Skip to content

History Grade 12 P2 Eastern Cape Prelim 2024 QP (Sesotho)

Question paperHistoryGrade 1220249 pages

Grade 12 History Paper 2 question paper from the Eastern Cape Prelim Exam 2024 (Sesotho), 9 pages. Read online or download the free PDF.

Free to read online, no sign-up needed

Answer online

Loading document…

Loading document…

Questions in this paper

Document textSearch extracted text and jump to a page.
Downloaded from hlayiso.com NATIONAL SENIOR CERTIFICATE KEREITI YA 12 LOETSE 2024 HISTORI P2 MATSHWAO: 150 NAKO: Dihora tse 3 Pampiri ena e na le maqephe a 9 mmoho le atentamo e nang le maqephe a 14. Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 2 HISTORI P2 (EC/LOETSE 2024) DITAELO LE THLAHISOLESEDING 1. Pampiri ena ya dipotso e na le KAROLO ya A le KAROLO ya B mme e ipapisitseng le moralo wa ditaba o behilweng tokomaneng ya CAPS. KAROLO YA A: DIPOTSO TSE THEHILWENG MOHLODING POTSO 1: CIVIL RESISTANCE, KA BO 1970 ho ya ho bo 1980: AFRIKA BORWA POTSO 2: HO TLA HA DEMOKRASI AFRIKA BORWA LE HO TLWAELANA LE MAEMO A NAKO E FETILENG POTSO 3: PHELETSO YA COLD WAR LE TAOLO YA LEFATSHE LE LETJHA, 1989 HO FIHLELLA NAKONG YA JWALE KAROLO YA B: DIPOTSO TSA MOQOQO POTSO 4: CIVIL RESISTANCE, KA BO 1970, HO YA HO BO 1980: MATHATA A APARTEITI KA BO 1980 POTSO 5: HO TLA HA DEMOKRASI AFRIKA BORWA LE HO TLWAELANA LE MAEMO A NAKO E FETILENG: THAROLLO E BUISANWENG LE GNU POTSO 6: PHELETSO YA COLD WAR LE TAOLO YA LEFATSHE LE LETJHA: DIKETSAHALO TSA 1989 2. KAROLO YA A e na le dipotso tse THARO tse thehilweng mohloding. Mehlodi e hlokehang ho araba dipotso e ka fumaneha ho ATENTAMO. 3. KAROLO YA B e na le potso tse THARO tsa moqoqo. 4. Araba tse THARO ka tsela e latelang: 4.1 Bonnyane e le NNGWE e tlameha ho ba potso e thehilweng mohloding mme bonnyane e le NNGWE e be potso ya moqoqo. 4.2 Potso ya BORARO e ka ba e thehilweng mohloding kapa potso ya moqoqo. 5. O eletswa hore o sebedise bonnyane hora e le NNGWE potsong ka nngwe. 6. Ha o araba dipotso, o lokela ho sebedisa tsebo ya hao, bokgoni le temohisiso. 7. O tla ipeha ka mosing ha o ngola mehlodi e le dikarabo. 8. Nomora dikarabo tsa hao ka nepo ho latela mokgwa wa ho nomora o sebeditsweng pampiring ena ya dipotso. 9. Ngola ka mongolo o makgethe, o balahang. Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2024) HISTORI P2 3 KAROLO YA A: DIPOTSO TSE THEHILWENG MOHLODING Bonnyane araba potso e le NNGWE,mme o se fete dipotso, tse PEDI karolong ena. Mehlodi e hlokehang ho araba dipotso tsena e fumaneha ho ATENTAMO. POTSO YA 1: CONGRESS YA SOUTH AFRICAN STUDENTS (COSAS) E HANYETSANE JWANG LE MMUSO WA APARTEITI DILEMONG TSA BO 1980? Bala mehlodi 1A, 1B, 1C le 1D mme o arabe dipotso tse latelang. 1.1 Bala Mohlodi wa 1A. 1.1.1 Ho ya ka mohlodi, COSAS e n e inehetse ho eng? (2 x 1) (2) 1.1.2 Bolela dipolelo tse PEDI tsa ditumelo tseo COSAS e ileng ya di ananela. (2 x 1) (2) 1.1.3 O sebedisa tlhahisoleseding le mohloding le tsebo ya hao hlalosa hore hobaneng COSAS e ananetse mokotaba, ‘Student-worker Action’. (1 x 2) (2) 1.1.4 Tshwaela hobaneng o nahana hore tlhahisoleseding e mohloding o bohlokwa ha o batlisisa ka mabaka a ho thehwa ha COSAS. (2 x 2) (4) 1.2 Sheba Mohlodi wa 1B. 1.2.1 Ke mokgwa ofe wa kganyetso ho ya ka mohlodi o ileng wa etswa ka tlasa bena ya COSAS? (2 x 1) (2) 1.2.2 O nahana hore e ne e le eng mathata a amanang le sekolo a ileng a lebisa ho di-boycott tsa sekolo? (2 x 2) (4) 1.2.3 Hlalosa lentswe boycott ka mantswe a hao. (1 x 2) (2) 1.2.4 Tshwaela ka se bolelwang ke lepetjo la COSAS, ‘Tokoloho pele ho Thuto.’ (2 x 2) (4) 1.3 Sebedisa Mohlodi wa 1C. 1.3.1 Ke melaetsa efe e fetiswang phousteng mabapi le mabaka a ditseko tse entsweng ke COSAS? (2 x 2) (4) 1.3.2 Bolela dibui tse PEDI tsa seboka jwalo ka ha di bontshitswe setshwantsong. (2 x 1) (2) 1.4 Bapisa Mohlodi wa 1B le Mohlodi wa 1C. Hlalosa kamoo tlhahisolesedi e ho Mohlodi wa 1B e tshehetsa bopaki bo ho Mohlodi wa 1C mabapi le karolo e bapetsweng ke COSAS kganyetsong ya aparteiti. (2 x 2) (4) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 4 HISTORI P2 (EC/LOETSE 2024) 1.5 Bala Mohlodi wa 1D. 1.5.1 Hobaneng ho ya ka mohlodi, Mogale a ile a tshwarwa? (1 x 2) (2) 1.5.2 Bolela ditlamorao tse PEDI tseo di state repression e bileng le tsona ho baithuti. (2 x 1) (2) 1.5.3 Tshwaela ka se neng se bolelwa ke sebui sa COSAS polelong e latelang: ‘Re tla bontsha ka diketso hore Bantu education e kgopo. Re tla lwana kgahlano le yona ho fihlela e hlakotswe, e nyahladitswe moqomomong wa matlakala wa histori, e bile e epetswe hang, ho ya ho ile’. (2 x 2) (4) 1.5.4 Hlalosa lentswe State of Emergency ho ya ka moelelo wa ka moo mmuso o arabetseng ntweng ya baithuti. (1 x 2) (2) 1.6 O sebedisa tlhahisoleseding e mehloding e amehang le tsebo ya hao, ngola seratswana sa mela e ka bang ROBEDI (mantswe a ka bang 80) o hlalosa ka moo COSAS e hanyeditseng aparteiti ka bo 1980. (8) [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2024) HISTORI P2 5 POTSO YA 2: TRUTH AND RECONCILIATION COMMISSION (TRC) E SEBETSANE JWANG LE DIPOLAO TSA GUGULETHU SEVEN? Bala Mehlodi ya 2A, 2B, 2C le 2D ho araba dipotso tse latelang. 2.1 Bala Mohlodi wa 2A. 2.1.1 Ke efe ketsahalo mohloding e bontshang keketseho ditlhaselong tse hlometseng ka tshebetso ya MK? (1 x 1) (1) 2.1.2. Hlwaya di-askaris tse THARO ho ya ka mohlodi, tse ileng tsa tsamaiswa ke Majoro Generale Griebnouw ho ya Western Cape ho kenella ho Gugulethu Seven. (3 x 1) (3) 2.1.3 Tshwaela, o nahana hore ke hobaneng ha Majoro Generale Griebnouw a ile a kopa thuso ya Vlakplaas. (2 x 2) (4) 2.1.4 Hlalosa lentswe askari ka mantswe a hao. (1 x 2) (2) 2.1.5 Ho ya ka moelelo wa polao ya Gugulethu Seven, tshwaela ka polelo e latelang ka boitshwaro ba mapolesa “Kaofela ba bile le maqeba a sethunya mmeleng ya bona: kaofela ba ne ba thuntswe hloohong: e mong o ne a kgephohile lehlakore la sefahleho.” (2 x 2) (4) 2.2 Lebisa Mohloding wa 2B. 2.2.1 Bolela baofisiri ba mapolesa ba BABEDI jwalo ka ha di qotsitswe mohloding, ba entseng kopo ya amnesti ka lefu la Gugulethu Seven. (2 x 1) (2) 2.2.2. Hobaneng ho ya ka Mbelo ho ka be ho le bobebe ho tshwarwa ha Gugulethu Seven? (1 x 2) (2) 2.2.3 Tshwaela, o nahana hore ke hobaneng ha TRC e ile ya fa Mbelo amnesti. (1 x 2) (2) 2.2.4 Hlalosa botshepehi ba mohlodi ho rahistori ya ithutang ka nyewe ya TRC. (2 x 2) (4) 2.3 Sebedisa Mohlodi wa 2C. 2.3.1 Ke melaetsa efe e fetiswang ke setshwantsho sena mabapi le merero ya TRC? (2 x 2) (4) 2.3.2 Hlwaya moetapele wa TRC ya neng a etelletse pele tshebetso. (1 x 2) (2) 2.4 Bapisa Mohlodi wa 2B le 2C. Hlalosa hore tlhahisoleseding ho Mohlodi wa 2B e tshehetsa jwang bopaki ho Mohlodi wa 2C mabapi le mosebetsi wa TRC. (2 x 2) (4) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 6 HISTORI P2 (EC/LOETSE 2024) 2.5 Sheba Mohlodi 2D. 2.5.1 Fana ka baitseki ba dipolotiki ba ba BEDI mohloding ba bolailweng ke mapolesa ka 1985. (2 x 1) (2) 2.5.2 Hlalosa se boletsweng ke Nomvewu Ngewu polelong ya hae, “Ha re batle ho kgutlela bokgopong bo entsweng ke di phephetreyita setjhabeng. Re batla ho bontsha botho ho bona mohlomong re tsebe le ho busetsa botho ba bona”. (2 x 2) (4) 2.5.3 Hlalosa lentswe amnesti moelelong wa TRC. (1 x 2) (2) 2.6 O sebedisa tlhahisoleseding e mehloding e amehang le tsebo ya hao, ngola seratswana sa mela e ka bang ROBEDI (mantswe a ka bang 80), o hlalosa mokgwa oo Truth and Reconciliation Commission e sebeditseng ditaba tsa dipolao tsa Gugulethu Seven. (8) [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2024) HISTORI P2 7 POTSO YA 3: GLOBALISATION E AMME JWANG MORUO WA DINAHA TSE THUTHUHANG? Bala Mehlodi ya 3A, 3B, 3C le 3D ho araba dipotso tse latelang. 3.1 Lebisa ho mohlodi wa 3A. 3.1.1 Hlalosa lentswe globalisation ka mantswe a hao. (1 x 2) (2) 3.1.2 Hobaneng, ho ya ka mohlodi, sekgahla sa globalisation se nyolohile dilemong tsa morao tjena? (2 x 1) (2) 3.1.3 Qotsa dikotwana tse PEDI tsa bopaki ho tswa mohloding tse bontshang hore dikgwebo di unne molemo jwang ho globalisation. (2 x 1) (2) 3.1.4 Tshwaela hore o nahang ke eng e bolelwang ke, “Indasteri ya diaparo e Bangladesh, mohlala, e hira batho ba ka bang dimiliyone tse nne, empa mosebetsi ka mong o fumana ka tlase ka kgwedi ho ena le mosebetsi wa Amerika ya e fumanang ka letstsi”. (2 x 2) (4) 3.2 Bala Mohlodi wa 3B. 3.2.1 O sebedisa tlhahisolesedng mohloding le tsebo ya hao, hlalosa hore hobaneng basebetsi ba bafalli le ba sweatshop ba ile ba tshehetsa diketso tse kgahlano le globalisation? (2 x 2) (4) 3.2.2 Qotsa bopaki ho tswa mohloding se bolelang hore ba bang ba baitseki bane ba tseba ka diketso tsa World Trade Organisation. (2 x 1) (2) 3.2.3 Ke dife ditaba tse PEDI ho ya ka mohlodi, tseo baitseki ba neng ba sa di thabele mabapi le tshebetso ya World Trade Organisation? (2 x 1) (2) 3.2.4 Tshwaela ka dikgaello tsa moedi mohlodi ona ho rahistori ya ithutang ka karolo eo WTO e e bapetseng ho globalisation. (2 x 2) (4) 3.3 Sebedisa Mohlodi wa 3C. 3.3.1 Ke melaetsa efe eo setshwantsho se e fetisang mabapi le globalisation? (2 x 2) (4) 3.3.2 Ke tshusumetso efe, ho ya ka khathuni, eo ho tsamaiswa ha tlhahiso ho bileng le yona USA? (1 x 2) (2) Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com 8 HISTORI P2 (EC/LOETSE 2024) 3.4 Bala Mohlodi wa 3D. 3.4.1 Hobaneng, ho ya ka tlhahisoleseding e mohloding, multi-national companies di ile tsa qeta ka ho tsamaisa ditsi tsa tlhahiso dinaheng tse mose ho mawatle? (2 x 1) (2) 3.4.2 Hlalosa lentswe multi-national corporations moelelong wa globalisation. (1 x 2) (2) 3.4.3 O sebedisa mohlodi le tsebo ya hao, hlalosa hore multi-national companies di ile tsa sekisetsa batho feela jwang dinaheng tse thuthuhang. (2 x 2) (4) 3.4.4 Hlalosa hore multi-national companies di unne molemo jwang ho globalisation. (1 x 2) (2) 3.5 Bapisa Mehlodi ya 3C le 3D. Hlalosa hore bopaki bo ho mohlodi wa 3C bo tshehetsa tlhahisoleseding ho Mohlodi wa 3D jwang mabapi le tshusumetso ya globalisation dinaheng tse thuthuhang. (2 x 2) (4) 3.6 O sebedisa tlhahisoleseding mehloding e amehang le tsebo ya hao, ngola seratswana sa mela e ka bang ROBEDI (mantswe a ka bang 80), o hlalosa hore globalisation e amme meruo jwang dinaheng tse thuthuhang. (8) [50] Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.
Downloaded from hlayiso.com (EC/LOETSE 2024) HISTORI P2 9 KAROLO YA B: DIPOTSO TSA MOQOQO Araba bonnyane potso e le NNGWE, empa o se fete dipotso tse PEDI, karolong ena. Moqoqo wa hao o lokela ho ba bolelelle ba maqephe a ka bang MARARO. POTSO YA 4: CIVIL RESISTANCE, KA BO 1970 HO YA HO 1980: AFRIKA BORWA: MATHATA A APARETEITI KA BO 1980 Ke ka tshusumetso ya Black Consciousness Movement (BCM) hore batho ba batsho ba Afrika Borwa ba tsebe ho ema kgahlano le mmuso wa apareteiti ka bo 1970. Na o dumellana le polelo ee? Tshehetsa ntlhakemo ya hao ka ho sebedisa bopaki bo amehang. [50] POTSO YA 5: HO TLA HA DEMOKRASI AFRIKA BORWA LE HO TLWAELANA LE MAEMO A NAKO E FETILENG: THAROLLO E BUISANWENG LE GNU Ka boitlamo le boikemisisetso ba mekga e fapaneng le baetapele ba dipolotiki qetellong ba etelletse pele pheletso ya aparteiti le theho ya Afrika Borwa ya demokrasi. Sekaseka ka botebo polelo ena. Tshehetsa ntlhakemo ya hao ka ho sebedisa bopaki bo amehang. [50] POTSO YA 6: PHELETSO YA COLD WAR LE TAOLO YA LEFATSHE LE LETJHA: DIKETSAHALO TSA 1989 Hlalosa kamoo ho putlama ha communism ho thusitseng ANC le NP ka bobedi ho elellwa hore puisano ke yona feela tharollo Afrika Borwa. Sebedisa bopaki bo amehang ho tshehetsa ntlhakemo ya hao. [50] TOTAL: 150 Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle le tumello Phetla Hosted by www.ecexams.co.za.

Study this subject

More from Grade 12 History

View all