Skip to content

Sesotho FAL Grade 12 Paper 1 NSC November 2017 Memo

MemorandumSesotho FALGrade 1220177 pages

Grade 12 Sesotho FAL Paper 1 memorandum from the NSC November Exam 2017, 7 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

NSC November Exam 2017

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com p NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL) PAMPIRI YA PELE (P1) PUDUNGWANA 2017 MEMORANDAMO MATSHWAO: 80 Memorandamo ona o na le maqephe a 7. Difuperweng tsa memorandamo ona o se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 2 DBE/Pudungwana 2017 NSC – Memorandamo KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO POTSO YA 1 1.1 Bana ba bona ba ne ba lwanne mme ba ilo ba kgalemela. (1) 1.2 O ne a tswa patsing/a tswa rwalla. (1) 1.3 Senonnori.  (1) 1.4 Mofumahadi wa Podile le moradi(Melita). (1) 1.5 Ke motswalle wa bona. (1) 1.6 O ne a mo jabella ho ithatisa mohlankana wa hae, Tshokela.  (1) 1.7 • Malapa ana ka bobedi a na le batswadi.  • Malapa ana ka bobedi a na le moradi lelapeng ka leng.  • Bomme ba tswang malapeng ana ka bobedi ba hlahella ba hlompha banna hobane ha ba itshunyi dipuisanong tsa bona. • Malapeng ana ka bobedi bana ba ipuela ka bolokolohi ka tsa marato mahlong a batswadi ba bona. • Malapa ana a rata kgotso le phedisanommoho. • Malapa ka bobedi a tsotella bana ba ona. (2) • Tse pedi feela. 1.8 • 'Efela o ne o mo tshwere hantle haeba o ne o se o mo tlentse ka mmetso.' • 'Ke mohlankana wa hao eo o neng o mo nehwa ke mang? Re bolelle.' E le nngwe feela. (1) 1.9 O bolela hore o ne a le mothating wa ho kgama Hakekgathale.  (2) 1.10 Ke ketsahalo ya hore Podile a tlohe ha hae, a ye ha Thuube ho ile ho utlwa ka se hlileng se etsahetse pakeng tsa baradi ba bona. (2) 1.11 C/mohlohlelletsi hobane o ne a bua dipuo tse neng di nka lehlakore la Melita le ha a ne a le siyo ketsahalong eo.  (2) 1.12 • Ke nnete hobane o ile a hla a tshepisa Melita ho mo jabela, ha a mmotsa hore ke hobaneng a ithatisa Tshokela.  (2) • O qadile ntwa. 1.13 Di hanana le ditlwaelo tsa Basotho hobane ha ho a tlwaeleha hore bana ba bue ditaba tsa marato ka bolokolohi batswading ba bona.  (2) 1.14 Molaetsa wa tema ena ke hore batho ba lokela ho buisana le ho rarolla mathata nakong eo ho nang le diphapano,  mme o dumellana le mohopolo wa phedisanommoho kaha re bona Podile a ya ha Thuube hore ba thusane ho kgalema bana ba bona. (3) Difuperweng tsa memorandamo ona o se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 3 DBE/Pudungwana 2017 NSC – Memorandamo 1.15 • Ha se ntho e ntle hobane e ne e diha dikgarebe tseo seriti ebile e (2) tlontlolla malapa a bo bona.  • Ha se ntho e ntle hobane e mong a ka qetella a tswile kotsi ho sa hlokahale. TEMA YA 2 1.16 Ke karolo ya dijo.  (1) 1.17 Di re tsebisa hore lelapa la Lekgwakgwa ha le boloke tjhelete. (1) 1.18 Hobane lekgetho ke karolo ya ditekanyetso e laolwang ke mmuso ka kotloloho.  (2) 1.19 E, hobane sebaka seo lelapa lena le ahileng ho sona, se ka welwa ke koduwa ya mollo neng kapa neng/le ka welwa ke koduwa ya ho hlasipeha nakong eo mashodu a futuhelang/kgothotsang seteishene seo.  KAPA • Tjhe, ho ntse ho na le ditlhoko tse ding tsa bohlokwa tsa lelapa ka ntle le inshorense. Lelapa leo le ka mpa la lekalekanya ditekanyetsong tsa lona. • Tjhe, ho na le diinshorense tse ka patalwang tjhelete e tlase ka kgwedi. Ela hloko: Motshwayi a ele hloko dikarabo tsa mohlahlobuwa moo mohopolo o tshwanang le oo ho fanweng ka wona memorandamong, a di nepise) (2) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa memorandamo ona o se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 4 DBE/Pudungwana 2017 NSC – Memorandamo KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 QOTSO DINTLHA TSE LEBELLETSWENG 1. O re batswadi ba tlameha ho eletsa bana 1. Bana ba rutwe ho kopa tumello pele ho se nke letho ntlong ya motho ka ntle le ba ka nka dintho matlong a batho. ho kopa tumello ho motho e moholo. 2. Bana ba rutwe ho se thonake letho ka 2. Bana ba elleliswe ho se inkele lebenkeleng ka ntle le ha e ba ba laelwa dintho mabenkeleng. ke motho e moholo. 3. Liane o hatella taba ya hore ho bohlokwa 3. Bana ba lemoswe molemo wa ho ruta bana molemo wa tjhelete, kaha tjhelete ba tle ba se e utswe. seo se tla etsa hore ba se e utswe. 4. Ho boetse ho bohlokwa ho kgothalletsa 4. Bana ba kgothalletswe ho kgutlisa ngwana ho kgutlisa dintho tse tseo ba di utswitseng. utswitsweng. 5. Seo se ka ba thusa ho utlwisisa hore ho 5. Ba hlokomediswe hape hore ho utswa ho fosahetse. utswa ke phoso. 6. Batswadi ba lokela ho thoholetsa ketso ya 6. Batswadi ba thoholetse bana bana ya ho tshepahala. Ha ngwana a bakeng la boitshwaro bo botle. kgutlisetsa tse utswitsweng ho beng ba tsona, ba lokela ho thoholetswa bakeng sa boitshwaro bo botle. 7. Liane o re ho bohlokwa haholo ho 7. Bana ba hopotswe bohlokwa ba ho kgothaletsa bana ho itshwara hantle ka itshwara hantle maemong ohle. nako tsohle. Ho bohlokwa ho ruta bana ho Bana ba tlameha ho rutwa tshepahala ka dinako tsohle le maemong botshepehi ho tloha bonyaneng ohle. (Palo ya mantswe = 70) Difuperweng tsa memorandamo ona o se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 5 DBE/Pudungwana 2017 NSC – Memorandamo Kgutsufatso e lokela ho tshwauwa ka tsela e latelang: Ho tshwauwa ha kgutsufatso, ho itshetlehe ho kenngweng ha dintlha tsa bohlokwa ho latela ditlhoko tsa potso le ho ntshuweng ha tse sa amaneng le potso hohang. • Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 dintlheng tse supileng (letshwao bakeng sa ntlha) o Matshwao a 3 tshebedisong ya puo o Matshwao ohle: 10 • Kabo ya matshwao a tshebediso ya puo ha mohlahlobuwa a sebedisitse mantswe a hae: o Dintlha tse 1–3 tse nepahetseng: kabo e be letshwao le le leng. o Dintlha tse 4–5 tse nepahetseng: kabo e be matshwao a mabedi. o Dintlha tse 6–7 tse nepahetseng: kabo e be matshwao a mararo. • Kabo ya matshwao a tshebediso ya puo ha mohlahlobuwa a qotsitse dintlha di le jwalo temeng: o Ha a qotsitse ntlha tse (6–7) a se abelwe matshwao a puo. o Ha a qotsitse ntlha e le (1–5) a abelwe letshwao le le leng la puo. ELA HLOKO: Palo ya mantswe: o Batshwayi ba nnetefatse palo ya mantswe a sebedisitsweng ke bahlahlobuwa. o Mohlahlobuwa a se hulelwe matshwao ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e sa nepahala. o Ha mohlahlobuwa a fetile palo e lebelletsweng ya mantswe, motshwayi a bale ho fihlella qetellong ya polelo e le nngwe ka mora palo ya mantswe a lebelletsweng, mme a se tshwaye kgutsufatso kaofela. Mohlala wa palo ya mantswe: Polelo Palo ya matswe SESOTHO Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa memorandamo ona o se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 6 DBE/Pudungwana 2017 NSC – Memorandamo KAROLO YA C: DIBOPEHO LE MELAO YA TSHEBEDISO YA PUO POTSO YA 3 3.1 Phano ya madi. (1) 3.2 Kajeno ke nna, hosane ke wena.  (1) 3.3 • Letshwao la pelo e pompang madi.  • Letshwao la tiripi e tshetseng madi.  • Letshwao la matsoho a mabedi a amohelang madi. • Petjhe e dipakeng tsa batho ba hlahellang papatsong. Tse pedi feela. (2) 3.4 D/Kaofela di nepahetse hobane ke nako eo dikotsi tsa mebileng di etsahalang ka bongata.  (2) 3.5 Setjhaba se ka etsetswa matsholo a thuto a kang, dithupello le boitjhoriso moo se tla beng se hlokomediswa/rutwa ka bohlokwa ba ho nehelana ka madi. Ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti. (2) 3.6 Ke ntlha, hobane mmapatsi o kgothalletsa hore bonyenyane boo motho a ka nehelanang ka bona ba madi bo amohelehile.  (2) [10] POTSO YA 4 4.1 Sekolong/phaposing ya boithutelo.  (1) 4.2 • Ho na le letlapa leboteng.  • Ho na le dideseke tse sebediswang dikolong.  • Ho na le projeketara. • Ho na le titjhere le baithuti. Tse pedi feela. (2) 4.3 Ke tsebiswa ke mofuta wa pudulwana e sebedisitsweng hobane ke e supang dintho tse monahanong wa motho.  (1) 4.4 • Mesuwe e ne e sebedisa tjhoko le letlapa, e se e sebedisa projeketara le polasitiki eo a ngoletseng seo a tlo bua ka sona /khomphutara.  • Baithuti ba ne ba ngolla dibukeng ba sebedisa dipene, ha jwale ba sebedisa dithabolete/dikhomphutara. • Ho ne ho sebediswa letlapa la tjhoko, kajeno ho sebediswa matlapa a mefuta, a mang a ngolwa ka dipene tsa teng tse ikgethileng. E le nngwe feela. (2) 4.5 Ke hobane dintho tsohle di anngwa ke marangrang a thekenoloji, le bana ba hlahela ho yona, e ba ama ba sa le dilemong tsa bona tse tlase. (2) 4.6 Ke boikarabelo ba setjhaba kahoo ha se a lokela ho di senya le ho di utswa, se tshwanetse ho ba le poulelo ho tsona hobane ha di senyehile, di ntse di tla rekwa ka tjhelete ya lekgetho le ntshwang ke setjhaba. (2) [10] Difuperweng tsa memorandamo ona o se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 7 DBE/Pudungwana 2017 NSC – Memorandamo POTSO YA 5: TEMA YA PROSA 5.1 5.1.1 Amohelang. (1) 5.1.2 Tshebediso. (1) 5.1.3 Tsohle. (1) 5.1.4 Hlokeha/hlokwa. (1) 5.1.5 Tjheletenyana. (1) 5.1.6 Boloke. (1) 5.1.7 Hantle. (1) 5.1.8 Yona. (1) 5.1.9 Ke ho hatella mohopolo wa hore ho tsamaya bosiu ho na le ditholwana tse bosula/Ke ho bontsha hore seo e leng sa bohlokwa puong(polelong) ya hae, ke ditlamorao/ditholwana tsa ho tsamaya bosiu. (2) 5.1.10 Ke ntlha hobane le bophelong ha ho na ntho e ntle e hlokang sepha kapa e mpe e hlokang botle bo itseng.  (2) 5.1.11 Sehalo sa ho kgena kapa ho teneha hobane le hoja batho ba ntse ba kgalemellwa ho tsamaya le masiu, ba ntse ba sa kgaotse, ba sa shebe ditholwana tsa diketso tseo tsa bona. (2) 5.2 5.2.1 Halala!  (1) 5.2.2 Ke tla itjella yona ha monate. (1) 5.2.3 Tjhelete, Tjhelete e ratwa ke ba baholo le ba banyane./ Tjhelete e ratwa ke ba baholo le ba banyane.  (2) 5.2.4 Nka ja mofufutso wa phatla. (2) [20] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 40 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 80 Difuperweng tsa memorandamo ona o se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho FAL

View all