You're offline
Skip to content
Memorandum

Sesotho FAL P1 Nov 2019 Memo_hlayiso.com_.pdf

Subject: Sesotho FalGrade 1220198 pages
Download

Loading document…

Loading document…

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL) PAMPIRI YA PELE (P1) PUDUNGWANA 2019 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 80 NAKO: Dihora tse 2 Tataiso ena ya ho tshwaya, e na le maqephe a 8. Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 2 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO TATAISO YA HO TSHWAYA TEKOKUTLWISISO  Kaha sepheo e le ho lekola kutlwisiso ya moithuti, mopeleto o fosahetseng le diphoso tsa puo karabong di se ke tsa nkelwa matshwao ntle le ha diphoso tseo di nyotobetsa moelelo/kutlwisiso. (Diphoso di nne di bontshwe.)  Ha mohlahlobuwa a sebedisitse mantswe a tswang puong e nngwe e seng ena a hlahlojwang ho yona, mantswe ao a se natswe, hape a se ke a nkelwa matshwao ha karabo e ntse e na le moelelo o utlwahalang. Leha ho le jwalo haeba lentswe le hlahang puong e nngwe le sebedisitswe temeng ebile le hlahella e le karabo e nepahetseng le fuwe matshwao.  Bakeng sa potso e bulehileng, mohlahlobuwa a se ke a abelwa matshwao bakeng sa karabo ya E/TJHE kapa KE A DUMELA/HA KE DUMELE. Lebaka/Tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao.  Ho se fanwe ka matshwao bakeng sa NNETE/MAFOSI kapa NTLHA/ MOHOPOLO. Lebaka/Tshehetso ke yona e lokelang ho abelwa matshwao.  Ha karabo e hloka lentswe le le leng empa mohlahlobuwa a fanne ka polelo e felletseng, a abelwe matshwao ha feela lentswe le nepahetseng le sehelletswe mola/qatsohisitswe.  Ha potso e batla dintlha tse pedi/tharo, mohlahlobuwa yena a fane ka dintlha tse fetang tse boletsweng, ho tshwauwe tse pedi/tharo tse qalang.  Amohela mantswe a hlahang dipuong tse sebediswang mabotoweng a fapaneng.  Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka botlalo. POTSO YA 1 1.1 Batho ba babedi ho ba bararo. (1) 1.2 Ke taba ya hore halofo ya batho ba tshwerweng ke lefu lena ha e tsebe hore le ba tshwere.  (1) 1.3 Ke batho ba batsho ba bontate/banna.  (2) 1.4  Batho bohle bao batswadi ba bona ba nang le lona.  Batho ba batenya.   Ba jang letswai le mafura a mangata.  Ba tsubang le ba nwang.  Batho ba sa ikwetliseng/mekotla e mahlo mehlohlwa e rapame. (Tse PEDI feela.) (2) 1.5 Ke hobane ke lefu le bolayang motho le sa ka la iponahatsa pele.  Ho kotsi ka ho fetisisa ha o sa tsebe hore o na le lona.  (2) 1.6 120/80 mmHg  (1) 1.7 Kgatello e phahameng ya madi e ama diphiyo ka ho di senya ebe ha di sa sebetsa hantle, ho be le tshitiso ya tlhwekiso ya mmele.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 3 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 1.8 Ha se batho bohle hobane bathong ba bang lefu lena ke lefutso.  (2) 1.9 Mafosi, le tshwara batho ba bangata hobane ho thwe bathong ba bararo le tshwere ba babedi.  (2) 1.10 D/halofo ya batho bohle ba tshwerweng ke lefu lena.  (1) 1.11 O nthusa ho utlwisisa hore lefu lena le sehloho, le kgopo ebile ha le na (2) qenehelo jwalo ka motho ya se nang pelo.  1.12 Molaetsa oo mongodi a o fetisetsang ho babadi ke hore re se ke ra emela ho (2) kula e be e le hona re ka yang ngakeng. Ka nako tse ding re ye tliliniking ho itekola.  (Ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti.) 1.13 Ke ntlha hobane taba ena e fupuditswe ya ba ya nnetefatswa ke dingaka.  (2) 1.14 Tjhe, hobane diphuputso di akaretsa bohle feela mela ya 11-14 e mpa e totobatsa mokgahlelo o amehang ho feta e meng.  (2) TEMA YA 2 1.15 Ke matsa, hobane a fokotsehile ka bongata papisong le diphoofolo tse ding ka morao ho komello. (2) 1.16 Ke hobane e sa le a ntse a le mangata ho feta diphoofolo tse ding.  (2) 1.17 Palo ya ditshukudu e ka be e fokoditswe ke hore di tsietsing ya ho bolaelwa manaka a tsona, ao ho etswang phapanyetsano le mafatshe a ka ntle ka bolotsana. (2) (Ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti.) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 30 Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 4 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA B: KGUTSUFATSO POTSO YA 2 Qotso Dintlha tse lebelletsweng 1. 'Bertha o re ho bohlokwa hore bana ba 1. Bana ba kgothalletswe ho tseba tsebe ka hlooho dinomoro tsa ka dinako dinomoro tsa sepolesa. tsohle tsa sepolesa.' 2. 'Ngwana o tlameha ho tseba mabitso a 2. Ba tsebe mabitso a bona le a hae le a batswadi ka botlalo.' batswadi. 3. 'Athe ho se tsebe aterese ya habo le 3. Ba rutwe aterese le dinomoro tsa dinomoro tsa mehala ya batswadi, e ka ba habo bona. phoso eo batswadi ba ke keng ba itshwarela ha koduwa e ka hlaha.' 4. 'Bana ba kgone ho bua le batswadi ka 4. Bana ba lokolohe ho bua tsohle le eng kapa eng e sa ba thabiseng kapa e batswadi ba bona. ba tshosang.' 5. 'Ha ho qeaqeo hore batswadi ba 5. Bana ba se tlwaelane le batho bao tjamelane le boikarabelo ba ho ruta bana ba sa ba tsebeng. ho se thehe setswalle le bo-mofeta-ka- tsela.' 6. 'Ba rutwe hore ha ba iphumana ba le 6. Bana ba rutwe mekgwa eo ba ka e maemong a sa amoheleheng, a tshosang, latelang ha ba le tsietsing. ba hoeletse haholo kamoo ba ka kgonang kateng ba be ba balehe hanghang sebakeng seo.' 7. 'Le ka mohla ngwana a se ke a iphumana 7. Ngwana a hlokomele hore kamehla a a bapala kapa a tsamaya a le mong be ka hara ba bang. diterateng.' (Palo ya mantswe = 70) Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 5 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya Kgutsufatso e lokela ho tshwauwa ka tsela e latelang: Ho tshwauwa ha kgutsufatso, ho itshetlehe ho kenngweng ha dintlha tsa bohlokwa ho latela ditlhoko tsa potso le ho ntshuweng ha tse sa amaneng le potso hohang.  Kabo ya matshwao: o Matshwao a 7 dintlheng tse supileng (letshwao bakeng sa ntlha) o Matshwao a 3 tshebedisong ya puo o Matshwao ohle: 10  Kabo ya matshwao a tshebediso ya puo ha mohlahlobuwa a sebedisitse mantswe a hae: o Dintlha tse 1–3 tse nepahetseng: kabo e be letshwao le le leng. o Dintlha tse 4–5 tse nepahetseng: kabo e be matshwao a mabedi. o Dintlha tse 6–7 tse nepahetseng: kabo e be matshwao a mararo.  Kabo ya matshwao a tshebediso ya puo ha mohlahlobuwa a qotsitse dintlha di le jwalo temeng: o Ha a qotsitse ntlha tse (6–7) a se abelwe matshwao a puo. o Ha a qotsitse ntlha e le (1–5) a abelwe letshwao le le leng la puo. ELA HLOKO: Palo ya mantswe: o Batshwayi ba nnetefatse palo ya mantswe a sebedisitsweng ke bahlahlobuwa. o Mohlahlobuwa a se hulelwe matshwao ha a sa bontsha palo ya mantswe kapa ha palo ya mantswe e sa nepahala. o Ha mohlahlobuwa a fetile/tlotse palo e lebelletsweng ya mantswe, motshwayi a bale ho fihlella qetellong ya polelo e le nngwe ka mora palo ya mantswe a lebelletsweng, mme a se tshwaye kgutsufatso kaofela. Mohlala wa palo ya mantswe: Polelo Palo ya matswe SESOTHO Ke a tsamaya 3 MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 10 Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 6 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA C: DIBOPEHO LE MELAO YA TSHEBEDISO YA PUO TATAISO YA HO TSHWAYA THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO  Mopeleto o Dikarabo tsa lentswe le le leng di tshwauwe di nepahetse leha mopeleto o fosahetse, ntle leha phoso eo e nyotobetsa moelelo wa lentswe leo. o Dikarabong tse ngotsweng ka dipolelo tse felletseng, mopeleto o fosahetseng o se ke wa abelwa dintlha haeba tshebediso ya puo e le yona e hlahlojwang. o Moo ho hlahlojwang kgutsufatso ya mantswe, karabo e be le matshwao a nepahetseng a puo.  Dibopeho tsa dipolelo e be tse nepahetseng di be di ngolwe ka dipolelo tse felletseng ho latela ditaelo.  Bakeng sa dipotso tse nang le kgetho, ananela tlhaku e emetseng karabo e nepahetseng kapa karabo e ngotsweng ka botlalo. POTSO YA 3 3.1 Bareki ba ka kgona ho;  boloka ka selefounu le tshebediso ya inthanete.   etsa phapanyetsano ATM-ng ya selehae.   ho fumana moya wa ho letsa.  fumana melaetsa e tlalehang ka akhaonto ya bona. (Tse PEDI feela.) (2) 3.2 Baithuti  (1) 3.3 Ke hobane bareki ba tla nahana eka ke mahala ba sa nkele hloohong hore ha e le hantle, ba ntse ba lefa ho se na taba hore ke tjhelete e kae/ke hobane (2) bareki ba tseba hore ba tla lefa tefo e tlase papisong le tsa dibanka tse ding.  3.4 Ke ho hlokomedisa le ho hohela bareki/baithuti ka tsela ya ho hatella hore ba lokela ho kgema le dinako ho fihlella ditoro tsa bona kaha akhaonto ena e (2) etseditswe bona.  (ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti.) 3.5 D/Dikarabo tsohle di nepahetse.  (1) 3.6  Ha se kgatelopele hobane ho ka nna ha ba le diakhaonto tse molemo ho feta ena dibankeng tse ding, mme tse ka nnang tsa ba tlase ho e (2) feta.   Ke kgatelopele hobane ditefo tsa ditshebeletso ke tse tlase tse ka kgonwang ke baithuti ba bangata. (E le nngwe feela, mme ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti.) [10] Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 7 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya POTSO YA 4 4.1  Ba dutse didesekeng.   Ba apere yunifomo.   Motho ya dumedisang baithuti o tshwere dibuka. (Tse PEDI feela.) (2) 4.2 Bakeng la tshireletso ya matitjhere. (2) 4.3  Titjhere o tlo ruta baithuti bao a ba tshabang hobane baithuti ba kwalletswe ka mora disefe, mme titjhere yena o apere diaparo tse mo sireletsang (2) kgahlanong le dikotsi.  Baithuti ba tlile sekolong ho tla fumana thuto empa ba tella le ho beha bophelo ba titjhere tsietsing. (E le nngwe feela.) 4.4 Tlhokomediso e temeng e lemosa motho/titjhere e tlang phaposing ena hore a be a ikatetse kgahlanong le se ka mo hlahelang, mme ke ka hona re bonang titjhere a apere diaparo tsa tshireletso. (2) 4.5 E, a totobatsa lenyatso hobane eo ho buuwang ka yena ha a bitswe ka lebitso e leng ho bontsha hore ha a nkelwe hloohong kapa ha a hlomphuwe. (2) [10] POTSO YA 5 5.1 5.1.1 kajeno  (1) 5.1.2 sithabetsang  (1) 5.1.3 ja  (1) 5.1.4 matjeke  (1) 5.1.5 ebe  (1) 5.1.6 tsekela  (1) 5.1.7 Le sebedisitswe ka sepheo sa ho bontsha ho hlollwa/makala kapa hona ho kgotsa ha sebui mabapi le moferefere o neng o bakilwe ke kgalala tsa metseng.  (2) 5.1.8 E nthusa ho utlwisisa hore maemo a ditaba a ile a mpefala ho tloha botleng ho ya bobeng ka potlako/ho panya ha leihlo.  (2) 5.1.9 Ke ho hatella taba ya hore moferefere o ile wa qaleha hona motsotsong oo, mme ha dubakana nako e telele.  (2) 5.1.10 E, e a a senola hobane e hlahisa maikutlo a hae a lenyatso/tello/ kgalefo kaha o bua le batho jwalo ka ha eka ke diphoofolo kapa dintho tse se nang molemo.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P1 8 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 5.2 5.2.1 Haesale.  (1) 5.2.2 Butle se itatise o tsebe ho ikutlwela ha di tswela pele.  (Moithuti a abelwe letshwao ha a fetotse le le leng la maetsi a karabong.) (1) 5.2.3 Ke bona ba qhekeditseng lebenkeleng.  (Ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti.) (2) 5.2.4 A e totobatsa ka ho re bontsha hore Disebo o ne a se a nkile qeto ntle le ho emela ho utlwa seo e leng tabataba.  (2) [20] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 40 MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 80 Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello

Verified matching documents

The question paper, memo or addendum that belongs with this document.

Published documents with matching subject and grade metadata.

Matched using subject, grade, language, document type and exam metadata.

More from Grade 12 Sesotho Fal

Explore more published documents in this catalogue.

View all