Skip to content

History Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2023 QP (Sesotho)

Question paperHistoryGrade 1220239 pages

Grade 12 History Paper 2 question paper from the Eastern Cape Mock Exam 2023 (Sesotho), 9 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2023 HISTORI P2 MATSHWAO: 150 NAKO: Dihora tse 3 Pampiri ena e na le maqephe 9 ha mmoho le atentamo e nang le maqephe a 14.
2 HISTORI PAMPIRI YA 2 (EC/LOETSE 2023) DITAELO LE TLHAHISOLESEDING 1. Pampiri ena ya dipotso e na le KAROLO ya A le KAROLO ya B mme e ipapisitseng le moralo wa ditaba o behilweng tokomaneng ya CAPS. KAROLO A: DIPOTSO TSE THEHILWENG MOHLODING POTSO YA 1: CIVIL RESISTANCE, KA BO 1970 Ho YA HO BO 1980: AFRIKA BORWA POTSO YA 2: HO TLA HA TEMOKRASI AFRIKA BORWA LE HO TLWAELANA LE MAEMO A NAKO E FETILENG POTSO YA 3: PHELETSO YA NTWA E BIPILENG LE TAOLO YA LEFATSHE LE LETJHA, 1989 HO FIHLELA JWALE KAROLO YA B: DIPOTSO TSA MOQOQO POTSO YA 4: CIVIL RESISTANCE, KA BO 1970 HO YA HO BO 1980:AFRIKA BORWA: MATHATA A APARTEITI KA BO 1980 POTSO YA 5: HO TLA HA TEMOKRASI AFRIKA BORWA LE HO TLWAELANA LE MAEMO A NAKO E FETILENG: SETLELEMENT E BUISANWENG LE GNU POTSO YA 6: PHELETSO YA NTWA E BIPILENG LE TAOLO YA LEFATSHE LE LETJHA: DIKETSAHALO TSA 1989 2. KAROLO ya A e na le dipotso tse THARO tse thehilweng mehloding. Mehlodi e hlokehang ho araba dipotso tsena e ka fumaneha ho ATENTAMO. 3. KAROLO ya B e na le dipotso tse THARO tsa moqoqo: 4. Araba dipotso tse THARO ka tsela e latelang: 4.1. Bonyane e le NNGWE e tla tlameha ho ba potso e thehilweng mohloding mme bonnyane e le NNGWE e be potso ya moqoqo. 4.2 Potso ya BORARO e ka ba potso e thehilweng mohloding kapa ya moqoqo. 5. O eletswa hore o sebedise bonnyane hora e le NNGWE potsong ka nngwe. 6. Ha o araba dipotso, o lokela ho sebedisa tsebo ya hao, bokgoni le temohisiso. 7. O tla ipeha ka mosing ka ho ngola mehlodi e le dikarabo 8. Nomora dikarabo tsa hao ka nepo ho latela mokgwa wa ho nomora o sebedisitsweng pampiring ena ya dipotso. 9. Ngola ka mongolo o makgethe, o balehang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) HISTORI PAMPIRI YA2 3 KAROLO YA A: DIPOTSO TSE THEHILWENG MEHLODING Bonnyane araba potso e le nngwe karolong ena mme o se fete dipotso tse PEDI. Mehlodi o tla e sebedisa ho araba dipotso tsena o tla e fumana ho ATENTAMO. POTSO YA 1: MOKGATLO WA BASEBETSI AFRIKA BORWA (COSATU) O HANYETSANE LE MMUSO WA APARTEITI JWANG DILEMONG TSA BO 1980? Bala Mehlodi ya 1A, 1B, 1C le 1D mme o arabe dipotso tse latelang. 1.1 Sheba Mohlodi wa 1A. 1.1.1 Hlalosa lentswe lena trade union ka mantswe a hao. (1 x 2) (2) 1.1.2 Hobaneng o nahana hore ho dumella mokgatlo wa basebetsi semolao ha ho a ka ha fana ka ditholwana tse lebeletsweng ke P W Botha? (1 x 2) (2) 1.1.3 Fana ka mekgatlo e MERARO ya ntshetsopele ya basebetsi e neng e le teng pele ho thehwa COSATU. (3 x 1) (3) 1.1.4 Tshwaela ka se bolelwang ke mantswe ana, ‘Dilemo tsa bo 1980 di tla kenngwa historing jwalo ka motsotso o sa tlo lebaleha twantshong ya aparteiti.” (2 x 2) (4) 1.2 Bala Mohlodi wa 1B. 1.2.1 Hlwaya mekgwa e MMEDI ya boipelaetso ho tloha mohloding e neng e sebediswa ke COSATU ho tswela peIe ka ‘rolling mass action.’ (2 x 1) (2) 1.2.2 Qotsa bopaki ho tloha mohloding bo bontshang batho ho tloha mafapheng ohle a bophelo ba tshehetsa letsholo la Stay Away le etsahetseng ka la 1 Motsheanong1986 (1 x 2) (2) 1.2.3 Tshwaela ka hore na hobaneng COSATU e ile ya thakgola ‘Letsholo la Living Wage’. (2 x 2) (4) 1.2.4 Hlalosa bohlokwa ba mohlodi ona ho borahistori ba ithutang kganyetso ya aparteiti ke COSATU ka dilemo tsa bo 1980. (2 x 2) (4) 1.3 Sheba Mohlodi wa 1C. 1.3.1 Ke efe melaetsa e bontshitsweng phousteng malebana le ho lwanela ditokelo tsa basebetsi Afrika Borwa? (2 x 2) (4) 1.3.2 Fana ka ditseko tse THARO tse boletsweng ke COSATU phousteng ‘Living Wage Campaign.’ (3 x 1) (3) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
4 HISTORI PAMPIRI YA 2 (EC/LOETSE 2023) 1.4 Bapisa Mehlodi 1B le 1C. Hlalosa hore tlhahisoleseding mohloding wa 1B hore e tshehetsa jwang bopaki ho mohlodi wa 1C mabapi le tema e bapetsweng ke COSATU ka dilemo tsa bo 1980. (2 x 2) (4) 1.5 Bala Mohlodi wa 1D. 1.5.1 Bolela hore mmuso o sebeditse jwang taba ya mahatammoho ho ya ka mohlodi? (2 x 1) (2) 1.5.2 Hobaneng o nahana hore mmuso o ile wa araba ka sheshe ho COSATU le metswalle ya yona? (2 x 2) (4) 1.5.3 Hlalosa lentswe lena state of emergency moelelong wa mehato ya repressive e nkuweng ke mmuso wa aparteiti. (1 x 2) (2) 1.6 O sebedisa tlhaisoleseding le mehlodi e amehang le tsebo ya hao, ngola seratswana sa mela e ka bang ROBEDI (mantswe a ka bang 80), o hlalosa hore COSATU e hanyetsane jwang le mmuso wa kgatello ka dilemo tsa bo 1980. (8) [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) HISTORI PAMPIRI YA2 5 POTSO YA 2: KOMESHENE YA NNETE LE POELANO (TRC) E ATLEHILE JWANG HO TLISENG POELANO LE HO FOLA HO MAAFIKA BORWA? Bala Mehlodi 2A, 2B, 2C le 2D ho araba dipotso tse latelang. 2.1 Bala Mohlodi wa 2A. 2.1.1 Mosebetsi o moholo wa ANC ka mora dikgetho tsa 1994 ho ya ka mohlodi e ne e le ofe? (1 x 2) (2) 2.1.2 Tshwaela ka se bolelwang ke Mandela polelong ena, “Ho ne ho se bobe bo neng bo hloilwe ke lefatshe jwalo ka aparteiti.” (2 x 2) (4) 2.1.3 O nahana hore hobaneng ANC e ile ya sebedisa leano la ‘tshwarelo ntle le tebalo’? (2 x 2) (4) 2.1.4 Qotsa bopaki ho tloha mohloding bo hlalosang maikemisetso a TRC. (2 x 1) (2) 2.2 Sheba Mohlodi wa 2B. 2.2.1 O nahana hobaneng Riefaat Hattas a ne a batla ho fana ka bopaki ka mahatammoho a lebalehileng? (1 x 2) (2) 2.2.2 Hlalosa lentswe interrogation ho ya ka moelelo wa ho mamelwa ha TRC. (1 x 2) (2) 2.2.3 Ho ya ka mohlodi hobaneng Riefaat a ile a ya sebakeng sa temalo? (2 x 1) (2) 2.2.4 Ho ya ka mohlodi e ne e le efe ntwa ya letsatsi le letsatsi ya baithuti? (2 x 1) (2) 2.2.5 Hlalosa ho tshepahala ha mohlodi ho borahistori ba ithutang ho mamelwa ha TRC. (2 x 2) (4) 2.3 Sheba Mohlodi wa 2C. 2.3.1 Ho ya ka mohlodi hobaneng ha mmuso wa Afrika Borwa o ne o le tlasa tlhaselo? (2 x 1) (2) 2.3.2 Hlalosa reparations ka mantswe a hao. (1 x 2) (2) 2.3.3 Qotsa bopaki ho tloha mohloding boo Mopresidente Thabo Mbeki a bileng le kgwao hore mmuso o lefe ditlhapiso ho motho ka mong. (1 x 2) (2) 2.3.4 Hlalosa se bolelwang ke mantswe ana ‘Ha re a ka ra lwanela tjhelete, empa tjhelete e beha ntho e nang le boleng bophelong ba ka’ moelelong wa reparations. (1 x 2) (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
6 HISTORI PAMPIRI YA 2 (EC/LOETSE 2023) 2.4. Bala Mohlodi wa 2D. 2.4.1 Ke melaetsa efe e bontshitsweng setshwantshong ho ya ka reparation? (2 x 2) (4) 2.4.2 Hlalosa se bolelwang ke mantswe ana, RE KWETSE HO YA HO ILE. O TLA THUSWA FENSTERENG E LATELANG’ ho ya ka moelelo wa reparations. (1 x 2) (2) 2.5 Bapisa mehlodi 2C le 2D. Hlalosa kamoo bopaki bo mohloding wa D bo tshehetsang tlhahisoleseding ho mohlodi wa 2C malebana le porosese ya reparation ya mahlatsipa a tlhekefetso ya ditokelo tsa botho ke mmuso. (2 x 2) (4) 2.6 O sebedisa tlhahisoleseding ho mehlodi e amehang le tsebo ya hao, ngola seratswana sa mela e ROBEDI (mantswe a ka bang 80) o hlalosa kamoo Komeshene ya Nnete le Poelano TRC e atlehileng ka teng ho tllisa poelano le ho fola ho maAfrika Borwa. (8) [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) HISTORI PAMPIRI YA2 7 POTSO YA 3: KE TSHUSUMETSO EFE EO MULTI-NATIONAL CORPARATION (MNC) E BILENG LE YONA MMARAKENG WA LEFATSHE? Bala Mehlodi ya 3A, 3B, 3C le 3D ho araba dipotso tse latelang. 3.1 Bala Mohlodi wa 3A. 3.1.1 Ho ya ka mohlodi re ka buisana le ho arolelana ka setso sa e mong ho e mong jwang? (2 x 1) (2) 3.1.2 Hlalosa lentswe globalisation ka mantswe a hao. (1 x 2) (2) 3.1.3 O sebedisa tlhahisoleseding e mohloding le tsebo ya hao, hlalosa hore globalisation e kentse phapanyetsano ya setso jwang pakeng tsa dinaha. (1 x 2) (2) 3.1.4 Tshwaela ka hore hobaneng ha globalisation e sa kwala sekgeo pakeng tsa dinaha tse ruileng le tse futsanehileng. (1 x 2) (2) 3.2 Sheba Mohlodi wa 3B. 3.2.1 Ho ya ka mohlodi, hobaneng ho bile boima ho mebuso ho laola Multi-National Corporation (MNC) ho globalisation? (2 x 1) (2) 3.2.2 Hlalosa Multi-National Corporations (MNC) ho ya ka moelelo wa globalisation. (1 x 2) (2) 3.2.3 Tshwaela hore hobaneng mebuso e mengata e ne e tshaba kgonahalo ya ho ikgula ha MNC dinaheng tsa bona. (2 x 2) (4) 3.2.4 Bolela dinaha tse PEDI ho tloha mohloding moo ntlokgolo ya MNC e leng hona teng. (2 x 1) (2) 3.3 Sheba Mohlodi wa 3C. 3.3.1 Hlalosa melaetsa e fetisitsweng ke raditshwantsho mabapi le dipehelo tsa basebetsi ba hirilweng ke Multi-National Corporations. (2 x 2) (4) 3.3.2 Qotsa bopaki ho tswa mohloding bo bontshang hore basebetsi ba ne ba se na lentswe sebakeng sa mosebetsi. (1 x 2) (2) 3.3.3 Tshwaela ka mefokolo ya mohlodi ho borahistori ba ithutang dipehelo tsa basebetsi ba hirilweng ke Multi-National Corporations. (2 x 2) (4) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
8 HISTORI PAMPIRI YA 2 (EC/LOETSE 2023) 3.4 Bala Mohlodi wa 3D. 3.4.1 Ho ya ka mohlodi, ke eng e hlahiswang ke Nike? (1 x 2) (2) 3.4.2 O nahana hore hobaneng bahlahisi ba Nike ba ne ba sebedisa sweatshops le khiro ya bana dihlahisweng tsa bona? (2 x 2) (4) 3.4.3 Fana ka ditseko tse PEDI tsa basebetsi ba Vietnam tseo ba di entseng ka fektri ya Nike. (2 x 1) (2) 3.4.4 Hlalosa hore o nahana hobaneng ha Nike e sa dumella Workers’ Rights Consortium (WRC) ho hlahloba difeme tse tlasa kontraka. (1 x 2) (2) 3.5 Sheba Mehlodi 3C le 3D. Hlalosa kamoo bopaki bo mohloding wa 3C bo tshehetsang tlhahisoleseding ho mohlodi wa 3D mabapi le tshwaro ya basebetsi ke Nike. (2 x 2) (4) 3.6 O sebedisa tlhahisoleseding mehloding e amehang le tsebo ya hao, ngola seratswana sa mela e ka bang ROBEDI (mantswe a ka bang 80) o hlalosa ditlamorao tseo Multi-National Corporations e bileng le tsona ho mmaraka wa lefatshe. (8) [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla
(EC/LOETSE 2023) HISTORI PAMPIRI YA2 9 KAROLO B: DIPOTSO TSA MOQOQO Araba bonnyane potso e le NNGWE, empa o se fete dipotso tse PEDI karolong ena. Moqoqo wa hao o lokela ho ba bolelele ba maqephe a ka bang THARO. POTSO YA 4: CIVIL RESISTANCE, KA BO 1970 HO YA HO BO 1980: AFRIKA BORWA: MATHATA A APARTEITI KA BO 1980 Hlalosa hore filosofi ya Black Consciousness e bile le kgahlamelo e kae ho baithuti, baahi le basebetsi ho phephetsa mmuso wa aparteiti Afrika Borwa dilemong tsa bo1960 le 1970. Tshehetsa ntlhakemo ya hao ka ho sebedisa bopaki bo amehang. [50] POTSO YA 5: HO TLA HA DEMOKRASI AFRIKA BORWA LE HO TLWAELANA LE MAEMO A NAKO E FETILENG Ke ka boitlamo le boitelo ba bankakarolo ba fapaneng ho ileng ha fedisa merusu e neng e tswela pele Afrika Borwa mme ya betla tsela e yang ho Demokrasi Afrika Borwa ka 1994. Na o dumellana le polelo ee? Tshehetsa ntlhakemo ya hao ka ho sebedisa bopaki bo amehang. [50] POTSO YA 6: PHELETSO YA NTWA E BIPILENG LE TAOLO YA LEFATSHE LE LETJHA: DIKETSAHALO TSA 1989 Sekaseka ka botebo hore diphetoho tsa Gorbachev di ile tsa etella pele ho putlama ha communism le ho tlisa diphetoho dipolotiking tsa Afrika Borwa ho tloha ka 1989. Sekseka polelo ena. Tshehetsa ntlhakemo ya hao ka tshebediso ya bopaki bo amehang. [50] MATSHWAO KAOFELA: 150 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla

Study this subject

More from Grade 12 History

View all