutlo a hae hodima se itseng seo a se nahanisisang ka botebo. • Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka ipopela maemo a ditaba a bontshang se ileng sa etsahala ha a tla ikwahlaya hore ebe o ile a dumela jwang ho etsa seo a ileng a se etsa, seo ka mohlomong se ileng sa mo kenya mathateng; - a ka bua ka se mo susumelleditseng ho etsa hoo; - a ka bua ka bofokodi boo motho a ka bang le bona; - a ka bua ka kamoo a ileng a kgahlwa ke none e feta e hlotsa kateng; - a ka bua ka thuto eo a e fumaneng phosong eo ya hae; - a ka bua ka seo a ka se etsang ho kgutlisetsa maemo a ditaba madulong a ona hore bophelo ba hae bo tle bo boele bo loke hape. [50] 1.2 Mabaka a sitisang baithuti ba bangata ba Kereiti ya 12 ho fihlella sephetho sa boleng bo hodimo. Moqoqo o hlalosang (Descriptive) • Moqoqo ona o hlalosa diketsahalo tsa nnete ka tsela ya boiqapelo, mme a hlalose ka tsela e hlakileng hore mmadi a tle a kgodisehe ka ho phethahala. • Mohlahlobuwa a ka ngola ditaba tsa hae jwalo kaha eka di etsahetse ho yena kapa a ngola a hlahisa maikutlo a hae ho ya kamoo yena a bonang bophelo kateng. • Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka totobatsa diketso tse etswang ke baithuti tse ba sitisang ho fihlella sephetho sa boleng bo hodimo tse jwalo ka tsena; - a ka bua ka ho hloka tjantjello ha bona dithutong tsa bona; - a ka bua ka bolofa ba baithuti dikolong; - a ka bua ka ho se lekane ka bohlale/tshebetso ya kelello; - a ka bua ka ho se lekane ka malapeng jwalo ka bofuma; - a ka bua ka tlhokeho ya disebediswa tse itseng tse kang dilaeborari; - a ka bua ka ho dula hole le dikolo; - a ka bua ka baithuti ba dipolasing ba tsamayang maeto a malelele ba hloka dijo, diaparo tsa dihla tse fapaneng le dipalangwang; - a ka bua ka tshebediso e mpe ya dithethefatsi; - a ka bua ka ho tella ha baithuti le ho se etse mosebetsi wa bona wa sekolo; - a ka bua ka nako e telele eo ba e sebedisang mehaleng ya bona ya letheka, thelebisheneng le dipapading, e leng tse ba hlokisang sebaka sa ho ithuta; - a ka bua ka dikamano tsa bona tsa marato tse ba sitisang ho etsa mosebetsi wa bona wa sekolo; - a ka bua ka ho kula ha baithuti; - a ka bua ka tlhekefetso e etswang ho baithuti ke baithuti ba bang; a ka bua ka tlhekefetso ya ka lapeng. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 3 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo 1.3 Batswadi ba lokela ho kgethela bana ba bona makala a thuto ao ba lokelang ho a latela. Dumellana kapa o hanane le sehlooho sena. Moqoqo wa kgang (Argumentative) • Moqoqo ona ke wa kgang. Mohlahlobuwa o lokela ho bontsha ntlhakemo ya hae mabapi le sehlooho. • O lokela ho hlahisa lehlakore la hae le ho le ntshetsa pele, mme a tshehetsa le ho sireletsa lehlakore la hae. • Ntlhakemo ya mongodi e lokela ho hlaka ka nako tsohle. • Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: Lehlakore le dumellanang le sehlooho. - Mohlahlobuwa e mong a ka bua ka boitemohelo ba motswadi mabapi le bophelo; - a ka bua ka hore motswadi o tseba se batlwang ke ngwana wa hae kaha a mo hodisitse ho tloha bongwaneng ba hae; - a ka bua ka kamoo ngwana a fokolang kateng bakeng sa ho etsa kgetho e nepahetseng; - a ka bua ka kamoo ngwana a hlokang tataiso ya motswadi kateng ho qoba ho etsisa/ho tshwana le metswalle ya hae; - a ka bua ka kamoo makala a mang a thuto a etswang ke batho ba bangata hoo ha jwale ba hlokang mesebetsi empa ba na le mangolo; - a ka bua ka kamoo motswadi a tsebang maemo a hae a ditjhelete kateng. Lehlakore le hananang le sehlooho. - Mohlahlobuwa e mong a ka bua ka phapang e teng pakeng tsa ngwana le motswadi. Motswadi le ngwana ke batho ba fapaneng; - a ka bua ka ditakatso tse fapaneng pakeng tsa ngwana le motswadi; - a ka bua ka mehla e fapaneng eo motswadi a phetseng ho yona le eo ngwana a phelang ho yona; a ka bua ka ho hatella ditokelo tsa ngwana tsa ho etsa kgetho. [50] 1.4 Mohlang ntlo ya moahisane e neng e tjha. Moqoqo wa phetelo (Narrative) • Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tsa boiqapelo, empa tse kgolwehang. • Mohlahlobuwa a ngole ditaba tsa hae jwalo kaha eka di etsahetse ho yena. • Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: - Mohlahlobuwa a ka pheta diketsahalo tse etsahetseng tsatsing leno ha ho tingwa mollo; - a ka bua ka lehlanahlana la motimahlaha le entsweng ke baahisane ha ba hlokomela mollo o kapileng ka ha moahisane; - a ka bua ka tshebetso ya boraditimamollo; - a ka bua ka dithuso tseo baahisanemmoho ba di etseditseng moahisane eo ya hlahetsweng ke koduwa; - a ka bua ka tlhokeho ya disebediswa tse timang mollo motseng wa habo; - a ka bua ka leqeme la metsi le sitisitseng tshebetso e potlakileng ya ho tima mollo; Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 4 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo - a ka bua ka tahlehelo le tshenyo ya thepa ya moahisane; a ka bua ka thuto eo ba e fumaneng ho tjheng ha ntlo ya moahisane; - a ka bua ka tharollo phareleng ena ho qoba ketsahalo ya mofuta o jwalo ho etsahala hape. [50] 1.5 Tjhelete eo baithuti ba e fuwang malapeng ho ithekela dijo sekolong, e ka ba susumeletsa ho etsa tse ntle kapa tse mpe. Moqoqo o sa tshehetseng lehlakore (Discursive) • Mofuteng ona wa moqoqo mohlahlobuwa o sekaseka sehlooho – o tadima mahlakore a mabedi a kgang ka mokgwa o tshwanang, mme a a buelle ka bobedi, ebe o nehelana ka dintlha tsa hae, a sa tshehetse lehlakore lefe kapa lefe. • Moqoqo ona ha o nke lehlakore, mme sepheo sa wona ke ho nehelana ka maikutlo mahlakoreng ka bobedi a taba. • Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: - Mohlahlobuwa a ka bontsha hore ho fa baithuti tjhelete ya ho ithekela dijo sekolong ho na le ditlamorao tse ntle; - a ka bontsha kamoo sena se ka thusang baithuti kateng ho ithuta ka tshebediso ya tjhelete le ho e boloka; - a ka bontsha hore sena se ka etsa hore ngwana a ithute hantle kaha o tla be a sa bolawe ke tlala; - a ka boela a bontsha ka lehlakoreng le leng hore e mong moithuti a ka iketsetsa tse tswileng tseleng ka tjhelete eo, tse jwalo ka ho ithekela dithethefatsi, jwala le sakarete; - a ka boela a bontsha hore tjhelete e ka bitsetsa ngwana dinokwane tse ka mo ntshang kotsi nakong eo di batlang tjhelete eo; - a ka bontsha hore ka nako e nngwe dijo tse rekwang sekolong ha se tse nang le phepo e ntle hakaalo ho feta ha a itletse le mofao/sekhafothini/ dijo tsa ka tlong/lapeng. [50] 1.6 Ya tla ya mpholosa ntjanyana ya ka mohlang oo. (Narrative) • Moqoqo ona wa phetelo o pheta pale ka diketsahalo tsa boiqapelo, empa tse kgolwehang. • Mohlahlobuwa a ngole ditaba tsa hae jwalo ka ha eka di etsahetse ho yena. • Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka bua ka nako le sebaka moo ketsahalo ya ho pholoswa e neng e etsahalla teng; - a ka bua ka mofuta wa ntja eo ya hae; - a ka bua ka maemo a ditaba a neng a etsahala ha ntja e tla mo pholosa; - a ka bua ka kamoo ntja e ileng ya mo pholosa kateng; - a ka hlahisa maikutlo a hae ka mora ho pholoswa ke ntja. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 5 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo 1.7 1.7.1 Setshwantsho: Moqoqo wa mofuta ofe kapa ofe • Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a hlalose kapa a phete ka seo a se bonang ka tsela e kgodisang e bileng e hlakisa ditaba hantle. Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo o qholotswang ke setshwantsho maikutlong a hao. • Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka bua ka matswantle a kenang dinaheng tse ding ntle le tumello ya mmuso; - a ka bua ka batho ba balehang dintwa dinaheng tseo ba phelang ho tsona; - a ka bua ka batho ba balehang tlala naheng ya habo bona le kotsi eo ba ipehang ho yona; - a ka bua ka batho ba tshelang noka e tletseng; - a ka bua ka batho ba balehelang dikgohola; - mathata ao ba iphumanang ba le ho ona naheng eo ba balehetseng ho yona a kang ho hloka bodulo, mangolo a tumello ya ho dula moo, jj. [50] 1.7.2 Setshwantsho: Moqoqo wa mofuta ofe kapa ofe • Moqoqong ona mohlahlobuwa o boha setshwantsho, mme a hlalose kapa a phete ka seo a se bonang ka tsela e kgodisang e bileng e hlakisa ditaba hantle. Moqoqo ona o ka ngolwa ho tswa lehlakoreng lefe kapa lefe, ho latela moelelo o qholotswang ke setshwantsho maikutlong a hao. • Dikahare tse ka lebellwang e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka bua ka tlhwekiso motseng kapa sebaka se silafaditsweng ka matlakala a fapaneng kamora boithabiso bo itseng bo neng bo tshwaretswe moo; - a ka bua ka bahlankana ba baholwanyana ba qhekanyetsang ba banyane ho hlwekisa sebaka sa boithabiso ha ba qeta ho se silafatsa; - a ka bua ka baithaopi ba boulellang sebaka sa bona sa boithabiso ba entseng qeto ya ho se hlwekisa; - a ka bua ka bana ba thonakang makotikoti ho ilo a rekisa; - a ka bua ka sebaka kapa tulo e hlwekisetswang ho tla ahwa ho yona. [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 6 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: MOQOQO Ditaelo ho motshwayi: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka sehlooho SE LE SENG FEELA karolong ena. • Mohlahlobuwa a etse moralo bakeng sa tema ya hae. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong, etsa tsena tse latelang: - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. Tataiso bakeng sa ho tshwaya moqoqo: Sehella lentswe kapa polelo e fosahetseng mola, o be o bontshe mofuta wa phoso hodima lentswe/polelo ka ho sebedisa matshwao ana a latelang: / bakeng sa ho arola mantswe a ngotsweng a kopantswe empa a lokela ho arolwa; —, + bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; mt bakeng sa tshebediso ya matshwao a puo a fosahetseng kapa moo ho hlokehang letshwao la puo; p bakeng sa puo e sa sebediswang ka nepo kapa ka tshwanelo/tlwaelo; ۸ bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe e siilweng dipakeng tsa mantswe a mang; // bakeng sa ho arola diratswana. bakeng sa ha mohlahlobuwa a qadile polelo hara mola; bakeng sa ha mohlahlobuwa a fetoletse dintlha tsa hae a qadile ka eo a lokelang ho qetella ka yona. ELA HLOKO: • Sebedisa ruburiki ena ka nako tsohle ha o lekanyetsa meqoqo (Pampiri ya 3, KAROLO YA A). • Matshwao a 0–50 a arotswe ho ya ka dikgato tse 5 tsa ditlhaloso tsa phihlello. • Lekgetheng la Dikahare, Puo le Setaele, tlhaloso e nngwe le e nngwe ya phihlello e arotswe habedi ho hlahisa boemo bo hodimo le boemo bo tlase; boemo bo bong le bo bong bo na le tlhaloso ya bona. • Lekgetha la Sebopeho lona ha le a arolwa ka bokgoni bo nang le boemo bo hodimo le bo tlase. SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: Makgetha a tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare le Moralo 30 DM = Puo le Setaele le Tokiso ya diphoso 15 PST = Sebopeho 05 Seb = Matshwao ohle 50 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 50 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 Downloaded from hlayiso.com 7 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: RUBURIKI YA HO LEKANYETSA MOQOQO – (MATSHWAO A 50) SESOTHO PUO YA LAPENG (HL) - SLKT Makgetha a ho lekanyetsa 5. Phihlello e babatsehang 4. Phihlello e supang bokgoni 3. Phihlello e mahareng 2. Phihlello ya motheo feela 1. Phihlello e haellang DIKAHARE LE MORALO 28–30 22–24 16–18 10–12 4–6 Tshekatsheko ya sehlooho: - nehelano e bontshang kutlwisiso e - nehelano e ralehileng hantle haholo; - nehelano ke e kgotsofatsang - nehelano e momahane mona le mane; - nehelano e tswile lekoteng ho tlhophiso ya mehopolo le babatsehang ya sehlooho e supang bokgoni bo - mehopolo e tsamaellana le sehlooho ka botlalo, ditlhokeho; - mehopolo ke e seng ya boiqapelo mme e sa hang; Boemo bo hodimo dintlha, kelohloko ya ikgethang; e a kgahlisa mme e na le bopaki ba mehopolo e - mehopolo e momahane ka tsela e hlakang; - mehopolo ke e sa tsepamang e baamohedi ba ditaba, - mehopolo e bontsha boqhetseke, e phepetsa sutsitseng; kgotsofatsang le e kgodisang; - ho na le bopaki bo seng bokae ba tlhophiso le dubakaneng; maikemisetso le maemo monahano mme ke e sutsitseng; - o hlophisitswe hantle haholo ka tsela e - o hlophisitswe ka tsela e utlwisisehang momahano ya nehelano. - ha e utlwahale mme dintlha di a - e hlophisitswe hantle ka tsela e ikgethang mme o momahane ka tshwanelo ho mme o momahane ka tshwanelo ho phetakakwa; ikgethang/babatsehang mme e momahane ka kenyeditswe selelekela, mmele le qetelo. kenyeditswe selelekela, mmele le - ha e a hlophiswa ka tshwanelo tshwanelo ho kenyeditswe selelekela, mmele le qetelo. le momahano ha e yo. qetelo. 25–27 19–21 13–15 7–8 0–3 - mosebetsi o tswileng matsoho leha o haellwa - Nehelano e radilweng hantle - nehelano e a kgotsofatsa le ha e sa - nehelano boholo e tswile lekoteng; - boiteko ha bo yo ba ho arabela ke dintlha tse ikgethang tsa moqoqo o hlaka mona le mane; - mehopolo ha e a momahana ka tshwanelo sehlooho; Boemo bo tlase babatsehang; - mehopolo ke e loketseng mme e thahasellisang - mehopolo e momahane le ho kgodisa mme e a lahlehisa; - mehopolo e tswile lekoteng ka - mehopolo ke e sutsitseng mme e bontsha ka tsela e mahareng; - nehelano ha e na bopaki ba tlhophiso le ho phetahala, ha e a nepahala; boqhetseke; - o hlophisitswe hantle ka tsela e ikgethang mme - ho na le tlhopiso le momahano e itseng momahano. - nehelano ha e a tsepama - o hlophisitswe hantle ka tsela e bontshang o momahane ka tshwanelo ho kenyeditswe ho kenyeleditswe le selelekela , mmele sehloohong, mme e dubakane. Matshwao a: 30 bokgoni mme o momahane ka tshwanelo ho selelekela, mmele le qetelo. le qetelo. kenyeditswe selelekela, mmele le qetelo. PUO, SETAELE LE HO 14–15 11–12 8–9 5–6 0–3 HLAOLA DIPHOSO - sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di - sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe di - sehalo, rejisetara, setaele le - sehalo, rejisetara, setaele le tlotlontswe ha di - puo e sebedisitsweng ha se e Sehalo, rejisetara, setaele, loketse sepheo ka tsela e babatsehang, loketse sepheo, baamohedi ba ditaba mmoho le tlotlontswe di loketse sepheo, lokela sepheo, baamohedi ba ditaba mmoho utlwisisehang; tlotlontswe ke tse lokelang baamohedi ba ditaba mmoho le maemo; maemo haholo; baamohedi ba ditaba mmoho le maemo; le maemo; - sehalo, rejisetara, setaele le Boemo bo hodimo sepheo/tshusumetso le - tshebediso ya hae ya puo e a ikgetha, mme e - tshebediso ya puo e matla mme ho - tshebediso ya puo ke e loketseng, - puo e sebedisitswe feela ka tsela ya motheo; tlotlontswe ha di a lokela maemo; bontsha boitshepo ka tsela e tsotehang sebedisitswe sehalo se loketseng ka nako tsohle; mme e fetisa moelelo ka tshwanelo; - sehalo mmoho le moelelo o hlahiswang ke baamohedi ba ditaba, sepheo le Kgetho ya mantswe - o sebedisitse sehalo se matla mme se - boholo ba mosebetsi ha o na diphoso tsa - puo ya bonono ke e loketseng mme e tema ke tse sa lokelang maemo; Tshebediso ya puo le susumetsang ka tsela e ikgethang tshebediso ya puo le mopeleto; sebedisitswe ka tshwanelo; tlwaelo, matshwao a ho bala - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa mopeleto; - sehalo se sebedisitswe ka tshwanelo: - ho sebedisitswe tlotlontswe ya motheo feela. - tshebediso ya tlotlontswe e le mopeleto - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang. - o radilwe hantle ka tshwanelo. - o radilwe ka tsela e mahareng feela. haellang haholo hoo nehelano e sa utlwisiseheng. 13 10 7 4 Boemo bo tlase - tshebediso ya puo ke e nepahetseng, mme e - tshebediso ya puo ke e sefutho mme e - tshebediso ya puo ke e kgotsofatsang - puo ke ya motheo feela mme e sebedisitswe susumetsang sehalo sa tema loketseng maemo; le ha ho na le ho sa tsamaelane mona le ka tsela e haellang; - o batla o hloka diphoso tsa puo le tsa mopeleto; - sehalo ke se matla mme se loketseng; mane; - o radilwe ka bokgoni bo tsotehang. - ho na le diphoso tse seng kae tsa puo le tsa - popeho ya dipolelo ke e tshwanang e se nang Matshwao a: 15 mopeleto; -Ka kakaretso sehalo ke se loketseng le motswako; - o radilwe hantle. ha puo ya bonono e le e haellang. - tlotlontswe e haella haholo feela. SEBOPEHO 5 4 3 2 0–1 Makgetha a tema: popeho - kgodiso ya sehlooho ke e babatsehang; - dintlha ke tse loketseng mme tse hodisang - dintlha tse loketseng di hodisa - tse ding tsa dintlha ke tse utlwahalang; - dintlha tsa bohlokwa di a ya dipolelo le kgodiso ya - katoloso ya dintlha ke e ikgethang; sehlooho; sehlooho ka tsela e mahareng; - dipolelo le diratswana di na le diphoso haella; diratswana le bolelele bo - dipolelo le diratswana di bopilwe ka tsela e - momahano e bopilweng ke e supang bokgoni; - dipolelo le diratswana di bopilwe ka - moqoqo o a utlwisiseha le ha o le diphoso. - dipolelo le diratswana tse hlokehang. ikgethang. - dipolelo le diratswana di loketse nehelano mme tsela e mahareng; hlahisitsweng ke tse fosahetseng; di fapafapanngwa ka tshwanelo. - moqoqo o ntse o hlahisa moelelo. - moqoqo ha o na moelelo o Matshwao a: 5 lebeletsweng. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 8 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO POTSO YA 2 2.1 LENGOLO LE SETSWALLE/SETLWAEDI • Aterese e nngwe; ke ya mongodi wa lengolo, mme e ngolwa ho tloha hodimo bohareng ba leqephe ho tloha letsohong le letshehadi ho leba letsohong le letona. Aterese ya ya ngollwang ha e hlahiswe mofuteng ona wa lengolo; • Aterese ya mongodi e ngolwa ka mokgwa wa boloko; ha ho ngolwe matshwao a puo, mme e qetella ka letsatsi la mohla lengolo le ngolwang; • Ka mora mohla ho tlolwa mola, ebe ho tla tumediso. Tumediso yona e ngolwa ka tsohong le letshehadi, haufi feela le moo leqephe le qalang. Ha ho ngolwe letshwao la puo ka mora tumediso. Ho boele ho tlolwe mola; • Seratswana sa selelekela se ba sekgutshwanyane, mme se omela ditaba feela; • Mmele wa lengolo o ahwe ka diratswana tse seng kae; di ka ba pedi kapa ho feta, mme mona ke moo mongodi a nontshang taba ya hae; • Qetelo ke e kgutshwanyane e phethelang ditaba. Ha ho hlokehe o ngole sefane kaha o ngolla eo o mo tlwaetseng. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - Sepheo seo lengolo le ngolwang ka sona - tlhaloso (ho lebohisa motswalao ha a ile a atleha tlhodisanong ya mabelo e neng e tshwaretswe sekolong sa hae); - a mo lebohisa ka mosebetsi o moholo oo a o etsang wa boikwetliso; - a mo lebohisa ka tjantjello le boitelo ba hae ba ho sebeletsa sekolo sa hae ka bokgabane mabelong; - a mo hlabe malotsana ka dijo tseo a lokelang ho di ja hore a dule a kwenne; - a mo thoholetse ka mekgwa e metle eo a e latelang ya ho hlokomela boima ba mmele wa hae hore o dule o itekanetse; - a mo thoholetse le ka mokgwa oo a bokelleditseng baithutimmoho ho kenela le ho ba le seabo mabelong kateng; - a mo thoholetse le ka dikgau tseo a di tliseditseng sekolo sa hae; - a mo thoholetse ka kamoo a behileng sekolo sa bona maemong a hodimo seterekeng sa bona mmoho le porofensing. 2.2 ATIKELE E YANG KORANTENG • Ena ke tema e ngollwang dikoranta ho fana ka tlhahisoleseding mabapi le taba e itseng. E ba le sehlooho se hohelang mahlo a mmadi; • Lebitso la moqolotsi wa ditaba le ngolwa ka ditlhaku tse kgolo; • E ngolwa e arotswe ka dikholomo ka diratswana tse kgutshwanyane; • Sehalo se hloke tshekamelo; • E ngolwa ho hlaha lehlakoreng la mmuuwa; • Seratswana sa selelekela se tsebisa mmadi dintlha tse kang ho etsahala eng, hokae, neng, hobaneng le hore tsohle di tla latela jwang; • Tshebediso ya mabitso a batho e eketsa bonnete ba ditaba tseo ho ngolwang ka tsona. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello. Phetla.
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 9 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - lebaka la ho ikgobokanya ha batjha porojekeng ya ho thusa batho ba kojwana di mahetleng; - mokgwa o ka sebediswang ho bokella matlole a ho thusa batho ba kotjwana di mahetleng; - se ka etswang ho kgothalletsa batjha ho kenela mefuta e tjena ya diporojeke ho thusa setjhaba sa habo bona; - melemo e kgolwang diporojekeng tse kang tsena; - ba ka thusa ka ho ba fa dijo kgwedi le kgwedi; - ba ka thusa ka ho ba ahela matlo. [25] 2.3 RAPOROTO/TLALEHO • Lokodisa dintlha tsa sebopeho. - motho kapa batho bao raporoto e lebisitsweng ho bona; - sehlooho sa raporoto; - letsatsi kapa mohla wa ketsahalo; - ditaba kapa dintlha tseo ho tlalehwang mabapi le tsona; - tlaleho/pehelo e etswa ke mang; - mokgwa wa tshebetso – diphumano le diqeto, ditlhahiso/ditshisinyo; - mohla le sekenetjhara. - Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - ho fuputsa ka botlalo taba eo o shebaneng le yona e leng ho tjha ha moaho wa kereke; - ho bokelletsa tlhahisoleseding e hlokahalang, ebile e tsamaellanang le seo a se fuputsang; - ho sekaseka tlhahisoleseding eo o e bokelleditseng; - ho etsa ditlhahiso le dikgothalletso. [25] 2.4 PUO Sebopeho: - Puo ya sebui e be le selelekela, mmele le qetelo. - Selelekela e be se hohelang, moo a fanang ka mabaka a hore ke hobaneng a nehelana ka puo eo. - Mmele o fupare boholo ba dintlha tsa hae tsa takaletso tsa mahlohonolo. - Qetelo e be e nang le sehlahlo, mme e be e akaretsang puo ya hae. - Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - mohlahlobuwa a ka qala pele ka ho leboha sebaka seo a se fuweng; - a lebohe bohle ba teng mmokeng oo; - a bue ka sepheo sa seboka seo, e leng ho lakaletsa motswalle katleho le mahlohonolo ha a tla be a nka leeto la ho ya mose ho ya ithuta teng; - a bontshe kamoo a leng motlotlo kateng ha e le moo motswalle a fihlelletse katleho ya ho ya ithuta naheng e mose ho mawatle; - a mo kgothaletse ho sebetsa ka matla le ka boitelo. [25] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 10 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo 2.5 INTHAVIU • Ena ke mofuta o mong wa puisano. Ke puisano e ikgethang pakeng tsa batho ba babedi kapa ho feta. E mong o botsa dipotso mabapi le ntlha e itseng, mme e mong o araba dipotso tseo. • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - dipotso tse hlophisitsweng ka bokgeleke; - lebitso la sebui le ngolwe ka letsohong le letshehadi la leqephe, le bile le latelwa ke letshwao la kgutlopedi; - selelekeleng mmotsi o nehelana ka tlhahisoleseding e amanang le sepheo sa puisano; - mmeleng mmotsi o botsa mmotsuwa dipotso tse itshetlehileng sehloohong se itseng, mme mmotsuwa o araba dipotso tsena; - dipotso di ka nyalana le dikarabo tse hlahisitsweng pejana, mme dikarabo tsohle di tobe dipotso, mme di tshehetswe ka dintlha; - sehalo e be se lokelang kopano ena, mme puo e be ya semmuso; - o se ke wa sebedisa puo ya seterateng. [25] 2.6 LENGOLO LA SEMMUSO LA TLETLEBO Sebopeho: • Diaterese di pedi. • Aterese ya mongodi wa lengolo e ngolwa ho tloha mahareng a leqephe ho leba ka letsohong le letona, e nto latelwa ke letsatsi, kgwedi le selemo, feela jwalo ka lengolo la setlwaedi. • Aterese ya ya ngollwang (moamohedi) e ngolwa ka letsohong le letshehadi. Aterese ya moamohedi e qalwa ka maemo a tshebetso a ya ngollwang. ELA HLOKO: Tsela e nepahetseng ke ya hore aterese le letsatsi/mohla di lokela ho ngolwa di arohane. Ha mohlahlobuwa a ngotse aterese le letsatsi/mohla di kopane, ho se be le kotlo eo a e fuwang. • Tlasa aterese ke tumediso (monghadi, mofumahadi kapa mofumahatsana). • Tlasa tumediso ho ngolwa mola wa sehlooho – o totobatsang sepheo sa lengolo leo. • Ka mora mola wa sehlooho ho ngolwa seratswana sa selelekela (sa pele) seo e leng ntshetsopele ya ditaba. • Seratswana se seng le se seng ke se matlafatsang mahlakore a fapaneng a taba eo ho buuwang ka yona. Ho siuwe mola pakeng tsa diratswana. • Qetelo le yona e be ya semmuso, mme e ka ngolwa tjena: 'Ka botshepehi' 'Ka boikokobetso' jj. • Ya ngolang lengolo o lokela ho ngola lebitso la hae ka botlalo ka mora qetelo, ebe o a saena ka mora lebitso leo. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 11 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo • Dikahare tse lebelletsweng e ka ba tsena tse latelang: - sepheo seo lengolo le ngolwang ka sona – ho tletleba ka thepa e robehileng eo o e tliseditsweng ke lebenkele leo o rekileng ho lona; - a ka hlalosa phoso ya thepa eo ka botlalo; - a ka kopa beng ba thepa eo ho tla e lata ba tle ba kgone ho e lokisa; - a ka kopa rathepa ho mo fa thepa e nngwe e boemong bo kgotsofatsang. [25] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA : 50 MATSHWAO OHLE: 100 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 12 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO Ditaelo ho motshwayi: • Mohlahlobuwa o lokela ho ngola ka dihlooho TSE PEDI karolong ena. • Ha mohlahlobuwa a tswile lekoteng nehelanong etsa tsena tse latelang: - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa dikahare ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa tshebediso ya puo ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a abelwe matshwao bakeng sa sebopeho ho fella kgatong ya pele feela. - Mohlahlobuwa a etse moralo bakeng sa ditema tsa hae. Tataiso bakeng sa ho tshwaya tema e telele: • Sehella lentswe kapa polelo e fosahetseng mola, o be o bontshe mofuta wa phoso hodima lentswe/polelo ka ho sebedisa matshwao ana a latelang. —, + bakeng sa ho kopanya mantswe a arohantsweng empa a ngolwa a kopane; mn bakeng sa mongolo (orthography) o fosahetseng; mp bakeng sa mopeleto o fosahetseng; mt bakeng sa tshebediso ya matshwao a puo a fosahetseng kapa moo ho hlokehang letshwao la puo; p bakeng sa puo e sa sebediswang ka nepo kapa ka tshwanelo/tlwaelo; ۸ bakeng sa lentswe kapa karolwana ya lentswe e siilweng dipakeng tsa mantswe a mang; // bakeng sa ho arola diratswana. bakeng sa ha mohlahlobuwa a qadile polelo hara mola; bakeng sa ha mohlahlobuwa a fetoletse dintlha tsa hae a qadile ka eo a lokelang ho qetella ka yona. SENOTLOLO SA HO TSHWAYA: Makgetha a Tekanyetso Matshwao Senotlolo Dikahare, Moralo le Sebopeho 15 DMS. = Puo, Setaele le ho hlaola diphoso 10 PST = Matshwao ohle 25 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Sesotho Puo ya Lapeng (HL)/P3 Downloaded from hlayiso.com 13 DBE/Pudungwana 2015 NSC – Memorandamo RUBURIKI YA HO LEKANYETSA TEMA YA KGOKAHANO – SESOTHO PUO YA LAPENG [MATSHWAO A 25] Makgetha a ho Phihlello e Phihlello e supang Phihlello e mahareng Phihlello ya motheo Phihlello e haellang leknyetsa babatsehang bokgoni feela DIKAHARE, MORALO 13–15 10–12 7–9 4–6 0–3 LE SEBOPEHO -Nehelano e -Nehelano e ntle haholo -Nehelano e lekaneng e -Nehelano ya motheo e -Nehelano e totobatsa babatsehang ya e bontshang tsebo e ntle bontshang tsebo ya bontshang tsebo ya kgaello ya tsebo ya (Nehelano le mehopolo) sehlooho e supang ya makgetha a mofuta makgetha a mofuta ona makgetha a itseng feela makgetha a mofuta ona Ho rala, ho hlophisa bokgoni bo ikgethang; ona wa tema; wa tema; a mofuta ona wa tema; wa tema; mehopolo. -Mehopolo e matla e -Nehelano ha e kgere e -Nehelano ha e a -Nehelano e na le -Moelelo o nyotobetswa Kelohloko ya sutsitseng; tsepame sehloohong; tsepama sehloohong ka tsepamo e itseng feela ke ho kgera ho hoholo; maikemisetso, -Tsebo e batsi ya -Mehopolo le dikahare ke ho phethahala ho na le sehloohong empa e a -Mehopolo le dikahare ha baamohedi ba ditaba, le makgetha a mofuta ona tse momahaneng, tse ho kgera ho itseng; kgera; di na momahano; maemo wa tema; hlalositsweng ka botebo, -Mehopolo le dikahare di -Mehopolo le dikahare ha -Ke dintlha tse mmalwa -Nehelano ha e kgere e mme dintlha di tshehetsa na le momahano e se ka mehla di haholo tse tshehetsang MATSHWAO A 15 tsepame sehloohong; sehlooho; amohelehang; momahaneng; sehlooho; -Mehopolo le dikahare ke -Sebopeho ke se -Ke dintlha tse itseng -Sehlooho se tshehetswa -Ha ho na boiteko bo tse momahaneng; loketseng se nang le feela tse tshehetsang ke dintlha tse itseng entsweng ho sebedisa -Dintlha tsohle di diphoso tse mmalwa. sehlooho; feela; sebopeho se tshehetsa sehlooho mme -Ka kakaretso sebopeho -Sebopeho se foofo nepahetseng. di hlalositswe ka botebo; ke se loketseng empa se feela, mme se na le -Sebopeho ke se nang le diphoso tse bohlotsa bo boholo. nepahetseng. itseng. PUO, SETAELE LE 9–10 7–8 5–6 3–4 0–2 TOKISO YA DIPHOSO -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, -Sehalo, rejistara, setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe di setaele le tlotlontswe ha setaele le tlotlontswe ha Sehalo rejistara, setaele, loketse ka ho fetisisa loketse ka ho fetisisa loketse maikemisetso, di a lokela maikemisetso, di dumellane le maikemisetso, maikemisetso, maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maikemisetso, baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le baamohedi ba ditaba le maemo; maemo hantle; baamohedi ba ditaba le maemo. maemo; maemo; -Nehelano e na le -Tshebediso ya puo e maemo; Tshebediso ya puo, -Tshebediso ya puo e -Ka kakaretso tshebediso diphoso tse itseng tsa fosahetse e bile e tletse -Nehelano e tletse tlwaelo ya tshebediso ya nepahetse e bile e ya puo ke e nepahetseng tshebediso ya puo; diphoso tse ngata; diphoso e dubakane; puo, kgetho ya mantswe, bopehile hantle; e bileng e bopehile -Tshebediso ya -Tshebediso e seng kae -Tlotlontswe ha e matshwao a puo le -Nehelano ha e na hantle; tlotlontswe ke e ya tlotlontswe; dumellane le maemo; mopeleto diphoso. -Tshebediso ya lekaneng; -Moelelo o -Moelelo o tlotlontswe e ntle haholo; -Diphoso ha se tse nyotobeditswe. nyotobeditswe haholo. MATSHWAO A 10 -Nehelano boholo ha e nyotobetsang moelelo. na diphoso. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho HL

View all