Skip to content

Sesotho FAL Grade 12 Paper 2 NSC June 2018 Memo

MemorandumSesotho FALGrade 12201814 pages

Grade 12 Sesotho FAL Paper 2 memorandum from the NSC June Exam 2018, 14 pages. Read online or get the free PDF download, question paper linked when available.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

NSC June Exam 2018

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com SENIOR CERTIFICATE EXAMINATIONS SESOTHO PUO YA TLATSETSO YA PELE (FAL) PAMPIRI YA BOBEDI (P2) 2018 MEMORANDAMO MATSHWAO: 70 Memorandamo ona, o na le maqephe a 14. Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 2 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA A: PADI/NOBELE POTSO YA 1: MAHLALE A KOPANE LEKWA – DN Katsie 1.1 O ne a itshebetsa.  (1) 1.2 Hobane o ne a dumela hore batho ba Foreistata ba kwalehile.  (1) 1.3 • Boipuiso  • Monoloko • Puonosi E le nngwe feela. (1) 1.4 • Mongodi o hlahisitse sesosa sa kgohlano.  • Tikoloho  (2) 1.5 • Ke hobane e tlotsitswe ka ferefe e silivere.  • Ke hobane e entswe ka patsi. E le nngwe feela. (1) 1.6 Le fapana ka hore ha a ya Foreistata, o ne a tsamaya ka maoto empa ha a kgutla o ne a tsamaya ka terene.  (2) 1.7 E bohlokwa hobane ho robeha ha yona ho entse hore Sekgukguni a boele a ilo kopana le Mananyetsa ba rere leano le le leng, mme ka ho etsa jwalo pale e tswela pele.  (2) 1.8 O ne a hlaha tikolohong ya mahaeng hobane ba fapanyetsana ka mahe a dinotshi ao a a thotseng a ilo tsoma.  (2) 1.9 Ke mehla ya kgale  hobane ho thwe o ile a tsohella tsela a tsamaya ka maoto.  (2) 1.10 Ke polelo ena, '... etswe o se a tenehile ke ho dula ha ka mona hae',  ke kgohlano ya ka ntle.  (2) 1.11 Mongodi o kgonne ho bopela babadi setshwantsho sa karaburetso ya pono ka tshebediso ya mantswe a kang 'ntlentle,' mme e tsekeme hoja eka ke thipa ya sebele. (3) 1.12 Ha Ramokokoana  (1) 1.13 E ne e le ho tla lata tjhelete eo Sekgukguni a neng a e utswitse ha hae ka mora hore ba qhekelle mofumahadi wa morena Ramoroko.  (1) 1.14 Tlhoriso  (1) 1.15 Ke maikutlo a ho nyahama/sulafallwa/sarelwa.  (1) 1.16 • Mananyetsa o ile a tjhesa/hotetsa lebokosehadi le neng le le ka jareteng ya ha Sekgukguni.  • Sekgukguni o ile a kgutla, mme ba tshwarana ka matsoho ho tshwarelana, ba arolelana tjhelete.  (2) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 3 DBE/2018 SCE – Memorandamo 1.17 B/wa tlatsetso  hobane o ile a hlaha kgaolong e le nngwe feela ya ba ke phetho.  (2) 1.18 Le ketsahalo ya hore Mananyetsa o lekile ka hohle ho fumana dikarabo ho moshanyana empa a tea kalala.  (2) 1.19 Ke ketsahalo eo ho yona Mananyetsa le Sekgukguni ba tshwaranang ka matsoho, mme ba arolelana tjhelete, hobane ka morao ho moo kgohlano/ tsekisano e felletse ruri.  (2) 1.20 Tjhe, ha ho makatse hobane Sekgukguni haesale a sa tshepahale, a phela ka bolotsana.  (2) 1.21 Ke mohlala o motle hobane re bona a theoha tereneng, a fumana tekesi e hirwang e mo isa nomorong eo a yang ho yona. Matlo a moo a na le dinomoro, ebile ho na le diterata.  (2) [35] POTSO YA 2: BOSWEU BA LEHLWA – Sello Moroe 2.1 Ke ketso eo ho yona a ileng a kopa Puse hore a mmuelle ho Lerato ka mora hore a ferehe Lerato, mme Lerato a mo hane, empa a se ke a tela.  (1) 2.2 Baphetwa le dikamano tsa bona.  (1) 2.3 • O ile a tswa ka phaposing ya bona a leba ho ya boLerato.  • O ile a toba setulong sa boPuse a fihla a dula mahareng a bona, mme a kopa Puse hore a mmuelle ho Lerato.  (2) 2.4 • Hlomi  • Lerato  (2) 2.5 • O ile a ingwaya dintshi.  • O ile a loma pounama e ka tlase ka meno.  (2) 2.6 Kgohlano ya ka hare  hobane o ile a tlelwa ke maikutlo a ho lwantsha Tshiu empa maikutlo a mang a re a itshware.  (2) 2.7 Nnete hobane nakong eo Hlomi a neng a tlilo batla karabo ya hae ho Puse, Puse o ile a mmontsha ka monwana o moholo hore ntho di lokile.  (2) 2.8 Hlomi ka mora hore Lerato a mo sokodise, ha a ka a tela empa a kopa thuso ho Puse, mme taba tsa hae tsa loka.  (2) 2.9 Puse ke mophetwa wa tlatsetso paleng ena hobane diketso tsa hae ke tse tshehetsang mophetwa wa sehlooho, ho thusa ho ntshetsa pale pele.  (2) 2.10 Ho dumelwa ha Hlomi ke Lerato ho ile ha eketsa qabang e neng e se e ntse e le teng dipakeng tsa Hlomi le boTshiu ke ka hoo ho ileng ha etsahala diketsahalo tse kang ya Tshiu ha a leleka Hlomi lebenkeleng la habo le ketsahalo eo ho yona Firi a ileng a ela Lerato ngakeng ya setso.  (3) 2.11 E re tsebisa hore kgohlano e neng e le dipakeng tsa Hlomi le Tshiu e se e fedile hobane ke mona Lerato le Hlomi ba se ba ithatanela ha monate ntle le tshitiso ya letho.  (2) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 4 DBE/2018 SCE – Memorandamo 2.12 Ke bomalome wa Hlomi.  (1) 2.13 Ke ketsahalo ya hore Hlomi a thodise ntate wa Lerato setlankana sa tjhelete ho le leng la mabenkele toropong.  (1) 2.14 O ne a bolela hore mantsiboya ke kgale haholo ho latela tsela eo a neng a mo rata ka yona.  (2) 2.15 Di etsahalla tikolohong ya ditoropong hobane Hlomi le Lerato ba ne ba tjhakelana kgafetsa ntle le tshitiso ya batswadi.  E le nngwe feela. (2) 2.16 • Lewa la tlholo dingolweng le totobatswa ke ketsahalo eo ho yona Firi le Mmadito ba neng ba sebedisetsa Hlomi ditlhare tsa setso, ba ile ba qetella ba tshwerwe ke mapolesa, ha Hlomi yena a ile a ikgapela Lerato eo e leng kgale a ntse a mo rata ya e ba kgarebe ya hae.  • Lewa la tlholo dingolweng le totobatswa ke ketsahalo eo ho yona Tshiu a neng a kopa tshwarelo ho Hlomi ka mora ho mo lwantsha nako e telele a mo tsekisa Lerato, mme a amohela hore Hlomi o lokelwa ke ho ratana le Lerato. E le nngwe feela (2) 2.17 • Re ne re lebelletse hore Lerato o tla ruteha pele a ima kaha a ne a tsepamisitse maikutlo a hae thutong haholo empa re bona seo se fetohela ho seo re neng re sa se lebella.  • Re ne re lebelletse hore ka mora hore ngwana wa Lerato a hlahe, Lerato le Hlomi ba tla nyalana, mme ba hodise ngwana mmoho empa Lerato o ile a hlokahala. E le nngwe feela. (2) 2.18 Ketsahalo eo e totobatsa teketliso hobane babadi ba sa lebelletse seo ba tla se etsa malebana le ditaba tsa Lerato le Hlomi ha ba kgutla tjhankaneng. Feela ha ho be jwalo hobane mongodi ha a sa re letho ka bona, mme o siya babadi ka tebello, ba fanyehilwe kapa ba leketlisitswe.  (2) 2.19 Ketsahalo ya ho sokoloha ha Tshiu ke e nngwe ya diketsahalo tse bontshang ho nyehla ha kgohlano paleng ena, hobane ka morao ho tshokoloho eo ya Tshiu, ntwa e neng e le teng mahareng a Tshiu le Hlomi e ile ya fela.  (2) [35] POTSO YA 3: SEHLEKEHLEKE SA DEIDRO – VT Masima 3.1 Ke Moatemirale Makhanda/Zero/Motsamaisi wa lekala la dihlwela la Afrikania,  ke yena mookamedi wa Chikano mosebetsing.  (2) 3.2 Kganyetsano e hlahella ka tsela ya hore maikutlo a Chikano le Cindy ke a thabo le nyakallo empa ha ho hlaha monnamoholo, maikutlo ao a thabo a fetoha a tshwabo le tsharelo ha monnamoholo a ba kgalema.  (2) 3.3 • Mabitso a dibapadi.  • Sesosa sa kgohlano.  (2) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 5 DBE/2018 SCE – Memorandamo 3.4 • O sebedisitse lewa la hore mopheti a mo hlalose hore o manganga.  • O sebedisitse diketso tsa Chikano.  (2) 3.5 Mongodi o hlahisa teketliso ka ho etsa hore monnamoholo a kene, a kgaole ketsahalo eo ho yona babadi ba neng ba lebelletse ho utlwa hore na Cindy o tla amohela kopo ya Chikano ya hore ba ratane. Ho kena hoo ha monnamoholo, ho etsa hore tebello ya babadi e sale e fanyehilwe.  (2) 3.6 E bile le seabo ka hore ke hona kopanong eo, moo monnamoholo (Makhanda) a ileng a tsebisa Chikano ka ho nyamela ha tlhapikepe e bitswang Thakadi le ka ho kwetelwa ha moporesidente wa Bosothonia, Monnafeela. Kahoo he, Chikano a rongwa ho ya tsomana le mokgatlo wa Bana ba Phiri o neng o belaellwa ketsahalong tseo tse pedi.  (2) 3.7 Mafosi, hobane kopanong ya mobishopo Biala le baruti ba hae, yena mobishopo o ile a bua ka morero wa ho kwetela moporesidente Monnafeela, mme le hona kopanong ya Chikano le monnamoholo, ho kwetelwa hoo ho ile ha tshohlwa.  (2) 3.8 E nnetefatswa ke ketsahalo eo hobane Chikano o ne a se a kgahlilwe ke Amanda wa sehlwela, eo a neng a sa tsebe hakaalo ka bophelo ba hae. Ho kgahlwa hoo ha hae, ha batla ho mmolaya nakong eo Amanda a neng a ruthuthwa ka sefako sa dikulo ke mahlahana a mokgatlo wa Bana ba Phiri. (2) 3.9 Mosebetsi ona wa hae o mo totobatsa e le mophetwa ya phethahetseng hobane re mmona e le mophetwa ya matla, ya tshepahallang mmuso wa habo hona mosebetsing ona empa hape re bona bofokodi ba hae ba ho se tshepahalle wona mmuso wa habo ka hore a boele e be sehlwela sa mokgatlo wa Bana ba Phiri le sa Zero ka nako e le nngwe.  (2) 3.10 Tjhe, e ne e se sa nnete hobane Ramaqiti o ne a se sebedisetsa ho phetha merero ya hae e mebe, ya bonokwane ka sona, mme se dula se kentse Nasala mathateng.  (2) 3.11 Ke ketsahalo eo ho yona Chikano a ileng a futuhelwa ke dikebekwa dirobotong ka hara toropo ya Seruwe.  (1) 3.12 Ke ketsahalo eo ho yona Chikano a ileng a batla a bolawa ke dikebekwa, tse ileng tsa mo nesetsa sefako sa dikulo robotong ka hara toropo ya Seruwe.  (1) 3.13 Diketsahalong tseo ka bobedi, Chikano o ile a phonyoha ka tsela ya mohlolo sefakong sa dikulo, a futuhetswe ke mahlahana a mokgatlo wa Bana ba Phiri. (2) 3.14 Sam Zamiya e ne e le e mong wa baruti bao e leng ditho tsa mokgatlo wa Bana ba Phiri,  o ne a bolawe ke Paliya Kaluyanda motseng wa Kweneng.  (2) 3.15 Tsa mehla ya kajeno  hobane re utlwa ho buuwa ka dithunya/mohala/ho dulwa dihoteleng/ho tsujwa disakerete.  (2) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 6 DBE/2018 SCE – Memorandamo 3.16 Mohanyetsi  hobane seabo sa hae paleng yohle ke ho hanyetsa/lwantshana le molao.  (2) 3.17 Ke nahana hore o ne a tsebiswa ke dihlwela tsa hae tseo a di behileng ho lekola metsamao yohle ya Chikano.  (2) 3.18 • Mongodi o kgonne ho bopela babadi setshwantsho se hlakileng sa mophetwa e mong eo Chikano a fumaneng ba se ba mo emetse kamoreng ya hae hoteleng. Ha ho be le qeaqeo ho mmadi hore mophetwa eo e ne e fela e le motho e mobe, ya tshosang haholo. Ke moo re utlwang mongodi a sebedisa mantswe a kang, e molelelelelele, a le mesifa e roropetseng, … se le setsho tsho! jj. • Mongodi o kgonne ho bopela babadi setshwantsho se hlakileng sa kamoo Chikano a ileng a potlaka kateng ha a nyoloha ditepisi ho ya kamoreng ya hae. Ho sebediswa le mantswe a kang, lekgarakgara e leng ho bolela hore o ne a sa di phomolele kaha a batla ho fihla kapele phaposing ya hae. • Mongodi o kgonne ho bopela babadi setshwantsho se hlakileng sa kamoo Chikano a ileng a tshoha kateng ha a bona banna bao ba makatsang ba mohlolo. Mongodi o re pelo ya Chikano e ne e itutlatutla, mme kutlwisiso ke hore pelo eo e ne e batla ho itokolla ho monga yona. E le nngwe feela. (3) [35] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A: 35 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 7 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA B: TSHWANTSHISO/TERAMA POTSO YA 4: SEFI – DJ Nkutha 4.1 • Banna ba ne ba shapa basadi ntle le molato.  • Mmankepe o ne a sa sebetse ho sebetsa Raboditse. • Ho pheha e ne e le mosebetsi wa bomme. E le nngwe feela. (1) 4.2 • Bobedi ba hlekefetsa basadi/ba a ba otla.  • Bobedi ha bo tanakellwe ke basadi.  (2) 4.3 E bakilwe ke ha Raboditse a fihla a lapile, mme a fumana Mmankepe a sa pheha.  (1) 4.4 Mosebetsing  (1) 4.5 A ho halefa/teneha.  (1) 4.6 Ya bong, hobane o seholla mosadi le moradi hampe feela, ebile nako le nako o ba tshepisa thupa.  (2) 4.7 E re senolela hore o a tella hobane mantswe ao a bontsha lenyatso ha a bone mosadi wa hae ka letho.  (2) 4.8 • Ke ketsahalo eo ho yona Motaung a qetelletseng a se a nwa jwala, e le lehlena ka lebaka la setswalle sa hae le Raboditse.  • Ke ketsahalo eo ho yona Raboditse a ileng a nehela Motaung ho Mmatshele, a mo ruta ho ba le nyatsi jwalo ka yena Raboditse. E le nngwe feela. (2) 4.9 Mohlohlelletsi ke Mmankepe hobane ka mehla dipuong le diketsong tsa hae, o ne a susumelletsa Motaung ho amohela dikeletso tsa monnae.  (2) 4.10 E, o atlehile hobane diketso tsa hae di dumellana le lebitso la hae ka ho nna a baka dikgathatso ka hara lelapa ka ho fihla bosiu, a rohaka le ho shapa mosadi le moradi, a ba a ba siya a sa kgathalle hore ba tla jang.  (2) 4.11 E le motho ya manganga, ya sa mameleng dikeletso  hobane o hana ho amohela dikeletso tseo Mmatiisetso a mo fang tsona, ebile Mmatiisetso o re ha a sa tla mo kgalema, o mo nehella lefatshe.  (2) 4.12 Mmatiisetso o ne a bolela hore yena ha a utlwile bohloko o tla bua a ke ke a thola.  (2) 4.13 • O se a tshepisa Mmatiisetso ho mo kwala molomo ka makotofa.  • Mosadi ha a mo kgalema, o mo phoqa feela ka hore o a mo rerela.  (2) 4.14 • O ile a fellwa ke mosebetsi.  • O ile a kula.  • O ile a tshwarwa. • O ile a lelekwa ke Mmatshele. Tse pedi feela. (2) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 8 DBE/2018 SCE – Memorandamo 4.15 E dumellana le ketsahalo eo ho yona Mmatiisetso a itsholang ha a sa ka a dumela ho nyalwa ke Lenepa hobane jwale ke mona Motaung o se a mo etsetsa mathata.  (2) 4.16 Ke mothinya wa hore a se ke a fihlella ditabatabelo tsa hae tsa ho ya yunivesithing hobane ntatae o ile a kgeloswa ke Raboditse, mme o kwenehela ditshepiso tsa hae.  (2) 4.17 A tjebela mmadi pele ho mo hlokomedisa hore Motaung ha a sutha pela Mmatiisetso o tlo sotleha. Bophelo bo ke ke be ba mo natefela hohang. O tla be a hopole Mmatiisetso.  (2) 4.18 Ke mohopolo, hobane ha se banna bohle ba hlekefetsang basadi kaha le yena Motaung pele a dihelwa ke Raboditse, o ne a sa hlekefetse mosadi.  (2) 4.19 Mongodi ha a atleha hobane re bona Mmatshele a hlorisa banna a bile a ba bolaya  empa qetellong ha a fumantshwe kotlo e tshwanelang diketso tsa hae tse mpe.  (3) [35] MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B: 35 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 9 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA C: DIPALEKGUTSHWE POTSO YA 5: 5.1 SETHEPU 5.1.1 Kgale/Nakong eo basadi ba nyetsweng, ba neng ba sa be le bana haholoholo ba bashanyana.  (1) 5.1.2 • Batho ba a se rata ha ba batle ho kgaohana le sona.  • Molao o a se dumella.  (2) 5.1.3 • Ke kgohlano ya ka ntle  hobane ho na le thulano ya maikutlo pakeng tsa Matlhoriso le Setolotolo ka baka la sethepu.  • Ke kgohlano ya ka ntle hobane ho na le kgohlano pakeng tsa Sankutu le Setolotolo ka baka la sethepu. E le nngwe feela. (2) 5. 1.4 • Mabitso a baphetwa.  • Dikamano tsa baphetwa.  (2) 5. 1.5 • Ka sepheo sa ho hlahisa sesosa sa kgohlano/ditjhadimo tse sa tshwaneng tsa baphetwa.  • Ka sepheo sa ho totobaletsa babadi semelo se sa tshwaneng sa baphetwa. • Ka sepheo sa ho ntshetsa diketsahalo tsa palekgutshwe pele. E le nngwe feela. (2) 5. 1.6 • Ho se ho kgantshwa ka motlakase.  • Ho nkuwa maeto a dikolo.  • Ho nwellwa tameneng. Tse pedi feela. (2) 5. 1.7 E nnetefatswa ke ketsahalo eo ho yona Setolotolo a seng a kgahlilwe ke Sofia e monyane dilemong, mme a thetsehile/nkehile a bile a hana dikeletso, a nahana hore o tla phela ha monate le yena ha a se a mo nyetse sethepu athe ha ho jwalo, mme Sofia a mo qhala ka diepeepe.  (2) 5. 1.8 Ke ya thjtja/phethahetseng hobane re bontshwa mahlakore a mabedi a bophelo ba hae, e leng la bobe le la botle. La bobe hobane o ne a sa batle ho nka dikeletso tsa mohatsae mmoho le tsa motswallae Sankutu. Ka baka leo, a wela tsietsing ya ho tlotlollwa ke Sofia eo a neng a mo rata, a mo tshepa. La botle hobane ha a se a lemoha diphoso tsa hae, o ile a kgutlela ha hae. A fihla a kopa tshwarelo ho lelapa la hae.  (2) 5.1.9 Puisano ka hara palekgutshwe ha e sebediswe feela empa e sebediswa ka sepheo se itseng.  Qotsong e sebedisitswe ka sepheo sa ho senola semelo sa Setolotolo hobane o hlahella e le tseketseke e kgahluweng feela ke Sofia, e sa amoheleng dikeletso tsa mang kapa mang, ebile e sa bone hore sethepu se ka mo qhalla motse.  (3) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 10 DBE/2018 SCE – Memorandamo 5.2 TLWAELO 5.2.1 Panorama.  (1) 5.2.2 Swanepoel.  (1) 5.2.3 Bana ba ne ba tella Teboho le Letia ka ho tshwana.  (1) 5.2.4 Ke ho bona lelapa la Teboho le dula haufi le la hae.  (1) 5.2.5 O ne a ilo thibela bana ba batho ba batsho hore ba se kene sekolong seo bana ba hae ba kenang ho sona.  (1) 5.2.6 Mafosi hobane re mmona a hlahisitswe ka semelo se le seng sa ho loka, ho tloha qalong le ho ya qetellong ya palekgutshwe. Le diketsahalo tse neng di lokela ho mo kgopisa, re bona di sa mo kgopise.  (2) 5.2.7 Ke kgethollo ya mmala hobane Swanepoel o ne a sa batle batho ba batsho motseng wa bona.  (2) 5.2.8 Ke ketsahalo ya mohla ntlo ya Swanepoel e tjhang, mme Swanepoel o ne a le siyo, mme Teboho o ile a lokolla Letia, a thusa ho tima mollo oo.  (2) 5.2.9 • Mongodi o re ruta hore motho ke motho ka batho, ho se na taba le mmala wa letlalo la motho.  • Mongodi o re ruta hore ha re le batho re amohele diphetoho bophelong hobane ha re sa di amohele re tla iphedisa ka thata. E le nngwe feela, mme ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti. (2) 5.2.10 E le motho ya kgopo/pelompe  hobane ketso eo ya hae e totobatsa lehlonyo la hae bathong ba batsho.  (2) 5.2.11 Lewa lena le bolela hore bobe bo etswang bo lokelwa ke kotlo, mme botle bo etswang bo lokela ke ho putswa.  Mongodi o atlehile hobane bakeng sa bobe bohle boo Swanepoel a bo entseng o ile a fumana kotlo/kgalemo e mo hlokomedisang hore re a hlokana re le batho. Ke ka hona Swanepoel a ileng a tshwara Teboho ka letsoho ho mo leboha.  (2) KAPA MODIA – MK Mofihli le ba bang 5.3 KE NE KE SA KGOLWE 5.3.1 Vierhoek. (1) 5.3.2 Kgohlano. (1) 5.3.3 - Baphetwa ba sehlooho le dikamano tsa bona - Nako/Mehla - Tikoloho - Sesosa sa kgohlano. Tse pedi feela (2) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 11 DBE/2018 SCE – Memorandamo 5.3.4 Tikoloho eo a neng a phela ho yona ke ya mapolasing moo ho nang le masimo. Ke kahoo a ileng a sebedisa monyetla wa boteng ba masimo ho betela motjhanae moo masimong.  (2) 5.3.5 Lebitso leo le bolela meeka/mehlolo/ntho tse mpe, mme Makatikati o ile a etsa mohlolo ka ho beta batjhana ba hae. (2) 5.3.6 Mafosi, ba ne ba sa qabana, empa feela Makatikati o ntse a sa tshepahale.  KAPA Nnete, E ka nna ya ba ho jwalo hobane kgaitsedi e ne e ipelaetse ka boitshwaro ba Makatikati mohlang ba ileng ho ya bona mma bona. (2) 5.3.7 E bonahala e le ya mahaeng hobane ho na le dipolasi/masimo. Makatikati o ne a bile a disa.  (2) 5.3.8 Bohlokwa ba boipuiso ke ho re senolela botho ba Makatikati. Bo mo senola e le motho ya kgopo, ya se nang kutlwelobohloko ya ithorisang ka ketso ya hae ya ho hlekefetsa/ho beta motjhana wa hae. (2) 5.3.9 Tjhe, ha e a amoheleha hobane o nyedisa seaparo sa kereke hobane o ne a entse ntho tse ditshila.  Ha e a amoheleha hobane o iketsa ya lokileng empa e le molotsana. KAPA E amohelehile hobane o ne a le mathateng, mme a batla ho qoba ho tshwarwa. E le nngwe feela. (2) 5.3.10 Ke ne ke tla bitsa mapolesa hore a mo ise tjhankaneng. A mo tlose setjhabeng ho ya kgalengwa.  Ho elwe hloko dikarabo tsa baithuti. (2) 5.4 BONTSHUNYEKGARE 5.4.1 Ntlokgolo ya sepolesa.  (1) 5.4.2 Mophetwa wa sehlooho. (1) 5.4.3 C/Bana ba mophetwa.  (1) 5.4.4 Bobedi di tshwana ka ho re di ne di hlekefetsa ba merabe. Di ne di etsa hore maemo a tsitsipane.  E le nngwe feela. (2) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 12 DBE/2018 SCE – Memorandamo 5.4.5 Tlhalosong ya moithuti ho lebelletswe tse latelang: - Ba etsa hore bophelo ba batho bo se laolehe ka ho ba hlekefetsa,  - Ba bile ba phedisa batho ka matswalo,  - Ba senya merero ya babolai ba tau ba e senyetsa ruri.  (3) 5.4.6 Tjhe, Ha se mophetwa ya ntlhanngwe. Hobane botho ba hae bo fetoha ho ya ka maemo a ditaba/ke mophetwa ya phethahetseng/tjhitja hobane re bontshwa mahlakore a mabedi a hae, e leng la matla le la bofokodi. (2) 5.4.7 Ke ho tseka matla.  (2) 5.4.8 C/Rakgadi wa Makatikati o ile a mo todisa a ba a mo nwesa ditlhare.  (2) 5.4.9 Mongodi o atlehile ho e reha lebitso hobane lebitso lena, 'Ntshunyekgare' le bolela batho ba ikenyang ditabeng tsa batho ba bang. Ke kahoo re bonang boKgurumbala ba itshunya ditabeng tsa ba morabe. Ba di duka, mme ebile ba ba hatella.  (3) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C: 35 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 13 DBE/2018 SCE – Memorandamo KAROLO YA D: DITHOTHOKISO POTSO YA 6 6.1.1 Tatolano  (1) 6.1.2 Hwenene  le mothamahane  (2) 6.1.3 Ya moelelo  (1) 6.1.4 Mmantsopa  (1) 6.1.5 • Qwaile  • Phephethile E le nngwe feela. (1) 6.1.6 Tshwantshanyo/Papiso  (1) 6.1.7 Bohlokwa ba yona ke ho tlamahanya melathothokiso/temanathothokiso eo, ka sepheo sa ho bontsha boitaolo mehleng ya kajeno.  (2) 6.1.8 O tsamaya a thekesela, ka lebaka la ho nwa haholo.  (2) 6.1.9 • Ka sepheo sa ho potlakisa morethetho.  • Ho fa mantswe ana, 'sekgalekgale le baholoholo' sefutho/matlafatso/ kgatello. • Ho bontsha hore mehleng ena ha ho sa na moedi ho a lekanwa. E le nngwe feela. (2) 6.1.10 Ka maikemisetso a hore ho tsepamisetswa maikutlo mohopolong wa hore e feela re etsa dintho ho ya ka boithatelo ba pelo tsa rona.  (2) 6.1.11 E nthusa ho utlwisisa hore sethothokisi se e sebedisitse ka maikemisetso a ho okaokela maikutlo a mmadi hore a utlwisise ntlhakemo ya hae hore ba tsebe ho dumellana.  (2) 6.2 6.2.1 Ke morena George VI  (1) 6.2.2 Badimo/o ile  (1) 6.2.3 Setjhabeng sa Basotho  (1) 6.2.4 Kokota  (1) 6.2.5 Mothofatso  (1) Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Downloaded from hlayiso.com Sesotho Puo ya Tlatsetso ya Pele (FAL)/P2 14 DBE/2018 SCE – Memorandamo 6.2.6 • Karaburetso ya pono  • Karaburetso ya kutlo E le nngwe feela. (1) 6.2.7 Modumo wa 'a'.  (1) 6.2.8 Ka maikemisetso a ho neha lentswe lena, 'llo' sefutho/kgatello ho bontsha kamoo dipelo tsa Basotho di utlwileng bohloko kateng ka tahlehelo ena ya George VI.  (2) 6.2.9 Tlohelo, ka sepheo sa ho fokotsa palo ya mantswe/ho potlakisa morethetho.  (2) 6.2.10 Ke kodiyamalla  hobane e bua ka lefu.  (2) 6.2.11 E nthusa ho utlwisisa hore sethothokisi se sebedisitse mantswe ana, 'Khing le moreneng' ho hlakisa tekano ya ona ya moelelo kaha mantswe ao a mabedi a ntse a bolela ntho e le nngwe, ka sepheo sa ho hlakisa hore e hlile Kgosikgolo e tswa hona teng moreneng. (2) 6.2.12 Sethothokisi se totobatsa maikutlo a ho sithabela le ho ferekana ka lebaka la ho hlokahala ha morena George VI.  Maikutlo ana a totobatswa ke mantswe a kang, 'o ile, llo (sello), meketsa, ferekana le bohloko.  (3) MATSHWAO OHLE A KAROLO YA D: 35 MATSHWAO A PAMPIRI YOHLE: 70 Difuperweng tsa memorandamo ona di se sebediswe ntle ho tumello

Study this subject

More from Grade 12 Sesotho FAL

View all