Skip to content

Sesotho FAL Grade 12 Paper 2 NSC November 2019 Memo

MemorandumSesotho FALGrade 12201912 pages

Grade 12 Sesotho FAL Paper 2 memorandum from the NSC November Exam 2019, 12 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITE YA 12 SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL) PAMPIRI YA BOBEDI (P2) PUDUNGWANA 2019 TATAISO YA HO TSHWAYA MATSHWAO: 70 Tataiso ena ya ho tshwaya, e na le maqephe a 12. Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 2 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA A: PADI/NOBELE/NOVELE POTSO YA 1: MAHLALE A KOPANE LEKWA – DN Katsie 1.1 Sesosa sa kgohlano le baphetwa.  (2) 1.2 Tomatso qotsong e hlahella ka tsela ya hore baphetwa bana ba thetsana ka bohlokwa ba thepa tsa bona feela motho ka mong ha a tsebe hore o a thetswa empa rona babadi re a tseba.  (2) 1.3 O sebedisitse dipuo tsa baphetwa.  (2) 1.4 E re tjebela pele ka tsela ya hore dipuo tsa bona di se ntse di re bontsha hore bobedi bona bo ntse bo tla qabana kaha ha bo tshepane.  (2) 1.5 E fana ka maikutlo a hore bonokwane bo a lefa hobane baphetwa bana ha ba a fumana kotlo e ba loketseng.  (2) 1.6 Mothinya o sa lebellwang ke ha re bona ba kgutla ka mora ho tsamaya sebaka se lekanang, mme ha ba kopana ha kupa e mahlo a mafubedu.  (2) 1.7 Di dumellana le tsona ka hore bobedi ba banna bana bo ne bo inahanetse feela ho iphumanela tjhelete motho a sa nahane hore a ka qhekellwa.  (2) 1.8 Sebaka sa habo Mananyetsa ho fapana le sa habo Sekgukguni, se ne se ikgetha ka metse e qadikaneng, thota tse bulehileng,  dipalangwang tsa bohle di ne di haella.  (2) 1.9 Ho dula hoo ha Sekgukguni ka lebitleng ho ile ha fa Mananyetsa monyetla wa hore ha a qeta ho lefuwa, a balehe ka tjhelete. Athe etlare ha Sekgukguni a tswa ka lebitleng, a lemoha hore o qhekanyeditswe, a sale Mananyetsa morao ho ya iphetetsa ka hore a utswe tjhelete eo. Ka tsela ena pale e tswela pele ba a lelekisana ho iphumanela tjhelete eo. (2) 1.10 E, o kgonne ho hlahisa kgohlano hobane kgohlano e teng paleng haesale e tswalwa ke phapanyetsano ya mahe a dinotshi le thipa ya lepolanka. Baphetwa bana haesale ba qothisana lehlokwa, mme sena se qalehile ha Mananyetsa a lwantsha Sekgukguni ka baka la thipa ya lepolanka. (2) 1.11 Tjhe, ha se dumellane le yona, hobane diketsahalo tse ileng tsa latela puisano eo ebile tsa ntwa.  (2) 1.12 Ke ho re bontsha potlako eo a ileng a tsamaya ka yona nakong ha a kena motseng.  (2) 1.13 E dumellana le sona ka hore mongodi o re tsebisitse pele hore ke motseng, mahaeng, mme sena se tiisa hore ho rulelwa ka makapa, mme a fumaneha ha bobebe.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 3 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 1.14 Ditlamorao tse bosula e bile hore Mananyetsa ha a se a fumane tjhelete, o ile a siya Sekgukguni ka lebitleng.  (2) 1.15 Nnete hobane Sekgukguni ke mophetwa ya fetohang le maemo jwalo ka motho wa nama le madi/ke mophetwa eo re bontshwang mahlakore a mabedi a hae, la botle le la bobe.  (2) 1.16 E nthusa ho utlwisisa hore Sekgukguni ke motho ya kgonang ho mamella mathata a maholo hobane kamoo ho hlaloswang boemo boo kateng ke batho ba mmalwa feela ba neng ba ka kgona ho bo mamella.  (2) 1.17 Thehong ya pale ena lebitso la Mahlale a kopane Lekwa, mongodi o atlehile hobane o nnetefaditse hore baphetwa ba hae ba sehlooho ba maqheka. Leha ba tswa tikolohong tse fapaneng, mme ba kopanela borokgong ba noka ya Lekwa, re bona poloto e thatolohiswa ke maqheka a bona. Ke ka hoo ba ileng ba sebedisa maqheka ao a bona ho qhekanyetsa mohlolohadi, mofumahadi wa morena Ramoroko tjhelete.  (3)[35] POTSO YA 2: BOSWEU BA LEHLWA – Sello Moroe 2.1 Ketso eo ya Lerato ya ho dumela Hlomi, e ile ya baka kgalefo e kgolo ho mohanyetsi wa sehlooho, Tshiu. Tshiu o ile a lwana ho feta pele, mme a hlekefetsa Hlomi ka ditsela tse ngata tseo Hlomi le yena a neng a itwanela ho tsona.  (2) 2.2 Tsela eo e totobatsa mothinya o sa lebellwang hobane babadi ba ne ba sa lebella hore Tshiu a ka inehela ha bonolo jwalo ebile a se a bolela hore o sokolohile.  (2) 2.3 Maikutlo a lerato  hobane lerato le ne le ba tsukutla ka ho tshwana.  (2) 2.4 Mongodi o le sebedisitse ka sepheo sa ho tsebisa babadi hore Hlomi o ntse a le morerong wa hae wa pele wa hore Lerato a mo dumele.  (2) 2.5 E fapana ka hore boHlomi ba ile ba kgetha sebaka se hole, se potetseng mahlong a batho ba baholo. Athe batjha ba kajeno ha ba itshwenye ka ho ipatela batho ba baholo ha ba phetha morero o kang oo o qotsong.  (2) 2.6  Dipuo tsa baphetwa  Diketso tsa baphetwa (2) 2.7 Mafosi hobane ke ketsahalo e supang sehlohlolo kaha kgohlano e neng e le dipakeng tsa mophetwa wa sehlooho le balwantshi ba hae, e fella moo Hlomi a ratanang le Lerato teng.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 4 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 2.8  Tjhe, e phethetswe hantle hobane babadi ba ne ba tla qetella ba sa tsebe ka ho phethahala ka pheletso ya tabatabelo ya Dineo ka Hlomi.  Tjhe, e phethetswe hantle hobane mongodi o e phethetse ka mothinya o sa lebellwang ho tlosa babadi mohopolong wa hore pheletso ya yona e totobetse. E le nngwe feela, mme ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti. (2) 2.9 E, mongodi o se fihlelletse hobane moya wohle wa lerato o renang qotsong yohle, o totobatsa karaburetso ena. Ka tsela ena mongodi o hlakisetsa mmadi botebo ba lerato la baphetwa ba qotsong ka dipolelo tse kang, 'Lerato ke a o rata hle … Ha ke bapale.' 'Hlomi ke a o rata …', 'Ke wa hao.'  Ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti. (2) 2.10  E dumellana le tsona hobane e ne e se yena feela motjha ya etsang jwalo kaha Hlomi le yena o ne a ye a etele Lerato habo.   E dumellana le tsona hobane e ne e se yena feela motjha ya etsang jwalo hobane ketsahalong e nngwe, re bone Botjha yena a bile a ipuella bahlankaneng. E le nngwe feela. (2) 2.11 Mongodi o re tsebisa ka diketso tseo Tshiu a neng a di etsa ka sepheo sa ho hohela Lerato empa a tseba hore o se a utlwana le Hlomi.  (2) 2.12  Nakong ya diketsahalo tse qotsong, Tshiu o ne a se a fetotse maikutlo a hae malebana le Lerato. O ne a ile a kopa tshwarelo ho Hlomi, a ba a mo tsebisa hore yena o se a sokolohile.   O ile a ferekana haholo empa qetellong a amohela taba ya hore Lerato o rata Hlomi e seng yena, mme a tswela pele ka bophelo. E le nngwe feela. (2) 2.13 Se sebedisitswe ho totobatsa tjebelopele kaha Dineo o ile a hla a ikatametsa ho Hlomi ka ho iketsa motswalle wa kgaitsedie, mme qetellong ha Hlomi a phonyohuwa ke Lerato ka baka la lefu, o ile a etsa qeto ya ho nyala yena Dineo.  (2) 2.14 Di ne di mmakela kgohlano ya ka hare hobane o ne a sa tabole mangolo ao kapa hona ho hana dimpho tseo. Ketso eo ya Hlomi e bontsha hore maikutlo a hae a ne a lwantshana.  (2) 2.15 A dumellana le ketsahalo eo ho yona Mmadito a ileng a tshwarwa mmoho le Firi hobane ke yena ya neng a thusa Firi ka ditlhare hore a tle a ikgapele Lerato. (2) 2.16 Sepheo sa mongodi ka mophetwa enwa wa tlatsetso, Botjha, ke ho etsa hore babadi ba rate mophetwa wa hae wa sehlooho Lerato. Ke ka hona re bonang a hlahisa Botjha ka semelo sa hae sa ho rata marato a bosawana a bile a ipherehela bahlankana empa Lerato yena a imametse, a hloka masawana ebile a na le botsitso.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 5 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 2.17 Diketsahalo tsa pale di hlahisa mongodi a beha tumelo ya setso ka mosing  hobane re bona baphetwa ba sebedisang ditlhare tsa setso, e leng Firi le Mmadito ba kwallwa ntlwanatshwana/lefifing. Ka hlakoreng le leng, mophetwa ya neng a le lonya, a ikakasa ebile a le kgopo, o fumana tshokoloho e etsang hore a kgutlele bothong, a be a tsebe ho kopa tshwarelo (3) ho Hlomi kaha a se a le leseding, kganyeng.  [35] POTSO YA 3: SEHLEKEHLEKE SA DEIDRO – VT Masima 3.1  Sepheo sa mongodi ke ho tjebela babadi pele diketsahalong tsa pale moo mokgatlo wa Bana ba Phiri o tla thulana le molao ka diketso tsa bokgopo.   Sepheo sa mongodi ke ho senolela babadi ka bokgopo ba merero ya ditho tsa mokgatlo wa Bana ba Phiri tse ikgakantseng ka bodumedi. E le nngwe feela, mme ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti. (2) 3.2 Mphafudi o di susumeleditse ka ketso ya hae ya ho kwenehela mokgatlo wa Bana ba Phiri, mme a thusa boChikano ho sibolla selao sa mokgatlo ona. Ketso eo ya hae ya lebisa ho tshwarweng ha ditho tse ding tsa wona.  (2) 3.3 O e sebedisitse ka ho re hlahisetsa puo ya Ramaqiti e babatsang botle le bohlale ba kamoo lehaha leo ho buuwang ka lona, e leng mosebetsi o tswileng matsoho. Ka hoo re lemoha hore Ramaqiti ke motho ya bohlale kaha tseo tsohle ke mesebetsi ya boetapele ba hae.  (2) 3.4 Kopano e qotsong ke e nngwe ya tse totobatsang mothipoloho hobane e etsahala ka mora sehlohlolo moo kgohlano e nyehlileng teng.  Ka mora kopano ena ho latela diketsahalo tse phethelang pale.  (2) 3.5  Ho se ho kgantshwa ka mabone.   Ho sebediswa mefuta e fapaneng ya dikepe.  (2) 3.6 Mongodi o e sebedisitse ka sepheo sa hlakisa botebo, bobatsi ba bohlale le boiphihlelo ba batho bao a buang ka bona hore ha se bo nang le thaka ebile ha ho letho e ka lekanngwang le bona.  (2) 3.7 Ketsahalong eo Chikano o ile a lwantshana le banna ba neng ba ronngwe ke Ramaqiti ho tla mo tshwara kapa ho tla mmolaya e le ho sitisa diphuputso tsa hae. Ketsahalo eo e dumellana le kgohlano ya ka ntle e hlahella paleng ena e leng e dipakeng tsa mmuso le batlodi ba molao.  (2) 3.8 Mafosi, hobane diketsahalo tseo ke karolo ya sehlohlolo hobane ke ho tsona moo mabotho a dinaha tsa Afrika e Borwa a ileng a hlasela sehlekehleke, mme Ramaqiti a ipha dimenyane, a siya boBiala. Yaba ke ho fela ha kgohlano e neng e le dipakeng tsa ba molao le Bana ba Phiri.   (2) 3.9 Ke dumellana le yona hobane Ramaqiti e ne e le moetapele sesoleng sa Botswania, mme ka lehlakoreng le leng e le senokwane ebile e le moetapele wa mokgatlo wa disinyi o bitswang Bana ba Phiri  (2) 3.10 Tjhe, hobane ke mophetwa wa tlatsetso eo seabo sa hae se seng sekaalo paleng, mme o hlahella diketsahalong tse itseng feela. Ka hoo, diketsahalo tsa pale ha di a thehwa hodima hae.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 6 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 3.11  Tshwano ke ya hore le mohla a balehang Botswania, o ne a ntse a bolaile motho, kgarebe ya hae. Le moo Botswania o ile a thuswa ke yena Ramaqiti hore a kgone ho balehela Bosothonia.   Tshwano ke ya hore le mohla a balehang Botswania, Ramaqiti o nnile a reka basebeletsi ba mmuso Bosothonia ka tjootjo jwalo ka lekgetlong lena hore a fumane mangolo a boitsebiso a botsotsi. E le nngwe feela. (2) 3.12 Ketsahalo eo e ile ya thusa ka hore Nasala ha a fihla Afrikania e ne e se e le motho e motjha ya bitswang mobishopo Biala. Ka tsela eo, Ramaqiti a tswela pele ho mo sebedisa a se a ikgakantse ka boruti ho phetha merero e mebe ya mokgatlo wa Bana ba Phiri o neng o lwantshwana le molao.  (2) 3.13 Diketso tsa Ramaqiti di dumellana le lebitso la hae ka hore o sebedisitse maqiti le malebaleba ho pholosa motswalle wa hae Nasala diatleng tsa mapolesa, Leseru. (2) 3.14  O sebedisitse diketso tsa mophetwa  hobane re bona Ramaqiti a fihla ka bolotsana le maqiti a hae, a reka basebeletsi ba mmuso ka tjootjo hore Nasala a phonyohe teronkong.   O sebedisitse diketso tsa mophetwa hobane re bona hape Ramaqiti ka bolotsana le ona maqiti a hae, a fumanela Nasala ditokomane tse ntjha ka mabitso a mang a matjha Afrikania. E le nngwe feela. (2) 3.15 Ketsahalo eo e totobatsa tharahano hobane diphuputso tsa Chikano tse malebana le ho ameha ha Ilizwe Mission Church diketsong tsa bonokwane, di a thunthetseha. O ne a ile a tsebiswa ke Amanda Zamiya pele a fenethwa kwana Isolo hore aubuti wa hae, Sam, ke moruti wa yona kereke eo. Jwale polao ya hae, e thatafalletsa Chikano bophelo, mme diketsahalo di a rarahana. O ema le monna wa Mateneng hore ebe o tla etsa jwang ho fumana ditaba tsa ena kereke.   (2) 3.16 Diketsahalo tse entsweng ke Ramaqiti di a kgolweha hobane ke tseo re di bonang, re di utlwang kapa re bileng re bala ka tsona ka mehla dikoranteng le masedinyaneng a mang. Diketsahalo tsa tshebediso ya tjootjo le ditokomane tsa bolotsana ho fumana menyetla e itseng, ha e sa le tshomo empa ke tlolo ya molao e atileng kajeno.  (2) 3.17 Leweng la ho hetla morao, mongodi o senola diketsahalo tse itseng tsa bohlokwa bohareng kapa qetellong ya pale e seng qalong jwalo ka tlwaelo sepheo e le ho hlakisa kapa hona ho arabela dipotsong tse ngata tseo babadi ba neng ba na le tsona. Re bona mongodi a le sebedisitse ka katleho ho hlakisa le ho araba dipotso tse kang, hobaneng mobishopo Biala e le senokwane? Hobaneng Ilizwe Mission Church e le selao sa dikebekwa, babolai le mashodu a ipatileng ka hara lekoko la bodumedi?  (3) [35] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 35 Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 7 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA POTSO YA 4: SEFI – DJ Nkutha 4.1 E ile ya a fetola ka ho re o ile a halefa.  (1) 4.2 Mongodi o se sebedisitse ka ho mo hlahisa a le mona, mohono le lefufa. Ka hoo, o ile honohela Tiisetso ha a pasitse a re o pasisitswe, mme seo sa ba qabanya. (2) 4.3  Molaetsa o ka sehloohong wa tshwantshiso ena ke hore mona le lefufa tsa lapa le leng, di ka qhala kgotso e renang ho le leng. Mongodi o bontsha babadi hore mona le lefufa tsa lelapa la Raboditse, di ile tsa thuha lapa la Motaung.   Bontsha hore malapa ka mehla a ele hloko setswalle sa ona le a mang hobane ka nako e nngwe setswalle seo se ka thuha malapa jwalo ka ha ho etsahetse ka la Motaung. E le nngwe feela, mme ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti. (2) 4.4 Sepheo se ka sehloohong ke ho atlehisa morero wa lapa la Raboditse wa ho senya kgotso ya lelapa la Motaung hobane Raboditse o ile a sebedisa yena Mmatshele ho ratlanya Motaung. (2) 4.5  Ka sepheo sa ho hatella/toboketsa taba ya hore Mmatiisetso ke motho ya kgopo, ya sa lokang.   Ka sepheo sa ho phoqa mohatsae ka hore sebopehong o motle empa pelo ya hae e mpe. E le nngwe feela. (2) 4.6 Ke sebapadi se tjhitja  hobane re bona mahlakore a mabedi a bophelo ba hae. Lehlakore la botle le la bobe moo a fetolwang ke maemo ka baka la bofokodi ba botho, mme a wela lerabeng leo a le tjhehetsweng.  (2) 4.7 Ke phapano ya hore Mmatiisetso o ne a tletse thabo, pososelo le kamohelo e mofuthu empa ha Motaung a fihla, re bona yena a jele masoko, mme a sa tsotelle maikutlo a mohatsae.  (2) 4.8 Tomatso e hlahella ka tsela ya hore Motaung o ikgalefisitse, o hana ho suna mohatsae ebile o itshireletsa ka hore o tla mo hlahisa diso. Feela rona babadi re a tseba hore lebaka leo ha se la nnete, mme la nnete ke la hore o se a na le sethibamathe empa taba tsena Mmatiisetso ha a di tsebe.  (2) 4.9 E, di a dumellana hobane ke nakong/mehleng ya sejwalejwale moo batho ba nang le bolokolohi ba ho ikela ditameneng moo ba iphumanelang metjhaufa, e etsang hore ba siye malapa a bona.  (2) 4.10 Pheletso ya Motaung tshwantshisong ena e nkutlwisa bohloko, e etsa hore ke mo qenehele  hobane ke bona monna ya bohlale, ya nang le boikarabelo le tjhebelopele lapeng la hae, a ekwa le ho kgeloswa ke dira tse ileng tsa mo siya potong ha lelapa la hae le tetebela mathateng, mme yena bophelo ba hae bo haraswana.  KAPA Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 8 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya Pheletso ya Motaung tshwantshisong ena e nthabisa hobane ke bona motho ya sa mameleng a fumana moputso o mo lokelang. Mmatiisetso o lekile ka makgetlo ho mo eletsa kgahlanong le lelapa la Raboditse hang ha a lemoha kgahlamelo e mpe eo lapa leo le nang le yona ho mohatsae. Dikeletso tsohle tsa hae tsa wela tsebeng tse kibuweng ka boka tsa Motaung ya ileng a tlotlolla lapa la hae haholo. E le nngwe feela. (3) 4.11 Ke leeme la bodumedihobane Raboditse le mohatse ba kgahlano le bojakane ba Motaung ba re bo mo tshereantse.  (2) 4.12  O ile a honohela Tiisetso ha a pasitse ditlhahlobo tsa hae, a mmuwa hampe a re o pasisitswe.   Mohla yena le mmae ba neng ba bua hampe ka Motaung, o ile a re hlooho ya Motaung e ne e wetse ka nkgong jwalo ka menwana ya tshwene mokopung.  O ne a eletsa Tiisetso hore a ikele difemeng jwalo ka yena, mme a kgaohane le ho ya yunivesithing. Sepheo sa hae e le ho kgina Tiisetso hore a se ke a tswela pele bophelong. E le nngwe feela. (1) 4.13 Morero wa Mmatshele ka Motaung e ne e le ho iphumanela motjhaufa eo a tla ithabisa ka yena, a be a mo kute ditjhelete  athe Raboditse yena o ne a rerile ho mo dihela bothateng bo tla thuha lelapa la hae.  (2) 4.14  Ka sepheo sa ho re bontsha maqiti ao Mmatshele a neng a a sebedisa ho hapa banna, a ba fa thotlolo eo motho a neng a ipona hantle hore ka nnete efela a le seo Mmatshele a reng o sona.   Ka sepheo sa ho re hlakisetsa hore Mmatshele ke molotsana ya leleme le monate ho eka banna ba sa fadimehang. E le nngwe feela. (2) 4.15 A re hlakisetsa hore Raboditse o tlwaetsa Motaung jwala ka sepheo sa ho mo thapisa hore ha e se e le lehlena, a kgone ho mo kgelosa ha bonolo hore a tsebe ho thuha lelapa la hae.  (2) 4.16 Ho dula hoo ha hae ha Mmatshele, e bile katleho ya sepheo sa ho thuha lelapa la Motaung kaha o ile a qetella e se e le lehlena, a sa itlhokomele, a se a fihla mosebetsing ka mora nako ho fihlela a tebelwa, mme Mmatshele le yena a mo leleka ha hae.  (2) 4.17 Diketsahalo tsa qotso ena di re senolela hore lelapa la ha Raboditse le nena ebile le hloile bojakane ba ha Motaung hobane dipuo tsa Raboditse le Mmankepe ke tse bo nyefolang, tse bo sehollang.  (2) 4.18 E, e ka bapalwa hobane ho na le malebaleba a ka etswang ho qoba dintho tse hlahellang ho yona tse ka bakang tshitiso tse kang makoloi, difeme, dikolo le dinoka.  (2) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 35 Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 9 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA C: DIPALEKGUTSHWE POTSO YA 5: PELO E JA SERATI – ME Makhapa le ba bang 5.1 5.1.1  O ile a ema hekeng ya sekolo ka phafa a shapa bana ba batho ba batsho ba kenang moo.  A beha lekase la bafu le nang le popo e ntsho ka hare foranteng ya Teboho. (2) 5.1.2 Diketsahalo tsa qotso di hodisa kgohlano ka hore Swanepoel ha a se a hlotswe ho sulafalletsa Teboho, o ile a nka mehato e meng ho phethisa morero oo wa hae. Bosiung bo bong o ile a beha lekase la bafu le nang le popo ka hare foranteng ya ntlo ya Teboho, mme sena sa etsa hore kgohlano e dipakeng tsa bona e nne e tote.  (2) 5.1.3  O sebedisitse diketso tsa hae.   A boela a sebedisa le dipuo tsa hae.  (2) 5.1.4 E mo thusa ho hlakisetsa babadi sekgahla seo diketsahalo tseo ho buuwang ka tsona se ileng tsa etsahala ka sona.  (2) 5.1.5 Maikemisetso a hae ke ho fa babadi setshwantsho sa ka moo koloi eo e fihlileng e jahile kateng.  (2) 5.1.6  C/mohanyetsi  hobane o kgahlanong le morero wa Teboho wa ho dula le makgowa ka toropong.   O kgahlanong le morero wa Teboho wa ho kenya bana ba hae sekolong sa ba basweu. E le nngwe feela. (2) 5.1.7  Ho sebediswa mehala/difonofono ho bitsa mapolesa, ditimamollo, jj.   Bana ba batho ba batsho ba se ba kena dikolong tsa makgowa  Batho ba batsho ba se ba dula toropong le makgowa.  Ho sebediswa makoloi ho phetha mabaka a fapaneng. Tse pedi feela. (2) 5.1.8 Ke mophetwa ya thjtja/phethahetseng hobane re bontshwa mahlakore a mabedi a bophelo ba hae, e leng la bobe le la botle. La bobe hobane o ne a hlorisa Teboho le ba lelapa la hae, a batla hore ba tlohe moo ho neng ho dula makgowa a ye lekeisheneng. La botle hobane o qetelletse a fetoha bothong, e ba motswalle wa Teboho kamora hore Teboho a bitse ditimamollo, a be a pholose bophelo ba Letia, mosebeletsi wa Swanepoel nakong eo ntlo ya Swanepoel e neng e tjheswa ke mollo.  (2) Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 10 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 5.1.9 Mongodi o fihlelletse tharollo paleng ena hobane qaka/bothata bo neng bo le teng pakeng tsa Teboho le Swanepoel, ba hore Swanepoel a mo hlorise, a batla hore a tlohe sebakeng seo ho neng ho dula makgowa feela ho sona, bo ile ba rarollwa ba fela. Bo ile ba rarollwa ke ketsahalo eo ho yona Teboho a ileng a thusa hore ntlo ya Swanepoel e se tjhere lore! Hape yena Teboho a ba a pholosa Letia, mosebeletsi wa Swanepoel mollong oo. Ka mora moo, baphetwa bana ya e ba metswalle e ntshanang se inong.  (2) 5.2 5.2.1 Sebaka seo se na le baahi ba bangata ba ileng ba baka tshubuhlellano ya bapalami e leng yona e ileng ya etsa hore beng ba thepa ba lwantshane, mme ha epuwa kopano.  (2) 5.2.2 Se re thusa ho utlwisisa hore Makgisa o na le dikamano tse mpe le basebetsimmoho le yena hobane o a ba tella.  (2) 5.2.3 Lebitso lena Sekenamorung le tsamaellana le diketso tsa monga lona hobane o ne a sa tshepahale, o ile a kwenehela ba mokgatlo wa ditekesi ha ba ne ba lebelletse thuso ya hae.  (2) 5.2.4 Re senolelwa hore Makgisa ke motho ya dikgoka, ya se nang mamello ebile a se na tlhompho hobane o ne a batla hore qaka e rarollwe ka dikgoka ebile o bua a sa qeke letho.  (2) 5.2.5 Makgisa o halala basadi hobane o re o makalletse ho utlwa boSusana, basadi, ba se ba bua ka ditshenasana. Ho ya ka yena basadi ha ba a tshwanela ho bua ebile tseo ba di buang ha di na kelello. Mantswe ao a hae a hlile a paka hore o tella basadi.  (2) 5.2.6 Ka sepheo sa ho hlakisa le ho toboketsa tsela eo Sekenamorung a tshabang Makgisa ka yona.  (2) 5.2.7 Di tsamaellana le yona hobane diketsahalo tsa palekgutshwe ke tsa tikolohong ya metseng ya ditoropo moo ho nang le dikgwebo tsa ditekesi, mme mona Mantshonyana ho na le renke ya ditekesi moo batho ba palamelang teng ha ba ya le ha ba kgutla mosebetsing.  Ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti. (2) 5.2.8 Lewa lena la tlholo dingolweng le totobatsa hore bobe bo hlolwa ke botle sengolweng. Palekgutshweng ena mongodi o le hlahisitse ka tsela e sa belaetseng.  Makgisa ya ngadileng kopano ka baka la botho ba hae ba manganga, o ile a hlolwa nakong eo a neng a se batla ho kgutlela mokgatlong. Yaba kgwebo ya ditekesi e tswela pele ka kgotso, dintwa di fedile, mme ka tsela eo botle ba hlola bobe.  (3) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 35 Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 11 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya KAROLO YA D: DITHOTHOKISO POTSO YA 6 6.1 MMADIBERWANE – T Leballo 6.1.1 Makgwakgweng  Metjhatjhane. E le nngwe feela. (1) 6.1.2 E ne e le Letebele.  (1) 6.1.3 Papiso/Tshwantshanyo.  (1) 6.1.4  O re tsebisa hore Ratjotjose o ne a fela a tenehile ke boitshwaro ba Mmadiberwane.   O ne a ikemiseditse ho mo fa thuto eo a ke keng a e lebala bophelo ba hae bohle. E le nngwe feela. (2) 6.1.5 Mmadiberwane e ne e le mosadi ya neng a bososella banna, a ba thethefatsa.  (2) 6.1.6 Ke ya moelelo  hobane ho phetwa moelelo o le mong ka mantswe a fapaneng e leng 'a bua le maikutlo, a qeta le pelo' (ho bua le maikutlo e ntse e le hona ho etsa qeto.)  (2) 6.1.7  Ka sepheo sa ho hatella lentswe 'setumo' e le ho hatella hore o ne a tsejwa hohle.  (2)  Ka sepheo sa ho potlakisa morethetho molathothokisong. E le nngwe feela. 6.1.8  E nthusa ho utlwisisa hore morero wa Ratjotjose e ne e le ho ya kgalema Mmadiberwane ka thata kaha tsepamiso ya maikutlo, e behuwe hodima lentswe 'enwa' le tlositsweng tulong ya lona ya mehla.   E nthusa ho utlwisisa hore morero wa sethothokisi ke ho fana ka kgatello maikemisetsong a Ratjotjose a ho thapisa Mmadiberwane kaha o tlositse lentswe lena, 'enwa' tulong ya lona ya mehla. E le nngwe feela. (2) 6.1.9 Di a nyalana hobane Mmadiberwane ke motho wa mme, ya buang haholo ebile a etsa meeka le mehlolo, mme re bona mosadi enwa a etsa dintho tse fahlang.  (2) 6.1.10 Neeletsano/Phetapheto e tsepameng, bo sebedisitswe ka sepheo sa ho tlamahanya maraba a melathothokisong a ileng a roba Ratjotjose ditho .  (3) LE Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 12 DBE/Pudungwana 2019 NSC – Tataiso ya ho tshwaya 6.2 KGAEYANE – RN Phume 6.2.1 Honyelle (1) 6.2.2 Molathothokiso wa 8/o nketse senotlolo mosebetsi.  (1) 6.2.3 Anastrofi  (1) 6.2.4  Ka sepheo sa ho potlakisa morethetho kaha mantswe a molathothokisong oo a a fokotseha.  (2)  Ka sepheo sa ho fokotsa molathothokiso Ele nngwe feela. 6.2.5 Sehalo sa ngongoreho/tshwenyeho/ho kopa/ho rapela. (1) 6.2.6 Ka sepheo sa ho bontsha lenyatso/kgalalo ya sethothokisi ho Kgaeyane, ho tiisa hore le yena o ntse a tla hlolwa jwalo kaha ho ile ha hlolwa BoKgoliathe. Ka sepheo sa ho imakatsa feela a ntse a tseba hantle hore Kgaenyane o tla hloleha le yena. E le nngwe feela. (2) 6.2.7 Ka mehla ha Kgaeyane a tsoha, o leba jwaleng/ntlong ya thitelo.  (2) 6.2.8 Le nthusa ho utlwisisa hore sethothokisi se eletsa/qeka Kgaeyane ka matla hore a tlohele diketso tsa hae tse mpe tsa botahwa. (2) 6.2.9 E nthusa ho bopa setshwantsho se hlakileng sa kamoo Kgaeyane a neng a dula jwaleng kateng ho fihlela e le yena wa ho qetela.  (2) 6.2.10 Lebitsomararane lena 'selahlamarungwana' le bolela motho ya balehileng ntweng, mme le nthusa ho utlwisisa hore Kgaeyane le yena o tla qetella a tlohetse ho nwa jwala feela jwalo ka dikakapa tse ileng tsa nna tsa tuma ka ho nwa jwala, mme tsa qetella di bo tlohetse. (3) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D: 35 A PAMPIRI YOHLE: 70 Difuperweng tsa tataiso ena di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho FAL

View all