NATIONAL
SENIOR CERTIFICATE
KEREITI YA 12
LOETSE 2023
LIFE SCIENCES P2
MTSHWAO: 150
NAKO: Dihora tse 2½
Pampiri ena ena le maqephe a 15.
Skip to contentAll 2023 papers 





View all





Life Sciences Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2023 QP
Grade 12 Life Sciences Paper 2 question paper from the Eastern Cape Mock Exam 2023 (Sesotho), 15 pages. Read online or download the free PDF.
Life Sciences · Grade 12 · Eastern Cape Mock Exam · 2023 · sesotho. Question paper, 15 pages. Read online or download the PDF.
- Subject
- Life Sciences
- Grade
- Grade 12
- Language
- Sesotho
- Document type
- Question paper
- Year
- 2023
- Exam period
- Eastern Cape Mock Exam
- Paper
- 2
- Curriculum
- CAPS
- Pages
- 15
- File size
- 948.2 KB
Free to read online, no sign-up needed
Loading document…
Loading document…
1 of 15
This exam
Questions in this paper
Document textSearch extracted text and jump to a page.
2 LIFE SCIENCES P2 (EC/LOETSE 2023)
DITAELO LE TLHAHISOLESEDING
Bala ditaelo tsena ka hloko pele o araba dipotso.
1. Araba potso KAOFELA.
2. Ngola dikarabo TSOHLE BUKENG YA DIKARABO kapa PAMPIRING e
fanweng.
3. Qala karabo ya potso ka NNGWE leqepheng le LETJHA.
4. Nomora dikarabo tsa hao jwalo ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya
dipotso.
5. Ngola dikarabo tsa hao ho latela ditaelo tse potsong ka nngwe.
6. Etsa diterowing TSOHLE ka pensele o be o di leyibele ka pene e bolou kapa
e entsho.
7. Teroya didayakeramo, ditheibole kapa diflotjhate tsa FEELA ha o laetswe.
8. Didayakeramo tse pampiring ena ya dipotso HA DI A terouwa ho latela
ditekanyo.
9. O SEKE wa sebedisa pampiri ya kerafo.
10. O ka sebedisa khalekhuleitha e sa porokramuwang, protraktara le khampase
ha ho hlokeha.
11. Dikhalekhuleishene tsohle di lokela ho atametswa dibakeng tse pedi tsa
desimale.
12. Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LETSE 2023) LIFE SCIENCES P2 3
KAROLO YA A
POTSO YA 1
1.1 Ho fanwe ka dikgetho tse fapaneng e le dikarabo tsa dipotso tse latelang.
Kgetha karabo e nepahetseng mme o ngole feela tlhaku (A–D) haufi le
dinomoro tsa dipotso (1.1.1. ho ya ho 1.1.10) BUKENG YA DIKARABO,
mohlala 1.1.11 D.
1.1.1 Senotlolo se ka tlase se bontsha dikarolo tse ka sehloohong tsa
molekhule wa DNA le matla a bonde a di kopanyang.
SENOTLOLO
Weak strong sugar phosphate nitrogenous
bonds bonds group base
Ke dayakeramo efe ho tse latelang e bontshang motswako o
nepahetseng wa dikarolo tsa molekhule wa DNA?
1.1.2 “Melao” ya Lamarck ya ho sebedisa le ho se sebedise le lefutso la
matshwao a fumanweng e …
A e hanwa, hobane ke matshwao a ruisang bana feela a ka
futswang.
B ha e hanwe hobane bopaki bo bontsha hore matshwao a
fumanweng a ka futswa.
C e a hanwa, hobane ke matshwao a khouuweng ka hara DNA feela
a ka futswang.
D ha e hanwe, hobane theori ya Darwin e tshehetsa mohopolo wa
Lamarck.
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
4 LIFE SCIENCES P2 (EC/LOETSE 2023)
1.1.3 Trait e nang le mefuta e mengata ya difenothaepe ke mohlala wa ...
A continuous variation.
B discontinuous variation.
C complete dominance.
D codominance.
1.1.4 Down Syndrome ke sephetho sa:
A Gamete e se nang khromosoumu 21 e kopanang le gamete e
tlwaelehileng
B Gamete e tlwaelehileng e kopanang le gamete e nang le
khromosoumu 21 e eketsehileng.
C Di-gamete tse pedi e nngwe le e nngwe e nang le
khromosoumu 21 e eketsehileng di kopana hammoho
D Ho na le dikhromosoumu 21 tse 3 ka hara gamete
1.1.5 Kerafo e ka tlase e bontsha dinako tsa ho tswala ha mefuta e
fapaneng ya senqanqane.
Wood Forest Tree Bull
Frog Frog Frog Frog
Kerafo e ka hodimo e bontsha mohlala wa ...
A biogeography.
B natural selection.
C speciation.
D reproductive isolation.
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LETSE 2023) LIFE SCIENCES P2 5
1.1.6 Ke mofuta ofe wa hominin o qetileng nako e telele ka ho fetisisa lefatseng
ho latela thaemlaene e ka tlase?
A Homo erectus
B Ardipithecus ramidus
C Australopithecus afarensis
D Homo sapiens
1.1.7 Ho ditweba, boya bo bosootho bo bongata ho feta boya bo bosweu.
Haeba tweba e heterozygous brown e kopantswe ka makgetlo a mangata
le tweba e tshweu mme ho hlahiswa madinyane a 80, ke madinyane a
makae a ka lebellwang hore a tla ba masweu?
A 80
B 40
C 0
D 20
DIPOTSO 1.1.8 LE 1.1.9 DI LEBISITSE HO PEDIGREE DAYAKERAMO E LATELANG.
Boswefe ke bofokodi ba letlalo bo bakwang ke resesive alele ho otosoumu.
Pedigree dayakeramo e ka tlase e emetse lefutso ya boswefe ka lapeng.
Mosadi ya sa tshwaetswang
Mosadi ya tshweditsweng
Monna ya sa tshwaetswang
Monna ya tshwaeditsweng
Y Z
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
6 LIFE SCIENCES P2 (EC/LOETSE 2023)
1.1.8 Ke dijenereishene tse kae tse emetsweng ke dayakeramo e ka holimo?
A 1
B 2
C 3
D 4
1.1.9 Monyetla wa hore batho ba Y le Z ba be le ngwana wa leswefe ke ...
A 25%
B 50%
C 75%
D 100%
1.1.10 Dintho tse homologous di bontsha hore …
A dibopeho tse fumanwang ho dichromatid ka bobedi.
B dioganisimo di fumane alele e tshwanang ho batswadi ka bobedi.
C dioganisimo di na le moholoholo ya tshwanang.
D dioganisimo di sebedisa sebopeho bakeng sa mosebetsi o
tshwanang.
(10 x 2) (20)
1.2 Fana ka lentswe le nepahetseng la baoloji bakeng sa tlhaloso ka nngwe ya tse
latelang. Ngola feela lentswe pela nomoro ya potso (1.2.1–1.2.8) ka BUKENG YA
KARABO.
1.2.1 Dibopeho tse fumanwang ho nyutleliyase tse entsweng ka molekhule ya
DNA le diprotheine
1.2.2 Karolo ya molekhule wa DNA e khethollang tshobotsi e itseng
1.2.3 Rasaense ya ileng a etsa tlhahiso ya molawana wa assortment e
ikemetseng
1.2.4 Bonde e pakeng tsa diamino asiti tse pedi
1.2.5 Majwana a kaho (monomers) a DNA
1.2.6 Disele tsa diphoofolo tse sa khetholleheng tse nang le bokgoni ba ho
fetohela mofuteng ofe kapa ofe wa sele
1.2.7 Ho ba le mohlahare o ka hodimo kapa ka tlase o hlahellang ka tsela e
sa tlwaelehang
1.2.8 Tlhaloso ya hore dispesis di na le nako e telele ntle le phetoho ya mmele,
e latelwa ke nako e khutswanyane ya phetoho e potlakileng ya mmele
(8 x 1) (8)
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LETSE 2023) LIFE SCIENCES P2 7
1.3 Bontsha hore na ditlhaloso tse ho KHOLOMO YA I di tsamaelana le tse ho A
FEELA, B FEELA, A le B KA BOBEDI kapa HA E YO ho tse ho KHOLOMO YA
II. Ngola A feela, B feela, A le B KA BOBEDI, kapa ha e yo haufi le nomoro ya
potso (1.1.3–1.3.3) BUKENG YA DIKARABO.
KHOLOMO YA Ι KHOLOMO YA ΙΙ
1.3.1 E etswa ke jene mutheishene A: Haemophilia
B: Down Syndrome
1.3.2 Somatic sele A: Haploid
B: Skin cell
1.3.3 Dialele tse hlahiswang feela ha A: Recessive
dikopi tse pedi di le teng. B: Heterozygous
(3 x 2) (6)
1.4 Ithute dayakeramo ya dikhromosoumu tse pedi tse ka tlase.
D
A
p P
q Q
C
B
r R
D
s S
t T
C
1.4.1 Bolela porosese e etsahalang ho dayakeramo e ka hodimo. (1)
1.4.2 Porosese e etsahala nakong efe ya meiosis? (1)
1.4.3 Fana ka dileibele bakeng sa dikarolo tse latelang:
(a) A (1)
(b) B (1)
(c) C (1)
1.4.4 Teroya chromatid D qetellong ya meiosis. (3)
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
8 LIFE SCIENCES P2 (EC/LOETSE 2023)
1.5 Ho mebutlanyana ho ile ha ithutwa matshwao a mabedi a lefutso, mmala wa
moriri le wa mahlo. Letshwao ka leng ho ana le na le divarieishene tse pedi.
Moriri o ka ba o moputswa kapa o mosweu mme mahlo a ka ba matsho kapa a
a ba makgubedu ka mmala. Disimbole G le g di sebediswa bakeng sa
divarieishene tse pedi tsa mmala wa moriri mme disimbole B le b di sebediswa
bakeng sa divarieishene tse pedi tsa mmala wa mahlo.
Ha mebutlanyana e mmedi e neng e le heterozygous bakeng sa mmala wa moriri
le mmala wa mahlo e ne e croswa, ho ile ha fumanwa ditlamorao tse latelang:
Palo ya madinyane Matshwao
Moriri o moputswa le mahlo a Matsho 9
Moriri o moputswa le mahlo a Mafubedu 3
Moriri o mosweu le mahlo a Matsho 3
Moriri o mosweu le mahlo a Mafubedu 1
1.5.1 Bolela lentswe bakeng sa jenetic cross e amang ditshobotsi tse pedi. (1)
1.5.2 Fana ka digamete tsohle tse ka kgonehang tsa batswadi? (2)
1.5.3 Fana ka:
(a) Alele e ngata bakeng sa mmala wa moriri (1)
(b) Jenothaepe bakeng sa mmutla o moriri o mosweu le mahlo a
makgubedu (2)
(c) Fenothaepe ya mmutla o heterozygous bakeng sa mmala wa moriri
le homozygous e ngata bakeng sa mmala wa mahlo (2)
MATSHWAO A KAROLO YA A: 50
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LETSE 2023) LIFE SCIENCES P2 9
KAROLOYA B
POTSO YA 2
2.1 Dayakeramo e ka tlase e bontsha karolo ya porosese e amehang ho etsweng
ha protheine.
Molekhule 1
T G C C A C A C C
A C
Molekhule 2
X
X
2.1.1 Fana ka lebitso la:
(a) Molekhule 1 (1)
(b) Molekhule 2 (1)
2.1.2 Bolela porosese e bontshitsweng setshwantshong se ka hodimo. (1)
2.1.3 Porosese e boletsweng ho POTSO YA 2.1.2 e etsahala ka hara oganele
efe seleng? (1)
2.1.4 Fana ka tatellano ya nucleothaete bakeng sa molekhule 2. Ngola
tatellano e felletseng ho tloha ho le letshehali ho ya ho le letona (ho qala
ka beisi A e fanweng). (3)
Theibole e ka tlase e bontsha di-amino asiti tse khoutuweng bakeng sa
anticodon ka nngwe ya tRNA.
tRNA anticodon Amino Asiti
GAA Leucine
CUU Lycine
GGA Glycine
UGC Cystine
CGC Alanine
UAC Tyrosine
AGG Arginine
CAC Valine
ACC Threonine
2.1.5 Sebedisa theibole ho fumana tatellano ya amino asiti, ho tloha ho le
letshehadi ho ya ho le letona, e khoutetsweng molekhule 1. (3)
2.1.6 Hlalosa hore na phoso ntlheng ya X ho molekhule 2 e tla fetola
protheine e hlahang jwang. (4)
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
10 LIFE SCIENCES P2 (EC/LOETSE 2023)
2.2 Bala qotso e ka tlase:
Congenital night blindness ke bofokodi bo amanang le pherekano ya sex. E
bakwa ke recessive jene ho X-khromosoumu. Batho ba bofokodi bona ha ba
bone hantle bosiu mme ba ba le mathata a ho bonela haufi le ho lahlehelwa ke
pono e ntjhotjho. Sebedisa (N) bakeng sa pono e tlwaelehileng ya bosiu le (n)
bakeng sa congenital night blindness.
2.2.1 Bolela:
(a) Jenothaepe ya alele e bakang congenital night blindness. (1)
(b) Jenothaepe ya mosetsana ya nang le congenital night blindness (2)
2.2.2 Fana ka mabaka a MABEDI ao ka ona batho ba nang le lefu lena ba ke
keng ba kgona ho fumana lengolo la ho kganna. (2)
2.2.3 Monna ya tswetsweng a na le congenital night blindness o na le mora
le mosadi ya se nang alele:
(a) Fana ka fenothaepe ya mora wa bona (1)
(b) Hlalosa karabo ya hao ho POTSO 2.2.3(a) (3)
2.3 Mosadi e mong o ile a bolela hore ke banna ba babedi bao e ka bang ntate wa
ngwana wa hae. Ka tlase ke diphetho tsa diteko tsa phathenithi porofaele ya
DNA le diteko tsa phathenithi ya madi.
Diphetho tsa diteko tsa madi Diphetho tsa porofaele ya DNA
Lesea Mme Ntate 1 Ntate 2
Mofuta wa
madi
Lesea O
Mme B
Ntate 1 AB
Ntate 2 A
2.3.1 O sebelisa diphetho tsa porofaeleng ya DNA, hlalosa hore na ke
hobaneng ha Ntate wa 2 e le ntate wa lesea. (3)
2.3.2 Hlalosa hore na ke hobaneng ha Ntate wa 1 e ke ke ya eba ntate wa
ngwana ho sebediswa diphetho tsa diteko tsa madi. (3)
2.3.3 Sebedisa jenetic cross ho bontsha monyetla wa peresente ya mme le
Ntate wa 2, ho ba le ngwana ya nang le mofuta wa madi wa O. (6)
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LETSE 2023) LIFE SCIENCES P2 11
2.3.4 Hlalosa hore na ke hobaneng ha diphetho tsa tlhahlobo ya madi di sa
tshepahale ho fumana hore na ke ntate. (2)
2.3.5 Bolela ditshebediso tse ding tse PEDI tsa p orofaeleng yaDNA ntle le
diteko tsa bontate. (2)
2.4 Dayakeramo e ka tlase e bontsha sele ka nako ya meiosis.
SELE 1 SELE 2
X
A
B
2.4.1 Fana ka mokgahlelo wa meiosis o bontshitsweng ho dayakeramo e ka
hodimo. (1)
2.4.2 Fana ka lebaka le le LENG la karabo ya hao ho POTSO YA 2.4.1. (1)
2.4.3 Fana ka mesebetsi ya dikarolo tse latelang ho meiosis:
(a) A (1)
(b) B (1)
2.4.4 Bolela mofuta wa khromosoumal muteishene e etsahalang ho X. (1)
2.4.5 Hlalosa diporosese tse PEDI tse bontshitsweng ho dayakeramo e
lebisang ho varieishene ho bana. (4)
2.4.6 Ke dikhromosoumu tse kae tse tla fumanwa ho SELE 2 qetellong ya
meiosis? (2)
[50]
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
12 LIFE SCIENCES P2 (EC/LOETSE 2023)
POTSO YA 3
3.1 Bala qotso e ka tlase.
Quagga e ne e le mofuta o monyenyane wa diqwaha tsa thota. Di ile tsa
tsongwa ho fihlela di timela sentjhuring ya bo19. Di ne di le mmele e
mekgutshwane e sephara ho feta qwaha ya dithota mme di boya bo bosootho
bo lerotho bo matshwao a matsho. Diqwaha tsa dithota di boya bo bosoeu bo
matshwao a matsho mmele ohle. Quagga e ne e le mela feela bokapeleng ba
mmele. Bo-rasaense ba nnile ba tswadisa diqwaha tsa dithota tse ditshobotsi
di tshwanang le tsa quagga mme hona jwale ba hlahisitse diphoofolo tse ka
bang 200 tse tshwanang le quagga e seng e fedile Afrika Borwa.
Diqwaha tsa dithota Quagga
3.1.1 Bolela porosese o sebediswang ke borasaense ho tswadisa quagga. (1)
3.1.2 Ho tswa qotsong, fana ka ditshobotsi tse PEDI tseo borasaense ba di
batlang ho diqwaha tsa dithota tseo ba di tswadisang. (2)
3.1.3 Borasaense ba ka tseba jwang hore na quagga e ntse e le mofuta o
tshwanang le wa diqwaha tsa thota? (2)
3.1.4 Hlalosa hore na ekstinkshene e ka ba le ditlamorao tse ntle jwang ho
biodaevesithi. (2)
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LETSE 2023) LIFE SCIENCES P2 13
3.2 Ka 2012, Moprofesa Lee Berger o ile a sibolla mofuta o motjha wa hominin, o
ileng wa bitswa Australopithecus sediba. Dilemo tse tharo ha morao, ka 2015,
ho ile ha sibollwa mofuta o mong o motjha wa hominin.
Mofuta ona o motjha o ile oa bitswa Homo naledi. Difossil tsa mefuta ena ka
bobedi ya hominin e ile ya fumanwa sebakeng sa Afrika Borwa se tsejwang e
le ‘Cradle of Humankind’.
Australopithecus sediba Homo naledi Homo sapiens
3.2.1 Ke difossil dife ho tse pedi (Australopithecus sediba kapa Homo naledi)
eo ho nahanwang hore e amana haufiufi le batho ba kajeno? (1)
3.2.2 Fana ka lebaka le LE LENG la karabo ya hao POTSO YA 3.2.1. (1)
3.2.3 Hlalosa matshwao a MARARO a anatomi ao Moprofesa Berger a neng
a tshwanela ho a sheba ha a hlahloba difossil, ho fumana hore
Australopithecus sediba e ne e le bipedal. (3)
3.2.4 Fana ka lebitso la saense la mofuta o LE MONG wa hominin oo fossil
ya yona e ileng ya sibollwa Cradle of Humankind. (1)
3.2.5 Hobaneng sebaka see se bitsoa ‘Cradle of Humankind’? (2)
3.2.6 Hlalosa hore na mitochondrial DNA e sebediswa jwang ho paka hore
batho ba kajeno ba qadile Afrika. (4)
3.3 Theori ya evolushene e itshetlehile ka bopaki bo bongata.
3.3.1 Hlalosa biolojical evolushene. (2)
3.3.2 Ke hobaneng ha Theori ya Evolushene e nkwa e le theori ya saense? (2)
3.3.3 Hlahisa phapano e le NNGWE dipakeng tsa theori le haepothesis. (3)
3.3.4 Bolela mehlodi e MEBEDI moo borasaense ba fumanang bopaki ba ho
evolushene. (2)
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
14 LIFE SCIENCES P2 (EC/LOETSE 2023)
3.4 Dimela tsa poone di angwa ke seboko sa poone sa Europe e leng seboko se
senyenyane se jang semela sa poone mme se baka tshenyo ya dijalo tsohle
bakeng sa dihwai. Mofuta wa jene ya Bt o fumanwang ka hara baktheria o
hlahisa tjhefo e bolayang seboko sa poone sa Europe ntle le ho lematsa batho.
Borasaense ba kgonne ho ntsha jene ena ho baktheria le ho e kenya ho DNA
ya dimela tsa poone. Ha seboko sa poone sa Europe se ja semela sa poone, se
tla shwa kapelepele
3.4.1 Bolela porosese eo dijene tsa oganizimo di fetolwang ho kenyelletsa
tshobotsi e ntjha. (1)
3.4.2 Fana ka lentswe le bolelang DNA eo jene e kentsweng ho yona. (1)
3.4.3 Hlalosa tsela e LE NNGWE eo poone e nang le mofuta wa Bt e ka
ruisang dihwai molemo ka yona. (2)
3.4.4 Hlalosa lebaka le le LENG hore hobaneng ho sebedisa dijene tsa Bt ho
dimela tsa poone ho ka ba le ditlamorao tse mpe tikolohong. (2)
3.5 Afrika Borwa, baktheria ya tuberculosis e ile ya hanana le dipheko tse ngata tse
tlwaelehileng tsa TB. Rifampicin ha jwale ke sethetefatsi se sebetsang ka ho
fetisisa ho phekola TB. Le ha ho le jwalo ho na le mefuta e mengata ya baktheria
ya tuberculosis e seng e hanana le setlhare sena hape. Baktheria e hlolang
Rifampicin e ka phekolwa ka bedaquiline.
Mefuta e mmedi ya pheko ya bedaquiline e a fumaneha:
• Dipidisi tse ka nowang hae letsatsi le letsatsi
• Ente moo mokudi a tlamehang ho kgutlela tleliniking beke e nngwe le e
nngwe bakeng sa ente.
Rasaense o ne a batla ho fumana hore na ke pheko efe e tla ba le tekanyo e
phahameng ka ho fetisisa ya ho phela ka mora dikgwedi tse 24.
• Bankakarolo ba 200 ba nang le TB e hlolang rifampicin bai le ba kgethwa
• Bankakarolo bohle ba ne ba le dilemo di 18 kapa ho feta.
• Bakudi ba 100 ba ile ba fuwa pheko ya pidisi ka dikgwedi tse 9.
• Bakudi ba 100 ba ile ba fuwa pheko ya ente dikgwedi tse 9.
• Boemo ba bona ba bophelo bo ile ba lekanngwa dikgwedi tse 24 ka mora
hore ba qale pheko.
Theiobole e ka tlase e bontsha katleho ya dipheko tsena tse pedi.
Treatment Number of Number of Number of Number of
participants participants participants Participants
that had that did not that died of that were
recurrence of complete the TB cured of TB
TB treatment
Tablets 1 4 24 71
Injection 2 12 28 X
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
(EC/LETSE 2023) LIFE SCIENCES P2 15
3.5.1 Fana ka variebole e ikemetseng. (1)
3.5.2 Fana ka lebaka le le LENG hobaneng thuto e ka nkwa e tshepahala. (1)
3.5.3 Khalekhuleitha lenane la bankakarolo ba fumantshitsweng pheko ya
ente mme ba fola TB. (3)
3.5.4 Hlalosa lebaka le le LENG leo ka lona batho ba bangata ba sa kang ba
qeta pheko ya ente. (2)
3.5.5 Hlalosa kamoo baktheria ya tuberculosis e ka nnang ya ba e tswetse
pele ho hanyetsa rifampicin ho latela Theori of Natural Selection ya
Darwin. (5)
3.5.6 Fana ka ditsela tse PEDI tseo borasaense ba ka ntlafatsang bonnete ba
thuto ena. (2)
3.5.7 Hlalosa hore na ke hobaneng ha boemo ba bophelo ba bankakarolo bo
ile ba rekotwa feela ka mora dikgwedi tse 24 tsa pheko. (2)
[50]
MATSHWAO A KAROLO YA B: 100
MATSHWAO OHLE: 150
Difuperweng tsa pampiring ena di se sebediswe ntle ho tumello Phetla
Study this subject
Recommended for this subject

Memorandum
Life Sciences Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2021 Memo

Question paper
Life Sciences Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2021 QP (Afr)

Question paper
Life Sciences Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2021 QP

Question paper
Life Sciences Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2016 QP

Question paper
Life Sciences Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2013 QP (Eng)

Memorandum
Life Sciences Grade 12 P2 Eastern Cape Mock 2025 Memo (Afr)
More from Grade 12 Life Sciences

Memorandum
Life Sciences Grade 12 Eastern Cape Mock 2025 Memo

Memorandum
Life Sciences Grade 12 Paper 1 Free State Mock 2025 Memo

Memorandum
Life Sciences Grade 12 Paper 2 Free State Mock 2025 Memo

Memorandum
Life Sciences Grade 12 Paper 2 Gauteng Mock 2025 Memo

Memorandum
Life Sciences Grade 12 Paper 2 KZN Mock 2025 Memo

Memorandum